Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA PELE

Ke Eng Seo e Leng ’Nete ka Molimo?

Ke Eng Seo e Leng ’Nete ka Molimo?
  •  Na Molimo o hlile oa u tsotella?

  • Molimo o joang? Na o na le lebitso?

  • Na hoa khoneha ho atamela haufi le Molimo?

1, 2. Ke hobane’ng ha maemong a mangata ho le hotle ho botsa?

NA U kile ua hlokomela kamoo bana ba botsang lipotso kateng? Ba bangata ba qala ho botsa hang feela ha ba ithuta ho bua. Ba u sheba ba tonne mahlo, ’me ba botsa lipotso tse kang: Ke hobane’ng ha leholimo le le leputsoa? Linaleli li entsoe ka’ng? Ke mang ea rutileng linonyana ho bina? U ka ’na ua leka ka matla ho li araba, empa ka linako tse ling ho ba thata ho etsa joalo. Leha u se u re u li arabile ka bohlale ho ka ’na ha hlaha potso e ’ngoe hape: Hobane’ng?

2 Hase bana feela ba ratang ho botsa lipotso. Ha re ntse re hōla, re tsoela pele ho botsa lipotso. Re etsa sena ha re batla tsela, e le hore re tsebe likotsi tseo re lokelang ho li qoba, kapa re khotsofatse takatso ea rōna ea ho tseba lintho. Empa ho bonahala eka batho ba bangata ba khaotsa ho botsa lipotso, haholo-holo tseo e leng tsa bohlokoa ka ho fetisisa. Bonyane, ba khaotsa ho batlisisa likarabo tsa lipotso tseo.

3. Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba khaotsa ho leka ho fumana likarabo lipotsong tsa bohlokoa ka ho fetisisa?

3 Ak’u nahane ka potso e botsitsoeng sekoahelong sa buka ena le ka lipotso tse botsitsoeng selelekeleng sa eona, kapa  qalong ea khaolo ena. Tsena ke tse ling tsa lipotso tsa bohlokoa ka ho fetisisa tseo u ka li botsang. Empa batho ba bangata ba se ba tetse boitekong ba bona ba ho fumana likarabo tsa tsona. Hobane’ng? Na Bibele ea li araba? Ba bang ba nahana hore e li araba ka tsela e thata eo ba ke keng ba e utloisisa. Ba bang ba tšaba hore ho botsa lipotso ho tla ba hlabisa lihlong kapa ho ba soabise. Ba bang bona ba re lipotso tseo li lokela ho sieloa baruti le baeta-pele ba bolumeli. Uena u re’ng?

4, 5. Tse ling tsa lipotso tsa bohlokoa ka ho fetisisa tseo re ka li botsang bophelong ke life, hona ke hobane’ng ha re lokela ho batla likarabo tsa tsona?

4 Ho ka etsahala hore ebe u thahasella ho fumana likarabo tsa lipotso tsa bohlokoa bophelong. Ha ho pelaelo hore ka linako tse ling u ee u ipotse: ‘Morero oa bophelo ke ofe? Na bophelo boo ke bona phetho? Ha e le hantle Molimo o joang?’ Ho loketse ho botsa lipotso tsena, ’me ke habohlokoa hore u se ke ua tela ho fihlela u fumane likarabo tse khotsofatsang le tse utloahalang. Jesu Kreste mosuoe e moholo, o ile a re: “Le ’ne le kōpe, ’me le tla fuoa; le ’ne le batle, ’me le tla fumana; le ’ne le kokote, ’me le tla buleloa.”—Matheu 7:7.

5 Haeba u tsoela pele ho ‘batla’ likarabo tsa lipotso tsa bohlokoa, u tla fumana hore ho batlisisa hoo e ka ba ho ruisang molemo haholo. (Liproverbia 2:1-5) Ho sa tsotellehe seo e ka ’nang eaba batho ba bang ba u boleletse sona, Bibele e na le likarabo, ’me u ka li fumana. Ha ho thata hakaalo ho utloisisa likarabo tseo. Habohlokoa le ho feta ke hore li fana ka tšepo ebile lia thabisa. ’Me li ka u thusa hore u phele ka tsela e khotsofatsang esita le hona joale. A re qale ka ho tšohla potso e ’nileng ea tšoenya batho ba bangata.

NA MOLIMO HA A TSOTELLE LE HONA HO SE BE LE KUTLOELO-BOHLOKO?

6. Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba nahana hore Molimo ha a tsotelle ha batho ba sotleha?

6 Batho ba bangata ba nahana joalo. Baa ipotsa: ‘Haeba Molimo oa tsotella, na lefatše e ka be e se sebaka se fapaneng hōle le seo le leng sona?’ Hohle moo re qamakang teng re bona lefatše le tletseng ntoa, lehloeo le mesarelo. Le rōna ka bomong, rea kula, re utloa bohloko, ebile re shoeloa ke batho bao re ba ratang. Ka lebaka leo, ba bangata ba re, ‘Haeba Molimo oa re tsotella ebile o ameha ka mathata a rōna, na o ne a ke ke a thibela lintho tsee ho etsahala?’

7. (a) Baruti ba entse hore batho ba bangata ba nahane hore Molimo ha a na kutloelo-bohloko joang? (b) Ha e le hantle Bibele e ruta’ng ka liteko tse ka ’nang tsa re hlahela?

7 Ho hobe le ho feta ke hore ka linako tse ling baruti ba etsa hore batho ba nahane hore Molimo ha a na kutloelo-bohloko. Joang? Ha tlokotsi e hlaha, ba re ke thato ea Molimo. Ha e le hantle, baruti bao ba beha Molimo molato oa lintho tse mpe tse etsahalang. Na ke ’nete hore Molimo o joalo? Ha e le hantle ke eng seo Bibele e se rutang? Jakobo 1:13 e re: “Ha a le tlas’a teko, ho se ke ha e-ba le ea reng: ‘Ke ntse ke lekoa ke Molimo.’ Etsoe Molimo a ke ke a lekoa ka lintho tse mpe kapa hona hore o leka leha e le mang ka tsona.” Ka hona ha ho mohla Molimo a bakang bokhopo boo u bo bonang lefatšeng le u potolohileng. (Jobo 34:10-12) Ke ’nete hore o lumeletse lintho tse mpe ho etsahala. Empa ho na le phapang e khōlō pakeng tsa ho lumella ntho e itseng ho etsahala le ho e baka.

8, 9. (a) U ka etsa mohlala ofe ho bontša phapang pakeng tsa ho lumella bokhopo hore bo be teng le ho bo baka? (b) Ke hobane’ng ha e ne e tla ba ho hloka toka ho tšoaea qeto eo Molimo a e entseng phoso ea ho lumella batho hore ba phele ka tsela e booatla?

8 Ka mohlala, nahana ka ntate ea bohlale le ea lerato ea nang le mora ea seng a hōlile ea ntseng a lula lapeng le batsoali ba hae. Ha mora eo e e-ba lerabele ’me a etsa qeto ea ho tloha hae, ntate oa mo tlohela. Mora o phela ka tsela e fosahetseng ’me o kena khathatsong. Na ke ntate ea baketseng mora mathata? Che. (Luka 15:11-13) Ka ho tšoanang, Molimo ha aa ka a thibela batho ha ba ikhethela ho etsa se fosahetseng, empa hase eena ea bakang mathata a ba hlahelang. Ka lebaka leo, ka sebele e ne e tla ba ho hloka toka ho jarisa Molimo molato ka mathata ’ohle a hlahelang moloko oa batho.

9 Molimo o na le mabaka a utloahalang a ho tlohella batho hore ba nke tsela e fosahetseng. Kaha ke ’Mōpi oa rōna ea bohlale le ea matla, ha ho letho le mo tlamang hore a re hlalosetse mabaka ao a etsang lintho ka ’ona. Leha ho le joalo, Molimo o re hlaloselitse ’ona kahobane o lerato. U tla ithuta ho eketsehileng ka mabaka ana Khaolong ea 11. Empa lula u tseba hore Molimo ha a ikarabelle bakeng sa mathata ao re tobanang le ’ona. Ho e-na le hoo, o re tšepisa ntho e le ’ngoe feela e tla fana ka tharollo!—Esaia 33:2.

10. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Molimo o tla felisa sohle seo bokhopo bo se bakileng?

