Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 12

“Na ho Hloka Toka ho Teng ho Molimo?”

“Na ho Hloka Toka ho Teng ho Molimo?”

1. Liketso tse hlokang toka li ka ’na tsa re ama joang?

MOHLOLOHALI e mong ea tsofetseng oa qhekelloa ’me o nkeloa chelete eo a e bokeletseng bophelo bohle ba hae. Lesea le se nang mang-oe le lahloa kherehloa ke motsoali ea se nang kutloelo-bohloko. Monna e mong o koalloa chankaneng ka lebaka la tlōlo ea molao eo a sa e etsang. U ikutloa joang ka liketsahalo tsee? U ka ’na ua tšosoa ke e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona, ’me e le ka ho utloahalang. Rōna batho re na le boikutlo bo tebileng mabapi le se nepahetseng le se fosahetseng. Ha ho etsoa ketso e hlokang toka, re ikutloa re halefile. Re batla hore ea entsoeng hampe a buseletsoe ’me mofosi a ahloloe. Haeba seo se sa etsahale, re ka ’na ra ipotsa: ‘Na ebe Molimo o bona se etsahalang? Ke hobane’ng ha a sa nke khato?’

2. Habakuke o ile a itšoara joang mabapi le ho hloka toka, hona ke hobane’ng ha Jehova a sa ka a mo nyatsa ka seo?

2 Ho theosa le histori, bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ba ’nile ba botsa lipotso tse tšoanang. Ka mohlala, moprofeta Habakuke o ile a rapela Molimo: “Ke hobane’ng ha u etsa hore ke bone ho hloka toka ho tšabehang tjee? Ke hobane’ng ha u tlohella pefo, ho hloka molao, tlōlo ea molao le sehlōhō hore li ate hohle?” (Habakuke 1:3; Contemporary English Version) Jehova ha aa ka a nyatsa Habakuke ka ho botsa a sa hlathe koana le koana, kaha ke Eena ea kentseng maikutlo a toka ho batho. E, Jehova o re file tekanyo e itseng ea boikutlo bo tebileng ba toka boo a nang le bona.

Jehova o Hloile ho Hloka Toka

3. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore Jehova o hlokomela ho hloka toka ho re feta?

3 Hase hore Jehova ha a tsotelle ho hloka toka. O bona se etsahalang. Ha e bua ka mehla ea Noe, Bibele ea re bolella: “Jehova a bona hore bobe ba motho bo bongata lefatšeng ’me tšekamelo eohle ea menahano ea pelo ea hae e mpe feela ka linako tsohle.” (Genese 6:5) Nahana ka seo polelo eo e se hlalosang. Hangata, maikutlo a rōna ka ho hloka toka a itšetlehile ka liketsahalo tse seng kae tseo re utloileng ka tsona kapa tseo rōna ka borōna re fetileng ho tsona. Ka lehlakoreng le leng, Jehova o hlokomela ho hloka toka ho etsahalang lefatšeng lohle. O ho bona kaofela! Ho feta moo, o khona ho bona tšekamelo ea pelo—monahano o litšila o susumetsang liketso tse hlokang toka.—Jeremia 17:10.

4, 5. (a) Bibele e bontša joang hore Jehova o tsotella ba tšoeroeng ka ho hloka toka? (b) Jehova ka boeena o anngoe joang ke ho hloka toka?

4 Empa Jehova ha a hlokomele ho hloka toka feela. O boetse o tsotella ba hlokofalitsoeng ke hona. Ha lichaba tsa lira li ne li tšoara batho ba hae ka sehlōhō, Jehova o ile a utloisoa bohloko “ke ho bobola ha bona ka lebaka la bahatelli ba bona le ba neng ba ba tšoenya.” (Baahloli 2:18) Mohlomong u hlokometse hore ha batho ba bang ba ntse ba bona ho hloka toka ka ho eketsehileng, ba ea ba ntse ba thatafala lipelo le ho feta. Jehova eena ha a joalo! O bone ho hloka toka hohle ka lilemo tse ka bang 6 000, empa o ntse a ho hloile joaloka qalong. Ho feta moo, Bibele e re tiisetsa hore lintho tse kang “leleme la bohata,” “matsoho a tšollang mali a hlokang molato” le “paki ea bohata e phatlalatsang mashano” li manyala ho eena.—Liproverbia 6:16-19.

