Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 1

“Bonang! Enoa ke Molimo oa Rōna”

“Bonang! Enoa ke Molimo oa Rōna”

1, 2. (a) U ne u ka lakatsa ho botsa Molimo lipotso life? (b) Moshe o ile a botsa Molimo eng?

AK’U nahane feela u buisana le Molimo! Khopolo eo ka boeona e susumetsa tšabo e tletseng tlhompho​—⁠’Musi oa bokahohle a buisana le uena! Qalong ua tsilatsila, empa hamorao u khona ho araba. Oa mamela, oa arabela, ’me o bile o etsa hore u ikutloe u lokolohile ho botsa potso leha e le efe eo u batlang ho e botsa. Joale, u ne u tla botsa potso efe?

2 Ho na le monna e mong ea ileng a ba boemong bo tšoanang le bona boo hantle mehleng ea khale. Lebitso la hae e ne e le Moshe. Empa u ka ’na ua makatsoa ke potso eo a ileng a khetha ho e botsa Molimo. Ha aa ka a botsa potso mabapi le eena, bokamoso ba hae, leha e le mabapi le maqakabetsi a moloko oa batho. Ho e-⁠na le hoo, o ile a botsa lebitso la Molimo. U ka ’na ua fumana seo se makatsa, kaha Moshe o ne a se a ntse a tseba lebitso la Molimo. Kahoo, e tlameha ebe potso ea hae e ne e bolela se tebileng haholoanyane. Ha e le hantle, e ne e le potso ea bohlokoa ka ho fetisisa eo Moshe a neng a ka e botsa. Karabo ea eona e ama e mong le e mong oa rōna. E ka u thusa ho nka khato ea bohlokoa ea ho atamela ho Molimo. Joang? A re ke re hlahlobeng puisano eo e hlollang.

3, 4. Ke liketsahalo life tse ileng tsa lebisa puisanong ea Moshe le Molimo, hona moko-taba oa puisano eo e ne e le eng?

3 Moshe o ne a le lilemo li 80. O ne a qetile lilemo tse mashome a mane a le palehong hōle le batho ba habo, Baiseraele, bao e neng e le makhoba Egepeta. Ka letsatsi le leng, ha a ntse a alositse mehlape ea mohoe oa hae, o ile a bona ketsahalo e ’ngoe e sa tloaelehang. Sehlahla se meutloa se ne se tuka, empa se sa che. Se ne se entse khanare, se khanya joaloka lebone le tataisang le mosikong oa thaba. Moshe o ile a atamela ho lekola se etsahalang. E tlameha ebe o ile a tšoha hakaakang ha lentsoe le bua le eena le e-⁠tsoa har’a mollo! A sebelisa lengeloi e le ’muelli, Molimo o ile a buisana le Moshe halelele. ’Me joalokaha mohlomong u tseba, Molimo o ile a laela Moshe ea neng a tsilatsila hore a tlohele bophelo ba hae ba boiketlo ’me a khutlele Egepeta ho ea lopolla Baiseraele bokhobeng.​—⁠Exoda 3:​1-⁠12.

4 Joale, Moshe o ne a ka botsa Molimo potso leha e le efe eo a batlang ho e botsa. Leha ho le joalo, hlokomela potso eo a ileng a khetha ho e botsa: “A re re joale ke fihlile ho bara ba Iseraele ’me ke re ho bona, ‘Molimo oa baholo-holo ba lōna o nthomile ho lōna,’ ebe ba re ho ’na, ‘Lebitso la hae ke mang?’ Ke tla re’ng ho bona?”​—⁠Exoda 3:⁠13.

5, 6. (a) Potso ea Moshe e re ruta ’nete efe ea motheo, ea bohlokoa? (b) Ho entsoe ntho efe e nyatsehang ka lebitso la Molimo? (c) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hakaale hore ebe Molimo o senoletse moloko oa batho lebitso la hae?

