Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA BONE

Jesu Kreste ke Mang?

Jesu Kreste ke Mang?
  • Jesu o phetha karolo efe e khethehileng?

  • O ne a tsoa hokae?

  • E ne e le motho oa mofuta ofe?

1, 2. (a) Ke hobane’ng ha ho tseba ho itseng ka motho ea tummeng ho sa bolele hore ha e le hantle ua mo tseba? (b) Ke pherekano efe e teng ka Jesu?

HO NA le batho ba bangata ba tummeng lefatšeng. Ba bang ba tumme tikolohong, motseng kapa naheng ea habo bona. Ba bang ba tsebahala lefatšeng ka bophara. Empa ho tseba lebitso feela la motho ea tummeng ha ho bolele hore ha e le hantle ua mo tseba. Ha ho bolele hore u tseba lintlha tse qaqileng ka semelo sa hae le hore na ha e le hantle ke motho ea joang.

2 Batho lefatšeng ho pota ba kile ba utloela ho itseng ka Jesu Kreste, le hoja a phetse lefatšeng lilemo tse ka bang 2 000 tse fetileng. Empa batho ba bangata ba ferekanngoa ke hore na ha e le hantle Jesu e ne e le mang. Ba bang ba re e ne e le motho feela ea lokileng. Ba bang ba re e ne e mpa e le moprofeta feela. Ha ba bang bona ba lumela hore Jesu ke Molimo le hore o lokela ho rapeloa. Na o lokela ho rapeloa?

3. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u tsebe ’nete ka Jesu?

3 Ke habohlokoa hore u tsebe seo e leng ’nete ka Jesu. Hobane’ng? Hobane Bibele e re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) E, ho tseba ’nete ka Jehova Molimo le ka Jesu Kreste ho ka lebisa bophelong bo sa feleng lefatšeng la paradeise. (Johanne 14:6) Ho feta moo, Jesu o re behetse mohlala o motle ka ho fetisisa oa kamoo re lokelang ho phela kateng le kamoo re lokelang ho tšoara ba bang kateng. (Johanne 13:34, 35) Khaolong e qalang ea buka ena, re tšohlile seo e leng ’nete ka Molimo. Joale a re hlahlobeng seo ha e le hantle Bibele e se rutang ka Jesu Kreste.

MESIA EA TŠEPISITSOENG

4. Tlotla “Mesia” le “Kreste” li bolela’ng?

4 Nako e telele pele Jesu a tsoaloa, Bibele e ne e boletse esale pele ka ho tla ha eo Molimo a neng a tla mo roma e le Mesia, kapa Kreste. Tlotla “Mesia” (e tsoang lentsoeng la Seheberu) le “Kreste” (e tsoang lentsoeng la Segerike) ka bobeli li bolela “Motlotsuoa.” Enoa Ea tšepisitsoeng e ne e tla ba motlotsuoa, ke hore eo Molimo a mo behileng boemong bo khethehileng. Likhaolong tse latelang tsa buka ena, re tla ithuta ho eketsehileng ka karolo ea bohlokoa eo Mesia a e phethang ho phethahatsoeng ha litšepiso tsa Molimo. Re tla boela re ithute ka melemo eo Jesu a ka re tlisetsang eona esita le hona joale. Ha ho pelaelo hore pele ho tsoalo ea Jesu, batho ba bangata ba ne ba ipotsa, ‘Ke mang eo e tla ba Mesia?’

5. Barutuoa ba Jesu ba ne ba kholisehile ka eng ka ho feletseng mabapi le eena?

5 Lekholong la pele la lilemo C.E., barutuoa ba Jesu oa Nazaretha ba ne ba kholisehile ka ho feletseng hore e ne e le eena Mesia ea boletsoeng esale pele. (Johanne 1:41) Morutuoa e mong oa hae, ea bitsoang Simone Petrose, o ile a re ho Jesu phatlalatsa: “U Kreste.” (Matheu 16:16) Empa barutuoa bao ba ile ba tseba joang hore ha e le hantle Jesu ke eena Mesia ea tšepisitsoeng—hona rōna re ka tseba joang?

