Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 27

“Molemo oa Hae o Moholo Hakaakang!”

“Molemo oa Hae o Moholo Hakaakang!”

1, 2. Molemo oa Molimo o fihla bohōleng bofe, hona Bibele e hatisa tšobotsi ee joang?

METSOALLE e ’maloa eo e leng khale e ntšana se inong e thabela lijo hammoho ka ntle e orile letsatsi hamonate ha eka le hlahlamela lithaba, ea keketeha le ho qoqa ha e ntse e boha sebaka. Sebakeng se seng se hōjana, sehoai se akhela mahlo masimong a sona ’me se bososela ka khotsofalo kaha maru a thibile ’me pula e qala ho fafatsa lijalong tse e nyoretsoeng. Kae-kae, monna le mosali ba thabela ho bona ngoan’a bona a qala ho tlosa leoto.

2 Ebang baa tseba kapa ha ba tsebe, batho bana kaofela ba thabela ntho e tšoanang—molemo oa Jehova Molimo. Batho ba bang ba bolumeli ba atisa ho bua mantsoe a reng “Molimo o molemo.” Bibele e toboketsa taba le ho feta. E re: “Molemo oa hae o moholo hakaakang!” (Zakaria 9:17) Empa ho bonahala eka ke ba seng bakae feela kajeno ba hlileng ba tsebang se boleloang ke mantsoe ao. Ha e le hantle molemo oa Jehova Molimo o akarelletsa eng, hona tšobotsi ee ea Molimo e ama e mong le e mong oa rōna joang?

Tšobotsi e Hlahelletseng ea Lerato la Molimo

3, 4. Molemo ke eng, hona ke hobane’ng ha molemo oa Jehova o ka ’na oa hlalosoa ka tsela e qaqileng e le ponahatso ea lerato la Molimo?

3 “Molemo” e batla e le lentsoe le akaretsang lipuong tse ngata kajeno. Leha ho le joalo, ho ea kamoo Bibele e o senolang kateng, molemo hase lentsoe le akaretsang. Ha e le hantle, o bolela bokhabane le boitšoaro bo botle. Ka mantsoe a mang re ka ’na ra re molemo o susumetsa Jehova. Litšobotsi tsohle tsa hae—ho akarelletsa matla a hae, toka ea hae le bohlale ba hae—li molemo ka ho feletseng. Ka nģ’e ’ngoe, molemo o ka ’na oa hlalosoa ka tsela e qaqileng e le ponahatso ea lerato la Jehova. Hobane’ng?

4 Molemo ke tšobotsi e sebetsang, e bontšoang ka liketso. Moapostola Pauluse o ile a bontša hore ho batho o ipiletsa le ho feta ho loka. (Baroma 5:7) Motho ea lokileng a ka tšepeloa ho khomarela ka botšepehi se hlokoang ke molao, empa motho ea molemo o etsa ho fetang hoo. O nka khato pele, ka mafolofolo o batla litsela tsa ho etsetsa ba bang se molemo. Joalokaha re tla bona, ka sebele Jehova o molemo ka kutloisiso eo. Ka ho hlakileng, molemo oo o tsoa leratong la Jehova le se nang meeli.

5-7. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a hana ho bitsoa “Mosuoe ea Molemo,” hona o ile a tiisa ’nete efe ea bohlokoa ka seo?

5 Jehova o boetse oa ikhetha ka molemo oa hae. Nakoana pele Jesu a e-shoa, monna e mong o ile a tla ho eena ho mo botsa potso, a mo bitsa “Mosuoe ea Molemo.” Jesu o ile a mo arabela a re: “Ke hobane’ng ha u mpitsa ea molemo? Ha ho ea molemo, haese a le mong, Molimo.” (Mareka 10:17, 18) U ka ’na ua makatsoa ke karabelo eo. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a khalemela monna eo? Na Jesu e ne e hlile e se “Mosuoe ea Molemo”?

6 Ho hlakile hore monna eo o ne a sebelisa mantsoe “Mosuoe ea Molemo” e le tlotla e rorisang ho feta tekanyo. Ka ho inyenyefatsa, Jesu o ile a lebisa khanya eo ho Ntate oa hae oa leholimo, e leng eena ea molemo ka tsela e phahameng ka ho fetisisa. (Liproverbia 11:2) Empa Jesu o ne a boetse a tiisa ’nete e ’ngoe ea bohlokoa. Ke Jehova feela ea lekanyetsang se molemo. Ke eena feela ea nang le tokelo e phahameng ka ho fetisisa ea ho bolela hore na se molemo le se sebe ke sefe. Adama le Eva, ka ho itjella ka borabele litholoana tsa sefate sa tsebo ea botle le bobe, ba ile ba leka ho inkela tokelo eo. Ho fapana le bona, ka boikokobetso Jesu o siea taba ea ho beha litekanyetso matsohong a Ntat’ae.

