Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 10

“Le be Baetsisi ba Molimo” ha le Sebelisa Matla a Lōna

“Le be Baetsisi ba Molimo” ha le Sebelisa Matla a Lōna

1. Ke leraba lefe le poteletseng leo batho ba sa phethahalang ba atisang ho oela habonolo ho lona?

“MOTHO ea nang le matla o lula a laletsoe ke leraba.” Mantsoe ana a seroki sa lekholong la bo19 la lilemo a lebisa tlhokomelo kotsing e poteletseng: e leng tšebeliso e mpe ea matla. Ka masoabi, batho ba sa phethahalang ba atisa ho oela lerabeng lena habonolo. Ha e le hantle, ho theosa le histori ‘motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.’ (Moeklesia 8:9) Ho sebelisa matla kantle ho lerato ho baketse batho masetla-libete a ke keng a boleloa.

2, 3. (a) Ke’ng e tsotehang ka tsela eo Jehova a sebelisang matla ka eona? (b) Matla a rōna a ka ’na a akarelletsa eng, hona re lokela ho sebelisa matla ao joang?

2 Empa, na hase ho tsotehang hore ebe Jehova Molimo, ea nang le matla a sa lekanyetsoang, ha ho mohla a sebelisang matla ao hampe? Joalokaha re bone likhaolong tse fetileng, kamehla o sebelisa matla a hae—ebang ke a ho bōpa, a ho timetsa, a ho sireletsa kapa a ho tsosolosa—tumellanong le merero ea hae e lerato. Ha re nahana ka tsela eo a sebelisang matla a hae ka eona, re susumelletseha ho atamela ho eena. Ka lehlakoreng le leng, seo se ka re susumelletsa ho ba “baetsisi ba Molimo” ha re sebelisa matla a rōna. (Baefese 5:1) Empa rōna batho ba fokolang re na le matla afe?

3 Hopola hore motho o bōpiloe “ka setšoantšo sa Molimo” le ka sebōpeho sa hae. (Genese 1:26, 27) Kahoo, le rōna re na le matla—bonyane ka tekanyo e itseng. Matla a rōna a ka ’na a akarelletsa ho khona ho finyella lintho tse itseng, ho sebetsa; ho tsamaisa kapa ho laola ba bang; ho ba le tšusumetso ho ba bang, haholo-holo ba re ratang; ho ba le matla a ’mele (bonatla); kapa ho ba le lintho tse bonahalang. Mopesaleme o ile a re ka Jehova: “Mohloli oa bophelo o ho uena.” (Pesaleme ea 36:9) Ka hona, ka tsela e tobileng kapa e sa tobang, Molimo ke mohloli oa matla leha e le afe a loketseng ao re ka bang le ’ona. Ka hona re batla ho a sebelisa ka litsela tse mo khahlisang. Re ka etsa seo joang?

Lerato ke la Bohlokoa

4, 5. (a) Ntlha ea bohlokoa ho sebeliseng matla ka tsela e nepahetseng ke efe, hona mohlala oa Molimo o bontša see joang? (b) Lerato le tla re thusa ho sebelisa matla a rōna ka tsela e nepahetseng joang?

4 Ntlha ea bohlokoa ho sebeliseng matla ka tsela e nepahetseng ke lerato. Na see hase sona seo mohlala oa Molimo o se bontšang? Hopola litšobotsi tsa Molimo tse ’nè tse ka sehloohong—e leng matla, toka, bohlale le lerato—tse tšohliloeng Khaolong ea 1. Litšobotsing tseo tse ’nè, ke efe e hlahelletseng? Ke lerato. Johanne oa Pele 4:8 e re: “Molimo ke lerato.” Ka sebele, tšobotsi ea Jehova ea motheo ke lerato; le susumetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang. Kahoo ponahatso e ’ngoe le e ’ngoe ea matla a hae e susumetsoa ke lerato ’me qetellong e tsoela ba mo ratang molemo.