6. Bontša kamoo Jehova a thusitseng batho ba tšepahalang ho khetholla Mesia kateng.

6 Baprofeta ba Molimo ba phetseng pele ho Jesu ba ne ba boletse lintlha tse ngata esale pele ka Mesia. Lintlha tsena li ne li tla thusa ba bang ho mo khetholla. Re ka ’na ra bapisa sena ka tsela ena: A re nke hore u kōpuoe hore u ee seteisheneng se phetheselang sa libese kapa sa terene kapa boema-fofane ho ea lata motho eo u e-s’o ka u mo bona. Na ho ne ho ke ke ha thusa haeba motho e mong a ne a ka u bolella ho itseng ka motho eo? Ka ho tšoanang, a sebelisa baprofeta ba hlahang ka Bibeleng Jehova o ile a fana ka boitsebiso bo qaqileng mabapi le seo Mesia a neng a tla se etsa le seo a neng a tla feta ho sona. Ho phethahala ha boprofeta bona bo bongata ho ne ho tla thusa batho ba tšepahalang hore ba mo khetholle ka ho hlaka.

7. Ke likarolo life tse peli tsa boprofeta tse ileng tsa phethahala mabapi le Jesu?

7 Nahana ka mehlala e ’meli feela. Oa pele, moprofeta Mikea o ile a bolela lilemo tse fetang 700 esale pele hore eo Ea tšepisitsoeng o ne a tla tsoalloa Bethlehema, e leng motsana o naheng ea Juda. (Mikea 5:2) Ha e le hantle Jesu o hlahetse hokae? Hona motsaneng oo! (Matheu 2:1, 3-9) Oa bobeli, lilemo tse makholo-kholo esale pele boprofeta bo tlalehiloeng ho Daniele 9:25 bo ile ba bolela selemo seo Mesia a neng a tla hlahella ka sona—e leng 29 C.E. * Ho phethahala ha boprofeta bona le bo bong ho paka hore Jesu e ne e le eena Mesia ea tšepisitsoeng.

Jesu e ile ea e-ba Mesia, kapa Kreste, ha a kolobetsoa

8, 9. Ke bopaki bofe bo ileng ba totobala ha Jesu a kolobetsoa bo ileng ba bontša hore ke Mesia?

8 Bopaki bo bong ba hore Jesu e ne e le Mesia bo ile ba hlaka ho elella qetellong ea 29 C.E. Ke sona selemo seo Jesu a ileng a ea ho Johanne Mokolobetsi ka sona ho ea kolobetsoa Nōkeng ea Jordane. Jehova o ne a tšepisitse Johanne hore o tla mo fa pontšo eo a neng a tla khetholla Mesia ka eona. Johanne o ile a bona pontšo eo ha Jesu a kolobetsoa. Bibele e re ho ile ha etsahala sena: “Ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe kapele-pele a nyoloha a tsoa ka metsing; ’me, bonang! maholimo a buleha, ’me a bona moea oa Molimo o theoha joaloka leeba o tla holim’a hae. Bonang! Hape, ha e-ba le lentsoe le tsoang maholimong le reng: ‘Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng.’” (Matheu 3:16, 17) Ka mor’a hore Johanne a bone se etsahetseng a be a se utloe, ha aa ka a ba le pelaelo ea hore Jesu o rometsoe ke Molimo. (Johanne 1:32-34) Ha moea oa Molimo, kapa matla a hae a sebetsang, o tšolleloa ho Jesu letsatsing leo, e ile ea e-ba Mesia, kapa Kreste, ea khethetsoeng ho ba Moeta-pele le Morena.—Esaia 55:4.

9 Ho phethahala ha boprofeta ba Bibele le bopaki boo Jehova Molimo ka boeena a faneng ka bona ho bontša ka ho hlaka hore Jesu e ne e le Mesia ea tšepisitsoeng. Empa Bibele e araba lipotso tse ling tse peli tsa bohlokoa mabapi le Jesu Kreste: O ne a tsoa hokae, hona e ne e le motho oa mofuta ofe?

JESU O NE A TSOA HOKAE?

10. Bibele e ruta’ng ka ho ba teng ha Jesu pele a tla lefatšeng?

10 Bibele e ruta hore Jesu o phetse leholimong pele a tla lefatšeng. Mikea o ile a profeta hore Mesia o ne a tla tsoalloa Bethlehema a ba a bolela hore lesika la Hae le ‘tsoa linakong tsa pele.’ (Mikea 5:2) Jesu le eena o ile a bolela ka makhetlo-khetlo hore o phetse leholimong pele a tsoaloa e le motho oa nama. (Johanne 3:13; 6:38, 62; 17:4, 5) Jesu o ne a e-na le kamano e khethehileng le Jehova, e le sebōpuoa sa moea leholimong.

