Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 26

Molimo ea ‘Itokiselitseng ho Tšoarela’

Molimo ea ‘Itokiselitseng ho Tšoarela’

1-3. (a) Mopesaleme Davida o ile a jara moroalo ofe o boima, hona o ile a fumanela pelo ea hae e khathatsehileng matšeliso joang? (b) Ha re etsa sebe, re ka ’na ra jara moroalo ofe ka lebaka la sona, empa Jehova o re tiisetsa eng?

MOPESALEME DAVIDA o ile a ngola: “Liphoso tsa ka li fetile holim’a hlooho ea ka; joaloka mojaro o boima li nkimetse haholo. Ke feletsoe ke matla ’me ke sithabetse ho isa tekanyong e fetisisang.” (Pesaleme ea 38:4, 8) Davida o ne a tseba kamoo moroalo oa ho ba le letsoalo le molato o ka bang boima kateng. Empa o ile a fumanela pelo ea hae e khathatsehileng matšeliso. O ile a utloisisa hore le hoja Jehova a hloile sebe, ha Aa hloea moetsalibe haeba a hlile a baka ’me a furalla tsela ea hae ea boetsalibe. A kholisehile ka ho feletseng hore Jehova o ikemiselitse ho hauhela ba bakileng, Davida o ile a re: “Jehova, . . . u itokiselitse ho tšoarela.”—Pesaleme ea 86:5.

2 Ha re etsa sebe, le rōna re ka ’na ra jara moroalo o boima oa ho ba le letsoalo le khathatsehileng. Boikutlo bona ba ho ikoahlaea bo molemo. Bo ka re susumelletsa ho nka mehato e hlokahalang e le hore re lokise liphoso tsa rōna. Leha ho le joalo, ho na le kotsi ea ho sithabetsoa ke boikutlo ba ho ba molato. Lipelo tsa rōna tse re ahlolang li ka ’na tsa tsitlella hore Jehova ha a na ho re tšoarela, ho sa tsotellehe hore na re bakile hakae. Haeba re “sithabetsoa” ke boikutlo ba ho ba molato, Satane a ka ’na a leka ho etsa hore re tele, re be le boikutlo ba hore Jehova o re nka re se ba bohlokoa re bile re sa tšoanelehe ho mo sebeletsa.—2 Bakorinthe 2:5-11.

3 Na ke kamoo Jehova a talimang lintho kateng? Le hanyenyane! Ho tšoarela ke tšobotsi e ’ngoe ea lerato le leholo la Jehova. Ka Lentsoeng la hae, o re tiisetsa hore o ikemiselitse ho re tšoarela ha re bontša pako ea sebele le e tlohang botebong ba pelo. (Liproverbia 28:13) E le hore le ka mohla re se ke ra ba le khoao ea hore Jehova a ka re tšoarela, a re hlahlobeng lebaka leo a tšoarelang ka lona le hore na o tšoarela joang.

Lebaka Leo ka Lona Jehova a ‘Itokiselitseng ho Tšoarela’

4. Jehova o hopola eng ka sebōpeho sa rōna, hona see se ama tsela eo a re tšoarang ka eona joang?

4 Jehova o lemoha mefokolo ea rōna. Pesaleme ea 103:14 e re: “O tseba sebōpeho sa rōna hantle, oa hopola hore re lerōle.” Oa hopola hore re entsoe ka lerōle, re na le likhaello, kapa mefokolo, ka lebaka la ho se phethahale. Poleloana e reng o tseba “sebōpeho sa rōna” e re hopotsa hore Bibele e tšoantša Jehova le sebōpi ’me rōna e re tšoantša le lijana tsa letsopa tseo a li bōpang. * (Jeremia 18:2-6) Sebōpi se Seholo se re tšoara ka bonolo ho latela mefokolo e bakoang ke sebōpeho sa rōna sa boetsalibe le tsela eo ka eona re arabelang kapa re hlōlehang ho arabela tataisong e fanoang.

