Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA BOROBELI

’Muso oa Molimo ke Eng?

’Muso oa Molimo ke Eng?
  • Bibele e re bolella eng ka ’Muso oa Molimo?

  • ’Muso oa Molimo o tla etsa’ng?

  • ’Muso oo o tla etsa hore thato ea Molimo e etsahale neng lefatšeng?

1. Re tl’o hlahloba thapelo efe e tsebahalang haholo?

BATHO ba limilione lefatšeng ka bophara ba tloaelane le thapelo eo ba bangata ba reng ke Thapelo ea Ntat’a Rōna ea Maholimong, kapa Thapelo ea Morena. Lipoleloana tseo ka bobeli li hlalosa thapelo e tsebahalang haholo eo Jesu Kreste a faneng ka eona e le mohlala. Ke thapelo e jereng lintlha tsa bohlokoa haholo, ’me ho hlahloba lintlha tsa pele tse tharo tse kōptjoang ho eona ho tla re thusa ho ithuta ho eketsehileng ka seo ha e le hantle Bibele e se rutang.

2. Ke lintho life tse tharo tseo Jesu a ileng a ruta barutuoa ba hae hore ba li rapelle?

2 Qalong ea thapelo ena ea mohlala, Jesu o ile a laela bamameli ba hae a re: “Joale, le rapele ka tsela ena: ‘Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe. ’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.’” (Matheu 6:9-13) Lintlha tsee tse tharo tse kōptjoang li bolela’ng?

3. Re lokela ho tseba eng ka ’Muso oa Molimo?

3 Re se re ithutile ho hongata ka lebitso la Molimo, e leng Jehova. ’Me re buile ho se hokae ka thato ea Molimo—ke hore seo a se etselitseng moloko oa batho le seo a sa ntsane a tla o etsetsa sona. Empa Jesu o ne a bua ka’ng ha a re ha re rapela re re: “’Muso oa hao o ke o tle”? ’Muso oa Molimo ke eng? Ho tla ha oona ho tla halaletsa lebitso la Molimo joang? Hona ho tla ha ’Muso oo ho amana kae le ho etsahala ha thato ea Molimo?

SEO ’MUSO OA MOLIMO O LENG SONA

4. ’Muso oa Molimo ke’ng, hona Morena oa oona ke mang?

4 ’Muso oa Molimo ke puso e thehiloeng ke Jehova Molimo eo Morena oa eona a khethiloeng ke Molimo. Morena oa ’Muso oa Molimo ke mang? Ke Jesu Kreste. Jesu ke Morena ea fetang babusi bohle ba batho ’me o bitsoa “Morena oa ba busang e le marena le Khosi ea ba busang e le likhosi.” (1 Timothea 6:15) O na le matla a ho etsa se molemo ho feta hōle seo ’musi leha e le ofe oa motho, esita le eo ho thoeng o molemo ka ho fetisisa, a ka se etsang.

5. ’Muso oa Molimo o busa o le hokae, hona o busa holim’a eng?

5 ’Muso oa Molimo o tla busa o le hokae? Jesu eena o hokae? U tla hopola hore re ithutile hore o ile a bolaeloa thupeng ea tlhokofatso, ’me ka mor’a moo a tsosoa. Nakoana ka mor’a moo, o ile a nyolohela leholimong. (Liketso 2:33) Kahoo, ’Muso oa Molimo o leholimong. Ke kahoo Bibele e reng ke ‘’muso oa leholimo.’ (2 Timothea 4:18) Le hoja ’Muso oa Molimo o le leholimong, o tla busa holim’a lefatše.—Tšenolo 11:15.

6, 7. Ke’ng se etsang hore Jesu e be Morena ea ikhethang?

6 Ke’ng se etsang hore Jesu e be Morena ea ikhethang? Har’a tse ling, a ke ke a shoa le ka mohla. Bibele ha e bapisa Jesu le marena a batho, e re ke “eena feela ea nang le ho se shoe, ea lulang leseling le sa atameleheng.” (1 Timothea 6:16) Sena se bolela hore lintho tsohle tse ntle tseo Jesu a li etsang e tla ba tse tšoarellang. ’Me o tla etsa lintho tse khōlō le tse ntle.

