Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 2

Na ka Sebele U ka ‘Atamela ho Molimo’?

Na ka Sebele U ka ‘Atamela ho Molimo’?

1, 2. (a) Ke eng e ka ’nang ea utloahala e ke ke ea etsahala ho ba bangata, empa Bibele e re tiisetsa eng? (b) Abrahama o ile a lumelloa ho ba le kamano efe e haufi, hona hobane’ng?

U NE u tla ikutloa joang haeba ’Mōpi oa leholimo le lefatše a ne a ka re ka uena, “Enoa ke motsoalle oa ka”? Ho ba bangata, seo se ka ’na sa utloahala eka ke ntho e ke keng ea etsahala. Etsoe, ke joang motho feela tjee e ka bang motsoalle oa Jehova Molimo? Leha ho le joalo, Bibele ea re tiisetsa hore ka sebele re ka ba haufi le Molimo.

2 Abrahama oa boholo-holo ke e mong oa ba ileng ba thabela katamelano e joalo. Jehova o ile a bua ka mopatriareka eo e le “motsoalle oa ka.” (Esaia 41:8) E, Jehova o ne a nka Abrahama e le motsoalle oa hae ka seqo. Abrahama o ile a lumelloa ho ba le kamano eo e haufi hobane o ile a “beha tumelo ho Jehova.” (Jakobo 2:23) Le kajeno Jehova o ntse a sheba menyetla ea ho ‘ikamahanya’ le ba susumetsoang ke lerato hore ba mo sebeletse. (Deuteronoma 10:15) Lentsoe la hae lea re phehella: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.” (Jakobo 4:8) Re fumana memo le tšepiso mantsoeng ana.

3. Jehova o re fa memo efe, hona e tsamaisana le tšepiso efe?

3 Jehova o re mema hore re mo atamele. O loketse ebile o ikemiselitse ho re amohela re le metsoalle ea hae. Ka nako e tšoanang, o tšepisa hore haeba re nka mehato ea ho atamela ho eena, le eena o tla etsa joalo. O tla atamela ho rōna. Kahoo re ka kena boemong bo bong boo e hlileng e leng ba bohlokoa—ba ho ba le “kamano e haufi-ufi le Jehova.” * (Pesaleme ea 25:14) “Kamano e haufi-ufi” e fana ka maikutlo a ho phetlelana lifuba le motsoalle ea ikhethang.

4. U ka hlalosa motsoalle ea haufi-ufi joang, hona Jehova o ipaka e le motsoalle ea joalo ho ba atamelang ho eena ka tsela efe?

4 Na u na le motsoalle ea haufi-ufi eo u ka mo bolellang makunutu a hao? Motsoalle ea joalo ke ea u tsotellang. Ua mo tšepa, kaha o ipakile a tšepahala. Thabo ea hao ea eketseha ha u e arolelana le eena. Ha a u sekehela tsebe ka kutloelo-bohloko o bebofatsa mahlomola a hao. Esita leha ho bonahala eka ha ho na motho ea u utloisisang, eena oa u utloisisa. Ka ho tšoanang, ha u atamela ho Molimo, u ba le Motsoalle ea ikhethang ea u ananelang e le kannete, ea u tsotellang ka ho teba le ea u utloisisang ka ho feletseng. (Pesaleme ea 103:14; 1 Petrose 5:7) U mo tšepela ho mo senolela maikutlo a hao a tebileng ka ho fetisisa, kaha ua tseba hore oa tšepahala ho ba tšepahalang ho eena. (Pesaleme ea 18:25) Leha ho le joalo, re ka ba le tokelo ena ea ho ba le kamano e haufi-ufi le Molimo feela hobane a entse hore e khonehe.

Jehova o Butse Tsela

5. Jehova o ile a etsa eng hore re khone ho ba haufi le eena?

5 Haeba re ne re ikhoantlella ka borōna, ho ne ho se mohla re ka atamelang ho Molimo kaha re baetsalibe. (Pesaleme ea 5:4) Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Empa Molimo o buella lerato la hae ho rōna ka hore, ha re sa ntse re le baetsalibe, Kreste o ile a re shoela.” (Baroma 5:8) E, Jehova o ile a lokisetsa hore Jesu a ‘fane ka moea oa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.’ (Matheu 20:28) Tumelo ea rōna sehlabelong seo sa thekollo e etsa hore re khone ho ba haufi le Molimo. Kaha Molimo “o ile a re rata pele,” o ile a rala motheo oa hore re be metsoalle ea hae.—1 Johanne 4:19.