11. Bibele e bontša joang hore Jesu ke Mora oa Jehova eo a mo nkang e le oa bohlokoa ka ho fetisisa?

11 Jesu ke Mora oa Jehova eo a mo nkang e le oa bohlokoa ka ho fetisisa—le hona e le ka lebaka le utloahalang. O bitsoa “letsibolo la pōpo eohle,” kaha Molimo o qalile ka eena ha a bōpa. * (Bakolose 1:15) Ho na le ho hong hape ho etsang hore Mora enoa e be ea ikhethang. Ke ‘Mora ea tsoetsoeng a ’notši.’ (Johanne 3:16) Sena se bolela hore Jesu ke eena feela ea bōpiloeng ke Molimo ka ho toba. Ebile Jesu ke eena feela eo Molimo a mo sebelisitseng ha A bōpa lintho tse ling tsohle. (Bakolose 1:16) Jesu o boetse o bitsoa “Lentsoe.” (Johanne 1:14) Sena se re bolella hore o ne a buella Molimo, ntle ho pelaelo a fetisetsa melaetsa le litaelo ho bara ba bang babo, ba moea le ba nama.

12. Re tseba joang hore Mora oa letsibolo ha a lekane le Molimo?

12 Na Mora enoa oa letsibolo o lekana le Molimo, joalokaha ba bang ba lumela? Sena hase seo Bibele e se rutang. Joalokaha re hlokometse serapeng se fetileng, Mora o bōpiloe. Ka hona, ho hlakile hore o na le qalo, athe Jehova Molimo eena ha a na qalo kapa qetello. (Pesaleme ea 90:2) Ha ho mohla Mora ea tsoetsoeng a ’notši a kileng a nahana ho iketsa ea lekanang le Ntat’ae. Bibele e ruta ka ho hlaka hore Ntate o moholo ho Mora. (Johanne 14:28; 1 Bakorinthe 11:3) Jehova ke eena feela “Molimo ea Matla ’Ohle.” (Genese 17:1) Ka hona, ha ho ea lekanang le eena. *

13. Bibele e bolela’ng ha e re Mora ke “setšoantšo sa Molimo ea sa bonahaleng”?

13 Jehova le Mora oa hae oa letsibolo ba bile le kamano e haufi ka lilemo tse libilione—nako e telele pele ho bōptjoa lefatše le maholimo a tletseng linaleli. E tlameha ebe ba ne ba ratana hakaakang! (Johanne 3:35; 14:31) Mora enoa ea ratoang o ne a tšoana hantle le Ntat’ae. Ke kahoo Bibele e reng Mora enoa ke “setšoantšo sa Molimo ea sa bonahaleng.” (Bakolose 1:15) Feela joalokaha mora a ka tšoana le ntat’ae oa motho ka litsela tse ngata, Mora enoa oa leholimo o ne a bonahatsa litšobotsi le botho ba Ntat’ae.

14. Ho tlile joang hore Mora oa Jehova ea tsoetsoeng a ’notši a tsoaloe e le motho oa nama?

14 Mora oa Jehova ea tsoetsoeng a ’notši o ile a ithaopela ho tloha leholimong ho tla phela tlaase lefatšeng e le motho oa nama. Empa u ka ’na ua ipotsa, ‘Ho tlile joang hore sebōpuoa sa moea se tsoaloe e le motho oa nama?’ Jehova o ile a etsa mohlolo e le hore a finyelle sena. O ile a tlosa bophelo ba Mora oa hae oa letsibolo leholimong a bo kenya ka pōpelong ea moroetsana oa Mojuda ea bitsoang Maria. Ho ne ho sa ka ha ameha motho oa ntate. Kahoo Maria o ile a tsoala mora ea phethahetseng ’me a mo reha Jesu.—Luka 1:30-35.

JESU E NE E LE MOTHO OA MOFUTA OFE?