7 Nahana ka boprofeta bona ba Bibele bo buang ka Jesu: “Moea oa Jehova o tla lula holim’a hae, moea oa bohlale le oa kutloisiso, moea oa keletso le oa matla, moea oa tsebo le oa ho tšaba Jehova; ’me o tla thabela ho tšaba Jehova. A ke ke a ahlola ka se bonahalang mahlong a hae, kapa a khalemela feela ho ea ka ntho e utloiloeng ke litsebe tsa hae. O tla ahlola ba tlaase ka ho loka, ’me o tla fana ka khalemelo ka ho loka molemong oa ba bonolo ba lefatše.” (Esaia 11:2-4) Mantsoe ao a bontša hore Jesu e ne e tla ba Morena ea lokileng le ea nang le kutloelo-bohloko ho batho lefatšeng. Na u ka rata ho busoa ke ’musi ea joalo?

8. Ke bo-mang ba tla busa le Jesu?

8 Ntlha e ’ngoe ke ena mabapi le ’Muso oa Molimo: Jesu ha a na ho busa a le mong. O tla busa le babusi ba bang. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ile a re ho Timothea: “Haeba re tsoela pele ho mamella, re tla boela re buse hammoho re le marena.” (2 Timothea 2:12) E, Pauluse, Timothea le batho ba bang ba tšepahalang ba khethiloeng ke Molimo ba tla busa le Jesu ’Musong oa leholimo. Ke batho ba bakae ba tla ba le tokelo ee?

9. Ke batho ba bakae ba tla busa le Jesu, hona Molimo o qalile neng ho ba khetha?

9 Joalokaha ho bontšitsoe Khaolong ea 7 ea buka ena, moapostola Johanne o ile a fuoa pono eo ho eona a ileng a bona “Konyana [Jesu Kreste] e emeng Thabeng ea Sione [boemong ba hae ba borena leholimong], e e-na le ba likete tse lekholo le mashome a mane a metso e mene bao lebitso la eona le lebitso la Ntat’a eona le ngotsoeng liphatleng tsa bona.” Baa ba 144 000 ke bo-mang? Johanne oa re bolella: “Bana . . . ba ntse ba latela Konyana ho sa tsotellehe hore na e ea hokae. Ba rekiloe har’a moloko oa batho joaloka litholoana tsa pele ho Molimo le ho Konyana.” (Tšenolo 14:1, 4) Ha e le hantle, ke balateli ba tšepahalang ba Jesu Kreste bao ka ho toba ba khethetsoeng ho ea busa le eena leholimong. Ha ba se ba tsoselitsoe bophelong ba leholimo, “ba tla busa e le marena holim’a lefatše” hammoho le Jesu. (Tšenolo 5:10) Ho tloha mehleng ea baapostola, Molimo o ’nile a khetha Bakreste bana ba tšepahalang e le hore ba etse palo e feletseng ea 144 000.

10. Ke hobane’ng ha e le tokisetso e lerato hore Jesu le ba 144 000 ba buse moloko oa batho?

10 Ho lokisetsa hore Jesu le ba 144 000 ba tsositsoeng ba buse moloko oa batho ke ntho e lerato haholo. Le leng la mabaka ke hore Jesu oa tseba hore na ho joang ho ba motho oa nama le ho utloa bohloko. Pauluse o ile a re Jesu “hase ea ke keng a utloela mefokolo ea rōna bohloko, empa ke ea lekiloeng ka litsela tsohle joaloka rōna, empa a se na sebe.” (Baheberu 4:15; 5:8) Babusi-’moho le eena le bona ba ile ba utloa bohloko le ho mamella maemo a thata ha e ntse e le batho ba nama. Ho feta moo, ba ’nile ba loantšana le ho se phethahale ’me ba tlameha ho mamella maloetse a mefuta-futa. Ka sebele, ba tla utloisisa mathata ao batho ba tobanang le ’ona!

