Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA BOROBONG

Na re Phela “Matsatsing a ho Qetela”?

Na re Phela “Matsatsing a ho Qetela”?
  • Ke lintho life tse etsahalang mehleng ea rōna tseo Bibele e ileng ea li bolela esale pele?

  • Lentsoe la Molimo le re batho ba tla ba joang “matsatsing a ho qetela”?

  • Ke lintho life tse molemo tseo Bibele e li boletseng esale pele, mabapi le ‘matsatsi a ho qetela’?

1. Ke hokae moo re ka ithutang ka se tla etsahala nakong e tlang?

NA E kile eare u shebeletse litaba thelevisheneng eaba ua ipotsa hore na ‘lefatše lee le lebile hokae?’ Likoluoa li etsahala ka ho panya ha leihlo le ka tšohanyetso hoo ho seng motho ea ka bolelang se tla etsahala hosasane. (Jakobo 4:14) Empa Jehova eena o tseba lintho tse tla etsahala nakong e tlang. (Esaia 46:10) Ke khale Lentsoe la hae, e leng Bibele, le boletse lintho tse mpe tse etsahalang mehleng ena ea rōna la ba la bolela esale pele lintho tse ntle tse tla etsahala haufinyane.

2, 3. Barutuoa ba ile ba botsa Jesu potso efe, hona o ile a araba potso eo joang?

2 Jesu Kreste o ile a bua ka ’Muso oa Molimo, o tla felisa bokhopo ’me o etse lefatše paradeise. (Luka 4:43) Batho ba ne ba batla ho tseba hore na ’Muso oo o tla tla neng. Ha e le hantle, barutuoa ba Jesu ba ile ba mo botsa ba re: “Pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?” (Matheu 24:3) Jesu o ile a ba araba ka hore ke Jehova Molimo feela ea tsebang hantle nako eo bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo tlang ho tla ka eona. (Matheu 24:36) Empa Jesu o ile a bolela esale pele lintho tse neng li tla etsahala lefatšeng pele ’Muso o tlisetsa batho khotso ea ’nete le tšireletseho. Lintho tseo a li boletseng esale pele lia etsahala hona joale!

3 Pele re hlahloba bopaki bo bontšang hore re phela ‘qetellong ea tsamaiso ea lintho,’ a re ke re hlahlobe ho se hokae ntoa eo ho neng ho se motho oa nama ea ka e bonang. E loannoe maholimong a sa bonahaleng, ’me phello ea eona ea re ama.

NTOA LEHOLIMONG

4, 5. (a) Ho ile ha etsahala’ng leholimong nakoana ka mor’a hore Jesu a behoe teroneng e le Morena? (b) Ho ea ka Tšenolo 12:12, ntoa e ileng ea loanoa leholimong e ne e tla fella ka eng?

4 Khaolo e fetileng ea buka ena e hlalositse hore Jesu Kreste o qalile ho ba Morena leholimong ka selemo sa 1914. (Daniele 7:13, 14) Nakoana ka mor’a moo, Jesu o ile a nka khato. Bibele e re: “Ntoa ea qhoma leholimong: Mikaele [e leng lebitso le leng la Jesu] le mangeloi a hae ba loana le drakone [e leng Satane Diabolose], ’me drakone le mangeloi a eona ba loana.” * Satane le mangeloi a hae a khopo, e leng bademona, ba ile ba hlōloa ke ntoa ’me ba lelekoa leholimong ba lelekeloa lefatšeng. Bara ba Molimo ba tšepahalang ba moea ba ile ba thaba ha Satane le bademona ba hae ba se ba lelekiloe. Empa batho bona ba ne ba sa tl’o thaba. Ho fapana le hoo, Bibele e ile ea bolela esale pele hore: “Ho malimabe lefatše . . . hobane Diabolose o theohetse ho lōna, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.”—Tšenolo 12:7, 9, 12.

