Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA BORARO

Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?

Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?
  • Morero oa Molimo ke ofe ka moloko oa batho?

  • Molimo o ’nile a hanyetsoa joang?

  • Bophelo bo tla ba joang lefatšeng nakong e tlang?

1. Morero oa Molimo ke ofe ka lefatše?

KA SEBELE morero oa Molimo ka lefatše ke o hlollang. Jehova o batla hore lefatše le tlale batho ba thabileng le ba phelang hantle ’meleng. Bibele e re “Molimo [o ile] a lema serapa Edene” ’me a “melisa . . . sefate se seng le se seng se lakatsehang ponong ea motho le se molemo bakeng sa lijo.” Ka mor’a hore Molimo a bōpe monna oa pele le mosali oa pele, e leng Adama le Eva, O ile a ba beha lehaeng leo le letle ’me a re ho bona: “Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse.” (Genese 1:28; 2:8, 9, 15) Kahoo morero oa Molimo e ne e le hore batho ba be le bana, ba atolosetse meeli ea lehae leo la paradeise lefatšeng lohle, ’me ba hlokomele liphoofolo.

2. (a) Re tseba joang hore morero oa Molimo ka lefatše o tla phethahala? (b) Bibele e re’ng ka ho phela ha batho ka ho sa feleng?

2 Na u nahana hore morero oo oa Jehova Molimo oa hore batho ba phele lefatšeng la paradeise o tla ke o phethahale? Molimo o re: “Ke o boletse . . . ke tla boela ke o phethe.” (Esaia 46:9-11; 55:11) E, seo Molimo a se rerileng o tla fela a se etse! O re ‘ha aa ka a bōpela lefatše lefeela’ empa o ‘le etselitse hore le be le baahi.’ (Esaia 45:18) Molimo o ne a batla hore ho phele batho ba joang lefatšeng? Hona o ne a batla hore ba phele halelele hakae lefatšeng? Bibele e re: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”Pesaleme ea 37:29; Tšenolo 21:3, 4.

3. Ke maemo afe a hlobaetsang a teng kajeno lefatšeng, hona see se hlahisa lipotso life?

3 Ho totobetse hore sena ha se e-s’o etsahale. Hona joale batho baa kula ’me baa shoa; ebile baa loantšana le ho bolaeana. Ho na le moo lintho li senyehileng teng. Leha ho le joalo, ka sebele Molimo o ne a sa rera hore lefatše le be ka tsela eo re le bonang le le ka eona kajeno! Ho etsahetse’ng? Ke hobane’ng ha morero oa Molimo o e-s’o phethahale? Ha ho buka le e ’ngoe ea histori e ngotsoeng ke motho e ka re bolellang hobane khathatso e qalile leholimong.

QALEHO EA SERA

4, 5. (a) Ha e le hantle ke mang ea ileng a bua le Eva a sebelisa noha? (b) Motho ea neng a hlompheha a bile a tšepahala a ka ’na a fetoha lesholu joang?

4 Buka e qalang ea Bibele e bua ka mohanyetsi oa Molimo ea ileng a itlhahisa serapeng sa Edene. O hlalosoa e le “noha,” empa e ne e se phoofolo feela tjee. Buka ea ho qetela ea Bibele e mo tsebahatsa e le ea “bitsoang Diabolose le Satane, [ea] khelosang lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.” Hape o bitsoa “noha ea pele.” (Genese 3:1; Tšenolo 12:9) Lengeloi lena le matla, kapa sebōpuoa sena se sa bonahaleng sa moea, le ile la bua le Eva le sebelisa noha, feela joalokaha motho ea bohlale a ka etsa eka ho ntse ho bua popi kapa popae e haufi le eena empa e le eena ea buang. Ha ho pelaelo hore motho eo oa moea o ne a le teng ha Molimo a lokisetsa batho lefatše.—Jobo 38:4, 7.

