Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 29

“Ho Tseba Lerato la Kreste”

“Ho Tseba Lerato la Kreste”

1-3. (a) Ke eng e ileng ea susumelletsa Jesu hore a batle ho tšoana le Ntat’ae? (b) Re tla hlahloba likarolo life tsa lerato la Jesu?

NA U kile ua bona moshanyana a leka ho etsisa ntat’ae? Mora a ka ’na a etsisa ntat’ae ka motsamao, ka lipuo, kapa ka liketso. Ha nako e ntse e ea, moshemane eo a ka ba a latela litekanyetso tsa ntat’ae tsa boitšoaro le tsa moea. E, lerato leo mora a ratang ntate ea lerato ka lona le tsela eo a mo ananelang ka eona li susumelletsa moshemane enoa hore a batle ho tšoana le ntat’ae.

2 Ho thoe’ng ka kamano e pakeng tsa Jesu le Ntat’ae oa leholimo? Ka lekhetlo le leng Jesu o ile a re: “Ke rata Ntate.” (Johanne 14:31) Ha ho e mong ea ka ratang Jehova ho feta Mora enoa, ea bileng le Ntat’ae nako e telele pele sebōpuoa leha e le sefe se seng se e-ba teng. Lerato leo le ile la susumelletsa Mora enoa ea inehetseng hore a batle ho tšoana le Ntat’ae.—Johanne 14:9.

3 Likhaolong tse fetileng tsa buka ena, re tšohlile kamoo Jesu a neng a etsisa matla a Jehova, toka ea hae le bohlale ba hae ka ho phethahetseng kateng. Leha ho le joalo, Jesu o ile a bonahatsa lerato la Ntat’ae joang? A re hlahlobeng likarolo tse tharo tsa lerato la Jesu—moea oa hae oa boitelo, qenehelo ea hae e bonolo le ho ikemisetsa ha hae ho tšoarela.

“Ha ho ea Nang le Lerato le Leholo ho Lena”

4. Jesu o ile a beha mohlala o phahameng ka ho fetisisa har’a batho oa lerato le nang le boitelo joang?

4 Jesu o ile a beha mohlala o ikhethang oa lerato le nang le boitelo. Boitelo bo akarelletsa ho beha litlhoko le lithahasello tsa ba bang ka pele ho tsa rōna ka ho hloka boithati. Jesu o ile a bontša lerato lee joang? O ile a hlalosa: “Ha ho ea nang le lerato le leholo ho lena, hore motho a nehelane ka moea oa hae molemong oa metsoalle ea hae.” (Johanne 15:13) Jesu o ile a ithaopela ho fana ka bophelo ba hae bo phethahetseng molemong oa rōna. E ne e le ponahatso e khōlō ka ho fetisisa ea lerato e kileng ea etsoa ke motho leha e le ofe. Empa Jesu o ile a bontša lerato le nang le boitelo ka litsela tse ling hape.

5. Ke hobane’ng ha ho tloha ha Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo maholimong e ne e le boitelo bo lerato?

5 Pele e e-ba motho oa nama, Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo o ne a le boemong bo ikhethang le bo phahameng maholimong. O ne a e-na le botsoalle bo haufi le Jehova le libōpuoa tse ling tse ngata tsa moea. Ho sa tsotellehe litokelo tsena tseo a neng a li thabela, Mora enoa ea ratoang “o ile a ikhokhotha ’me a nka sebōpeho sa lekhoba ’me a tšoana le batho.” (Bafilipi 2:7) O ile a ithaopela ho tla phela har’a batho ba baetsalibe lefatšeng ‘le rapaletseng matleng a ea khopo.’ (1 Johanne 5:19) Na boo e ne e se boitelo bo lerato ba Mora oa Molimo?

6, 7. (a) Jesu o ile a bontša lerato le nang le boitelo ka litsela life nakong ea tšebeletso ea hae lefatšeng? (b) Ke mohlala ofe o amang maikutlo oa lerato le se nang boithati o tlalehiloeng ho Johanne 19:25-27?

