Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 4

“Jehova . . . o na le Matla a Maholo”

“Jehova . . . o na le Matla a Maholo”

1, 2. Elia o ne a kile a bona limakatso life bophelong ba hae, empa o ile a bona liketsahalo life tse hlollang ha a le lehaheng la Thaba ea Horebe?

ELIA o ne a kile a bona limakatso pejana. O ne a ile a bona ha makhoaba a mo tlisetsa lijo habeli ka letsatsi ha a ntse a le palehong. O ne a ile a bona ha linkho tse peli li lula li e-na le phofo le oli nakong ea tlala e ileng ea nka nako e telele ’me li sa fele. O ne a ile a bona mollo o theoha leholimong ho arabela thapelo ea hae. (1 Marena, khaolo ea 17, 18) Empa Elia o ne a e-s’o bone letho le kang lena.

2 Ha a ntse a iphutha-phuthile monyakong oa lehaha Thabeng ea Horebe, o ile a bona letoto la liketsahalo tse hlollang. Qalong ho ile ha e-ba le moea oa sefefo. E tlameha ebe o ne o foka ka matla, ka molumo o thibang litsebe, kaha o ne o le matla hoo o ileng oa petsola lithaba ka lehare oa ba oa heletsa mafika. Ea ntan’o ba tšisinyeho ea lefatše, e ileng ea foqola matla a maholo a ka mpeng ea lefatše. Ha ntan’o latela mollo. Ha mollo o ntse o putula sebaka seo, mohlomong Elia o ile a utloa lebatama la oona le tlabolang.—1 Marena 19:8-12.

“Bonang! Jehova o ne a feta”

3. Elia o ile a bona bopaki ba tšobotsi efe ea Molimo, hona re ka bona bopaki ba tšobotsi ee hokae?

3 Liketsahalo tsena kaofela tse fapaneng tseo Elia a ileng a li bona li ne li e-na le ntho e le ’ngoe e tšoanang ho tsona—li ne li bonahatsa matla a Jehova Molimo a maholo. Ke ’nete hore ha ho hlokahale hore re bone mohlolo o itseng ka mahlo e le hore re utloisise hore Molimo o na le tšobotsi ena. E bonahala ka ho hlaka. Bibele e re bolella hore pōpo e fana ka bopaki ba “matla [a Jehova] le Bomolimo ba hae ba ka ho sa feleng.” (Baroma 1:20) Ak’u nahane feela ka ho tsekema ha lehalima le ho thoathoaretsa ho matla ha sea-luma, ho phorosela ho hlollang ha phororo e khōlō, boholo bo hlollang ba sepakapaka se tletseng linaleli! Na ha u bone matla a Molimo linthong tsee? Empa ke ba seng bakae feela lefatšeng kajeno ba hlileng ba elang hloko matla a Molimo. ’Me ke ba seng bakae ba a talimang ka tsela e loketseng. Leha ho le joalo, ho utloisisa tšobotsi ena ea Molimo ho re fa mabaka a mangata a ho atamela ho Jehova. Karolong ena re tla ithuta ka ho eketsehileng ka matla a Jehova ao ho seng a ka bapisoang le ’ona.

Tšobotsi ea Jehova ea Bohlokoa

4, 5. (a) Lebitso la Jehova le amana le matla a hae joang? (b) Ke hobane’ng ha ho loketse hore ebe Jehova o ile a khetha poho ho tšoantšetsa matla a hae?

4 Jehova oa ikhetha ka matla. Jeremia 10:⁠6 e re: “Ha ho ea tšoanang le uena ka tsela leha e le efe, Jehova. U moholo, ’me lebitso la hao le leholo ka matla.” Hlokomela hore lebitso la Jehova le amahanngoa le matla. Hopola hore kamoo ho bonahalang kateng, lebitso lena le bolela “O Etsa Hore ho be.” Ke eng e nolofalletsang Jehova hore a bōpe ntho leha e le efe eo a e batlang le hore a fetohe eng kapa eng eo a batlang ho ba eona? Har’a tse ling ke matla. Ka sebele, matla a Jehova a ho etsa lintho, a ho phetha thato ea hae, ha a na moeli. Matla ao ke e ’ngoe ea litšobotsi tsa hae tsa bohlokoa.