5 Hape lerato le tla re thusa ho sebelisa matla a rōna ka tsela e nepahetseng. Etsoe, Bibele e re bolella hore lerato le “mosa” ’me “ha le batle lithahasello tsa lona.” (1 Bakorinthe 13:4, 5) Ka hona, lerato ha le na ho re lumella ho hatella bao re nang le bolaoli bo itseng holim’a bona kapa ho ba tšoara ka sehlōhō. Ho e-na le hoo, re tla fa ba bang seriti ’me re eteletse litlhoko tsa bona le maikutlo a bona ka pele ho tsa rōna.—Bafilipi 2:3, 4.

6, 7. (a) Ho tšaba Molimo ho bolela’ng, hona ke hobane’ng ha tšobotsi ee e tla re thusa ho qoba tšebeliso e mpe ea matla? (b) Fana ka mohlala o bontšang kamano e teng pakeng tsa ho tšaba ho khopisa Molimo le ho rata Molimo.

6 Lerato le amana le tšobotsi e ’ngoe e ka re thusang ho qoba ho sebelisa matla hampe: tšabo ea Molimo. Bohlokoa ba tšobotsi ee ke bofe? Liproverbia 16:6 e re: “Ka ho tšaba Jehova motho o furalla bobe.” Ka sebele tšebeliso e mpe ea matla ke e ’ngoe ea litsela tse mpe tseo re lokelang ho li furalla. Ho tšaba Molimo ho tla re thibela ho tšoara ba tlas’a rōna hampe. Hobane’ng? Hobane re tseba hore re ikarabella ho Molimo ka tsela eo re ba tšoarang ka eona. (Nehemia 5:1-7, 15) Empa ho tšaba Molimo ho akarelletsa ho eketsehileng. Mantsoe a sebelisitsoeng puong ea qalong bakeng sa “ho tšaba” hangata a bontša ho ba le tlhompho e tebileng le tšabo e nang le tlhompho ho Molimo. Kahoo Bibele e amahanya tšabo le ho rata Molimo. (Deuteronoma 10:12, 13) Tšabo ena e nang le tlhompho e akarelletsa tšabo e loketseng ea ho khopisa Molimo—eseng feela hobane re tšaba liphello tsa seo empa hobane re hlile re mo rata.

7 Ka mohlala: Nahana ka kamano e mofuthu eo moshemane a nang le eona le ntat’ae. Moshemane oa lemoha hore ntat’ae o mo thahasella ka tsela e mofuthu le e lerato. Empa moshemane o boetse o tseba seo ntat’ae a se hlokang ho eena, ’me oa tseba hore o tla mo khalemela haeba a ka etsa se fosahetseng. Moshemane ha a lule a tlakasela ha a nahana ka ntat’ae. Ho e-na le hoo, o rata ntat’ae haholo. Moshemane enoa o thabela ho etsa se tla etsa hore ntat’ae a mo rate. Ho joalo le ka ho tšaba Molimo. Kaha re rata Jehova, Ntate oa rōna oa leholimo, re tšaba ho etsa ntho leha e le efe e ka etsang hore ‘pelo ea hae e utloe bohloko.’ (Genese 6:6) Ho e-na le hoo, re lakatsa ho mo thabisa pelo. (Liproverbia 27:11) Ke kahoo re batlang ho sebelisa matla a rōna ka tsela e nepahetseng. A re hlahlobeng hore na re ka etsa sena joang.

Ka Lapeng

8. (a) Banna ba na le bolaoli bofe ka lapeng, hona bo lokela ho sebelisoa joang? (b) Monna a ka bontša joang hore o hlompha mosali oa hae?