6, 7. (a) Re tseba joang hore Jehova hase Molimo oa sephiri, ea ke keng a tsejoa? (b) Jehova o itšenotse ka litsela life?

6 Jehova o nkile khato e ’ngoe hape: O itšenoletse rōna. Kamanong leha e le efe ea botsoalle, katamelano e haufi e itšetleha ka ho tseba motho hantle, ho ananela litšobotsi le litsela tsa hae. Kahoo haeba Jehova e ne e le Molimo oa sephiri, ea ke keng a tsejoa, le ka mohla re ne re ke ke ra ba haufi le eena. Empa, ho e-na le ho ipata, o batla hore re mo tsebe. (Esaia 45:19) Ho feta moo, seo a se senolang ka eena se ka fumanoa ke bohle, esita le ba bang ba rōna bao e ka ’nang eaba ba nkoa e le ba tlaase ho ea ka litekanyetso tsa lefatše.—Matheu 11:25.

Jehova o itšenotse ka mesebetsi ea hae ea pōpo le ka Lentsoe la hae le ngotsoeng

7 Jehova o itšenotse joang ho rōna? Mesebetsi ea hae ea pōpo e tsebahatsa litšobotsi tse itseng tsa botho ba hae—boholo ba matla a hae, botebo ba bohlale ba hae, lerato la hae le khaphatsehang. (Baroma 1:20) Empa ho itšenola ha Jehova ha ho felle feela ka lintho tseo a li bōpileng. E le Mofani e Moholo oa Tsebo, o itšenotse ka seo a se ngotseng ka Lentsoeng la hae, e leng Bibele.

Ho Bona “Thabo ea Jehova”

8. Ke hobane’ng ha ho ka thoe Bibele ka boeona ke pontšo ea lerato la Jehova ho rōna?

8 Bibele ka boeona ke bopaki ba lerato la Jehova ho rōna. O itšenola ka tsela eo re ka e utloisisang ka Lentsoeng la hae—’me seo hase feela pontšo ea hore oa re rata empa ke pontšo ea hore o batla hore re mo tsebe ’me re mo rate. Seo re se balang bukeng ena ea bohlokoa se re nolofalletsa ho bona “thabo ea Jehova” ’me se re susumelletsa ho batla ho ba haufi le eena. (Pesaleme ea 90:17) A re tšohleng tse ling tsa litsela tse thabisang tseo Jehova a itšenolang ka tsona ka Lentsoeng la hae.

9. Mehlala e meng ea lipolelo tse tobileng tse hlalosang litšobotsi tsa Molimo ka Bibeleng ke efe?

9 Mangolo a na le lipolelo tse ngata tse tobileng tse hlalosang litšobotsi tsa Molimo. Hlokomela mehlala e meng. “Jehova o rata toka.” (Pesaleme ea 37:28) Molimo o “phahame matleng.” (Jobo 37:23) “‘Kea tšepahala,’ ho bolela Jehova.” (Jeremia 3:12) “O pelo e bohlale.” (Jobo 9:4) Ke “Molimo ea mohau le ea mosa, ea liehang ho halefa le ea tletseng mosa o lerato le ’nete.” (Exoda 34:6) “Jehova, u molemo ’me u itokiselitse ho tšoarela.” (Pesaleme ea 86:5) ’Me, joalokaha ho boletsoe khaolong e fetileng, ho na le tšobotsi e ’ngoe e hlaheletseng: “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Ha u ntse u nahana ka litšobotsi tsena tse ratehang, na ha u hoheloe ke Molimo eo, eo ho seng ea ka bapisoang le eena?

