Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 31

“Atamelang ho Molimo, ’me o Tla Atamela ho Lōna”

“Atamelang ho Molimo, ’me o Tla Atamela ho Lōna”

1-3. (a) Re ka ithuta eng ka sebōpeho sa batho ka ho sheba kamano eo batsoali ba bang le eona le lesea la bona? (b) Ka tlhaho ho etsahala’ng ha motho e mong a re bontša lerato, hona re ka ipotsa potso efe ea bohlokoa?

BATSOALI ba thabela ho bona leseanyana la bona le qetang ho hlaha le bososela. Ba atisa ho sheba lesea ka mahlong, ba le buise ka mosa le ho bososela le lona. Ba labalabela ho bona le lona le bososela. E se neng, lea qala—ho hlaha likotjana marameng, le betla lisene, ebe le bososela ka thabo. Ho bososela hoo ho bonahala ho bontša lerato ka tsela e ikhethang, ho bontša hore lesea le qala ho arabela leratong la batsoali ba lona.

2 Ho bososela ha lesea ho re hopotsa ntho e ’ngoe ea bohlokoa ka sebōpeho sa batho. Ka tlhaho re arabela leratong ka hore le rōna re bontše lerato. Ke kamoo re bōpiloeng kateng. (Pesaleme ea 22:9) Ha re ntse re hōla, bokhoni ba rōna ba ho arabela leratong boa hōla. Mohlomong u ka ’na ua hopola kamoo ha u sa le ngoana batsoali ba hao, beng ka uena, kapa metsoalle ba neng ba u bontša lerato kateng. Boikutlo bo mofuthu bo ile ba mela pelong ea hao, ba hōla, ’me ba hlahisa liketso. Le uena u ile ua arabela ka ho bontša lerato. Na ho etsahala ntho e tšoanang kamanong ea hao le Jehova Molimo?

3 Bibele e re: “Ha e le rōna, rea rata, hobane o ile a re rata pele.” (1 Johanne 4:19) Ho tloha Karolong ea 1 ho isa ho ea 3 ea buka ena, u hopolitsoe kamoo Jehova Molimo a ’nileng a sebelisa matla a hae, toka ea hae le bohlale ba hae ka litsela tse lerato kateng ho u ruisa molemo. Karolong ea 4, u hlokometse hore o bontšitse lerato ka ho toba molokong oa batho—le ho uena ka bouena—ka litsela tse ikhethang. Joale ho hlaha potso. Ka tsela e itseng, ke potso ea bohlokoa ka ho fetisisa eo u ka ipotsang eona: ‘Ke tla arabela joang leratong la Jehova?’

Se Boleloang ke ho Rata Molimo

4. Ke eng e ferekanyang batho tabeng ea hore na ho rata Molimo ho bolela’ng?

4 Jehova, Mohloli oa lerato, o tsebisisa hantle hore lerato le na le matla a ho hlahisa litšobotsi tse molemo ho ba bang. Kahoo, ho sa tsotellehe borabele bo tsoelang pele ba batho ba sa tšepahaleng, o kholisehile hore batho ba bang ba tla arabela hantle leratong la hae. Ha e le hantle, ba limilione ba arabetse hantle. Leha ho le joalo, ka masoabi malumeli a lefatše lena le silafetseng a siile batho ba ferekane tabeng ea hore na ho rata Molimo ho bolela’ng. Ba bangata ba re ba rata Molimo, empa ho bonahala ba nka hore lerato leo ke boikutlo feela tjee bo ka hlalosoang ka mantsoe. Ho rata Molimo ho ka ’na ha qala ka tsela eo, feela joalokaha lesea le ka qala ho bontša lerato ho batsoali ba lona ka ho bososela. Leha ho le joalo, ho batho ba baholo lerato le akarelletsa ho eketsehileng.