6 Nakong eohle ea tšebeletso ea hae lefatšeng, Jesu o ile a bontša lerato le nang le boitelo ka litsela tse sa tšoaneng. O ne a hloka boithati ka ho feletseng. O ne a amehile ka tšebeletso ea hae hoo a ileng a tela mabothobotho a bophelo ao batho ba a tloaetseng. O ile a re: “Liphokojoe li na le maphao le linonyana tsa leholimo li na le lihlaha, empa Mor’a motho ha a na moo a ka behang hlooho ea hae teng.” (Matheu 8:20) Kaha e ne e le ’metli oa mapolanka ea hloahloa, Jesu a ka be a ile a sebelisa nako e ’ngoe ho ikahela ntlo e khotsofatsang kapa ho etsa thepa e ntle ea ka tlung eo a ka e rekisang e le hore a be le chelete e eketsehileng. Empa ha aa ka a sebelisa tsebo ea hae ho iphumanela lintho tse bonahalang.

7 Mohlala o mong oo ruri o amang maikutlo oa lerato la Jesu le nang le boitelo ke o tlalehiloeng ho Johanne 19:25-27. Ak’u nahane ka lintho tse ngata tseo e tlamehang ebe Jesu o ne a amehile ka tsona thapameng eo a shoeleng ka eona. Ha a ntse a mameletse bohloko thupeng ea tlhokofatso, o ne a amehile ka barutuoa ba hae, ka mosebetsi oa boboleli, a bile a amehile ka ho khetheha ka botšepehi ba hae le kamoo bo tlang ho emela lebitso la Ntat’ae kateng. Ha e le hantle, bokamoso bohle ba moloko oa batho bo ne bo le mahetleng a hae! Leha ho le joalo, nakoana pele a e-shoa, Jesu o ile a boela a bontša ho ameha ka ’m’ae, Maria, eo kamoo ho bonahalang kateng e neng e se e le mohlolohali ka nako eo. Jesu o ile a kōpa moapostola Johanne hore a hlokomele Maria joalokaha eka ke ’mè oa hae, ’me ka mor’a moo moapostola eo o ile a nka Maria a mo isa lapeng la hae. Ka tsela eo Jesu o ile a lokisetsa hore ’mè oa hae a hlokomeloe nameng le moeeng. Eo e ne e le pontšo e mosa hakaakang ea lerato le hlokang boithati!

‘O ne a Susumetsoa ke Khauho’

8. Lentsoe la Segerike leo Bibele e le sebelisang ho hlalosa qenehelo ea Jesu le bolela eng?

8 Joaloka Ntat’ae, Jesu o ne a e-na le qenehelo. Mangolo a hlalosa Jesu e le ea neng a ikitlaelletsa ho thusa ba mahlomoleng hobane a amehile maikutlo ka ho teba. Ha e hlalosa qenehelo ea Jesu, Bibele e sebelisa lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “a susumetsoa ke khauho.” Setsebi se seng se re: “Le hlalosa . . . boikutlo bo susumetsang motho ho isa botebong ba maikutlo a hae. Ke lentsoe la Segerike le matla ka ho fetisisa le hlalosang boikutlo ba qenehelo.” Nahana ka maemo a mang ao ho ’ona Jesu a ileng a susumetsoa ke qenehelo e tebileng e ileng ea mo tlama hore a nke khato.

9, 10. (a) Ke maemo afe a ileng a etsa hore Jesu le baapostola ba hae ba batle sebaka se khutsitseng? (b) Ha bongata bo ne bo kena-kenana le eena ha a le boinotšing, Jesu o ile a etsa’ng, hona hobane’ng?

9 O ile a susumelletseha hore a arabele litlhokong tsa moea. Tlaleho e ho Mareka 6:30-34 e bontša ntho e ka sehloohong e ileng ea susumelletsa Jesu hore a bontše khauho. Nahana ka boemo bona. Baapostola ba ne ba thabile, kaha ba ne ba sa tsoa qeta leeto la boboleli le akarelitseng libaka tse ngata. Ba ile ba khutlela ho Jesu ’me ka cheseho ba mo tlalehela tsohle tseo ba li boneng le ho li utloa. Empa bongata bo ile ba phutheha, ba hlokisa Jesu le baapostola ba hae le nako ea ho ja feela. Kaha o ne a lula a le hlokolosi, Jesu o ile a hlokomela hore baapostola ba khathetse. Eaba o re ho bona: “Tloong boinotšing sebakeng se ka thōko ’me le phomole hanyenyane.” Ba kena sekepeng, ba tšelela lebōpong le ka leboea la Leoatle la Galilea sebakeng se khutsitseng. Empa bongata ba ba bona ha ba tloha. Ba bang le bona ba utloela ka hona. Eaba kaofela ba etsa mphete-ke-u-fete ba iphaphathile ka lebōpo le ka leboea ’me ba fihla ka mose pele ho sekepe!