5 Ka kōpo hlokomela hore na ntoa eo e loannoeng leholimong e ne e tla fella ka eng. Ka lebaka la khalefo ea hae, Satane o ne a tla tlisetsa ba lefatšeng bomalimabe, kapa khathatso. Joalokaha u tla bona, hona joale re phela nakong eo ea bomalimabe. Empa ha ho bapisoa lintho, e tla ba ka nakoana feela—ke hore ka “nako e khutšoanyane” feela. Satane le eena o tseba seo. Bibele e re nako ena ke ‘matsatsi a ho qetela.’ (2 Timothea 3:1) Ruri rea thaba hore ebe haufinyane Molimo o tla felisa tšusumetso ea Diabolose lefatšeng! A re ke re hlahlobe tse ling tsa lintho tse etsahalang hona joale tseo Bibele e ileng ea li bolela esale pele. Lintho tsena li paka hore re phela matsatsing a ho qetela le hore ’Muso oa Molimo o haufi le ho tlisetsa ba ratang Jehova litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng. A re qale ka ho hlahloba likarolo tse ’nè tsa pontšo tseo Jesu a ileng a re li tla tšoaea nako eo re phelang ho eona.

LIKETSAHALO TSE KHŌLŌ MATSATSING A HO QETELA

6, 7. Seo Jesu a se buileng ka lintoa le likhaello tsa lijo se phethahala joang kajeno?

6 “Sechaba se tla tsohela sechaba matla le ’muso o tla tsohela ’muso matla.” (Matheu 24:7) Lilemong tse lekholo tse fetileng ho bolailoe batho ba limilione lintoeng. Rahistori e mong oa Lebrithani o ile a ngola a re: “Lilemo tsa bo-1900 e bile tse tletseng tšollo ea mali ka ho fetisisa tlalehong ea histori. . . . E bile lekholo la lilemo la ntoa e batlang e sa ee moriting, e le ka nakoana feela moo ho se nang mabotho a loantšanang.” Tlaleho ea Worldwatch Institute e re: “Palo ea batho ba hlasetsoeng ntoeng lilemong tsa [bo-1900] e mena ka makhetlo a mararo ea ba hlasetsoeng lintoeng tsohle tse bileng teng ho tloha lekholong la pele la lilemo AD ho isa ho 1899.” Ho tloha ka 1914 ho se ho bolailoe batho ba fetang limilione tse 100 ka lebaka la lintoa. Haeba re tseba bohloko ba ho shoela ke moratuoa ntoeng, re ka inahanela bohloko le masisa-pelo a aparelang ba limilione ba shoetsoeng ke baratuoa ba bona.

7 “Ho tla ba le likhaello tsa lijo.” (Matheu 24:7) Bafuputsi ba re tlhahiso ea lijo e eketsehile haholo lilemong tse 30 tse fetileng. Empa lijo li ntse li haella hobane batho ba bangata ha ba na chelete e lekaneng ea ho li reka kapa ha ba na masimo moo ba ka lemang teng. Batho ba limilione ba robala le ho tsoha ka tlala. Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o hakanya hore ho haella ha phepo e nepahetseng ke lebaka le ka sehloohong le etsang hore bana ba fetang limilione tse hlano ba shoe selemo le selemo.

8, 9. Ke’ng e bontšang hore boprofeta ba Jesu mabapi le litšisinyeho tsa lefatše le mafu a seoa bo phethahetse?

8 “Ho tla ba le litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše.” (Luka 21:11) Ho ea ka Phuputso ea Thuto ea Mafika e entsoeng United States of America, ho tloha ka 1990 feela ho bile le litšisinyeho tse 17 tsa lefatše ka karolelano selemo le selemo tse matla hoo li ’nileng tsa senya mehaho le ho petsola lefatše. Selemo le selemo, ka karolelano ho bile le litšisinyeho tsa lefatše tse matla hoo li ’nileng tsa heletsa mehaho. Mohloli o mong o re: “Litšisinyeho tsa lefatše li bolaile batho ba likete tse makholo lilemong tse 100 tse fetileng ’me ho ntlafatsoa ha theknoloji ho fokolitse palo e seng kae feela ea ba bolaoang ke tsona.”

9 “Ho tla ba le . . . mafu a seoa.” (Luka 21:11) Ho sa tsotellehe tsoelo-pele e finyeletsoeng ho tsa bongaka, moloko oa batho o ntse o hlaseloa ke maloetse ao e leng khale a le teng le a macha. Tlaleho e ’ngoe e re lilemong tsa morao tjena tse mashome maloetse a 20 a tsebahalang—a akarelletsang lefuba, malaria le k’holera—a atile ho feta pele ’me mefuta e meng ea maloetse ao ke eo ho leng thata le ho feta ho e phekola ka meriana. Ha e le hantle, bonyane ho hlahile maloetse a macha a 30. A mang ha ho tsejoe pheko ea ’ona ’me aa bolaea.