5 Kaha re ke ke ra utloisisa boholo ba matla a hae ka ho feletseng, Jehova o sebelisa lipapiso ho re thusa. Joalokaha re se re bone, o sebelisa poho ho tšoantšetsa matla a hae. (Ezekiele 1:4-10) Khetho eo e loketse, kaha esita le poho e ruuoang lapeng ke phoofolo ea tonanahali e bileng e leng matla. Mehleng ea Bibele e ne e le ka seoelo batho ba Palestina ba kopanang le phoofolo leha e le efe e matla ho e feta, haeba le teng ho ne ho ke ho etsahale. Empa ba ne ba tseba mofuta o mong oa poho e tšabehang le ho feta—poho e hlaha, kapa nare, e seng e ne e timele. (Jobo 39:9-12) Moemphera oa Roma Julius Caesar o kile a bolela hore lipoho tsena li ne li batla li le ka tlaasana ho litlou. O ile a ngola: “Matla a tsona ke a maholo ’me li lebelo haholo.” Ak’u nahane kamoo u neng u ka ikutloa u le mosesaane u bile u khoehla mangole kateng ha u ne u ka ema pel’a phoofolo ea tonanahali joalo!

6. Ke hobane’ng ha e le Jehova feela ea bitsoang “ea Matla ’Ohle”?

6 Ka ho tšoanang, motho oa fokola ’me hase letho ha a bapisoa le Molimo ea matla, Jehova. Ho eena, le lichaba tse matla li joaloka lerōle feela tjee le sekaleng. (Esaia 40:15) Ho fapana le sebōpuoa leha e le sefe, Jehova o na le matla a sa seheloang meeli, kaha ke eena feela ea bitsoang “ea Matla ’Ohle.” * (Tšenolo 15:3) Jehova “o na le matla a maholo” ’me “bonatla ba hae bo boholo.” (Esaia 40:26) Ke mohloli o lulang o kolla matla a maholo, o sa psheng. Ha aa itšetleha ka matla a tsoang mohloling o mong o itseng, kaha “matla ke a Molimo.” (Pesaleme ea 62:11) Leha ho le joalo, Jehova o sebelisa matla a hae ka litsela life?

Kamoo Jehova a Sebelisang Matla a Hae Kateng

7. Moea o halalelang oa Jehova ke eng, hona mantsoe a lipuo tsa qalong a sebelisitsoeng ka Bibeleng a fana ka maikutlo afe?

7 Moea o halalelang o tsoa ho Jehova ka tekanyo e se nang moeli. Ke matla a Molimo a sebetsang. Ha e le hantle, ho Genese 1:2, Bibele e o bitsa “matla a sebetsang” a Molimo. Mantsoe a qalong a Seheberu le a Segerike a fetoletsoeng e le “moea” a ka ’na a fetoleloa e le “moea o fokang,” “phefumoloho” le “pululo” litemaneng tse ling. Ho ea ka bahlophisi ba libuka tse hlalosang mantsoe, mantsoe a lipuo tsa qalong a fana ka maikutlo a matla a sa bonahaleng a sebetsang. Joaloka moea o fokang, re ke ke ra bona moea oa Molimo ka mahlo, empa liphello tsa oona ke tsa sebele ’me lia hlokomeleha.

8. Moea oa Molimo o tšoantšoa le eng ka Bibeleng, hona ke hobane’ng ha lipapiso tsee li loketse?

8 Moea o halalelang oa Molimo o feto-fetoha le maemo o sa phetse. Jehova a ka o sebelisa ho phetha morero leha e le ofe oo a o rerileng. Kahoo, ka Bibeleng moea oa Molimo ka nepo o tšoantšoa le “monoana” oa hae, “letsoho [la hae] le matla,” kapa “letsoho [la hae] le otlolohileng.” (Luka 11:20; Deuteronoma 5:15; Pesaleme ea 8:3) Feela joalokaha motho a ka sebelisa letsoho la hae ho etsa lintho tse fapa-fapaneng tse hlokang matla kapa ho ba hlokolosi ka tekanyo e sa tšoaneng, Molimo a ka sebelisa moea oa hae ho phetha morero leha e le ofe—joaloka ho bōpa athomo e nyenyane haholo kapa ho arola Leoatle le Lefubelu ka lehare kapa ho nolofalletsa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ho bua maleme asele.