10 Na Jesu o ile a halefisoa ke hore ba ne ba kena-kenana le eena ha a le boinotšing? Le hanyenyane! O ile a ameha maikutlo ha a bona bongata bona, bo baloang ka likete, bo mo emetseng. Mareka o ile a ngola: “A bona bongata bo boholo, empa a susumetsoa ke khauho bakeng sa bona, hobane bo ne bo le joaloka linku tse se nang molisa. A qala ho bo ruta lintho tse ngata.” Jesu o ne a nka batho bana e le ba hlokang moeeng. Ba ne ba le joaloka linku tse lahlehileng, tse se nang molisa ea li tataisang kapa ea li sireletsang. Jesu o ne a tseba hore baeta-pele ba bolumeli ba thatafetseng lipelo, bao e neng e lokela hore ebe ke bona balisa ba lerato, ba hlokomolohile batho ba tloaelehileng. (Johanne 7:47-49) O ile a utloela batho bao bohloko, kahoo a qala ho ba ruta “ka ’muso oa Molimo.” (Luka 9:11) Hlokomela hore Jesu o ile a hauhela batho bao le pele a bona hore na ba tla arabela joang ho seo a tlang ho se ruta. Ka mantsoe a mang, qenehelo e bonolo ha ea ka ea hlahisoa ke ho ruta ha hae bongata, empa ho e-na le hoo ke eona e ileng ea mo susumelletsa ho etsa seo.

‘A otlolla letsoho a mo ama’

11, 12. (a) Balepera ba ne ba talingoa joang mehleng ea Bibele, empa Jesu o ile a etsa’ng ha a atameloa ke monna “ea tletseng lepera”? (b) Ho ama ha Jesu molepera e ka ’na eaba ho ile ha ama maikutlo a molepera eo joang, hona phihlelo ea ngaka e ’ngoe e bontša see joang?

11 O ile a susumelletseha ho imolla ba mahlomoleng. Batho ba nang le maloetse a fapa-fapaneng ba ne ba hlokomela hore Jesu o na le qenehelo, kahoo ba ne ba lakatsa ho ba haufi le eena. Sena se ile sa totobala ka ho khetheha ha Jesu a ne a latetsoe ke bongata ’me a atameloa ke monna e mong “ea tletseng lepera.” (Luka 5:12) Mehleng ea Bibele, balepera ba ne ba ntšetsoa ka ntle ho liahelo ho sireletsa ba bang tšoaetsong. (Numere 5:1-4) Leha ho le joalo, ha nako e ntse e ea, bo-rabi ba eteletseng pele ba ile ba hlohlelletsa pono e hlokang kutloelo-bohloko ka lepera ’me ba beha melao ea bona e hatellang. * Leha ho le joalo, hlokomela kamoo Jesu a ileng a tšoara molepera eo kateng: “Ha boela ha tla molepera ho eena, a mo kōpa ka tieo a bile a khumame, a re ho eena: ‘Haeba feela u batla, u ka ntlhoekisa.’ Eaba o susumetsoa ke khauho, ’me o otlolla letsoho oa mo ama, o re ho eena: ‘Kea batla. Hloeka.’ Kapele-pele lepera la nyamela ho eena.” (Mareka 1:40-42) Jesu o ne a tseba hore ho khahlanong le molao hore molepera a be teng moo. Empa, ho e-na le hore a mo leleke, Jesu o ile a susumetseha ka ho tebileng hoo a ileng a etsa ntho e ’ngoe e sa tloaelehang. Jesu o ile a mo ama!

