Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 11

“Litsela Tsohle Tsa Hae ke Toka”

“Litsela Tsohle Tsa Hae ke Toka”

1, 2. (a) Josefa o ile a ba tlas’a ho hloka toka hofe ho feteletseng? (b) Jehova o ile a lokisa ho hloka toka hoo joang?

E NE e le ho hloka toka ho feteletseng. Mohlankana e mong ea bohehang o ne a sa etsa tlōlo ea letho ea molao, leha ho le joalo o ile a iphumana a koaletsoe ka sekoting sa chankana, a qosoa ka bohata ka teko ea ho beta. Empa lena e ne e se lekhetlo la pele a tšoaroa ka ho hloka toka. Lilemo pejana, ha a le lilemo li 17, mohlankana enoa, Josefa, o ne a ile a tsuoa tlaase ke baholoane ba hae, ha sala hanyenyane feela hore ba mo bolaee. Ho tloha moo o ile a rekisoa bokhobeng naheng esele. Ha a le moo o ile a hana ho hoka-hokoa ke mosali oa mong’a hae. Mosali enoa ea hannoeng o ile a rera qoso ea bohata, e leng eona e ileng ea etsa hore a kenngoe litlamong. Ka masoabi, ho ne ho bonahala ho se ea buellang Josefa.

Josefa o ile a koalloa “sekoting sa chankana” ka ho hloka toka

2 Leha ho le joalo, Molimo ea ‘ratang ho loka le toka’ o ne a ntse a shebile. (Pesaleme ea 33:5) Jehova o ile a nka khato ho lokisa ho hloka toka hoo, a tsamaisa litaba ka tsela eo ka eona qetellong Josefa a ileng a lokolloa. Ho feta moo, Josefa—ea neng a lahletsoe ka “sekoting sa chankana”—o ile a qetella a behiloe boemong bo phahameng ba boikarabelo le ba tlhompho e ikhethang. (Genese 40:15; 41:41-43; Pesaleme ea 105:17, 18) Qetellong, Josefa o ile a boleloa a se molato, ’me a sebelisa boemo ba hae bo phahameng ho ntšetsa pele morero oa Molimo.—Genese 45:5-8.

3. Ke hobane’ng ha ho sa makatse ha kaofela ha rōna re batla ho tšoaroa ka tsela e nang le toka?

3 Na tlaleho e kang ee ha e re ame maikutlo? Ke mang ho rōna ea e-s’o ka a bona kapa a tšoaroa ka ho hloka toka? Ke ’nete hore kaofela ha rōna re batla ho tšoaroa ka tsela e nang le toka, e se nang leeme. Sena ha se makatse, kaha Jehova o re file litšobotsi tse bonahatsang botho ba hae, ’me toka ke e ’ngoe ea litšobotsi tsa hae tse ka sehloohong. (Genese 1:27) E le hore re tsebe Jehova hantle, re lokela ho utloisisa boikutlo ba hae ka toka. Ka tsela eo re ka ananela ka ho tebileng le ho feta litsela tsa hae tse babatsehang ’me ra susumelletseha ho mo atamela.

Toka ke Eng?

4. Hangata batho ba nka hore toka ke eng?

4 Hangata batho ba nka hore toka ke ho sebelisa melao ka tsela e se nang leeme feela. Buka ea Right and Reason—Ethics in Theory and Practice e bolela hore “toka e amahanngoa le molao, ho ba tlas’a tlamo e itseng, litokelo le boikarabelo, ’me e ahlola ka ho hloka leeme kapa ka ho tšoaneleha.” Leha ho le joalo, toka ea Jehova hase feela ho sebelisa melao e itseng e le ho phetha boikarabelo bo itseng kapa tlamo e itseng.

5, 6. (a) Mantsoe a puo ea qalong a fetoletsoeng e le “toka” a bolela’ng? (b) Ho bolela’ng hore Molimo o na le toka?