9. Matla a Jehova a ho busa a maholo hakae?

9 Jehova o boetse o sebelisa matla ka bolaoli ba hae e le ’Musi oa Bokahohle. Na u ka inahanela u se u e-na le bafo ba limilione-milione ba bohlale, ba nang le bokhoni ba labalabelang ho phetha taelo ea hao? Jehova o na le matla a joalo a ho busa. O na le batho ba mo sebeletsang, bao hangata ka Mangolong ba tšoantšoang le lebotho. (Pesaleme ea 68:11; 110:3) Leha ho le joalo, motho ke sebōpuoa se fokolang ha a bapisoa le lengeloi. Ha lebotho la Assyria le ne le hlasela batho ba Molimo, lengeloi le le leng le ile la bolaea masole ao a 185 000 ka bosiu bo le bong! (2 Marena 19:35) Mangeloi a Molimo “a matla ka bonatla.”—Pesaleme ea 103:19, 20.

10. (a) Ke hobane’ng ha Ea Matla ’Ohle a bitsoa Jehova oa mabotho? (b) Ke mang ea matla ka ho fetisisa libōpuoeng tsohle tsa Jehova?

10 Ho na le mangeloi a makae? Moprofeta Daniele o ile a ba le pono ea leholimo eo ho eona a ileng a bona libōpuoa tsa moea tse fetang limilione tse 100 li le ka pel’a terone ea Jehova, empa ha ho na letho le bontšang hore o ile a bona mangeloi ’ohle ao Jehova a a bōpileng. (Daniele 7:10) Kahoo e ka ’na eaba ho na le mangeloi a limilione tse makholo. Kahoo Molimo o bitsoa Jehova oa mabotho. Tlotla ena e hlalosa boemo ba hae bo matla e le Molaoli oa boieane ba mangeloi a matla, a hlophisehileng. Ka holim’a libōpuoa tsena tsohle tsa moea, o behile e mong ea ikarabellang, e leng Mora oa hae ea ratoang, “letsibolo la pōpo eohle.” (Bakolose 1:15) E le lengeloi le ka sehloohong—le okametseng mangeloi ’ohle, lirafime le likerubime—Jesu ke eena ea matla ka ho fetisisa libōpuoeng tsohle tsa Jehova.

11, 12. (a) Lentsoe la Molimo le fana ka matla ka litsela life? (b) Jesu o ile a paka boholo ba matla a Jehova joang?

11 Jehova o boetse o na le tsela e ’ngoe eo a fanang ka matla ka eona. Baheberu 4:12 e re: “Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla.” Na u hlokometse matla a hlollang a lentsoe la Molimo, kapa molaetsa o bululetsoeng ke moea oo hona joale o bolokiloeng ka Bibeleng? A ka re matlafatsa, a haha tumelo ea rōna le ho re thusa ho etsa liphetoho tse khōlō. Moapostola Pauluse o ile a lemosa balumeli-’moho le eena ka batho ba phelang ka boitšoaro bo hlephileng. A ntan’o phaella: “Leha ho le joalo ke seo ba bang ba lōna ba neng ba le sona.” (1 Bakorinthe 6:9-11) E, “lentsoe la Molimo” le ile la ba fa matla ’me la ba thusa ho fetoha.

12 Matla a Jehova a maholohali ’me tsela eo a fanang ka ’ona ka eona e atleha hoo ho seng letho le ka mo emang tseleng. Jesu o ile a re: “Lintho tsohle lia khoneha ho Molimo.” (Matheu 19:26) Jehova o sebelisa matla a hae bakeng sa merero efe?