12 Na u ka inahanela hore na ho mo ama hoo ho ile ha bolela’ng ho molepera eo? Ho bontša sena, nahana ka phihlelo ena. Dr. Paul Brand, eo e leng ngaka ea lepera, o bua ka molepera e mong eo a ileng a mo phekola India. Ha e ntse e mo hlahloba, ngaka ena e ile ea beha letsoho lehetleng la molepera eo eaba e mo hlalosetsa phekolo eo monna eo a tlang ho e fuoa, e sebelisa toloko. Ka tšohanyetso, molepera eo o ile a qala ho lla. Ngaka ea botsa: “Na ho na le seo ke se buileng se u hlabileng?” Toloko e ile ea botsa mohlankana eo ka puo ea hae ea ntan’o araba: “Che, ngaka. O re o llisoa ke hore u behile letsoho la hao lehetleng la hae. Pele a e-tla mona ho ne ho se motho ea kileng a mo ama ka lilemo tse ngata.” Ho molepera ea ileng a atamela Jesu, ho angoa hoo ho ile ha bolela ho fetang feela ho angoa. Ka mor’a hore a mo ame joalo, boloetse bo neng bo mo entse ea khesehang bo ile ba nyamela!

13, 14. (a) Jesu o ile a teana le mokoloko ofe ha a atamela motse oa Naine, hona ke eng e neng e etsa hore boemo boo e be bo sithabetsang ka ho khetheha? (b) Qenehelo ea Jesu e ile ea mo susumelletsa hore a nke khato efe molemong oa mohlolohali oa Naine?

13 O ile a susumelletseha ho tlosa mesarelo. Jesu o ne a angoa maikutlo ka ho teba ke mesarelo ea ba bang. Ka mohlala, nahana ka tlaleho e ho Luka 7:11-15. E etsahetse hoo e ka bang bohareng ba tšebeletso ea hae, ha Jesu a ne a atamela mathōko a motse oa Naine, o Galilea. Ha Jesu a ea a lebile khorong ea motse, o ile a teana le mokoloko o eang mabitleng. Boemo e ne e hlile e le bo sithabetsang. Ho ne ho shoele mohlankana eo e neng e le eena mora ea mong feela, ’me ’m’ae e ne e le mohlolohali. Mohlomong le pejana ’mè eo o kile a ba mokolokong o kang ona—ka monna oa hae. Lekhetlong lena ke mora oa hae, eo mohlomong e neng e se e le eena feela ea mo phelisang. E ka ’na eaba bongata bo neng bo e-na le eena bo ne bo akarelletsa ba tlileng bofifing ba binang koli-ea-malla le ba letsang liletsa ba bina lipina tsa ho siama. (Jeremia 9:17, 18; Matheu 9:23) Leha ho le joalo, mahlo a Jesu a ile a tsepama ho ’mè ea mesarelong, eo e tlamehang ebe o ne a tsamaea haufi le mojaro oa setopo sa mora oa hae.

14 Jesu o ile ‘a hauhela’ ’mè eo ea shoetsoeng. Ka tsela e khothatsang, o ile a re ho eena: “Khaotsa ho lla.” Ho se ea mo kōpileng, o ile a atamela ’me a ama mojaro oa mofu. Eaba ba jereng mojaro—mohlomong le bongata bo bong kaofela bo mokolokong—baa ema. Ka lentsoe le nang le matla a bolaoli, Jesu a re ho setopo: “Mohlankana, ke re ho uena, Tsoha!” Eaba ho etsahala’ng? “Motho eo ea shoeleng a lula ’me a qala ho bua” joalokaha eka o tsositsoe borokong bo tebileng! Joale ho latela mantsoe a amang maikutlo ka ho fetisisa: “Eaba [Jesu] o mo fa ’m’ae.”

15. (a) Litlaleho tsa Bibele tsa hore Jesu o ile a susumetsoa ke khauho li bontša hore ho na le kamano efe mahareng a qenehelo le ketso? (b) Re ka etsisa Jesu joang ntlheng ee?

