Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tsa Thuto ea Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele

Lipotso Tsa Thuto ea Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele

Pale ea 1

Molimo o Etsa Lintho

  1. Lintho tsohle tse ntle li tsoa hokae, hona na u ka etsa mohlala?

  2. Ntho ea pele eo Molimo a e bōpileng ke eng?

  3. Ke hobane’ng ha lengeloi la pele e bile le ikhethang haholo?

  4. Hlalosa hore na lefatše le ne le le joang tšimolohong. (Bona setšoantšo.)

  5. Molimo o ile a etsa’ng ha a qala ho lokisetsa batho le liphoofolo lefatše?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Jeremia 10:12.

    Ke litšobotsi life tsa Molimo tse bonahatsoang ke pōpo ea hae? (Esa. 40:26; Bar. 11:33)

  2. Bala Bakolose 1:15-17.

    Jesu o phethile karolo efe pōpong, hona see se lokela ho ama tsela eo re mo talimang ka eona joang? (Bakol. 1:15-17)

  3. Bala Genese 1:1-10.

    1. Lefatše le bile teng joang? (Gen. 1:1)

    2. Ho ile ha etsahala’ng letsatsing la pele la pōpo? (Gen. 1:3-5)

    3. Hlalosa se etsahetseng letsatsing la bobeli la pōpo. (Gen. 1:7, 8)

Pale ea 2

Serapa se Setle

  1. Molimo o ile a lokisetsa lefatše hore e be lehae la rōna joang?

  2. Bolela liphoofolo tse ngata tse sa tšoaneng tseo Molimo a li entseng. (Bona setšoantšo.)

  3. Ke hobane’ng ha serapa sa Edene e ne e le se ikhethang haholo?

  4. Molimo o ne a batla hore lefatše lohle le fetohe eng?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Genese 1:11-25.

    1. Molimo o ile a bōpa’ng ka letsatsi la boraro la pōpo? (Gen. 1:12)

    2. Ho ile ha etsahala’ng ka letsatsi la bone la pōpo? (Gen. 1:16)

    3. Molimo o ile a etsa liphoofolo tsa mefuta efe ka letsatsi la bohlano le la botšelela? (Gen. 1:20, 21, 25)

  2. Bala Genese 2:8, 9.

    Molimo o ile a beha lifate life tse peli tse ikhethang serapeng seo, hona li ne li tšoantšetsa eng?

Pale ea 3

Monna oa Pele le Mosali

  1. Setšoantšo se Paleng ea 3 se fapana joang le se Paleng ea 2?

  2. Ke mang ea entseng monna oa pele, hona lebitso la monna eo e ne e le mang?

  3. Molimo o ile a fa Adama mosebetsi ofe?

  4. Ke hobane’ng ha Molimo a ile a robatsa Adama?

  5. Adama le Eva ba ne ba ka phela nako e telele hakae, hona Jehova o ne a batla hore ba etse mosebetsi ofe?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Pesaleme ea 83:18.

    Lebitso la Molimo ke mang, hona boemo ba hae bo ikhethang ke bofe holim’a lefatše? (Jer. 16:21; Dan. 4:17)

  2. Bala Genese 1:26-31.

    1. Sehlohlolo sa pōpo ea Molimo ka letsatsi la botšelela e bile sefe, hona pōpo ee e ne e fapane joang le liphoofolo? (Gen. 1:26)

    2. Jehova o ile a etsa tokisetso efe bakeng sa batho hammoho le liphoofolo? (Gen. 1:30)

  3. Bala Genese 2:7-25.

    1. Kabelo ea Adama ea ho reha liphoofolo mabitso e ne e akarelletsa eng? (Gen. 2:19)

    2. Genese 2:24 e re thusa joang ho utloisisa pono ea Jehova ka lenyalo, karohano le tlhalo? (Mat. 19:4-6, 9)

Pale ea 4

Lebaka la ho Tloha Edene

  1. Setšoantšong moo, ho etsahala’ng ka Adama le Eva?

  2. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a ba otla?

  3. Noha e ile ea bolella Eva eng?

  4. Ke mang ea entseng hore noha e bue le Eva?

  5. Ke hobane’ng ha Adama le Eva ba ile ba lelekoa lehaeng la bona la Paradeise?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Genese 2:16, 17 le 3:1-13, 24.

    1. Potso eo noha e ileng ea e botsa Eva e ne e senya Jehova lebitso joang? (Gen. 3:1-5; 1 Joh. 5:3)

    2. Eva ke mohlala o re lemosang joang? (Bafil. 4:8; Jak. 1:14, 15; 1 Joh. 2:16)

    3. Adama le Eva ba ile ba hlōleha ho amohela boikarabelo bakeng sa seo ba se entseng joang? (Gen. 3:12, 13)

    4. Likerubime tse neng li eme ka nģ’a bochabela ho tšimo ea Edene li ne li emela bobusi ba Jehova joang? (Gen. 3:24)

  2. Bala Tšenolo 12:9.

    Satane o atlehile hakae ho furallisa batho bobusi ba Molimo? (1 Joh. 5:19)

Pale ea 5

Ho Qaleha Bophelo bo Thata

  1. Bophelo bo ile ba e-ba joang ha Adama le Eva ba se ba le ka ntle ho serapa sa Edene?

  2. Ho ile ha qala ho etsahala’ng ka Adama le Eva, hona hobane’ng?

  3. Ke hobane’ng ha bana ba Adama le Eva ba ne ba tla tsofala ba be ba shoe?

  4. Hoja Adama le Eva ba ne ba ile ba mamela Jehova, bona le bana ba bona ba ka be ba phela joang?

  5. Ho se mamele ha Eva ho ile ha mo bakela bohloko joang?

  6. Mabitso a bara ba babeli ba pele ba Adama le Eva ke bo-mang?

  7. Bana ba bang ba setšoantšong moo ke bo-mang?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Genese 3:16-23 le 4:1, 2.

    1. Ho rohakoa ha lefatše ho ile ha ama bophelo ba Adama joang? (Gen. 3:17-19; Bar. 8:20, 22)

    2. Ke hobane’ng ha lebitso la Eva, le bolelang “Ea Phelang,” le ne le loketse? (Gen. 3:20)

    3. Jehova o ile a bontša ho nahanela Adama le Eva joang esita le ka mor’a hore ba etse sebe? (Gen. 3:7, 21)

  2. Bala Tšenolo 21:3, 4.

    “Lintho tsa pele” tseo u lebeletseng ho bona li felisoa ke life?

Pale ea 6

Mora ea Molemo le ea Mobe

  1. Kaine le Abele ba etsa mesebetsi efe?

  2. Kaine le Abele ba tlisetsa Jehova limpho life?

  3. Ke hobane’ng ha Jehova a thabela mpho ea Abele, ’me ke hobane’ng ha a sa thabele ea Kaine?

  4. Kaine ke motho oa mofuta ofe, hona Jehova o leka ho mo khalemela joang?

  5. Kaine o etsa’ng ha a le mong le ngoan’abo naheng?

  6. Hlalosa se ileng sa etsahalla Kaine ka mor’a hore a bolaee ngoan’abo.

Lipotso tse ling:

  1. Bala Genese 4:2-26.

    1. Jehova o ile a hlalosa boemo bo kotsi boo Kaine a leng ho bona joang? (Gen. 4:7)

    2. Kaine o ile a senola se ka pelong ea hae joang? (Gen. 4:9)

    3. Jehova o ikutloa joang ka ho tšolloa ha mali a se nang molato? (Gen. 4:10; Esa. 26:21)

  2. Bala 1 Johanne 3:11, 12.

    1. Ke hobane’ng ha Kaine a ile a tlala khalefo, hona see ke temoso joang ho rōna kajeno? (Gen. 4:4, 5; Liprov. 14:30; 28:22)

    2. Bibele e bontša joang hore re ntse re ka lula re tšepahala esita le ha litho tse ling tsohle tsa lelapa li hanyetsa Jehova? (Pes. 27:10; Mat. 10:21, 22)

  3. Bala Johanne 11:25.

    Jehova o fana ka tiiso efe mabapi le bohle ba shoelang ho loka? (Joh. 5:24)

Pale ea 7

Monna ea Sebete

  1. Enoke o ne a fapane joang le batho ba bang?

  2. Ke hobane’ng ha batho ba mehleng ea Enoke ba ne ba etsa lintho tse ngata tse mpe?

  3. Batho ba ne ba etsa lintho life tse mpe? (Bona setšoantšo.)

  4. Ke hobane’ng ha Enoke a ne a lokela ho ba sebete?

  5. Mehleng eo batho ba ne ba phela nako e telele hakae, empa Enoke o ile a phela nako e kae?

  6. Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a hore Enoke a shoe?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Genese 5:21-24, 27.

    1. Enoke o ne a e-na le kamano e joang le Jehova? (Gen. 5:24)

    2. Ho latela Bibele, ke motho ofe ea phetseng nako e telele ka ho fetisisa, hona o ne a le lilemo li kae ha a e-shoa? (Gen. 5:27)

  2. Bala Genese 6:5.

    Maemo a ile a mpefala hakae lefatšeng ka mor’a lefu la Enoke, hona see se tšoana joang le se etsahalang mehleng ea rōna? (2 Tim. 3:13)

  3. Bala Baheberu 11:5.

    Ke tšobotsi efe ea Enoke e ileng ea ‘khahlisa Molimo,’ hona ka phello efe? (Gen. 5:22)

  4. Bala Juda 14, 15.

    Bakreste kajeno ba ka etsisa sebete sa Enoke joang ha ba lemosa batho ka ntoa e tlang ea Armagedone? (2 Tim. 4:2; Baheb. 13:6)

Pale ea 8

Linatla Lefatšeng

  1. Ho ile ha etsahala’ng ha mangeloi a mang a Molimo a mamela Satane?

  2. Ke hobane’ng ha mangeloi a mang a ile a tlohela mosebetsi oa ’ona leholimong ’me a theohela lefatšeng?

  3. Ke hobane’ng ha ho ne ho fosahetse hore mangeloi a theohele lefatšeng ’me a iketsetse ’mele ea batho?

  4. Bana ba mangeloi ba ne ba fapane joang le bana ba bang?

  5. Joalokaha u bona moo setšoantšong, bana ba mangeloi ba ile ba etsa’ng ha e e-ba linatla?

  6. Ke monna ofe ea molemo ea ileng a phela lefatšeng ka mor’a Enoke, hona ke hobane’ng ha Molimo a ile a mo rata?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Genese 6:1-8.

    Genese 6:6 e senola hore boitšoaro ba rōna bo ka ama tsela eo Jehova a ikutloang ka eona joang? (Pes. 78:40, 41; Liprov. 27:11)

  2. Bala Juda 6.

    Mangeloi “a sa kang a boloka sebaka sa ’ona sa pele” mehleng ea Noe a re hopotsa eng kajeno? (1 Bakor. 3:5-9; 2 Pet. 2:4, 9, 10)

Pale ea 9

Noe o Haha Areka

  1. Lelapa la Noe le ne le e-na le batho ba bakae, hona mabitso a bara ba hae ba bararo ke bo-mang?

  2. Molimo o ile a kōpa Noe hore a etse ntho efe e sa tloaelehang, hona hobane’ng?

  3. Baahelani ba Noe ba ile ba itšoara joang ha a ba bolella ka areka?

  4. Molimo o ile a re Noe a etse’ng ka liphoofolo?

  5. Ka mor’a hore Molimo a koale monyako oa areka, Noe le ba lelapa la hae ba ile ba lokela ho etsa’ng?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Genese 6:9-22.

    1. Ke’ng e ileng ea etsa hore Noe e be morapeli ea ikhethang oa Molimo oa ’nete? (Gen. 6:9, 22)

    2. Jehova o ikutloa joang ka pefo, hona see se lokela ho ama boithabiso boo re bo khethang joang? (Gen. 6:11, 12; Pes. 11:5)

    3. Re ka etsisa Noe joang ha re fuoa tataiso ke mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng? (Gen. 6:22; 1 Joh. 5:3)

  2. Bala Genese 7:1-9.

    Taba ea hore ebe Jehova o ile a talima motho ea sa phethahalang Noe a lokile e re khothatsa joang kajeno? (Gen. 7:1; Liprov. 10:16; Esa. 26:7)

Pale ea 10

Moroallo o Moholo

  1. Ke hobane’ng ha ho ne ho se motho ea ka hlolang a kena ka arekeng ha pula e se e qalile ho na?

  2. Jehova o ile a nesa pula ka matsatsi le masiu a makae, hona metsi a ile a phahama ho ea fihla hokae?

  3. Ho ile ha etsahala’ng ka areka ha metsi a qala ho koahela lefatše?

  4. Na linatla li ile tsa pholoha Moroallo, hona ho ile ha etsahala’ng ka bo-ntate ba linatla tseo?

  5. Ho ile ha etsahala’ng ka areka ka mor’a likhoeli tse hlano?

  6. Ke hobane’ng ha Noe a ile a ntša lekhoaba ka arekeng?

  7. Noe o ile a tseba joang hore metsi a kokobetse lefatšeng?

  8. Molimo o ile a re’ng ho Noe ka mor’a hore eena le ba lelapa la hae ba be ka arekeng nako e fetang selemo?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Genese 7:10-24.

    1. Ho timetsoa ha lintho tse phelang lefatšeng e ile ea e-ba ho feletseng hakae? (Gen. 7:23)

    2. Metsi a Moroallo a ile a nka nako e telele hakae hore a kokobele? (Gen. 7:24)

  2. Bala Genese 8:1-17.

    Genese 8:17 e bontša joang hore morero oa Jehova oa tšimolohong ka lefatše ha oa ka oa fetoha? (Gen. 1:22)

  3. Bala 1 Petrose 3:19, 20.

    1. Ha mangeloi a marabele a khutlela leholimong, a ile a fuoa kahlolo efe? (Juda 6)

    2. Tlaleho ea Noe le ba lelapa la hae e matlafatsa tšepo ea rōna joang tabeng ea hore Jehova o na le matla a ho lopolla batho ba hae? (2 Pet. 2:9)

Pale ea 11

Mookoli oa Pele

  1. Joalokaha ho bontšitsoe setšoantšong moo, ntho ea pele eo Noe a ileng a e etsa ha a tsoa ka arekeng ke eng?

  2. Molimo o ile a laela Noe le ba lelapa la hae hore ba etse’ng ka mor’a Moroallo?

  3. Molimo o ile a tšepisa eng?

  4. Ha re bona mookoli, o lokela ho re hopotsa eng?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Genese 8:18-22.

    1. Re ka etsetsa Jehova “monko o khathollang” joang kajeno? (Gen. 8:21; Baheb. 13:15, 16)

    2. Jehova o ile a hlokomela eng ka boemo ba pelo ea motho, hona re lokela ho ba hlokolosi joang? (Gen. 8:21; Mat. 15:18, 19)

  2. Bala Genese 9:9-17.

    1. Jehova o ile a etsa selekane sefe le libōpuoa tsohle tse lefatšeng? (Gen. 9:10, 11)

    2. Selekane sa mookoli se tla sebetsa halelele hakae? (Gen. 9:16)

Pale ea 12

Batho ba Haha Tora e Khōlō

  1. Nimrode e ne e le mang, hona Molimo o ne a ikutloa joang ka eena?

  2. Setšoantšong moo, ke hobane’ng ha batho ba ne ba etsa litene?

  3. Ke hobane’ng ha Jehova a ne a sa thabele mosebetsi oo oa ho haha?

  4. Molimo o ile a etsa’ng e le hore batho ba khaotse ho haha tora?

  5. Motse oo o ne o bitsoa’ng, hona lebitso leo le ne le bolela’ng?

  6. Ho ile ha etsahala’ng ka batho ha Molimo a se a ferekantse lipuo tsa bona?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Genese 10:1, 8-10.

    Nimrode o ile a bonahatsa botho bo joang, hona see se re lemosa eng? (Liprov. 3:31)

  2. Bala Genese 11:1-9.

    Sepheo sa ho haha tora e ne e le sefe, hona ke hobane’ng ha morero oo o ne o tla qetella o hlōlehile? (Gen. 11:4; Liprov. 16:18; Joh. 5:44)

Pale ea 13

Abrahama—Motsoalle oa Molimo

  1. Ho ne ho phela batho ba joang motseng oa Ure?

  2. Monna eo ea setšoantšong ke mang, o hlahile neng, ’me o ne a lula hokae?

  3. Molimo o ile a re Abrahama a etse’ng?

  4. Ke hobane’ng ha Abrahama a ile a bitsoa motsoalle oa Molimo?

  5. Ke bo-mang ba ileng ba tsamaea le Abrahama ha a tloha Ure?

  6. Molimo o ile a re’ng ho Abrahama ha a fihla naheng ea Kanana?

  7. Molimo o ile a tšepisa Abrahama eng ha a le lilemo li 99?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Genese 11:27-32.

    1. Abrahama o ne a amana joang le Lota? (Gen. 11:27)

    2. Le hoja ho thoe Tera o ile a fallela Kanana le ba lelapa la hae, re tseba joang hore ha e le hantle ke Abrahama ea neng a simolotse leeto leo, hona ke hobane’ng ha a ile a etsa seo? (Gen. 11:31; Lik. 7:2-4)

  2. Bala Genese 12:1-7.

    Jehova o ile a atolosa selekane sa Abrahama joang ka mor’a hore Abrahama a fihle naheng ea Kanana? (Gen. 12:7)

  3. Bala Genese 17:1-8, 15-17.

    1. Abrame o ile a rehoa lebitso lefe ha a le lilemo li 99, hona hobane’ng? (Gen. 17:5)

    2. Jehova o ile a tšepisa Sara litlhohonolofatso life nakong e tlang? (Gen. 17:15, 16)

  4. Bala Genese 18:9-19.

    1. Ho Genese 18:19, ke boikarabelo bofe bo filoeng bo-ntate? (Deut. 6:6, 7; Baef. 6:4)

    2. Ke phihlelo efe ea Sara e bontšang hore ha ho letho leo re ka le patelang Jehova? (Gen. 18:12, 15; Pes. 44:21)

Pale ea 14

Molimo o Leka Tumelo ea Abrahama

  1. Molimo o ile a tšepisa Abrahama eng, hona Molimo o ile a phethahatsa tšepiso eo joang?

  2. Joalokaha ho bontšitsoe setšoantšong moo, Molimo o ile a leka tumelo ea Abrahama joang?

  3. Abrahama o ile a etsa’ng, le hoja a ne a sa utloisise lebaka leo Molimo a mo laelang hore a etse seo ka lona?

  4. Ho ile ha etsahala’ng ha Abrahama a ntša thipa ho bolaea mora oa hae?

  5. Tumelo ea Abrahama ho Molimo e ne e le matla hakae?

  6. Molimo o ile a fa Abrahama eng hore a etse sehlabelo ka eona, hona joang?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Genese 21:1-7.

    Ke hobane’ng ha Abrahama a ile a bolotsa mora oa hae ka letsatsi la borobeli? (Gen. 17:10-12; 21:4)

  2. Bala Genese 22:1-18.

    Isaka o ile a bontša joang hore o ikokobelletsa ntate oa hae, Abrahama, hona see se ne se tšoantšetsa ketsahalo ea nakong e tlang e bohlokoa ho feta eo joang? (Gen. 22:7-9; 1 Bakor. 5:7; Bafil. 2:8, 9)

Pale ea 15

Mosali oa Lota a Hetla

  1. Ke hobane’ng ha Abrahama le Lota ba ile ba arohana?

  2. Ke hobane’ng ha Lota a ile a khetha ho lula Sodoma?

  3. Batho ba Sodoma ba ne ba le joang?

  4. Mangeloi a mabeli a ile a lemosa Lota hore a etse’ng?

  5. Ke hobane’ng ha mosali oa Lota a ile a fetoha sefika sa letsoai?

  6. Re ka ithuta eng tabeng ea mosali oa Lota?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Genese 13:5-13.

    Tabeng ea ho rarolla mathata pakeng tsa batho, re ka ithuta eng ho Abrahama? (Gen. 13:8, 9; Bar. 12:10; Bafil. 2:3, 4)

  2. Bala Genese 18:20-33.

    Tsela eo Jehova a ileng a sebelisana le Abrahama ka eona e re kholisa joang hore Jehova le Jesu ba tla ahlola ka ho loka? (Gen. 18:25, 26; Mat. 25:31-33)

  3. Bala Genese 19:1-29.

    1. Tlaleho ee ea Bibele e bontša eng ka pono ea Molimo ka bosodoma? (Gen. 19:5, 13; Lev. 20:13)

    2. Re bona phapang efe pakeng tsa seo Lota le Abrahama ba ileng ba se etsa ha Molimo a ba tataisa, hona re ka ithuta eng ho see? (Gen. 19:15, 16, 19, 20; 22:3)

  4. Bala Luka 17:28-32.

    Mosali oa Lota o ne a ikutloa joang ka lintho tse bonahalang, hona see ke temoso joang ho rōna? (Luka 12:15; 17:31, 32; Mat. 6:19-21, 25)

  5. Bala 2 Petrose 2:6-8.

    Ho tšoana le Lota, re lokela ho ikutloa joang ka lefatše le sa tšabeng Molimo le re pota-potileng? (Ezek. 9:4; 1 Joh. 2:15-17)

Pale ea 16

Isaka o Fumana Mosali ea Molemo

  1. Monna le mosali ba moo setšoantšong ke bo-mang?

  2. Abrahama o ile a etsa’ng hore a fumanele mora oa hae mosali, hona hobane’ng?

  3. Thapelo ea mohlanka oa Abrahama e ile ea arajoa joang?

  4. Rebeka o ile a re’ng ha a ne a botsoa hore na o batla ho nyaloa ke Isaka?

  5. Ke’ng se ileng sa boela sa thabisa Isaka?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Genese 24:1-67.

    1. Rebeka o ile a bonahatsa litšobotsi life tse ntle ha a kopana le mohlanka oa Abrahama selibeng? (Gen. 24:17-20; Liprov. 31:17, 31)

    2. Seo Abrahama a ileng a se etsa ho lokisetsa Isaka se fana ka mohlala ofe o motle ho Bakreste kajeno? (Gen. 24:37, 38; 1 Bakor. 7:39; 2 Bakor. 6:14)

    3. Ke hobane’ng ha re lokela ho ipha nako ea ho thuisa, feela joalokaha Isaka a ile a etsa? (Gen. 24:63; Pes. 77:12; Bafil. 4:8)

Pale ea 17

Mafahla a Neng a Fapane

  1. Esau le Jakobo e ne e le bo-mang, hona ba ne ba fapane joang?

  2. Esau le Jakobo ba ne ba le lilemo li kae ha ntate-moholo oa bona Abrahama a shoa?

  3. Esau o ile a etsa’ng e ileng ea soabisa ’mè oa hae le ntate oa hae haholo?

  4. Ke hobane’ng ha Esau a ile a koatela ngoan’abo, Jakobo?

  5. Isaka o ile a laela mora oa hae Jakobo hore a etse’ng?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Genese 25:5-11, 20-34.