7 Ho feta moo, Jesu o ne a tseba hore Jehova ke mohloli oa sohle se molemo. Ke Mofani oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng.” (Jakobo 1:17) A re hlahlobeng kamoo molemo oa Jehova o totobatsoang kateng ke ho fana ha hae ka seatla se bulehileng.

Bopaki ba Molemo oa Jehova o Mongata

8. Jehova o bontšitse molemo ho batho bohle joang?

8 Motho e mong le e mong ea kileng a phela o kile a thabela molemo oa Jehova. Pesaleme ea 145:9 e re: “Jehova o molemo ho bohle.” Mehlala e meng ea molemo oa hae o akarelletsang tsohle ke efe? Bibele e re: “[Ha aa] ka a itlohela ntle ho bopaki ka hore o ile a etsa se molemo, a le fa lipula tse tsoang leholimong le linako tse behang, a tlatsa lipelo tsa lōna ka ho phethahetseng ka lijo le ho hlasimoloha ho molemo.” (Liketso 14:17) Na u kile ua hlasimolloa ke ho thabela lijo tse monate? Hoja e ne e se ka molemo oa Jehova ha a etsa lefatše lena le phepelo ea lona ea metsi a hloekileng a lulang a potoloha le “linako tse behang” tse hlahisang nala ea lijo, ho ne ho ke ke ha e-ba le lijo. Jehova ha aa etsetsa ba mo ratang feela molemo oo empa o o etselitse bohle. Jesu o ile a re: “O chabisetsa batho ba khopo le ba molemo letsatsi la hae ’me o nesetsa batho ba lokileng le ba sa lokang pula.”—Matheu 5:45.

Jehova o “le fa lipula tse tsoang leholimong le linako tse behang”

9. Apole e bontša molemo oa Jehova joang?

9 Ba bangata ba khella tlaase limpho tse ngata tse fuoeng moloko oa batho ka seatla se bulehileng ka lebaka la tšebetso e tsoelang pele ea letsatsi, pula le linako tse behang. Ka mohlala, nahana ka apole. Ke tholoana e fumanehang hohle libakeng tse futhumetseng tsa lefatše. Leha ho le joalo, e khahla mahlo, ea hlabosa, ebile e na le lero le khathollang le limatlafatsi tsa bohlokoa. Na u ne u tseba hore lefatšeng ka bophara ho na le mefuta e sa tšoaneng ea liapole e 7 500 e fapanang ka mebala ho tloha ho o mofubelu ho isa ho o kang khauta le o mosehla le o motala le hore e fapana ka boholo ho tloha ho e feta-fetang morara ka boholo ho isa ho e lekanang le lamunu e khōlōhali? Ha u tšoere peō e nyenyane ea apole letsohong, e ka ’na ea bonahala eka ha e na thuso ea letho. Empa ha e mela e hlahisa se seng sa lifate tse ratehang ka ho fetisisa. (Sefela sa Lifela 2:3) Kamehla ka nako ea selemo sefate sa liapole se hlahisa lithunthung tse ntle; ka hoetla se hlahisa litholoana. Selemo le selemo—ka lilemo tse ka bang 75—sefate se itekanetseng sa liapole se beha litholoana tse ka tlatsang mabokose a 20 a boima ba lik’hilograma tse 19 lebokose ka leng!

Peō ena e nyenyane e melisa sefate se ka fepang le ho thabisa batho ka lilemo tse mashome

10, 11. Mecha ea kutlo e bontša molemo oa Molimo joang?

10 Ka molemo oa hae o ke keng oa lekanngoa, Jehova o re file ’mele e ‘entsoeng ka mokhoa o hlollang,’ e nang le mecha ea kutlo e etselitsoeng ho re thusa ho lemoha mesebetsi ea hae le ho e thabela. (Pesaleme ea 139:14) Ak’u nahane hape ka maemo a hlalositsoeng qalong ea khaolo ena. Ke lintho life tseo ho li bona ho etsang hore nako eo e be e thabisang? Marama a boreletsana a ngoana ea thabileng. Pula ea litloebelele e nang. Bofubelu, bosehla le bopherese ha letsatsi le likela. Leihlo la motho le etselitsoe ho bona mebala e fetang 300 000! Mocha oa rōna oa kutlo o utloa melumo e sa tšoaneng ea lentsoe la motho eo re mo ratang, moea ha o foka hasesaane lifateng, ngoana ha a keketeha. Ke hobane’ng ha re thabela ho bona lintho tsee le ho li utloa? Bibele e re: “Tsebe e utloang le leihlo le bonang—Jehova o li entse ka bobeli ba tsona.” (Liproverbia 20:12) Empa ena ke e ’meli feela ea mecha ea kutlo.