5. Bibele e hlalosa lerato ho Molimo joang, hona ke hobane’ng ha tlhaloso ee e lokela ho ipiletsa ho rōna?

5 Jehova oa hlalosa hore na ho mo rata ho bolela’ng. Lentsoe la hae le re: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae.” Kahoo, ho rata Molimo ho lokela ho bontšoa ka liketso. Ke ’nete hore batho ba bangata ba fumana khopolo ea ho mamela e se e ipiletsang. Empa ka mosa temana ena ea phaella: “Leha ho le joalo litaelo tsa [Molimo] ha li boima.” (1 Johanne 5:3) Melao le melao-motheo ea Jehova e reretsoe ho re tsoela molemo, eseng ho re hatella. (Esaia 48:17, 18) Lentsoe la Molimo le na le melao-motheo e mengata e re thusang ho atamela ho eena. Joang? A re hlahlobeng litšobotsi tse tharo tsa kamano ea rōna le Molimo. Li ama puisano, borapeli le ho mo etsisa.

Ho Buisana le Jehova

6-8. (a) Re ka mamela Jehova ka tsela efe? (b) Re ka phelisa Mangolo joang ha re a bala?

6 Khaolo ea 1 e qalile ka polelo e reng, “Ak’u nahane feela u buisana le Molimo!” Re bone hore ena e ne e se khopolo-taba feela tjee. Ha e le hantle, Moshe o ile a ba le puisano e joalo le eena. Ho thoe’ng ka rōna? Ena hase nako ea Jehova ea hore a rome mangeloi a hae hore a tl’o buisana le batho. Empa Jehova o na le tsela e babatsehang eo a buisanang le rōna ka eona kajeno. Re ka mamela Jehova joang?

7 Kaha “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo,” re mamela Jehova ka ho bala Lentsoe la hae, Bibele. (2 Timothea 3:16) Ke kahoo mopesaleme a ileng a phehella bahlanka ba Jehova hore ba le bale “bosiu le motšehare.” (Pesaleme ea 1:1, 2) Ho le bala ho re hloka boiteko bo matla. Empa boiteko bohle bo joalo ke ba bohlokoa. Joalokaha re bone Khaolong ea 18, Bibele e joaloka lengolo la bohlokoa le tsoang ho Ntate oa rōna oa leholimo. Kahoo ho e bala ha ea lokela ho ba mokhoa feela tjee. Re tlameha ho phelisa Mangolo ha re a bala. Re ka etsa seo joang?

8 Ha u ntse u bala, bona litlaleho tseo tsa Bibele ka mahlo a kelello. Leka ho nahana ka batho ba hlalosoang ka Bibeleng e le batho ba sebele. Leka ho utloisisa liphihlelo tseo ba bileng le tsona, maemo a bona le lintho tse neng li ba susumetsa. Ebe u nahana ka ho teba ka seo u se balang, u ipotse lipotso tse kang: ‘Tlaleho ee e nthuta’ng ka Jehova? Litšobotsi tsa hae tseo ke li bonang ho eona ke life? Jehova o batla hore ke ithute molao-motheo ofe, hona nka o sebelisa joang bophelong ba ka?’ Bala, u thuise u be u sebelise seo u se balileng—ha u ntse u etsa joalo, Lentsoe la Molimo e tla ba le phelang ho uena.—Pesaleme ea 77:12; Jakobo 1:23-25.

9. “Lekhoba le tšepahalang le le masene” ke mang, hona ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re mamele “lekhoba” leo ka hloko?

9 Jehova o boetse o bua le rōna ka “lekhoba le tšepahalang le le masene.” Joalokaha Jesu a ile a bolela esale pele, ho khethiloe sehlotšoana sa banna ba Bakreste ba tlotsitsoeng hore se fane ka “lijo tsa [moea] ka nako e tšoanetseng” matsatsing ana a ho qetela a tletseng likhathatso. (Matheu 24:45-47) Ha re bala lingoliloeng tse lokiselitsoeng ho re thusa ho fumana tsebo e nepahetseng ea Bibele le ha re e-ba teng libokeng le likopanong tsa Bokreste, re feptjoa moeeng ke lekhoba lena. Kaha ke lekhoba la Kreste, ka bohlale re sebelisa mantsoe a Jesu: “Le ele hloko kamoo le mamelang kateng.” (Luka 8:18) Re mamela ka hloko hobane re hlokomela hore lekhoba le tšepahalang ke tokisetso e ’ngoe eo Jehova a e sebelisang ho buisana le rōna.