    1. Jehova o ile a profeta eng mabapi le bara ba babeli ba Rebeka? (Gen. 25:23)

    2. Jakobo le Esau ba ne ba fapane joang tseleng eo ba ikutloang ka eona ka tokelo ea tsoalo? (Gen. 25:31-34)

  2. Bala Genese 26:34, 35; 27:1-46; le 28:1-5.

    1. Ho haelloa ha Esau ke kananelo ea lintho tsa moea ho ile ha totobala joang? (Gen. 26:34, 35; 27:46)

    2. E le hore Jakobo a fumane tlhohonolofatso ea Molimo, Isaka o ile a mo bolella hore a etse’ng? (Gen. 28:1-4)

  3. Bala Baheberu 12:16, 17.

    Mohlala oa Esau o bontša hore ba nyelisang lintho tse halalelang ba hlaheloa ke eng?

Pale ea 18

Jakobo o ea Harane

  1. Moroetsana eo ea setšoantšong ke mang, hona Jakobo o ile a mo etsetsa eng?

  2. Jakobo o ne a ikemiselitse ho etsa’ng e le hore a nyale Ragele?

  3. Labane o ile a etsa’ng ha nako ea hore Jakobo a nyale Ragele e fihla?

  4. Jakobo o ile a lumela ho etsa’ng e le hore Ragele e be mosali oa hae?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Genese 29:1-30.

    1. Esita leha Labane a mo qhekella, Jakobo o ile a bontša joang hore ke motho ea hlomphehang, hona re ka ithuta eng ho see? (Gen. 25:27; 29:26-28; Mat. 5:37)

    2. Mohlala oa Jakobo o bontša phapang joang pakeng tsa lerato le ho nkeha maikutlo? (Gen. 29:18, 20, 30; Sefela 8:6)

    3. Ke basali bafe ba bane ba ileng ba fetoha karolo ea lelapa la Jakobo ’me hamorao ba mo tsoalla bara? (Gen. 29:23, 24, 28, 29)

Pale ea 19

Lelapa le Leholo la Jakobo

  1. Mabitso a bara ba tšeletseng ba Jakobo bao a bileng le bona ka mosali oa hae oa pele, Lea, ke bo-mang?

  2. Lekhabunyane la Lea, Zilpa, le ile la tsoalla Jakobo bara bafe ba babeli?

  3. Mabitso a bara ba babeli bao lekhabunyane la Ragele, Bilha, le ileng la ba tsoalla Jakobo ke bo-mang?

  4. Ragele o ile a ba le bara bafe ba babeli, empa ho ile ha etsahala’ng ha ho hlaha mora oa bobeli?

  5. Ho ea ka se moo setšoantšong, Jakobo o ile a ba le bara ba bakae, hona ho ile ha tsoa eng ho bona?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Genese 29:32-35; 30:1-26; le 35:16-19.

    Joalokaha ho bontšitsoe tabeng ea bara ba 12 ba Jakobo, bashemane ba Baheberu ba ne ba atisa ho rehoa mabitso joang mehleng ea boholo-holo?

  2. Bala Genese 37:35.

    Le hoja ho boletsoe Dina feela ka Bibeleng, re tseba joang hore Jakobo o ne a e-na le barali ba bang? (Gen. 37:34, 35)

Pale ea 20

Dina o Kena Khathatsong

  1. Ke hobane’ng ha Abrahama le Isaka ba ne ba sa batle hore bana ba bona ba nyalane le batho ba naha ea Kanana?

  2. Na Jakobo o ne a rata ha morali oa hae a tloaelana le banana ba Bakanana?

  3. Monna ea shebileng Dina setšoantšong moo ke mang, hona o ile a etsa ntho efe e mpe?

  4. Likhaitseli tsa Dina, e leng Simeone le Levi, li ile tsa etsa’ng ha li utloa se etsahetseng?

  5. Na Jakobo o ile a lumellana le seo Simeone le Levi ba se entseng?

  6. Khathatso ee eohle lapeng leo e qalile joang?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Genese 34:1-31.

    1. Na Dina o ile a chakela banana ba naha ea Kanana ka lekhetlo le le leng? Hlalosa. (Gen. 34:1)

    2. Ke hobane’ng ha Dina a ne a ikarabella ho isa bohōleng bo itseng ka hore ebe o ile a lahleheloa ke boroetsana ba hae? (Bagal. 6:7)

    3. Kajeno bacha ba ka bontša joang hore ba nka ka ho teba mohlala o lemosang oa Dina? (Liprov. 13:20; 1 Bakor. 15:33; 1 Joh. 5:19)

Pale ea 21

Banab’abo Josefa Baa mo Hloea

  1. Ke hobane’ng ha banab’abo Josefa ba ne ba mo shoela mōna, hona ba ile ba etsa’ng?

  2. Banab’abo Josefa ba batla ho mo etsa’ng, empa Rubene o re’ng?

  3. Ho etsahala’ng ha bahoebi ba Baishmaele ba feta?

  4. Banab’abo Josefa ba etsa’ng e le hore ntate oa bona a tle a nahane hore Josefa o shoele?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Genese 37:1-35.

    1. Bakreste ba ka etsisa mohlala oa Josefa joang ka ho tlaleha se fosahetseng ka phuthehong? (Gen. 37:2; Lev. 5:1; 1 Bakor. 1:11)

    2. Ke’ng se ileng sa etsa hore banab’abo Josefa ba mo rerele bolotsana? (Gen. 37:11, 18; Liprov. 27:4; Jak. 3:14-16)

    3. Jakobo o ile a etsa’ng e atisang ho etsahala ha motho a utloile bohloko? (Gen. 37:35)

Pale ea 22

Josefa o Kenngoa Teronkong

  1. Josefa o ne a le lilemo li kae ha a isoa Egepeta, hona ho etsahala’ng ha a fihla moo?

  2. Ho tla joang hore Josefa a qetelle a le teronkong?

  3. Josefa o fuoa boikarabelo bofe ha a le teronkong?

  4. Ha Josefa a le teronkong o etsetsa moqhatsetsi oa Faro le moapehi oa hae eng?

  5. Ho etsahala’ng ka mor’a hore moqhatsetsi a lokolloe teronkong?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Genese 39:1-23.

    Kaha ho ne ho se na molao oa Molimo o ngotsoeng o nyatsang bofebe mehleng ea Josefa, ke’ng e ileng ea mo susumelletsa ho baleha mosali oa Potifaro? (Gen. 2:24; 20:3; 39:9)

  2. Bala Genese 40:1-23.

    1. Hlalosa ho se hokae toro eo moqhatsetsi a ileng a e lora le tlhaloso eo Jehova a ileng a e fa Josefa. (Gen. 40:9-13)

    2. Moapehi o ile a lora toro efe, hona e ne e bolela’ng? (Gen. 40:16-19)

    3. Sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene kajeno se etsisitse boikutlo ba Josefa joang? (Gen. 40:8; Pes. 36:9; Joh. 17:17; Lik. 17:2, 3)

    4. Genese 40:20 e fana ka leseli joang ka pono ea Bakreste ka mekete ea matsatsi a tsoalo? (Moek. 7:1; Mar. 6:21-28)

Pale ea 23

Litoro Tsa Faro

  1. Faro o etsahalloa ke’ng ka bosiu bo bong?

  2. Ke hobane’ng ha qetellong moqhatsetsi a hopola Josefa?

  3. Joalokaha ho bontšitsoe setšoantšong moo, Faro o lora litoro life tse peli?

  4. Josefa o re litoro tseo li bolela’ng?

  5. Ho tla joang hore Josefa e be motho oa bohlokoa ka ho fetisisa Egepeta ea hlahlamang Faro?

  6. Ke hobane’ng ha banab’abo Josefa ba tla Egepeta, hona ke hobane’ng ha ba sa mo tsebe?

  7. Josefa o hopola toro efe, hona e mo thusa hore a utloisise eng?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Genese 41:1-57.

    1. Josefa o ile a isa tlotla ho Jehova joang, hona Bakreste ba ka etsisa mohlala oa hae joang kajeno? (Gen. 41:16, 25, 28; Mat. 5:16; 1 Pet. 2:12)

    2. Lilemo tsa nala Egepeta tse ileng tsa lateloa ke tsa tlala li bontša phapang ka ho hlaka joang pakeng tsa boemo ba moea ba batho ba Jehova kajeno le ba Bokreste-’mōtoana? (Gen. 41:29, 30; Amose 8:11, 12)

  2. Bala Genese 42:1-8 le 50:20.

    Na ho fosahetse hore barapeli ba Jehova ba khumame ka pel’a motho ea itseng ho bontša hore ba hlompha boemo ba hae haeba seo e le tloaelo naheng eo? (Gen. 42:6)

Pale ea 24

Josefa o Leka Banab’abo

  1. Ke hobane’ng ha Josefa a qosa banab’abo ka hore ke lihloela?

  2. Ke hobane’ng ha Jakobo a lumela hore mora oa hae oa ho fela, Benjamine, a ee Egepeta?

  3. Ho tla joang hore senoelo sa Josefa sa silevera se kene ka mokotleng oa Benjamine?

  4. Juda o ithaopela ho etsa’ng e le hore Benjamine a lokolloe?

  5. Banab’abo Josefa ba se ba le joang?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Genese 42:9-38.

    Mantsoe a Josefa ho Genese 42:18 ke khopotso e ntle joang ho bao kajeno ba nang le boikarabelo bo itseng ka mokhatlong oa Jehova o hlophisitsoeng? (Neh. 5:15; 2 Bakor. 7:1, 2)

  2. Bala Genese 43:1-34.

    1.      

    2. Kamoo ho bonahalang kateng, Josefa o ile a leka banab’abo joang, hona hobane’ng? (Gen. 43:33, 34)

  3. Bala Genese 44:1-34.

    1. E le leqheka la ho ipatela banab’abo hore ba se ke ba mo tseba, Josefa o ile a itlhahisa e le mang? (Gen. 44:5, 15; Lev. 19:26)

    2. Banab’abo Josefa ba ile ba bontša joang hore ha ba sa shoela ngoan’abo bona mōna joaloka pele? (Gen. 44:13, 33, 34)

Pale ea 25

Lelapa le ea Egepeta

  1. Ho etsahala’ng ha Josefa a bolella banab’abo hore na ke eena mang?

  2. Josefa o hlalosetsa banab’abo eng ka mosa?

  3. Faro o re’ng ha a utloa ka banab’abo Josefa?

  4. Lelapa la Jakobo le ne le le leholo hakae ha le fallela Egepeta?

  5. Lelapa la Jakobo le ile la bitsoa ka lebitso lefe hamorao, hona hobane’ng?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Genese 45:1-28.

    Tlaleho ea Bibele ka Josefa e bontša joang hore Jehova a ka fetola boemo bo reretsoeng ho ntša bahlanka ba hae kotsi hore e be bo nang le phello e ntle? (Gen. 45:5-8; Esa. 8:10; Bafil. 1:12-14)

  2. Bala Genese 46:1-27.

    Jehova o ile a tiisetsa Jakobo eng ha a le tseleng e eang Egepeta? (Gen. 46:1-4, mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW.)

Pale ea 26

Jobo o Tšepahala ho Molimo

  1. Jobo e ne e le mang?

  2. Satane o ile a leka ho etsa’ng, empa na o ile a atleha?

  3. Jehova o ile a lumella Satane hore a etse’ng, hona hobane’ng?

  4. Ke hobane’ng ha mosali oa Jobo a ile a re Jobo a ‘rohake Molimo ’me a shoe’? (Bona setšoantšo.)

  5. Joalokaha u ka bona setšoantšong sa bobeli, Jehova o ile a hlohonolofatsa Jobo joang, hona hobane’ng?

  6. Haeba re tšepahala ho Jehova joaloka Jobo, re tla fumana litlhohonolofatso life?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Jobo 1:1-22.

    Bakreste kajeno ba ka etsisa Jobo joang? (Jobo 1:1; Bafil. 2:15; 2 Pet. 3:14)

  2. Bala Jobo 2:1-13.

    Jobo le mosali oa hae ba ile ba itšoara ka litsela tse fapaneng joang ha ba hlorisoa ke Satane? (Jobo 2:9, 10; Liprov. 19:3; Mik. 7:7; Mal. 3:14)

  3. Bala Jobo 42:10-17.

    1. Ke ho tšoana hofe ho teng pakeng tsa moputso oo Jobo a ileng a o fumana le oo Jesu a ileng a o fumana ka lebaka la ho phela ka botšepehi? (Jobo 42:12; Bafil. 2:9-11)

    2. Litlhohonolofatso tseo Jobo a ileng a li fumana ka lebaka la ho lula a tšepahala ho Molimo li re khothatsa joang? (Jobo 42:10, 12; Baheb. 6:10; Jak. 1:2-4, 12; 5:11)

Pale ea 27

Ho Busa Morena e Mobe Egepeta

  1. Moo setšoantšong, monna eo ea nkileng sephali ke mang, hona o shapa mang?

  2. Ho ile ha etsahala’ng ka Baiseraele ka mor’a lefu la Josefa?

  3. Ke hobane’ng ha Baegepeta ba ile ba tšosoa ke Baiseraele?

  4. Faro o ile a laela basali ba neng ba thusa basali ba Baiseraele ha ba ba le bana hore ba etse eng?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Exoda 1:6-22.

    1. Jehova o ile a qala ho phethahatsa tšepiso ea hae ho Abrahama joang? (Ex. 1:7; Gen. 12:2; Lik. 7:17)

    2. Babelehisi ba Baheberu ba ile ba bontša joang hore ba hlompha khalalelo ea bophelo? (Ex. 1:17; Gen. 9:6)

    3. Babelehisi ba ile ba putsoa joang ka ho tšepahala ha bona ho Jehova? (Ex. 1:20, 21; Liprov. 19:17)

    4. Satane o ile a leka ho senya morero oa Jehova joang mabapi le Peō ea Abrahama e tšepisitsoeng? (Ex. 1:22; Mat. 2:16)

Pale ea 28

Lesea Moshe Lea Pholosoa

  1. Lesea leo le setšoantšong ke mang, hona le itšoareletse ka monoana oa mang?

  2. ’Mè oa Moshe o ile a etsa’ng ho mo qobisa ho bolaoa?

  3. Ngoananyana ea setšoantšong moo ke mang, hona o ile a etsa’ng?

  4. Ha morali oa Faro a fumana lesea, Miriame o ile a etsa tlhahiso efe?

  5. Khosatsana e ile ea re’ng ho ’mè oa Moshe?

Potso e ’ngoe:

  1. Bala Exoda 2:1-10.

    ’Mè oa Moshe o ile a ba le monyetla ofe oa ho koetlisa Moshe le ho mo ruta boseeng, hona see se fana ka mohlala ofe ho batsoali kajeno? (Ex. 2:9, 10; Deut. 6:6-9; Liprov. 22:6; Baef. 6:4; 2 Tim. 3:15)

Pale ea 29

Lebaka Leo Moshe a Balehang ka Lona

  1. Moshe o hōletse hokae, empa o ne a tseba eng ka batsoali ba hae?

  2. Moshe o ile a etsa’ng ha a le lilemo li 40?

  3. Moshe o ile a re’ng ho monna e mong oa Moiseraele ea neng a loana le e mong, hona monna eo o ile a araba ka ho re’ng?

  4. Ke hobane’ng ha Moshe a ile a baleha Egepeta?

  5. Moshe o ile a balehela hokae, hona o ile a kopana le mang moo?

  6. Moshe o ile a etsa’ng ka lilemo tse 40 ka mor’a hore a balehe Egepeta?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Exoda 2:11-25.

    Ho sa tsotellehe lilemo tse ngata tseo a li qetileng a rutoa bohlale ba Baegepeta, Moshe o ile a bontša joang hore o tšepahala ho Jehova le ho batho ba hae? (Ex. 2:11, 12; Baheb. 11:24)

  2. Bala Liketso 7:22-29.

    Re ka ithuta eng tabeng ea Moshe ea ho leka ho lopolla Baiseraele botlamuoeng Egepeta? (Lik. 7:23-25; 1 Pet. 5:6, 10)

Pale ea 30

Sehlahla se Tukang

  1. Lebitso la thaba e setšoantšong moo ke mang?

  2. Hlalosa ntho e sa tloaelehang eo Moshe a ileng a e bona ha a ea thabeng le linku tsa hae.

  3. Lentsoe le tsoang sehlahleng se tukang le ile la re’ng, hona e ne e le lentsoe la mang?

  4. Moshe o ile a araba ka ho re’ng ha Molimo a mo bolella hore o tla etella batho ba Hae pele ho tsoa Egepeta?

  5. Molimo o ile a re Moshe a re’ng ha batho ba mo botsa hore na o romiloe ke mang?

  6. Moshe o ne a tla khona joang ho paka hore o romiloe ke Molimo?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Exoda 3:1-22.

    Phihlelo ea Moshe e re fa tšepo joang hore le haeba re ikutloa re sa tšoanelehe bakeng sa ho phethahatsa kabelo e itseng ea puso ea Molimo, Jehova o tla re tšehetsa? (Ex. 3:11, 13; 2 Bakor. 3:5, 6)

  2. Bala Exoda 4:1-20.

    1. Tsela eo Moshe a neng a ikutloa ka eona e ile ea fetoha joang lilemong tse 40 tseo a li qetileng a le Midiane, hona ba hahamallang litokelo ka phuthehong ba ka ithuta eng ho see? (Ex. 2:11, 12; 4:10, 13; Mik. 6:8; 1 Tim. 3:1, 6, 10)

    2. Le haeba Jehova a re khalemela a sebelisa mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng, re ka kholiseha ka eng ho tsoa mohlaleng oa Moshe? (Ex. 4:12-14; Pes. 103:14; Baheb. 12:4-11)

Pale ea 31

Moshe le Arone ho Faro

  1. Mehlolo eo Moshe le Arone ba ileng ba e etsa e ile ea ama Baiseraele joang?

  2. Moshe le Arone ba ile ba re’ng ho Faro, hona Faro o ile a re’ng?

  3. Joalokaha ho bontšitsoe moo setšoantšong, ho ile ha etsahala’ng ha Arone a akhela molamu oa hae fatše?

  4. Jehova o ile a ruta Faro thuto joang, hona Faro o ile a etsa’ng?

  5. Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a kotlo ea leshome?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Exoda 4:27-31 le 5:1-23.

    Faro o ne a bolela’ng ha a re: “Ho hang ha ke tsebe Jehova”? (Ex. 5:2; 1 Sam. 2:12; Bar. 1:21)

  2. Bala Exoda 6:1-13, 26-30.

    1. Ke ka kutloisiso efe Jehova a sa kang a itsebahatsa ho Abrahama, Isaka le Jakobo? (Ex. 3:13, 14; 6:3; Gen. 12:8)

    2. Hore ebe Jehova o ile a ’na a sebelisa Moshe, le hoja Moshe a ne a ikutloa a sa tšoanelehe ho etsa mosebetsi oo a o abetsoeng, ho etsa hore re ikutloe joang? (Ex. 6:12, 30; Luka 21:13-15)

  3. Bala Exoda 7:1-13.

    1. Moshe le Arone ba ile ba behela bahlanka ba Molimo kajeno mohlala ofe ha ka sebete ba bolella Faro likahlolo tsa Jehova? (Ex. 7:2, 3, 6; Lik. 4:29-31)

    2. Jehova o ile a bonahatsa joang hore o phahametse melimo ea Egepeta? (Ex. 7:12; 1 Likron. 29:12)

Pale ea 32

Likotlo Tse Leshome

  1. U sebelisa litšoantšo tse bontšitsoeng mona, hlalosa likotlo tsa pele tse tharo tseo Jehova a ileng a li tlisetsa Egepeta.

  2. Likotlo tsa pele tse tharo li ne li fapane joang le likotlo tse ling kaofela?

  3. Bolela kotlo ea bone, ea bohlano le ea botšelela.

  4. Hlalosa kotlo ea bosupa, ea robeli le ea borobong.

  5. Jehova o ile a re Baiseraele ba etse’ng pele ho kotlo ea leshome?

  6. Kotlo ea leshome e ile ea e-ba eng, hona ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Exoda 7:19–8:23.

    1. Le hoja baprista ba Egepeta ba sebelisang boselamose ba ile ba khona ho etsisa likotlo tsa Jehova tse peli tse qalang, ba ile ba tlameha ho lumela eng ka mor’a kotlo ea boraro? (Ex. 8:18, 19; Mat. 12:24-28)

    2. Kotlo ea bone e ile ea bonahatsa matla a Jehova a ho sireletsa batho ba hae joang, hona ho tseba see ho etsa hore batho ba Molimo ba ikutloe joang ha ba ntse ba atamela “matšoenyehong a maholo” a boletsoeng esale pele? (Ex. 8:22, 23; Tšen. 7:13, 14; 2 Likron. 16:9)

  2. Bala Exoda 8:24; 9:3, 6, 10, 11, 14, 16, 23-25; le 10:13-15, 21-23.

    1. Likotlo Tse Leshome li ile tsa totobatsa lihlopha life tse peli, hona see se ama pono ea rōna joang ka lihlopha tseo kajeno? (Ex. 8:10, 18, 19; 9:14)

    2. Exoda 9:16 e re thusa joang ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Jehova a ntse a lumeletse Satane ho tla fihlela joale? (Bar. 9:21, 22)

  3. Bala Exoda 12:21-32.

    Paseka e ile ea etsa hore ba bangata ba khone ho pholoha joang, hona Paseka e ne e tšoantšetsa eng? (Ex. 12:21-23; Joh. 1:29; Bar. 5:18, 19, 21; 1 Bakor. 5:7)

Pale ea 33

Ba Tšela Leoatle le Lefubelu

  1. Ke banna, basali le bana ba bakae ba Baiseraele ba ileng ba tloha Egepeta, hona ba ile ba tsamaea le bo-mang?

  2. Faro o ile a ikutloa joang ka mor’a ho lokolla Baiseraele hore ba tsamaee, hona o ile a etsa’ng?

  3. Jehova o ile a etsa’ng ho thibela Baegepeta ho hlasela batho ba hae?

  4. Ho ile ha etsahala’ng ha Moshe a otlollela molamu oa hae holim’a Leoatle le Lefubelu, hona Baiseraele ba ile ba etsa’ng?