BATHO BA MATSATSING A HO QETELA

10. Ke litšobotsi life tse boletsoeng esale pele ho 2 Timothea 3:1-5 tseo u bonang batho ba e-na le tsona kajeno?

10 Ntle le ho hlalosa lintho tse itseng tse khōlō tse etsahalang lefatšeng, Bibele e ile ea bolela esale pele hore matsatsi a ho qetela a ne a tla tšoauoa ka hore batho ba ne ba tla fetoha. Moapostola Pauluse o ile a hlalosa seo batho ka kakaretso ba neng ba tla ba sona. Ho 2 Timothea 3:1-5, rea bala: “Matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” Har’a tse ling, Pauluse o ile a re batho e ne e tla ba

  • baithati

  • ba ratang chelete

  • ba sa mameleng batsoali

  • ba sa tšepahaleng

  • ba se nang lerato la tlhaho

  • ba hlokang boitšoaro

  • ba bohale bo tšosang

  • ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo

  • ba nang le ponahalo ea boinehelo ba bomolimo empa ba se na ’nete matleng a bona

11. Pesaleme ea 92:7 e re ho tla etsahala’ng ka batho ba khopo?

11 Na sebakeng sa heno batho ba joalo? Ha ho pelaelo hore ba joalo. Hohle ho na le batho ba nang le litšobotsi tse mpe. Sena se bontša hore haufinyane Molimo o tla nka khato, kaha Bibele e re: “Ha ba khopo ba hlōmela joaloka limela [’me] bohle ba tloaetseng ho etsa se kotsi ba thunya, ke hore ba felisoe ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 92:7.

LIKETSAHALO TSE THABISANG!

12, 13. “Tsebo ea ’nete” e ngatafetse joang “nakong ea bofelo”?

12 Ka sebele matsatsi a ho qetela a tletse bomalimabe, feela joalokaha Bibele e boletse esale pele. Leha ho le joalo, lefatšeng lena le tletseng likhathatso, ho na le liketsahalo tse thabisang tse etsahalang har’a barapeli ba Jehova.

13 Buka ea Bibele ea Daniele e ile ea bolela esale pele hore “tsebo ea ’nete e tla ba ngata.” Seo se ne se tla etsahala neng? “Nakong ea bofelo.” (Daniele 12:4) Ho tloha ka 1914 ka ho khetheha, Jehova o thusitse ba lakatsang ho mo sebeletsa ka tieo hore ba utloisise Bibele ka ho eketsehileng. Ba hlaketsoe ke linnete tsa bohlokoa tse mabapi le lebitso la Molimo le morero oa hae, sehlabelo sa Jesu Kreste sa thekollo, boemo ba bafu le tsoho. Ho feta moo, barapeli ba Jehova ba ithutile ho phela ka tsela e ba tsoelang molemo le e tlotlisang Molimo. Hape ba hlaketsoe haholoanyane ke karolo eo ’Muso oa Molimo o e phethang le kamoo o tlang ho lokisa lintho kateng lefatšeng mona. Ba etsa’ng ka tsebo ee? Potso ena e re lebisa boprofeteng bo bong bo phethahalang matsatsing ana a ho qetela.

“Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.”—Matheu 24:14

14. Litaba tse molemo tsa ’Muso li boleloa ka ho pharaletseng hakae kajeno, hona li boleloa ke bo-mang?

14 Boprofeteng ba hae bo buang ka “qetello ea tsamaiso ea lintho,” Jesu Kreste o ile a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Matheu 24:3, 14) Litaba tse molemo tsa ’Muso—seo ’Muso o leng sona, seo o tlang ho se etsa le kamoo re ka fumanang litlhohonolofatso tsa oona kateng—li boleloa lefatšeng lohle linaheng tse fetang 230 ka lipuo tse fetang 400. Lipaki Tsa Jehova tse limilione li bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ka cheseho. Li tsoa “lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle.” (Tšenolo 7:9) Lipaki li khannela batho ba limilione ba batlang ho tseba seo ha e le hantle Bibele e se rutang lithuto tsa lehae tsa Bibele tse sa lefelloeng. Ka sebele sena se phethahatsa boprofeta ka tsela e hlollang, haholo-holo kaha Jesu o ne a bile a boletse esale pele hore Bakreste ba ’nete ba tla “hlouoa ke batho bohle”!—Luka 21:17.

U TLA ETSA’NG?