5 Empa kaha pōpo eohle ea Jehova e phethahetse, ke mang ea entseng enoa eo e leng “Diabolose” le “Satane”? Ka mantsoe a bonolo feela, e mong oa bara ba Molimo ba matla ba moea o ile a iphetola Diabolose. See se ne se ka etsahala joang? Re lokela ho hlokomela hore le kajeno motho ea neng a hlompheha a bile a tšepahala a ka ’na a fetoha lesholu. See se etsahala joang? Motho eo a ka ’na a lumella hore takatso e fosahetseng e hōle pelong ea hae. Haeba a lulela ho nahana ka eona, takatso eo e fosahetseng e ka ’na ea e-ba matla haholo. Joale haeba monyetla o itlhahisa, a ka ’na a phethahatsa takatso eo e mpe eo a ’nileng a nahana ka eona.—Jakobo 1:13-15.

6. Ho tlile joang hore mora oa Molimo ea matla oa moea a fetohe Satane Diabolose?

6 Sena ke sona se etsahetseng ka Satane Diabolose. Kamoo ho bonahalang kateng o ile a utloa ha Molimo a bolella Adama le Eva hore ba be le bana ’me ba tlatse lefatše lesika la bona. (Genese 1:27, 28) Ho bonahala eka Satane o ile a nahana, a re: ‘Batho bana bohle ba ka rapela ’na ho e-na le ho rapela Molimo!’ Kahoo takatso e fosahetseng e ile ea hōla pelong ea hae. Qetellong, o ile a thetsa Eva ka ho etselletsa Molimo. (Genese 3:1-5) Kahoo o ile a fetoha “Diabolose,” e bolelang “Moetselletsi.” Ka nako e tšoanang, o ile a fetoha “Satane,” e bolelang “Mohanyetsi.”

7. (a) Ke hobane’ng ha Adama le Eva ba ile ba shoa? (b) Ke hobane’ng ha bana bohle ba Adama ba tsofala le ho shoa?

7 Satane Diabolose o ile a sebelisa leshano le bolotsana, a etsa hore Adama le Eva ba se ke ba mamela Molimo. (Genese 2:17; 3:6) Ka hona, ba ile ba qetella ba shoele, joalokaha Molimo a ne a boletse hore ba tla shoa haeba ba sa mamele. (Genese 3:17-19) Kaha Adama e ile ea e-ba motho ea sa phethahalang ha a etsa sebe, bana bohle ba hae ba ile ba futsa sebe ho eena. (Baroma 5:12) Boemo bona bo ka ’na ba bapisoa le ha motho a baka bohobe a sebelisa pane. Haeba pane eo e e-na le moo e bothetseng teng, ho etsahala’ng ka lofo e ’ngoe le e ’ngoe ea bohobe e bakoang ka pane eo? Lofo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoa e e-na le sebothe, kapa e sa phethahala. Ka ho tšoanang, motho e mong le e mong o futsitse “sebothe” sa ho se phethahale ho Adama. Ke ka lebaka leo batho bohle ba tsofalang le ho shoa.—Baroma 3:23.

8, 9. (a) Kamoo ho bonahalang kateng, Satane o ile a hlahisa qoso efe? (b) Ke hobane’ng ha Molimo a sa ka a timetsa marabele ao hang-hang?

8 Ha Satane a etsa hore Adama le Eva ba tlōle molao oa Molimo, ha e le hantle o ne a ba etella pele borabeleng. O ne a hanyetsa tsela eo Jehova a busang ka eona. Ha e le hantle, Satane o ne a re: ‘Molimo ke ’musi ea fosahetseng. O thetsa bafo ba hae ebile o ba hanela ka lintho tse molemo. Ha ho hlokahale hore batho ba busoe ke Molimo. Ba ka iketsetsa qeto ka se setle le se sebe. Ebile ba tla phela hamolemo ha ba busoa ke ’na.’ Molimo o ne a tla sebetsana joang le qoso eo e nyefolang? Ba bang ba nahana hore sohle seo Molimo a neng a lokela ho se etsa ke ho timetsa marabele ao. Empa na seo se ne se tla be se arabile qoso ea Satane? Na se ne se tla be se bontšitse hore tsela eo Molimo a busang ka eona e lokile?

