Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 20

“O Pelo e Bohlale”​—Empa o Ikokobelitse

“O Pelo e Bohlale”​—Empa o Ikokobelitse

1-3. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jehova o ikokobelitse?

NTATE o batla ho ruta ngoana oa hae e monyenyane thuto ea bohlokoa. O batla ho mo finyella pelo. O lokela ho mo atamela joang? Na o lokela ho ema pel’a ngoana ka tsela e tšosang le ho mo komotela? Kapa na o lokela ho theohela boemong ba ngoana e le hore a bue le eena ka tsela e bonolo le e ipiletsang? Ka sebele, ntate ea bohlale le ea ikokobelitseng o ne a tla khetha ho sebelisa katamelo e bonolo.

2 Jehova ke Ntate oa mofuta ofe—ea ikhohomosang kapa ea ikokobelitseng, ea bohale kapa ea bonolo? Jehova o tseba tsohle, o na le bohlale bohle. Empa na u hlokometse hore tsebo le bohlale ha li hlile ha li etse hore batho ba ikokobetse? Joalokaha Bibele e bolela, “tsebo e baka boikhohomoso.” (1 Bakorinthe 3:19; 8:1) Empa Jehova, ea “pelo e bohlale,” o ikokobelitse. (Jobo 9:4) Sena ha se bolele hore o boemong bo tlaase kapa hore o haelloa ke boholo ka tsela leha e le efe, empa se bolela hore ha a ikhohomose. Ke hobane’ng ha ho le joalo?

3 Jehova oa halalela. Kahoo ha a na boikhohomoso, e leng tšobotsi e silafatsang. (Mareka 7:20-22) Ho phaella moo, hlokomela seo moprofeta Jeremia a ileng a se bolella Jehova: “Ruri moea oa hao [uena Jehova] o tla hopola ’me o nkinamele.” * (Lillo Tsa Jeremia 3:20) Ak’u nahane feela! Jehova, ’Musi Morena oa bokahohle, o ne a ikemiselitse ‘ho inama,’ kapa ho theohela boemong ba Jeremia, e le hore a ele motho eo ea sa phethahalang hloko. (Pesaleme ea 113:7) Ka sebele, Jehova o ikokobelitse. Empa boikokobetso ba bomolimo bo akarelletsa eng? Bo amana joang le bohlale? Ke hobane’ng ha e le ba bohlokoa ho rōna?

Kamoo Jehova a Iponahatsang a Ikokobelitse Kateng

4, 5. (a) Boikokobetso ke eng, bo bonahala joang, hona ke hobane’ng ha bo sa lokela ho ferekanngoa le bofokoli kapa boi? (b) Jehova o ile a bonahatsa boikokobetso litšebelisanong tsa hae le Davida joang, hona boikokobetso ba Jehova ke ba bohlokoa hakae ho rōna?

4 Boikokobetso ke ho ikokobetsa kelellong, ho se iphahamise le ho se ikhohomose. Boikokobetso ke tšobotsi e ka hare ea pelo, bo bonahatsoa ke litšobotsi tse kang bonolo, mamello le ho ba le kahlolo e molemo. (Bagalata 5:22, 23) Leha ho le joalo, le ka mohla litšobotsi tsena tsa bomolimo ha lia lokela ho nkoa e le bofokoli kapa boi. Ha li hanane le khalefo ea Jehova e lokileng kapa ho sebelisa ha hae matla a ho timetsa. Ho e-na le hoo, ka boikokobetso le ka bonolo ba hae, Jehova o bonahatsa bonatla ba hae bo hlollang, matla a hae a ho ithiba ka ho phethahetseng. (Esaia 42:14) Boikokobetso bo amana joang le bohlale? Buka e ’ngoe ea litšupiso tsa Bibele e re: “Ha re lihela likhala boikokobetso bo hlalosoa . . . e le ho hloka boithati le motheo oa bohlale bohle.” Ka hona, bohlale ba sebele bo ke ke ba e-ba teng kantle ho boikokobetso. Boikokobetso ba Jehova bo re tsoela molemo joang?