’MUSO OA MOLIMO O TLA ETSA’NG?

11. Jesu o ile a re barutuoa ba hae ba lokela ho rapella eng mabapi le thato ea Molimo?

11 Ha Jesu a ne a re barutuoa ba hae ba lokela ho rapella ’Muso oa Molimo hore o tle, o ile a boela a re ba lokela ho rapella thato ea Molimo hore e etsahale “lefatšeng.” Molimo o leholimong, ’me esale mangeloi a tšepahalang a etsa thato ea hae moo. Leha ho le joalo, Khaolong ea 3 ea buka ena, re ithutile hore lengeloi le leng le khopo le ile la khaotsa ho etsa thato ea Molimo eaba le etsa hore Adama le Eva ba etse sebe. Khaolong ea 10, re tla ithuta ho eketsehileng ka seo Bibele e se rutang mabapi le lengeloi leo le khopo, leo re le tsebang ka hore ke Satane Diabolose. Satane le libōpuoa tse ling tsa moea tse ileng tsa khetha ho mo latela—tse bitsoang bademona—ba ile ba lumelloa ho qeta nako e itseng ba phela leholimong. Kahoo, hase bohle ba neng ba etsa thato ea Molimo leholimong nakong eo. Seo se ne se lokela ho fetoha ha ’Muso oa Molimo o qala ho busa. Morena ea sa tsoa behoa teroneng, e leng Jesu Kreste, o ne a lokela ho loantša Satane.—Tšenolo 12:7-9.

12. Ho hlalosoa liketsahalo life tse peli tsa bohlokoa ho Tšenolo 12:10?

12 Mantsoe a latelang a boprofeta a hlalosa se neng se tla etsahala: “Ka utloa lentsoe le phahameng leholimong le re: ‘Joale ho hlahile poloko le matla le ’muso oa Molimo oa rōna le bolaoli ba Kreste oa hae, hobane moqosi oa barab’abo rōna [Satane], ea ba qosang bosiu le motšehare ka pel’a Molimo oa rōna o lihetsoe tlaase!’” (Tšenolo 12:10) Na u hlokometse liketsahalo tse peli tsa bohlokoahali tse hlalosoang temaneng ee ea Bibele? Ea pele, ’Muso oa Molimo o busoang ke Jesu Kreste o qala ho busa. Ea bobeli, Satane o lelekoa leholimong o liheloa tlaase lefatšeng.

13. Ho lelekoa ha Satane leholimong ho feletse ka eng?

13 Liketsahalo tseo tse peli li feletse ka eng? Re bala sena mabapi le se ileng sa etsahala leholimong: “Ka lebaka lena thabang, lōna maholimo le lōna ba lulang ho ’ona!” (Tšenolo 12:12) E, kaha Satane le bademona ba hae ha ba sa le eo leholimong, mangeloi a tšepahalang a leholimong aa thaba hobane bohle ba setseng leholimong ba tšepahala ho Jehova Molimo. Ho rena khotso le kutloano ka ho feletseng moo. Thato ea Molimo ea etsahala leholimong.

Ho lelekoa ha Satane le bademona ba hae leholimong ho tliselitse lefatše bomalimabe. Haufinyane likhathatso tseo li tla fela

14. Ho etsahetse’ng kahobane Satane a lihetsoe lefatšeng?

14 Empa ho thoe’ng ka lefatše? Bibele e re: “Ho malimabe lefatše le leoatle, hobane Diabolose o theohetse ho lōna, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.” (Tšenolo 12:12) Satane o halefetse hore o lelekiloe leholimong le hore o saletsoe ke nako e khutšoanyane feela. Kaha o halefile o baka mahlomola, kapa ‘bomalimabe’ lefatšeng. Re tla ithuta ho eketsehileng ka ‘bomalimabe’ boo khaolong e latelang. Empa ha re nahana ka sena re ka ’na ra ipotsa, ’Muso oo o ka etsa hore thato ea Molimo e etsahale lefatšeng joang?