  5. Ho ile ha etsahala’ng ha Baegepeta ba ikakhela ka leoatleng ba lelekisa Baiseraele?

  6. Baiseraele ba ile ba etsa’ng ho bontša hore ba thabile le hore ba leboha Jehova hore ebe o ba pholositse?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Exoda 12:33-36.

    Jehova o ile a etsa’ng ho netefatsa hore batho ba hae baa buseletsoa bakeng sa lilemo tsohle tseo e bileng makhoba a Baegepeta ka tsona? (Ex. 3:21, 22; 12:35, 36)

  2. Bala Exoda 14:1-31.

    Mantsoe a Moshe a tlalehiloeng ho Exoda 14:13, 14 a ama bahlanka ba Jehova joang kajeno ha ba ntse ba atamela ntoeng e tlang ea Armagedone? (2 Likron. 20:17; Pes. 91:8)

  3. Bala Exoda 15:1-8, 20, 21.

    1. Ke hobane’ng ha bahlanka ba Jehova ba lokela ho mo binela lithoriso? (Ex. 15:1, 2; Pes. 105:2, 3; Tšen. 15:3, 4)

    2. Miriame le basali ba bang Leoatleng le Lefubelu ba ile ba behela basali ba Bakreste kajeno mohlala ofe oa ho rorisa Jehova? (Ex. 15:20, 21; Pes. 68:11)

Pale ea 34

Mofuta o Mocha oa Lijo

  1. Hlalosa ntho eo batho ba e thonakang setšoantšong moo, hona e bitsoa eng?

  2. Moshe o laela batho hore ba etse’ng ha ba thonaka manna?

  3. Jehova o re batho ba etse’ng ka letsatsi la botšelela, hona hobane’ng?

  4. Jehova o etsa mohlolo ofe ha manna a bolokeloa letsatsi la bosupa?

  5. Jehova o fepa batho manna ka nako e kae?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Exoda 16:1-36 le Numere 11:7-9.

    1. Exoda 16:8 e re bontša eng ka taba ea ho hlompha ba fuoeng likabelo tsa puso ea Molimo ka phuthehong ea Bokreste? (Baheb. 13:17)

    2. Ke’ng e neng e hopotsa Baiseraele letsatsi le letsatsi hore ba itšetlehile ka Jehova ha ba le lefeelleng? (Ex. 16:14-16, 35; Deut. 8:2, 3)

    3. Jesu o ile a re manna a tšoantšetsa’ng, hona re rua molemo joang ‘bohobeng boo bo tsoang leholimong’? (Joh. 6:31-35, 40)

  2. Bala Joshua 5:10-12.

    Baiseraele ba ile ba ja manna ka lilemo tse kae, hona see e ile ea e-ba teko joang ho bona, ’me re ka ithuta eng tlalehong ee? (Ex. 16:35; Num. 11:4-6; 1 Bakor. 10:10, 11)

Pale ea 35

Jehova o Fana ka Melao ea Hae

  1. Baiseraele ba ile ba hloma litente hokae ka mor’a likhoeli tse ka bang peli ba tlohile Egepeta?

  2. Jehova o re o rata hore batho ba etse’ng, hona ba re’ng?

  3. Ke hobane’ng ha Jehova a fa Moshe matlapa a mabeli a majoe?

  4. Ntle ho Melao e Leshome, Jehova o ile a fa Baiseraele melao efe e meng?

  5. Jesu Kreste o ile a re ke melao efe e ’meli e meholo ka ho fetisisa?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Exoda 19:1-25; 20:1-21; 24:12-18; le 31:18.

    Mantsoe a tlalehiloeng ho Exoda 19:8 a re thusa joang ho utloisisa se amehang ha motho a inehela hore e be Mokreste? (Mat. 16:24; 1 Pet. 4:1-3)

  2. Bala Deuteronoma 6:4-6; Levitike 19:18; le Matheu 22:36-40.

    Bakreste ba bonahatsa joang lerato la bona ho Molimo le ho moahelani? (Mar. 6:34; Lik. 4:20; Bar. 15:2)

Pale ea 36

Namane ea Khauta

  1. Moo setšoantšong, batho ba etsa’ng, hona hobane’ng?

  2. Ke hobane’ng ha Jehova a halefile, hona Moshe o etsa’ng ha a bona seo batho ba se etsang?

  3. Moshe o bolella banna ba bang hore ba etse’ng?

  4. Pale ee e lokela ho re ruta eng?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Exoda 32:1-35.

    1. Tlaleho ee e bontša joang tsela eo Jehova a ikutloang ka eona ka ho kopanya bolumeli ba bohata le borapeli ba ’nete? (Ex. 32:4-6, 10; 1 Bakor. 10:7, 11)

    2. Bakreste ba lokela ho lemoha eng ha ba khetha boithabiso bo kang ’mino le tantši? (Ex. 32:18, 19; Baef. 5:15, 16; 1 Joh. 2:15-17)

    3. Moloko oa Levi o ile oa beha mohlala ofe o motle tabeng ea ho emela ho loka? (Ex. 32:25-28; Pes. 18:25)

Pale ea 37

Tente ea Borapeli

  1. Mohaho oo o setšoantšong o bitsoa’ng, hona o sebelisetsoa eng?

  2. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a re Moshe a hahe tente ka mokhoa oo e ka nkoang habonolo?

  3. Lebokose le ka kamoreng e nyenyane e qetellong ea tente le bitsoa’ng, hona lebokose leo le tšetse eng?

  4. Jehova o khetha mang hore e be moprista ea phahameng, hona moprista ea phahameng o etsa’ng?

  5. Bolela lintho tse tharo tse ka kamoreng e khōloanyane ea tente.

  6. Ke lintho life tse peli tse lebaleng la tabernakele, hona li sebelisetsoa eng?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Exoda 25:8-40; 26:1-37; 27:1-8; le 28:1.

    Likerubime tse holim’a “areka ea bopaki” li ne li emela eng? (Ex. 25:20, 22; Num. 7:89; 2 Mar. 19:15)

  2. Bala Exoda 30:1-10, 17-21; 34:1, 2; le Baheberu 9:1-5.

    1. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a hatisa bohlokoa ba hore baprista ba sebeletsang tabernakeleng ba lule ba hloekile ’meleng, hona see se lokela ho re ama joang kajeno? (Ex. 30:18-21; 40:30, 31; Baheb. 10:22)

    2. Moapostola Pauluse o bontša joang hore tabernakele le selekane sa Molao li ne li se li sa sebetse nakong ea ha a ne a ngola lengolo la hae le eang ho Bakreste ba Baheberu? (Baheb. 9:1, 9; 10:1)

Pale ea 38

Lihloela Tse 12

  1. Lesihla la morara le moo setšoantšong le joang, hona le tsoa hokae?

  2. Ke hobane’ng ha Moshe a romela lihloela tse 12 naheng ea Kanana?

  3. Lihloela tse leshome li tlalehela Moshe eng?

  4. Lihloela tse peli li bontša joang hore li tšepa Jehova, hona mabitso a tsona ke bo-mang?

  5. Ke hobane’ng ha Jehova a halefile, hona o re’ng ho Moshe?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Numere 13:1-33.

    1. Ke bo-mang ba neng ba khethetsoe ho ea hloela naha, hona ba ne ba e-na le monyetla ofe o babatsehang? (Num. 13:2, 3, 18-20)

    2. Ke hobane’ng ha Joshua le Kalebe ba ile ba bona lintho ka tsela e fapaneng le ea lihloela tse ling, hona see se re ruta eng? (Num. 13:28-30; Mat. 17:20; 2 Bakor. 5:7)

  2. Bala Numere 14:1-38.

    1. Re lokela ho ela hloko temoso efe khahlanong le ho korotla ka baemeli ba Jehova ba lefatšeng? (Num. 14:2, 3, 27; Mat. 25:40, 45; 1 Bakor. 10:10)

    2. Numere 14:24 e bontša joang hore Jehova o thahasella mohlanka e mong le e mong oa hae? (1 Mar. 19:18; Liprov. 15:3)

Pale ea 39

Lere la Arone le Mela Lipalesa

  1. Ke bo-mang ba hanyetsang hore Moshe le Arone e be baeta-pele, hona ba re’ng ho Moshe?

  2. Moshe o re Kora le balateli ba hae ba 250 ba etse’ng?

  3. Moshe o re’ng ho batho, hona ho etsahala’ng hang ha a thōla?

  4. Ho etsahala’ng ka Kora le balateli ba hae ba 250?

  5. Eleazare, mora oa Arone, o etsa’ng ka lijana tsa mollo tsa banna ba shoeleng, hona ke hobane’ng ha a etsa joalo?

  6. Ke hobane’ng ha Jehova a etsa hore lere la Arone le mele lipalesa? (Bona setšoantšo.)

Lipotso tse ling:

  1. Bala Numere 16:1-49.

    1. Kora le balateli ba hae ba ile ba etsa’ng, hona ke hobane’ng ha seo e ne e le ketso ea borabele khahlanong le Jehova? (Num. 16:9, 10, 18; Lev. 10:1, 2; Liprov. 11:2)

    2. Kora le “marenana a phutheho” a 250 ba ile ba hōlisa pono efe e fosahetseng? (Num. 16:1-3; Liprov. 15:33; Esa. 49:7)

  2. Bala Numere 17:1-11 le 26:10.

    1. Ho hlōmela ha lere la Arone ho ile ha bontša’ng, hona ke hobane’ng ha Jehova a ile a laela hore le bolokoe ka arekeng? (Num. 17:5, 8, 10)

    2. Re ka ithuta thuto efe ea bohlokoa pontšong ea lere la Arone? (Num. 17:10; Lik. 20:28; Bafil. 2:14; Baheb. 13:17)

Pale ea 40

Moshe o Otla Lefika

  1. Jehova o hlokomela Baiseraele joang ha ba ntse ba le lefeelleng?

  2. Baiseraele ba belaela ka eng ha ba hlomme litente Kadeshe?

  3. Jehova o etsa’ng ho fa batho le liphoofolo tsa bona metsi?

  4. Moo setšoantšong, monna eo ea itšupileng ke mang, hona ke hobane’ng ha a itšupile?

  5. Ke hobane’ng ha Jehova a halefetse Moshe le Arone, hona o ba fa kotlo efe?

  6. Ho etsahala’ng Thabeng ea Hore, hona moprista ea phahameng oa Iseraele e ba mang?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Numere 20:1-13, 22-29 le Deuteronoma 29:5.

    1. Re ithuta eng tseleng eo Jehova a ileng a hlokomela Baiseraele ka eona lefeelleng? (Deut. 29:5; Mat. 6:31; Baheb. 13:5; Jak. 1:17)

    2. Jehova o ile a ikutloa joang ha Moshe le Arone ba hlōleha ho mo halaletsa ka pel’a Baiseraele? (Num. 20:12; 1 Bakor. 10:12; Tšen. 4:11)

    3. Re ka ithuta eng tseleng eo Moshe a ileng a itšoara ka eona ha a khalemeloa ke Jehova? (Num. 12:3; 20:12, 27, 28; Deut. 32:4; Baheb. 12:7-11)

Pale ea 41

Noha ea Koporo

  1. Moo setšoantšong, ke’ng e thatetsoeng thupeng, hona ke hobane’ng ha Jehova a itse Moshe a e fanyehe moo?

  2. Batho ba bontša joang hore ha ba na teboho ka sohle seo Molimo a ba etselitseng sona?

  3. Batho ba kōpa Moshe hore a etse’ng ka mor’a hore Jehova a ba otle ka ho romela linoha tse chefo?

  4. Ke hobane’ng ha Jehova a re Moshe a etse noha ea koporo?

  5. Re ka ithuta thuto efe paleng ee?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Numere 21:4-9.

    1. Re fumana temoso efe ka ho belaella ha Baiseraele litokisetso tse tsoang ho Jehova? (Num. 21:5, 6; Bar. 2:4)

    2. Lilemo tse makholo hamorao, Baiseraele ba ile ba sebelisa noha ea koporo joang, hona Morena Ezekiase o ile a nka khato efe? (Num. 21:9; 2 Mar. 18:1-4)

  2. Bala Johanne 3:14, 15.

    Ho fanyehoa ha noha ea koporo thupeng ho ile ha tšoantšetsa hantle joang ho khokhotheloa ha Jesu Kreste thupeng? (Bagal. 3:13; 1 Pet. 2:24)

Pale ea 42

Esele ea Bua

  1. Balake ke mang, hona ke hobane’ng ha a romela hore ho bitsoe Balame?

  2. Ke hobane’ng ha esele ea Balame e botha ka tseleng?

  3. Balame o utloa esele e re’ng?

  4. Lengeloi le re’ng ho Balame?

  5. Ho etsahala’ng ha Balame a leka ho rohaka Iseraele?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Numere 21:21-35.

    Ke hobane’ng ha Iseraele e ile ea hlōla Morena Sihone oa Baamore le Morena Oge oa Bashane? (Num. 21:21, 23, 33, 34)

  2. Bala Numere 22:1-40.

    Sepheo sa Balame e ne e le sefe ha a leka ho rohaka Iseraele, hona re ka ithuta eng ho see? (Num. 22:16, 17; Liprov. 6:16, 18; 2 Pet. 2:15; Juda 11)

  3. Bala Numere 23:1-30.

    Le hoja Balame a ne a bua eka ke morapeli oa Jehova, liketso tsa hae li ile tsa shanofatsa seo joang? (Num. 23:3, 11-14; 1 Sam. 15:22)

  4. Bala Numere 24:1-25.

    Tlaleho ee ea Bibele e matlafatsa tumelo ea rōna joang tabeng ea ho phethahala ha morero oa Jehova? (Num. 24:10; Esa. 54:17)

Pale ea 43

Joshua e ba Moeta-pele

  1. Moo setšoantšong, banna ba babeli ba emeng le Moshe ke bo-mang?

  2. Jehova o re’ng ho Joshua?

  3. Ke hobane’ng ha Moshe a hloella tlhōrōng ea Thaba ea Nebo, hona Jehova o re’ng ho eena?

  4. Moshe o ne a le lilemo li kae ha a e-shoa?

  5. Ke hobane’ng ha batho ba utloile bohloko, empa ba lokela ho thaba ka lebaka lefe?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Numere 27:12-23.

    Jehova o ile a fa Joshua mosebetsi ofe o boima, hona ke’ng e bontšang hore Jehova o hlokomela batho ba Hae kajeno? (Num. 27:15-19; Lik. 20:28; Baheb. 13:7)

  2. Bala Deuteronoma 3:23-29.

    Ke hobane’ng ha Jehova a sa ka a lumella Moshe le Arone hore ba tšelele naheng e tšepisitsoeng, hona re ka ithuta eng ho see? (Deut. 3:25-27; Num. 20:12, 13)

  3. Bala Deuteronoma 31:1-8, 14-23.

    Mantsoe ao Moshe a a buileng ha a arohana le Baiseraele a bontša joang hore o ile a amohela ka boikokobetso khalemelo e tsoang ho Jehova? (Deut. 31:6-8, 23)

  4. Bala Deuteronoma 32:45-52.

    Lentsoe la Molimo le lokela ho re ama joang bophelong? (Deut. 32:47; Lev. 18:5; Baheb. 4:12)

  5. Bala Deuteronoma 34:1-12.

    Le hoja ho se mohla Moshe a kileng a bona Jehova ka ho toba, Deuteronoma 34:10 e bontša’ng ka kamano eo a neng a e-na le eona le Jehova? (Ex. 33:11, 20; Num. 12:8)

Pale ea 44

Rahaba o Pata Lihloela

  1. Rahaba o lula hokae?

  2. Banna ba babeli ba setšoantšong moo ke bo-mang, hona ke hobane’ng ha ba le Jeriko?

  3. Morena oa Jeriko o laela Rahaba hore a etse’ng, hona eena o re’ng?

  4. Rahaba o thusa banna bao ba babeli joang, hona o kōpa mosa ofe?

  5. Lihloela tse peli li tšepisa Rahaba eng?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Joshua 2:1-24.

    Tšepiso ea Jehova e tlalehiloeng ho Exoda 23:28 e ile ea phethahala joang ha Baiseraele ba hlasela Jeriko? (Josh. 2:9-11)

  2. Bala Baheberu 11:31.

    Mohlala oa Rahaba o totobatsa bohlokoa ba tumelo joang? (Bar. 1:17; Baheb. 10:39; Jak. 2:25)

Pale ea 45

Ba Tšela Nōka ea Jordane

  1. Jehova o etsa mohlolo ofe e le hore Baiseraele ba tšele Nōka ea Jordane?

  2. Baiseraele ba lokela ho etsa ketso efe e bontšang tumelo e le hore ba tšele Nōka ea Jordane?

  3. Ke hobane’ng ha Jehova a re Joshua a thonake majoe a 12 a maholo ka nōkeng?

  4. Ho etsahala’ng hang ha baprista ba tsoa Jordane?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Joshua 3:1-17.

    1. Joalokaha ho bontšitsoe tlalehong ee, re lokela ho etsa’ng e le hore Jehova a re thuse ’me a re hlohonolofatse? (Josh. 3:13, 15; Liprov. 3:5; Jak. 2:22, 26)

    2. Nōka ea Jordane e ne e le boemong bofe ha Baiseraele ba tšelela Naheng e Tšepisitsoeng, hona see se ile sa tlotlisa lebitso la Jehova joang? (Josh. 3:15; 4:18; Pes. 66:5-7)

  2. Bala Joshua 4:1-18.

    Ke hobane’ng ha ho ile ha nkoa majoe a 12 Jordane ’me a behoa Gilgale? (Josh. 4:4-7)

Pale ea 46

Marako a Jeriko

  1. Jehova o re baprista le banna ba loanang ba etse’ng ka matsatsi a tšeletseng?

  2. Banna bao ba lokela ho etsa’ng ka letsatsi la bosupa?

  3. Joalokaha u bona setšoantšong moo, ho etsahala’ng ka marako a Jeriko?

  4. Ke hobane’ng ha ho e-na le mohala o mofubelu o leketlileng fensetereng?

  5. Joshua o re banna ba loanang ba etse’ng ka batho le motse, empa ba etse’ng ka silevera, khauta, koporo le tšepe?

  6. Lihloela tse peli li bolelloa hore li etse’ng?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Joshua 6:1-25.

    1. Ho pota ha Baiseraele Jeriko ka letsatsi la bosupa ho tšoana joang le mosebetsi oa ho bolela o etsoang ke Lipaki Tsa Jehova matsatsing aa a ho qetela? (Josh. 6:15, 16; Esa. 60:22; Mat. 24:14; 1 Bakor. 9:16)

    2. Boprofeta bo tlalehiloeng ho Joshua 6:26 bo ile ba phethahala joang lilemo tse 500 hamorao, hona see se re ruta eng ka seo Jehova a se buileng? (1 Mar. 16:34; Esa. 55:11)

Pale ea 47

Lesholu Iseraeleng

  1. Moo setšoantšong, monna eo ea patang matlotlo a nkiloeng Jeriko ke mang, hona o thusoa ke bo-mang?

  2. Ke hobane’ng ha seo Akane le ba lelapa la hae ba se etsang se tebile?

  3. Jehova o re’ng ha Joshua a botsa hore na ke hobane’ng ha ba hlōtsoe ntoeng Ai?

  4. Ho etsahala’ng ka mor’a hore Akane le ba lelapa la hae ba tlisoe ho Joshua?

  5. Kahlolo eo Akane a e fuoang e re ruta thuto efe ea bohlokoa?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Joshua 7:1-26.

    1. Lithapelo tsa Joshua li ile tsa senola eng ka kamano ea hae le ’Mōpi oa hae? (Josh. 7:7-9; Pes. 119:145; 1 Joh. 5:14)

    2. Mohlala oa Akane o bontša’ng, hona see ke temoso joang ho rōna? (Josh. 7:11, 14, 15; Liprov. 15:3; 1 Tim. 5:24; Baheb. 4:13)

  2. Bala Joshua 8:1-29.

    Re na le boikarabelo bofe mabapi le phutheho ea Bokreste kajeno? (Josh. 7:13; Lev. 5:1; Liprov. 28:13)

Pale ea 48

Bagibeone ba Bohlale

  1. Bagibeone ba fapane joang le Bakanana ba metseng e haufi?

  2. Joalokaha ho bontšitsoe setšoantšong moo, Bagibeone ba etsa’ng, hona hobane’ng?

  3. Joshua le baeta-pele ba Iseraele ba tšepisa Bagibeone eng, empa ba tseba’ng ka mor’a matsatsi a mararo?

  4. Ho etsahala’ng ha marena a metse e meng a utloa hore Bagibeone ba entse khotso le Iseraele?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Joshua 9:1-27.