15. Ke hobane’ng ha re ka re re tseba Jehova hamolemo ha re ithuta ka Jesu?

15 Seo Jesu a se buileng le seo a se entseng ha a ntse a le lefatšeng se re thusa ho mo tseba hamolemo. Ho feta moo, re tseba Jehova hamolemo ha re ithuta ka Jesu. Ke hobane’ng ha ho le joalo? Hopola hore Mora enoa ke setšoantšo se phethahetseng sa Ntat’ae. Ke kahoo Jesu a ileng a re ho e mong oa barutuoa ba hae: “Ea mponeng o bone le Ntate.” (Johanne 14:9) Libuka tse ’nè tsa Bibele tse tsebahalang ka hore ke Likosepele—e leng Matheu, Mareka, Luka le Johanne—li re bolella ho hongata ka bophelo ba Jesu Kreste, lintho tseo a neng a li etsa le litšobotsi tsa hae.

16. Molaetsa o ka sehloohong oo Jesu a neng a o hasa e ne e le ofe, hona seo a neng a se ruta se ne se tsoa hokae?

16 Jesu e ne e le “Mosuoe” ea tsebahalang. (Johanne 1:38; 13:13) O ne a ruta eng? Molaetsa oa hae o ka sehloohong e ne e le “litaba tse molemo tsa ’muso”—ke hore, ’Muso oa Molimo, e leng puso ea leholimo e tla busa holim’a lefatše lohle ’me e tlisetse batho ba mamelang litlhohonolofatso tse sa feleng. (Matheu 4:23) Molaetsa oo e ne e le oa mang? Jesu o ile a re: “Seo ke se rutang hase sa ka, empa ke sa ea nthomileng,” e leng, Jehova. (Johanne 7:16) Jesu o ne a tseba hore Ntate oa hae o batla hore batho ba utloe litaba tse molemo tsa ’Muso. Khaolong ea 8, re tla ithuta ka ho eketsehileng ka ’Muso oa Molimo le seo o tlang ho se finyella.

17. Jesu o ne a rutela hokae, hona ke hobane’ng ha a ne a ikitlaetsa ho ruta ba bang?

17 Jesu o ne a rutela hokae? Hohle moo a neng a fumana batho teng—libakeng tse ka thōko hammoho le metseng, metsaneng, limmarakeng le malapeng. Jesu o ne a sa letele hore batho ba tle ho eena. O ne a e-ea ho bona. (Mareka 6:56; Luka 19:5, 6) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a ikitlaetsa hakaalo le ho qeta nako ea hae e ngata a bolela molaetsa a bile a ruta? Hobane ke seo Molimo a neng a batla hore a se etse. Kamehla Jesu o ne a etsa thato ea Ntate oa hae. (Johanne 8:28, 29) Empa ho na le lebaka le leng le neng le etsa hore a bolele molaetsa. O ne a utloela matšoele a neng a tlil’o mo bona bohloko. (Matheu 9:35, 36) A ne a hlokomolohiloe ke baeta-pele ba bolumeli, ba neng ba lokela ho a ruta seo e leng ’nete ka Molimo le ka merero ea hae. Jesu o ne a tseba hore ho hlokahala hore batho bana ba bolelloe molaetsa oa ’Muso.

18. Ke litšobotsi life tsa Jesu tse u khahlang ka ho fetisisa?

18 Jesu e ne e le motho ea mofuthu le ea nang le maikutlo a tebileng. Ka hona batho ba bang ba ne ba mo nka e le motho ea atamelehang le ea mosa. Esita le bana ba ne ba ikutloa ba phutholohile ha ba e-na le eena. (Mareka 10:13-16) Jesu o ne a sa ee ka leeme. O ne a hloile bobolu le ho hloka toka. (Matheu 21:12, 13) O ne a tšoara basali ka tlhompho le hoja ka nako eo ba ne ba sa hlomphuoe ba bile ba e-na le litokelo tse fokolang. (Johanne 4:9, 27) Jesu o ne a ikokobelitse e le kannete. Ka lekhetlo le leng, o ile a hlatsoa baapostola ba hae maoto, e leng mosebetsi o neng o atisa ho etsoa ke mohlanka ea boemong bo tlaase.