Ntate ea bohlale o tšoara bana ba hae ka boikokobetso le ka bonolo

5 Morena Davida o ile a binela Jehova: “U tla mpha thebe ea hao ea poloko, letsoho la hao le letona le tla ntšehetsa, boikokobetso ba hao bo tla etsa hore ke be moholo.” (Pesaleme ea 18:35) Ha e le hantle, Jehova o ile a itheolela tlaase e le hore a sebelisane le motho enoa ea sa phethahalang, a mo sireletse le ho mo tšehetsa ka matsatsi ’ohle. Davida o ile a hlokomela hore o ne a ka bolokeha—a ba a qetella a finyeletse boholo bo itseng e le morena—feela ka lebaka la ho ikemisetsa ha Jehova ho ikokobetsa ka tsela ena. Ka sebele, ke mang oa rōna ea neng a ka ba le tšepo ea ho bolokeha haeba Jehova a ne a sa ikokobetsa, a sa ikemisetsa ho itheolela tlaase e le hore a sebelisane le rōna e le Ntate ea lerato le ea bonolo?

6, 7. (a) Ke hobane’ng ha ho se mohla Bibele e buang ka Jehova e le ea inyenyefatsang? (b) Bonolo bo amana joang le bohlale, hona ke mang ea behang mohlala o ikhethang ka ho fetisisa ntlheng ee?

6 Ke habohlokoa ho hlokomela phapang pakeng tsa boikokobetso le boinyenyefatso. Boinyenyefatso ke tšobotsi e ntle eo batho ba tšepahalang ba lokelang ho e hlaolela. Ho tšoana le boikokobetso, e amahanngoa le bohlale. Ka mohlala, Liproverbia 11:2 e re: “Bohlale bo ho ba inyenyefatsang.” Empa ha ho mohla Bibele e buang ka Jehova e le ea inyenyefatsang. Hobane’ng? Tsela eo boinyenyefatso bo sebelisitsoeng ka eona ka Mangolong e fana ka maikutlo a ho hlokomela ka ho loketseng meeli eo motho a nang le eona. Ea Matla ’Ohle ha a na meeli haese eo a ipehetseng eona ka lebaka la litekanyetso tsa hae tse lokileng. (Mareka 10:27; Tite 1:2) Ho feta moo, kaha ke Ea Phahameng ka ho Fetisisa, ha a ikarabelle ho motho leha e le ofe. Ka hona taba ea boinyenyefatso ha e sebetse ho hang ho Jehova.

7 Leha ho le joalo, Jehova o ikokobelitse ebile o bonolo. O ruta bahlanka ba hae hore bonolo ke motheo oa bohlale ba sebele. Lentsoe la hae le re ‘bonolo bo tsamaisana le bohlale.’ * (Jakobo 3:13) Nahana ka mohlala oa Jehova ntlheng ena.

Ka Boikokobetso Jehova o Abela ba Bang Boikarabelo le ho ba Mamela

8-10. (a) Ke hobane’ng ha e le ho tsotehang hore ebe Jehova o ikemiselitse ho abela ba bang boikarabelo le ho ba mamela? (b) Ea Matla ’Ohle o ’nile a tšoara mangeloi a hae ka boikokobetso joang?

8 Bopaki bo amang maikutlo ba boikokobetso ba Jehova bo bontšoa ke boikemisetso ba hae ba ho abela ba bang boikarabelo le ho ba mamela. Le hore ebe oa mamela ka bohona ke taba e tsotehang; Jehova ha a hloke thuso kapa keletso ea letho. (Esaia 40:13, 14; Baroma 11:34, 35) Leha ho le joalo, Bibele e bontša ka makhetlo-khetlo hore Jehova o itheolela tlaase ka litsela tsena.

9 Ka mohlala, nahana ka ketsahalo e ’ngoe e ikhethang bophelong ba Abrahama. Abrahama o ile a ba le baeti ba bararo, bao e mong oa bona a ileng a mo bitsa “Jehova.” Ha e le hantle baeti bao e ne e le mangeloi, empa le leng la ’ona le ne le tlile ka lebitso la Jehova ’me le etsa lintho lebitsong la Hae. Ha e le hantle, ha lengeloi leo le ne le bua le ha le ne le etsa lintho, e ne e le Jehova ea buang le ea etsang lintho. A sebelisa lona, Jehova o ile a bolella Abrahama hore O utloile “mohoo oa pelaelo ka Sodoma le Gomora.” Jehova o ile a re: “Ke hlile ke ikemiselitse ho theoha ke bone hore na ba etsa ho ea ka mohoo o etsoang mabapi le bona o tlileng ho ’na, ’me haeba ho se joalo, ke tle ke tsebe.” (Genese 18:3, 20, 21) Ho hlakile hore molaetsa oa Jehova o ne o sa bolele hore Ea Matla ’Ohle o tla “theoha” ka seqo. Ho e-na le hoo, o ile a boela a roma mangeloi e le baemeli ba hae. (Genese 19:1) Hobane’ng? Na Jehova ea bonang hohle o ne a ka sitoa ho ‘tseba’ se hlileng se etsahalang sebakeng seo ntle le hore a romeletse? Ruri o ne a ka tseba. Empa ho e-na le hoo, ka boikokobetso Jehova o ile a fa mangeloi ao kabelo ea hore a lekole boemo le hore a etele Lota le lelapa la hae Sodoma.