11 Mocha oa ho fofonela ke bopaki bo bong ba molemo oa Jehova. Nko ea motho e ka khetholla menko e ka bang 10 000 e sa tšoaneng. Ak’u nahane ka e seng mekae feela: oa lijo tse phehiloeng tseo u li ratang, oa lipalesa, makhasi a oeleng, mosi o fokolang oa mollo o futhumetseng hamonate. Mocha oa hao oa ho ama o u nolofalletsa ho utloa ha u hahloa ke moea o pholileng sefahlehong, u koptjoa ke moratuoa ka matsoho a mofuthu, u thabela ho tšoara tholoana e boreleli. Ha u e shemola, mocha oa hao oa tatso o qala ho sebetsa. Ha e qala e fihla ka hanong u utloa monate o lutlisang mathe ha leleme la hao le latsoa lik’hemik’hale tse rarahaneng tseo tholoana eo e entsoeng ka tsona. Ka sebele, re na le mabaka ’ohle a ho hooa tjena mabapi le Jehova: “Molemo oa hao o mongata hakaakang, oo u o boloketseng ba u tšabang!” (Pesaleme ea 31:19) Leha ho le joalo, Jehova o ‘boloketse’ ba tšabang Molimo molemo joang?

Molemo o Nang le Liphello Tse sa Feleng

12. Ke litokisetso life tse tsoang ho Jehova tseo e leng tsa bohlokoa ka ho fetisisa, hona hobane’ng?

12 Jesu o ile a re: “Ho ngoliloe, ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.’” (Matheu 4:4) Ha e le hantle, litokisetso tsa Jehova tsa moea li ka re tsoela molemo le ho feta litokisetso tsa nama, kaha li isa bophelong bo sa feleng. Khaolong ea 8 ea buka ena, re ile ra hlokomela hore Jehova o sebelisa matla a hae a tsosoloso matsatsing ana a ho qetela ho tlisa paradeise ea moea. Tšobotsi ea bohlokoa ea paradeise ena ke matletsetletse a lijo tsa moea.

13, 14. (a) Moprofeta Ezekiele o ile a bona eng ponong, hona seo se bolela’ng ho rōna kajeno? (b) Jehova o etsetsa bahlanka ba hae ba tšepahalang litokisetso life tse phelisang tsa moea?

13 Boprofeteng bo bong ba Bibele ba tsosoloso e khōlō, moprofeta Ezekiele o ile a fuoa pono ea tempele e tsosolositsoeng le e khanyang. Ho ne ho e-na le molapo o phallang o tsoang tempeleng eo, o pharalla le ho teba ho fihlela e le “molapo o phoroselang o iphetang habeli.” Hohle moo nōka eo e neng e phallela teng, e ne e tlisa litlhohonolofatso. Mabōpong a eona ho ne ho metse lifate tse tlokomang tse hlahisang lijo le tse folisang. Nōka eo e ne e bile e tlisa bophelo le litholoana Leoatleng le Shoeleng la letsoai le bileng le se nang bophelo! (Ezekiele 47:1-12) Empa seo sohle se ne se bolela eng?

14 Pono eo e ne e bolela hore Jehova o tla tsosolosa tokisetso ea hae ea borapeli bo hloekileng, joalokaha e tšoantšetsoa ke tempele eo Ezekiele a ileng a e bona. Joaloka nōka eo ea ponong, litokisetso tsa Molimo tsa bophelo li ne li tla phallela ho batho ba hae ka bongata bo boholo. Ho tloha ha ho tsosolosoa borapeli bo hloekileng ka 1919, Jehova o hlohonolofalitse batho ba hae ka litokisetso tse phelisang. Joang? Libibele, lingoliloeng tsa Bibele, liboka le likopano kaofela li thusitse ho tlisetsa ba limilione linnete tsa bohlokoa. Jehova o sebelisitse litokisetso tseo ho ruta batho ka tokisetso ea bohlokoa ka ho fetisisa e phelisang, e leng sehlabelo sa Kreste sa thekollo, se fanang ka boemo bo hloekileng ka pel’a Jehova le tšepo ea bophelo bo sa feleng ho bohle ba ratang Molimo e le kannete le ba mo tšabang. * Kahoo, matsatsing ana a ho qetela, ha lefatše le le tlaleng ea boja-likata moeeng, batho ba Jehova ba ’nile ba thabela nala ea moea.—Esaia 65:13.

