Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 7

Matla a ho Sireletsa​—‘Molimo ke Setšabelo sa Rōna’

Matla a ho Sireletsa​—‘Molimo ke Setšabelo sa Rōna’

1, 2. Baiseraele ba ne ba le kotsing efe ha ba fihla tikolohong ea Sinai ka 1513 B.C.E., hona Jehova o ile a ba khothatsa joang?

BAISERAELE ba ne ba le kotsing ha ba fihla tikolohong ea Sinai mathoasong a 1513 B.C.E. Ka pele ho bona ho ne ho larile leeto le tšosang, la ho haola “lefeelleng le leholo le le tšabehang, le nang le linoha tse chefo le liphepheng.” (Deuteronoma 8:15) Ba ne ba boetse ba tjametsoe ke tšokelo ea ho hlaseloa ke lichaba tse tletseng lehloeo. Jehova o ne a behile batho ba hae boemong bona. Joaloka Molimo oa bona, na o ne a tla khona ho ba sireletsa?

2 Mantsoe a Jehova e ile ea e-ba a khothatsang haholo: “Le bone seo ke se entseng ho Baegepeta, e le hore nka le jara ka mapheo a lintsu ka le tlisa ho ’na.” (Exoda 19:4) Jehova o ile a hopotsa batho ba hae hore o ile a sebelisa lintsu, ka tsela ea tšoantšetso, ho ba lopolla ho Baegepeta ho ba isa moo ho sireletsehileng. Empa ho na le mabaka a mang a etsang hore papiso ea “mapheo a lintsu” e be tšoantšetso e loketseng ea tšireletso eo Molimo a fanang ka eona.

3. Ke hobane’ng ha “mapheo a lintsu” a tšoantšetsa ka ho loketseng tšireletso eo Molimo a fanang ka eona?

3 Ntsu ha e sebelisetse mapheo a eona a maholo, a matla ho fofela holimo feela. Mochesong o matla oa letsatsi, ntsu e nang le malinyane e phukalatsa mapheo—a ka bang bophara ba limithara tse peli—ho etsetsa malinyane a eona a sa ntseng a fokola moriti, ho a sireletsa lebatameng la letsatsi. Ka linako tse ling, e pupetsa malinyane a eona ka mapheo ho a sireletsa moeeng o batang. Feela joalokaha ntsu e sireletsa malinyane a eona, Jehova le eena o ne a ile a sireletsa sechaba se sa tsoa thehoa sa Iseraele. Joale ha ba le lehoatateng, batho ba hae ba ne ba tla ’ne ba tšabele moriting oa mapheo a hae a matla hafeela ba lula ba tšepahala. (Deuteronoma 32:9-11; Pesaleme ea 36:7) Empa na ka nepo re ka lebella ho sireletsoa ke Molimo kajeno?

Tšepiso ea Tšireletso ea Molimo

4, 5. Ke hobane’ng ha re ka kholoa ka ho feletseng tšepiso ea Molimo ea ho sireletsa?

4 Ka sebele Jehova o na le matla a ho sireletsa bahlanka ba hae. Ke “Molimo ea Matla ’Ohle”—e leng tlotla e bontšang hore o na le matla a ke keng a hanyetsoa. (Genese 17:1) Joaloka leqhubu le ke keng la emisoa, matla a Jehova a sebetsang a ke ke a thijoa. Kaha a ka etsa ntho leha e le efe eo e leng thato ea hae, re ka ’na ra botsa, ‘Na ke thato ea Jehova ho sireletsa batho ba hae ka matla a hae?’

5 Karabo e tobileng ke e! Jehova o re tiisetsa hore o tla sireletsa batho ba hae. Pesaleme ea 46:1 e re: “Molimo ke setšabelo le matla a rōna, thuso e fumanoang hang-hang nakong ea mahlomola.” Kaha Molimo ‘a ke ke a bua leshano,’ re ka kholoa ka ho feletseng tšepiso ea hae ea ho sireletsa. (Tite 1:2) A re ke re hlahlobeng lipapiso tse ling tse qaqileng tseo Jehova a li sebelisang ho hlalosa tlhokomelo ea hae e sireletsang.

