Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA LESHOME LE MOTSO O MONG

Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumeletse Bohloko?

Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumeletse Bohloko?
  • Na ke Molimo ea entseng hore batho ba utloe bohloko lefatšeng?

  • Ho hlahisitsoe tseko efe serapeng sa Edene?

  • Molimo o tla etsa’ng ho lokisa liphello tsa bohloko boo batho ba ’nileng ba bo utloa?

1, 2. Batho ba hlaheloa ke lintho life tse bohloko kajeno, hona seo se etsa hore ba bangata ba ipotse lipotso life?

HA NTOA e mahlo-mafubelu e lala naheng e ’ngoe e harasoantsoeng ke ntoa, litopo tsa basali le bana ba likete ba bolailoeng empa ba se sesoleng li ile tsa patoa lebitleng le le leng le leholo le pota-potiloeng ke matšoao. Letšoaong ka leng ho ne ho ngotsoe: “Hobane’ng?” Batho ba atisa ho botsa potso eo ha ba utloile bohloko bo tebileng. Batho ba botsa potso eo ka lipelo tse bohloko ha baratuoa ba bona ba se nang molato ba shoa ka lebaka la ntoa, koluoa, boloetse, kapa tlōlo ea molao, ba senyeheloa ke mahae, kapa ka litsela tse itseng ba utloa bohloko bo ke keng ba hlalosoa. Ba batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha ba oeloa ke litlokotsi tseo.

2 Ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse bohloko? Haeba Jehova Molimo o matla ’ohle, o lerato, o bohlale ebile o na le toka, ke hobane’ng ha lefatše le tletse lehloeo le ho hloka toka hakaale? Na uena u kile ua ipotsa lipotso tsee?

3, 4. (a) Ke’ng e bontšang hore ha ho phoso ho botsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse bohloko? (b) Jehova o ikutloa joang ka bokhopo le lintho tse bohloko tse etsahalang?

3 Na ke phoso ho botsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse bohloko? Ba bang ba tšaba hore ho botsa potso eo ho bolela hore ba haelloa ke tumelo kapa ho bontša hore ha ba hlomphe Molimo. Empa ha u bala Bibele, u tla fumana hore batho ba Molimo ba tšepahalang le ba mo tšabang ba ’nile ba botsa lipotso tse kang eo. Ka mohlala, moprofeta Habakuke o ile a botsa Jehova a re: “Ke hobane’ng ha u etsa hore ke bone se kotsi, ’me u ntse u talima khathatso feela? Ke hobane’ng ha tlatlapo le pefo li le ka pel’a ka, hape ke hobane’ng ha qabang e e-ba teng, ’me ke hobane’ng ha tsekisano e ntšetsoa pele?”—Habakuke 1:3.

Jehova o tla felisa lintho tsohle tse bohloko

4 Na Jehova o ile a halefela moprofeta Habakuke ea tšepahalang ka hore ebe o botsitse lipotso tseo? Che. Ho e-na le hoo, Molimo o ile a kenyelletsa mantsoe ao a tšepahalang a Habakuke tlalehong e bululetsoeng ea Bibele. Molimo o ile a boela a mo thusa hore a hlakeloe ke boemo ba litaba haholoanyane ’me a matlafale tumelong. Jehova o batla ho etsa se tšoanang le ho uena. Hopola hore Bibele e ruta hore ‘oa u tsotella.’ (1 Petrose 5:7) Molimo o hloile bokhopo ho feta motho leha e le ofe ebile o hloile lintho tse bohloko tse etsahalang ka lebaka la bona. (Esaia 55:8, 9) Joale ke hobane’ng ha ho etsahala lintho tse ngata hakaale tse bohloko lefatšeng?

KE HOBANE’NG HA HO ETSAHALA LINTHO TSE NGATA HAKAALE TSE BOHLOKO?