5. Buka ea Baroma e hlalosa tsela e matla eo sebe se khomarelang ka eona joang?

5 Jehova oa utloisisa kamoo sebe se leng matla kateng. Lentsoe la hae le hlalosa sebe e le matla a susumetsang a khomaretseng motho ka tsela e bolaeang. Ha e le hantle sebe se khomarela ka matla hakae? Bukeng ea Baroma, moapostola Pauluse oa hlalosa: Re “tlas’a sebe,” joaloka masole a tlas’a molaoli oa ’ona (Baroma 3:9); sebe “se ile sa busa” batho joaloka morena (Baroma 5:21); se ‘lula’ ka ho rōna (Baroma 7:17, 20); “molao” oa sona o lula o sebetsa ka ho rōna, ha e le hantle o leka ho laola liketso tsa rōna. (Baroma 7:23, 25) Sebe se khomaretse nama ea rōna ea boetsalibe ka matla hakaakang!—Baroma 7:21, 24.

6, 7. (a) Jehova o talima ba batlang mohau oa hae ka pelo e soabileng joang? (b) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho nka monyetla ka mohau oa Molimo?

6 Kahoo, Jehova oa tseba hore re ke ke ra khona ho mo utloa ka ho phethahetseng, ho sa tsotellehe hore na e ka ’na eaba re lakatsa ka tieo hakaakang ho mo utloa. Ka lerato o re tiisetsa hore ha re batla mohau oa hae ka pelo e soabileng, o tla re tšoarela. Pesaleme ea 51:17 e re: “Mahlabelo a eang ho Molimo ke moea o robehileng; Molimo, u ke ke ua nyelisa pelo e robehileng le e sithabetseng.” Jehova a ke ke a lahla, kapa a furalla, pelo “e robehileng le e sithabetseng” ka lebaka la ho imeloa ke boikutlo bo molato.

7 Leha ho le joalo, na see se bolela hore re ka nka monyetla ka mohau oa Molimo, ra sebelisa boetsalibe ba rōna e le phephi ea ho etsa sebe? Ka sebele le hanyenyane! Jehova ha a susumetsoe ke maikutlo feela tjee. Mohau oa hae o na le moeli. A ke ke a tšoarela ba ngangellang ho etsa sebe ka boomo, ba sa bontše pako. (Baheberu 10:26) Ka lehlakoreng le leng, ha a bona ea pelo e soabileng, o itokisetsa ho tšoarela. Joale a re hlahlobeng lipolelo tse ling tse hlakileng tse sebelisitsoeng ka Bibeleng ho hlalosa tšobotsi ena e babatsehang ea lerato la Jehova.

Jehova o Tšoarela ka ho Feletseng Hakae?

8. Ha e le hantle, Jehova o etsa eng ha a re tšoarela libe, hona see se re fa tšepo efe?

8 Davida ea bakileng o ile a re: “Qetellong ka bolela sebe sa ka ho uena, ’me phoso ea ka ha kea ka ka e koahela. . . . Ua tšoarela phoso ea libe tsa ka.” (Pesaleme ea 32:5) Lentsoe “tšoarela” le fetolela lentsoe la Seheberu leo ha e le hantle le bolelang “ho phahamisa” kapa “ho jara.” Ho sebelisoa ha lona mona ho fana ka maikutlo a ho tlosa “molato, sebe, tlōlo.” Kahoo, ha e le hantle Jehova o ile a phahamisa libe tsa Davida ’me a li tlosa. Ha ho pelaelo hore sena se ile sa bebofatsa boikutlo ba ho ba molato boo Davida a neng a bo jere. (Pesaleme ea 32:3) Le rōna ka ho tšoanang re ka tšepa ka ho feletseng Molimo ea tlosang libe tsa ba batlang hore a ba tšoarele motheong oa tumelo ea bona sehlabelong sa Jesu sa thekollo.—Matheu 20:28.