8 A re qaleng ka ho hlahloba ka lelapeng. Baefese 5:23 e re: “Monna ke hlooho ea mosali oa hae.” Monna o lokela ho sebelisa bolaoli boo a bo filoeng ke Molimo joang? Bibele e re banna ba lule le basali ba bona “ho ea ka tsebo, [ba] ba abela tlhompho joaloka sejana se fokolang haholo.” (1 Petrose 3:7) Lereho la Segerike le fetoletsoeng e le “tlhompho” le bolela “theko, ho ananela, . . . ho hlompha.” Libōpeho tse ling tsa lentsoe lena li fetoletsoe e le “limpho” le “bohlokoa.” (Liketso 28:10; 1 Petrose 2:7) Monna ea hlomphang mosali oa hae le ka mohla a ke ke a mo otla; hape a ke ke a mo theola seriti kapa a mo nyenyefatsa, a etsa hore a ikutloe e le ea se nang thuso. Ho e-na le hoo, oa hlokomela hore ke oa bohlokoa ’me o mo tšoara ka tlhompho. O bontša hore o mo nka e le oa bohlokoa ka mantsoe le liketso—ha ba le bang le ha ba le har’a batho. (Liproverbia 31:28) Monna ea joalo a ke ke a hapa lerato le tlhompho tsa mosali oa hae feela, empa habohlokoa le ho feta, o tla amoheloa ke Molimo.

Banna le basali ba sebelisa matla a bona ka tsela e nepahetseng ha ba tšoarana ka lerato le ka tlhompho

9. (a) Basali ba na le matla afe ka lapeng? (b) Ke eng e ka thusang mosali ho sebelisa bokhoni ba hae ho tšehetsa monna oa hae, hona ka phello efe?

9 Basali le bona ba na le matla a itseng ka lapeng. Bibele e bua ka basali ba tšabang Molimo, ba ileng ba susumelletsa banna ba bona ho etsa se molemo kapa ba ba thusa ho qoba ho etsa liqeto tse fosahetseng, empa ba ntse ba hlompha meeli e loketseng ea bohlooho. (Genese 21:9-12; 27:46–28:2) Mosali a ka ’na a ba bohlale ho feta monna oa hae, kapa a ka ’na a khona ho etsa lintho tse itseng tseo monna a sa li khoneng. Leha ho le joalo, o lokela ho ba le “tlhompho e tebileng” ho monna oa hae ’me a “ipehe tlas’a” hae “joalokaha [a] ipeha tlas’a Morena.” (Baefese 5:22, 33) Ho nahana ka ho khahlisa Molimo ho ka thusa mosali ho sebelisa bokhoni ba hae ho tšehetsa monna oa hae ho e-na le ho mo nyenyefatsa kapa ho leka ho mo laola. “Mosali [ea joalo] ea bohlale e le kannete” o tšoarisana le monna oa hae ho haheng lelapa. Ka tsela eo o boloka khotso le Molimo.—Liproverbia 14:1.

10. (a) Molimo o file batsoali bolaoli bofe? (b) Lentsoe “taeo” le bolela’ng, hona e lokela ho fanoa joang? (Bona le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

10 Batsoali le bona ba na le bolaoli boo ba bo filoeng ke Molimo. Bibele ea eletsa: “Bo-ntate, le se ke la halefisa bana ba lōna, empa le tsoele pele ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baefese 6:4) Ka Bibeleng, lentsoe “taeo” le ka bolela “ho hōlisa, ho koetlisa, ho rupela.” Bana ba hloka taeo; e ba ba thabileng le ba atlehileng ha ba fuoa tataiso e hlakileng, ba beheloa meeli le litekanyetso tse tobileng. Bibele e amahanya taeo, kapa thupelo e joalo le lerato. (Liproverbia 13:24) Ka hona, le ka mohla “thupa ea taeo” ha ea lokela ho hlekefetsa—maikutlong kapa ’meleng. * (Liproverbia 22:15; 29:15) Ho fana ka taeo ka tsela e sa tenyetseheng kapa e khahlapetsang e se nang boikutlo ba lerato ke ho sebelisa bolaoli ba botsoali hampe ’me ho ka sithabetsa ngoana moeeng. (Bakolose 3:21) Ka lehlakoreng le leng, ho fana ka taeo e itekanetseng e loketseng ho bontša bana hore batsoali ba bona baa ba rata le hore baa tsotella hore na e tla ba batho ba mofuta ofe.