5 Ho pharalla le ho teba ha toka ea Jehova ho ka utloisisoa hamolemo ka ho hlahloba mantsoe a sebelisitsoeng ka Bibeleng a puo ea qalong. Ka Mangolong a Seheberu ho sebelisitsoe mantsoe a mararo a ka sehloohong. Lentsoe le atisang ho fetoleloa e le “toka” le ka ’na la fetoleloa hape e le “se nepahetseng.” (Genese 18:25) Mantsoe a mang a mabeli a atisa ho fetoleloa e le “ho loka.” Ka Mangolong a Segerike a Bakreste, lentsoe le fetoletsoeng e le “ho loka” le hlalosoa e le “tšobotsi ea ho nepahala kapa ho ba le toka.” Ka hona, ha e le hantle ha ho na phapang pakeng tsa ho loka le toka.—Amose 5:24.

6 Kahoo, ha Bibele e re Molimo o lokile, e re bolella hore o etsa se nepahetseng le se hlokang leeme le hore o etsa joalo a sa feto-fetohe, a se na leeme. (Baroma 2:11) Ha e le hantle, ke ho sa utloahaleng ho nahana hore a ka etsa ho hong ho fapaneng. Elihu ea tšepahalang o ile a re: “Ho ke ho be hōle le Molimo oa ’nete hore a sebetse bokhopo, le hore Ea Matla ’Ohle a sebetse ka mokhoa o hlokang toka!” (Jobo 34:10) Ha e le hantle, ho ke ke ha etsahala hore Jehova “a sebetse ka mokhoa o hlokang toka.” Hobane’ng? Ho na le mabaka a mabeli a bohlokoa.

7, 8. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a ke ke a etsa ho hlokang toka? (b) Ke’ng se susumelletsang Jehova ho etsa ho lokileng, kapa ho nang le toka litšebelisanong tsa hae?

7 Taba ea pele, oa halalela. Joalokaha re bone Khaolong ea 3, Jehova o hloekile hape o khabane ka ho ke keng ha lekanngoa. Ka hona, a ke ke a etsa ho sa lokang, kapa ho hlokang toka. Nahana hore na seo se bolela’ng. Ho halalela ha Ntate oa rōna oa leholimo ho re fa mabaka a matla a ho lumela hore le ka mohla a ke ke a tšoara bana ba hae hampe. Jesu o ne a kholisehile ka seo. Bosiung ba ho qetela ba bophelo ba hae lefatšeng, o ile a rapela: “Ntate ea halalelang, ba lebele [barutuoa] ka lebaka la lebitso la hao.” (Johanne 17:11) “Ntate ea halalelang”—e sebelisoa ha ho buuoa ka Jehova feela ka Mangolong. Sena se loketse, kaha ha ho ntate oa motho ea ka bapisoang le Eena ka khalalelo. Jesu o ne a lumela ka tieo hore barutuoa ba hae ba ne ba tla sireletseha tlas’a tlhokomelo ea Ntate ea hloekileng le ea se nang sekoli le ea arohileng ka ho feletseng sebeng sohle.—Matheu 23:9.

8 Taba ea bobeli, lerato le se nang boithati ke tšobotsi e ka sehloohong ea botho ba Molimo. Lerato leo le mo susumelletsa ho ba ea lokileng, kapa ea nang le toka litšebelisanong tsa hae le ba bang. Empa ho hloka toka ha mefuta-futa—ho akarelletsa lehloeo la morabe, khethollano le ho bontša leeme—hangata ho susumetsoa ke meharo le boithati, e leng tse hananang le lerato. Ha e bua ka Molimo ea lerato, Bibele ea re tiisetsa: “Jehova o lokile; o rata liketso tse lokileng.” (Pesaleme ea 11:7) Jehova o re ka eena: “’Na, Jehova, ke rata toka.” (Esaia 61:8) Na hase ho tšelisang ho tseba hore Molimo oa rōna oa thaba ha ho etsoa se nepahetseng, kapa se nang le toka?—Jeremia 9:24.