15. (a) Na ua lumela hore re phela matsatsing a ho qetela, hona hobane’ng? (b) “Bofelo” bo tla bolela’ng ho ba hanyetsang Jehova le ho ba ikokobelletsang puso ea ’Muso oa Molimo?

15 Kaha boprofeta bo bongata ba Bibele boa phethahala kajeno, na ha u lumele hore re phela matsatsing a ho qetela? Ha litaba tse molemo li se li boletsoe ho fihlela Jehova a khotsofetse, ka sebele “bofelo” bo tla tla. (Matheu 24:14) “Bofelo” bo bolela nako eo ka eona Molimo a tlang ho tlosa bokhopo bohle lefatšeng. Jehova o tla sebelisa Jesu le mangeloi a matla ho timetsa bohle ba ikemiselitseng ho Mo hanyetsa. (2 Bathesalonika 1:6-9) Satane le bademona ba hae ha ba sa tla hlola ba khelosa lichaba. Ka mor’a moo, ’Muso oa Molimo o tla hlohonolofatsa ka ho enneng bohle ba ikokobelletsang puso ea oona e lokileng.—Tšenolo 20:1-3; 21:3-5.

16. E ka ba bohlale hore u etse’ng?

16 Kaha bofelo ba tsamaiso ea Satane bo atametse, re lokela ho ipotsa, ‘Ke lokela hore ebe ke etsa’ng?’ Ke bohlale hore re tsoele pele ho ithuta ka ho eketsehileng ka Jehova le seo a se hlokang ho rōna. (Johanne 17:3) E-ba seithuti se khothetseng sa Bibele. Itloaetse ho kopanela kamehla le ba batlang ho etsa thato ea Jehova. (Baheberu 10:24, 25) Tsoela pele ho rua tsebo e ngata eo Jehova Molimo a entseng hore batho ba e fumane lefatšeng ka bophara, ’me u etse liphetoho tse hlokahalang bophelong ba hao e le hore u thabele ho amoheloa ke Molimo.—Jakobo 4:8.

17. Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba tla tsometsoa ke timetso ea batho ba babe?

17 Jesu o ile a bolela esale pele hore batho ba bangata ba tla iphapanyetsa bopaki ba hore re phela matsatsing a ho qetela. Timetso ea ba khopo e tla tla ka ho panya ha leihlo le ka tšohanyetso. Joaloka lesholu le tlang bosiu, e tla tsometsa ba bangata. (1 Bathesalonika 5:2) Jesu o ile a lemosa, a re: “Feela kamoo matsatsi a Noe a neng a le kateng, ho ba teng ha Mor’a motho ho tla ba joalo. Etsoe joalokaha matsatsing ao pele ho moroallo, ba ne ba ja ’me ba noa, banna ba nyala ’me basali ba nyalisoa, ho fihlela letsatsing leo Noe a ileng a kena ka arekeng ka lona; ’me ba se ke ba elelloa ho fihlela moroallo o tla ’me o ba hohola bohle, ho ba teng ha Mor’a motho ho tla ba joalo.”—Matheu 24:37-39.

18. Ke temoso efe ea Jesu eo re lokelang ho e nka ka ho teba?

18 Ka lebaka leo, Jesu o ile a re ho bamameli ba hae: “Ikeleng hloko hore le ka mohla lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa ke ho ja ho tlōla le ho noa haholo le matšoenyeho a bophelo, ’me ka tšohanyetso letsatsi leo la e-ba holim’a lōna hang-hang joaloka leraba. Etsoe le tla tla holim’a bohle ba lulang holim’a lefatše lohle. Joale, le lule le falimehile ka nako eohle le etsa thapeli e le hore le ka atleha ho phonyoha lintho tsena tsohle tse reretsoeng hore li etsahale, le ho ema [le amoheleha] ka pel’a Mor’a motho.” (Luka 21:34-36) Re lokela ho nka mantsoe ao a Jesu ka ho teba. Hobane’ng? Hobane ba amoheloang ke Jehova Molimo le “Mor’a motho,” e leng Jesu Kreste, ba na le monyetla oa ho pholoha bofelo ba tsamaiso ea Satane ea lintho le ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha le tsotehang le ntseng le atamela!—Johanne 3:16; 2 Petrose 3:13.

^ ser. 4 Ho fumana boitsebiso bo bontšang hore Mikaele ke lebitso le leng la Jesu Kreste, bona Sehlomathiso, leqepheng la 218-19.