5 Hape, nahana kamoo Jehova a ileng a nyatsa baeta-pele ba Iseraele ba hlokang toka ka matla kateng. O ile a bululela moprofeta oa hae ho ba botsa: “Na hase mosebetsi oa lōna ho tseba toka?” Ka mor’a ho hlalosa ka ho qaqileng kamoo ba sebelisang matla a bona hampe kateng, Jehova o ile a bolela esale pele qetello ea banna bana ba bolileng: “Ba tla hoeletsa ho Jehova ho kōpa thuso, empa a ke ke a ba araba. O tla ba patela sefahleho sa hae nakong eo, ho ea kamoo ba entseng bobe kateng mesebetsing ea bona.” (Mikea 3:1-4) Jehova o hloile ho hloka toka hakaakang! Ho mo amme ka seqo! Satane o ’nile a mo nyefola ka ho hloka toka ka lilemo tse likete. (Liproverbia 27:11) Ho feta moo, Jehova o ile a utloisoa bohloko ke ketso e soro ka ho fetisisa e hlokang toka ha Mora oa hae, ea sa kang a “etsa sebe,” a bolaoa joaloka motlōli oa molao. (1 Petrose 2:22; Esaia 53:9) Ka ho hlakileng, Jehova ha a hlokomolohe ebile ha a iphapanyetse tlokotsi ea ba utloisoang bohloko ke ho hloka toka.

6. Re ka ’na ra ikutloa joang ha re talimane le ho hloka toka, hona hobane’ng?

6 Leha ho le joalo, ha re bona ho hloka toka—kapa re tšoaroa ka tsela e leeme—ke ha tlhaho ho ikutloa re halefile. Re entsoe ka setšoantšo sa Molimo, ’me ho hloka toka ho fapane ka ho feletseng le sohle seo Jehova a se emelang. (Genese 1:27) Joale, ke hobane’ng ha Molimo a lumella ho hloka toka?

Tseko ea Bobusi ba Molimo

7. Hlalosa kamoo bobusi ba Jehova bo ileng ba phephetsoa kateng.

7 Karabo ea potso ena e amana le tseko ea bobusi. Joalokaha re bone, ’Mōpi o na le tokelo ea ho busa lefatše le tsohle tse ho lona. (Pesaleme ea 24:1; Tšenolo 4:11) Leha ho le joalo, bobusi ba Jehova bo ile ba phephetsoa qalong ea histori ea batho. See se ile sa etsahala joang? Jehova o ile a laela monna oa pele, e leng Adama, hore a se ke a ja tsa sefate se seng se serapeng seo e neng e le lehae la hae la Paradeise. Ho ne ho tla etsahala’ng haeba a ne a ke ke a mamela? Molimo o ile a mo bolella: “Ka sebele u tla shoa.” (Genese 2:17) Taelo eo ea Molimo e ne e sa thatafaletse Adama kapa mosali oa hae Eva ka letho. Leha ho le joalo, Satane o ile a kholisa Eva hore Molimo o mpa a ba thibela feela tjee ntle ho mabaka. Ho ne ho tla etsahala’ng haeba a ne a ka ja tsa sefate seo? Satane o ile a bolella Eva sefahla-mahlo: “Ka sebele le ke ke la shoa. Etsoe Molimo oa tseba hore letsatsing leo ka lona le jang tsa sona mahlo a lōna a tla tutuboloha ’me le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe.”—Genese 3:1-5.

8. (a) Ha Satane a bua le Eva o ile a fana ka maikutlo afe? (b) Satane o ile a etsa phephetso efe ka bobusi ba Molimo?

8 Ka mantsoe ana Satane ha aa ka a fana feela ka maikutlo a hore Jehova o patetse Eva boitsebiso ba bohlokoa empa o ile a boela a fana ka maikutlo a hore O mo thetsitse. Satane o ne a le hlokolosi hore a se ke a phephetsa ’nete ea hore Molimo ke eena ’musi. Empa o ile a phephetsa ho nepahala, ho tšoaneleha le ho loka ha seo. Ka mantsoe a mang, o ile a pheha khang ea hore Jehova ha a buse ka ho loka le molemong oa lithahasello tsa bafo ba Hae.

9. (a) Ho se mamele ha Adama le Eva ho ile ha ba tlisetsa phello efe, hona see se ile sa hlahisa lipotso life tsa bohlokoa? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a sa ka a timetsa bafetoheli bao?