Matla a Tataisoang ke Morero

13, 14. (a) Ke hobane’ng ha re ka bolela hore Jehova hase mohloli feela tjee oa matla o se nang boikutlo? (b) Jehova o sebelisa matla a hae ka litsela life?

13 Moea oa Jehova o phahametse hōle matla leha e le afe a ntho e bonahalang; ’me Jehova hase matla a se nang boikutlo, mohloli feela tjee oa matla. Ke Molimo ea nang le boikutlo ea laolang matla a hae ka ho feletseng. Leha ho le joalo, ke eng se mo susumelletsang ho a sebelisa?

14 Joalokaha re tla bona, Molimo o sebelisa matla ho bōpa, ho timetsa, ho sireletsa, ho tsosolosa—ha e le hantle, ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lumellanang le merero ea hae e phethahetseng. (Esaia 46:10) Maemong a mang, Jehova o sebelisa matla a hae ho senola litšobotsi tsa bohlokoa tsa botho ba hae le litekanyetso tsa hae. Ka holim’a tsohle, o sebelisa matla a hae ho phetha thato ea hae—ho tlosa qoso bobusing ba hae le ho halaletsa lebitso la hae le halalelang ka ’Muso oa Bomesia. Ha ho letho le ka nyopisang morero oo le ka mohla.

15. Jehova o sebelisa matla a hae ka morero ofe mabapi le bahlanka ba hae, hona see se ile sa bonahatsoa joang tabeng ea Elia?

15 Jehova o boetse o sebelisa matla a hae molemong oa rōna ka bomong. Hlokomela seo 2 Likronike 16:9 e se bolelang: “Ha e le Jehova, mahlo a hae a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.” Mohlala o mong ke phihlelo ea Elia, e boletsoeng qalong. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a mo fa pontšo eo e hlollang ea matla a Molimo? Mofumahali Jezebele ea khopo o ne a ikanne hore o tla etsa hore Elia a bolaoe. Moprofeta eo o ne a le palehong, ho pholosa bophelo ba hae. O ne a jeoa ke bolutu, a tšohile a bile a nyahame—ekare mosebetsi oohle oa hae o boima e bile oa lefeela. Jehova o ile a hopotsa Elia matla a Molimo ka tsela e hlakileng, e le hore a tšelise monna enoa ea khathatsehileng. Moea oa sefefo, tšisinyeho ea lefatše le mollo li ile tsa bontša hore Motho ea matla ka ho fetisisa bokahohleng o ne a e-na le Elia moo. O ne a ka tšoha’ng e tsoang ho Jezebele, ha Molimo ea matla ’ohle a le ka lehlakoreng la hae?—1 Marena 19:1-12. *

16. Ke hobane’ng ha re ka tšelisoa ke ho nahana ka matla a Jehova a maholo?

16 Le hoja hona joale e se nako ea hore a etse mehlolo, Jehova ha aa fetoha ho tloha mehleng ea Elia. (1 Bakorinthe 13:8) Le kajeno o ntse a labalabela ho sebelisa matla a hae molemong oa ba mo ratang. Ke ’nete hore o lula sebakeng se phahameng haholo sa moea, empa ha a hōle le rōna. Matla a hae ha a na moeli, kahoo bohōle ba sebaka hase tšitiso. Ho e-na le hoo, “Jehova o haufi le bohle ba ipiletsang ho eena.” (Pesaleme ea 145:18) Ka nako e ’ngoe ha moprofeta Daniele a ne a kōpa Jehova hore a mo thuse, lengeloi le ile la hlaha ka pel’a hae le pele a qeta ho rapela! (Daniele 9:20-23) Ha ho letho le ka thibelang Jehova ho thusa le ho matlafatsa bao a ba ratang.—Pesaleme ea 118:6.

Na Matla a Molimo a Etsa Hore e be ea sa Atameleheng?