Mohau le Toka ea Jehova e Phethahetseng

9-11. (a) Toka ea Jehova e amana joang le mohau oa hae? (b) Toka ea Jehova le mohau oa hae li bonahala joang tseleng eo a sebetsanang le batho ba baetsalibe ka eona?

9 Toka ea Jehova, feela joaloka litšobotsi tse ling tsohle tsa botho ba hae boo ho seng bo ka bapisoang le bona, e phethahetse, ha e haelloe ke letho. Ha a rorisa Jehova, Moshe o ile a ngola: “Ke Lefika, mosebetsi oa hae o phethahetse, etsoe litsela tsohle tsa hae ke toka. Molimo oa botšepehi, eo ho eena ho se nang ho hloka toka; o lokile ’me o khabane.” (Deuteronoma 32:3, 4) Ponahatso e ’ngoe le e ’ngoe ea toka ea Jehova ha e na sekoli—ha ho mohla e nyehlileng haholo, ha ho mohla e leng sehlōhō.

10 Toka ea Jehova e amana haufi le mohau oa hae. Pesaleme ea 116:5 e re: “Jehova o mosa ’me o lokile [“o na le toka,” The New American Bible]; Molimo oa rōna ke Ea bontšang mohau.” Ka sebele, Jehova o na le toka ebile o mohau. Litšobotsi tseo tse peli ha li hanane. Ho sebelisa ha hae mohau hase ho hlapolla toka ea hae, joalokaha eka ho seng joalo toka ea hae e ne e tla ba sehlōhō. Ho e-na le hoo, o atisa ho bonahatsa litšobotsi tseo tse peli ka nako e le ’ngoe, esita le ketsahalong e le ’ngoe. Nahana ka mohlala ona.

11 Batho bohle ba futsitse boetsalibe, kahoo ba tšoaneloa ke kotlo ea sebe—e leng lefu. (Baroma 5:12) Empa Jehova ha a thabele ho shoa ha baetsalibe. Ke “Molimo oa liketso tsa tšoarelo, ea mosa le ea mohau.” (Nehemia 9:17) Leha ho le joalo, kaha oa halalela, a ke ke a lumella ho se loke. Joale, o ne a ka bontša batho ba futsitseng boetsalibe mohau joang? Karabo e fumanoa ho e ’ngoe ea linnete tsa bohlokoahali tsa Lentsoe la Molimo: tokisetso ea thekollo eo Jehova a e entseng ho pholosa moloko oa batho. Re tla ithuta ka ho eketsehileng ka tokisetso ena e lerato Khaolong ea 14. Ka nako e tšoanang e na le toka ka ho feletseng ebile e mohau ka ho fetisisa. Ka eona, Jehova a ka hauhela baetsalibe ba bakileng ha ka nako e tšoanang a boloka litekanyetso tsa toka ea hae e phethahetseng.—Baroma 3:21-26.

Toka ea Jehova e Ama Maikutlo

12, 13. (a) Ke hobane’ng ha toka ea Jehova e re hulela ho eena? (b) Davida o ile a etsa qeto efe ka toka ea Jehova, hona see se ka re tšelisa joang?

12 Toka ea Jehova hase tšobotsi e se nang boikutlo e etsang hore re mo tšabe, empa ke tšobotsi e etsang hore re mo rate e re hulelang ho eena. Bibele e hlalosa ka ho hlaka kamoo toka, kapa ho loka ha Jehova, ho nang le kutloelo-bohloko kateng. A re hlahlobeng tse ling tsa litsela tse amang maikutlo tseo Jehova a sebelisang toka ea hae ka tsona.