10 Ho feta moo, Jehova oa mamela. Ka nako e ’ngoe o ile a kōpa mangeloi a hae hore a bolele litsela tse sa tšoaneng tseo ho ka lihuoang Morena Akabe ea khopo ka tsona. Jehova o ne a sa hloke thuso eo. Leha ho le joalo, o ile a amohela tlhahiso ea lengeloi le leng ’me a le laela hore le etse kamoo le boletseng kateng. (1 Marena 22:19-22) Na boo e ne e se boikokobetso?

11, 12. Abrahama o ile a hlokomela boikokobetso ba Jehova joang?

11 Jehova o ikemiselitse ho mamela esita le batho ba sa phethahalang ba lakatsang ho hlahisa seo ba amehileng ka sona. Ka mohlala, qalong ha Jehova a bolella Abrahama hore O rerile ho timetsa Sodoma le Gomora, monna eo ea tšepahalang o ile a tsieleha. Abrahama o ile a re “ha ho utloahale bakeng sa hao,” ’me a phaella: “Na Moahloli oa lefatše lohle a ke ke a etsa se nepahetseng?” O ile a botsa Jehova hore na o ne a tla qenehela metse eo haeba ho ka fumanoa batho ba 50 ba lokileng ho eona. Jehova o ile a mo tiisetsa hore O ne a tla e qenehela. Empa Abrahama a boela a botsa, a theolela palo eo ho 45, a ntan’o e isa ho 40, a ’na a e theola joalo-joalo. Le hoja Jehova a ne a ntse a mo tiisetsa, Abrahama o ile a ’na a qophella ho fihlela palo eo e theohetse ho leshome. Mohlomong Abrahama o ne a e-s’o utloisise ka ho feletseng hore na Jehova o mohau hakaakang. Leha ho le joalo, ka mamello le ka boikokobetso Jehova o ile a lumella Abrahama, eo e neng e le motsoalle oa hae ebile e le mohlanka oa hae, ho hlahisa seo a amehileng ka sona ka tsela ena.—Genese 18:23-33.

12 Ke batho ba bakae ba bohlale le ba rutehileng ba neng ba ka mamela motho eo ba mo fetang hōle ka tsebo? * Molimo oa rōna o ile a mamela ’me ka tsela eo a bontša boikokobetso bo boholo. Puisanong eo, Abrahama o ile a boela a hlokomela hore Jehova o ‘lieha ho halefa.’ (Exoda 34:6) Mohlomong ha a hlokomela hore ha a na tokelo ea ho botsa Ea Phahameng ka ho Fetisisa hore na o etsa’ng, Abrahama o ile a kōpa ka makhetlo a mabeli: “E se eka Jehova a ke ke a tuka ke bohale.” (Genese 18:30, 32) Ke ’nete hore Jehova ha aa ka a halefa. O fela a e-na le “bonolo bo tsamaisanang le bohlale.”

Jehova o na le Kahlolo e Molemo

13. Poleloana “ho ba le kahlolo e molemo,” kamoo e sebelisitsoeng kateng ka Bibeleng, e bolela eng, hona ke hobane’ng ha poleloana ee e hlalosa Jehova ka ho loketseng?