Bibele e re thusa ho atamela ho Jehova

10, 11. (a) Ho re thusa ho bona botho ba hae ka ho hlakileng haholoanyane, Jehova o akarelelitse eng ka hare ho Lentsoe la hae? (b) Ke mohlala ofe oa Bibele o re thusang ho bona ka mahlo a kelello ha matla a Molimo a sebetsa?

10 Ho phaella ho re bolelleng litšobotsi tsa hae, ka lerato Jehova o akarelelitse ka hare ho Lentsoe la hae mehlala e tobileng ea kamoo a bonahalitseng litšobotsi tsena kateng liketsong tsa hae. Litlaleho tse joalo li re fa litšoantšo tse hlakileng kelellong tse re thusang ho bona litšobotsi tse sa tšoaneng tsa botho ba hae ka tsela e hlakileng haholoanyane. Seo le sona se re thusa ho atamela ho eena. Nahana ka mohlala ona.

11 Ho bala ka hore Molimo “o na le matla a maholo” ke taba e ’ngoe. (Esaia 40:26) Ho bala kamoo a ileng a lopolla Baiseraele Leoatleng le Lefubelu kateng a ntan’o hlokomela sechaba ka lilemo tse 40 lehoatateng ke taba e ’ngoe e fapaneng. U ka bona ka mahlo a kelello ha metsi a bilohang a aroha ka lehare. U ka bona ka mahlo a kelello ha sechaba—mohlomong sa batho ba ka bang 3 000 000—se tšela leoatle se tsamaea lehlabatheng le omileng, metsi a hoammeng a eme joaloka mabota a maholo ka mahlakoreng a mabeli. (Exoda 14:21; 15:8) U khona ho lemoha bopaki ba tlhokomelo e sireletsang ea Molimo lehoatateng. Metsi a ile a tsoa lefikeng. Lijo tse kang lithollo tse tšoeu li ile tsa e-ba teng fatše. (Exoda 16:31; Numere 20:11) Mona Jehova ha a senole feela hore o na le matla empa o senola hore o a sebelisa molemong oa batho ba hae. Na hase ho khothatsang ho tseba hore lithapelo tsa rōna li nyolohela ho Molimo ea matla eo e leng “setšabelo le matla a rōna, thuso e fumanoang hang-hang nakong ea mahlomola”?—Pesaleme ea 46:1.

12. Jehova o re thusa joang hore re mo “bone” ka tsela eo re ka e utloisisang?

12 Jehova, e le motho oa moea, o entse ho eketsehileng ho re thusa hore re mo tsebe. Rōna batho re na le pono e lekanyelitsoeng ’me re ka bona feela seo mahlo a rōna a khonang ho se bona, ka hona re ke ke ra bona lintho tse sebakeng sa moea. Ha Molimo a ne a ka re hlalosetsa sebōpeho sa hae ka tsela ea moea ho ne ho tla tšoana le ho leka ho hlalosetsa motho ea tsoetsoeng e le sefofu ponahalo ea hao, joaloka ’mala oa mahlo a hao kapa matheba ao u nang le ’ona letlalong. Ho e-na le hoo, ka mosa Jehova o re thusa hore re mo “bone” ka tsela eo re ka e utloisisang. Ka linako tse ling, o sebelisa puo ea tšoantšetso le lipapiso, o itšoantša le lintho tseo re li tsebang. O bile o itlhalosa a e-na le litšobotsi tse itseng tsa batho. *

13. Esaia 40:11 e fana ka setšoantšo sefe kelellong, hona se u ama joang?

13 Hlokomela kamoo Jehova a hlalosoang kateng ho Esaia 40:11: “O tla alosa mohlape oa hae joaloka molisa. O tla bokella likonyana ka letsoho la hae; o tla li beha sefubeng.” Mona Jehova o bapisoa le molisa ea sikang likonyana ka “letsoho la hae.” Sena se bontša bokhoni ba Molimo ba ho sireletsa le ho tšehetsa batho ba hae, esita le ba hlaselehang habonolo. Re ka ikutloa re sireletsehile matsohong a hae a matla, hobane haeba re tšepahala ho eena, ha ho mohla a tla re lahla. (Baroma 8:38, 39) Molisa e Moholo o beha likonyana “sefubeng”—e leng lentsoe le bolelang mameno a karolong e ka holimo ea seaparo, ao ka linako tse ling molisa a neng a beha konyana e sa tsoa tsoaloa ka ho ’ona. Ka hona re tiisetsoa hore Jehova oa re rata le hore o re hlokomela ka tsela e mosa. Ho loketse ho batla ho ba haufi le eena.