17. Matla a Jehova a re bakela tšabo ka kutloisiso efe, empa ha a re bakele tšabo ea mofuta ofe?

17 Na matla a Molimo a lokela ho etsa hore re mo tšabe? Re lokela ho araba ka e, le ka che. Re re e, hobane tšobotsi ena e re fa lebaka le matla la ho ba le tšabo ea Molimo, e leng tšabo e nang le tlhompho e tebileng eo re buileng ka eona hakhutšoanyane khaolong e fetileng. Bibele e re bolella hore tšabo e joalo ke “tšimoloho ea bohlale.” (Pesaleme ea 111:10) Leha ho le joalo, re boetse re araba ka che, kaha matla a Molimo ha a re fe lebaka la ho mo tšaba ka tšabo ea ho tlakasela kapa ea ho tšaba ho atamela ho eena.

18. (a) Ke hobane’ng ha ba bangata ba sa tšepe batho ba nang le matla? (b) Re tseba joang hore Jehova a ke ke a senngoa ke matla a hae?

18 “Matla a na le ho mathela motho hloohong; matla a feletseng a mathela hloohong ka ho feletseng.” Ke kamoo rahistori oa Lenyesemane Lord Acton a ileng a ngola kateng ka 1887. Mantsoe ao a hae a ’nile a buuoa khafetsa, mohlomong hobane batho ba bangata ba a nka e le ’nete e ke keng ea latoloa. Batho ba sa phethahalang ba atisa ho sebelisa matla hampe, joalokaha pale e tiisa seo khafetsa. (Moeklesia 4:1; 8:9) Ka lebaka lena, ba bangata ha ba tšepe batho ba nang le matla ’me baa ikhula ho bona. Empa joale, Jehova o na le matla a feletseng. Na a mo mathetse hloohong ka tsela leha e le efe? Le hanyenyane! Joalokaha re bone, oa halalela, ho hang a ke ke a senyeha. Jehova ha a tšoane le banna le basali ba sa phethahalang ba nang le matla lefatšeng lena le bolileng. Ha ho mohla a kileng a sebelisa matla a hae hampe, ’me ha ho mohla a tla ke a a sebelise hampe.

19, 20. (a) Kamehla Jehova o sebelisa matla a hae tumellanong le litšobotsi life tse ling, hona ke hobane’ng ha see se khothatsa? (b) U ka ’na ua tšoantša ho ithiba ha Jehova le eng, hona ke hobane’ng ha ho ipiletsa ho uena?

19 Hopola hore matla hase eona feela tšobotsi eo Jehova a nang le eona. Re sa ntsane re tla ithuta ka toka ea hae, bohlale ba hae le lerato la hae. Empa re se ke ra nka hore litšobotsi tsa Jehova li bonahala ka tsela e itseng feela, e sa tenyetseheng, joalokaha eka o sebelisa tšobotsi e le ’ngoe feela ka nako. Ho e-na le hoo, re tla bona likhaolong tse latelang hore kamehla Jehova o sebelisa matla a hae tumellanong le toka ea hae, bohlale ba hae le lerato la hae. Nahana ka tšobotsi e ’ngoe eo Molimo a nang le eona, eo e leng ka seoelo babusi ba lefatše ba bang le eona—e leng ea ho ithiba.

20 Ak’u nahane ha u ka kopana le motho oa seqhenqha ea matla hoo u bileng u ikutloang u tšerema mangole ke eena. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e ea ua hlokomela hore motho enoa o bonahala a le bonolo. Ka linako tsohle o loketse ebile o labalabela ho sebelisa matla a hae ho thusa le ho sireletsa batho ba bang, haholo-holo ba sitoang ho itšireletsa le ba hlaselehang habonolo. Ha ho mohla a sebelisang matla a hae hampe. U utloa a etselletsoa ntle ho lebaka, empa o lula a khobile matšoafo, a le seriti, a bile a le mosa. Ua ipotsa hore na ebe le uena u ne u tla khona ho bontša bonolo le ho ithiba joaloka eena, haholo-holo haeba u ne u le matla joalo! Ha u ntse u tseba motho eo haholoanyane, na u ne u sa tl’o qala ho ikutloa u huleloa ho eena? Re na le mabaka a eketsehileng ho feta ao a ho atamela ho Jehova ea matla ’ohle. Nahana ka polelo e feletseng eo sehlooho sa khaolo ena se thehiloeng ho eona: “Jehova o lieha ho halefa ’me o na le matla a maholo.” (Nahume 1:3) Jehova ha a potlakele ho sebelisa matla a hae ho otla batho, esita le ba khopo. O na le maikutlo a bonolo hape o mosa. O ipakile a “lieha ho halefa” le har’a liphephetso tse ngata.—Pesaleme ea 78:37-41.