5 Ntlha ea pele, potso eo e re ruta hore Molimo o na le lebitso. Ha rea lokela ho nka ’nete ena ea motheo habobebe. Leha ho le joalo, ba bangata ba e nka habobebe. Lebitso la Molimo le tlositsoe liphetolelong tse ngata tsa Bibele ’me le nketsoe sebaka ke litlotla tse kang “Morena” le “Molimo.” Ena ke e ’ngoe ea lintho tse utloisang bohloko le tse nyatsehang ka ho fetisisa tse ’nileng tsa etsoa ka lebitso la bolumeli. Etsoe, ntho ea pele eo u e etsang ha u kopana le motho ke efe? Na hase ho mo botsa lebitso? Hoa tšoana le ka ho tseba Molimo. Hase boleng bo se nang lebitso, bo hōle, bo ke keng ba tsejoa kapa hona ho utloisisoa. Le hoja a sa bonahale, ke motho, ’me o na le lebitso​—⁠e leng Jehova.

6 Ho feta moo, ha Molimo a senola lebitso la hae, ho hlahella ntho e ’ngoe e babatsehang le e hlasimollang. O re khothalletsa hore re mo tsebe. O batla hore re etse khetho e molemo ka ho fetisisa eo re ka e etsang bophelong​—⁠ea ho atamela ho eena. Empa Jehova o entse ho hongata ho feta feela ho re bolella lebitso la hae. O boetse o re rutile ka motho eo le mo emelang.

Se Boleloang ke Lebitso la Molimo

7. (a) Ho utloisisoa hore lebitso la Molimo le bolela’ng? (b) Moshe o ne a hlile a batla ho tseba eng ha a ne a botsa Molimo lebitso la Hae?

7 Jehova ke eena ea ikhethetseng lebitso, le nang le moelelo oa bohlokoa haholo. Ho utloisisoa hore “Jehova” e bolela hore “O Etsa Hore Ho Be.” Ke eena ea ikhethang bokahohleng bohle, hobane o entse hore lintho tsohle li be teng, ebile o etsa hore merero eohle ea hae e phethahale. Eo ke khopolo e susumetsang tšabo e nang le tlhompho. Empa na ho na le tšobotsi e ’ngoe mabapi le se boleloang ke lebitso la Molimo? Ho hlakile hore Moshe o ne a batla ho ithuta ho eketsehileng. Ha e le hantle, o ne a tseba hore Jehova ke ’Mōpi ebile o ne a tseba lebitso la Molimo. Lebitso la Molimo le ne le se lecha ho eena. Ke ’nete hore lebitso la Molimo le ne le se le ntse le tsejoa. Batho ba ne ba ’nile ba le sebelisa ka lilemo tse makholo. Ha e le hantle, ha Moshe a ne a botsa lebitso la Molimo, o ne a botsa ka motho ea emeloang ke lebitso leo. Ka mantsoe a mang, o ne a re: ‘Ke eng seo nka se bolellang batho ba hao ba Iseraele ka uena se tla haha tumelo ea bona ho uena, se tla ba kholisa hore u fela u tla ba lokolla?’

8, 9. (a) Jehova o ile a araba potso ea Moshe joang, hona ke eng se phoso ka tsela eo karabelo ea Hae e atisang ho fetoleloa ka eona? (b) Polelo e reng “ke tla ba seo ke tla ba sona” e bolela’ng?

8 Ha Jehova a arabela o ile a senola tšobotsi e hlollang ea botho ba hae, e leng ntho e amanang le se boleloang ke lebitso la hae. O ile a re ho Moshe: “Ke tla ba seo ke tla ba sona.” (Exoda 3:​14) Liphetolelo tse ngata tsa Bibele li baleha tjena: “Ke eo ke leng eena.” Empa liphetolelo tse entsoeng ka hloko li bontša hore Molimo o ne a sa tiise ho ba teng ha hae feela. Ho e-na le hoo, Jehova o ne a ruta Moshe—le rōna bohle ka kakaretso—hore e ne e tla “ba” kapa a khethe ho ba ntho leha e le efe e hlokahalang hore a phethahatse litšepiso tsa Hae. Phetolelo ea J. B. Rotherham e fetolela temana ena ka ho toba e le: “Ke tla ba eng kapa eng eo ke ratang ho ba eona.” Setsebi se seng sa puo ea Seheberu sa Bibeleng se hlalosa polelo ena tjena: “Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe kapa tlhokahalo ke efe . . . , Molimo e tla ‘ba’ tharollo tlhokahalong eo.”