    1. Kaha Jehova o ne a laetse sechaba sa Iseraele hore se ‘felise baahi bohle ba naha,’ ho sireletsa ha hae Bagibeone ho totobatsa litšobotsi life? (Josh. 9:22, 24; Mat. 9:13; Lik. 10:34, 35; 2 Pet. 3:9)

    2. Joshua o ile a behela Bakreste mohlala o motle joang kajeno ka ho khomarela tumellano eo a e entseng le Bagibeone? (Josh. 9:18, 19; Mat. 5:37; Baef. 4:25)

  2. Bala Joshua 10:1-5.

    Bongata bo boholo kajeno bo etsisa Bagibeone joang, hona seo se etsa hore ba hlaseloe ke’ng? (Josh. 10:4; Zak. 8:23; Mat. 25:35-40; Tšen. 12:17)

Pale ea 49

Letsatsi le Ema Tsi!

  1. Moo setšoantšong, Joshua o re’ng, hona hobane’ng?

  2. Jehova o thusa Joshua le banna ba hae ba loanang joang?

  3. Joshua o hlōla marena a makae a lireng, hona o nka nako e kae ho a hlōla?

  4. Ke hobane’ng ha Joshua a arola naha ea Kanana?

  5. Joshua o ne a le lilemo li kae ha a shoa, hona ho etsahala’ng ka sechaba ka mor’a moo?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Joshua 10:6-15.

    Ho tseba hore Jehova o ile a emisa letsatsi le khoeli molemong oa Iseraele, ho re kholisa ka eng kajeno? (Josh. 10:8, 10, 12, 13; Pes. 18:3; Liprov. 18:10)

  2. Bala Joshua 12:7-24.

    Ke mang ea hlileng a ikarabellang ka ho hlōloa ha marena a 31 a Kanana, hona ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa ho rōna kajeno? (Josh. 12:7; 24:11-13; Deut. 31:8; Luka 21:9, 25-28)

  3. Bala Joshua 14:1-5.

    Naha e ile ea aroleloa meloko ea Iseraele joang, hona see se bontša eng ka lefa Paradeiseng? (Josh. 14:2; Esa. 65:21; Ezek. 47:21-23; 1 Bakor. 14:33)

  4. Bala Baahloli 2:8-13.

    Ho tšoana le Joshua Iseraeleng, ke mang kajeno ea sebeletsang ho thibela bokoenehi? (Baahl. 2:8, 10, 11; Mat. 24:45-47; 2 Bathes. 2:3-6; Tite 1:7-9; Tšen. 1:1; 2:1, 2)

Pale ea 50

Basali ba Sebete

  1. Mosebetsi oa baahloli e ne e le ofe, hona mabitso a ba bang ba bona ke bo-mang?

  2. Debora o na le tokelo efe e ikhethang, hona e akarelletsa’ng?

  3. Ha Iseraele e sokeloa ke Morena Jabine le molaoli oa hae oa lebotho, Sisera, Debora o bolella Moahloli Barake molaetsa ofe o tsoang ho Jehova, hona o re ke mang ea tla lokela ho rorisoa ka seo?

  4. Jaele o bontša joang hore ke mosali ea sebete?

  5. Ho etsahala’ng ka mor’a lefu la Morena Jabine?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Baahloli 2:14-22.

    Baiseraele ba ile ba itlisetsa khalefo ea Jehova joang, hona re ka ithuta eng ho see? (Baahl. 2:20; Liprov. 3:1, 2; Ezek. 18:21-23)

  2. Bala Baahloli 4:1-24.

    Basali ba Bakreste kajeno ba ka ithuta eng mohlaleng oa Debora le Jaele ka ho ba le tumelo le sebete? (Baahl. 4:4, 8, 9, 14, 21, 22; Liprov. 31:30; 1 Bakor. 16:13)

  3. Bala Baahloli 5:1-31.

    Pina ea tlhōlo eo Barake le Debora ba ileng ba e bina e ka sebelisoa e le thapelo joang mabapi le ntoa e tlang ea Harmagedone? (Baahl. 5:3, 31; 1 Likron. 16:8-10; Tšen. 7:9, 10; 16:16; 19:19-21)

Pale ea 51

Ruthe le Naomi

  1. Ho tlile joang hore Naomi a ee naheng ea Moabe?

  2. Ruthe le Orpa ke bo-mang?

  3. Ruthe le Orpa ba etsa’ng ha Naomi a re ba khutlele ho batho ba habo bona?

  4. Boaze ke mang, hona o thusa Ruthe le Naomi joang?

  5. Lebitso la ngoana oa Boaze le Ruthe ke mang, hona ke hobane’ng ha re lokela ho mo hopola?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Ruthe 1:1-17.

    1. Ruthe o bua mantsoe afe a monate a bontšang lerato le tšepahalang? (Ruthe 1:16, 17)

    2. Tsela eo Ruthe a nahanang ka eona e bontša hantle joang tsela eo “linku tse ling” li ikutloang ka eona ka batlotsuoa ba ntseng ba le lefatšeng kajeno? (Joh. 10:16; Zak. 8:23)

  2. Bala Ruthe 2:1-23.

    Ruthe ke mohlala o motle joang ho basali ba bacha kajeno? (Ruthe 2:17, 18; Liprov. 23:22; 31:15)

  3. Bala Ruthe 3:5-13.

    1. Boaze o ile a ikutloa joang ka hore ebe Ruthe o ne a ikemiselitse ho nyaloa ke eena ho e-na le ho nyaloa ke motho ea sa leng mocha?

    2. Boitšoaro ba Ruthe bo re ruta eng ka lerato le tšepahalang? (Ruthe 3:10; 1 Bakor. 13:4, 5)

  4. Bala Ruthe 4:7-17.

    Banna ba Bakreste kajeno ba ka etsisa Boaze joang? (Ruthe 4:9, 10; 1 Tim. 3:1, 12, 13; 5:8)

Pale ea 52

Gideone le Banna ba Hae ba 300

  1. Baiseraele ba khathatsong e khōlō joang, hona hobane’ng?

  2. Ke hobane’ng ha Jehova a re Gideone o na le banna ba bangata haholo lebothong la hae?

  3. Ho sala banna ba bakae ka mor’a hore Gideone a re banna ba tšohileng ba khutlele hae?

  4. Mona setšoantšong, hlalosa hore na Jehova o fokotsa palo ea lebotho la Gideone joang hore e be banna ba 300 feela.

  5. Gideone o hlophisa banna ba hae ba 300 joang, hona Iseraele e hlōla ntoa joang?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Baahloli 6:36-40.

    1. Gideone o ile a etsa’ng ho netefatsa hore na thato ea Jehova ke efe?

    2. Rōna kajeno re ka tseba joang seo e leng thato ea Jehova? (Liprov. 2:3-6; Mat. 7:7-11; 2 Tim. 3:16, 17)

  2. Bala Baahloli 7:1-25.

    1. Re ka ithuta eng ho banna ba 300 ba ileng ba lula ba falimehile ho fapana le ba ileng ba bontša ho se tsotelle? (Baahl. 7:3, 6; Bar. 13:11, 12; Baef. 5:15-17)

    2. Feela joalokaha ba 300 ba ile ba ithuta ka ho sheba Gideone, rōna re ka ithuta joang ka ho sheba Gideone e Moholo, Jesu Kreste? (Baahl. 7:17; Mat. 11:29, 30; 28:19, 20; 1 Pet. 2:21)

    3. Baahloli 7:21 e re thusa joang ho khotsofalla ho sebeletsa kae le kae moo re abeloang ho sebeletsa teng ka mokhatlong oa Jehova o hlophisitsoeng? (1 Bakor. 4:2; 12:14-18; Jak. 4:10)

  3. Bala Baahloli 8:1-3.

    Ha re rarolla mathata a botho pakeng tsa rōna le bara le barali babo rōna, ke’ng seo re ka ithutang sona tseleng eo Gideone a ileng a rarolla qabang ka eona pakeng tsa hae le Baefraime? (Liprov. 15:1; Mat. 5:23, 24; Luka 9:48)

Pale ea 53

Tšepiso ea Jafeta

  1. Jafeta ke mang, hona o phetse nakong efe?

  2. Jafeta o tšepisa Jehova eng?

  3. Ke hobane’ng ha Jafeta a ile a utloa bohloko ha a khutlela hae a hlōtse Baammone?

  4. Morali oa Jafeta o re’ng ha a utloa ka tšepiso eo ntate oa hae a e entseng?

  5. Ke hobane’ng ha batho ba rata morali oa Jafeta?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Baahloli 10:6-18.

    Re lokela ho ela hloko temoso efe tlalehong ea Iseraele ea ho se tšepahale ho Jehova? (Baahl. 10:6, 15, 16; Bar. 15:4; Tšen. 2:10)

  2. Bala Baahloli 11:1-11, 29-40.

    1. Re tseba joang hore ho fana ha Jafeta ka morali oa hae hore e be “nyehelo ea secheso” ho ne ho sa bolele hore o mo nyehela mollong e le sehlabelo? (Baahl. 11:31; Lev. 16:24; Deut. 18:10, 12)

    2. Jafeta o ile a nyehela morali oa hae e le sehlabelo ka tsela efe?

    3. Re ka ithuta eng ka tsela eo Jafeta a neng a ikutloa ka eona ka kano ea hae ho Jehova? (Baahl. 11:35, 39; Moek. 5:4, 5; Mat. 16:24)

    4. Morali oa Jafeta ke mohlala o motle joang ho Bakreste ba bacha ba hahamallang ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng? (Baahl. 11:36; Mat. 6:33; Bafil. 3:8)

Pale ea 54

Monna ea Matlahali

  1. Lebitso la monna ea matlahali ea kileng a phela ke mang, hona ke mang ea neng a mo file matla ao?

  2. Ka lekhetlo le leng, Samsone o etsa’ng ka tau e khōlō, joalokaha u bona setšoantšong moo?

  3. Moo setšoantšong Samsone o bolella Delila lekunutu lefe, hona see se etsa hore a tšoaroe ke Bafilista joang?

  4. Ho tla joang hore Samsone a bolaee Bafilista ba lira ba 3 000 letsatsing leo a shoang ka lona?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Baahloli 13:1-14.

    Manooa le mosali oa hae ke mohlala o motle joang ho batsoali tabeng ea ho hōlisa bana ba bona? (Baahl. 13:8; Pes. 127:3; Baef. 6:4)

  2. Bala Baahloli 14:5-9 le 15:9-16.

    1. Tlaleho ea hore Samsone o ile a bolaea tau, a khaola liropo tse ncha tseo a neng a tlanngoe ka tsona le ea hore o ile a sebelisa lesapo la esele e tona la mohlahare ho bolaea banna ba 1 000 e senola eng ka ho sebetsa ha moea oa Jehova o halalelang?

    2. Moea o halalelang o re thusa joang kajeno? (Baahl. 14:6; 15:14; Zak. 4:6; Lik. 4:31)

  3. Bala Baahloli 16:18-31.

    Litloaelano tse mpe li ile tsa ama Samsone joang, hona re ka ithuta eng ho see? (Baahl. 16:18, 19; 1 Bakor. 15:33)

Pale ea 55

Moshanyana o Sebeletsa Molimo

  1. Lebitso la moshanyana ea setšoantšong moo ke mang, hona batho bao ba bang ke bo-mang?

  2. Anna o ile a etsa thapelo efe ka letsatsi le leng ha a etetse tabernakeleng ea Jehova, hona Jehova a mo arabela joang?

  3. Samuele o lilemo li kae ha a isoa tenteng ea Jehova hore a e’o sebeletsa teng, hona ’mè oa hae o mo etsetsa’ng selemo le selemo?

  4. Mabitso a bara ba Eli ke bo-mang, hona ke batho ba mofuta ofe?

  5. Jehova o bitsa Samuele joang, hona O mo fa molaetsa ofe?

  6. Samuele e ba eng ha a se a hōlile, hona ho etsahala’ng ha a tsofala?

Lipotso tse ling:

  1. Bala 1 Samuele 1:1-28.

    1. Elkana ke mohlala o motle joang ho lihlooho tsa malapa tabeng ea ho etella pele borapeling ba ’nete? (1 Sam. 1:3, 21; Mat. 6:33; Bafil. 1:10)

    2. Re ka ithuta eng mohlaleng oa Anna ha re sebetsana le bothata bo rarahaneng? (1 Sam. 1:10, 11; Pes. 55:22; Bar. 12:12)

  2. Bala 1 Samuele 2:11-36.

    Eli o ile a hlompha bara ba hae ho feta ho hlompha Jehova joang, hona see ke temoso joang ho rōna? (1 Sam. 2:22-24, 27, 29; Deut. 21:18-21; Mat. 10:36, 37)

  3. Bala 1 Samuele 4:16-18.

    Ke litlaleho life tse ’nè tse bohloko tse tlang le molaetsa o reng ho hobe moleng oa ntoa, hona li ama Eli joang?

  4. Bala 1 Samuele 8:4-9.

    Iseraele e ile ea siteloa Jehova ka ho tebileng joang, hona re ka tšehetsa ’Muso oa hae ka botšepehi joang kajeno? (1 Sam. 8:5, 7; Joh. 17:16; Jak. 4:4)

Pale ea 56

Saule—Morena oa Pele oa Iseraele

  1. Moo setšoantšong, Samuele o etsa’ng, hona hobane’ng?

  2. Ke hobane’ng ha Jehova a rata Saule, hona ke motho oa mofuta ofe?

  3. Lebitso la mora oa Saule ke mang, hona mora eo o etsa’ng?

  4. Ke hobane’ng ha Saule a etsa sehlabelo ho e-na le hore a emele Samuele?

  5. Re ka ithuta eng tlalehong e buang ka Saule?

Lipotso tse ling:

  1. Bala 1 Samuele 9:15-21 le 10:17-27.

    Ho ikokobetsa ha Saule ho ile ha mo thusa joang hore a qobe ho etsa lintho ka lepotlapotla ha banna ba bang ba bua ka eena ka tsela e se nang tlhompho? (1 Sam. 9:21; 10:21, 22, 27; Liprov. 17:27)

  2. Bala 1 Samuele 13:5-14.

    Saule o ile a etsa sebe sefe Gilgale? (1 Sam. 10:8; 13:8, 9, 13)

  3. Bala 1 Samuele 15:1-35.

    1. Saule o ile a etsa sebe sefe se tebileng ka Agage, morena oa Baamaleke? (1 Sam. 15:2, 3, 8, 9, 22)

    2. Saule o ile a leka ho lokafatsa seo a se entseng joang le ho beha ba bang molato? (1 Sam. 15:24)

    3. Re lokela ho ela hloko temoso efe kajeno ha re eletsoa? (1 Sam. 15:19-21; Pes. 141:5; Liprov. 9:8, 9; 11:2)

Pale ea 57

Molimo o Khetha Davida

  1. Lebitso la moshemane ea moo setšoantšong ke mang, hona re tseba joang hore o sebete?

  2. Davida o lula hokae, hona ntate oa hae ke mang le ntate-moholo oa hae ke mang?

  3. Ke hobane’ng ha Jehova a re Samuele a ee tlung ea Jese, Bethlehema?

  4. Ho etsahala’ng ha Jese a tlisa bara ba hae ba supileng ho Samuele?

  5. Ha ho tlisoa Davida, Jehova o re’ng ho Samuele?

Lipotso tse ling:

  1. Bala 1 Samuele 17:34, 35.

    Liketsahalo tsee li totobatsa joang hore Davida o sebete le hore o tšepile Jehova? (1 Sam. 17:37)

  2. Bala 1 Samuele 16:1-14.

    1. Mantsoe a Jehova a ho 1 Samuele 16:7 a re thusa joang hore re se be leeme le hore re qobe ho ahlola batho ka ponahalo ea ka ntle? (Lik. 10:34, 35; 1 Tim. 2:4)

    2. Mohlala oa Saule o bontša joang hore ha Jehova a tlosa moea oa hae o halalelang ho motho, sekheo seo se ka koaloa ke moea o mobe, kapa tšusumetso e ka hare ho motho ea ho etsa se fosahetseng? (1 Sam. 16:14; Mat. 12:43-45; Bagal. 5:16)

Pale ea 58

Davida le Goliathe

  1. Goliathe o sokela lebotho la Baiseraele ka ho re’ng?

  2. Goliathe o mokae ka boholo, hona Morena Saule o tšepisa motho ea tla bolaea Goliathe moputso ofe?

  3. Davida o re’ng ha Saule a mo bolella hore a ke ke a loantša Goliathe hobane Davida e sa le moshemane?

  4. Davida o bontša joang hore o tšepile Jehova ha a arabela Goliathe?

  5. Joalokaha u ka bona moo setšoantšong, Davida o bolaea Goliathe ka eng, hona ho etsahala’ng ka Bafilista ka mor’a moo?

Lipotso tse ling:

  1. Bala 1 Samuele 17:1-54.

    1. Lekunutu la hore ebe Davida o ne a se na tšabo e ne e le lefe, hona re ka etsisa sebete sa hae joang? (1 Sam. 17:37, 45; Baef. 6:10, 11)

    2. Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho qoba moea oa tlhōlisano o kang oa Goliathe ha ba bapala kapa ba ithabisa? (1 Sam. 17:8; Bagal. 5:26; 1 Tim. 4:8)

    3. Mantsoe a Davida a bontša joang hore o ne a lumela hore Molimo o mo tšehelitse? (1 Sam. 17:45-47; 2 Likron. 20:15)

    4. Ho e-na le ho hlalosa ntoa ena e le pakeng tsa mabotho a mabeli a loantšanang, tlaleho ee e bontša joang hore ha e le hantle ntoa eo e ne e le pakeng tsa melimo ea bohata le Molimo oa ’nete, Jehova? (1 Sam. 17:43, 46, 47)

    5. Masala a batlotsuoa a etsisa mohlala oa Davida joang ka ho tšepa Jehova? (1 Sam. 17:37; Jer. 1:17-19; Tšen. 12:17)

Pale ea 59

Lebaka le Etsang Hore Davida a Tlamehe ho Baleha

  1. Ke hobane’ng ha Saule a shoela Davida mōna, empa mora oa Saule, Jonathane, eena o fapane joang le Saule?

  2. Ho etsahala’ng ka letsatsi le leng ha Davida a ntse a letsetsa Saule harepa?

  3. Saule o re Davida o lokela ho etsa’ng pele a ka nka morali oa hae Mikale hore e be mosali oa hae, hona ke hobane’ng ha Saule a bua joalo?

  4. Joalokaha setšoantšo seo se bontša, ho etsahala’ng ka lekhetlo la boraro ha Davida a ntse a letsetsa Saule harepa?

  5. Mikale o thusa ho pholosa Davida joang, hona ka mor’a moo Davida o qeta lilemo tse supileng a ntse a etsa’ng?

Lipotso tse ling:

  1. Bala 1 Samuele 18:1-30.

    1. Lerato le tiileng leo Jonathane a neng a rata Davida ka lona le ne le tšoantšetsa joang lerato leo ba “linku tse ling” le ba “mohlatsoana” ba ratanang ka lona? (1 Sam. 18:1; Joh. 10:16; Luka 12:32; Zak. 8:23)

    2. Kaha Jonathane e ne e tla ba mojalefa oa Saule, 1 Samuele 18:4 e bontša joang hore Jonathane o ne a ikokobelletsa morena ea khethiloeng ka boikokobetso bo ikhethang?

    3. Mohlala oa Saule o bontša joang hore mōna o ka lebisa sebeng se tebileng, hona o re lemosa eng? (1 Sam. 18:7-9, 25; Jak. 3:14-16)

  2. Bala 1 Samuele 19:1-17.

    Jonathane o ile a ipeha kotsing joang ha a ne a tobana le Saule? (1 Sam. 19:1, 4-6; Liprov. 16:14)

Pale ea 60

Abigaile le Davida

  1. Lebitso la mosali ea tlil’o kopana le Davida setšoantšong moo ke mang, hona ke motho oa mofuta ofe?

  2. Nabale ke mang?

  3. Ke hobane’ng ha Davida a roma banna ba bang ba hae ho ea kōpa mohau ho Nabale?

  4. Nabale o re’ng ho banna ba Davida, hona Davida o etsa’ng?

  5. Abigaile o bontša joang hore ke mosali ea bohlale?

Lipotso tse ling:

  1. Bala 1 Samuele 22:1-4.

    Lelapa la Davida le ile la beha mohlala ofe o motle o bontšang kamoo re ka tšehetsanang kateng ka mokhatlong oa bara ba motho oa Bokreste? (Liprov. 17:17; 1 Thess. 5:14)

  2. Bala 1 Samuele 25:1-43.

    1. Ke hobane’ng ha Nabale a hlalosoa hampe hakaale? (1 Sam. 25:2-5, 10, 14, 21, 25)

    2. Basali ba Bakreste kajeno ba ka ithuta eng mohlaleng oa Abigaile? (1 Sam. 25:32, 33; Liprov. 31:26; Baef. 5:24)

    3. Abigaile o ile a thibela Davida ho etsa lintho life tse peli tse mpe? (1 Sam. 25:31, 33; Bar. 12:19; Baef. 4:26)

    4. Tsela eo Davida a arabelang ka eona ha Abigaile a bua e thusa banna joang kajeno hore ba be le pono e kang eo Jehova a nang le eona ka basali? (Lik. 21:8, 9; Bar. 2:11; 1 Pet. 3:7)

Pale ea 61

Davida o Etsoa Morena

  1. Davida le Abishai ba ile ba etsa’ng ha Saule a ntse a robetse ka tenteng ea hae?

  2. Davida o botsa Saule lipotso life?

  3. Davida o ea hokae ha a qeta ho tloha ho Saule?

  4. Ke’ng se utloisang Davida bohloko haholo, hoo a bileng a qapang pina e monate?

  5. Davida o lilemo li kae ha a etsoa morena Hebrone, hona mabitso a bara ba bang ba hae ke bo-mang?

  6. Hamorao Davida o busa e le morena hokae?

Lipotso tse ling:

  1. Bala 1 Samuele 26:1-25.

    1. Mantsoe a Davida a tlalehiloeng ho 1 Samuele 26:11 a senola boikutlo bofe ka taolo ea puso ea Molimo? (Pes. 37:7; Bar. 13:2)

    2. Mantsoe a Davida a ho 1 Samuele 26:23 a ka re thusa joang hore re lule re e-na le pono e loketseng haeba re leka ka matla ho bontša mosa o lerato empa seo re se etsang se sa ananeloe? (1 Mar. 8:32; Pes. 18:20)

  2. Bala 2 Samuele 1:26.

    Kajeno Bakreste ba ka hlaolela ho ba le “lerato le matla haholo” e mong ho e mong joaloka Davida le Jonathane joang? (1 Pet. 4:8; Bakol. 3:14; 1 Joh. 4:12)

  3. Bala 2 Samuele 5:1-10.

    1. Davida o busitse e le morena ka lilemo tse kae, hona nako ee e arotsoe joang? (2 Sam. 5:4, 5)

    2. Boholo ba Davida bo amahanngoa le eng, hona seo e lokela ho ba khopotso joang ho rōna kajeno? (2 Sam. 5:10; 1 Sam. 16:13; 1 Bakor. 1:31; Bafil. 4:13)

Pale ea 62

Khathatso ka Tlung ea Davida

  1. Qetellong ho etsahala’ng ka naha ea Kanana, ka thuso ea Jehova?

  2. Ho etsahala’ng mantsiboeeng a mang ha Davida a le marulelong a ntlo ea hae ea borena?

  3. Ke hobane’ng ha Jehova a halefetse Davida haholo?

  4. Moo setšoantšong, Jehova o roma mang ho Davida ho ea mo bolella libe tsa hae, hona motho eo o re Davida o tla hlaheloa ke’ng?