10-12. (a) Ke hobane’ng ha thapelo e le mpho e babatsehang e tsoang ho Jehova? (b) Re ka rapela Jehova ka tsela e mo khahlisang joang, hona ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore o nka lithapelo tsa rōna e le tsa bohlokoa?

10 Empa ho thoe’ng ka ho bua le Molimo? Na re ka bua le Jehova? Ke khopolo e susumetsang tšabo e nang le tlhompho. Ha u ne u ka leka ho ea ho ’musi ea matla ka ho fetisisa naheng ea heno ho ea buisana le eena ka ntho eo u tšoenyehileng ka eona, na u bona eka u ne u ka atleha? Maemong a mang, le hona ho leka feela ho ka ’na ha e-ba kotsi! Mehleng ea Esthere le Mordekai, motho o ne a ka bolaoa ka lebaka la ho atamela morena oa Persia, morena a sa mo bitsa. (Esthere 4:10, 11) Joale ak’u nahane u e-ea ka pel’a ’Musi Morena oa bokahohle, eo le batho ba matla ka ho fetisisa ba leng “joaloka marutle” ha ba bapisoa le eena. (Esaia 40:22) Na re lokela ho tlakasela ha re lokela ho mo atamela? Le hanyenyane!

11 Jehova o lokiselitse mocha o bulehileng empa e le o bonolo oa ho mo atamela, e leng oa thapelo. Esita le ngoana e monyenyane haholo a ka rapela Jehova ka tumelo, a rapela ka lebitso la Jesu. (Johanne 14:6; Baheberu 11:6) Thapelo e re nolofalletsa ho phetla sefuba le ho ntša menahano ea rōna le maikutlo a rōna a ka hare-hare a rarahaneng ka ho fetisisa—esita le a re utloisang bohloko ao re fumanang ho le thata ho a hlalosa. (Baroma 8:26) Ha ho thuse letho ho leka ho khahlisa Jehova ka ho etsa lithapelo tsa bokheleke, tse khabisitsoeng kapa tse telele, tse eang lolololo. (Matheu 6:7, 8) Ka lehlakoreng le leng, Jehova ha a behe meeli ea hore na re ka buisana le eena halelele hakae kapa khafetsa hakae. Lentsoe la hae le bile le re khothalletsa ho ‘rapela re sa phetse.’—1 Bathesalonika 5:17.

12 Hopola hore ke Jehova feela ea bitsoang “Ea Utloang thapelo” le hore o mamela ka kutloelo-bohloko ea sebele. (Pesaleme ea 65:2) Na o mpa feela a mamella lithapelo tsa bahlanka ba hae ba tšepahalang? Che, ha e le hantle oa li thabela. Lentsoe la hae le bapisa lithapelo tse joalo le libano, tseo ho chesoa ha tsona ho nyollelang mosi o monko o monate, o khathollang holimo. (Pesaleme ea 141:2; Tšenolo 5:8; 8:4) Na hase ho tšelisang ho tseba hore lithapelo tsa rōna tse tiileng le tsona lia nyoloha ’me li khahlisa ’Musi Morena? Kahoo, haeba u batla ho atamela ho Jehova, mo rapele khafetsa ka boikokobetso, letsatsi le leng le le leng. Mo tšollele pelo ea hao; u se ke ua pata letho. (Pesaleme ea 62:8) Mo bolelle se u tšoenyang, se u thabisang, seo u se lebohang le seo u rorisang Ntate oa hao oa leholimo ka sona. Ka hona, kamano ea hao le eena e tla tiea le ho feta.