15. Thato ea Molimo ke efe ka lefatše?

15 Hopola hore na thato ea Molimo ke efe ka lefatše. U ithutile ka eona Khaolong ea 3. Serapeng sa Edene Molimo o ile a bontša hore thato ea hae ka lefatše ke hore e be paradeise e tletseng moloko oa batho ba lokileng ba bileng ba sa shoeng. Satane o ile a etsa hore Adama le Eva ba etse sebe, ’me seo se ile sa ama ho phethahala ha thato ea Molimo lefatšeng empa ha sea ka sa e fetola. Jehova o ntse a rerile hore “ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:29) ’Me ’Muso oa Molimo o tla phethahatsa seo. Ka tsela efe?

16, 17. Daniele 2:44 e re bolella’ng ka ’Muso oa Molimo?

16 Nahana ka boprofeta bo ho Daniele 2:44. Moo rea bala: “Matsatsing a marena ao Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.” See se re bolella’ng ka ’Muso oa Molimo?

17 Ntlha ea pele, se re bolella hore ’Muso oa Molimo o ne o lokela ho hlongoa “matsatsing a marena ao,” kapa ha ho ntse ho e-na le mebuso e meng. Ea bobeli, se re bolella hore ’Muso oo o tla busa ka ho sa feleng. O ke ke oa hlōloa ke ’muso o mong ’me oa nkeloa sebaka ke oona. Ea boraro, rea bona hore ho tla ba le ntoa pakeng tsa ’Muso oa Molimo le mebuso ea lefatše lena. ’Muso oa Molimo o tla hlōla. Qetellong, e tla ba oona feela o busang moloko oa batho. Kahoo batho ba tla thabela puso e molemo ka ho fetisisa eo ba kileng ba e tseba.

18. Ntoa ea makhaola-khang pakeng tsa ’Muso oa Molimo le mebuso ea lefatše lee e bitsoa’ng?

18 Bibele e bua ho hongata ka ntoa ea makhaola-khang e tla ba pakeng tsa ’Muso oa Molimo le mebuso ea lefatše lena. Ka mohlala, e ruta hore ha bofelo bo ntse bo atamela, meea e khopo e tla jala mashano ho thetsa “marena a lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.” Ka sepheo sefe? Sa ho “bokellela [marena ao] ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle.” Marena a lefatše a tla bokelleloa “sebakeng seo ka Seheberu se bitsoang Har–Magedone.” (Tšenolo 16:14, 16) Ka lebaka la se boletsoeng litemaneng tseo tse peli, ntoa eo ea makhaola-khang pakeng tsa mebuso ea batho le ’Muso oa Molimo e bitsoa ntoa ea Har–Magedone, kapa Armagedone.

19, 20. Ke’ng se thibelang thato ea Molimo ho etsahala lefatšeng hona joale?

19 ’Muso oa Molimo o tla finyella eng ka Armagedone? Ak’u boele u nahane hore na thato ea Molimo ke efe ka lefatše. Jehova Molimo o rerile hore lefatše le tlale moloko oa batho ba lokileng le ba phethahetseng ba mo sebeletsang Paradeiseng. Ke’ng se thibelang seo ho etsahala hona joale? Ntlha ea pele, re baetsalibe, ’me rea kula ebile rea shoa. Empa Khaolong ea 5 re ithutile hore Jesu o ile a re shoela e le hore re ka phela ka ho sa feleng. Mohlomong u sa hopola mantsoe a tlalehiloeng Kosepeleng ea Johanne, a reng: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16.

20 Bothata bo bong ke hore batho ba bangata ba etsa lintho tse khopo. Ba bua leshano, baa qhekella ebile ba etsa boitšoaro bo bobe. Ha ba batle ho etsa thato ea Molimo. Batho ba etsang lintho tse khopo ba tla timetsoa ntoeng ea Molimo ea Armagedone. (Pesaleme ea 37:10) Lebaka le leng leo ka lona thato ea Molimo e sa etsahaleng mona lefatšeng ke hore mebuso ha e khothalletse batho ho e etsa. Mebuso e mengata e haelloa ke matla, e khopo kapa e tletse bobolu. Bibele e re ka ho toba: ‘Motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.’—Moeklesia 8:9.