5. Ka linako tse ling ho thoe ke hobane’ng ha batho ba hlaheloa ke lintho tse bohloko, empa Bibele eona e ruta’ng?

5 Batho ba malumeli a sa tšoaneng ba ’nile ba botsa baeta-pele ba bona ba bolumeli le baruti hore na ke hobane’ng ha ho etsahala lintho tse ngata hakana tse bohloko. Hangata, karabo e ba hore lintho tse bohloko tse etsahalang ke thato ea Molimo le hore ke khale Molimo a rerile ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahalang, ho akarelletsa litlokotsi. Batho ba bangata ba boleletsoe hore litsela tsa Molimo ke sephiri kapa hore o sebelisa lefu ho nka batho—esita le bana—e le hore ba e’o ba le eena leholimong. Empa joalokaha u se u ithutile, ha ho mohla Jehova Molimo a bakang bokhopo. Bibele e re: “Ho ke ho be hōle le Molimo oa ’nete hore a sebetse bokhopo, le hore Ea Matla ’Ohle a sebetse ka mokhoa o hlokang toka!”—Jobo 34:10.

6. Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba etsa phoso ea ho jarisa Molimo molato ka lintho tse bohloko tse etsahalang lefatšeng?

6 Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha batho ba etsa phoso ea ho jarisa Molimo molato ka lintho tsohle tse bohloko tse etsahalang lefatšeng? Maemong a mangata, ba jarisa Molimo ea Matla ’Ohle molato hobane ba nahana hore ke eena ea hlileng a busang lefatše lena. Ha ba tsebe ’nete e bonolo empa e le ea bohlokoa eo Bibele e e rutang. U ithutile ’nete eo Khaolong ea 3 ea buka ena. Eo e hlileng e leng ’musi oa lefatše lena ke Satane Diabolose.

7, 8. (a) Lefatše le bonahatsa joang botho ba ’musi oa lona? (b) Ho se phethahale ha batho le ho “hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang” ho baketse batho lintho tse bohloko joang?

7 Bibele e re ka ho hlaka: “Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Johanne 5:19) Na ee hase taba e utloahalang ha u se u e nahanisisa? Lefatše lena le bonahatsa botho ba sebōpuoa se sa bonahaleng sa moea se “khelosang lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Tšenolo 12:9) Satane o lonya, ke mothetsi ebile o sehlōhō. Kahoo lefatše le tlas’a tšusumetso ea hae le tletse lonya, thetso le sehlōhō. Leo ke le leng la mabaka ao ka ’ona ho etsahalang lintho tse ngata hakana tse bohloko.

8 Lebaka la bobeli leo ka lona ho etsahalang lintho tse ngata hakana tse bohloko ke hobane, joalokaha re ithutile Khaolong ea 3, batho e bile ba sa phethahalang le baetsalibe ho tloha ha borabele bo qala serapeng sa Edene. Batho ba baetsalibe ba loanela ho busa ba bang, ’me sena se baka lintoa, khatello le lintho tse utloisang bohloko. (Moeklesia 4:1; 8:9) Lebaka la boraro leo ka lona ho etsahalang lintho tse bohloko ke hobane batho ba “hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.” (Moeklesia 9:11) Lefatšeng leo Jehova e seng ’Musi oa lona ea le sirelelitseng, batho ba ka ’na ba hlaheloa ke lintho tse bohloko hobane ba le sebakeng se fosahetseng ka nako e fosahetseng.

9. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jehova o na le lebaka le utloahalang la hore ebe o lumeletse lintho tse bohloko hore li tsoele pele?

9 Ke ho tšelisang ho tseba hore hase Molimo ea bakang lintho tse bohloko. Hase eena ea ikarabellang bakeng sa lintoa, tlōlo ea molao, khatello, esita le tsona likoluoa tsa tlhaho tse utloisang batho bohloko. Leha ho le joalo, re lokela ho tseba hore na ke hobane’ng ha Jehova a lumeletse lintho tsena tsohle tse bohloko. Haeba ke Ea Matla ’Ohle, o na le matla a ho li thibela. Joale ke hobane’ng ha a sa li thibele? E tlameha ebe Molimo ea lerato eo re ithutileng ka eena o na le lebaka le utloahalang la ho etsa seo.—1 Johanne 4:8.