Ho Rapela Jehova

13, 14. Ho rapela Jehova ho bolela eng, hona ke hobane’ng ha ho loketse ho etsa joalo?

13 Ha re buisana le Jehova Molimo, hoo hase feela ho mamela le ho bua joalokaha re qoqa le motsoalle kapa mong ka rōna. Ha e le hantle re nehelana ka borapeli ho Jehova, re mo fa tlhompho ea borapeli e mo tšoanelang ka botlalo. Borapeli ba ’nete bo laola bophelo bohle ba rōna. Ke tsela eo ka eona re bontšang Jehova hore rea mo rata le hore re inehetse ho eena ka moea oohle, ’me bo momahanya libōpuoa tsohle tsa Jehova tse tšepahalang, ebang ke tse leholimong kapa tse lefatšeng. Ponong, moapostola Johanne o ile a utloa lengeloi le phatlalatsa taelo e reng: “Le rapele Ea entseng leholimo le lefatše le leoatle le liliba tsa metsi.”—Tšenolo 14:7.

14 Ke hobane’ng ha re lokela ho rapela Jehova? Nahana ka litšobotsi tseo re li tšohlileng, tse kang khalalelo, matla, boithibo, toka, sebete, mohau, bohlale, boikokobetso, lerato, qenehelo, botšepehi le molemo. Re hlokometse hore Jehova o emela tekanyetso e phahameng ka ho fetisisa e ka khonehang tšobotsing e ’ngoe le e ’ngoe ea bohlokoa. Ha re leka ho utloisisa litšobotsi tsohle tsa hae, rea hlokomela hore hase feela Motho ea tummeng haholo, ea ratehang. O khanya ka tsela e hlollang, o re phahametse ka tsela e ke keng ea lekanngoa. (Esaia 55:9) Ntle ho pelaelo, Jehova ke ’Musi oa rōna ea loketseng, ’me ka sebele o lokeloa ke borapeli ba rōna. Leha ho le joalo, re lokela ho rapela Jehova joang?

15. Re ka rapela Jehova “ka moea le ka ’nete” joang, hona liboka tsa Bokreste li re fa monyetla ofe?

15 Jesu o ile a re: “Molimo ke Moea, ’me ba mo rapelang ba tla rapela ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:24) E le hore re rapele Molimo “ka moea,” re tlameha ho ba le moea o halalelang ʼme re tataisoe ke ʼona. Ho boetse ho bolela ho rapela ka tsela e lumellanang le ’nete, tsebo e nepahetseng e fumanoang Lentsoeng la Molimo. Re na le monyetla o babatsehang oa ho rapela Jehova “ka moea le ka ’nete” nako le nako ha re bokane hammoho le barapeli-’moho le rōna. (Baheberu 10:24, 25) Ha re binela Jehova lithoriso, re mo rapela re kopane, ’me re mamela re bile re nka karolo ha ho buisanoa ka Lentsoe la hae, re bontša ka borapeli bo hloekileng hore rea mo rata.

Liboka tsa Bokreste ke liketsahalo tse thabisang tsa ho rapela Jehova

16. E ’ngoe ea litaelo tse khōlō ka ho fetisisa tseo Bakreste ba li fuoeng ke efe, hona ke hobane’ng ha re ikutloa re tlameha ho e mamela?

16 Re boetse re rapela Jehova ha re bolella ba bang ka eena, re mo rorisa phatlalatsa. (Baheberu 13:15) Ha e le hantle, ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Jehova ke e ’ngoe ea litaelo tse khōlō ka ho fetisisa tseo Bakreste ba ’nete ba li fuoeng. (Matheu 24:14) Re e mamela ka cheseho hobane re rata Jehova. Ha re nahana ka tsela eo “molimo oa tsamaiso ena ea lintho,” Satane Diabolose, “a foufalitseng likelello tsa ba sa lumelang” kateng, a jetseng mashano a lonya ka Jehova, na ha re labalabele ho sebeletsa re le Lipaki tsa Molimo oa rōna, ho tlosa ketselletso eo? (2 Bakorinthe 4:4; Esaia 43:10-12) ’Me ha re nahana ka litšobotsi tse babatsehang tsa Jehova, na ha re ikutloe re labalabela ho bolella ba bang ka eena? Ka sebele, ha ho tokelo e fetang ea ho thusa ba bang ho tseba le ho rata Ntate oa rōna oa leholimo joaloka rōna.