10 Ho feta moo, Molimo oa halalela. (Esaia 6:3) Sena se bolela hore o hloekile ha a na sekoli. Ha ho bobe ho hang ho eena. Kahoo re ka mo tšepa ka ho feletseng. Re ke ke ra bua joalo ka batho, bao ka linako tse ling ba etsang bobolu. Esita le batho ba tšepahalang ka ho fetisisa ba nang le matla a bolaoli hangata ha ba na matla a ho etsolla tšenyo e bakiloeng ke batho ba babe. Empa Molimo o matla ’ohle. A ka felisa sohle seo bokhopo bo se baketseng moloko oa batho ebile o tla se felisa. Ha Molimo a nka khato, o tla e nka ka tsela e tla felisa bobe ka ho sa feleng!—Pesaleme ea 37:9-11.

MOLIMO O IKUTLOA JOANG KA HO HLOKA TOKA HOO RE TOBANANG LE HONA?

11. (a) Molimo o ikutloa joang ka ho hloka toka? (b) Molimo o ikutloa joang ka lintho tse bohloko tse u hlahelang?

11 Hajoale Molimo o ikutloa joang ka lintho tse etsahalang lefatšeng le tse u etsahallang bophelong? Bibele e ruta hore Molimo “o rata toka.” (Pesaleme ea 37:28) Kahoo o amehile ka ho teba ka se nepahetseng le se fosahetseng. O hloile mefuta eohle ea ho hloka toka. Bibele e re “pelo ea [Molimo e ile] ea utloa bohloko” nakong e fetileng ha ho ne ho tletse bobe lefatšeng. (Genese 6:5, 6) Molimo ha a e-s’o fetohe. (Malakia 3:6) O ntse a hloile ho bona mahlomola a etsahalang lefatšeng ka bophara. Hape Molimo o hloile ho bona batho ba sotleha. Bibele e re: ‘Oa u tsotella.’—1 Petrose 5:7.

Bibele e ruta hore Jehova ke ’Mōpi ea lerato oa leholimo le lefatše

12, 13. (a) Ke hobane’ng ha re e-na le litšobotsi tse ratehang joaloka lerato, hona lerato le ama tsela eo re talimang lefatše ka eona joang? (b) Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Molimo o tla fela a nke khato ka mathata a teng lefatšeng?

12 Re ka kholiseha joang hore Molimo o hloile ho bona re utloa bohloko? Bopaki bo bong ke bona. Bibele e ruta hore motho o entsoe ka setšoantšo sa Molimo. (Genese 1:26) Ka hona re na le litšobotsi tse ratehang hobane Molimo a e-na le litšobotsi tseo tse ratehang. Ka mohlala, na ha u tšoenyehe ha u bona batho ba se nang molato ba utloa bohloko? Haeba u tsotella ho hloka toka ho joalo, tseba hore Molimo o tsotella le ho feta.

13 Ntho e ’ngoe e ntle ka ho fetisisa ka rōna batho ke hore re khona ho rata. Seo le sona se bonahatsa seo Molimo a leng sona. Bibele e ruta hore “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Re bontša lerato hobane Molimo o lerato. Na lerato le ne le sa tl’o u susumelletsa ho felisa bohloko le ho hloka toka hoo u ho bonang ho etsahala lefatšeng? Haeba u ne u e-na le matla a ho etsa joalo, na u ne u sa tl’o li felisa? Ka sebele u ne u tla li felisa! U ka kholiseha e le kannete hore Molimo o tla felisa tšotleho le ho hloka toka. Litšepiso tse boletsoeng selelekeleng sa buka ena hase litoro kapa tsona lintho tse ke keng tsa phethahala. Litšepiso tsa Molimo li tla fela li phethahale! Empa e le hore u be le tumelo litšepisong tseo, u lokela ho ithuta ho eketsehileng ka Molimo ea li entseng.

MOLIMO O BATLA HORE U TSEBE HORE NA KE MANG

Ha u batla hore motho e mong a u tsebe, u mo bolella lebitso la hao. Molimo o re bolella lebitso la hae ka Bibeleng

14. Lebitso la Molimo ke mang, hona ke hobane’ng ha re lokela ho le sebelisa?

14 Ha u batla hore motho e mong a u tsebe, u etsa’ng? Na ha u mo bolelle lebitso la hao? Na Molimo o na le lebitso? Malumeli a mangata a re lebitso la hae ke “Molimo” kapa “Morena,” empa ao hase ’ona mabitso a hae. Ke litlotla, feela joalokaha “khosi” le “mopresidente” e le litlotla. Bibele e ruta hore Molimo o na le litlotla tse ngata. “Molimo” le “Morena” ke tse ling tsa tsona. Leha ho le joalo, Bibele e boetse e ruta hore Molimo o na le lebitso: Jehova. Pesaleme ea 83:18 e re: “Uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.” Haeba Bibele ea hao ha e na lebitso lena, u ka ’na ua rata ho sheba Sehlomathiso se leqepheng la 195-7 bukeng ena ho bona hore na ke hobane’ng ha e se na lona. ’Nete ke hore lebitso la Molimo le hlaha ka makhetlo a likete libukeng tsa boholo-holo tsa Bibele tse ngotsoeng ka letsoho. Kahoo Jehova o batla hore u tsebe lebitso la hae ’me u le sebelise. Ka mantsoe a mang, o itsebisa uena ka Bibele.