13 Toka ea Jehova e phethahetseng e mo susumelletsa ho bontša botšepehi ho bahlanka ba hae. Ka lebaka la phihlelo ea hae, mopesaleme Davida o ile a ananela bohlokoa ba tšobotsi ena ea toka ea Jehova. Davida o ile a etsa qeto efe ho tsoa phihlelong ea hae le ho ithuteng ha hae litsela tsa Molimo? O ile a re: “Jehova o rata toka, a ke ke a tlohela ba tšepahalang ba hae. Ka sebele ba tla lebeloa ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Pesaleme ea 37:28) Ke tiiso e tšelisang hakaakang! Le ka mohla Molimo oa rōna a ke ke a lahla ba tšepahalang ho eena. Ka hona re ka itšetleha ka ho ba haufi le eena le ka tlhokomelo ea hae e lerato. Toka ea hae e tiisa sena!—Liproverbia 2:7, 8.

14. Molao oo Jehova a neng a o file Iseraele o ile oa totobatsa ho ameha ha hae ka ba bothateng joang?

14 Toka ea Molimo e ela hloko litlhoko tsa ba mahlomoleng. Ho ameha ha Jehova ka ba bothateng ho totobatsoa ke Molao oo a ileng a o fa Iseraele. Ka mohlala, Molao o ne o e-na le litokisetso tse khethehileng ho tiisa hore ho hlokomeloa likhutsana le bahlolohali. (Deuteronoma 24:17-21) A tseba hore na bophelo bo ka ba thata hakae malapeng a joalo, Jehova ka boeena e ile ea e-ba ntate oa bona oa Moahloli le Mosireletsi, ea “phethisang kahlolo bakeng sa moshanyana ea se nang ntate le mohlolohali.” * (Deuteronoma 10:18; Pesaleme ea 68:5) Jehova o ile a lemosa Baiseraele hore haeba ba hlasela basali le bana ba se nang mokhoa oa ho itšireletsa, ka sebele o ne a tla utloa mohoo oa bona. O ile a re: “Ruri bohale ba ka bo tla tuka.” (Exoda 22:22-24) Le hoja bohale e se e ’ngoe ea litšobotsi tsa Jehova tse hlaheletseng, liketso tsa ka boomo tsa ho hloka toka li qholotsa khalefo ea hae e lokileng, haholo-holo ha ho hatakeloa ba tlaase le ba sitoang ho itšireletsa.—Pesaleme ea 103:6.

15, 16. Ke bopaki bofe bo ikhethang ka ho fetisisa ba ho hloka leeme ha Jehova?

15 Jehova o boetse o re tiisetsa hore ha a ‘tšoare le ea mong ka leeme leha e le ho amohela tjotjo.’ (Deuteronoma 10:17) Ho fapana le batho ba bangata ba nang le matla kapa tšusumetso, Jehova ha a susumetsoe ke maruo a lintho tse bonahalang kapa ponahalo ea ka ntle. Ha a na khethollo leha e le hona ho ea ka tšobotsi. Ak’u nahane ka bopaki bo ikhethang ba ho hloka leeme ha Jehova. Monyetla oa ho ba barapeli ba hae ba ’nete, ba nang le tebello ea ho phela ka ho sa feleng, ha oa lekanyetsoa ho ba itseng feela ba seng bakae ba phahameng sechabeng. Ho e-na le hoo, “sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” (Liketso 10:34, 35) Tebello ena e babatsehang e bulehetse bohle ho sa tsotellehe boemo ba bona sechabeng, ’mala oa bona oa letlalo, kapa naha eo ba phelang ho eona. Na ee hase eona toka ea sebele?

16 Ho na le tšobotsi e ’ngoe ea toka ea Jehova e phethahetseng eo re lokelang ho nahanisisa ka eona le ho e ananela: tsela eo a sebelisanang ka eona le ba tlōlang litekanyetso tsa hae tse lokileng.

Ha a Lokolle Kotlong

17. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha leeme le teng lefatšeng lena le sa eme toka ea Jehova pele.