17. Borapeli ba rōna ho Jehova bo akarelletsa eng, hona ke hobane’ng ha re tlameha ho rapela ka botšepehi?

17 Borapeli ba rōna ho Jehova bo akarelletsa ho eketsehileng. Bo ama karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba rōna. (Bakolose 3:23) Haeba re hlile re amohela Jehova e le ’Musi Morena oa rōna, joale re tla batla ho etsa thato ea hae linthong tsohle—bophelong ba rōna ba lelapa, mesebetsing ea rōna ea boipheliso, litšebelisanong tsa rōna le ba bang le nakong ea rōna ea boikhathollo. Re tla batla ho sebeletsa Jehova “ka pelo e feletseng,” ka botšepehi. (1 Likronike 28:9) Borapeli boo ha bo fane ka monyetla oa ho palama terata kapa oa ho phela bophelo bo habeli, e leng bophelo ba boikaketsi ba hore motho a etse eka o sebeletsa Jehova empa ka nako e tšoanang a etsa libe tse tebileng sephiring. Botšepehi bo etsa hore boikaketsi bo joalo bo se ke ba khoneha; lerato le etsa hore e be bo nyonyehang. Ho tšaba Molimo le hona ho tla thusa. Bibele e amahanya tšabo e joalo le ho tsoela pele ha rōna re e-na le kamano e haufi le Jehova.—Pesaleme ea 25:14.

Ho Etsisa Jehova

18, 19. Ke hobane’ng ha e le ho utloahalang ho nahana hore batho feela tjee ba sa phethahalang ba ka etsisa Jehova Molimo?

18 Karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea buka ena e qetella ka khaolo e bontšang kamoo re ka bang “baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang.” (Baefese 5:1) Ke habohlokoa ho hopola hore le hoja re sa phethahala, re ka etsisa tsela e phethahetseng eo ka eona Jehova a sebelisang matla, toka, a etsang lintho ka bohlale le ho bontša lerato. Re tseba joang hore hoa khoneha ho etsisa Ea Matla ’Ohle? Hopola hore moelelo oa lebitso la Jehova o re ruta hore o iketsa ntho leha e le efe eo a khethang ho ba eona hore a phethahatse merero ea hae. Matla ao a re tlatsa tšabo ka ho loketseng, empa na ho ke ke ha khoneha ho mo etsisa? Che.

19 Re entsoe ka setšoantšo sa Molimo. (Genese 1:26) Kahoo, batho ha ba tšoane le libōpuoa leha e le life tse ling lefatšeng. Ha re khannoe feela ke tšekamelo ea tlhaho, liphatsa tsa lefutso, kapa tikoloho eo re phelang ho eona. Jehova o re file mpho ea bohlokoa—bolokolohi ba ho ikhethela. Ho sa tsotellehe mefokolo ea rōna le ho se phethahale ha rōna, re na le bolokolohi ba ho khetha seo re tla ba sona. Na u batla ho ba motho ea nang le lerato, ea bohlale, ea nang le toka ea sebelisang matla ka nepo? Ka thuso ea moea oa Jehova, u ka ba sona seo! Nahana ka molemo oo u tlang ho o finyella ka hoo.