  5. Davida o tleloa ke khathatso efe?

  6. Morena oa Iseraele ea hlahlamang Davida ke mang?

Lipotso tse ling:

  1. Bala 2 Samuele 11:1-27.

    1. Ho lula re phathahane tšebeletsong ea Jehova ho re sireletsa joang?

    2. Davida o ile a hoheloa joang hore a oele sebeng, hona seo ke temoso joang ho bahlanka ba Jehova kajeno? (2 Sam. 11:2; Mat. 5:27-29; 1 Bakor. 10:12; Jak. 1:14, 15)

  2. Bala 2 Samuele 12:1-18.

    1. Baholo le batsoali ba ka ithuta eng tseleng eo Nathane a ileng a atamela Davida ka eona ho mo fa keletso? (2 Sam. 12:1-4; Liprov. 12:18; Mat. 13:34)

    2. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a bontša Davida mohau? (2 Sam. 12:13; Pes. 32:5; 2 Bakor. 7:9, 10)

Pale ea 63

Solomone Morena ea Bohlale

  1. Jehova o botsa Solomone eng, hona eena o arabela ka ho re’ng?

  2. Kaha Jehova o thabela kōpo ea Solomone, o tšepisa ho mo neha eng?

  3. Basali ba babeli ba tlisa bothata bofe bo boima ho Solomone?

  4. Joalokaha u bona setšoantšong moo, Solomone o rarolla bothata boo joang?

  5. Puso ea Solomone e joang, hona hobane’ng?

Lipotso tse ling:

  1. Bala 1 Marena 3:3-28.

    1. Banna ba fuoeng boikarabelo ka mokhatlong oa Molimo o hlophisitsoeng kajeno ba ka ithuta eng mantsoeng a Solomone a tsoang botebong ba pelo a ho 1 Marena 3:7? (Pes. 119:105; Liprov. 3:5, 6)

    2. Seo Solomone a se kōpang ke mohlala o motle joang oa lintho tse loketseng tseo re ka li rapellang? (1 Mar. 3:9, 11; Liprov. 30:8, 9; 1 Joh. 5:14)

    3. Tsela eo ka eona Solomone a ileng a rarolla qabang ea basali bao ba babeli e re fa tšepo efe ka bobusi ba nakong e tlang ba Solomone e Moholo, Jesu Kreste? (1 Mar. 3:28; Isa. 9:6, 7; 11:2-4)

  2. Bala 1 Marena 4:29-34.

    1. Jehova o ile a arabela kōpo ea Solomone joang ea hore a be le pelo e mamelang? (1 Mar. 4:29)

    2. Ha re nahana ka boiteko boo batho ba neng ba bo etsa e le hore ba mamele bohlale ba Solomone, re lokela ho ikutloa joang ka ho ithuta Lentsoe la Molimo? (1 Mar. 4:29, 34; Joh. 17:3; 2 Tim. 3:16)

Pale ea 64

Solomone o Haha Tempele

  1. Solomone o nka nako e kae hore a qete ho haha tempele ea Jehova, hona ke hobane’ng ha e bitsa chelete e ngata haholo?

  2. Ho na le likamore tse kae tse khōlō ka tempeleng, hona ho behiloe eng ka kamoreng e ka hare?

  3. Solomone o re’ng ha a rapela ha ho qetoa tempele?

  4. Jehova o bontša joang hore o khahloa ke thapelo ea Solomone?

  5. Basali ba Solomone ba mo susumelletsa hore a etse’ng, hona ho etsahala’ng ka Solomone?

  6. Ke hobane’ng ha Jehova a halefetse Solomone, hona Jehova o re’ng ho eena?

Lipotso tse ling:

  1. Bala 1 Likronike 28:9, 10.

    Ha re nahana ka mantsoe a Davida a ho 1 Likronike 28:9, 10, re lokela ho ikitlaelletsa ho etsa’ng bophelong ba letsatsi le letsatsi? (Pes. 19:14; Bafil. 4:8, 9)

  2. Bala 2 Likronike 6:12-21, 32-42.

    1. Solomone o ile a bontša joang hore ha ho na mohaho o entsoeng ke motho o ka lekanang Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa? (2 Likron. 6:18; Lik. 17:24, 25)

    2. Mantsoe a Solomone a ho 2 Likronike 6:32, 33 a bontša eng ka Jehova? (Lik. 10:34, 35; Bagal. 2:6)

  3. Bala 2 Likronike 7:1-5.

    Feela joalokaha bana ba Iseraele ba ile ba susumelletseha ho rorisa Jehova ha ba bona khanya ea hae, rōna kajeno re lokela ho ikutloa joang ha re nahana ka tlhohonolofatso ea Jehova ho batho ba hae? (2 Likron. 7:3; Pes. 22:22; 34:1; 96:2)

  4. Bala 1 Marena 11:9-13.

    Tsela eo Solomone a phetseng ka eona e bontša joang bohlokoa ba ho lula re tšepahala ho isa qetellong? (1 Mar. 11:4, 9; Mat. 10:22; Tšen. 2:10)

Pale ea 65

’Muso oa Aroloa

  1. Banna ba babeli ba setšoantšong moo ke bo-mang, hona u ka ba hlalosa joang?

  2. Akija o etsa’ng ka seaparo seo a se apereng, hona seo se bolela’ng?

  3. Solomone o leka ho etsa’ng ka Jeroboame?

  4. Ke hobane’ng ha batho ba etsa Jeroboame morena oa meloko e leshome?

  5. Ke hobane’ng ha Jeroboame a etsa manamane a mabeli a khauta, hona ho etsahala’ng naheng nakoana ka mor’a moo?

  6. Ho etsahala’ng ka ’muso oa meloko e ’meli le tempele ea Jehova e Jerusalema?

Lipotso tse ling:

  1. Bala 1 Marena 11:26-43.

    Jeroboame e ne e le motho oa mofuta ofe, hona Jehova o ile a mo tšepisa eng haeba a ne a ka boloka melao ea Molimo? (1 Mar. 11:28, 38)

  2. Bala 1 Marena 12:1-33.

    1. Batsoali le baholo ba ka ithuta eng mohlaleng o mobe oa Roboame mabapi le ho sebelisa matla a ho laela hampe? (1 Mar. 12:13; Moek. 7:7; 1 Pet. 5:2, 3)

    2. Bacha ba lokela ho retelehela ho mang kajeno hore ba fumane tataiso e tšepahalang ha ba etsa liqeto tse tebileng bophelong? (1 Mar. 12:6, 7; Liprov. 1:8, 9; 2 Tim. 3:16, 17; Baheb. 13:7)

    3. Ke eng e ileng ea susumelletsa Jeroboame ho etsa litsi tse peli tsa borapeli ba namane, hona see se ile sa bontša joang hore o ne a hlile a haelloa ke tumelo ho Jehova? (1 Mar. 11:37; 12:26-28)

    4. Ke mang eo e ileng ea e-ba moeta-pele oa batho ’musong oa meloko e leshome ha ba fetohela borapeli ba ’nete? (1 Mar. 12:32, 33)

Pale ea 66

Jezebele—Mofumahali ea Khopo

  1. Jezebele ke mang?

  2. Ke hobane’ng ha ka letsatsi le leng Morena Akabe a utloile bohloko?

  3. Jezebele o etsa’ng hore a fumanele monna oa hae Akabe, tšimo ea morara ea Nabothe?

  4. Jehova o roma mang ho ea otla Jezebele?

  5. Joalokaha u ka bona moo setšoantšong, ho etsahala’ng ha Jehu a fihla tlung ea borena ea Jezebele?

Lipotso tse ling:

  1. Bala 1 Marena 16:29-33 le 18:3, 4.

    Maemo a ne a le mabe hakae Iseraele nakong ea Morena Akabe? (1 Mar. 14:9)

  2. Bala 1 Marena 21:1-16.

    1. Nabothe o ile a bontša joang hore o sebete le hore oa tšepahala ho Jehova? (1 Mar. 21:1-3; Lev. 25:23-28)

    2. Re ka ithuta eng mohlaleng oa Akabe tabeng ea ho sebetsana le ho soetseha? (1 Mar. 21:4; Bar. 5:3-5)

  3. Bala 2 Marena 9:30-37.

    Re ka ithuta eng ka cheseho ea Jehu tabeng ea ho etsa thato ea Jehova? (2 Mar. 9:4-10; 2 Bakor. 9:1, 2; 2 Tim. 4:2)

Pale ea 67

Josafate o Tšepa Jehova

  1. Josafate ke mang, hona o phela nakong efe?

  2. Ke hobane’ng ha Baiseraele ba tšohile, hona ba bangata ba bona ba etsa’ng?

  3. Jehova o arabela thapelo ea Josafate joang?

  4. Jehova o etsa hore ho etsahale’ng pele ho ntoa?

  5. Re ka ithuta eng ho Josafate?

Lipotso tse ling:

  1. Bala 2 Likronike 20:1-30.

    1. Josafate o ile a etsa’ng ho bontša seo bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba lokelang ho se etsa ha ba le maemong a tšosang? (2 Likron. 20:12; Pes. 25:15; 62:1)

    2. Kaha kamehla Jehova o ’nile a sebelisa mocha o itseng oa puisano ha a sebelisana le batho ba hae, o sebelisa mocha ofe kajeno? (2 Likron. 20:14, 15; Mat. 24:45-47; Joh. 15:15)

    3. Ha Molimo a tlisa ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle,’ boemo ba rōna bo tla tšoana joang le ba Josafate? (2 Likron. 20:15, 17; 32:8; Tšen. 16:14, 16)

    4. Ho tšoana le Balevi, bo-pula-maliboho le baromuoa ba tlatsetsa joang mosebetsing oa boboleli lefatšeng ka bophara kajeno? (2 Likron. 20:19 21; Bar. 10:13-15; 2 Tim. 4:2)

Pale ea 68

Bashemane ba Babeli ba Phelang Hape

  1. Ke bo-mang batho bao ba bararo ba setšoantšong, hona ho etsahala’ng ka moshemane eo?

  2. Elia o rapella eng mabapi le moshemane eo, hona ho etsahala’ng ka mor’a moo?

  3. Lebitso la mothusi oa Elia ke mang?

  4. Ke hobane’ng ha Elisha a bitsetsoa lelapeng la mosali oa Shuneme?

  5. Elisha o etsa’ng, hona ho etsahala’ng ka ngoana ea shoeleng?

  6. Jehova o na le matla a ho etsa’ng, joalokaha a bonahalitsoe ka Elia le Elisha?

Lipotso tse ling:

  1. Bala 1 Marena 17:8-24.

    1. Ho mamela ha Elia le tumelo ea hae li ile tsa lekoa joang? (1 Mar. 17:9; 19:1-4, 10)

    2. Ke hobane’ng ha tumelo ea mohlolohali oa Sarepta e bile e ikhethang? (1 Mar. 17:12-16; Luka 4:25, 26)

    3. Phihlelo ea mohlolohali oa Sarepta e tiisa bonnete ba mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Matheu 10:41, 42 joang? (1 Mar. 17:10-12, 17, 23, 24)

  2. Bala 2 Marena 4:8-37.

    1. Mosali oa Shuneme o re ruta eng ntlheng ea ho amohela baeti ka mofuthu? (2 Mar. 4:8; Luka 6:38; Bar. 12:13; 1 Joh. 3:17)

    2. Re ka bontša bahlanka ba Molimo mosa ka litsela life kajeno? (Lik. 20:35; 28:1, 2; Bagal. 6:9, 10; Baheb. 6:10)

Pale ea 69

Ngoanana o Thusa Monna ea Matla

  1. Moo setšoantšong, ngoananyana eo o re’ng ho mosali eo?

  2. Mosali ea setšoantšong ke mang, hona ngoananyana eo o etsa’ng ha mosali eo?

  3. Elisha o laela mohlanka oa hae hore a re’ng ho Naamane, hona ke hobane’ng ha Naamane a halefa?

  4. Ho etsahala’ng ha Naamane a mamela bahlanka ba hae?

  5. Ke hobane’ng ha Elisha a hana mpho ea Naamane, empa Gehazi eena o etsa’ng?

  6. Ho etsahala’ng ka Gehazi, hona re ka ithuta eng ho see?

Lipotso tse ling:

  1. Bala 2 Marena 5:1-27.

    1. Mohlala oa ngoananyana oa Moiseraele o ka khothatsa bacha joang kajeno? (2 Mar. 5:3; Pes. 8:2; 148:12, 13)

    2. Ke hobane’ng ha re lokela ho hopola mohlala oa Naamane ha re eletsoa ka Mangolo? (2 Mar. 5:15; Baheb. 12:5, 6; Jak. 4:6)

    3. Re ka ithuta eng ha re bapisa mohlala oa Elisha le oa Gehazi? (2 Mar. 5:9, 10, 14-16, 20; Mat. 10:8; Lik. 5:1-5; 2 Bakor. 2:17)

Pale ea 70

Jonase le Tlhapi e Khōlō

  1. Jonase ke mang, hona Jehova o re a etse’ng?

  2. Jonase o etsa’ng kaha ha a batle ho ea moo Jehova a reng a ee teng?

  3. Jonase o re basesisi ba sekepe ba etse’ng e le hore moea o matla o emise?

  4. Joalokaha u bona moo setšoantšong, ho etsahala’ng ha Jonase a teba ka metsing?

  5. Jonase o qeta nako e kae a le ka mpeng ea tlhapi e khōlō, hona o etsa’ng ha a le moo?

  6. Jonase o ea hokae ha a tsoa ka mpeng ea tlhapi e khōlō, hona see se re ruta eng?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Jonase 1:1-17.

    Kamoo ho bonahalang kateng, Jonase o ne a ikutloa joang ka kabelo eo a e filoeng ea ho pakela batho ba Ninive? (Jon. 1:2, 3; Liprov. 3:7; Moek. 8:12)

  2. Bala Jonase 2:1, 2, 10.

    Phihlelo ea Jonase e re kholisa joang hore Jehova o tla araba lithapelo tsa rōna? (Pes. 22:24; 34:6; 1 Joh. 5:14)

  3. Bala Jonase 3:1-10.

    1. Taba ea hore Jehova o ile a ’na a sebelisa Jonase le hoja qalong a ne a hlōlehile ho phethahatsa kabelo ea hae e re khothatsa joang? (Pes. 103:14; 1 Pet. 5:10)

    2. Seo Jonase a ileng a se lemoha ka batho ba Ninive se re ruta eng ka ho ahlola batho esale pele tšimong ea rōna? (Jon. 3:6-9; Moek. 11:6; Lik. 13:48)

Pale ea 71

Molimo o Tšepisa Paradeise

  1. Esaia e ne e le mang, o phetse neng, hona Jehova o ile a mo bontša eng?

  2. Lentsoe “paradeise” le bolela’ng, hona le u hopotsa eng?

  3. Jehova o ile a re Esaia a ngole eng ka Paradeise e ncha?

  4. Ke hobane’ng ha Adama le Eva ba ile ba lahleheloa ke lehae la bona le letle?

  5. Jehova o tšepisa ba mo ratang eng?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Esaia 11:6-9.

    1. Lentsoe la Molimo le hlalosa khotso e tla ba teng mahareng a liphoofolo le batho lefatšeng le lecha joang? (Pes. 148:10, 13; Esa. 65:25; Ezek. 34:25)

    2. Mantsoe a Esaia a phethahala joang ka tsela ea moea har’a batho ba Jehova kajeno? (Bar. 12:2; Baef. 4:23, 24)

    3. Ke mang ea lokelang ho tlotlisoa ka ho fetola botho ba batho hona joale le lefatšeng le lecha? (Esa. 48:17, 18; Bagal. 5:22, 23; Bafil. 4:7)

  2. Bala Tšenolo 21:3, 4.

    1. Mangolo a bontša joang hore taba ea hore Molimo o lula le batho e bolela hore o teng lefatšeng ka tsela ea tšoantšetso, eseng ka seqo? (Lev. 26:11, 12; 2 Likron. 6:18; Esa. 66:1; Tšen. 21:2, 3, 22-24)

    2. Ke meokho efe le bohloko bofe tse tla felisoa? (Luka 8:49-52; Bar. 8:21, 22; Tšen. 21:4)

Pale ea 72

Molimo o Thusa Morena Ezekiase

  1. Monna ea moo setšoantšong ke mang, hona ke hobane’ng ha a le tsietsing e khōlō?

  2. Ke mangolo afe ao Ezekiase a a behileng ka pel’a Molimo, hona Ezekiase o rapella eng?

  3. Ezekiase ke morena ea joang, hona Jehova o mo romela molaetsa ofe ka moprofeta Esaia?

  4. Lengeloi la Jehova le etsa’ng ka Baassyria, joalokaha ho bontšitsoe setšoantšong moo?

  5. Le hoja ’muso oa meloko e ’meli o lula ka khotso ka nakoana, ho etsahala’ng ka mor’a lefu la Ezekiase?

Lipotso tse ling:

  1. Bala 2 Marena 18:1-36.

    1. ’Muelli oa Baassyria Rabshake o ile a leka ho fokolisa tumelo ea Baiseraele joang? (2 Mar. 18:19, 21; Ex. 5:2; Pes. 64:3)

    2. Lipaki Tsa Jehova li etsisa mohlala oa Ezekiase joang ha li sebetsana le bahanyetsi? (2 Mar. 18:36; Pes. 39:1; Liprov. 26:4; 2 Tim. 2:24)

  2. Bala 2 Marena 19:1-37.

    1. Batho ba Jehova kajeno ba etsisa Ezekiase joang linakong tsa tsieleho? (2 Mar. 19:1, 2; Liprov. 3:5, 6; Baheb. 10:24, 25; Jak. 5:14, 15)

    2. Morena Sankeribe o ile a hlōloa ka makhetlo afe a mararo, hona o tšoantšetsa mang ka tsela ea boprofeta? (2 Mar. 19:32, 35, 37; Tšen. 20:2, 3)

  3. Bala 2 Marena 21:1-6, 16.

    Ke hobane’ng ha ho ka thoe Manase e bile e mong oa marena a khopo ka ho fetisisa a kileng a busa Jerusalema? (2 Likron. 33:4-6, 9)

Pale ea 73

Morena oa ho Qetela ea Molemo oa Iseraele

  1. Josiase o lilemo li kae ha e e-ba morena, hona o qala ho etsa’ng ka mor’a lilemo tse supileng e le morena?

  2. U bona Josiase a etsa’ng moo setšoantšong se qalang?

  3. Moprista ea phahameng o fumana eng ha banna ba ntse ba lokisa tempele?

  4. Ke hobane’ng ha Josiase a tabola liaparo tsa hae?

  5. Moprofeta oa mosali Hulda o fa Josiase molaetsa ofe o tsoang ho Jehova?

Lipotso tse ling:

  1. Bala 2 Likronike 34:1-28.

    1. Josiase ke mohlala joang ho bao e ka ’nang eaba ba ile ba tlameha ho hōla ka thata bongoaneng? (2 Likron. 33:21-25; 34:1, 2; Pes. 27:10)

    2. Josiase o ile a nka mehato efe ea bohlokoa ho ntšetsa borapeli ba ’nete pele selemong sa bo8, sa bo12 le sa bo18 sa puso ea hae? (2 Likron. 34:3, 8)

    3. Re ka ithuta eng mohlaleng oa Morena Josiase le Moprista ea Phahameng Hilkia tabeng ea ho hlokomela libaka tsa rōna tsa borapeli? (2 Likron. 34:9-13; Liprov. 11:14; 1 Bakor. 10:31)

Pale ea 74

Monna ea sa Tšabeng

  1. Mohlankana ea moo setšoantšong ke mang?

  2. Jeremia o nahana’ng ka taba ea ho ba moprofeta, empa Jehova o re’ng ho eena?

  3. Jeremia o lula a bolella batho molaetsa ofe?

  4. Baprista ba leka ho etsa’ng ho emisa Jeremia, empa o bontša joang hore ha a tšabe?

  5. Ho etsahala’ng ha Baiseraele ba sa fetole litsela tsa bona tse mpe?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Jeremia 1:1-8.