6, 7. (a) Molisa oa mehleng ea Bibele o ne a sireletsa linku tsa hae joang? (b) Bibele e tšoantša takatso ea Jehova e tiileng ea ho sireletsa linku tsa hae le ho li hlokomela joang?

6 Jehova ke Molisa, ’me “re batho ba hae le linku tsa lekhulo la hae.” (Pesaleme ea 23:1; 100:3) Ke liphoofolo tse seng kae tse sitoang ho itšireletsa joaloka linku. Molisa oa mehleng ea Bibele o ne a lokela ho ba sebete e le hore a sireletse linku tsa hae ho litau, liphiri le libere, esita le ho masholu. (1 Samuele 17:34, 35; Johanne 10:12, 13) Empa ka linako tse ling ho sireletsa linku ho ne ho hloka mosa. Ha nku e tsoala e le hōle le lesaka, molisa ea tsotellang o ne a tla hlokomela nku eo nakong eo e hlokang thuso ebe o nka konyana ea eona e sitoang ho itšireletsa ’me o e isa lesakeng.

“O tla li beha sefubeng”

7 Ka ho itšoantša le molisa, Jehova o re tiisetsa takatso ea hae e tiileng ea ho re sireletsa. (Ezekiele 34:11-16) Hopola kamoo Jehova a hlalosoang kateng ho Esaia 40:11, e tšohliloeng Khaolong ea 2 ea buka ena: “O tla alosa mohlape oa hae joaloka molisa. O tla bokella likonyana ka letsoho la hae; o tla li beha sefubeng.” Ho tla joang hore konyana e nyenyane e be “sefubeng” sa molisa—mamenong a liaparo tsa hae tsa ka holimo? Konyana e ka ’na ea ikatametsa ho molisa, esita le ho ikhohla ka eena maotong. Leha ho le joalo, ke molisa ea lokelang ho inama, a nke konyana ’me a e behe ka mosa moo ho sireletsehileng sefubeng sa hae. Ke papiso e lerato hakaakang e bontšang boikemisetso ba Molisa oa rōna e Moholo ba ho re sireletsa!

8. (a) Ke bo-mang ba tšepisoang tšireletso ea Molimo, hona Liproverbia 18:10 e bontša see joang? (b) Ho ameha eng ho sireletsoeng ke lebitso la Molimo?

8 Tšepiso ea Molimo ea ho sireletsa e na le meeli—e fumanoa feela ke ba atamelang ho eena. Liproverbia 18:10 e re: “Lebitso la Jehova ke tora e matla. Ea lokileng o balehela ho lona ’me o fuoa tšireletso.” Mehleng ea Bibele, ka linako tse ling litora li ne li hahoa lefeelleng e le libaka tsa tšireletso. Empa e ne e le boikarabelo ba motho ea kotsing hore a balehele toreng eo e le hore a sireletsehe. Hoa tšoana le ka ho sireletsoa ke lebitso la Molimo. Hase feela ho bitsa lebitso la Molimo; lebitso la Molimo ka bolona ha le na matla a mohlolo. Ho e-na le hoo, re lokela ho tseba Mong’a lebitso leo le ho mo tšepa ’me re phele tumellanong le litekanyetso tsa hae tse lokileng. Jehova o mosa hakaakang ka hore ebe o re tiisetsa hore haeba re retelehela ho eena ka tumelo, e tla ba tora ea rōna ea tšireletso!

“Molimo oa Rōna . . . o . . . Khona ho re Pholosa”

9. Jehova ha aa fella feela ka ho tšepisa tšireletso joang?

9 Jehova ha aa fella feela ka ho tšepisa tšireletso. Mehleng ea Bibele o ile a bonahatsa ka litsela tsa mohlolo hore o khona ho sireletsa batho ba hae. Mehleng ea Iseraele, hangata “letsoho” la Jehova le matla le ne le thiba lira tse matla. (Exoda 7:4) Leha ho le joalo, Jehova o ile a boela a sebelisa matla a hae a ho sireletsa molemong oa batho ka bomong.