17 Ba bang ba ka ’na ba ipotsa: ‘Kaha Jehova ha a lumelle ho se loke, re ka hlalosa tšotleho e hlokang toka le liketso tsa bobolu tse atileng hakaale lefatšeng kajeno joang?’ Ho hang leeme le joalo ha le eme toka ea Jehova pele. Ho hloka toka ho hongata lefatšeng lena le khopo ke phello ea sebe seo batho ba se futsitseng ho Adama. Lefatšeng leo ho lona batho ba sa phethahalang ba ikhethetseng litsela tsa bona tsa boetsalibe, ho hloka toka ho atile—empa ho tla fela haufinyane.—Deuteronoma 32:5.

18, 19. Ke’ng e bontšang hore Jehova ha a na ho mamella ka ho sa feleng ba tlōlang melao ea hae e lokileng ka boomo?

18 Le hoja Jehova a bontša mohau o moholo ho ba atamelang ho eena ka tieo, ha a na ho mamella ka ho sa feleng boemo bo tlisetsang lebitso la hae le halalelang thohako. (Pesaleme ea 74:10, 22, 23) Molimo oa toka hase ea ka songoang; ha a na ho sireletsa baetsalibe ba ka boomo kotlong e lokelang tsela ea bona. Jehova ke “Molimo ea mohau le ea mosa, ea liehang ho halefa le ea tletseng mosa o lerato le ’nete, . . . empa ho hang a ke ke a lokolla kotlong.” (Exoda 34:6, 7) Tumellanong le mantsoe ao, ka linako tse ling Jehova o ile a fumana ho hlokahala hore a fane ka kotlo ho ba tlōlang melao ea hae e lokileng ka boomo.

19 Ka mohlala, nahana ka litšebelisano tsa Molimo le Iseraele ea boholo-holo. Esita le ha ba se ba le Naheng e Tšepisitsoeng, Baiseraele ba ile ba ’na ba oela khafetsa ho se tšepahaleng. Le hoja litsela tsa bona tsa bobolu li ne li “utloisa [Jehova] bohloko,” ha aa ka a ba lahla hang-hang. (Pesaleme ea 78:38-41) Ho e-na le hoo, ka mohau o ile a ba fa menyetla ea hore ba fetole tsela ea bona. O ile a ipiletsa ka tieo: “Ha ke khahloe ke lefu la ea khopo, empa ke khahloa ke ha ea khopo a furalla tsela ea hae ’me a lula a phela. Furallang, furallang litsela tsa lōna tse mpe, etsoe ke hobane’ng ha le lokela ho shoa, Lōna ba ntlo ea Iseraele?” (Ezekiele 33:11) Kaha o nka bophelo e le ba bohlokoa, Jehova o ile a romela baprofeta ba hae khafetsa e le hore Baiseraele ba ka furalla litsela tsa bona tse khopo. Empa, ka kakaretso batho bao ba lipelo li thata ba ile ba hana ho mamela le ho baka. Qetellong, ka lebaka la lebitso la hae le halalelang le sohle seo le se emelang, Jehova o ile a ba nehela ho lira tsa bona.—Nehemia 9:26-30.

20. (a) Litšebelisano tsa Jehova le Iseraele li re ruta eng ka eena? (b) Ke hobane’ng ha tau e le tšoantšetso e loketseng ea toka ea Jehova?