13 Boikokobetso ba Jehova bo bonahala tšobotsing e ’ngoe e babatsehang—ea ho ba le kahlolo e molemo. Tšobotsi ena e haella habohloko har’a batho ba sa phethahalang. Hase feela hore Jehova o ikemiselitse ho mamela libōpuoa tsa hae tse bohlale empa o boetse o ikemiselitse ho tenyetseha ha ho se letho le hohlanang le melao-motheo e lokileng. Poleloana “ho ba le kahlolo e molemo,” kamoo e sebelisitsoeng kateng ka Bibeleng, ha e le hantle e bolela ho “tenyetseha.” Tšobotsi ena le eona ke pontšo ea bohlale ba Molimo. Jakobo 3:17 e re: “Bohlale bo tsoang holimo . . . bo na le . . . kahlolo e molemo.” Jehova ea nang le bohlale bohle o na le kahlolo e molemo ka kutloisiso efe? Har’a tse ling, o ikamahanya le maemo. Hopola hore lebitso la hae ka bolona le re ruta hore Jehova o iketsa ntho leha e le efe e hlokahalang e le hore a phethahatse merero ea hae. (Exoda 3:14) Na seo ha se bontše boikutlo ba ho ikamahanya le maemo le ho ba le kahlolo e molemo?

14, 15. Pono ea Ezekiele ea koloi ea Jehova ea leholimo e re ruta’ng ka mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng oa leholimo, hona o fapana joang le mekhatlo ea lefatše?

14 Ho na le litemana tsa Bibele tse tsotehang tse re thusang ho utloisisa ho itseng kamoo Jehova a ikamahanyang le maemo kateng. Moprofeta Ezekiele o ile a fuoa pono ea mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng oa leholimo oa libōpuoa tsa moea. O ile a bona koloi e hlollang ka boholo, “koloi” ea Jehova e tataisoang ke Eena ka linako tsohle. Ho thahasellisang le ho feta ke tsela eo e neng e tsamaea ka eona. Mabili a eona a maholohali a ne a e-na le mahlakore a mane a bile a tletse mahlo hohle hoo a neng a khona ho bona hohle ’me a ka nka tsela e fapaneng ka ho panya ha leihlo, a sa eme kapa a sa tjeke. Koloi ena e khōlōhali e ne e sa hoshe joaloka mohosha o entsoeng ke batho. E ne e ka tsamaea ka lebelo la lehalima le ho thinya ka ho feletseng! (Ezekiele 1:1, 14-28) E, joaloka ’Musi ea matla ’ohle ea o tataisang, mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng o ikamahanya le maemo ka ho feletseng, o feto-fetoha le maemo le litlhoko tse lulang li fetoha tseo o lokelang ho sebetsana le tsona.

15 Batho ba ka leka feela ho etsisa bokhoni bo joalo ba ho ikamahanya le maemo ka tsela e phethahetseng. Leha ho le joalo, hangata batho le mekhatlo ea bona ke bo-ha-ke-fetohe ebile ha ba ikamahanye le maemo, e ba ba se nang kahlolo e molemo ho e-na le ho ba ba tenyetsehang. Ka mohlala: Sekepe se seholo se nkang litanka kapa terene e tsamaisang thepa e ka ba tse hlollang ha ho nahanoa ka boholo le matla a tsona. Empa na leha e le efe ea tsona e ka ipapisa le maemo a fetohang ka tšohanyetso? Haeba tšitiso e ka ba teng seporong ka pel’a terene e tsamaisang thepa, ho hlakile hore e ke ke ea khona ho tjeka. Ho boetse ho thata hore e eme tsi! hang-hang. Terene e khōlō e tsamaisang thepa e ka ’na ea tsamaea lik’hilomithara tse ka bang peli pele e ema ka mor’a hore ho hatoe mariki! Ka ho tšoanang, sekepe se seholo se nkang litanka se ka ’na sa tsamaea lik’hilomithara tse ling tse robeli ka mor’a hore ho tingoe lienjene. Esita le haeba lienjene li chencheloa likereng tse se khutlisetsang morao, sekepe seo se ka ’na sa ea pele lik’hilomithara tse ling tse tharo! Hoa tšoana le ka mekhatlo ea batho e nang le tšekamelo ea ho se tenyetsehe le ho se be le kahlolo e molemo. Ka lebaka la boikhohomoso, hangata batho ba hana ho ikamahanya le ho fetoha ha litlhoko le maemo. Ho se tenyetsehe hoo ho entse hore mekhatlo ea khoebo e putlame ha ba ha liha le mebuso. (Liproverbia 16:18) Re thaba hakaakang hore ebe Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng ha ba joalo!