9 Seo se ne se bolela eng ho Baiseraele? Ho sa tsotellehe tšitiso leha e le efe e neng e larile ka pel’a bona, ho sa tsotellehe hore na ba ne ba ka ’na ba iphumana ba le maqakabetsing hakae, Jehova e ne e tla ba sohle se hlokahalang ho ba lopolla bokhobeng le ho ba isa Naheng e Tšepisitsoeng. Ka sebele lebitso leo le ne le susumelletsa ho tšepa Molimo. Le rōna le ka re susumetsa ka ho tšoanang kajeno. (Pesaleme ea 9:​10) Hobane’ng?

10, 11. Lebitso la Jehova le etsa hore re nahane ka eena e le Ntate ea ikamahanyang le maemo le ea molemo ka ho fetisisa eo re ka nahanang ka eena joang? Fana ka mohlala.

10 Ka mohlala: Batsoali ba tseba kamoo ba tlamehang ho ikamahanya le maemo le ho tenyetseha kateng ha ba hlokomela bana ba bona. Ka letsatsi feela, motsoali a ka ’na a tlameha ho ba mooki, seapehi, tichere, mokhalemeli, moahloli le tse ling tse ngata. Ba bangata ba qakoa ke likarolo tse ngata tseo ba lebeletsoeng ho li phetha. Ba hlalosa kamoo ba tšeptjoang ka ho feletseng kateng ke bana ba bona, bao ho seng mohla ba nahanang hore Ntate kapa ’Mè a ka sitoa ho folisa bohloko, ho khaola khang e ’ngoe le e ’ngoe, ho lokisa ntho leha e le efe ea ho bapala e robehileng le ho araba potso e ’ngoe le e ’ngoe e itlhahelang likelellong tsa bona tse fatisisang. Batsoali ba bang ba ikutloa ba le basesaane ’me ka linako tse ling ba ferekane ka lebaka la mefokolo ea bona. Ba ikutloa ba haelloa habohloko ha ho tluoa ho phetheng tse ngata tsa likarolo tsena.

11 Jehova le eena ke motsoali ea lerato. Leha ho le joalo, a ntse a sa tlōle litekanyetso tsa hae tse phethahetseng, ha ho letho leo e ke keng ea e-⁠ba lona bakeng sa ho hlokomela bana ba hae ba lefatšeng ka tsela e molemo ka ho fetisisa e ka khonehang. Kahoo lebitso la hae, Jehova, le etsa hore re nahane ka eena e le Ntate ea molemo ka ho fetisisa eo re ka nahanang ka eena. (Jakobo 1:​17) Moshe le Baiseraele ba bang bohle ba tšepahalang kapele-pele ba ile ba hlokomela hore Jehova o phelela lebitso la hae. Ba ile ba shebella ka ho hlolloa ha a iketsa Molaoli oa Lebotho ea sa hlōloeng, Morena oa lihloliloeng tsohle, Monehi-molao ea se nang thaka, Moahloli, Setsebi sa Meralo, Mofani oa lijo le metsi, ’Moloki oa liaparo le lieta​—⁠le tse ling tse ngata.

12. Boikutlo ba Faro ka Jehova bo ne bo fapane joang le ba Moshe?

12 Ka tsela ena Molimo o ile a tsebahatsa lebitso la hae, a senola lintho tse hlollang mabapi le motho ea emeloang ke lebitso leo, a ba a bontša hore seo a se buang ke ’nete. Ha ho pelaelo hore Molimo o batla hore re mo tsebe. Re arabela joang? Moshe o ne a batla ho tseba Molimo. Takatso eo e matla e ne e laola tsela ea Moshe ea bophelo ’me e ile ea mo atametsa ho Ntate oa hae oa leholimo. (Numere 12:​6-⁠8; Baheberu 11:​27) Ka masoabi, ke batho ba seng bakae feela ba phetseng mehleng ea Moshe ba neng ba e-⁠na le takatso e tšoanang le ea hae. Ha Moshe a bua ka lebitso la Jehova ho Faro, ’musi eo oa Egepeta ea ikhohomosang o ile a araba: “Jehova ke mang?” (Exoda 5:⁠2) Faro o ne a sa batle ho ithuta ho eketsehileng ka Jehova. Ho e-⁠na le hoo, ka ho soma o ile a qhelela Molimo oa Iseraele thōko ka ho re ha a na thuso kapa ha ho moo a amehang teng. Boikutlo boo bo atile haholo kajeno. Bo foufaletsa batho ’nete ea bohlokoa ka ho fetisisa har’a linnete tsohle​—⁠ea hore Jehova ke ’Musi Morena.