9 Toka ea Jehova e phethahetseng e ne e sa tl’o mo lumella hore a timetse marabele ao hang-hang. O ile a etsa qeto ea hore ho hlokahala nako e le hore ho arajoe qoso ea Satane ka tsela e khotsofatsang ’me Diabolose a pakoe a le leshano. Kahoo Molimo o ile a etsa qeto ea hore o tla tlohella batho hore ba ipuse ka nakoana ba susumetsoa ke Satane. Khaolong ea 11 ea buka ena re tla tšohla hore na ke hobane’ng ha Jehova a lumeletse seo le hore na ke hobane’ng ha a tlohetse hore ho fete nako e telele hakana pele a rarolla taba ena. Leha ho le joalo, re lokela ho nahana ka sena: Na Adama le Eva ba ne ba nepile ha ba kholoa Satane, ea neng a e-s’o ka a ba etsetsa letho le molemo? Na ba ne ba nepile ha ba kholoa hore Jehova, ea neng a ba file ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba neng ba e-na le eona, ke raleshano ea sehlōhō? U ka be u ile ua etsa’ng?

10. U ka ema ka lehlakoreng la Jehova joang ho araba qoso eo Satane a mo qosang ka eona?

10 Ke habohlokoa ho nahana ka lipotso tsena kaha e mong le e mong oa rōna o tobane le boemo bo tšoanang kajeno. E, u na le monyetla oa ho ema ka lehlakoreng la Jehova ho araba qoso eo Satane a mo qosang ka eona. U ka amohela Jehova e le ’Musi ’me ua tlatsetsa ho bontšeng hore Satane ke eena ea leshano. (Pesaleme ea 73:28; Liproverbia 27:11) Ka masoabi, har’a batho ba libilione lefatšeng lena ke ba seng bakae feela ba khethang ho etsa seo. Sena se hlahisa potso ea bohlokoa, Na ha e le hantle Bibele e ruta hore Satane ke eena ea busang lefatše lee?

KE MANG EA BUSANG LEFATŠE LEE?

Na Satane o ne a ka re o tla fa Jesu mebuso eohle ea lefatše haeba e ne e se ea hae?

11, 12. (a) Ho lekoa ha Jesu ho bontša joang hore Satane ke eena ’musi oa lefatše lee? (b) Ke’ng hape e pakang hore Satane ke eena ’musi oa lefatše lee?

11 Ha ho mohla Jesu a kileng a belaella taba ea hore ’musi oa lefatše lena ke Satane. Ka tsela e itseng ea mohlolo, Satane o kile a bontša Jesu “mebuso eohle ea lefatše le khanya ea eona.” Ka mor’a moo Satane o ile a tšepisa Jesu a re: “Lintho tsena tsohle ke tla u fa tsona haeba u ka itihela fatše ’me ua nketsetsa ketso ea borapeli.” (Matheu 4:8, 9; Luka 4:5, 6) Ak’u nahane ka seo. Na tšepiso eo e ne e tla ba teko ho Jesu haeba Satane e ne e se eena ’musi oa mebuso eo? Jesu ha aa ka a hana hore mebuso eo eohle ea lefatše ke ea Satane. Ka sebele, Jesu a ka be a ile a hanyetsa seo haeba Satane e ne e se eena ea e laolang.

12 Ke ’nete hore Jehova ke Molimo ea Matla ’Ohle, ’Mōpi oa bokahohle bo hlollang. (Tšenolo 4:11) Empa, ha ho moo Bibele e reng lefatše lena le busoa ke Jehova Molimo kapa Jesu Kreste. Ha e le hantle, Jesu o ile a bolela ka ho toba hore Satane ke “’musi oa lefatše lena.” (Johanne 12:31; 14:30; 16:11) Bibele e bile e re Satane Diabolose ke “molimo oa tsamaiso ena ea lintho.” (2 Bakorinthe 4:3, 4) Ha moapostola oa Mokreste Johanne a ngola ka mohanyetsi enoa, kapa Satane, o ile a re: “Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.”—1 Johanne 5:19.