15. Molemo oa Jehova o tla phallela ho batho ba tšepahalang ka kutloisiso efe nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete?

15 Empa nōka ea ponong ea Ezekiele ha e khaotse ho phalla ha tsamaiso ena ea khale ea lintho e fihla pheletsong ea eona. Ho e-na le hoo, e tla phalla ka matla le ho feta nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete. Ka nako eo, a sebelisa ’Muso oa Bomesia, Jehova o tla sebelisa molemo o feletseng oa sehlabelo sa Jesu, butle-butle a phahamisetse batho ba tšepahalang phethehong. Ka nako eo re tla thaba hakaakang ka lebaka la molemo oa Jehova!

Litšobotsi Tse Ling Tsa Molemo oa Jehova

16. Bibele e bontša joang hore molemo oa Jehova o akarelletsa litšobotsi tse ling, hona tse ling tsa tsona ke life?

16 Molemo oa Jehova hase feela ho ba seatla se bulehileng. Molimo o ile a bolella Moshe: “Ke tla etsa hore molemo oohle oa ka o fete ka pel’a sefahleho sa hao, ’me ke tla bolela lebitso la Jehova ka pel’a hao.” Tlaleho eo e tsoela pele ho re: “Jehova a qala ho feta ka pel’a sefahleho sa hae ’me a re: ‘Jehova, Jehova, Molimo ea mohau le ea mosa, ea liehang ho halefa le ea tletseng mosa o lerato le ’nete.’” (Exoda 33:19; 34:6) Kahoo molemo oa Jehova o akarelletsa litšobotsi tse ’maloa tse ntle. A re ke re hlahlobeng tse peli feela tsa tsona.

17. Mosa ke eng, hona Jehova o o bontšitse joang ho batho feela tjee ba sa phethahalang?

17 “Mosa.” Tšobotsi ena e re bolella ho hongata ka tsela eo Jehova a sebelisanang le libōpuoa tsa hae ka eona. Ho fapana le ho ba ea hlokang mamello, ea se nang kutloelo-bohloko, kapa ea hatellang, joalokaha ba nang le matla ba atisa ho ba joalo, Jehova o bonolo ebile o mosa. Ka mohlala, Jehova o ile a re ho Abrame: “Ka kōpo, phahamisa mahlo, ’me ho tloha sebakeng seo u leng ho sona, u talime nģ’a leboea le nģ’a boroa le nģ’a bochabela le nģ’a bophirimela.” (Genese 13:14) Liphetolelo tse ngata li siea mantsoe “ka kōpo” ka thōko. Empa litsebi tsa Bibele li bolela hore mantsoe a Seheberu sa qalong a na le lekhome le fetolang polelo eo ho e tlosa ho taelo ho e etsa kōpo e etsoang ka tlhompho. Ho na le litemana tse ling tse tšoanang le eo. (Genese 31:12; Ezekiele 8:5) Ak’u nahane, ’Musi oa bokahohleng a re “ka kōpo” ho batho feela tjee! Lefatšeng leo ho lona ho atileng ho khahlapetsa, mabifi le ho hloka mekhoa e metle, na ha ho khatholle ho nahana ka mosa oa Molimo oa rōna, Jehova?

18. Jehova ke “ea tletseng . . . ’nete” ka kutloisiso efe, hona ke hobane’ng ha mantsoe ao e le a khothatsang?

18 “Ea tletseng . . . ’nete.” Ho se tšepahale ho atile lefatšeng kajeno. Empa Bibele ea re hopotsa: “Molimo hase motho hore a bue mashano.” (Numere 23:19) Ha e le hantle, Tite 1:2 e re ‘Molimo a ke ke a bua leshano.’ O molemo hoo a ke keng a bua leshano. Kahoo, litšepiso tsa Jehova li tšepahala ka ho feletseng; kamehla seo a se buileng se tlameha ho phethahala. Jehova o bile o bitsoa “Molimo oa ’nete.” (Pesaleme ea 31:5) Hase feela hore o qoba ho bua leshano empa o aba ’nete ka bongata. Ha a itšehle thajana, ha a ipolokele boitsebiso, kapa hona ho bo boloka e le lekunutu; ho e-na le hoo, o bo senolela bahlanka ba hae ba tšepahalang ho tsoa polokelong ea hae ea bohlale e se nang meeli. * O bile o ba ruta ho phela ka linnete tseo a li abang e le hore ba ka “tsoela pele ho tsamaea ’neteng.” (3 Johanne 3) Ka hona, molemo oa Jehova o lokela ho re ama joang ka bomong?

