Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Selelekela

Selelekela

’Mali ea Ratehang:

Na u ikutloa u le haufi le Molimo? Ba bangata ba nka seo e le se ke keng sa khoneha. Ba bang ba tšoenyeha ka hore o hōle haholo; ba bang ba ikutloa e le ba se nang thuso ho hang. Leha ho le joalo, ka lerato Bibele ea re phehella: ‘Atamela ho Molimo, ’me o tla atamela ho uena.’ (Jakobo 4:8) O bile o tiisetsa barapeli ba hae: “’Na, Jehova Molimo oa hao, ke u tšoara ka letsoho la hao le letona, ke ’na Ea reng ho uena, ‘U se ke ua tšoha. Ke tla u thusa.’”—Esaia 41:13.

Re ka hahamalla ho ba le kamano e atamelaneng joalo le Molimo joang? Botsoalleng leha e le bofe boo re bo thehang, maqhama a tiisoa ke ho tseba motho, ho khahloa ke litšobotsi tsa hae tse ikhethang le ho li ananela. Kahoo ke habohlokoa ho ithuta litšobotsi tsa Molimo le litsela tsa hae, joalokaha li senotsoe ka Bibeleng. Ho nahana ka tsela eo Jehova a bonahatsang e ’ngoe le e ’ngoe ea litšobotsi tsa hae ka eona, ho bona kamoo Jesu Kreste a ileng a li bonahatsa ka tsela e phethahetseng kateng le ho utloisisa kamoo le rōna re ka li hlaolelang kateng ho tla re atametsa ho Molimo haholoanyane. Re tla bona hore Jehova ke ’Musi ea loketseng le ea phethahetseng oa bokahohle. Ho feta moo, ke Ntate eo bohle re mo hlokang. Kaha o matla, o na le toka, o bohlale ebile o lerato, ha ho mohla a furallang bana ba hae ba tšepahalang.

E se eka buka ena e ka u thusa ho atamela ho Jehova Molimo, la theha maqhama a ke keng a senyeha le ka mohla, e le hore u ka phelela ho mo rorisa ka ho sa feleng.

Bahatisi