9 Hamorao, Adama le Eva ha baa ka ba mamela Jehova ka ho ja tsa sefate se thibetsoeng. Ho se mamele ha bona ho ile ha ba tlisetsa kotlo ea lefu, feela joalokaha Molimo a ne a laetse. Leshano la Satane le ile la hlahisa lipotso tse ling tsa bohlokoa. Na ka sebele Jehova o na le tokelo ea ho busa batho, kapa motho o lokela ho ipusa? Na Jehova o busa ka tsela e molemo ka ho fetisisa e ka khonehang? Jehova a ka be a sebelisitse matla ’ohle a hae ho felisa bafetoheli bana hang-hang. Empa lipotso tse neng li hlahisitsoe li ne li ama bobusi ba Molimo, eseng matla a hae. Kahoo ho felisa Adama, Eva le Satane ho ne ho sa tl’o paka ho loka ha puso ea Molimo. Ho e-na le hoo, ho ne ho ka ’na ha hlahisa lipelaelo tse eketsehileng le ho feta ka bobusi ba hae. Tsela feela ea ho fumana hore na batho ba ne ba ka ipusa ka katleho ntle ho Molimo e ne e le hore ho lumelloe nako e eketsehileng e fete.

10. Histori e senotse eng ka puso ea motho?

10 Ho feta ha nako ho senotse eng? Ho theosa le lilemo tse likete, batho ba ’nile ba leka mefuta e mengata ea puso, e akarelletsang ea bompoli, ea sechaba ka sechaba, ea moruo o kopanetsoeng ke sechaba le ea bokomonisi. Kaofela ha eona e akaretsoa ke tlhaloso ea Bibele e tobang taba e reng: ‘Motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.’ (Moeklesia 8:9) Ka ho utloahalang, moprofeta Jeremia o ile a re: “Ke tseba hantle, Jehova, hore tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.”—Jeremia 10:23.

11. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella moloko oa batho hore o utloe bohloko?

11 Ho tloha qalong, Jehova o ne a tseba hore ho ipusa ha batho, kapa ho itaola ha bona, ho ne ho tla fella ka mahlomola a mangata. Na o ne a hloka toka ha a lumella seo a tsebang hantle hore se tla etsahala hore se etsahale? Le hanyenyane! Ka mohlala: A re re u na le ngoana ea hlokang ho buuoa e le hore a phekoloe boloetse bo itseng bo sokelang bophelo. Ua tseba hore ho buuoa ho tla utloisa ngoana bohloko ka tsela e itseng, ’me sena se u utloisa bohloko haholo. Ka nako e tšoanang, ua tseba hore ho buuoa hoo ho tla nolofalletsa ngoana ho thabela bophelo bo molemonyana hamorao bophelong. Ka ho tšoanang, Molimo o ne a tseba—o bile a bolela esale pele—hore ho lumella ha hae hore batho ba ipuse ho ne ho tla tlisa bohloko le mahlomola. (Genese 3:16-19) Empa o ne a boetse a tseba hore tharollo e tšoarellang le e sebetsang e ne e tla khoneha feela ka ho lumella moloko oa batho hore o iponele litholoana tse babang tsa bofetoheli. Ka tsela ena tseko eo e ne e ka rarolloa ka ho feletseng, le ka ho sa feleng.

Tseko ea Botšepehi ba Batho

12. Joalokaha ho bontšitsoe tabeng ea Jobo, Satane o qositse batho ka eng?

12 Ho na le ntlha e ’ngoe hape e amehang tabeng ena. Ha a phephetsa tokelo ea Molimo ea ho busa le ho loka ha puso ea hae, Satane ha aa ka a etselletsa Jehova ka bobusi ba Hae feela; o ile a boela a etselletsa bahlanka ba Molimo ka ho tšepahala ha bona. Ka mohlala, hlokomela seo Satane a ileng a se bua ho Jehova ka monna ea lokileng Jobo: “Na ha ua hloma lekhoakhoa ho mo potoloha ka hohle le ho potoloha ntlo ea hae le ho potoloha ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona? U hlohonolofalitse mosebetsi oa matsoho a hae, ’me liphoofolo tsa hae tse ruiloeng li hasane hohle lefatšeng. Empa, ho fapana le hoo, ka kōpo, otlolla letsoho, u ame ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona ’me u bone hore na a ke ke a u rohaka sefahla-mahlo.”—Jobo 1:10, 11.