’Musi Morena Jehova

13, 14. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a fuoa litlotla tse ngata ka Bibeleng, hona tse ling tsa tsona ke life? (Bona lebokose le reng “ Tse Ling Tsa Litlotla Tsa Jehova.”) (b) Ke hobane’ng ha e le Jehova feela ea tšoanelehang ho bitsoa “’Musi Morena”?

13 Jehova o ikamahanya le maemo o bile o tenyetseha hoo ka nepo a bitsoang ka litlotla tse ngata ka Mangolong. Litlotla tsena ha li qothisane lehlokoa le lebitso la hae, ho e-⁠na le hoo, li re ruta ho eketsehileng ka seo lebitso la hae le se emelang. Ka mohlala, o bitsoa “’Musi Morena Jehova.” (2 Samuele 7:​22) Tlotla eo e phahameng, e hlahang ka makhetlo a makholo ka Bibeleng, e re bontša boemo ba Jehova. Ke eena feela ea nang le tokelo ea ho ba ’Musi bokahohleng bohle. Nahana lebaka la seo.

14 Jehova oa ikhetha kaha ke ’Mōpi. Tšenolo 4:​11 e re: “Jehova, Molimo oa rōna, ua tšoaneleha ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bōpile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa e-⁠ba teng ’me tsa bōptjoa.” Mantsoe ana a tlotliso a ke ke a sebelisoa ho motho leha e le ofe e mong. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe bokahohleng e teng ka Jehova! Ntle ho pelaelo, Jehova o tšoaneloa ke tlhompho, matla le khanya tseo ka nepo li lokelang ho fuoa ’Musi Morena le ’Mōpi oa lintho tsohle.

15. Ke hobane’ng ha Jehova a bitsoa “Morena oa bosafeleng”?

15 Tlotla e ’ngoe e sebelisoang ho Jehova feela ke “Morena oa bosafeleng.” (1 Timothea 1:​17; Tšenolo 15:⁠3) See se bolela eng? Ho thata hore likelello tsa rōna tse fokolang li ho utloisise, empa lentsoe la qalong la Segerike le sebelisitsoeng bakeng sa bosafeleng le bontša hore Jehova ha a na qalo le qetello. Pesaleme ea 90:⁠2 e re: “Esita le ho tloha nakong e sa lekanyetsoang ho isa nakong e sa lekanyetsoang u Molimo.” Kahoo Jehova ha a na qalo; haesale a le teng. Ka nepo o bitsoa “Moholo-holo oa Matsatsi”​—⁠o bile teng ka ho sa feleng le pele motho leha e le ofe kapa ntho leha e le efe e ’ngoe bokahohleng e e-⁠ba teng! (Daniele 7:​9, 13, 22) Ke mang eo ka nepo a ka belaellang tokelo ea hae ea ho ba ’Musi Morena?

16, 17. (a) Ke hobane’ng ha re ke ke ra bona Jehova, hona ke hobane’ng ha seo se sa lokela ho re makatsa? (b) Jehova ke oa sebele ho feta ntho leha e le efe eo re ka e bonang kapa eo re ka e amang ka kutloisiso efe?

16 Leha ho le joalo, ba bang ba belaella tokelo eo, joalokaha Faro a ile a e belaella. Karolo e ’ngoe ea bothata ke hore batho ba sa phethahalang ba lumela haholo seo ba ka se bonang ka mahlo. Re ke ke ra bona ’Musi Morena. Ke motho oa moea, ea sa bonahaleng mahlong a batho. (Johanne 4:​24) Ho feta moo, haeba motho oa nama le mali a ne a ka ema hona moo Jehova Molimo a leng teng, ketsahalo eo e ne e tla mo bolaea. Jehova ka boeena o ile a bolella Moshe: “U ke ke ua khona ho bona sefahleho sa ka, hobane ha ho motho ea ka mponang ’me leha ho le joalo a phela.”​—⁠Exoda 33:​20; Johanne 1:⁠18.