HO HLAHISITSOE TSEKO EA BOHLOKOA

10. Satane o ile a belaella eng, hona joang?

10 E le hore re tsebe hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse bohloko, re lokela ho khutlela morao nakong ea ha lintho tse bohloko li qala ho etsahala. Ho ile ha hlahisoa pelaelo ea bohlokoa ha Satane a etsa hore Adama le Eva ba se ke ba mamela Jehova. Satane ha aa ka a belaella matla a Jehova. Satane oa tseba hore matla a Jehova ha a na moeli. Ho e-na le hoo, Satane o ile a belaella tokelo ea Jehova ea ho busa. Satane o ile a qosa Jehova ka hore ke ’musi e mobe, ha a re Molimo ke raleshano ’me o hanela bafo ba hae ho fumana se molemo. (Genese 3:2-5) Satane o ile a fana ka maikutlo a hore batho ba ne ba tla phela hamolemo ha ba sa busoe ke Molimo. Sena e ne e le ho hlasela bobusi ba Jehova, e leng tokelo ea hae ea ho busa.

11. Ke hobane’ng ha Jehova a sa ka a timetsa marabele ao Edene?

11 Adama le Eva ba ile ba fetohela Jehova. Ha e le hantle, ba ile ba re: “Ha re hloke hore Jehova e be ’Musi oa rōna. Re ka khona ho iketsetsa qeto ka se nepahetseng le se fosahetseng.” Jehova o ne a tla rarolla tseko eo joang? O ne a tla etsa’ng ho ruta libōpuoa tsohle tse bohlale hore marabele ao a fositse le hore ha e le hantle tsela ea hae ke eona e molemo ka ho fetisisa? Motho e mong a ka ’na a re Molimo o ne a lokela ho timetsa marabele ao feela ebe o qala lintho fatše. Empa Jehova o ne a boletse hore o rerile ho tlatsa lefatše ka bana ba Adama le Eva le hore o ne a batla hore ba phele lefatšeng la paradeise. (Genese 1:28) Kamehla Jehova o phetha seo a se rerileng. (Esaia 55:10, 11) Ntle le moo, ho timetsa marabele ao Edene ho ne ho sa tl’o rarolla pelaelo e hlahisitsoeng mabapi le tokelo ea Jehova ea ho busa.

12, 13. Fana ka mohlala ho bontša hore na ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella Satane hore e be ’musi oa lefatše lena le hore na ke hobane’ng ha Molimo a ile a lumella batho hore ba ipuse.

12 A re etse mohlala. Nka hore mosuoe o bolella liithuti tsela ea ho rarolla bothata bo itseng. Seithuti se seng se bohlale sa lerabele se re tsela eo mosuoe a reng bothata bo ka rarolloa ka eona e fosahetse. Lerabele leo le fana ka maikutlo a hore mosuoe ha a tsebe letho, le tsitlallela hore le tseba tsela e molemo ea ho rarolla bothata boo. Liithuti tse ling li nahana hore le nepile, ’me le tsona e ba marabele. Mosuoe o lokela ho etsa’ng? Ha a ka leleka marabele ao ka tlelaseng, seo se tla ama liithuti tse ling joang? Na ha li na ho nahana hore seithuti seo le liithuti tse se tšehetsang li nepile? Liithuti tse ling ka tlelaseng li ka ’na tsa se ke tsa hlola li hlompha mosuoe eo, tsa nahana hore o tšaba ho bontšoa hore o fositse. Empa a re re mosuoe eo o lumella lerabele leo ho bontša tlelase tsela eo lona le neng le tla rarolla bothata ka eona.

Na seithuti se tseba ho feta tichere?