Kamoo Jehova a Bonahatsang ho ba le Kahlolo e Molemo Kateng

16. Jehova o ile a bontša ho ba le kahlolo e molemo joang ha a sebelisana le Lota pele Sodoma le Gomora li timetsoa?

16 Nahana hape ka timetso ea Sodoma le Gomora. Lengeloi la Jehova le ile la fa Lota le ba lelapa la hae litaelo tse hlakileng: “Balehelang sebakeng se lithaba.” Leha ho le joalo, sena se ne se sa ipiletse ho Lota. O ile a kōpa: “Ka kōpo, Jehova, ho se ke ha e-ba joalo!” A kholisehile hore o ne a tla shoa ha a ka balehela lithabeng, Lota o ile a kōpa tumello ea hore a balehele motseng o haufi o bitsoang Zooare le lelapa la hae. Hopola hore Jehova o ne a rerile ho timetsa motse oo. Ho feta moo, tšabo ea Lota e ne e hlile e se na motheo. ’Nete ke hore Jehova o ne a ka sireletsa Lota lithabeng! Leha ho le joalo, Jehova o ile a sekehela kōpo ea Lota tsebe ’me a qenehela Zooare. Lengeloi le ile la bolella Lota: “Bona! ke u nahanela le ho isa tekanyong ena.” (Genese 19:17-22) Na hoo e ne e se ho sebelisa ha Jehova kahlolo e molemo?

17, 18. Jehova o ile a bontša joang hore o na le kahlolo e molemo ha a sebetsana le batho ba Ninive?

17 Jehova o boetse o amohela pako e tlohang pelong, kamehla o etsa se bontšang mohau le se nepahetseng. Nahana ka se ileng sa etsahala ha moprofeta Jonase a romeloa motseng o khopo, o tletseng pefo oa Ninive. Ha Jonase a ntse a tsamaea literateng tsa Ninive, molaetsa o bululetsoeng oo a neng a o phatlalatsa o ne o le bonolo: Motse oo o matla o ne o tla timetsoa ka mor’a matsatsi a 40. Leha ho le joalo, maemo a ile a fetoha haholo. Batho ba Ninive ba ile ba baka!—Jonase, khaolo ea 3.

18 Ho bapisa tsela eo Jehova a ileng a sebetsana le ho fetoha hona ha maemo ka eona le eo Jonase a ileng a itšoara ka eona ho re ruta ho hongata. Boemong bona, Jehova o ile a ikamahanya le maemo, a iketsa Ea Tšoarelang libe ho e-na le ho ba “mohale oa ntoa.” * (Exoda 15:3) Ka lehlakoreng le leng, Jonase eena o ne a sa tenyetsehe a bile a hloka mohau. Ho fapana le hore a bonahatse ho ba le kahlolo e molemo hoo Jehova a neng a ho bontša, o ile a itšoara joaloka terene e tsamaisang thepa kapa sekepe se seholo tse boletsoeng pejana. O ne a phatlalalitse timetso, kahoo timetso e ne e tlameha ho tla! Leha ho le joalo, ka mamello Jehova o ile a ruta moprofeta oa hae oa sefela-peloana thuto e sa lebaleheng ea ho ba le kahlolo e molemo le ho ba mohau.—Jonase, khaolo ea 4.

Jehova o na le kahlolo e molemo ’me o utloisisa mefokolo ea rōna

19. (a) Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jehova o na le kahlolo e molemo ho seo a se lebeletseng ho rōna? (b) Liproverbia 19:17 e bontša joang hore Jehova ke Monghali ea ‘molemo le ea nang le kahlolo e molemo’ le ea ikokobelitseng ka ho tebileng?

19 Ntlha ea ho qetela ke hore Jehova o na le kahlolo e molemo ho seo a se lebeletseng ho rōna. Morena Davida o ile a re: “O tseba sebōpeho sa rōna hantle, oa hopola hore re lerōle.” (Pesaleme ea 103:14) Jehova o utloisisa mefokolo ea rōna le ho se phethahale ha rōna ho feta kamoo re e utloisisang kateng. Ha ho mohla a lebellang hore re etse se fetang seo re ka se khonang. Bibele e bontša phapang pakeng tsa benghali ba batho “ba molemo le ba nang le kahlolo e molemo” le bao “ho leng thata ho ba khahlisa.” (1 Petrose 2:18) Jehova ke Monghali oa mofuta ofe? Hlokomela seo Liproverbia 19:17 e se bolelang: “Ea bontšang mohau ho ea tlaase o alima Jehova.” Ka ho hlakileng, ke monghali ea molemo le ea nang le kahlolo e molemo feela ea neng a tla ela hloko ketso e ’ngoe le e ’ngoe e mosa e etsetsoang ba tlaase. Ho feta moo, lengolo lena le bontša hore ha e le hantle ’Mōpi oa bokahohle o inka a kolota batho feela tjee ba etsang liketso tse joalo tsa mohau! Bona ke boikokobetso bo tebileng ka ho fetisisa.