‘Mora o Rata ho mo Senola’

14. Ke hobane’ng ha ho ka thoe Jehova o sebelisa Jesu ho itšenola ka tsela e tobileng ka ho fetisisa?

14 Ka Lentsoeng la hae, Jehova o sebelisa Mora oa hae ea ratoang, Jesu, ho itšenola ka tsela e tobileng ka ho fetisisa. Ha ho ea neng a ka senola monahano le maikutlo a Molimo ka ho hlaka kapa a Mo hlalosa ka tsela e qaqileng ho feta kamoo Jesu a ileng a etsa kateng. Etsoe Mora eo oa letsibolo o phetse le Ntate oa hae pele libōpuoa tse ling tsa moea le bokahohle bo bonahalang li bōptjoa. (Bakolose 1:15) Jesu o ne a tseba Jehova ka tsela e haufi-ufi. Ke kahoo a neng a ka re: “Ha ho ea tsebang hore na Mora ke mang haese Ntate; ’me ha ho ea tsebang hore na Ntate ke mang, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela eena.” (Luka 10:22) Ha Jesu e sa le motho lefatšeng o ile a senola Ntate oa hae ka litsela tse peli tsa bohlokoa.

15, 16. Jesu o ile a senola Ntate oa hae ka litsela life tse peli?

15 Ntlha ea pele, lithuto tsa Jesu li re thusa ho tseba Ntate oa hae. Jesu o ile a hlalosa Jehova ka tsela e re amang lipelo. Ka mohlala, ha a hlalosa Molimo ea mohau le ea amohelang baetsalibe ba bakileng, Jesu o ile a tšoantša Jehova le ntate ea tšoarelang ea amehang ka ho teba ha a bona mora oa hae ea lehlasoa a khutla hoo a mo mathelang ’me a itihela molaleng oa mora oa hae ’me a mo aka ka tsela e lerato. (Luka 15:11-24) Jesu o ile a boela a hlalosa Jehova e le Molimo ea ‘hulelang’ batho ba lipelo li lokileng ho eena hobane a ba rata e le batho ka bomong. (Johanne 6:44) O tseba le ha serobele se senyenyane se oela fatše. Jesu o ile a hlalosa: “Le se ke la tšaba: le ba bohlokoa ho feta lirobele tse ngata.” (Matheu 10:29, 31) Ka sebele re ikutloa re huleloa ho Molimo ea tsotellang joalo.

16 Ntlha ea bobeli, mohlala oa Jesu o re bontša seo Jehova a leng sona. Jesu o ile a bonahatsa ka ho phethahetseng seo Ntate oa hae a leng sona hoo a neng a ka re: “Ea mponeng o bone le Ntate.” (Johanne 14:9) Kahoo, ha re bala ka Jesu Likosepeleng—maikutlo ao a ileng a a bonahatsa le tsela eo a ileng a tšoara batho ba bang ka eona—ka kutloisiso e itseng re bona mohlala o phelang oa Ntate oa hae. Jehova o ne a ke ke a re senolela litšobotsi tsa hae ka tsela e ’ngoe e hlakileng ho fetang eo. Hobane’ng?

17. Fana ka mohlala oa seo Jehova a se entseng ho re thusa ho utloisisa seo a leng sona.

17 Ka mohlala: A re re u leka ho hlalosa hore na mosa ke eng. U ka ’na ua o hlalosa ka mantsoe. Empa haeba u supa motho ea hlileng a etsang ketso e mosa ’me u re, “Seo ke mohlala oa mosa,” lentsoe “mosa” le ba le moelelo haholoanyane ’me ho ba bonolo ho le utloisisa. Jehova o entse ho hong ho tšoanang ho re thusa ho utloisisa seo a leng sona. O itlhalositse ka mantsoe, a boela a re fa mohlala o phelang oa Mora oa hae. Litšobotsi tsa Molimo li bonoa ho Jesu ha li sebetsa. A sebelisa litlaleho tsa Kosepele tse hlalosang Jesu, ha e le hantle Jehova o re: “Sena ke sona seo ke leng sona.” Tlaleho e bululetsoeng e hlalosa Jesu ha a le lefatšeng joang?