9. Jehova o suthisetsa libe tsa rōna hōle hakae?

9 Davida o ile a sebelisa polelo e ’ngoe e hlakileng ha a hlalosa kamoo Jehova a tšoarelang kateng: ‘Joalokaha bochabela bo le hōle le bophirimela, o lahlela makhopo a rōna joalo hōle le rōna.’ (Pesaleme ea 103:12, Bibele ea Sesotho, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Bochabela bo hōle hakae le bophirimela? Kamoo ho utloisisoang kateng, bochabela bo lula bo le hōle le bophirimela ka hohle kamoo motho a ka nahanang kateng; ha ho mohla libaka tseo tse peli li ka kopanang. Setsebi se seng se bolela hore polelo ena e bolela hore “hōle kamoo ho ka khonehang; ho isa bohōleng boo re ka bo nahanang.” Mantsoe a Davida a bululetsoeng a re bolella hore ha Jehova a tšoarela, o suthisetsa libe tsa rōna hōle le rōna ka hohle kamoo re ka nahanang kateng.

“Libe tsa lōna . . . li tla soeufala joaloka lehloa”

10. Ha Jehova a re tšoarela libe, ke hobane’ng ha re sa lokela ho ikutloa re jere letheba la libe tseo bophelo bohle ba rōna?

10 Na u kile ua leka ho tlosa letheba seaparong se ’mala o khanyang? Mohlomong ho sa tsotellehe boiteko bo matla ka ho fetisisa boo u ileng ua bo etsa, letheba le ile la sala le ntse le bonahala. Hlokomela kamoo Jehova a hlalosang matla a hae a ho tšoarela kateng: “Le hoja libe tsa lōna li ka ba joaloka sekareleta, li tla soeufala joaloka lehloa; le hoja li ka ba khubelu joaloka lesela la krimsone, li tla tšoana le boea.” (Esaia 1:18) Lentsoe “sekareleta” le bolela ’mala o bofubelu bo khanyang. * “Krimsone” e ne e le o mong oa mebala e loileng ea lesela le dailoeng. (Nahume 2:3) Re ke ke ra tlosa letheba la sebe ka matla a rōna. Empa Jehova a ka tlosa libe tse joaloka sekareleta le krimsone a li soeufatsa tsa ba joaloka lehloa kapa boea bo sa dauoang. Ha Jehova a re tšoarela libe, ha ho hlokahale hore re ikutloe re ntse re jere letheba la libe tseo bophelo bohle ba rōna.

11. Jehova o lahlela libe tsa rōna ka mor’a hae ka kutloisiso efe?

11 Pineng ea teboho e susumetsang eo Ezekiase a ileng a e qapa ka mor’a hore a pholosoe ho kuleng ho bolaeang, o ile a re ho Jehova: “U lahletse libe tsohle tsa ka ka mor’a hao.” (Esaia 38:17) Mona Jehova o hlalosoa a nka libe tsa mofosi ea bakileng a li lahlela ka mor’a Hae moo A ke keng a hlola a li bona kapa hona ho li hlokomela. Ho ea ka mohloli o mong, khopolo e fetisoang mona e ka ’na ea hlalosoa ka ho re: “U entse hore eke [libe tsa ka] ha lia ka tsa etsahala.” Na see hase se khothatsang?

12. Moprofeta Mikea o bontša joang hore ha Jehova a tšoarela, O tlosa libe tsa rōna ka ho feletseng?

12 Tšepisong ea hae ea tsosoloso, moprofeta Mikea o ile a re o kholisehile hore Jehova o tla tšoarela sechaba sa hae se bakileng: “Ke mang Molimo ea kang uena, . . . ea tlohelang tlōlo ea masala a lefa la hae? . . . U tla lahlela libe tsohle tsa bona bolibeng ba leoatle.” (Mikea 7:18, 19) Ak’u nahane hore na mantsoe ao a ne a bolela’ng ho ba neng ba phela mehleng ea Bibele. Na ho ne ho e-na le monyetla leha e le ofe oa hore motho a boele a fumane ntho e lahletsoeng “bolibeng ba leoatle”? Kahoo mantsoe a Mikea a bontša hore ha Jehova a tšoarela, o tlosa libe tsa rōna ka ho feletseng.