15 Re ithuta eng litlalehong tsee? Ketsahalong ka ’ngoe, hlokomela kamano e teng mahareng a qenehelo le ketso. Jesu o ne a ke ke a bona mahlomola a ba bang eaba ha a ba hauhele, ’me o ne a ke ke a ba qenehela joalo eaba ha a nke khato ka hona. Re ka latela mohlala oa hae joang? Joaloka Bakreste, re na le boikarabelo ba ho bolela litaba tse molemo le ho etsa barutuoa. Ntlha ea pele, re susumetsoa ke lerato ho Molimo. Leha ho le joalo, a re hopoleng hore mosebetsi ona o boetse o hloka hore re be le qenehelo. Ha re hauhela batho joaloka Jesu, lipelo tsa rōna li tla re susumelletsa ho etsa sohle se matleng a rōna ho ba abela litaba tse molemo. (Matheu 22:37-39) Ho thoe’ng ka ho bontša qenehelo ho balumeli-’moho le rōna ba mahlomoleng kapa ba mesarelong? Re ke ke ra folisa maloetse ka mohlolo kapa ra tsosa bafu. Leha ho le joalo, re ka bontša qenehelo ka ho ikitlaelletsa ho bontša kameho kapa ka ho fana ka thuso e loketseng e sebetsang.—Baefese 4:32.

“Ntate, U ba Tšoarele”

16. Ho ikemisetsa ha Jesu ho tšoarela ho ile ha totobala joang le ha a se a le thupeng ea tlhokofatso?

16 Jesu o ne a bonahatsa ka ho phethahetseng lerato la Ntat’ae ka tsela e ’ngoe ea bohlokoa—o ne a “itokiselitse ho tšoarela.” (Pesaleme ea 86:5) Boikemisetso bona ba hae bo ile ba totobala le ha a se a le thupeng ea tlhokofatso. Jesu o ile a re’ng ha a le makhatheng a ho shoa lefu le tlotlollang, a khokhothetsoe ka lipekere matsohong le maotong? Na o ile a ipiletsa ho Jehova hore a otle babolai ba hae? Che, ho e-na le hoo, a mang a mantsoe a ho qetela ao Jesu a ileng a a bua ke a reng: “Ntate, u ba tšoarele, kaha ha ba tsebe seo ba se etsang.”—Luka 23:34. *

17-19. Jesu o ile a bontša ka litsela life hore o tšoaretse moapostola Petrose ha a ile a Mo latola ka makhetlo a mararo?

17 Mohlomong mohlala o mong o amang maikutlo le ho feta oa ho tšoarela ha Jesu o ka bonoa tseleng eo a ileng a tšoara moapostola Petrose ka eona. Ha ho pelaelo hore Petrose o ne a rata Jesu haholo. Ka la 14 Nisane, bosiung ba ho qetela ba bophelo ba Jesu, Petrose o ile a re ho eena: “Morena, ke loketse ho ea le uena chankaneng le lefung.” Empa, lihora tse seng kae feela hamorao, Petrose o ile a latola ka makhetlo a mararo hore o tseba Jesu! Bibele e re bolella se ileng sa etsahala ha Petrose a latola ka lekhetlo la boraro: “Eaba Morena oa reteleha o sheba Petrose.” A sithabelitsoe ke sebe sa hae se tebileng, Petrose a “tsoela ka ntle ’me [a] lla habohloko.” Ha Jesu a e-shoa hamorao letsatsing leo, e ka ’na eaba moapostola eo o ne a ipotsa, ‘Na ebe Morena oa ka o ntšoaretse?’—Luka 22:33, 61, 62.

18 Petrose ha aa ka a tlameha ho letela karabo nako e telele. Jesu o ile a tsosoa hoseng ha la 16 Nisane, ’me kamoo ho bonahalang kateng o ile a etela Petrose hona letsatsing leo. (Luka 24:34; 1 Bakorinthe 15:4-8) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a isa tlhokomelo e khethehileng ho moapostola eo ea neng a Mo latotse ka matla hakaalo? E ka ’na eaba Jesu o ne a batla ho tiisetsa Petrose ea bakileng hore Morena oa hae o ne a ntse a mo rata a bile a mo ananela. Empa Jesu ha aa ka a qetella ka ho tiisetsa Petrose seo feela.