18. Jesu o ile a bonahatsa litšobotsi tsa matla, toka le bohlale joang?

18 Jesu o ile a bonahatsa litšobotsi tse ’nè tsa Molimo tse ka sehloohong ka tsela e babatsehang. O ne a e-na le matla a ho felisa ho kula, tlala, esita le lefu. Leha ho le joalo, ho fapana le batho ba baithati ba sebelisang matla a bona hampe, ha ho mohla a kileng a sebelisa matla a ho etsa mohlolo molemong oa hae kapa ho ntša ba bang kotsi. (Matheu 4:2-4) O ne a rata toka. Pelo ea hae e ile ea tlala khalefo e lokileng ha a bona barekisi ba leeme ba hanyapetsa batho. (Matheu 21:12, 13) O ne a tšoara ba futsanehileng le ba hateletsoeng ka tsela e hlokang leeme, a ba thusa ho “fumanela meea ea [bona] khatholoho.” (Matheu 11:4, 5, 28-30) Ho ne ho se bohlale bo ka bapisoang le lithuto tsa Jesu, ea neng a ‘feta Solomone.’ (Matheu 12:42) Empa ha ho mohla Jesu a kileng a etsa mponeng ka bohlale ba hae. Mantsoe a hae a ne a finyella lipelo tsa batho ba tloaelehileng, kaha lithuto tsa hae li ne li hlakile, li le bonolo li bile li sebetsa.

19, 20. (a) Jesu e ile ea e-ba mohlala o ikhethang oa lerato joang? (b) Ha re ntse re bala re bile re nahanisisa ka mohlala oa Jesu, re lokela ho hopola eng?

19 Jesu e ile ea e-ba mohlala o ikhethang oa lerato. Nakong eohle ea tšebeletso ea hae, o ile a bonahatsa lerato ka libōpeho tsa lona tse ngata, tse akarelletsang qenehelo le kutloelo-bohloko. Ha a bona mahlomola a ba bang o ne a ba utloela bohloko. Nako le nako, kutloelo-bohloko eo e ne e mo susumelletsa ho nka khato. (Matheu 14:14) Le hoja a ile a folisa ba kulang le ho fepa ba lapileng, Jesu o ile a bonahatsa kutloelo-bohloko ka tsela ea bohlokoa haholo. O ile a thusa ba bang ho tseba, ho amohela le ho rata ’nete ea ’Muso oa Molimo, o tla tlisetsa batho litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng. (Mareka 6:34; Luka 4:43) Ka holim’a tsohle, Jesu o ile a bontša lerato la boitelo ka ho ithaopela ho nehelana ka bophelo ba hae molemong oa ba bang.—Johanne 15:13.

20 Ka hona, ha ho makatse hore ebe batho ba lilemo tsohle le ba limelo tsohle ba ne ba ikutloa ba huleloa ho motho enoa ea nang le lerato le mofuthu le maikutlo a tebileng. (Mareka 10:13-16) Leha ho le joalo, ha re ntse re bala re bile re nahanisisa ka mohlala o phelang oa Jesu, a re luleng re hopola hore ho Mora enoa, re bona ponahatso e hlakileng ea Ntat’ae.—Baheberu 1:3.

Thuso ea ho Ithuta e re Thusang

21, 22. Ho ameha eng ho batleng Jehova, hona thuso ee ea ho ithuta e fupere eng e ka re thusang boitekong boo?

21 Ka ho itšenola ka tsela e hlakileng tjena ka Lentsoeng la hae, Jehova o bontša ka ho hlaka hore o batla hore re be haufi le eena. Ka nako e tšoanang, ha a re qobelle ho batla kamano e amohelehang le eena. Ho ho rōna ho batla Jehova “ha a sa ntse a ka fumanoa.” (Esaia 55:6) Ho batla Jehova ho akarelletsa ho tseba litšobotsi le litsela tsa hae joalokaha li senotsoe ka Bibeleng. Thuso ea ho ithuta eo u ntseng u e bala hona joale e reretsoe ho u thusa boitekong bona.