15. Lebitso Jehova le bolela’ng?

15 Molimo o iphile lebitso le bolelang ho hongata. Lebitso la hae, e leng Jehova, le bolela hore Molimo a ka phetha tšepiso leha e le efe eo a e etsang le hore a ka phethahatsa morero leha e le ofe oo a o rerang. * Lebitso la Molimo lea ikhetha, ha ho le tšoanang le lona. Ke la hae a le mong. Jehova o ikhetha ka litsela tse sa tšoaneng. Joang?

16, 17. Re ka ithuta eng ka Jehova litlotleng tse latelang: (a) “Ea Matla ’Ohle”? (b) “Morena oa bosafeleng”? (c) “’Mōpi”?

16 Re bone hore Pesaleme ea 83:18 e re ka Jehova: “Uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa.” Ka ho tšoanang, ke Jehova feela ea bitsoang “Ea Matla ’Ohle.” Tšenolo 15:3 e re: “Jehova Molimo, ea Matla ’Ohle, mesebetsi ea hao e meholo ’me ea hlolla. Morena oa bosafeleng, litsela tsa hao li lokile ’me ke tsa ’nete.” Tlotla “Ea Matla ’Ohle” e re ruta hore Jehova ke motho ea matla ka ho fetisisa. Matla a hae a ke ke a lekanngoa; a phahame haholo. ’Me tlotla “Morena oa bosafeleng” e re hopotsa hore Jehova ke ea ikhethang ka kutloisiso e ’ngoe hape. Ke eena feela eo esale a le teng. Pesaleme ea 90:2 e re: “Esita le ho tloha nakong e sa lekanyetsoang ho isa nakong e sa lekanyetsoang [kapa, ka ho sa feleng] u Molimo.” Na ho nahana ka seo ha ho u tlisetse tšabo le tlhompho?

17 Jehova o ikhetha hape ka hore ke eena feela ’Mōpi. Ho Tšenolo 4:11 rea bala: “Jehova, Molimo oa rōna, ua tšoaneleha ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bōpile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa e-ba teng ’me tsa bōptjoa.” Ntho leha e le efe eo u ka e nahanang—ebang ke libōpuoa tse sa bonahaleng tsa moea tse leholimong, kapa linaleli tse bonahalang bosiu sepakapakeng, kapa litholoana tse melang lifateng kapa litlhapi tse sesang maoatleng le linōkeng—tsohle li teng hobane Jehova ke ’Mōpi!

NA U KA ATAMELA HAUFI LE JEHOVA?

18. Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba nka hore ba ke ke ba atamela haufi le Molimo, empa Bibele e ruta’ng?

18 Batho ba bang ba ikutloa ba le basesaane ha ba bala ka litšobotsi tsa Jehova tse susumetsang tšabo. Ba tšaba hore Molimo o ba phahametse hōle, hoo ba ke keng ba mo atamela kapa ba nahana hore Molimo ea phahameng joalo ha a ba tsotelle. Empa na maikutlo aa a nepahetse? Bibele e ruta se fapaneng le seo. E re ka Jehova: “Ha e le hantle, [ha a] hōle le e mong le e mong oa rōna.” (Liketso 17:27) Bibele e bile ea re phehella: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.”—Jakobo 4:8.

19. (a) Re ka qala ho atamela haufi le Molimo ka ho etsa’ng, hona ho na le melemo efe? (b) Ke litšobotsi life tsa Molimo tse ipiletsang ho uena ka ho fetisisa?