21. ’Muso o tla etsa hore thato ea Molimo e etsahale lefatšeng joang?

21 Ka mor’a Armagedone, moloko oa batho o tla busoa ke ’muso o le mong feela, e leng ’Muso oa Molimo. ’Muso oo o tla etsa thato ea Molimo o be o tlise litlhohonolofatso tse hlollang. Ka mohlala, o tla felisa Satane le bademona ba hae. (Tšenolo 20:1-3) Ho tla sebelisoa matla a sehlabelo sa Jesu e le hore batho ba tšepahalang ba se ke ba hlola ba kula le ho shoa. Ho e-na le hoo, ba tla phela ka ho sa feleng pusong ea ’Muso oo. (Tšenolo 22:1-3) Lefatše le tla fetoha paradeise. Kahoo ’Muso oo o tla etsa hore thato ea Molimo e etsahale lefatšeng, o be o halaletse lebitso la Molimo. See se bolela’ng? Se bolela hore tlas’a ’Muso oa Molimo, qetellong motho e mong le e mong ea phelang o tla tlotlisa lebitso la Jehova.

’MUSO OA MOLIMO O NKA KHATO NENG?

22. Re tseba joang hore ’Muso oa Molimo ha oa ka oa tla nakong ea ha Jesu a ne a le lefatšeng kapa hang-hang ka mor’a hore a tsosoe bafung?

22 Ha Jesu a ne a re balateli ba hae ba rapele ba re, “’Muso oa hao o ke o tle,” ho hlakile hore ka nako eo ’Muso o ne o e-s’o tle. Na o ile oa tla ha Jesu a nyolohela leholimong? Che, hobane Petrose le Pauluse ba boletse hore boprofeta bona bo ho Pesaleme ea 110:1 bo phethahetse ho Jesu ka mor’a hore a tsosoe bafung: “Polelo ea Jehova ho Morena oa ka ke hore: ‘Lula ka letsohong la ka le letona ho fihlela ke beha lira tsa hao joaloka setuloana sa maoto a hao.’” (Liketso 2:32-34; Baheberu 10:12, 13) Ho ile ha e-ba le nako ea ho leta.

Tlas’a puso ea ’Muso, thato ea Molimo e tla etsahala lefatšeng joalokaha e etsahala leholimong

23. (a) ’Muso oa Molimo o qalile ho busa neng? (b) Ho tla tšohloa eng khaolong e latelang?

23 Ka nako e kae? Ho elella lilemong tsa bo-1900, liithuti tse tšepahalang tsa Bibele li ile tsa bala nako ’me tsa fumana hore nako eo ea ho leta e ne e tla fela ka 1914. (Ho fumana lintlha tse mabapi le nako ena, bona Sehlomathiso, leqepheng la 215-18.) Liketsahalo tse qalileng ho etsahala lefatšeng ka 1914 li ile tsa tiisa hore nako eo liithuti tsena tse tšepahalang tsa Bibele li e fumaneng e nepahetse. Ho phethahala ha boprofeta ba Bibele ho bontša hore Kreste e ile ea e-ba Morena ka 1914 le hore ’Muso oa Molimo oa leholimo o ile oa qala ho busa hona hoo. Kahoo, re phela ‘nakong e khutšoanyane’ e saletseng Satane. (Tšenolo 12:12; Pesaleme ea 110:2) Hape re ka bua re kholisehile hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla nka khato ho etsa hore thato ea Molimo e etsahale lefatšeng. Na tsee hase litaba tse thabisang? Na ua lumela hore see ke ’nete? Khaolo e latelang e tla u thusa hore u bone hore ha e le hantle Bibele e ruta sena.