10, 11. Ke mehlala efe ea Bibele e bontšang kamoo Jehova a ileng a sebelisa matla a hae a ho sireletsa kateng molemong oa batho ka bomong?

10 Ha bacha ba bararo ba Baheberu—Shadrake, Meshake le Abednego—ba ne ba hana ho khumamela setšoantšo sa khauta sa Morena Nebukadnezare, morena ea lolomang ke bohale o ile a ba sokela ka hore o tla ba lahlela ka sebōping sa mollo o tukang hampe. Nebukadnezare, morena ea matla ka ho fetisisa lefatšeng, ka nyeliso o ile a re: “Molimo eo ke mang ea ka le pholosang matsohong a ka?” (Daniele 3:15) Bahlankana bao ba bararo ba ne ba kholisehile ka ho feletseng ka matla a Molimo oa bona a ho ba sireletsa, empa ha baa ka ba nka habobebe feela hore o tla ba sireletsa. Kahoo, ba ile ba araba: “Haeba ho ka ba joalo, Molimo oa rōna eo re mo sebeletsang o tla khona ho re pholosa.” (Daniele 3:17) Ka sebele, le hoja sebōpi seo sa mollo se ne se besitsoe ka makhetlo a supileng ho feta mehleng, ha sea ka sa hlahisa phephetso ea letho ho Molimo oa bona ea matla ’ohle. O ile a fela a ba sireletsa, ’me morena eo o ile a tlameha ho lumela: “Ha ho molimo e mong ea khonang ho lopolla ho tšoana le enoa.”—Daniele 3:29.

11 Jehova o ile a boela a bonahatsa ka tsela e hlollang e le kannete matla a hae a ho sireletsa ha a ne a fetisetsa bophelo ba Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši pōpelong ea moroetsana oa Mojuda Maria. Lengeloi le ile la bolella Maria hore o ne a tla “emola ka pōpelong ea [hae ’me a] tsoale mora.” Lengeloi le ile la hlalosa: “Moea o halalelang o tla theohela holim’a hao, ’me matla a Ea Phahameng ka ho Fetisisa a tla u koahela.” (Luka 1:31, 35) Kamoo ho bonahalang kateng, ha ho mohla Mora oa Molimo a kileng a ba boemong bo kotsi joaloka boo. Na sebe le ho se phethahale ha ’mè oa motho li ne li tla silafatsa lesea le sa tsoa emoloa? Na Satane o ne a tla khona ho ntša Mora eo kotsi kapa ho mo bolaea pele A tsoaloa? Le hanyenyane! Ha e le hantle, Jehova o ile a lika-liketsa Maria ka lerako le sireletsang e le hore ho se be le letho—ho se phethahale, tšusumetso e kotsi, ’molai, kapa modemona leha e le ofe—le ka ntšang lesea le sa tsoa emoloa le ntseng le hōla kotsi, ho tloha ha le emoloa ho ea pele. Jehova o ile a tsoela pele ho sireletsa Jesu bocheng ba hae. (Matheu 2:1-15) Ho fihlela ka nako ea Molimo e behiloeng, Mora oa hae ea ratoang o ne a ke ke a hlaseloa.

12. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a sireletsa batho ba bang ka tsela ea mohlolo linakong tsa Bibele?