13. Satane o ile a fana ka maikutlo afe ha a qosa Jobo, hona see se ama batho bohle joang?

13 Satane o ile a tsitlallela hore Jehova o sebelisa matla a Hae a tšireletso ho reka boinehelo ba Jobo. Kahoo, sena se ile sa fana ka maikutlo a hore botšepehi ba Jobo e ne e mpa e le boikaketsi feela tjee, hore o ne a rapela Molimo molemong feela oa seo a neng a ka se fumana. Satane o ile a pheha khang ea hore haeba Jobo a ne a ka amohuoa tlhohonolofatso ea Molimo, le eena o ne a tla rohaka ’Mōpi oa hae. Satane o ne a tseba hore Jobo ke motho ea tummeng ka ho ba “ea sa tšoauoeng phoso le ea lokileng, ea tšabang Molimo le ea khelohang bobe.” * Kahoo haeba Satane a ne a ka senya botšepehi ba Jobo, seo se ne se tla bolela’ng ka batho ba bang bohle? Ka hona, Satane o ne a hlile a belaella botšepehi ba batho bohle ba batlang ho sebeletsa Molimo. Ha e le hantle, ha a atolosa tseko eo, Satane o ile a re ho Jehova: “Motho [eseng feela Jobo] o tla nehelana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona bakeng sa moea oa hae.”—Jobo 1:8; 2:4.

14. Histori e bontšitse eng ka qoso eo Satane a qositseng batho ka eona?

14 Histori e bontšitse hore batho ba bangata, joaloka Jobo, ba lutse ba tšepahala ho Jehova ha ba lekoa—e leng ho shanofatsang Satane. Ba thabisitse pelo ea Jehova ka tsela ea bona ea botšepehi, ’me sena se file Jehova karabo phephetsong e tletseng boikhohomoso ea Satane ea hore batho ba tla khaotsa ho sebeletsa Molimo ha ba le mathateng. (Baheberu 11:4-38) E, ba lipelo li lokileng ba hanne ho furalla Molimo. Esita le ha lintho li hlile li nyolosetsa, ba ’nile ba itšetleha ka Jehova le ho feta hore a ba fe matla a ho mamella.—2 Bakorinthe 4:7-10.

15. Ho ka ’na ha hlaha potso efe ka likahlolo tsa Molimo tsa nakong e fetileng le tsa nakong e tlang?

15 Empa ho sebelisa ha Jehova toka ha ho ame feela tseko ea bobusi le ea botšepehi ba batho. Bibele e re tlalehela ka likahlolo tsa Jehova ho batho ka bomong esita le ho lichaba. E fupere le boprofeta ba likahlolo tseo a tlang ho fana ka tsona nakong e tlang. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jehova o sebelisitse ho loka likahlolong tsa hae le hore o tla ’ne a ho sebelise?

Lebaka Leo ka Lona Toka ea Molimo e Phahameng

Jehova a ke ke a “felisa ea lokileng le ea khopo”

16, 17. Ke mehlala efe e bontšang hore batho ba na le pono e lekanyelitsoeng ha ho tluoa tabeng ea toka ea sebele?

16 Ka nepo ho ka thoe ka Jehova: “Litsela tsohle tsa hae ke toka.” (Deuteronoma 32:4) Ha ho le ea mong oa rōna ea ka itlhalosang joalo, kaha hangata pono ea rōna e lekanyelitsoeng e pupetsa kutloisiso ea rōna ea se nepahetseng. Ka mohlala, nahana ka Abrahama. O ile a ipiletsa ho Jehova mabapi le ho timetsoa ha Sodoma—le hoja e ne e tletse bokhopo. O ile a botsa Jehova: “Na ka sebele u tla felisa ea lokileng le ea khopo?” (Genese 18:23-33) Ha e le hantle karabo e ile ea e-ba che. E bile feela ha Lota ea lokileng le barali ba hae ba fihla ba sireletsehile motseng oa Zooare moo Jehova a ileng a “nesa sebabole le mollo” holim’a Sodoma. (Genese 19:22-24) Ka lehlakoreng le leng, Jonase o ile a “tuka ke bohale” ha Molimo a hauhela batho ba Ninive. Kaha Jonase o ne a se a phatlalalitse timetso ea bona, o ne a tla thabela ho bona ba felisoa—ho sa tsotellehe pako ea bona e tlohang pelong.—Jonase 3:10–4:1.

17 Jehova o ile a tiisetsa Abrahama hore ha a sebelise toka ea Hae ho timetsa ba khopo feela empa le ho pholosa ba lokileng. Ka lehlakoreng le leng, Jonase o ile a tlameha ho ithuta hore Jehova o mohau. Haeba ba khopo ba fetola litsela tsa bona, o “itokiselitse ho tšoarela.” (Pesaleme ea 86:5) Ho fapana le batho ba lulang ba fehile matšoafo, Jehova ha a fane ka kotlo hore feela a bonahatse matla a hae, ebile ha a hlōlehe ho bonahatsa kutloelo-bohloko hobane a tšaba hore ho tla thoe o boi. O bonahatsa mohau neng le neng ha ho e-na le motheo oa hore a etse joalo.—Esaia 55:7; Ezekiele 18:23.