22 U tla hlokomela hore buka ena e arotsoe ka likarolo tse tsamaisanang le litšobotsi tse ’nè tsa Jehova tse ka sehloohong: matla, toka, bohlale le lerato. Karolo ka ’ngoe e qala ka kakaretso ea tšobotsi ka ’ngoe. Likhaolo tse seng kae tse latelang li tšohla kamoo Jehova a bonahatsang tšobotsi eo kateng ka libōpeho tsa eona tse sa tšoaneng. Karolo ka ’ngoe e boetse e na le khaolo e bontšang kamoo Jesu a ileng a bonahatsa tšobotsi eo kateng, hammoho le khaolo e hlahlobang kamoo re ka e bonahatsang kateng bophelong ba rōna.

23, 24. (a) Hlalosa karolo e khethehileng ea “Lipotso Tsa ho Thuisa.” (b) Ho thuisa ho re thusa ho atamela ho Molimo haholoanyane joang?

23 Ho qala ka khaolo ena, ho na le karolo e khethehileng e reng “Lipotso Tsa ho Thuisa.” Ka mohlala, bona lebokose le leqepheng la 24. Litemana le lipotso tseo ha lia rereloa ho hlahloba khaolo. Ho e-na le hoo, morero oa tsona ke ho u thusa ho nahanisisa ka lintlha tse ling tsa bohlokoa mabapi le taba e tšohloang. U ka sebelisa karolo ee hamolemo joang? Phetla litemana tse bontšitsoeng, ’me u li bale ka hloko. Ebe u sheba potso e tsamaisanang le lengolo ka leng le bontšitsoeng. Nahana ka ho teba ka likarabo. Mohlomong u ka etsa lipatlisiso. Ipotse lipotso tse ling tse eketsehileng: ‘Boitsebiso boo bo mpolella’ng ka Jehova? Bo ama bophelo ba ka joang? Nka bo sebelisa joang ho thusa ba bang?’

24 Ho thuisa ho joalo ho ka re thusa ho atamela ho Jehova haholoanyane. Hobane’ng? Bibele a amahanya ho thuisa le pelo. (Pesaleme ea 19:14) Ha re thuisa ka kananelo ka seo re ithutang sona ka Molimo, boitsebiso boo bo monyela lipelong tsa rōna tsa tšoantšetso, moo bo amang monahano oa rōna, bo susumetsang maikutlo a rōna ’me qetellong bo re susumelletsa ketsong. Lerato la rōna ho Molimo lea teba, ’me lerato leo le re susumelletsa hore re batle ho mo khahlisa kaha ke Motsoalle oa rōna ea ratehang ka ho fetisisa. (1 Johanne 5:3) E le hore re be kamanong e joalo, re lokela ho tseba litšobotsi tsa Jehova le litsela tsa hae. Leha ho le joalo, a re qaleng ka ho tšohla tšobotsi e ’ngoe ea botho ba Molimo e fanang ka lebaka le susumelletsang ho atamela ho eena—khalalelo ea hae.

^ ser. 3 Ka ho thahasellisang, lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “kamano e haufi-ufi” le sebelisitsoe ho Amose 3:7, e bontšang hore ’Musi Morena Jehova o senolela bahlanka ba hae “taba ea hae ea lekunutu,” o ba tsebisa esale pele seo a rerang ho se etsa.

^ ser. 12 Ka mohlala, Bibele e bua ka sefahleho sa Molimo, mahlo, litsebe, linko, molomo, matsoho le maoto. (Pesaleme ea 18:15; 27:8; 44:3; Esaia 60:13; Matheu 4:4; 1 Petrose 3:12) Lipolelo tse joalo tsa tšoantšetso ha lia lokela ho nkoa ka tsela ea sebele, feela joalokaha ho re Jehova ke “Lefika” kapa ke “thebe” ho sa lokela ho nkoa ka tsela ea sebele.—Deuteronoma 32:4; Pesaleme ea 84:11.