17 Seo ha sea lokela ho re makatsa. Moshe o ile a bona karolo e itseng feela ea khanya ea Jehova, kamoo ho bonahalang kateng ho ne ho sebelisoa lengeloi e le moemeli. Phello e ile ea e-ba efe? Sefahleho sa Moshe se ile sa “ntša mahlaseli” ka nakoana ka mor’a moo. Baiseraele ba ne ba bile ba tšaba ho talima Moshe sefahlehong. (Exoda 33:21-23; 34:5-7, 29, 30) Ka hona, ha ho motho feela tjee ea ka talimang ’Musi Morena khanyeng eohle ea hae! Na see se bolela hore hase oa sebele ha a bapisoa le ntho leha e le efe eo re ka e bonang ’me ra e ama? Che, re lumela habonolo hore lintho tse ngata tseo re ke keng ra li bona li teng—ka mohlala, moea, maqhubu a seea-le-moea le menahano. Ho feta moo, Jehova o lula a le teng, ha a angoe ke ho feta ha nako, esita le ho feta ha lilemo tse limilione tse likete tse se nang palo! Ka kutloisiso ena, ke oa sebele ho feta ntho leha e le efe eo re ka e amang kapa ra e bona, kaha lintho tse tikolohong e bonahalang li angoa ke nako le ho bola. (Matheu 6:19) Leha ho le joalo, na re lokela ho mo nka e le khopolo feela tjee, e le matla a se nang sebōpeho kapa Mohloli oa Pele oa Lihloliloeng Tsohle o ke keng oa hlalosoa? A re boneng.

Molimo ea Nang le Botho

18. Ezekiele o ile a fuoa pono efe, hona lifahleho tse ’nè tsa “libōpuoa tse phelang” tse pel’a Jehova li tšoantšetsa eng?

18 Le hoja re ke ke ra bona Molimo, ka Bibeleng ho na le litemana tse hlasimollang tse re fang monyetla oa ho nyarela leholimong. Mohlala o mong ke khaolo ea pele ea Ezekiele. Ezekiele o ile a fuoa pono ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova oa leholimo, oo a ileng a o bona o tšoana le koloi e khōlōhali ea leholimo. Se ipiletsang ka ho khetheha ke tlhaloso ea libōpuoa tse matla tsa moea tse pota-potileng Jehova. (Ezekiele 1:4-10) “Libōpuoa [tsena] tse phelang” li amana haufi le Jehova, ’me ponahalo ea tsona e re bolella ho hong habohlokoa ka Molimo eo li mo sebeletsang. Se seng le se seng sa tsona se na le lifahleho tse ’nè—sa poho, sa tau, sa ntsu le sa motho. Kamoo ho bonahalang kateng, li tšoantšetsa litšobotsi tse ’nè tse hlahelletseng tsa botho ba Jehova.—Tšenolo 4:6-8, 10.

19. Ke tšobotsi efe e emeloang ke (a) sefahleho sa poho? (b) sefahleho sa tau? (c) sefahleho sa ntsu? (d) sefahleho sa motho?

19 Ka Bibeleng, hangata poho e emela matla, ’me e le ka nepo, kaha ke phoofolo e matla haholo. Ka lehlakoreng le leng, hangata tau e tšoantšetsa toka, kaha toka ea ’nete e hloka sebete, e leng tšobotsi eo litau li tummeng ka eona. Lintsu li tsebahala ka pono ea tsona e chatsi, li bona esita le lintho tse nyenyane tse hōle ka lik’hilomithara. Kahoo sefahleho sa ntsu se ne se tla tšoantšetsa hantle bohlale ba Molimo bo bonelang hōle. Ho thoe’ng ka sefahleho sa motho? Ha e le hantle, kaha motho o entsoe ka setšoantšo sa Molimo, o na le matla a ikhethang a ho bonahatsa tšobotsi ea Molimo e ka sehloohong—e leng lerato. (Genese 1:26) Litšobotsi tsena tsa botho ba Jehova—e leng matla, toka, bohlale le lerato—li totobatsoa khafetsa ka Mangolong hoo li ka ’nang tsa bitsoa litšobotsi tsa Molimo tse ka sehloohong.