‘Tlala Thabo ka Lebaka la Molemo oa Jehova’

19, 20. (a) Satane o ile a leka ho fokolisa ho tšepa ha Eva molemo oa Jehova joang, hona ka phello efe? (b) Ka nepo molemo oa Jehova o lokela ho re ama joang, hona hobane’ng?

19 Ha Satane a leka Eva serapeng sa Edene, ka mano o ile a qala ho fokolisa ho tšepa ha hae molemo oa Jehova. Jehova o ne a ile a bolella Adama a re: “U ka ja tsa sefate se seng le se seng sa serapa hore u khotsofale.” Har’a lifate tse likete tseo e tlamehang ebe li ne li khabisitse serapa seo, ke se le seng feela seo Jehova a ileng a se thibela. Empa hlokomela kamoo Satane a ileng a beha potso ea hae ea pele ho Eva kateng: “Na ehlile Molimo o itse le se ke la ja tsa sefate se seng le se seng se serapeng?” (Genese 2:9, 16; 3:1) Satane o ile a sotha mantsoe a Jehova ho etsa hore Eva a nahane hore Jehova o ba hanela ka ho hong ho molemo. Ka masoabi, leqheka leo le ile la atleha. Eva, ho tšoana le banna le basali ba bangata ba bileng teng ka mor’a hae, o ile a qala ho belaella molemo oa Molimo, ea neng a mo file ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona.

20 Re tseba ho teba ha masoabi le masisa-pelo a tlisitsoeng ke lipelaelo tse kang eo. Kahoo a re nkeng ka ho teba mantsoe a Jeremia 31:12: “Ka sebele ba tla . . . [tlala] thabo ka lebaka la molemo oa Jehova.” Ka sebele molemo oa Jehova o lokela ho re tlatsa thabo. Le ka mohla ha rea lokela ho belaella sepheo sa Molimo oa rōna, ea tletseng molemo. E se eka re ka mo tšepa ka ho feletseng, kaha o batlela ba mo ratang se molemo ka ho fetisisa.

21, 22. (a) Litsela tse ling tseo ka tsona u lakatsang ho arabela molemong oa Jehova ke life? (b) Re tla tšohla tšobotsi efe khaolong e latelang, hona e fapana le molemo joang?

21 Ho feta moo, ha re fumana monyetla oa ho buisana le ba bang ka molemo oa Molimo, rea thaba. Pesaleme ea 145:7 e re ka batho ba Jehova: “Ba tla bua ba sa khaotse ka molemo oa hao o mongata.” Letsatsi ka leng leo re le phelang, re rua molemo o itseng molemong oa Jehova. Ke hobane’ng ha u sa itloaetse ho leboha Jehova ka molemo oa hae letsatsi ka leng, u tobe taba ka hohle kamoo ho khonehang kateng? Ho nahana ka tšobotsi eo, ho leboha Jehova ka eona letsatsi le letsatsi le ho bolella ba bang ka eona ho tla re thusa ho etsisa Molimo oa rōna ea molemo. Ha re ntse re batla litsela tsa ho etsa molemo joaloka Jehova, re tla atamela haholoanyane ho eena. Moapostola Johanne ea seng a hōlile o ile a ngola: “Moratuoa, e-ba moetsisi oa se molemo, eseng oa se sebe. Ea etsang se molemo o simoloha ho Molimo.”—3 Johanne 11.

22 Molemo oa Jehova o boetse o amahanngoa le litšobotsi tse ling. Ka mohlala, Molimo o ‘tletse mosa o lerato,’ kapa lerato le tšepahalang. (Exoda 34:6) Tšobotsi ena e batla e e-na le morero o tobileng ho feta molemo, kaha Jehova o e bonahatsa ka ho khetheha ho bahlanka ba hae ba tšepahalang. Khaolong e latelang, re tla ithuta kamoo a e bonahatsang kateng.

^ ser. 14 Ha ho na mohlala o bontšang molemo oa Jehova ho feta thekollo. Har’a libōpuoa tsohle tsa moea tse limilione tseo a neng a ka khetha ho tsona, Jehova o ile a khetha Mora oa hae ea ratoang, ea tsoetsoeng a ’notši hore a re shoele.

^ ser. 18 Ka ho utloahalang, Bibele e amahanya ’nete le leseli. Mopesaleme o ile a bina: “Romela leseli la hao le ’nete ea hao.” (Pesaleme ea 43:3) Jehova o fa ba ikemiselitseng ho rutoa, kapa ho chabisetsoa leseli ke eena, leseli le lengata la moea.—2 Bakorinthe 4:6; 1 Johanne 1:5.