11. Bana ba ka sebelisa matla a bona ka tsela e nepahetseng joang?

11 Ho thoe’ng ka bana? Ba ka sebelisa matla a bona ka tsela e nepahetseng joang? Liproverbia 20:29 e re: “Botle ba bahlankana ke matla a bona.” Ka sebele ha ho tsela e ’ngoe e molemo eo bacha ba ka sebelisang matla a bona le mahlahahlaha a bona ka eona ho feta ho sebeletsa “’Mōpi oa [rōna] e Moholo.” (Moeklesia 12:1) Bana ba lokela ho hopola hore liketso tsa bona li ka ama tsela eo batsoali ba bona ba ikutloang ka eona. (Liproverbia 23:24, 25) Ha bana ba mamela batsoali ba bona ba tšabang Molimo ’me ba tsoela pele tseleng e lokileng, ba thabisa lipelo tsa batsoali ba bona. (Baefese 6:1) Boitšoaro bo joalo bo “khahlisa haholo Moreneng.”—Bakolose 3:20.

Ka Phuthehong

12, 13. (a) Baholo ba lokela ho talima bolaoli boo ba nang le bona ka phuthehong joang? (b) Bontša hore na ke hobane’ng ha baholo ba lokela ho tšoara mohlape ka bonolo.

12 Jehova o behile balebeli ho etella pele ka phuthehong ea Bokreste. (Baheberu 13:17) Banna bana ba tšoanelehang ba lokela ho sebelisa bolaoli boo ba bo filoeng ke Molimo ho fana ka thuso e hlokahalang le ho tlatsetsa boiketlong ba mohlape. Na boemo ba bona bo fa baholo tokelo ea ho rena ka thata holim’a balumeli-’moho le bona? Le hanyenyane! Baholo ba lokela ho ba le pono e leka-lekaneng le e bontšang boikokobetso ka karolo eo ba e phethang ka phuthehong. (1 Petrose 5:2, 3) Bibele e re ho balebeli: “Le lise phutheho ea Molimo, eo a e rekileng ka mali a Mora oa hae.” (Liketso 20:28) Lena ke lona lebaka le ka sehloohong la ho tšoara setho ka seng sa mohlape ka bonolo.

13 Re ka ’na ra bapisa sena ka tsela ena. Motsoalle oa hlooho ea khomo o u kōpa hore u hlokomele thepa eo a tšabanang le eona. Ua tseba hore motsoalle oa hao o lefeletse thepa eo chelete e ngata. Na u ne u sa tl’o e tšoara ka hlokolosi le ka kelo-hloko e khōlō? Ka ho tšoanang, Molimo o file baholo boikarabelo ba ho hlokomela letlotlo la bohlokoa haholo: phutheho, eo litho tsa eona li tšoantšoang le linku. (Johanne 21:16, 17) Linku tsa Jehova ke tsa bohlokoa ho eena—ha e le hantle, ke tsa bohlokoa hoo a li rekileng ka mali a bohlokoa a Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, Jesu Kreste. Jehova o lefeletse linku tsa hae tefo e phahameng ka ho fetisisa. Baholo ba ikokobelitseng ba lula ba hopola sena ’me ba tšoara linku tsa Jehova tumellanong le seo.

‘Matla a Leleme’

14. Leleme le na le matla afe?

14 Bibele e re: “Lefu le bophelo li matleng a leleme.” (Liproverbia 18:21) Ke ’nete hore leleme le ka baka tšenyo e khōlō. Ke mang ho rōna ea e-s’o ka a utloa bohloko bo hlabang ba polelo e sa nahaneleng kapa e bileng e nyenyefatsang? Empa leleme le boetse le na le matla a ho lokisa. Liproverbia 12:18 e re: “Maleme a ba bohlale ke pholiso.” E, mantsoe a khothatsang le a hahang a ka tšoana le ho silila pelo ka setlolo se thobang, se folisang. Nahana ka mehlala e seng mekae.

15, 16. Re ka sebelisa leleme ho khothatsa ba bang ka litsela life?