KAMOO LEFATŠE LA SATANE LE TLANG HO FELISOA KATENG

13. Ke hobane’ng ha ho hlokahala lefatše le lecha?

13 Selemo le selemo, lefatše le ntse le e-ba kotsi le ho feta. Le tletse mabotho a loantšanang, bo-ralipolotiki ba sa tšepahaleng, baeta-pele ba bolumeli ba baikaketsi le linokoane tse thatafetseng lipelo. Lefatše ka kakaretso le boemong boo le ke keng la hlola le lokisoa. Bibele e bontša hore haufinyane Molimo o tla timetsa lefatše lena le khopo ntoeng ea hae ea Armagedone. Le tla nkeloa sebaka ke lefatše le lecha la ho loka.—Tšenolo 16:14-16.

14. Ke mang eo Molimo a mo khethileng hore e be ’Musi ’Musong oa Hae, hona see se boletsoe joang esale pele?

14 Jehova Molimo o khethile Jesu Kreste hore e be ’Musi ’Musong oa Hae oa leholimo, kapa pusong ea Hae. Bibele e ile ea bolela esale khale ea re: “Re tsoaletsoe ngoana, re filoe mora; ’me puso ea bohosana e tla ba lehetleng la hae. O tla rehoa lebitso la . . . Khosana ea Khotso. Ho ke ke ha e-ba le bofelo bongateng ba puso ea bohosana le khotso.” (Esaia 9:6, 7) Jesu o ile a ruta balateli ba hae hore ba rapelle puso ena, ba re: “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Matheu 6:10) Joalokaha re tla bona hamorao bukeng ena, haufinyane ’Muso oa Molimo o tla felisa mebuso eohle ea lefatše, ’me e be oona o busang sebakeng sa eona. (Daniele 2:44) Ka mor’a moo ’Muso oa Molimo o tla tlisa paradeise lefatšeng.

LEFATŠE LE LECHA LE ATAMETSE!

15. “Lefatše le lecha” ke eng?

15 Bibele e re tiisetsa sena: “Ho na le maholimo a macha le lefatše le lecha tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea [Molimo], ’me ho loka ho tla aha ho tsona.” (2 Petrose 3:13; Esaia 65:17) Ka linako tse ling ha Bibele e bua ka “lefatše,” e bolela batho ba phelang lefatšeng. (Genese 11:1) Kahoo “lefatše le lecha” la ho loka ke mokhatlo oa batho bao Molimo a ba amohelang.

16. Molimo o fa batho bao a ba amohelang mpho efe ea bohlokoahali, hona re lokela ho etsa’ng hore re e fumane?

16 Jesu o tšepisitse hore lefatšeng le lecha le tlang, batho bao Molimo a ba amohelang ba tla fumana mpho ea “bophelo bo sa feleng.” (Mareka 10:30) Ka kōpo phetla Bibele ea hao ho Johanne 3:16 le 17:3, ebe u bala seo Jesu a itseng re lokela ho se etsa e le hore re fumane bophelo bo sa feleng. Joale nahana ka litlhohonolofatso tseo Bibele e reng batho ba tšoanelehelang ho fumana mpho eo e babatsehang e tsoang ho Molimo ba tla li thabela Paradeiseng e tlang ea lefatšeng.

17, 18. Re tseba joang hore ho tla rena khotso le tšireletseho hohle lefatšeng?