20. Re finyella molemo ofe ha re etsisa Jehova?

20 U tla thabisa Ntate oa hao oa leholimo, u thabise pelo ea hae. (Liproverbia 27:11) U ka ba ua ‘khahlisa Jehova ka botlalo,’ kaha o utloisisa mefokolo ea hao. (Bakolose 1:9, 10) ’Me ha u ntse u tsoela pele ho haha litšobotsi tse molemo u etsisa Ntate oa hao ea ratoang oa leholimo, u tla hlohonolofatsoa ka tokelo e ikhethang. U tla ba mojari oa leseli, lefatšeng lena le lefifing le ikarotseng ho Molimo. (Matheu 5:1, 2, 14) U tla kenya letsoho ho phatlalatseng lefatšeng lohle tse ling tsa lintho tse bonahatsang botho ba Jehova bo khanyang. Eo ke tlotla e kaakang!

“Atamelang ho Molimo, ’me o Tla Atamela ho Lōna”

E se eka u ka ’na ua atamela haufi le Jehova kamehla

21, 22. Bohle ba ratang Jehova ba letetsoe ke leeto lefe le sa feleng?

21 Memo ena e tobileng e tlalehiloeng ho Jakobo 4:8 hase pakane feela tjee. Ke leeto. Hafeela re ntse re tšepahala, leeto lena le ke ke la fela. Ha ho mohla re tla khaotsa ho atamela haholoanyane ho Jehova. Etsoe ho tla lula ho e-na le ho hong ho eketsehileng hoo re ka ithutang hona ka eena. Ha rea lokela ho nka hore buka ena e re rutile sohle seo re lokelang ho se tseba ka Jehova. Re otlile mabala-nkoe feela ho seo Bibele e se bolelang ka Molimo oa rōna! Le Bibele ka boeona ha e re bolelle sohle seo re lokelang ho se tseba ka Jehova. Moapostola Johanne o ile a re haeba ho ne ho ka ngoloa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jesu a e entseng tšebeletsong ea hae ea lefatšeng, “lefatše le ne le ke ke la ba le sebaka sa meqolo e ngotsoeng.” (Johanne 21:25) Haeba ho ne ho ka boleloa joalo ka Mora, ho joalo hakaakang ka Ntate!

22 Esita le bophelo bo sa feleng ha e na ho ba qetello ea ho ithuta ha rōna ka Jehova. (Moeklesia 3:11) Joale, ak’u nahane ka tebello e larileng ka pele ho rōna. Ha re se re phetse lilemo tse makholo, tse likete, tse limilione, esita le tse limilione tse likete, re tla tseba ho eketsehileng haholo ka Jehova Molimo ho feta kamoo re tsebang kateng hona joale. Empa re tla ’ne re hlokomele hore ho na le lintho tse ngata haholo tse babatsehang tseo re lokelang ho ithuta tsona. Re tla labalabela ho ithuta ho eketsehileng, hobane kamehla re tla ba le lebaka la ho ikutloa joaloka mopesaleme, ea ileng a bina: “Ho atamela ho Molimo ho molemo ho ’na.” (Pesaleme ea 73:28) Bophelo bo sa feleng bo tla tlala lintho tse sa tšoaneng le tse thabisang—’me ho atamela ho Jehova e tla ’ne e be karolo e putsang ka ho fetisisa ea bona.

23. U khothalletsoa ho etsa’ng?

23 E se eka u ka arabela leratong la Jehova hona joale, ka ho mo rata ka pelo eohle, moea oohle, kelello eohle le matla ’ohle a hao. (Mareka 12:29, 30) E se eka lerato la hao e ka ba le tšepahalang le le tiileng. E se eka liqeto tseo u li etsang letsatsi le letsatsi, ho tloha ho tse nyenyane ho isa ho tse khōlō, kaofela li ka bontša hore u tataisoa ke molao-motheo o le mong—hore kamehla u tla khetha tsela e lebisang kamanong e tiileng le ho feta le Ntate oa hao oa leholimo. Ka holim’a tsohle, e se eka kamehla u ka atamela haufi le Jehova, ’me e se eka a ka atamela haufi le uena—ka ho sa feleng!