Jesu o ne a ruta hohle moo a fumanang batho teng

19. Ke mohlala ofe o bontšang hore Jesu o ne a nahanela litlhoko tsa ba bang?

19 Jesu o ne a ameha ka seo ba bang ba se hlokang. Sena se ile sa bonahala ka ho khetheha ha a sebelisa matla a moea oa Molimo ho phekola ka mohlolo. (Matheu 14:14) Ka mohlala, monna e mong ea neng a e-na le lepera o ile a tla ho Jesu ’me a re: “Haeba feela u batla, u ka ntlhoekisa.” Jesu o ile a utloa bohloko boo monna enoa a bo utloang le mahlomola ao a leng ho ’ona. Jesu o ile a susumetsoa ke khauho, eaba o otlolla letsoho o ama monna eo, o re: “Kea batla. Hloeka.” Monna ea kulang o ile a fola! (Mareka 1:40-42) Na u ka inahanela hore na e tlameha ebe monna eo o ile a ikutloa joang?

O ILE A TŠEPAHALA HO ISA QETELLONG

20, 21. Jesu o behile mohlala oa ho mamela Molimo ka botšepehi joang?

20 Jesu o behile mohlala o motle ka ho fetisisa oa ho mamela Molimo ka botšepehi. O ile a lula a tšepahala ho Ntate oa hae oa leholimo maemong ’ohle ho sa tsotellehe khanyetso le mahlomola ’ohle ao a ileng a thulana le ’ona. Jesu o ile a ema a tiile khahlanong le liteko tsa Satane ’me a li hlōla. (Matheu 4:1-11) Ka nako e ’ngoe, beng ka Jesu ba ne ba sa lumele ho eena, ba bile ba re “o lahlehetsoe ke kelello.” (Mareka 3:21) Empa Jesu ha aa ka a ba lumella hore ba mo susumetse; o ile a tsoela pele ho phetha mosebetsi oa Molimo. Le hoja Jesu a ne a rohakoa a bile a hlekefetsoa, o ile a ithiba, ha ho mohla a ileng a leka ho lematsa bahanyetsi ba hae.—1 Petrose 2:21-23.

21 Jesu o ile a lula a tšepahala ho isa lefung—ha a bolaoa ke lira tsa hae ka sehlōhō le ka tsela e utloisang bohloko. (Bafilipi 2:8) Ak’u nahane ka bohloko boo a ileng a tlameha ho bo mamella letsatsing la ho qetela la bophelo ba hae e le motho oa nama. O ile a tšoaroa, a qosoa ke lipaki tsa bohata, a ahloloa ke baahloli ba tletseng bobolu, a songoa ke mahoohoo le ho hlokofatsoa ke masole. Ha a e-shoa thupeng eo a neng a khokhothetsoe ho eona, o ile a hooa a re: “Ho phethehile!” (Johanne 19:30) Empa ka mor’a matsatsi a mararo Jesu a shoele, Ntate oa hae oa leholimo o ile a mo tsosetsa bophelong ba moea. (1 Petrose 3:18) Libeke tse seng kae hamorao, o ile a khutlela leholimong. Moo leholimong, o ile a “lula ka letsohong le letona la Molimo” a letetse ho fuoa matla a borena.—Baheberu 10:12, 13.

22. Jesu o finyeletse eng ka ho lula a tšepahala ho isa lefung?

22 Jesu o finyeletse eng ka ho lula a tšepahala ho isa lefung? Ha e le hantle lefu la Jesu le re bulela monyetla oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise, tumellanong le morero oa Jehova oa qalong. Khaolong e latelang ho tla tšohloa taba ea hore na lefu la Jesu le etsa hore seo se khonehe joang.

^ ser. 7 Ho fumana tlhaloso ea boprofeta ba Daniele bo ileng ba phethahala mabapi le Jesu, bona Sehlomathiso, leqepheng la 197-9.

^ ser. 11 Jehova o bitsoa Ntate kaha ke ’Mōpi. (Esaia 64:8) Kaha Jesu o bōpiloe ke Molimo, o bitsoa Mora oa Molimo. Libōpuoa tse ling tsa moea esita le motho Adama le tsona li bitsoa bara ba Molimo ka lona lebaka leo.—Jobo 1:6; Luka 3:38.

^ ser. 12 Ho fumana bopaki bo eketsehileng ba hore Mora oa letsibolo ha a lekane le Molimo, bona Sehlomathiso, leqepheng la 201-4.