    1. Joalokaha mohlala oa Jeremia o bontša, ke’ng se etsang hore motho a tšoanelehele ho sebeletsa Jehova? (2 Bakor. 3:5, 6)

    2. Mohlala oa Jeremia o khothatsa bacha ba Bakreste joang kajeno? (Moek. 12:1; 1 Tim. 4:12)

  2. Bala Jeremia 10:1-5.

    Jeremia o sebelisa papiso efe e matla ho bontša booatla ba ho tšepa melimo ea litšoantšo? (Jer. 10:5; Esa. 46:7; Hab. 2:19)

  3. Bala Jeremia 26:1-16.

    1. Ha masala a batlotsuoa a phatlalatsa molaetsa oa temoso kajeno, a nkile ka ho teba joang taelo eo Jehova a ileng a e fa Jeremia ea hore a ‘se ke a fokotsa lentsoe leha le le leng’? (Jer. 26:2; Deut. 4:2; Lik. 20:27)

    2. Jeremia ke mohlala o motle joang ho Lipaki Tsa Jehova kajeno ha li phatlalatsa temoso ea Jehova lichabeng? (Jer. 26:8, 12, 14, 15; 2 Tim. 4:1-5)

  4. Bala 2 Marena 24:1-17.

    Ke liphello life tse bohloko tse tlisitsoeng ke ho se tšepahale ha Juda ho Jehova? (2 Mar. 24:2-4, 14)

Pale ea 75

Bashemane ba Bane Babylona

  1. Bashemane ba bane ba setšoantšong moo ke bo-mang, hona ke hobane’ng ha ba le Babylona?

  2. Nebukadnezare o rera ho etsa’ng ka bashemane bao ba bane, hona o laela bahlanka ba hae hore ba etse’ng?

  3. Daniele o ikōpela eng eena le metsoalle ea hae e meraro tabeng ea lijo le lino?

  4. Ka mor’a hore Daniele le metsoalle ea hae e meraro ba je meroho ka matsatsi a leshome, ba shebahala joang ha ba bapisoa le bahlankana ba bang?

  5. Ho tlile joang hore Daniele le metsoalle ea hae e meraro ba ee tlung ea borena, hona ba feta baprista le banna ba bohlale ka tsela efe?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Daniele 1:1-21.

    1. Re lokela ho etsa boiteko bofe haeba re batla ho hanela liteko le ho hlōla mefokolo e itseng? (Dan. 1:8; Gen. 39:7, 10; Bagal. 6:9)

    2. Bacha kajeno ba ka ’na ba lekoa kapa ba susumetsoa ka litsela life hore ba kenelle linthong tseo ba bang ba nkang hore ke “limenyemenye”? (Dan. 1:8; Liprov. 20:1; 2 Bakor. 6:17–7:1)

    3. Tlaleho ea Bibele ea bacha ba bane ba Baheberu e re thusa ho utloisisa eng tabeng ea ho ithuta lintho tsa lefatše? (Dan. 1:20; Esa. 54:13; 1 Bakor. 3:18-20)

Pale ea 76

Jerusalema ea Timetsoa

  1. Ho etsahala’ng ka Jerusalema le Baiseraele moo setšoantšong?

  2. Ezekiele ke mang, hona Jehova o mo bontša lintho life tse tšabehang?

  3. Kaha Baiseraele ba tella Jehova, o tšepisa hore ho tla etsahala’ng?

  4. Morena Nebukadnezare o etsa’ng ka mor’a hore Baiseraele ba mo fetohele?

  5. Ke hobane’ng ha Jehova a lumella Baiseraele hore ba timetsoe ka tsela e tšabehang hakaale?

  6. Naha ea Iseraele e sala e se na batho ka tsela efe, hona ka nako e telele hakae?

Lipotso tse ling:

  1. Bala 2 Marena 25:1-26.

    1. Tsedekia e ne e le mang, ho ile ha etsahala’ng ka eena, hona seo se ile sa phethahatsa boprofeta ba Bibele joang? (2 Mar. 25:5-7; Ezek. 12:13-15)

    2. Ke bo-mang bao Jehova a ileng a ba nka ba ikarabella ka ho se tšepahale hohle ho neng ho etsoa Iseraele? (2 Mar. 25:9, 11, 12, 18, 19; 2 Likron. 36:14, 17)

  2. Bala Ezekiele 8:1-18.

    Bokreste-’mōtoana bo etsisitse bakoenehi ba Baiseraele ba neng ba rapela letsatsi joang? (Ezek. 8:16; Esa. 5:20, 21; Joh. 3:19-21; 2 Tim. 4:3)

Pale ea 77

Ba Hana ho Inama

  1. Nebukadnezare, morena oa Babylona, o laetse batho hore ba etse’ng?

  2. Ke hobane’ng ha metsoalle ea Daniele e meraro e hana ho inamela setšoantšo sa khauta?

  3. Baheberu ba bararo ba bontša joang hore ba tšepile Jehova ha Nebukadnezare a ba neha monyetla o mong oa hore ba iname?

  4. Nebukadnezare o re banna ba hae ba etse’ng ka Shadrake, Meshake le Abednego?

  5. Nebukadnezare o bona eng ha a sheba ka sebōping sa mollo?

  6. Ke hobane’ng ha morena a rorisa Molimo oa Shadrake, Meshake le Abednego, hona ba re behetse mohlala ofe?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Daniele 3:1-30.

    1. Ke boikutlo bofe bo bonahalitsoeng ke bacha ba bararo ba Baheberu boo bahlanka bohle ba Molimo ba lokelang ho bo etsisa ha ba tobana le liteko tsa botšepehi? (Dan. 3:17, 18; Mat. 10:28; Bar. 14:7, 8)

    2. Jehova Molimo o ile a ruta Nebukadnezare thuto efe ea bohlokoa? (Dan. 3:28, 29; 4:34, 35)

Pale ea 78

Mongolo Leboteng

  1. Ho etsahala’ng ha morena oa Babylona a tšoere mokete o moholo ’me a sebelisa lijana tse nkiloeng tempeleng ea Jehova e Jerusalema?

  2. Belshatsare o re’ng ho banna ba hae ba bohlale, empa ba sitoa ho etsa’ng?

  3. ’Mè oa morena o re a etse’ng?

  4. Ho ea ka seo Daniele a se bolellang morena, ke hobane’ng ha Molimo a rometse letsoho hore le ngole leboteng?

  5. Daniele o re’ng ha a hlalosa se boleloang ke mantsoe a leboteng?

  6. Ha Daniele a ntse a bua ho se ho ntse ho etsahala’ng?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Daniele 5:1-31.

    1. Bontša phapang pakeng tsa tšabo ea bomolimo le tšabo e ileng ea tlela Belshatsare ha a bona mongolo leboteng. (Dan. 5:6, 7; Pes. 19:9; Bar. 8:35-39)

    2. Daniele o ile a bontša sebete se seholo joang ha a bua le Belshatsare le matona a hae? (Dan. 5:17, 18, 22, 26-28; Lik. 4:29)

    3. Daniele khaolo ea 5 e totobatsa bobusi ba Jehova ba bokahohleng ka tsela efe? (Dan. 4:17, 25; 5:21)

Pale ea 79

Daniele ka Sekoting sa Litau

  1. Dariuse ke mang, hona o talima Daniele joang?

  2. Batho ba bang ba mōna ba susumelletsa Dariuse hore a etse’ng?

  3. Daniele o etsa’ng ha a utloa ka molao o mocha?

  4. Ke hobane’ng ha Dariuse a ferekane hoo a sitoang ho robala, hona o etsa’ng hoseng ha letsatsi le hlahlamang?

  5. Daniele o araba Dariuse ka ho re’ng?

  6. Ho etsahala’ng ka banna ba babe ba neng ba leka ho bolaea Daniele, hona Dariuse o ngolla batho bohle ba ’musong oa hae ho re’ng?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Daniele 6:1-28.

    1. ’Momori o etsoang khahlanong le Daniele o re hopotsa seo bahanyetsi ba se entseng ho leka ho thibela mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova mehleng ea kajeno joang? (Dan. 6:7; Pes. 94:20; Esa. 10:1; Bar. 8:31)

    2. Bahlanka ba Molimo kajeno ba ka etsisa Daniele joang ka ho tsoela pele ba ikokobelletsa “balaoli ba phahameng”? (Dan. 6:5, 10; Bar. 13:1; Lik. 5:29)

    3. Re ka etsisa mohlala oa Daniele joang oa ho sebeletsa Jehova “ka tiisetso”? (Dan. 6:16, 20; Bafil. 3:16; Tšen. 7:15)

Pale ea 80

Batho ba Molimo ba Tloha Babylona

  1. Joalokaha ho bontšitsoe setšoantšong moo, Baiseraele ba etsa’ng?

  2. Cyruse o ile a phethahatsa joang boprofeta boo Jehova a neng a fane ka bona a sebelisa Esaia?

  3. Cyruse o re’ng ho Baiseraele ba sitoang ho khutlela Jerusalema?

  4. Cyruse o fa Baiseraele eng ha ba khutlela Jerusalema?

  5. Baiseraele ba nka nako e kae ho fihla Jerusalema?

  6. Ho se ho fetile lilemo tse kae esale naha e lutse e se na baahi?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Esaia 44:28 le 45:1-4.

    1. Jehova o ile a totobatsa bonnete ba hore boprofeta bo mabapi le Cyruse bo tla phethahala joang? (Esa. 55:10, 11; Bar. 4:17)

    2. Boprofeta ba Esaia bo mabapi le Cyruse bo bontša eng ka matla a Jehova Molimo a ho bolela bokamoso esale pele? (Esa. 42:9; 45:21; 46:10, 11; 2 Pet. 1:20)

  2. Bala Esdrase 1:1-11.

    Ha re ea ka mohlala oa ba neng ba sa khone ho khutlela Jerusalema, rōna kajeno re ka ‘matlafatsa matsoho’ a ba khonang ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng joang? (Esdr. 1:4, 6; Bar. 12:13; Bakol. 4:12)

Pale ea 81

Ba Tšepile Thuso ea Molimo

  1. Ke batho ba bakae ba nkang leeto le lelelele ha ba tloha Babylona ba khutlela Jerusalema, empa ba fumana eng ha ba fihla?

  2. Baiseraele ba qala ho haha eng ha ba fihla, empa lira tsa bona li etsa’ng?

  3. Hagai le Zakaria ke bo-mang, hona ba re’ng ho batho?

  4. Ke hobane’ng ha Tatenai a romela lengolo Babylona, hona o fumana karabo efe?

  5. Esdrase o etsa’ng ha a utloa hore tempele ea Molimo e hloka ho lokisoa?

  6. Esdrase o rapella eng moo setšoantšong, thapelo eo ea hae e arabeloa joang, hona see se re ruta eng?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Esdrase 3:1-13.

    Haeba re iphumana re le sebakeng seo ho sona ho se nang phutheho ea batho ba Molimo, re lokela ho tsoela pele re etsa’ng? (Esdr. 3:3, 6; Lik. 17:16, 17; Baheb. 13:15)

  2. Bala Esdrase 4:1-7.

    Zorobabele o ile a behela batho ba Jehova mohlala ofe tabeng ea ho kopanya litumelo? (Ex. 34:12; 1 Bakor. 15:33; 2 Bakor. 6:14-17)

  3. Bala Esdrase 5:1-5, 17 le 6:1-22.

    1. Ke hobane’ng ha bahanyetsi ba ile ba sitoa ho emisa mosebetsi oa ho haha tempele? (Esdr. 5:5; Esa. 54:17)

    2. Seo banna ba hōlileng ba Bajuda ba ileng ba se etsa se khothatsa baholo ba Bakreste joang hore ba batle tataiso ea Jehova ha ba tobane le bahanyetsi? (Esdr. 6:14; Pes. 32:8; Bar. 8:31; Jak. 1:5)

  4. Bala Esdrase 8:21-23, 28-36.

    Pele re qalisa ho etsa ntho e itseng, ke mohlala ofe oa Esdrase oo re lokelang ho o etsisa? (Esdr. 8:23; Pes. 127:1; Liprov. 10:22; Jak. 4:13-15)

Pale ea 82

Mordekai le Esthere

  1. Mordekai le Esthere ke bo-mang?

  2. Ke hobane’ng ha Morena Assueruse a batla mosali e mocha, hona o khetha mang?

  3. Hamane ke mang, hona ke’ng e mo halefisang haholo?

  4. Ho etsoa molao ofe, hona Esthere o etsa’ng ha a qeta ho fumana molaetsa o tsoang ho Mordekai?

  5. Ho etsahala’ng ka Hamane, ’me ho etsahala’ng ka Mordekai?

  6. Baiseraele ba pholosoa joang lireng tsa bona?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Esthere 2:12-18.

    Esthere o ile a bontša bohlokoa ba ho hlaolela “moea o thōtseng le o bonolo” joang? (Esth. 2:15; 1 Pet. 3:1-5)

  2. Bala Esthere 4:1-17.

    Feela joalokaha Esthere a ile a fuoa monyetla oa hore a nke khato molemong oa borapeli ba ’nete, re na le monyetla ofe kajeno oa ho bonahatsa boinehelo le botšepehi ba rōna ho Jehova? (Esth. 4:13, 14; Mat. 5:14-16; 24:14)

  3. Bala Esthere 7:1-6.

    Ke batho ba bakae ba Molimo kajeno bao le bona ba ipehileng kotsing ea ho hlorisoa, joaloka Esthere? (Esth. 7:4; Mat. 10:16-22; 1 Pet. 2:12)

Pale ea 83

Marako a Jerusalema

  1. Baiseraele ba ne ba ikutloa joang ha motse oa bona oa Jerusalema o se na marako a o potolohileng?

  2. Nehemia ke mang?

  3. Mosebetsi oa Nehemia ke ofe, hona ke hobane’ng ha e le oa bohlokoa?

  4. Nehemia o utloisoa bohloko ke litaba life, hona o etsa’ng?

  5. Morena Artaxerxese o bontša Nehemia mosa joang?

  6. Nehemia o hlophisa mosebetsi oa kaho joang e le hore lira tsa Baiseraele li se ke tsa o emisa?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Nehemia 1:4-6 le 2:1-20.

    Nehemia o ile a batla tataiso ea Jehova joang? (Neh. 2:4, 5; Bar. 12:12; 1 Pet. 4:7)

  2. Bala Nehemia 3:3-5.

    Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba ka ithuta eng ka ho se tšoane ho teng pakeng tsa Batekooa le “ba hlomphehang” ba bona? (Neh. 3:5, 27; 2 Bathes. 3:7-10; 1 Pet. 5:5)

  3. Bala Nehemia 4:1-23.

    1. Ke’ng e ileng ea susumelletsa Baiseraele hore ba tsoele pele ka ho haha le hoja ba ne ba hanyetsoa ka mabifi? (Neh. 4:6, 8, 9; Pes. 50:15; Esa. 65:13, 14)

    2. Mohlala oa Baiseraele o re khothatsa joang kajeno?

  4. Bala Nehemia 6:15.

    ’Nete ea hore marako a Jerusalema a ile a qetoa le pele ho feta likhoeli tse peli e bontša eng ka matla a tumelo? (Pes. 56:3, 4; Mat. 17:20; 19:26)

Pale ea 84

Lengeloi le Etela Maria

  1. Mosali ea setšoantšong moo ke mang?

  2. Gabriele o re’ng ho Maria?

  3. Gabriele o hlalosetsa Maria joang hore o tla ba le ngoana le hoja a e-s’o lule le monna?

  4. Ho etsahala’ng ha Maria a etela mong ka eena Elizabetha?

  5. Josefa o nahana eng ha a utloa hore Maria o tlil’o ba le ngoana, empa ke hobane’ng ha a fetola monahano oa hae?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Luka 1:26-56.

    1. Luka 1:35 e bontša eng ka ho se phethahale leha e le hofe ho futsitsoeng ho Adama mabapi le lehe le ka pōpelong ea Maria ha bophelo ba Mora oa Molimo bo tlosoa sebakeng sa moea? (Hag. 2:11-13; Joh. 6:69; Baheb. 7:26; 10:5)

    2. Jesu o ile a hlomphuoa joang le pele a tsoaloa? (Luka 1:41-43)

    3. Maria e bile mohlala o motle joang ho Bakreste ba fuoang litokelo tse khethehileng tsa tšebeletso kajeno? (Luka 1:38, 46-49; 17:10; Liprov. 11:2)

  2. Bala Matheu 1:18-25.

    Le hoja Jesu a sa ka a rehoa lebitso la Emanuele, karolo eo a ileng a e phetha e le motho oa nama e ile ea phethahatsa se boleloang ke lebitso leo joang? (Mat. 1:22, 23; Joh. 14:8-10; Baheb. 1:1-3)

Pale ea 85

Jesu o Hlahela Setaleng

  1. Leseanyana le setšoantšong moo ke mang, hona Maria o le beha hokae?

  2. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a hlahela setaleng sa liphoofolo?

  3. Moo setšoantšong, banna bao ba kenang ka setaleng ke bo-mang, hona lengeloi le itse’ng ho bona?

  4. Ke hobane’ng ha Jesu e le motho oa bohlokoa hakaale?

  5. Ke hobane’ng ha Jesu a bitsoa Mora oa Molimo?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Luka 2:1-20.

    1. Cesare Augustase o ile a phetha karolo efe phethahatsong ea boprofeta bo mabapi le ho tsoaloa ha Jesu? (Luka 2:1-4; Mik. 5:2)

    2. Motho e ka ba e mong oa bao ho thoeng ke “batho bao [Molimo] a khahloang ke bona” joang? (Luka 2:14; Mat. 16:24; Joh. 17:3; Lik. 3:19; Baheb. 11:6)

    3. Haeba balisa bao ba ikokobelitseng ba Judea ba ne ba e-na le lebaka la ho thabela hore ho hlahile Mopholosi, bahlanka ba Molimo kajeno ba na le lebaka lefe le matla le ho feta la ho thaba? (Luka 2:10, 11; Baef. 3:8, 9; Tšen. 11:15; 14:6)

Pale ea 86

Banna ba Tataisoang ke Naleli

  1. Banna ba setšoantšong moo ke bo-mang, hona ke hobane’ng ha e mong oa bona a supile naleli e khanyang?

  2. Ke hobane’ng ha Morena Heroda a halefa, hona o etsa’ng?

  3. Naleli e khanyang e lebisa banna bao hokae, empa ke hobane’ng ha ba khutlela naheng ea habo bona ka tsela e ’ngoe?

  4. Heroda o laela hore ho etsoe’ng, hona hobane’ng?

  5. Jehova o re Josefa a etse’ng?

  6. Ke mang ea entseng hore naleli e ncha e khanye, hona hobane’ng?

Potso e ’ngoe:

  1. Bala Matheu 2:1-23.

    Jesu o ne a le mokae ha linohe tsa linaleli li mo etela hona o ne a lula hokae? (Mat. 2:1, 11, 16)

Pale ea 87

Ngoana Jesu ka Tempeleng

  1. Jesu o lilemo li kae moo setšoantšong, hona o hokae?

  2. Josefa o etsa’ng le ba lelapa la hae selemo le selemo?

  3. Ke hobane’ng ha Josefa le Maria ba khutlela Jerusalema ka mor’a ho qeta letsatsi ba le tseleng e eang hae?

  4. Josefa le Maria ba fumana Jesu a le hokae, hona ke hobane’ng ha batho ba maketse?

  5. Jesu o re’ng ho ’mè oa hae, Maria?

  6. Re ka etsisa Jesu joang ha re ithuta ka Molimo?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Luka 2:41-52.

    1. Le hoja Molao o ne o hloka hore ebe ba batona feela ba eang meketeng ea selemo le selemo, Josefa le Maria ba behetse batsoali kajeno mohlala ofe o motle? (Luka 2:41; Deut. 16:16; 31:12; Liprov. 22:6)

    2. Jesu o behetse bacha kajeno mohlala ofe o motle tabeng ea ho ikokobelletsa batsoali ba bona? (Luka 2:51; Deut. 5:16; Liprov. 23:22; Bakol. 3:20)

  2. Bala Matheu 13:53-56.

    Ka Bibeleng ho boletsoe baena bafe ba bane ba Jesu, hona ba babeli ba bona ba ile ba sebelisoa joang hamorao ka phuthehong ea Bokreste? (Mat. 13:55; Lik. 12:17; 15:6, 13; 21:18; Bagal. 1:19; Jak. 1:1; Juda 1)

Pale ea 88

Johanne o Kolobetsa Jesu

  1. Banna ba babeli ba setšoantšong moo ke bo-mang?

  2. Motho o kolobetsoa joang?

  3. Ka tloaelo Johanne o kolobetsa bo-mang?

  4. Ke hobane’ng ha Jesu a kōpa ka ho khetheha hore Johanne a mo kolobetse?

  5. Molimo o bontša joang hore O thabetse ha Jesu a kolobetsoa?

  6. Ho etsahala’ng ha Jesu a ea sebakeng se ka thōko ho ea qeta matsatsi a 40 teng?

  7. Balateli, kapa barutuoa ba bang ba pele ba Jesu ke bo-mang, hona mohlolo oa pele oo a o entseng ke ofe?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Matheu 3:13-17.

    Jesu o ile a behela barutuoa ba hae mohlala ofe ka kolobetso? (Pes. 40:7, 8; Mat. 28:19, 20; Luka 3:21, 22)

  2. Bala Matheu 4:1-11.

    Ho sebelisa ha Jesu Mangolo ka bohlale ho re khothatsa joang hore re ithute Bibele kamehla? (Mat. 4:5-7; 2 Pet. 3:17, 18; 1 Joh. 4:1)

  3. Bala Johanne 1:29-51.

    Johanne Mokolobetsi o ile a lebisa barutuoa ba hae ho mang, hona re ka mo etsisa joang kajeno? (Joh. 1:29, 35, 36; 3:30; Mat. 23:10)

  4. Bala Johanne 2:1-12.

    Mohlolo oa pele oo Jesu a o entseng o ile oa bontša joang hore Jehova ha a hanele bahlanka ba Hae ka letho le molemo? (Joh. 2:9, 10; Pes. 84:11; Jak. 1:17)

Pale ea 89

Jesu o Hloekisa Tempele

  1. Ke hobane’ng ha ho rekisoa liphoofolo ka tempeleng?

  2. Jesu o halefisoa ke eng?

  3. Joalokaha u bona setšoantšong moo, Jesu o etsa’ng, hona o laela banna ba rekisang maeba hore ba etse’ng?

  4. Ha balateli ba Jesu ba bona seo a se etsang, seo se ba hopotsa eng?

  5. Jesu o feta seterekeng sefe ha a khutlela Galilea?

Potso e ’ngoe:

  1. Bala Johanne 2:13-25.

    Ha re nahana kamoo Jesu a ileng a halefisoa kateng ke ba ananyang chelete ka tempeleng, ke pono efe e loketseng eo re lokelang ho ba le eona ka ho etsetsa mesebetsi ea khoebo Holong ea ’Muso? (Joh. 2:15, 16; 1 Bakor. 10:24, 31-33)

Pale ea 90

O na le Mosali Selibeng

  1. Ke hobane’ng ha Jesu a phomotse selibeng Samaria, hona o re’ng ho mosali e mong moo?

  2. Ke hobane’ng ha mosali eo a maketse, Jesu o re’ng ho eena, hona hobane’ng?

  3. Mosali eo o nahana hore Jesu o bua ka metsi a mofuta ofe, empa ha e le hantle o bua ka metsi afe?

  4. Ke hobane’ng ha mosali eo a makatsoa ke seo Jesu a se tsebang ka eena, hona o se tsebile joang?

  5. Re ka ithuta eng tlalehong eo ea mosali ea selibeng?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Johanne 4:5-43.