20. Ho na le tiiso efe ea hore Jehova o utloa lithapelo tsa rōna le hore oa li arabela?

20 Jehova o ntse a le bonolo a bile a e-na le kahlolo e molemo ka ho tšoanang ha a sebelisana le bahlanka ba hae kajeno. Ha re rapela ka tumelo, oa mamela. Le hoja a sa romele mangeloi hore a tl’o buisana le rōna, ha rea lokela ho nahana hore ha a arabele lithapelo tsa rōna. Hopola hore ha moapostola Pauluse a ne a kōpa balumeli-’moho le eena hore ba ‘tsoele pele ho mo rapella’ hore a lokolloe chankaneng, o ile a phaella: “E le hore nka khutlisetsoa ho lōna kapele.” (Baheberu 13:18, 19) Kahoo ha e le hantle lithapelo tsa rōna li ka ’na tsa susumelletsa Jehova hore a etse ntho eo mohlomong a neng a ke ke a e etsa!—Jakobo 5:16.

21. Le ka mohla ha rea lokela ho fihlela qeto efe ka boikokobetso ba Jehova, empa ho e-na le hoo, re lokela ho utloisisa eng ka eena?

21 Ke ’nete hore ha ho le e ’ngoe ea liponahatso tsena tsa boikokobetso ba Jehova—bonolo, ho ikemisetsa ha hae ho mamela, mamello ea hae, ho ba le kahlolo e molemo—e bolelang hore Jehova o sekisetsa melao-motheo ea hae e lokileng. Baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ka ’na ba nahana hore ba na le kahlolo e molemo ha ba tsikinyetsa mehlape ea bona litsebe ka ho hlapolla litekanyetso tsa Jehova tsa boitšoaro. (2 Timothea 4:3) Empa tšekamelo ea batho ea ho sekisetsa molemong oa ho finyella pakane eo motho a e habileng feela ha ho moo e kopanang teng le ho ba le kahlolo e molemo ha Molimo. Jehova oa halalela; le ka mohla a ke ke silafatsa litekanyetso tsa hae tse lokileng. (Levitike 11:44) Ka hona, a re rateng ho ba le kahlolo e molemo ha Jehova feela joalokaha ho le joalo—e le bopaki ba boikokobetso ba hae. Na ha u thabe ha u nahana hore Jehova Molimo, Motho ea bohlale ka ho fetisisa bokahohleng, ke eena ea ikokobelitseng ka tsela e ikhethang? Ke ho thabisang hakaakang ho atamela ho Molimo eo ea susumetsang tšabo e nang le tlhompho empa a le bonolo, a e-na le mamello le kahlolo e molemo!

^ ser. 3 Bangoli ba boholo-holo, kapa Basofera ba ile ba fetola temana ena ba etsa hore e re ke Jeremia ea inamang, eseng Jehova. Kamoo ho bonahalang kateng, ba ne ba nka hore ho fosahetse ho hlalosa Molimo a etsa ketso eo e ikokobelitseng. Ka lebaka leo, liphetolelo tse ngata li lahla ntlha e temaneng ena e babatsehang. Leha ho le joalo, The New English Bible ka nepo e re Jeremia o ile a re ho Molimo: “Hopola, hopola hle, ’me u nkinamele.”

^ ser. 7 Liphetolelo tse ling li re “boikokobetso bo hlahisoa ke bohlale” le “hore mosa ke pontšo ea bohlale.”

^ ser. 12 Ka ho thahasellisang, Bibele e bontša phapang pakeng tsa mamello le boikhohomoso. (Moeklesia 7:8) Mamello ea Jehova e fana ka bopaki bo eketsehileng ba boikokobetso ba hae.—2 Petrose 3:9.

^ ser. 18 Pesaleme ea 86:5 e re Jehova ‘o molemo ’me o itokiselitse ho tšoarela.’ Ha pesaleme eo e ne e fetoleloa Segerikeng, poleloana “itokiselitse ho tšoarela” e ile ea fetoleloa e le e·pi·ei·kesʹ, kapa “ho ba le kahlolo e molemo.”