19 U ka atamela haufi le Molimo joang? Ntlha ea pele, tsoela pele u etsa seo u ntseng u se etsa hona joale—e leng ho ithuta ka Molimo. Jesu o ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) E, Bibele e ruta hore ho ithuta ka Jehova le Jesu ho lebisa ‘bophelong bo sa feleng’! Joalokaha ho se ho boletsoe, “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:16) Jehova o boetse o na le litšobotsi tse ling tse ngata tse babatsehang le tse ipiletsang. Ka mohlala, Bibele e re Jehova ke “Molimo ea mohau le ea mosa, ea liehang ho halefa le ea tletseng mosa o lerato le ’nete.” (Exoda 34:6) O “molemo ’me [o] itokiselitse ho tšoarela.” (Pesaleme ea 86:5) Molimo ha a fele pelo. (2 Petrose 3:9) Oa tšepahala. (Tšenolo 15:4) Ha u ntse u tsoela pele ho bala Bibele, u tla bona kamoo Jehova a bontšitseng hore o na le litšobotsi tsena kateng le tse ling tse ngata tse ipiletsang.

20-22. (a) Na ho sitoa ha rōna ho bona Molimo ho re thibela ho atamela haufi le eena? Hlalosa. (b) Batho ba bang ba u eletsang ka sepheo se setle ba ka ’na ba u khothalletsa ho etsa’ng, empa u lokela ho etsa’ng?

20 Ke ’nete hore u ke ke ua bona Molimo kaha ke moea o sa bonahaleng. (Johanne 1:18; 4:24; 1 Timothea 1:17) Empa ha u ntse u ithuta ka eena ka ho bala Bibele, u tla tseba hore na ke motho ea joang. Joalokaha mopesaleme a boletse, u ka “bona thabo ea Jehova.” (Pesaleme ea 27:4; Baroma 1:20) Ha u ntse u ithuta ka Jehova ka ho eketsehileng, e tla ba motho oa sebele haholoanyane ho uena ’me u tla ba le mabaka a eketsehileng a ho mo rata le ho ikutloa u atamelane le eena.

Lerato leo ntate ea molemo a ratang bana ba hae ka lona le bontša lerato le leholo leo Ntate oa rōna ea leholimong a re ratang ka lona

21 U tla utloisisa hore na ke hobane’ng ha Bibele e re ruta hore re nke Jehova e le Ntate oa rōna. (Matheu 6:9) Hase feela hore o re file bophelo empa o boetse o batla hore re phele ka tsela e molemo ka ho fetisisa—feela joalokaha ntate ea lerato a batla hore bana ba hae ba phele joalo. (Pesaleme ea 36:9) Bibele e boetse e ruta hore batho e ka ba metsoalle ea Jehova. (Jakobo 2:23) Ak’u nahane feela—u ka ba motsoalle oa ’Mōpi oa bokahohle!

22 Ha u ntse u ithuta Bibele ka ho eketsehileng, u ka ’na ua fumana hore batho ba bang ba u eletsang ka sepheo se setle ba u khothalletsa hore u khaotse ho ithuta. E ka ’na eaba ba tšoenyehile ka hore u tla koenehela seo u neng u se lumela. Empa u se ke ua lumella motho leha e le ofe hore a u thibele ho theha botsoalle bo molemo ka ho fetisisa boo u ka bang le bona.

23, 24. (a) Ke hobane’ng ha u lokela ho tsoela pele ho botsa lipotso ka seo u ithutang sona? (b) Khaolo e latelang e tlil’o tšohla taba efe?

23 Ke ’nete hore ho tla ba le lintho tse itseng tseo u sa tl’o li utloisisa qalong. Ho hlokahala boikokobetso hore motho a kōpe thuso, empa u se ke ua tsilatsila hobane u tšaba ho hlajoa ke lihlong. Jesu o ile a re ke ntho e ntle ho ikokobetsa, joaloka ngoana e monyenyane. (Matheu 18:2-4) Joalokaha re tseba bana, ba botsa lipotso tse ngata. Molimo o batla hore u fumane likarabo. Bibele e bua hantle ka batho ba bang ba ileng ba chesehela ho ithuta ka Molimo. Ba ile ba hlahlobisisa Mangolo ka hloko ho tiisa hore seo ba ithutang sona ke ’nete.—Liketso 17:11.

24 Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho ithuta ka Jehova ke ka ho hlahloba Bibele. Ha e tšoane le buka leha e le efe e ’ngoe. Ka tsela efe? Khaolo e latelang e tla tšohla taba ena.

^ ser. 15 Sehlomathisong se leqepheng la 195-7 ho na le boitsebiso bo eketsehileng mabapi le se boleloang ke lebitso la Molimo le tsela eo le bitsoang ka eona.