13 Jehova o entse se tšoanang le seo mosuoe eo a se etsang. U hopole hore ho ne ho sa amehe marabele ao a Edene feela. Mangeloi a limilione a ne a shebeletse. (Jobo 38:7; Daniele 7:10) Tsela eo Jehova a sebetsanang le borabele boo ka eona e ne e tla ama mangeloi ao ’ohle ka ho teba ’me qetellong e ame libōpuoa tsohle tse bohlale. Kahoo, Jehova o ile a etsa’ng? O ile a lumella Satane hore a bontše kamoo a neng a tla busa moloko oa batho kateng. Hape Molimo o ile a lumella batho hore ba ipuse ba tataisoa ke Satane.

14. Qeto eo Jehova a e entseng ea ho lumella batho hore ba ipuse e tla hlahisa molemo ofe?

14 Mosuoe ea mohlaleng oa rōna oa tseba hore lerabele leo le liithuti tse le tšehetsang li fositse. Empa o boetse oa tseba hore ho li fa monyetla oa hore li leke ho bontša tsela eo li ka rarollang bothata ka eona ho tla tsoela tlelase eohle molemo. Ha marabele ao a hlōleha, liithuti tsohle tse tšepahalang li tla bona hore mosuoe ke eena feela ea tšoanelehang ho tataisa tlelase. Li tla utloisisa hore na ke hobane’ng ha ka mor’a moo mosuoe a leleka marabele leha e le afe ka tlelaseng. Ka ho tšoanang, Jehova oa tseba hore batho bohle ba lipelo li tšepahalang le mangeloi ba tla rua molemo ha ba bona hore Satane le marabele-’moho le eena ba hlōlehile le hore batho ba ke ke ba khona ho ipusa. Joaloka Jeremia oa boholo-holo, ba tla ithuta ’nete ena ea bohlokoa: “Ke tseba hantle, Jehova, hore tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.”—Jeremia 10:23.

KE HOBANE’NG HA A LUMELETSE BOHLOKO HALELELE HAKAALE?

15, 16. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a lumeletse lintho tse bohloko hore li tsoele pele ka nako e telele hakaale? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a sa thibele lintho tse kang tlōlo ea molao?

15 Empa ke hobane’ng ha Jehova a lumeletse lintho tse bohloko hore li tsoele pele ka nako e telele hakaale? Ke hobane’ng ha a sa thibele lintho tse mpe? Ak’u nahane ka lintho tse peli tseo mosuoe ea mohlaleng oa rōna a neng a ke ke a li etsa. Ea pele, o ne a ke ke a thibela seithuti seo sa lerabele ho hlalosa taba ea sona. Ea bobeli, mosuoe o ne a ke ke a thusa lerabele leo ho hlalosa tsela eo le reng le ka rarolla bothata ka eona. Ka ho tšoanang, nahana ka lintho tse peli tseo Jehova a khethileng hore a ke ke a li etsa. Ea pele, ha aa thibela Satane le batšehetsi ba hae hore ba leke ho bontša hore ba nepile. Kahoo, o ile a lokela ho ba fa nako. Ka lilemo tse likete tsa histori ea batho, moloko oa batho o ’nile oa leka litsela tsohle tsa ho ipusa kapa tsa ho sebelisa puso ea batho. Moloko oa batho o hatetse pele litabeng tsa saense le likarolong tse ling, empa ho hloka toka, bofutsana, tlōlo ea molao le ntoa li totile ho feta leha e le neng pele. Hona joale ho bonahetse hore puso ea motho e hlōlehile.

16 Ea bobeli, Jehova ha a thuse Satane hore a buse lefatše lena. Ka mohlala, haeba Molimo a ne a ka thibela tlōlo ea molao e sisimosang, na ha e le hantle o ne a tla be a sa tšehetse tsela ea marabele ao? Na Molimo o ne a sa tl’o etsa hore batho ba nahane hore mohlomong batho ba ka khona ho ipusa ho se na liphello tse kotsi? Haeba Jehova a ne a ka etsa seo, o ne a tla be a kopanela leshanong. Empa ‘ho ke ke ha khoneha hore Molimo a bue leshano.’—Baheberu 6:18.

17, 18. Jehova o tla etsa’ng ka lintho tsohle tse kotsi tse hlahisitsoeng ke puso ea batho le tšusumetso ea Satane?