12 Ke hobane’ng ha Jehova a ile a sireletsa batho ba bang ka litsela tseo tsa mohlolo? Maemong a mangata Jehova o ile a sireletsa batho ka bomong e le hore a sireletse ntho e ’ngoe ea bohlokoa le ho feta: ho phethahala ha morero oa hae. Ka mohlala, ho pholoha ha lesea Jesu e ne e le habohlokoa bakeng sa ho phethahala ha morero oa Molimo, oo qetellong o tlang ho tsoela moloko oohle oa batho molemo. Tlaleho ea liponahatso tse ngata tsa matla a ho sireletsa ke karolo ea Mangolo a bululetsoeng, a ileng a “ngolloa ho re laea, e le hore ka mamello ea rōna le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.” (Baroma 15:4) E, mehlala ena e matlafatsa tumelo ea rōna ho Molimo oa rōna ea matla ’ohle. Empa re ka lebella tšireletso ea mofuta ofe e tsoang ho Molimo kajeno?

Seo Tšireletso ea Molimo e sa se Boleleng

13. Na Jehova o tlamehile ho etsa mehlolo molemong oa rōna? Hlalosa.

13 Tšepiso ea Molimo ea ho re sireletsa ha e bolele hore Jehova o tlamehile ho etsa mehlolo molemong oa rōna. Che, Molimo oa rōna ha a re fe tiiso ea ho fumana bophelo bo se nang mathata tsamaisong ena ea khale ea lintho. Bahlanka ba Jehova ba bangata ba tšepahalang ba feta har’a maqakabetsi, a akarelletsang bofuma, ntoa, ho kula le lefu. Jesu o ile a bolella balateli ba hae pepenene hore e le batho ka bomong ba ka ’na ba bolaoa ka lebaka la tumelo ea bona. Ke kahoo Jesu a ileng a totobatsa hore ho hlokahala hore ba tiisetse ho isa qetellong. (Matheu 24:9, 13) Haeba Jehova a ne a ka sebelisa matla a hae ho fana ka topollo ea mohlolo boemong bo bong le bo bong, Satane o ne a ka ’na a ba le moo a itšoarellang teng ha a phephetsa Jehova le ha a belaella ho tiea ha boinehelo ba rōna ho Molimo oa rōna.—Jobo 1:9, 10.

14. Ke mehlala efe e bontšang hore hase kamehla Jehova a sireletsang bahlanka bohle ba hae ka litsela tse tšoanang?

14 Esita le linakong tsa Bibele, Jehova ha aa ka a sebelisa matla a hae a ho sireletsa ho phemisa mohlanka e mong le e mong oa hae lefu le tlang pele ho nako. Ka mohlala, Heroda o ile a bolaea moapostola Jakobo hoo e ka bang ka 44 C.E.; empa, nakoana ka mor’a moo, Petrose o ile a lopolloa “letsohong la Heroda.” (Liketso 12:1-11) ’Me Johanne, ngoan’abo Jakobo, o ile a phela haleletsana ho feta Petrose le Jakobo. Ka ho hlakileng, re ke ke ra lebella hore Molimo oa rōna a sireletse bahlanka bohle ba hae ka litsela tse tšoanang. Ntle ho moo, bohle re “hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.” (Moeklesia 9:11) Joale, Jehova o re sireletsa joang kajeno?

Jehova o Fana ka Tšireletso Nameng

15, 16. (a) Ho na le bopaki bofe ba hore Jehova o sirelelitse barapeli ba hae nameng e le sehlopha? (b) Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jehova o tla sireletsa bahlanka ba hae hona joale le nakong ea ‘matšoenyeho a maholo’?

15 Ntlha ea pele, nahana ka taba ea ho sireletsoa nameng. Re le barapeli ba Jehova, re ka lebella tšireletso e joalo re le sehlopha. Ho seng joalo, Satane o ne a ka re hlasela habonolo. Nahana ka sena: Satane, “’musi oa lefatše lena,” o lakatsa ho felisa borapeli ba ’nete. (Johanne 12:31; Tšenolo 12:17) Mebuso e meng ea lefatše e matla ka ho fetisisa e ile ea thibela mosebetsi oa rōna oa boboleli ea ba ea leka ho re felisa ka ho feletseng. Leha ho le joalo, batho ba Jehova ba ile ba lula ba tiile ’me ba tsoela pele ho bolela molaetsa ba sa phetse! Ke hobane’ng ha lichaba tse matla li sitiloe ho emisa mosebetsi oa sehlopha see se senyenyane sa Bakreste seo ha ho bapisoa e leng se fokolang, se bileng se bonahalang se se na mokhoa oa ho itšireletsa? Hobane Jehova o re sirelelitse ka mapheo a hae a matla!—Pesaleme ea 17:7, 8.