15 Bathesalonika ba Pele 5:14 ea phehella: “Le bue ka mokhoa o tšelisang le meea e tepeletseng maikutlo.” Ke ’nete hore ka linako tse ling esita le bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba ka ’na ba loantšana le ho tepella maikutlo. Re ka thusa batho ba joalo joang? Ba babatse ka tieo ka tsela e tobileng ho ba thusa hore ba bone hore ke ba bohlokoa mahlong a Jehova. Tšohla hammoho le bona litemana tse ipiletsang tsa Bibele tse bontšang hore Jehova o fela a tsotella a bile a rata ba “lipelo li robehileng” le “ba sithabetseng moeeng.” (Pesaleme ea 34:18) Ha re sebelisa matla a rōna a leleme ho tšelisa ba bang, re bontša hore re etsisa Molimo oa rōna ea nang le kutloelo-bohloko, “ea tšelisang ba tepeletseng maikutlo.”—2 Bakorinthe 7:6, New American Standard Bible.

16 Re ka boela ra sebelisa matla a rōna a leleme ho fa ba bang khothatso eo ba hlileng ba e hlokang. Na molumeli-’moho le rōna o hlokahaletsoe ke moratuoa? Mantsoe a kutloelo-bohloko a bontšang hore rea tsotella le hore re amehile a ka tšelisa motho ea saretsoeng. Na mora kapa morali oabo rōna ea seng a hōlile o ikutloa eka ha a hlokoe? Motho ea buang ka tsela e nahanelang a ka tiisetsa ba hōlileng hore ke ba bohlokoa le hore baa ananeloa. Na e mong o loantšana le bokuli bo itseng bo sa foleng? Ho mo bolella mantsoe a mosa ka fono kapa ka ho toba ho ka tlatsetsa haholo ho hlasimolleng mokuli eo. E tlameha ebe ’Mōpi oa rōna o thaba hakaakang ha re sebelisa matla a rōna a puo ho bua lintho tse “molemo bakeng sa ho haha”!—Baefese 4:29.

Ho kopanela boboleling ba litaba tse molemo—ke tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho sebelisa matla a rōna

17. Re ka sebelisa maleme a rōna ka tsela efe ea bohlokoa ho thusa ba bang, hona ke hobane’ng ha re lokela ho etsa seo?

17 Ha ho tsela e ’ngoe ea bohlokoa eo re ka sebelisang matla a leleme ka eona ho feta ho bolella ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Liproverbia 3:27 e re: “U se ke ua hana ka se molemo ho bao se ba lokelang, ha ho le matleng a letsoho la hao ho se etsa.” Re tlameha ho bolella ba bang litaba tse molemo tse pholosang bophelo. E ne e ke ke ea e-ba ho loketseng hore re ipolokele molaetsa o potlakileng oo Jehova a re fileng oona ka seatla se bulehileng hakana. (1 Bakorinthe 9:16, 22) Empa Jehova o lebeletse hore re kopanele mosebetsing oo ho isa bohōleng bofe?

Ho Sebeletsa Jehova ka ‘Matla a Rōna ’Ohle’

18. Jehova o lebeletse eng ho rōna?

18 Lerato la rōna ho Jehova le re susumelletsa ho kopanela ka botlalo tšebeletsong ea Bokreste. Jehova o lebeletse’ng ho rōna ntlheng ee? O lebeletse ho hong hoo e mong le e mong oa rōna a ka fanang ka hona, ho sa tsotellehe hore na boemo ba rōna ke bofe bophelong: “Eng kapa eng eo le e etsang, le e sebetse ka moea oohle joalokaha eka le sebeletsa Jehova, eseng batho.” (Bakolose 3:23) Ha a bolela taelo e khōlō ka ho fetisisa, Jesu o ile a re: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle le ka matla a hao ’ohle.” (Mareka 12:30) E, Jehova o lebeletse hore e mong le e mong oa rōna a mo rate le ho mo sebeletsa ka moea oohle.

19, 20. (a) Kaha moea o akarelletsa pelo, kelello le matla, ke hobane’ng ha ho boletsoe likarolo tsee tse ling ho Mareka 12:30? (b) Ho sebeletsa Jehova ka moea oohle ho bolela’ng?