17 Bokhopo, ntoa, tlōlo ea molao le pefo li tla be li felile. “Ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng. . . Empa ba bonolo ba tla rua lefatše.” (Pesaleme ea 37:10, 11) Ho tla rena khotso kaha ‘Molimo o tla felisa lintoa ho isa lipheletsong tsa lefatše.’ (Pesaleme ea 46:9; Esaia 2:4) Ka mor’a moo “ea lokileng o tla atleha, khotso e tla ba ngata ho fihlela khoeli e se e le sieo”—e leng ho bolelang hore e tla ba ka ho sa feleng!—Pesaleme ea 72:7.

18 Barapeli ba Jehova ba tla lula ba sireletsehile. Hafeela Baiseraele ba mehleng ea boholo-holo ba ne ba mamela Molimo, ba ne ba lula ba sireletsehile. (Levitike 25:18, 19) E tla ba ho thabisang hakaakang hore le rōna re lule re sireletsehile joalo Paradeiseng!—Esaia 32:18; Mikea 4:4.

19. Re tseba joang hore ho tla ba le nala ea lijo lefatšeng le lecha la Molimo?

19 Ha ho sa tla ba le khaello ea lijo. Mopesaleme o ile a bina a re: “Ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng; ho tla ba le nala holim’a litlhōrō tsa lithaba.” (Pesaleme ea 72:16) Jehova Molimo o tla hlohonolofatsa batho ba hae ba lokileng, ’me “ka sebele lefatše le tla fana ka lihlahisoa tsa lona.”—Pesaleme ea 67:6.

20. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore lefatše lohle e tla ba paradeise?

20 Lefatše lohle e tla ba paradeise. Ho tla ba le matlo le lirapa tse ntle tse ncha libakeng tse neng li sentsoe ke batho ba baetsalibe. (Esaia 65:21-24; Tšenolo 11:18) Ha nako e ntse e ea, libaka tse seng li ntse li lokisitsoe li tla eketseha ho fihlela lefatše lohle e le sebaka se setle se behang litholoana joaloka serapa sa Edene. ’Me Molimo o tla ‘fuparolla seatla sa hae le ho khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.’—Pesaleme ea 145:16.

21. Ke’ng se bontšang hore ho tla rena khotso pakeng tsa batho le liphoofolo?

21 Ho tla rena khotso pakeng tsa batho le liphoofolo. Liphoofolo tse hlaha le tse ruuoang hae li tla fula hammoho. Esita le ngoana e monyenyane ha a na ho tšaba liphoofolo tseo hona joale li leng kotsi.—Esaia 11:6-9; 65:25.

22. Ho tla etsahala’ng ka ho kula?

22 Ho kula ho tla fela. E le ’Musi ’Musong oa Molimo oa leholimo, Jesu o tla phekola maloetse a batho ka tekanyo e khōlō ho feta nakong ea ha a ne a le lefatšeng. (Matheu 9:35; Mareka 1:40-42; Johanne 5:5-9) Ka nako eo “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—Esaia 33:24; 35:5, 6.

23. Ke hobane’ng ha tsoho e tla re thabisa?

23 Baratuoa ba shoeleng ba tla tsosoa ba e-na le tebello ea ho se hlole ba e-shoa. Bohle ba robetseng lefung ba khopolong ea Molimo ba tla tsosoa. Ha e le hantle “ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.”—Liketso 24:15; Johanne 5:28, 29.

24. U ikutloa joang ka ho phela Paradeiseng lefatšeng?

24 Ba khethang ho ithuta ka ’Mōpi oa rōna e Moholo, Jehova Molimo, le ho mo sebeletsa ba letetsoe ke bokamoso bo hlollang hakaakang! Jesu o ne a bua ka Paradeise e tlang ea lefatšeng ha a ne a tšepisa moetsi oa bobe ea ileng a shoela ka thōko ho eena a re: “U tla ba le ’na Paradeiseng.” (Luka 23:43) Ke habohlokoa hore re ithute ho eketsehileng ka Jesu Kreste, eo litlhohonolofatso tsena tsohle li tlang ho ba teng ka eena.