16 Ho thoe’ng ka ho sireletsoa nameng nakong ea ‘matšoenyeho a maholo’ a tlang? Ha rea lokela ho tšoha ho lihuoa ha likahlolo tsa Molimo. Etsoe, “Jehova o tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomolimo tekong, empa ho bolokela batho ba sa lokang letsatsi la kahlolo hore ba khaoloe.” (Tšenolo 7:14; 2 Petrose 2:9) Khabareng, re ka kholiseha ka lintho tse peli. Ea pele, le ka mohla Jehova a ke ke a lumella hore bahlanka ba hae ba tšepahalang ba felisoe lefatšeng. Ea bobeli, o tla putsa ba bolokang botšepehi ka bophelo bo sa feleng lefatšeng la hae le lecha la ho loka—haeba ho hlokahala, ka ho ba tsosa bafung. Ha e le ka ba shoang bona, ha ho sebaka se seng se sireletsehileng ho feta ho ba mohopolong oa Molimo.—Johanne 5:28, 29.

17. Jehova o re sireletsa joang ka Lentsoe la hae?

17 Esita le hona joale, Jehova o re sireletsa ka “lentsoe” la hae le phelang, le nang le matla a susumetsang bakeng sa ho folisa lipelo le ho fetola bophelo ba batho. (Baheberu 4:12) Ka ho sebelisa melao-motheo ea lona, re ka sireletsoa linthong tse itseng tse ka bang kotsi nameng. Esaia 48:17 e re: “’Na, Jehova, ke . . . u [ruta] hore u itsoele molemo.” Ntle ho pelaelo, ho phela tumellanong le Lentsoe la Molimo ho ka ntlafatsa bophelo ba rōna ba ’mele ’me ha lelefatsa bophelo ba rōna. Ka mohlala, kahobane re sebelisa keletso ea Bibele ea ho ila bohlola le ho itlhoekisa litšila, re qoba mekhoa e litšila le e kotsi e senyang bophelo ba batho ba bangata ba sa tšabeng Molimo. (Liketso 15:29; 2 Bakorinthe 7:1) Re motlotlo hakaakang ka tšireletso eo Lentsoe la Molimo le re fang eona!

Jehova oa re Sireletsa Moeeng

18. Jehova o re sireletsa joang moeeng?

18 Habohlokoa le ho feta, Jehova o fana ka tšireletso ea moea. Molimo oa rōna ea lerato o re sireletsa kotsing ea moea ka ho re hlomella ka seo re se hlokang e le hore re mamelle liteko ’me re boloke kamano ea rōna le eena. Ka hona Jehova o sebeletsa ho boloka bophelo ba rōna, eseng feela ka lilengoana tse seng kae empa ka ho sa feleng. Nahana ka litokisetso tse ling tseo Molimo a li entseng tse ka re sireletsang moeeng.

19. Moea oa Jehova o ka re thusa ho sebetsana ka katleho le teko leha e le efe eo re ka ’nang ra tobana le eona joang?

19 Jehova ke “Ea Utloang thapelo.” (Pesaleme ea 65:2) Ha ho bonahala likhatello tsa bophelo li re imela, ho tšollela lipelo tsa rōna ho eena ho ka re tlisetsa khatholoho e khōlō. (Bafilipi 4:6, 7) A ka ’na a se ke a tlosa liteko tsa rōna ka tsela ea mohlolo, empa ha a arabela lithapelo tsa rōna tse tlohang pelong, a ka re fa bohlale ba ho sebetsana le tsona. (Jakobo 1:5, 6) Ho feta moo, Jehova o fana ka moea o halalelang ho ba mo kōpang. (Luka 11:13) Moea oo o matla o ka re thusa ho sebetsana ka katleho le teko kapa bothata leha e le bofe boo re ka ’nang ra tobana le bona. O ka re fa “matla a fetang se tloaelehileng” a ho tiisetsa ho fihlela Jehova a tlosa mathata ’ohle a utloisang bohloko lefatšeng le lecha le seng le atametse haholo.—2 Bakorinthe 4:7.