13. Mantsoe a Jesu a reng “U re tšoarele melato ea rōna” a bolela’ng?

13 Jesu o ile a sebelisa boemo bo pakeng tsa batho ba kolotoang le ba kolotang ho bontša kamoo Jehova a tšoarelang kateng. Jesu o ile a re phehella ho rapela: “U re tšoarele melato ea rōna.” (Matheu 6:12) Kahoo Jesu o ile a tšoantša libe le melato. (Luka 11:4) Ha re etsa sebe, re fetoha “ba kolotang” Jehova. Mabapi le moelelo oa leetsi la Segerike le fetoletsoeng e le “ho tšoarela,” buka e ’ngoe ea litšupiso e re: “Ho tlohella molato, ho o lesa, ka ho se o batle.” Ka kutloisiso e ’ngoe, ha Jehova a tšoarela, o hlakola molato oo ho seng joalo re neng re tla o lefisoa. Ka hona baetsalibe ba bakileng ba ka khothala. Le ka mohla Jehova a ke ke a batla hore ba lefelle molato oo a o hlakotseng!—Pesaleme ea 32:1, 2.

Jehova o batla hore re tsebe hore o “itokiselitse ho tšoarela”

14. Polelo “libe tsa lōna li hlakoloe” e tlisa setšoantšo sefe kelellong?

14 Ho tšoarela ha Jehova ho boetse ho hlalosoa ho Liketso 3:19: “Ka hona, bakang, ’me le sokolohe e le hore libe tsa lōna li hlakoloe.” Lentsoe lena le qetellang le fetolela leetsi la Segerike le bolelang “ho tlosa ka ho feletseng, . . . ho phumola kapa ho timetsa.” Ho ea ka litsebi tse ling, le fana ka khopolo ea ho hlakola mongolo. Seo se ne se ka khoneha joang? Enke e neng e atisa ho sebelisoa mehleng ea boholo-holo e ne e entsoe ka motsoako oa k’habone, boka le metsi. Kapele ka mor’a ho ngola ka enke eo, motho o ne a ka nka seponche se mongobo a hlakola mongolo oo. Papiso ena e ntle e bontša mohau oa Jehova. Ha a re tšoarela libe, ho tšoana le ha a nka seponche a li hlakola.

15. Jehova o batla hore re tsebe eng ka eena?

15 Ha re nahana ka lipapiso tsena tse sa tšoaneng, na ha ho hlake hore Jehova o batla hore re tsebe hore ka sebele o itokiselitse ho re tšoarela libe hafeela a bona hore re bakile e le kannete? Ha ho hlokahale hore re tšohe hore o tla re ahlolela libe tseo nakong e tlang. Sena se bontšoa ke ho hong hoo Bibele e ho senolang ka mohau oa Jehova o moholo: Ha a tšoarela, oa lebala.

“Ha ke sa Tla Hlola ke Hopola Libe Tsa Bona”

16, 17. Bibele e bolela’ng ha e re Jehova o lebala libe tsa rōna, hona ke hobane’ng ha u arabela joalo?

16 Jehova o ile a tšepisa tjena mabapi le ba leng selekaneng se secha: “Ke tla tšoarela liphoso tsa bona, ’me ha ke sa tla hlola ke hopola libe tsa bona.” (Jeremia 31:34) Na see se bolela hore ha Jehova a tšoarela o sitoa ho hopola libe hape? Ka sebele ha ho joalo. Bibele e re bolella ka libe tsa batho ba bangata bao Jehova a ileng a ba tšoarela, ho akarelletsa le Davida. (2 Samuele 11:1-17; 12:13) Ho hlakile hore Jehova o ntse a tseba liphoso tseo ba ileng ba li etsa. Tlaleho eo ea libe tseo ba li entseng, hammoho le pako ea bona le ho tšoareloa ha bona ke Molimo, li bolokiloe molemong oa rōna. (Baroma 15:4) Joale, Bibele e bolela’ng ha e re Jehova ha a ‘hopole’ libe tsa bao a ba tšoaretseng?