    1. Re lokela ho bonahatsa boikutlo bofe ho batho ba merabe kapa litso tse ling e le ha re latela mohlala oa Jesu? (Joh. 4:9; 1 Bakor. 9:22; 1 Tim. 2:3, 4; Tite 2:11)

    2. Motho eo e bang morutuoa oa Jesu o tleloa ke melemo efe ea moea? (Joh. 4:14; Esa. 58:11; 2 Bakor. 4:16)

    3. Re ka bontša kananelo joang joaloka mosali oa Mosamaria, ea neng a labalabela ho bolella ba bang seo a ithutileng sona? (Joh. 4:7, 28; Mat. 6:33; Luka 10:40-42)

Pale ea 91

Jesu o Ruta Thabeng

  1. Moo setšoantšong, Jesu o ruta a le hokae, hona ke bo-mang ba lutseng haufi le eena?

  2. Mabitso a baapostola ba 12 ke bo-mang?

  3. ’Muso oo Jesu a rutang ka oona ke eng?

  4. Jesu o ruta batho hore ba rapelle eng?

  5. Jesu o re batho ba lokela ho tšoarana joang?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Matheu 5:1-12.

    Re ka bontša ka litsela life hore re ela hloko tlhoko ea rōna ea moea? (Mat. 5:3; Bar. 10:13-15; 1 Tim. 4:13, 15, 16)

  2. Bala Matheu 5:21-26.

    Matheu 5:23, 24 e totobatsa joang hore kamano ea rōna le barab’abo rōna e ama kamano ea rōna le Jehova? (Mat. 6:14, 15; Pes. 133:1; Bakol. 3:13; 1 Joh. 4:20)

  3. Bala Matheu 6:1-8.

    Litsela tse ling tsa ho iketsa ba lokileng tseo Bakreste ba lokelang ho li qoba ke life? (Luka 18:11, 12; 1 Bakor. 4:6, 7; 2 Bakor. 9:7)

  4. Bala Matheu 6:25-34.

    Ke’ng seo Jesu a ileng a se ruta mabapi le hore re lokela ho tšepa Jehova hore a re thuse ka lintho tse bonahalang? (Ex. 16:4; Pes. 37:25; Bafil. 4:6)

  5. Bala Matheu 7:1-11.

    Papiso e hlakileng e fumanoang ho Matheu 7:5 e re ruta eng? (Liprov. 26:12; Bar. 2:1; 14:10; Jak. 4:11, 12)

Pale ea 92

Jesu o Tsosa Bafu

  1. Ntate oa ngoanana ea setšoantšong moo ke mang, hona ke hobane’ng ha eena le mosali oa hae ba khathatsehile?

  2. Jairuse o etsa’ng ha a fumana Jesu?

  3. Ho etsahala’ng ha Jesu a ea ha Jairuse, hona molaetsa oo Jairuse a o fumanang ha a le tseleng o re’ng?

  4. Ke hobane’ng ha batho ba leng ha Jairuse ba tšeha Jesu?

  5. Jesu o etsa’ng ka mor’a hore a kene le baapostola ba bararo le ntate oa ngoanana le ’mè oa hae ka kamoreng ea ngoanana?

  6. Jesu o ile a tsosa mang hape bafung, hona see se bontša eng?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Luka 8:40-56.

    Jesu o ile a bontša mosali ea nang le phallo ea mali kutloelo-bohloko le ho nahanela joang, hona baholo ba Bakreste kajeno ba ka ithuta eng ho see? (Luka 8:43, 44, 47, 48; Lev. 15:25-27; Mat. 9:12, 13; Bakol. 3:12-14)

  2. Bala Luka 7:11-17.

    Ke hobane’ng ha ba shoetsoeng ke baratuoa ba ka tšelisoa haholo ke tsela eo Jesu a ileng a tšoara mohlolohali oa Naine ka eona? (Luka 7:13; 2 Bakor. 1:3, 4; Baheb. 4:15)

  3. Bala Johanne 11:17-44.

    Jesu o ile a bontša joang hore ke ha tlhaho ho sareloa ha motho a shoetsoe ke moratuoa? (Joh. 11:33-36, 38; 2 Sam. 18:33; 19:1-4)

Pale ea 93

Jesu o Fepa Bongata

  1. Johanne Mokolobetsi o etsahalloa ke ntho efe e tšabehang, hona seo se etsa hore Jesu a ikutloe joang?

  2. Jesu o etsa’ng ho fepa bongata bo mo latetseng, hona ho sala lijo tse kae?

  3. Ke hobane’ng ha barutuoa ba tšohile bosiu, hona ho etsahala’ng ka Petrose?

  4. Jesu o fepa batho ba likete-kete joang ka lekhetlo la bobeli?

  5. Ke hobane’ng ha e tla ba ho babatsehang ha Jesu a se a busa lefatšeng e le Morena ea behiloeng ke Molimo?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Matheu 14:1-32.

    1. Tlaleho e ho Matheu 14:23-32 e fana ka leseli lefe ka botho ba Petrose?

    2. Tlaleho ea Mangolo e bontša joang hore Petrose o ile a hōla tsebong ’me a hlōla mokhoa oa hae oa ho nkeha maikutlo? (Mat. 14:27-30; Joh. 18:10; 21:7; Lik. 2:14, 37-40; 1 Pet. 5:6, 10)

  2. Bala Matheu 15:29-38.

    Jesu o ile a bontša joang hore o hlompha litokisetso tsa nama tse tsoang ho Ntate oa hae? (Mat. 15:37; Joh. 6:12; Bakol. 3:15)

  3. Bala Johanne 6:1-21.

    Bakreste kajeno ba ka etsisa mohlala oa Jesu joang tabeng ea ho hlompha puso? (Joh. 6:15; Mat. 22:21; Bar. 12:2; 13:1-4)

Pale ea 94

O Rata Bana ba Banyenyane

  1. Baapostola ba pheha khang ka’ng ha ba le tseleng ba khutla leetong le lelelele?

  2. Ke hobane’ng ha Jesu a bitsa ngoana ’me a mo emisa ka pel’a baapostola?

  3. Baapostola ba lokela ho ithuta ho tšoana le bana ka tsela efe?

  4. Likhoeli tse seng kae hamorao, Jesu o bontša joang hore o rata bana?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Matheu 18:1-4.

    Ke hobane’ng ha Jesu a ne a sebelisa lipapiso ha a ruta? (Mat. 13:34, 36; Mar. 4:33, 34)

  2. Bala Matheu 19:13-15.

    Hore re tle re fumane litlhohonolofatso tsa ’Muso re lokela ho etsisa bana ba banyenyane litšobotsing life? (Pes. 25:9; 138:6; 1 Bakor. 14:20)

  3. Bala Mareka 9:33-37.

    Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae eng ka ho batla maemo a hlaheletseng? (Mar. 9:35; Mat. 20:25, 26; Bagal. 6:3; Bafil. 2:5-8)

  4. Bala Mareka 10:13-16.

    Jesu o ne a atameleha hakae, hona baholo ba Bakreste ba ka ithuta eng mohlaleng oa hae? (Mar. 6:30-34; Bafil. 2:1-4; 1 Tim. 4:12)

Pale ea 95

Kamoo Jesu a Rutang Kateng

  1. Monna e mong o botsa Jesu potso efe, hona hobane’ng?

  2. Ka linako tse ling Jesu o ruta joang, hona re se re ithutile eng ka Bajuda le Basamaria?

  3. Paleng eo Jesu a e phetang, ho etsahala’ng ka Mojuda e mong ha a tsamaea tseleng e eang Jeriko?

  4. Ho etsahala’ng ha moprista oa Mojuda le Molevi ba feta tseleng eo?

  5. Moo setšoantšong, ke mang ea thusang Mojuda ea tsoileng likotsi?

  6. Jesu o botsa potso efe ha a qeta ho pheta pale eo, hona monna eo o araba ka ho re’ng?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Luka 10:25-37.

    1. Ho e-na le hore Jesu a arabe ka ho toba monna ea rutehileng Molaong, o ile a mo thusa ho nahanisisa taba joang? (Luka 10:26; Mat. 16:13-16)

    2. Jesu o ile a sebelisa lipapiso joang ho tlosa leeme leo bamameli ba hae ba neng ba e-na le lona? (Luka 10:36, 37; 18:9-14; Tite 1:9)

Pale ea 96

Jesu o Phekola ba Kulang

  1. Jesu o etsa’ng ha a ntse a tsamaea a pholletsa le naha?

  2. Jesu o bolella baapostola ba hae eng ka mor’a lilemo tse tharo a kolobelitsoe?

  3. Batho ba setšoantšong moo ke bo-mang, hona Jesu o etsetsa mosali eo eng?

  4. Ke hobane’ng ha baeta-pele ba bolumeli ba soabisoa ke tsela eo Jesu a arabang liqoso tsa bona ka eona?

  5. Ha Jesu le baapostola ba hae ba atamela Jeriko, Jesu o etsetsa lifofu tse peli tsa mekōpa-kōpa eng?

  6. Ke hobane’ng ha Jesu a etsa mehlolo?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Matheu 15:30, 31.

    Jesu o bonahalitse matla a Jehova ka tsela efe e hlollang, hona seo se lokela ho ama kutloisiso ea rōna joang ka seo Jehova a tšepisitseng ho se etsa lefatšeng le lecha? (Pes. 37:29; Esa. 33:24)

  2. Bala Luka 13:10-17.

    ’Nete ea hore Jesu o entse e meng ea mehlolo e ikhethang ka Sabatha e bontša joang hore o tla tlisetsa batho khatholoho nakong ea Puso ea hae ea Lilemo Tse Sekete? (Luka 13:10-13; Pes. 46:9; Mat. 12:8; Bakol. 2:16, 17; Tšen. 21:1-4)

  3. Bala Matheu 20:29-34.

    Tlaleho ee e bontša joang hore ho ne ho se mohla Jesu a tšoarehileng haholo hoo a neng a sitoa ho thusa batho, hona re ka ithuta eng ho see? (Deut. 15:7; Jak. 2:15, 16; 1 Joh. 3:17)

Pale ea 97

Jesu o Tla Joaloka Morena

  1. Ha Jesu a fihla motsaneng o mong o haufi le Jerusalema, o re barutuoa ba hae ba etse’ng?

  2. Moo setšoantšong, ho etsahala’ng ha Jesu a atamela motseng oa Jerusalema?

  3. Bana ba etsa’ng ha ba bona Jesu a phekola batho ba foufetseng le ba holofetseng?

  4. Jesu o re’ng ho baprista ba halefileng?

  5. Re ka etsisa bana ba rorisang Jesu joang?

  6. Barutuoa ba batla ho tseba eng?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Matheu 21:1-17.

    1. Ho kena ha Jesu Jerusalema e le Morena ho ile ha fapana joang le ha balaoli ba hlōtseng ba mabotho ba mehleng ea Baroma? (Mat. 21:4, 5; Zak. 9:9; Bafil. 2:5-8; Bakol. 2:15)

    2. Bana ba ka ithuta eng ho bashemane ba Baiseraele bao Pesaleme ea 118 e qotsitseng seo ba ileng ba se bua ha Jesu a kena tempeleng? (Mat. 21:9, 15; Pes. 118:25, 26; 2 Tim. 3:15; 2 Pet. 3:18)

  2. Bala Johanne 12:12-16.

    Ho sebelisoa ha makala a palema ke batho ba neng ba thoholetsa Jesu ho tšoantšetsa eng? (Joh. 12:13; Bafil. 2:10; Tšen. 7:9, 10)

Pale ea 98

Thabeng ea Mehloaare

  1. Moo setšoantšong, Jesu ke ofe, hona o na le bo-mang?

  2. Baprista ba ile ba leka ho etsa Jesu eng ka tempeleng, hona o ile a re’ng ho bona?

  3. Baapostola ba botsa Jesu eng?

  4. Ke hobane’ng ha Jesu a bolella baapostola ba hae tse ling tsa lintho tse tla etsahala lefatšeng ha a se a busa e le Morena leholimong?

  5. Jesu o re ho tla etsahala’ng pele a felisa bobe bohle bo teng lefatšeng?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Matheu 23:1-39.

    1. Le hoja Mangolo a bontša hore ho sebelisa litlotla tseo e seng tsa bolumeli e ka ’na ea e-ba ho loketseng, mantsoe a Jesu ho Matheu 23:8-11 a bontša eng mabapi le ho sebelisa litlotla tse rorisang ka tsela ea boikaketsi ka phuthehong ea Bokreste? (Lik. 26:25; Bar. 13:7; 1 Pet. 2:13, 14)

    2. Bafarisi ba ile ba sebelisa eng ho leka ho thibela batho hore e se ke ea e-ba Bakreste, hona baeta-pele ba bolumeli ba sebelisitse maqiti a tšoanang joang mehleng ea kajeno? (Mat. 23:13; Luka 11:52; Joh. 9:22; 12:42; 1 Bathes. 2:16)

  2. Bala Matheu 24:1-14.

    1. Bohlokoa ba mamello bo totobalitsoe joang ho Matheu 24:13?

    2. Lentsoe ‘bofelo’ ho Matheu 24:13 le bolela eng? (Mat. 16:27; Bar. 14:10-12; 2 Bakor. 5:10)

  3. Bala Mareka 13:3-10.

    Ke mantsoe afe ho Mareka 13:10 a bontšang hore ho boleloa ha litaba tse molemo ho potlakile, hona mantsoe ao a Jesu a lokela ho re ama joang? (Bar. 13:11, 12; 1 Bakor. 7:29-31; 2 Tim. 4:2)

Pale ea 99

Ka Kamoreng e ka Holimo

  1. Joalokaha ho bontšitsoe setšoantšong moo, ke hobane’ng ha Jesu le baapostola ba hae ba 12 ba le ka kamoreng e khōlō e ka holimo?

  2. Monna eo ea tsoang ke mang, hona o il’o etsa’ng?

  3. Jesu o qala lijo life tsa bohlokoa ha ba qeta ho ja Paseka?

  4. Paseka e ne e hopotsa Baiseraele ketsahalo efe, hona lijo tsee tsa bohlokoa li hopotsa balateli ba Jesu eng?

  5. Ka mor’a Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena, Jesu o re’ng ho balateli ba hae, hona ba etsa’ng?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Matheu 26:14-30.

    1. Matheu 26:15 e bontša joang hore Judase o ekile Jesu ka boomo?

    2. Mali a Jesu a tšolotsoeng a phetha merero efe e ’meli? (Mat. 26:27, 28; Jer. 31:31-33; Baef. 1:7; Baheb. 9:19, 20)

  2. Bala Luka 22:1-39.

    Satane o ile a kena ka ho Judase ka kutloisiso efe? (Luka 22:3; Joh. 13:2; Lik. 1:24, 25)

  3. Bala Johanne 13:1-20.

    1. Ha re nahana ka se tlalehiloeng ho Johanne 13:2, na re ka re Judase o phoso ka seo a se entseng, hona bahlanka ba Molimo ba ka ithuta eng ho see? (Gen. 4:7; 2 Bakor. 2:11; Bagal. 6:1; Jak. 1:13, 14)

    2. Jesu o ile a fana ka thuto efe e hlakileng e matla? (Joh. 13:15; Mat. 23:11; 1 Pet. 2:21)

  4. Bala Johanne 17:1-26.

    Jesu o ile a rapella balateli ba hae hore ba be “bang” ka kutloisiso efe? (Joh. 17:11, 21-23; Bar. 13:8; 14:19; Bakol. 3:14)

Pale ea 100

Jesu Serapeng

  1. Jesu le baapostola ba hae ba ea hokae ha ba tloha kamoreng e ka holimo, hona o re ba etse’ng?

  2. Jesu o fumana eng ha a khutlela moo baapostola ba leng teng, hona see se etsahala ka makhetlo a makae?

  3. Ho kena bo-mang serapeng, hona Judase Iskariota o etsa’ng joalokaha setšoantšo se bontša?

  4. Ke hobane’ng ha Judase a aka Jesu, hona Petrose o etsa’ng?

  5. Jesu o re’ng ho Petrose, empa ke hobane’ng ha Jesu a sa kōpe Molimo hore a romele mangeloi leha e le afe?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Matheu 26:36-56.

    1. Tsela eo Jesu a eletsang barutuoa ba hae ka eona ke mohlala o motle joang ho baholo ba Bakreste kajeno? (Mat. 20:25-28; 26:40, 41; Bagal. 5:17; Baef. 4:29, 31, 32)

    2. Jesu o ne a talima ho hlasela batho ba bang ka libetsa joang? (Mat. 26:52; Luka 6:27, 28; Joh. 18:36)

  2. Bala Luka 22:39-53.

    Ha lengeloi le itlhahisa ho Jesu serapeng sa Gethesemane ho mo matlafatsa, na seo se ne se bontša hore Jesu o ne a thekesela tumelong? Hlalosa. (Luka 22:41-43; Esa. 49:8; Mat. 4:10, 11; Baheb. 5:7)

  3. Bala Johanne 18:1-12.

    Jesu o ile a sireletsa barutuoa ba hae joang ho bahanyetsi ba hae, hona re ka ithuta eng mohlaleng oo? (Joh. 10:11, 12; 18:1, 6-9; Baheb. 13:6; Jak. 2:25)

Pale ea 101

Jesu oa Bolaoa

  1. Ke mang ka ho khetheha ea ikarabellang ka lefu la Jesu?

  2. Baapostola ba etsa’ng ha baeta-pele ba bolumeli ba tšoara Jesu?

  3. Ho etsahala’ng ka tlung ea moprista ea phahameng Kaifase?

  4. Ke hobane’ng ha Petrose a tsoela thōko ’me a bokolla?

  5. Ha Jesu a se a khutliselitsoe ho Pilato, baprista ba ka sehloohong ba hooa ba re’ng?

  6. Ho etsahala’ng ka Jesu motšehare oa mantsiboea ka Labohlano, hona o tšepisa sesenyi se fanyehiloeng thupeng e pel’a hae eng?

  7. Paradeise eo Jesu a neng a bua ka eona e tla ba hokae?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Matheu 26:57-75.

    Litho tsa lekhotla le phahameng la Bajuda li ile tsa bontša joang hore lipelo tsa tsona li ne li le khopo? (Mat. 26:59, 67, 68)

  2. Bala Matheu 27:1-50.

    Ke hobane’ng ha re ka re ho ikoahlaea ha Judase e ne e se ha sebele? (Mat. 27:3, 4; Mar. 3:29; 14:21; 2 Bakor. 7:10, 11)

  3. Bala Luka 22:54-71.

    Re ka ithuta eng ka ho latola ha Petrose Jesu bosiung boo a ekiloeng le ho tšoaroa ka bona? (Luka 22:60-62; Mat. 26:31-35; 1 Bakor. 10:12)

  4. Bala Luka 23:1-49.

    Jesu o ile a etsa’ng ha a tšoaroa ka leeme, hona re ka ithuta eng ho see? (Luka 23:33, 34; Bar. 12:17-19; 1 Pet. 2:23)

  5. Bala Johanne 18:12-40.

    Ke’ng se bontšoang ke ’nete ea hore le hoja ka nakoana Petrose a ile a imeloa ke ho tšaba batho, o ile a hlaphoheloa ea e-ba moapostola ea ipabolang? (Joh. 18:25-27; 1 Bakor. 4:2; 1 Pet. 3:14, 15; 5:8, 9)

  6. Bala Johanne 19:1-30.

    1. Jesu o ne a e-na le pono efe e leka-lekaneng ka lintho tse bonahalang? (Joh. 2:1, 2, 9, 10; 19:23, 24; Mat. 6:31, 32; 8:20)

    2. Mantsoe ao Jesu a a buileng ha a shoa e bile phatlalatso ea hore o tšehelitse bobusi ba Jehova ’me o hlōtse joang? (Joh. 16:33; 19:30; 2 Pet. 3:14; 1 Joh. 5:4)

Pale ea 102

Jesu oa Phela

  1. Mosali ea setšoantšong moo ke mang, banna bao ba babeli bona ke bo-mang, hona ba hokae?

  2. Ke hobane’ng ha Pilato a re baprista ba romele masole ho ea lebela lebitla la Jesu?

  3. Lengeloi le etsa’ng hoseng ka letsatsi la boraro Jesu a shoele, empa baprista ba etsa’ng?

  4. Ke hobane’ng ha basali ba bang ba makala ha ba ile lebitleng la Jesu?

  5. Ke hobane’ng ha Petrose le Johanne ba mathela lebitleng la Jesu, hona ba fumana eng?

  6. Ho etsahetse’ng ka ’mele oa Jesu oa nama, empa Jesu o etsa’ng ho bontša barutuoa ba hae hore oa phela?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Matheu 27:62-66 le 28:1-15.