20. Matla a Jehova a ho sireletsa a ka bonahatsoa ka barapeli-’moho le rōna joang?

20 Ka linako tse ling, matla a Jehova a ho sireletsa a ka ’na a bonahatsoa ka barapeli-’moho le rōna. Jehova o huletse batho ba hae ‘mokhatlong [oa lefatše lohle] oa bara ba motho.’ (1 Petrose 2:17; Johanne 6:44) Tikolohong e lerato ea mokhatlo oo oa bara ba motho, re bona bopaki bo phelang ba matla a moea o halalelang oa Molimo a ho susumelletsa batho ho etsa se molemo. Moea oo o hlahisa ka ho rōna litholoana—litšobotsi tse ntle, tsa bohlokoa tse akarelletsang lerato, mosa le molemo. (Bagalata 5:22, 23) Kahoo, ha re le mahlomoleng ’me molumeli-’moho le rōna a susumelletseha ho re fa keletso e thusang kapa ho re khothatsa ka mantsoe a bohlokoahali a hahang, re ka leboha Jehova ka ponahatso eo ea tlhokomelo ea hae e sireletsang.

21. (a) Ke lijo life tsa moea tse nakong tseo Jehova a fanang ka tsona ka “lekhoba le tšepahalang le le masene”? (b) U ruile molemo joang litokisetsong tseo Jehova a faneng ka tsona ho re sireletsa moeeng?

21 Jehova o fana ka ho hong hape ho re sireletsa: lijo tsa moea tse nakong. Ho re thusa ho fumana matla Lentsoeng la hae, Jehova o laetse “lekhoba le tšepahalang le le masene” ho aba lijo tsa moea. Lekhoba leo le tšepahalang le sebelisa likhatiso, tse akarelletsang likoranta tsa Molula-Qhooa le Tsoha!, hammoho le liboka, likopano tse nyenyane le tse khōlō ho re fa ‘lijo ka nako e tšoanetseng’​—⁠seo re se hlokang, nakong eo re se hlokang ka eona. (Matheu 24:​45) Na u kile ua utloa ntlha e itseng sebokeng sa Bokreste​—⁠ha ho fanoa ka karabo, ka puo, kapa le ha ho etsoa thapelo​—⁠e ileng ea u fa matla le khothatso tseo u hlileng u li hlokang? Na bophelo ba hao bo kile ba angoa ke sehlooho se itseng ka ho khetheha se hatisitsoeng ho e ’ngoe ea limakasine tsa rōna? Hopola hore Jehova o etsa litokisetso tsena tsohle molemong oa ho re sireletsa moeeng.

22. Kamehla Jehova o sebelisa matla a hae ka tsela efe, hona ke hobane’ng ha seo se re tlisetsa molemo o moholo ka ho fetisisa?

22 Ka sebele Jehova ke thebe “ho bohle ba tšabelang ho eena.” (Pesaleme ea 18:30) Rea elelloa hore ha a sebelise matla a hae ho re sireletsa litlokotsing tsohle hona joale. Leha ho le joalo, kamehla o sebelisa matla a hae a ho sireletsa ho tiisa hore morero oa hae oa phethahala. Qetellong, seo se tlisetsa batho ba hae molemo o moholo ka ho fetisisa. Haeba re atamela ho eena ’me re lula leratong la hae, Jehova o tla re fa bophelo bo sa feleng bo phethahetseng. Ha re nahana ka tebello eo, ka sebele re ka talima mahlomola leha e le afe tsamaisong ena e le “a motsotsoana ’me a le bobebe.”—2 Bakorinthe 4:17.