20. Na re lokela ho tšoenyeha ka hore na ebe mohlomong botho ba Jehova bo fetohile, hona ke hobane’ng ha u araba joalo?

20 Na re lokela ho tšoenyeha ka hore na ebe mohlomong Molimo o fetohile lilemong tse likete tse fetileng ho tloha ha a ne a hlalosoa ka Bibeleng? Che, botho ba Molimo ha bo fetohe. Oa re bolella: “Ke ’na Jehova; ha kea fetoha.” (Malakia 3:6) Ho e-na le ho fetoha ka nako le motsotso, Jehova o ipaka e le Ntate ea phethahetseng ka tsela eo a arabelang ka eona boemong bo bong le bo bong. O bonahatsa litšobotsi tsa botho ba hae tse loketseng ka ho fetisisa. Litšobotsing tseo tse ’nè e ipabolang haholo ke lerato. Le bonahala nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo Molimo a e etsang. O sebelisa matla a hae, toka le bohlale ka tsela e lerato. Ha e le hantle, Bibele e bolela ho hong ho sa tloaelehang ka Molimo le tšobotsi ena. E re: “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Hlokomela hore ha e re Molimo o na le lerato kapa hore Molimo o lerato. Ho e-na le hoo, e re Molimo ke lerato. Lerato, e leng sona sebōpeho sa hae, le mo susumetsa linthong tsohle tseo a li etsang.

“Bonang! Enoa ke Molimo oa Rōna”

21. Re tla ikutloa joang ha re ntse re tseba litšobotsi tsa Jehova hamolemo?

21 Na u kile ua bona ngoana e monyenyane a supisa metsoalle ea hae ntate oa hae ’me ka thabo e tsoang pelong le ka ho ikotla sefuba a re, “Ke ntate oa ka eno”? Barapeli ba Molimo ba na le mabaka ’ohle a ho ikutloa ka tsela eo ka Jehova. Bibele e bolela esale pele nako eo ka eona batho ba tšepahalang ba tlang ho hooa: “Bonang! Enoa ke Molimo oa rōna.” (Esaia 25:8, 9) Ha u utloisisa litšobotsi tsa Jehova ka ho eketsehileng, u tla ba le boikutlo bo matla haholoanyane ba hore u na le Ntate ea molemo ka ho fetisisa eo u ka mo nahanang.

22, 23. Bibele e hlalosa Ntate oa rōna oa leholimo joang, hona re tseba joang hore o batla hore re be haufi le eena?

22 Enoa hase Ntate ea se nang kutloelo-bohloko, ea sa atameleheng kapa ea itšehlang thajana—ho sa tsotellehe hore na lingangele tse ling tsa bolumeli le bo-rafilosofi ba bang ba ’nile ba ruta eng. Re ke ke ra ikutloa re hoheleha hore re be haufi le Molimo ea se nang kutloelo-bohloko, ’me ena hase tsela eo Bibele e hlalosang Ntate oa rōna oa leholimo ka eona. Ho e-na le hoo, e mo bitsa “Molimo ea thabileng.” (1 Timothea 1:11) O na le maikutlo a matla le a bonolo. O “ikutloa a soabile” ha libōpuoa tsa hae tse bohlale li hlokomoloha tataiso eo a fanang ka eona molemong oa boiketlo ba tsona. (Genese 6:6; Pesaleme ea 78:41) Empa ha re itšoara ka bohlale tumellanong le Lentsoe la hae, re mo ‘thabisa pelo.’—Liproverbia 27:11.

23 Ntate oa rōna o batla hore re be haufi le eena. Lentsoe la Hae le re khothalletsa hore re ‘mo phopholetse ’me ka sebele re mo fumane, le hoja, ha e le hantle, a se hōle le e mong le e mong oa rōna.’ (Liketso 17:27) Leha ho le joalo, ke joang batho feela tjee ba ka atamelang ho ’Musi Morena oa bokahohle?