    Baprista ba baholo, Bafarisi le banna ba hōlileng ba ile ba siteloa moea o halalelang joang ha Jesu a tsosoa bafung? (Mat. 12:24, 31, 32; 28:11-15)

  2. Bala Luka 24:1-12.

    Tlaleho ea ho tsosoa ha Jesu bafung e bontša joang hore Jehova o nka basali e le lipaki tse tšepahalang? (Luka 24:4, 9, 10; Mat. 28:1-7)

  3. Bala Johanne 20:1-12.

    Johanne 20:8, 9 e re thusa joang ho bona bohlokoa ba ho ba le mamello haeba re sa utloisise ka ho feletseng phethahatso ea boprofeta ba Bibele? (Liprov. 4:18; Mat. 17:22, 23; Luka 24:5-8; Joh. 16:12)

Pale ea 103

Ka Kamoreng e Notletsoeng

  1. Maria o re’ng ho monna eo a nahanang hore ke mohlokomeli oa serapa, empa ke’ng se etsang hore a hlokomele hore ha e le hantle ke Jesu?

  2. Ho etsahala’ng ka barutuoa ba babeli ba eang motseng oa Emmause?

  3. Ho etsahala ntho efe e hlollang ha barutuoa ba babeli ba bolella baapostola hore ba bone Jesu?

  4. Jesu o itlhahisitse ka makhetlo a makae ho balateli ba hae?

  5. Thomase o re’ng ha a utloa hore barutuoa ba bone Morena, empa ho etsahala’ng matsatsi a robeli hamorao?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Johanne 20:11-29.

    Na ho Johanne 20:23 Jesu o ne a bolela hore batho ba na le matla a ho tšoarela libe? Hlalosa. (Pes. 49:2, 7; Esa. 55:7; 1 Tim. 2:5, 6; 1 Joh. 2:1, 2)

  2. Bala Luka 24:13-43.

    Re ka lokisa lipelo tsa rōna joang hore li amohele linnete tsa Bibele? (Luka 24:32, 33; Esdr. 7:10; Mat. 5:3; Lik. 16:14; Baheb. 5:11-14)

Pale ea 104

Jesu o Khutlela Leholimong

  1. Ketsahalong e ’ngoe Jesu o bonoa ke barutuoa ba bakae, hona o buisana le bona ka eng?

  2. ’Muso oa Molimo ke eng, hona bophelo bo tla ba joang lefatšeng ha Jesu a se a busa e le Morena ka lilemo tse sekete?

  3. Jesu o ile a itlhahisa ho barutuoa ba hae ka matsatsi a makae, empa joale ho fihlile nako ea hore a etse’ng?

  4. Pele Jesu a siea barutuoa ba hae, o re’ng ho bona?

  5. Ho etsahala’ng moo setšoantšong, hona Jesu o siroa ke eng hore a se ke a bonahala?

Lipotso tse ling:

  1. Bala 1 Bakorinthe 15:3-8.

    Ke hobane’ng ha moapostola Pauluse a ne a ka bua ka kholiseho hakaale ka ho tsosoa ha Jesu bafung, hona ke lintho life tseo Bakreste kajeno ba ka buang ka kholiseho ka tsona? (1 Bakor. 15:4, 7, 8; Esa. 2:2, 3; Mat. 24:14; 2 Tim. 3:1-5)

  2. Bala Liketso 1:1-11.

    Mosebetsi oa boboleli o ile oa nama ho isa bohōleng bofe, joalokaha ho ne ho boletsoe esale pele ho Liketso 1:8? (Lik. 6:7; 9:31; 11:19-21; Bakol. 1:23)

Pale ea 105

Ba Letile Jerusalema

  1. Joalokaha setšoantšo se bontša, ho etsahala’ng ka balateli ba Jesu ba letileng Jerusalema?

  2. Batho ba etetseng Jerusalema ba makatsoa ke eng?

  3. Petrose o hlalosetsa batho eng?

  4. Batho ba ikutloa joang ha ba qeta ho mamela Petrose, hona o re ba etse’ng?

  5. Ho kolobetsoa batho ba bakae letsatsing la Pentekonta ea 33 C.E.?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Liketso 2:1-47.

    1. Mantsoe a Petrose a ho Liketso 2:23, 36 a bontša joang hore sechaba sohle sa Bajuda se ne se ikarabella ka lefu la Jesu? (1 Bathes. 2:14, 15)

    2. Petrose o ile a beha mohlala ofe o motle oa ho beha mabaka ka Mangolo? (Lik. 2:16, 17, 29, 31, 36, 39; Bakol. 4:6)

    3. Petrose o ile a sebelisa senotlolo sa pele ho “linotlolo tsa ’muso oa maholimo” tseo Jesu a neng a tšepisitse ho mo fa tsona joang? (Lik. 2:14, 22-24, 37, 38; Mat. 16:19)

Pale ea 106

Ba Lokolloa Teronkong

  1. Ho etsahala’ng motšehare o mong oa mantsiboea ha Petrose le Johanne ba ea tempeleng?

  2. Petrose o re’ng ho monna ea holofetseng, hona Petrose o mo fa’ng eo e leng ea bohlokoa ho feta chelete?

  3. Ke hobane’ng ha baeta-pele ba bolumeli ba halefile, hona ba etsa’ng ka Petrose le Johanne?

  4. Petrose o re’ng ho baeta-pele ba bolumeli, hona baapostola ba fuoa temoso efe?

  5. Ke hobane’ng ha baeta-pele ba bolumeli ba le mōna, empa ho etsahala’ng ha baapostola ba koalloa teronkong ka lekhetlo la bobeli?

  6. Baapostola ba araba ka ho re’ng ha ba tlisoa holong ea Sanhedrine?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Liketso 3:1-10.

    Le hoja rōna re sa fuoa matla a ho etsa mehlolo kajeno, mantsoe a Petrose a tlalehiloeng ho Liketso 3:6 a re thusa joang ho ananela bohlokoa ba molaetsa oa ’Muso? (Joh. 17:3; 2 Bakor. 5:18-20; Bafil. 3:8)

  2. Bala Liketso 4:1-31.

    Ha re tobana le khanyetso tšebeletsong, re lokela ho etsisa barab’abo rōna ba Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ka tsela efe? (Lik. 4:29, 31; Baef. 6:18-20; 1 Bathes. 2:2)

  3. Bala Liketso 5:17-42.

    Nakong e fetileng le hona joale, batho ba bang bao e seng Lipaki ba bontšitse ho ba le kahlolo e molemo joang mabapi le mosebetsi oa boboleli? (Lik. 5:34-39)

Pale ea 107

Setefane o Tlepetsoa ka Majoe

  1. Setefane ke mang, hona Molimo o mo thusitse hore a etse eng?

  2. Setefane o re’ng e halefisang baeta-pele ba bolumeli haholo?

  3. Ha banna ba hulela Setefane ka ntle ho motse, ba mo etsa’ng?

  4. Moo setšoantšong, ke mang mohlankana eo ea emeng pel’a liaparo?

  5. Setefane o rapella eng ho Jehova pele a e-shoa?

  6. Joaloka Setefane, re lokela ho etsa’ng ha motho e mong a re etsa hampe?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Liketso 6:8-15.

    Ke mekhoa efe e bolotsana eo baeta-pele ba bolumeli ba ’nileng ba e sebelisa ho leka ho emisa mosebetsi oa boboleli oa Lipaki Tsa Jehova? (Lik. 6:9, 11, 13)

  2. Bala Liketso 7:1-60.

    1. Ke’ng e thusitseng Setefane hore a atlehe ho sireletsa litaba tse molemo ka pel’a Sanhedrine, hona re ka ithuta eng mohlaleng oo oa hae? (Lik. 7:51-53; Bar. 15:4; 2 Tim. 3:14-17; 1 Pet. 3:15)

    2. Re lokela ho hlaolela boikutlo bofe ka ba hanyetsang mosebetsi oa rōna? (Lik. 7:58-60; Mat. 5:44; Luka 23:33, 34)

Pale ea 108

Tseleng e Eang Damaseka

  1. Saule o etsa’ng ka mor’a hore Setefane a bolaoe?

  2. Ho etsahala ntho efe e makatsang ha Saule a le tseleng e eang Damaseka?

  3. Jesu o re Saule a etse’ng?

  4. Jesu o laela Ananiase hore a etse’ng, hona ho tla joang hore Saule a bone hape?

  5. Ka mor’a moo Saule o se a tsejoa ka lebitso lefe, hona o sebelisoa joang?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Liketso 8:1-4.

    Mahloriso a matla a ileng a tlela phutheho e sa tsoa thehoa ea Bokreste a ile a thusa ho phatlalatsa tumelo ea Bokreste joang, hona ho etsahetse’ng e tšoanang mehleng ea kajeno? (Lik. 8:4; Esa. 54:17)

  2. Bala Liketso 9:1-20.

    Jesu o ile a senola hore o batla hore Saule a phethe thōmo efe e likarolo li tharo? (Lik. 9:15; 13:5; 26:1; 27:24; Bar. 11:13)

  3. Bala Liketso 22:6-16.

    Re ka etsisa Ananiase joang, hona ke hobane’ng ha seo e le sa bohlokoa? (Lik. 22:12; 1 Tim. 3:7; 1 Pet. 1:14-16; 2:12)

  4. Bala Liketso 26:8-20.

    Ho sokolohela ha Saule Bokresteng ke khothatso joang ho ba nang le balekane ba sa lumelang kajeno? (Lik. 26:11; 1 Tim. 1:14-16; 2 Tim. 4:2; 1 Pet. 3:1-3)

Pale ea 109

Petrose o Etela Korneliase

  1. Monna ea khumameng fatše moo setšoantšong ke mang?

  2. Lengeloi le re’ng ho Korneliase?

  3. Molimo o etsa hore Petrose a bone eng ha a le ka holim’a ntlo ea Simone, Jopa?

  4. Ke hobane’ng ha Petrose a bolella Korneliase hore ha aa lokela ho mo khumamela le ho mo rapela?

  5. Ke hobane’ng ha barutuoa ba Bajuda ba nang le Petrose ba maketse?

  6. Re lokela ho ithuta thuto efe ea bohlokoa ka hore ebe Petrose o ile a etela Korneliase?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Liketso 10:1-48.

    Mantsoe a Petrose a ho Liketso 10:42 a bontša eng ka mosebetsi oa boboleli ba litaba tse molemo tsa ’Muso? (Mat. 28:19; Mar. 13:10; Lik. 1:8)

  2. Bala Liketso 11:1-18.

    Petrose o ile a bonahatsa boikutlo bofe ha ho hlaka hore na tataiso ea Jehova ke efe mabapi le Balichaba, hona re ka etsisa mohlala oa hae joang? (Lik. 11:17, 18; 2 Bakor. 10:5; Baef. 5:17)

Pale ea 110

Timothea—Mothusi e Mocha oa Pauluse

  1. Mohlankana ea moo setšoantšong ke mang, o lula hokae, hona lebitso la ’mè oa hae le la nkhono oa hae ke mang?

  2. Timothea o re’ng ha Pauluse a mo botsa hore na o batla ho tsamaea le eena le Silase ho ea bolella batho ba libakeng tse hōle litaba tse molemo?

  3. Balateli ba Jesu ba bitsoa Bakreste ka lekhetlo la pele ha ba le hokae?

  4. Pauluse, Silase le Timothea ba etela metse efe e meng ha ba tloha Lystra?

  5. Timothea o thusa Pauluse joang, hona bana ba banyenyane ba lokela ho ipotsa potso efe kajeno?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Liketso 9:19-30.

    Moapostola Pauluse o ile a bontša ho ba le temoho joang ha a tobana le khanyetso ea litaba tse molemo? (Lik. 9:22-25, 29, 30; Mat. 10:16)

  2. Bala Liketso 11:19-26.

    Tlaleho e ho Liketso 11:19-21, 26 e bontša joang hore moea oa Jehova o tataisa mosebetsi oa boboleli le ho o tsamaisa?

  3. Bala Liketso 13:13-16, 42-52.

    Liketso 13:51, 52 e bontša joang hore barutuoa ha baa ka ba lumella khanyetso ho ba nyahamisa? (Mat. 10:14; Lik. 18:6; 1 Pet. 4:14)

  4. Bala Liketso 14:1-6, 19-28.

    Poleloana e reng “ba ba beha ho Jehova” e re thusa joang ho ikimolla ho tšoenyeheng ho sa hlokahaleng ha re thusa ba bacha? (Lik. 14:21-23; 20:32; Joh. 6:44)

  5. Bala Liketso 16:1-5.

    Ho ithaopela ha Timothea ho bolla ho hatisa bohlokoa ba ho etsa “lintho tsohle ka lebaka la litaba tse molemo” joang? (Lik. 16:3; 1 Bakor. 9:23; 1 Bathes. 2:8)

  6. Bala Liketso 18:1-11, 18-22.

    Liketso 18:9, 10 e bontša joang hore Jesu o keneletse ka ho toba ho tsamaiseng mosebetsi oa boboleli, hona seo se etsa hore re kholisehe ka eng kajeno? (Mat. 28:20)

Pale ea 111

Moshemane ea Ileng a Khaleha

  1. Moo setšoantšong, moshemane ea rapaletseng fatše ke mang, hona ho etsahetse’ng ka eena?

  2. Pauluse o etsa’ng ha a bona hore moshemane o shoele?

  3. Pauluse, Timothea le bao ba tsamaeang le bona ba ea hokae, hona ho etsahala’ng ha ba emisa Miletase?

  4. Moprofeta Agabase o lemosa Pauluse ho re’ng, hona seo se etsahala joang feela joalokaha moprofeta a boletse?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Liketso 20:7-38.

    1. Ho latela mantsoe a Pauluse a tlalehiloeng ho Liketso 20:26, 27, re ka lula re “hloekile maling a batho bohle” joang? (Ezek. 33:8; Lik. 18:6, 7)

    2. Ke hobane’ng ha baholo ba lokela ho ‘tšoarella ka tieo lentsoeng le tšepahalang’ ha ba ruta? (Lik. 20:17, 29, 30; Tite 1:7-9; 2 Tim. 1:13)

  2. Bala Liketso 26:24-32.

    Pauluse o ile a sebelisa tokelo ea hae e le moahi oa Roma joang ho phethahatsa thōmo ea ho bolela eo a neng a e filoe ke Jesu? (Lik. 9:15; 16:37, 38; 25:11, 12; 26:32; Luka 21:12, 13)

Pale ea 112

Ba Robeheloa ke Sekepe Sehlekehlekeng

  1. Ho etsahala’ng ka sekepe seo Pauluse a se palameng ha se feta haufi le sehlekehleke sa Kreta?

  2. Pauluse o re’ng ho batho ba ka sekepeng?

  3. Ho tla joang hore sekepe se khaohe likoto?

  4. Molaoli oa lebotho o fana ka litaelo life, hona ke batho ba bakae ba fihlang lebōpong ba sireletsehile?

  5. Sehlekehleke seo ba fihlang ho sona se bitsoa’ng, hona ho etsahala’ng ka Pauluse ha boemo ba leholimo bo hlaka?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Liketso 27:1-44.

    Ha re bala tlaleho ea leeto la Pauluse ka sekepe ho ea Roma, re kholiseha ka ho eketsehileng joang hore tlaleho eo ea Bibele e nepahetse? (Lik. 27:16-19, 27-32; Luka 1:3; 2 Tim. 3:16, 17)

  2. Bala Liketso 28:1-14.

    Haeba baahi ba Malta ba bahetene ba ile ba susumetseha ho tšoara moapostola Pauluse le metsoalle ea hae ka “mosa o fetang o tloaelehileng” ha ba robehetsoe ke sekepe, Bakreste ba lokela ho susumetseha ho bonahatsa eng, hona ba ka e bonahatsa ka tsela efe ka ho khetheha? (Lik. 28:1, 2; Baheb. 13:1, 2; 1 Pet. 4:9)

Pale ea 113

Pauluse o Roma

  1. Pauluse o pakela bo-mang ha e ntse e le motšoaruoa Roma?

  2. Moo setšoantšong, moeti ea tafoleng ke mang, hona o etsetsa Pauluse eng?

  3. Epafroditase ke mang, hona o tsamaea a nkile eng ha a khutlela Filippi?

  4. Ke hobane’ng ha Pauluse a ngolla motsoalle oa hae e moholo Filemone?

  5. Pauluse o etsa’ng ha a lokolloa, hona ho etsahala’ng ka eena hamorao?

  6. Jehova o sebelisa mang ho ngola libuka tsa ho qetela tsa Bibele, hona buka ea Tšenolo e re bolella eng?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Liketso 28:16-31 le Bafilipi 1:13.

    Pauluse o ile a sebelisa nako ea hae joang ha a le teronkong Roma, hona tumelo ea hae e sa thekeseleng e ile ea e-ba le phello efe phuthehong ea Bokreste? (Lik. 28:23, 30; Bafil. 1:14)

  2. Bala Bafilipi 2:19-30.

    Pauluse o ile a bua mantsoe afe a kananelo ka Timothea le ka Epafroditase, hona re ka etsisa mohlala oa Pauluse joang? (Bafil. 2:20, 22, 25, 29, 30; 1 Bakor. 16:18; 1 Bathes. 5:12, 13)

  3. Bala Filemone 1-25.

    1. Pauluse o ile a phehella Filemone hore a etse se lokileng ka lebaka lefe, hona see e ka ba tataiso joang ho baholo kajeno? (Filem. 9; 2 Bakor. 8:8; Bagal. 5:13)

    2. Mantsoe a Pauluse a ho Filemone 13, 14 a bontša joang hore o ne a hlompha matsoalo a ba bang ka phuthehong? (1 Bakor. 8:7, 13; 10:31-33)

  4. Bala 2 Timothea 4:7-9.

    Ho tšoana le moapostola Pauluse, re ka kholiseha joang hore Jehova o tla re putsa haeba re lula re tšepahala ho isa bofelong? (Mat. 24:13; Baheb. 6:10)

Pale ea 114

Bofelo ba Bobe Bohle

  1. Ke hobane’ng ha Bibele e bua ka lipere leholimong?

  2. Ntoa eo Molimo a tla e loana le batho ba babe lefatšeng e bitsoa’ng, hona morero oa ntoa eo ke ofe?

  3. Moo setšoantšong, ke mang Ea tla etella pele ntoeng, ke hobane’ng ha a roetse moqhaka, hona sabole ea hae e bontša’ng?

  4. Ha re khutlela Paleng ea 10, ea 15 le ea 33, ke hobane’ng ha re sa lokela ho makatsoa ke hore Molimo o tla felisa batho ba babe?

  5. Pale ea 36 le ea 76 li bontša joang hore Molimo o tla felisa batho ba babe esita le haeba bona ba ipolela hore baa mo rapela?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Tšenolo 19:11-16.

    1. Mangolo a bontša ka ho hlaka joang hore Jesu Kreste ke eena mopalami oa pere e tšoeu? (Tšen. 1:5; 3:14; 19:11; Esa. 11:4)

    2. Mali a fafalitsoeng seaparong sa Jesu sa ka ntle a tiisa joang hore tlhōlo ea hae ke ea makhaola-khang le e feletseng? (Tšen. 14:18-20; 19:13)

    3. E ka ’na eaba mabotho a latelang Jesu ka pere ea hae e tšoeu a akarelletsa bo-mang? (Tšen. 12:7; 19:14; Mat. 25:31, 32)

Pale ea 115

Paradeise e Ncha Lefatšeng

  1. Bibele e bontša hore re tla thabela maemo afe lefatšeng la Paradeise?

  2. Bibele e tšepisa ba phelang Paradeiseng eng?

  3. Jesu o tla tiisa hore phetoho ee e babatsehang e etsahala neng?

  4. Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a etsa’ng e ileng ea bontša seo a neng a tla se etsa ha e se e le Morena oa ’Muso oa Molimo?

  5. Jesu le ba tla busa le eena leholimong ba tla netefatsa hore ho etsahala’ng ha ba se ba busa lefatšeng ba le leholimong?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Tšenolo 5:9, 10.

    Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore ba tla busa lefatšeng nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete e tla ba marena le baprista ba nang le kutloelo-bohloko le ba mohau? (Baef. 4:20-24; 1 Pet. 1:7; 3:8; 5:6-10)

  2. Bala Tšenolo 14:1-3.

    Ke’ng se bontšoang ke ’nete ea hore lebitso la Ntate le lebitso la Konyana a ngotsoe liphatleng tsa ba 144 000? (1 Bakor. 3:23; 2 Tim. 2:19; Tšen. 3:12)

Pale ea 116

Kamoo re ka Phelang ka ho sa Feleng

  1. Ho hlokahala hore re tsebe eng e le hore re phele ka ho sa feleng?

  2. Re ka ithuta ka Jehova Molimo le ka Jesu joang, joalokaha ngoananyana eo le metsoalle ea hae ba ithuta moo setšoantšong?

  3. Buka e ’ngoe eo u e bonang moo setšoantšong ke efe, hona ke hobane’ng ha re lokela ho e bala kamehla?

  4. Ntle le ho ithuta ka Jehova le ka Jesu, ho hlokahala eng hape e le hore re fumane bophelo bo sa feleng?

  5. Re ithuta eng Paleng ea 69?

  6. Mohlala o motle oa Samuele e monyenyane Paleng ea 55 o bontša eng?

  7. Re ka etsisa mohlala oa Jesu Kreste joang, hona haeba re o etsisa re tla khona ho etsa’ng nakong e tlang?

Lipotso tse ling:

  1. Bala Johanne 17:3.

    Mangolo a bontša joang hore ho ithuta ka Jehova Molimo le ka Jesu Kreste hase feela taba ea ho tšoara lintlha tse itseng ka hlooho? (Mat. 7:21; Jak. 2:18-20; 1 Joh. 2:17)

  2. Bala Pesaleme ea 145:1-21.

    1. A mang a mabaka a mangata ao re nang le ’ona a ho rorisa Jehova ke afe? (Pes. 145:8-11; Tšen. 4:11)

    2. Jehova o “molemo ho bohle” joang, hona see se lokela ho re hulela ho eena haholoanyane joang? (Pes. 145:9; Mat. 5:43-45)

    3. Haeba re rata Jehova ka lipelo tsa rōna, re tla susumelletseha ho etsa’ng? (Pes. 119:171, 172, 175; 145:11, 12, 21)