17 Leetsi la Seheberu le fetoletsoeng e le ‘ke tla hopola’ ha le bolele ho hopola se fetileng feela. Theological Wordbook of the Old Testament e re le akarelletsa “maikutlo a ho nka khato e loketseng.” Kahoo ka kutloisiso ena, ho “hopola” sebe ho akarelletsa ho nka khato khahlanong le baetsalibe. (Hosea 9:9) Empa ha Molimo a re “ha ke sa tla hlola ke hopola libe tsa bona,” o re tiisetsa hore ha a tšoarela baetsalibe ba bakileng, a ke ke a ba ahlolela libe tseo nakong e tlang. (Ezekiele 18:21, 22) Ka tsela eo Jehova o lebala ka kutloisiso ea hore ha a lebise tlhokomelo libeng tsa rōna nako le nako e le hore a lule a re qosa kapa a re fa kotlo. Na hase ho tšelisang ho tseba hore Molimo oa rōna oa tšoarela ebile oa lebala?

Ho Thoe’ng ka Liphello?

18. Ke hobane’ng ha ho tšoareloa ho sa bolele hore moetsalibe ea bakileng o lokoloha liphellong tsohle tsa tsela ea hae e fosahetseng?

18 Na ho itokisetsa ha Jehova ho tšoarela ho bolela hore moetsalibe ea bakileng o lokoloha liphellong tsohle tsa tsela ea hae e fosahetseng? Che. Re ke ke ra etsa sebe ebe ha re hlaheloe ke liphello tse bohloko. Pauluse o ile a ngola: “Leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule.” (Bagalata 6:7) Re ka ’na ra tobana le liphello tse itseng tsa liketso tsa rōna. Sena ha se bolele hore ka mor’a hore Jehova a re tšoarele o etsa hore re hlaheloe ke litsietsi. Ha mathata a hlaha, Mokreste ha aa lokela ho nahana hore, ‘Mohlomong Jehova o nkotlela libe tsa ka tsa nakong e fetileng.’ (Jakobo 1:13) Ka lehlakoreng le leng, Jehova ha a re sireletse liphellong tsohle tsa liketso tsa rōna tse fosahetseng. Tlhalo, ho ima ho sa batleheng, maloetse a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate, hore motho a se hlole a tšeptjoa kapa a hlomphuoa—tsena tsohle e ka ’na ea e-ba liphello tse bohloko tsa sebe, tse ke keng tsa qojoa. Hopola hore esita le ka mor’a hore Jehova a tšoarele Davida libe tsa hae mabapi le Bathe-sheba le Uria, ha aa ka a sireletsa Davida liphellong tse bohloko tse ileng tsa latela.—2 Samuele 12:9-12.

19-21. (a) Molao o tlalehiloeng ho Levitike 6:1-7 o ne o tsoela motho ea senyelitsoeng le mofosi molemo joang? (b) Haeba ba bang ba utloisitsoe bohloko ke libe tsa rōna, Jehova o thabisoa ke ha re nka khato efe?

19 Libe tsa rōna li ka ’na tsa e-ba le liphello tse ling, haholo-holo haeba ba bang ba utloisitsoe bohloko ke liketso tsa rōna. Ka mohlala, nahana ka tlaleho e ho Levitike khaolo ea 6. Moo Molao oa Moshe o bua ka boemo ba ha motho a etsa phoso e tebileng ka ho inkela thepa ea Moiseraele-’moho le eena ka likhoka, ka ho qhekella, kapa ka bomenemene. Ka mor’a moo ebe moetsalibe o hana hore o molato, hoo a bileng a itetang sefuba ho ikana ka bohata. Bopaki ba e mong bo thesela ba e mong. Leha ho le joalo, ebe hamorao mofosi o khoebethoa ke letsoalo ’me o bolela sebe sa hae. E le hore Molimo a mo tšoarele, o lokela ho etsa lintho tse tharo: a khutlise seo a se nkileng, a lefe ea senyelitsoeng matšeliso a karolo ea 20 lekholong ea thepa e utsoitsoeng, a be a fane ka pheleu e le nyehelo ea molato. Joale, molao o re: “Moprista a koahele libe tsa [hae] ka pel’a Jehova, kahoo [a] li tšoareloe.”—Levitike 6:1-7.