20 Litšebelisano tsa Jehova le Iseraele li re ruta ho hongata ka eena. Re ithuta hore mahlo a hae a bonang hohle a hlokomela ho sa lokang ’me o angoa ka ho teba ke seo a se bonang. (Liproverbia 15:3) Hape ke ho tšelisang ho tseba hore o batla ho bontša mohau haeba ho e-na le motheo oa hore a o bontše. Ho feta moo, re ithuta hore ha ho mohla a bang lepotlapotla ho phetha toka. Ka lebaka la ho se fele pelo ha Jehova le mamello ea hae, batho ba bangata ba etsa qeto e fosahetseng ea hore ha ho mohla a tla liha kahlolo holim’a ba khopo. Empa seo hase ’nete ho hang, kaha litšebelisano tsa Molimo le Iseraele li boetse li re ruta hore ho se fele pelo ha Molimo ho na le meeli. Jehova o emela ho loka ka tieo. Ho fapana le batho, ba atisang ho tsilatsila ho sebelisa toka, ha ho mohla a hlokang sebete sa ho emela se nepahetseng. Ka ho loketseng, tau e tšoantšetsang toka e nang le sebete e amahanngoa le boteng ba Molimo le terone ea hae. * (Ezekiele 1:10; Tšenolo 4:7) Kahoo re ka kholiseha hore o tla phethahatsa tšepiso ea hae ea ho felisa ho hloka toka lefatšeng lena. Ha e le hantle, tsela eo a ahlolang ka eona e ka akaretsoa ka tsela ena: ho tiea ha ho hlokahala, ho ba mohau ha ho khoneha.—2 Petrose 3:9.

Ho ba Haufi le Molimo oa Toka

21. Ha re nahanisisa ka tsela eo Jehova a sebelisang toka ka eona, re lokela ho nahana joang ka eena, hona hobane’ng?

21 Ha re nahanisisa ka tsela eo Jehova a bonahatsang toka ka eona, ha rea lokela ho nahana ka eena e le moahloli ea se nang boikutlo, ea sehlōhō ea amehileng feela ka ho ahlola bafosi. Ho e-na le hoo, re lokela ho nahana ka eena e le Ntate ea lerato empa ea tiileng eo kamehla a sebetsanang le bana ba hae ka tsela e molemo ka ho fetisisa e ka khonehang. Joaloka Ntate ea nang le toka, kapa ea lokileng, Jehova o leka-lekanya ho tiea ha hae mabapi le se nepahetseng le kutloelo-bohloko e mosa ho bana ba hae ba lefatšeng, ba hlokang thuso le tšoarelo ea hae.—Pesaleme ea 103:10, 13.

22. A iphaphathile ka toka ea hae, Jehova o entse hore re khone ho ba le tebello efe, hona ke hobane’ng ha a sebetsana le rōna ka tsela ee?

22 Re lokela ho leboha hakaakang hore ebe toka ea Molimo ha e akarelletse feela ho liha kahlolo holim’a bafosi! A iphaphathile ka toka ea hae, Jehova o entse hore re khone ho ba le tebello e thabisang e le kannete—ea ho phela ka ho sa feleng, ka phetheho lefatšeng leo “ho loka ho tla aha” ho lona. (2 Petrose 3:13) Molimo oa rōna o sebetsana le rōna ka tsela ena hobane toka ea hae e mo susumelletsa ho batla litsela tsa ho pholosa ho e-na le ho ahlola. Ka sebele, ho utloisisa ho pharalla ha toka ea Jehova hamolemo ho re hulela ho eena! Likhaolong tse latelang, re tla hlahloba ka hloko litsela tseo ka tsona Jehova a bonahatsang tšobotsi ena e ratehang.

^ ser. 14 Le hoja lentsoe la Seheberu le sebelisitsoeng bakeng sa “moshanyana ea se nang ntate” le le ka botoneng, ka sebele sena ha se bontše ho se amehe ka banana. Jehova o ile a kenyelletsa Molaong tlaleho ea qeto ea boahloli e ileng ea abela barali ba Zelofehade ba se nang ntate lefa. Kahlolo eo e ile ea e-ba mohlala, kahoo ea tšehetsa litokelo tsa banana ba se nang bo-ntate.—Numere 27:1-8.

^ ser. 20 Ho thahasellisang ke hore Jehova o itšoantša le tau ha a liha kahlolo holim’a Iseraele e sa tšepahaleng.—Jeremia 25:38; Hosea 5:14.