21. Ke hobane’ng ha Jehova a sa qobelle batho hore ba etse thato ea hae, hona see se re ruta eng ka eena?

21 Nahana ka ho ithiba ha Jehova ka tsela e ’ngoe e fapaneng. Haeba u ne u e-na le matla a sa lekanyetsoang, na u nahana hore ka linako tse ling u ne u ka ’na ua lekeha hore u qobelle batho hore ba etse lintho ho ea ka tsela ea hao? Jehova, ea matla ’ohle, ha a qobelle batho hore ba mo sebeletse. Le hoja ho sebeletsa Molimo e le eona feela tsela e isang bophelong bo sa feleng, Jehova ha a re qobelle hore re mo sebeletse joalo. Ho e-na le hoo, ka mosa o fa e mong le e mong seriti ka hore a be le bolokolohi ba ho ikhethela. O lemosa ka liphello tsa ho etsa khetho e booatla ’me o bolela meputso ea ho etsa khetho e bohlale. Empa o re tloheletse hore re iketsetse khetho. (Deuteronoma 30:19, 20) Jehova ha a thahaselle tšebeletso e etsoang ka ho qobelloa kapa ka ho tlakasela ka lebaka la matla a hae a hlollang. O batla batho ba tla mo sebeletsa ka boithatelo, ba susumetsoa ke lerato.—2 Bakorinthe 9:7.

22, 23. (a) Ke’ng se bontšang hore Jehova o thabela ho fa ba bang matla? (b) Re tla hlahloba eng khaolong e latelang?

22 A re shebeng lebaka la ho qetela leo ka lona re sa lokelang ho phela re tšohile Molimo ea Matla ’Ohle. Batho ba nang le matla ba na le tšekamelo ea ho tšaba ho arolelana matla le ba bang. Leha ho le joalo, Jehova o thabela ho fa barapeli ba hae ba tšepahalang matla. O fa ba bang bolaoli bo boholo, ba kang Mora oa hae. (Matheu 28:18) Jehova o boetse o fa bahlanka ba hae matla ka tsela e ’ngoe. Bibele ea hlalosa: “Jehova, boholo le matla le botle le bokhabane bo hlomphehang le ho hlompheha ke tsa hao; kaha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e maholimong le e lefatšeng ke ea hao. . . . Letsohong la hao ho na le matla le bonatla, ’me letsohong la hao ho na le bokhoni ba ho hōlisa le ho fana ka matla ho bohle.”—1 Likronike 29:11, 12.

23 E, Jehova o tla thabela ho u fa matla. O bile o fa ba batlang ho mo sebeletsa “matla a fetang se tloaelehileng.” (2 Bakorinthe 4:7) Na u ikutloa u huleloa ho Molimo eo ea matla, ea sebelisang matla a hae ka tsela e mosa le e laolehileng joalo? Khaolong e latelang, re tla tsepamisa tlhokomelo tseleng eo Jehova a sebelisang matla a hae ka eona ho bōpa lintho.

^ ser. 6 Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ea Matla ’Ohle” ha e le hantle le bolela “’Musi oa Tsohle; Ea Nang le Matla ’Ohle.”

^ ser. 15 Bibele e re “Jehova o ne a se moeeng oo . . . , tšisinyehong eo . . . , mollong.” Ho fapana le barapeli ba melimo ea lihloliloeng ea tšōmong, bahlanka ba Jehova ha ba mo batle har’a lihloliloeng. O moholo haholo hore a ka fella ka har’a ntho leha e le efe eo a e bōpileng.—1 Marena 8:27.