20 Molao ona e ne e le tokisetso e mohau e tsoang ho Molimo. O ne o tsoela motho ea senyelitsoeng molemo, ea neng a khutlisetsoa thepa ea hae le eo ntle ho pelaelo a ikutloang a imolohile haholo ha mofosi a qetella a lumetse sebe sa hae. Ka nako e tšoanang, motho eo qetellong letsoalo la hae le neng le mo susumelletsa ho lumela molato oa hae le ho lokisa phoso ea hae, molao o ne o mo tsoela molemo. Ka sebele, haeba a ne a hana ho etsa seo, Molimo o ne a ke ke a mo tšoarela.

21 Le hoja re se tlas’a Molao oa Moshe, Molao oo o re fa leseli le itseng ka monahano oa Jehova, ho akarelletsa pono ea hae ka tšoarelo. (Bakolose 2:13, 14) Haeba ba bang ba utloisitsoe bohloko ke libe tsa rōna, Molimo oa thaba ha re etsa sohle se matleng a rōna ho lokisa phoso eo. (Matheu 5:23, 24) Sena se ka ’na sa akarelletsa ho amohela phoso ea rōna, ho lumela hore re molato, esita le ho kōpa tšoarelo ho motho eo re mo sitetsoeng. Re ntan’o ipiletsa ho Jehova motheong oa sehlabelo sa Jesu le ho thabela tiisetso ea hore Molimo o re tšoaretse.—Baheberu 10:21, 22.

22. Tšoarelo ea Jehova e ka ’na ea tsamaea le eng?

22 Joaloka motsoali leha e le ofe ea lerato, Jehova a ka ’na a tšoarela a ba a fana ka taeo e itseng. (Liproverbia 3:11, 12) Mokreste ea bakileng a ka ’na a tlameha ho tela tokelo ea hae ea ho sebeletsa e le moholo, mohlanka ea sebeletsang, kapa ’moleli oa evangeli oa nako e tletseng. Ho ka ’na ha e-ba bohloko ho eena hore ka nakoana a lahleheloe ke litokelo tseo a neng a li rata. Leha ho le joalo, taeo eo ha e bolele hore Jehova ha aa mo tšoarela. Re lokela ho hopola hore taeo e tsoang ho Jehova ke bopaki ba lerato la hae ho rōna. Ho e amohela le ho e sebelisa ho molemong oa rōna.—Baheberu 12:5-11.

23. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho etsa qeto ea hore Jehova a ke ke a re hauhela, hona ke hobane’ng ha re lokela ho etsisa ho tšoarela ha hae?

23 Ke ho khathollang hakaakang ho tseba hore Molimo oa rōna o “itokiselitse ho tšoarela”! Ho sa tsotellehe liphoso tseo mohlomong re li entseng, le ka mohla ha rea lokela ho nahana hore Jehova a ke ke a re hauhela. Haeba re baka e le kannete, re nka mehato ea ho lokisa phoso eo re bile re rapella tšoarelo ka tieo motheong oa mali a Jesu a tšolotsoeng, re ka kholiseha ka ho feletseng hore Jehova o tla re tšoarela. (1 Johanne 1:9) A re etsiseng ho tšoarela ha hae ha re sebelisana le ba bang. Etsoe haeba Jehova, ea sa etseng sebe, a ka re tšoarela ka lerato joalo, na rōna batho ba baetsalibe ha rea lokela ho etsa sohle se matleng a rōna hore re tšoarelane?

^ ser. 4 Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “sebōpeho sa rōna” le boetse le sebelisoa lijaneng tsa letsopa tseo sebōpi se li bōpang.—Esaia 29:16.

^ ser. 10 Setsebi se seng se re sekareleta “e ne e le ’mala o sa tsoeng, kapa o sa thunyeng. O ne o sa ntšoe ke phoka, pula, ho hlatsuoa kapa hona ho sebelisoa nako e telele.”