19 Hamorao, Jesu o ile a iponahatsa ho barutuoa Leoatleng la Galilea. Ketsahalong ena, ka makhetlo a mararo Jesu o ile a botsa Petrose (ea neng a latotse Morena oa hae ka makhetlo a mararo) hore na Petrose oa mo rata na. Ka mor’a lekhetlo la boraro, Petrose o ile a re: “Morena, u tseba lintho tsohle; ua hlokomela hore kea u rata.” Ka sebele, Jesu, ea neng a khona ho bona se ka pelong, o ne a tseba hantle hore Petrose oa mo rata le hore o na le boikutlo bo mofuthu ka eena. Empa Jesu o ile a fa Petrose monyetla oa hore a tiise lerato la hae. Ho feta moo, Jesu o ile a laela Petrose hore a ‘fepe linku tsa Hae tse nyenyane’ le hore a li ‘lise.’ (Johanne 21:15-17) Pejana, Petrose o ne a ile a fuoa kabelo ea boboleli. (Luka 5:10) Empa joale, e le ho bontša ho mo tšepa ka tsela e khethehileng, Jesu o ile a mo fa boikarabelo bo bong bo tomanyana—ba ho hlokomela bao e neng e tla ba balateli ba Kreste. Nakoana ka mor’a moo, Jesu o ile a fa Petrose karolo e hlaheletseng mosebetsing oa barutuoa. (Liketso 2:1-41) E tlameha ebe Petrose o ile a imoloha hakaakang ha a tseba hore Jesu o mo tšoaretse le hore o sa ntse a mo tšepa!

Na U “Tseba Lerato la Kreste”?

20, 21. Re ka “tseba lerato la Kreste” ka ho feletseng joang?

20 Ke ’nete hore Lentsoe la Jehova le hlalosa lerato la Kreste ka tsela e babatsehang. Empa re lokela ho arabela joang leratong la Jesu? Bibele e re phehella “ho tseba lerato la Kreste le fetang tsebo.” (Baefese 3:19) Joalokaha re bone, litlaleho tsa Kosepele tsa bophelo ba Jesu le tšebeletso ea hae li re ruta ho hongata ka lerato la Kreste. Leha ho le joalo, “ho tseba lerato la Kreste” ka ho feletseng hase feela ho ithuta seo Bibele e se bolelang ka eena.

21 Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ho tseba” le bolela ho tseba “ka tsela e tobileng, ka phihlelo.” Ha re bontša lerato ka tsela eo Jesu a le bontšitseng ka eona—ka ho hloka boithati re itella ba bang, re ba qenehela litlhokong tsa bona, re ba tšoarela ho tsoa pelong—joale re ka utloisisa hantle maikutlo a hae. Ka tsela ena, re ba le phihlelo ea “ho tseba lerato la Kreste le fetang tsebo.” Le ka mohla a re se keng ra lebala hore ha re etsisa Kreste ka ho eketsehileng, re tla atamela haholoanyane ho eo Jesu a neng a mo etsisa ka ho phethahetseng, e leng Molimo oa rōna ea lerato, Jehova

^ ser. 11 Melao ea bo-rabi e ne e re ho se be motho ea atamelang molepera ka sebaka se ka tlaase ho litsoe tse ’nè (hoo e ka bang limithara tse 1,8). Empa haeba moea o ne o foka, molepera o ne a lokela ho ema bohōle ba litsoe tse 100 (hoo e ka bang limithara tse 45). Midrash Rabbah e bua ka rabi e mong ea neng a ipatela balepera le e mong ea neng a ba betsa ka majoe ho ba thibela ho atamela. Kahoo balepera ba ne ba tseba bohloko ba ho khesoa le boikutlo ba ho ba ba nyatsehang le ba sa ratoeng.

^ ser. 16 Karolo e qalang ea Luka 23:34 e siiloe ka thōko libukeng tse ling tsa boholo-holo tse ngotsoeng ka letsoho. Leha ho le joalo, kaha mantsoe ana aa fumaneha libukeng tse ling tse ngata tse ngotsoeng ka letsoho tse amohelehang, a kenyelelitsoe Phetolelong ea Lefatše le Lecha le liphetolelong tse ling tse ngata. Ho hlakile hore Jesu o ne a bua ka masole a Baroma a mo khokhothetseng. A ne a sa tsebe seo a se etsang, a sa tsebe hore na ha e le hantle Jesu ke mang. Ke ’nete hore baeta-pele ba bolumeli ba ileng ba hlohlelletsa hore a bolaoe ba ne ba hlile ba le molato, kaha ba ile ba etsa seo ka boomo le ka lonya. Ba bangata ba bona ba ne ba ke ke ba tšoareloa.—Johanne 11:45-53.