19 Ho sebeletsa Molimo ka moea oohle ho bolela’ng? Moea o bolela motho ea feletseng, matla ’ohle a hae a ’mele le a kelello. Kaha moea o akarelletsa pelo, kelello le matla, ke hobane’ng ha likarolo tsee tse ling li boletsoe ho Mareka 12:30? Nahana ka mohlala ona. Mehleng ea Bibele, motho o ne a ka ’na a ithekisa (a rekisa moea oa hae) bokhobeng. Leha ho le joalo, lekhoba le ne le ka ’na la se ke la sebeletsa mong’a lona ka pelo eohle; le ne le ka ’na la se ke la sebelisa matla ’ohle a lona kapa kelello ea lona ka ho feletseng ho ntšetsa pele lithahasello tsa mong’a lona. (Bakolose 3:22) Kahoo, ho bonahala eka hore Jesu o ne a bua ka likarolo tsena tse ling ho hatisa hore ha rea lokela ho itšiela letho ha re sebeletsa Molimo. Ho sebeletsa Molimo ka moea oohle ho bolela ho itela, ho sebelisa matla a rōna le bonatla ba rōna tšebeletsong ea hae ka hohle kamoo re ka khonang kateng.

20 Na ho sebeletsa ka moea oohle ho bolela hore kaofela re tlameha ho sebelisa nako le matla a lekanang tšebeletsong? Eo ke ntho e ke keng ea khoneha, kaha maemo a batho le matla a bona aa fapana. Ka mohlala, mocha ea phelang hantle ’meleng le ea nang le mokoka a ka ’na a khona ho qeta nako e eketsehileng boboleling ho feta ea fokolloang ke matla ka lebaka la botsofali. Lesoha le se nang boikarabelo ba lelapa le ka ’na la khona ho etsa ho eketsehileng ho feta motho ea lokelang ho hlokomela lelapa. Haeba matla le maemo a rōna a re lumella ho etsa ho eketsehileng tšebeletsong, re lokela ho leboha seo hakaakang! Ke ’nete hore ha re batle hore le ka mohla re be le boikutlo ba ho tšoaea-tšoaea liphoso, ka ho ipapisa le ba bang ntlheng ena. (Baroma 14:10-12) Ho e-na le hoo, re batla ho sebelisa matla a rōna ho khothatsa ba bang.

21. Tsela e molemo le eo e leng ea bohlokoa ka ho fetisisa ea ho sebelisa matla a rōna ke efe?

21 Jehova o behile mohlala o phethahetseng ka ho sebelisa matla a hae ka tsela e nepahetseng. Re batla ho mo etsisa ka hohle kamoo re ka khonang kateng re le batho ba sa phethahalang. Re ka sebelisa matla a rōna ka tsela e nepahetseng ka hore re tšoare ba tlas’a bolaoli ba rōna ka tsela e nang le seriti. Ho feta moo, re batla ho etsa ka moea oohle mosebetsi oa boboleli o pholosang bophelo oo Jehova a re fileng oona. (Baroma 10:13, 14) Hopola hore Jehova oa thaba ha u fana ka sohle seo uena—moea oa hao—u ka khonang ho fana ka sona. Na pelo ea hao ha e u susumelletse ho batla ho etsa sohle seo u ka se khonang ho sebeletsa Molimo ea nang le kutloisiso le ea lerato joalo? Ha ho tsela e ’ngoe e molemo kapa eo e leng ea bohlokoa ho feta ena eo u ka sebelisang matla a hao ka eona.

^ ser. 10 Mehleng ea Bibele, lentsoe la Seheberu bakeng sa “thupa” le ne le bolela molamu kapa lere, le kang leo molisana a alosang linku ka lona. (Pesaleme ea 23:4) Ka ho tšoanang, “thupa” ea bolaoli ba botsoali e fana ka maikutlo a tataiso e lerato, eseng a kotlo e khahlapetsang kapa e sehlōhō.