Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na ke Oona Morero oa Molimo?

Na ke Oona Morero oa Molimo?

U RE u bala koranta leha e le efe. U re u shebella thelevishene, kapa u mamela seea-le-moea. Ke lipale tse ngata feela tsa tlōlo ea molao, ntoa le bokhukhuni! Ak’u nahane ka mathata ao u nang le ’ona. Mohlomong u tetebelitsoe ke ho kula kapa ho shoeloa ke motho eo u mo ratang. Mohlomong u ikutloa joaloka monna ea lokileng Jobo, ea ileng a re o “tletse mahloreho.”—Jobo 10:15.

Ipotse:

  • Na see ke sona seo Molimo a neng a ntheretse sona le seo a neng a se reretse moloko oohle oa batho?

  • Nka fumana thuso ea ho sebetsana le mathata a ka hokae?

  • Na ho na le tšepo ea hore re tla ke re bone lefatše le e-na le khotso?

Bibele e araba lipotso tsena ka tsela e khotsofatsang.

BIBELE E RUTA HORE MOLIMO O TLA TLISA LIPHETOHO TSENA LEFATŠENG.

  • “O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.”—Tšenolo 21:4

  • “Ea holofetseng o tla tlōla joalokaha khama e tona e tlōla.”—Esaia 35:6

  • “Mahlo a lifofu a tla tutuboloha.”—Esaia 35:5

  • ‘Bohle ba mabitleng a khopotso ba tla . . . tsoa.’—Johanne 5:28, 29

  • “Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—Esaia 33:24

  • “Ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng.”—Pesaleme ea 72:16

RUA MOLEMO HO SEO BIBELE E SE RUTANG

U se ke ua potlakela ho qhelela ka thōko se boletsoeng maqepheng a ka pele ka hore ke takatso feela e ke keng ea phethahala. Molimo o tšepisitse ho phethahatsa lintho tsena, ’me Bibele e hlalosa tsela eo a tla li phethahatsa ka eona.

Empa Bibele ha e felle moo. E bontša kamoo u ka thabelang bophelo bo khotsofatsang kateng esita le hona joale. Ak’u nahane ho se hokae ka lintho tse u tšoenyang le tse u khathatsang. Li ka ’na tsa akarelletsa maemo a lichelete, mathata a lelapa, ho kula, kapa ho shoeloa ke motho eo u mo ratang. Bibele e ka u thusa ho sebetsana le mathata hona joale, ’me ea u tlisetsa khatholoho ka ho araba lipotso tse kang:

  • Ke hobane’ng ha re utloa bohloko?

  • Re ka sebetsana joang le mathata a bophelo?

  • Re ka etsa’ng hore bophelo ba malapa a rōna e be bo thabileng haholoanyane?

  • Ho etsahala’ng ka rōna ha re e-shoa?

  • Na ho na le mohla re tla ke re boele re bone baratuoa ba rōna ba shoeleng?

  • Re ka kholiseha joang hore Molimo o tla phethahatsa litšepiso tsa hae tsa nakong e tlang?

’Nete ea hore u bala buka ena e bontša hore u rata ho tseba seo Bibele e se rutang. Buka ena e tla u thusa. Hlokomela hore botlaaseng ba leqephe ho na le lipotso tse tsamaisanang le lirapa. Ba limilione ba ’nile ba thabela ho sebelisa tsela ea ho botsa lipotso le ho li araba ha ba buisana le Lipaki Tsa Jehova ka Bibele. Re tšepa hore le uena u tla e thabela. E se eka Molimo a ka u hlohonolofatsa ha u ntse u thabela ho ithuta seo ha e le hantle Bibele e se rutang ebile u hlokomela kamoo seo se khotsofatsang kateng!