18. Bontša ka Bibele hore Jehova ha a etse lintho ka ho nkeha maikutlo feela tjee.

18 Leha ho le joalo, Jehova ha a ee le khongoana holimo ka lebaka la ho nkeha maikutlo. Ha batho ba hae ba ne ba qoetse borapeling ba litšoantšo, Jehova o ile a phatlalatsa ka tieo: “Ke tla u ahlola ho ea ka litsela tsa hao ke tlise lintho tsohle tsa hao tse manyala holim’a hao. Leihlo la ka le ke ke la u utloela bohloko, kapa ke be le qenehelo, etsoe ke tla tlisa litsela tsa hao holim’a hao.” (Ezekiele 7:3, 4) Kahoo ha batho ba ngangella tseleng ea bona, Jehova o ba ahlola ka ho loketseng. Empa kahlolo ea hae e thehoa bopaking bo tiileng. Kahoo, ha “mohoo [o moholo] oa pelaelo” o fihla litsebeng tsa hae ka Sodoma le Gomora, Jehova o ile a re: “Ke hlile ke ikemiselitse ho theoha ke bone hore na ba etsa ho ea ka mohoo o etsoang mabapi le bona o tlileng ho ’na.” (Genese 18:20, 21) Re motlotlo hakaakang hore ebe Jehova ha a tšoane le batho ba bangata ba etsang liqeto ka lepotlapotla pele ba utloa lintlha kaofela! Ka sebele, Jehova o joalokaha Bibele e mo hlalosa, ke “Molimo oa botšepehi, eo ho eena ho se nang ho hloka toka.”—Deuteronoma 32:4.

Tšepa Toka ea Jehova

19. Re ka etsa’ng haeba re e-na le lipotso tse itseng tse emisang hlooho ka ho sebelisa ha Jehova toka?

19 Bibele ha e arabe potso e ’ngoe le e ’ngoe mabapi le liketso tsa Jehova tsa nakong e fetileng; hape ha e fane ka makolopetso ’ohle mabapi le kamoo Jehova a tlang ho ahlola batho ka bomong le lihlopha kateng nakong e tlang. Ha re sa utloisise litlaleho tse itseng kapa boprofeta bo itseng ba Bibele bo sa qaqiseng makolopetso a joalo, re ka bontša ho tšepahala joaloka moprofeta Mikea, ea ileng a ngola: “Ke tla letela Molimo oa poloko ea ka.”—Mikea 7:7.

20, 21. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore kamehla Jehova o tla etsa se nepahetseng?

20 Re ka kholiseha hore boemong bo bong le bo bong, Jehova o tla etsa se nepahetseng. Esita le ha ho bonahala eka batho ba hlokomolohile ho hloka toka, Jehova oa tšepisa: “Phetetso ke ea ka; ke tla buseletsa.” (Baroma 12:19) Haeba re bonahatsa boikutlo ba ho leta, re tla lumellana ka hohle le mantsoe a moapostola Pauluse a bontšang kholiseho e tiileng: “Na ho hloka toka ho teng ho Molimo? Le ka mohla hoo ho se ke ha e-ba joalo!”—Baroma 9:14.

21 Hona joale, re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (2 Timothea 3:1) Ho hloka toka le ‘liketso tsa khatello’ li bakile hore maemong a mangata ho sebelisoe matla ka sehlōhō. (Moeklesia 4:1) Leha ho le joalo, Jehova ha aa fetoha. O ntse a hloile ho hloka toka, ’me o hlile o tsotella ba tšoaroang ka ho hloka toka. Haeba re lula re tšepahala ho Jehova le bobusing ba hae, o tla re fa matla a ho mamella ho fihlela nakong e behiloeng eo ka eona a tla lokisa ho hloka toka hohle pusong ea hae ea ’Muso.—1 Petrose 5:6, 7.

^ ser. 13 Jehova o ile a re ka Jobo: “Ha ho ea joaloka eena lefatšeng.” (Jobo 1:8) Kahoo, e ka ’na eaba Jobo o phetse ka morao ho lefu la Josefa le pele Moshe e e-ba moeta-pele ea khethiloeng oa Iseraele. Kahoo, ka nako eo ho ne ho ka boleloa ka nepo hore ho ne ho se ea tšepahalang joaloka Jobo.