17 Joale ho thoe’ng ka lintho tsohle tse kotsi tse ’nileng tsa etsoa nakong e telele ea borabele khahlanong le Molimo? Re lokela ho hopola hore Jehova o matla ’ohle. Ka hona, a ka khona ho lokisa liphello tsa lintho tse utloisitseng batho bohloko ’me o tla li lokisa. Joalokaha re se re ithutile, lefatše la rōna le sentsoeng le tla lokisoa ’me le etsoe Paradeise. Liphello tsa sebe li tla tlosoa ke ho bontša tumelo sehlabelong sa Jesu sa thekollo, ’me liphello tsa lefu li tla etsolloa ke tsoho ea bafu. Kahoo Molimo o tla sebelisa Jesu “ho qhaqha mesebetsi ea Diabolose.” (1 Johanne 3:8) Jehova o tla etsa sena sohle ka nako e loketseng. Re lokela ho leboha hore ebe ha aa nka khato kapele, kaha mamello ea hae e re file monyetla oa ho ithuta ’nete le ho mo sebeletsa. (2 Petrose 3:9, 10) Ka nako e tšoanang, ka mafolofolo Molimo o ntse a batla barapeli ba tšepahalang ’me o ba thusa hore ba mamelle ntho leha e le efe e bohloko e ka ’nang ea ba etsahalla lefatšeng lena le tletseng likhathatso.—Johanne 4:23; 1 Bakorinthe 10:13.

18 Ba bang ba ka ’na ba ipotsa, Na lintho tsee tsohle tse bohloko li ka be li sa ka tsa thibeloa haeba Molimo a ne a ile a bōpa Adama le Eva ka tsela eo e neng e ke ke ea e-ba marabele? E le ho araba potso eo, u lokela ho hopola mpho ea bohlokoa eo Jehova a u fileng eona.

U TLA SEBELISA MPHO EO MOLIMO A U FILENG EONA JOANG?

Molimo o tla u thusa hore u mamelle lintho tse bohloko

19. Jehova o re file mpho efe ea bohlokoa, hona ke hobane’ng ha re lokela ho e ananela?

19 Joalokaha re hlokometse Khaolong ea 5, batho ba bōpiloe ba e-na le bolokolohi ba ho iketsetsa liqeto. Na ua lemoha hore na mpho eo ke ea bohlokoa hakae? Molimo o entse liphoofolo tse ngata haholo, ’me tsona li iphelela ka bohlale ba tlhaho. (Liproverbia 30:24) Motho o entse liroboto tse ka bolelloang hore li latele taelo e ’ngoe le e ’ngoe eo li e fuoeng. Na re ne re ka thaba haeba Molimo a ne a re entse joalo? Che, rea thaba hore ebe re na le bolokolohi ba ho ikhethela hore na re batla ho ba batho ba mofuta ofe, re batla ho latela tsela efe bophelong, re batla ho ba le metsoalle ea mofuta ofe le lintho tse ling tse joalo. Re rata ho ba le bolokolohi bo itseng, ’me seo ke sona seo Molimo a batlang hore re se thabele.

20, 21. Re ka sebelisa mpho ea bolokolohi ba ho iketsetsa liqeto ka tsela e molemo ka ho fetisisa joang, hona ke hobane’ng ha re lokela ho etsa joalo?

20 Jehova ha a rate ha motho a mo sebeletsa hobane a qobeletsoe. (2 Bakorinthe 9:7) Ka mohlala: Motsoali o tla khahloa ke eng haholo—na ke ha ngoana a leboha hobane a qobeletsoe hore a lebohe kapa ke ha a leboha ho tsoa pelong? Kahoo potso ke hore, U tla sebelisa bolokolohi ba ho iketsetsa liqeto joang boo Jehova a u fileng bona? Satane le Adama le Eva ba ile ba sebelisa bolokolohi ba bona ba ho iketsetsa liqeto ka tsela e mpe ka ho fetisisa. Ba ile ba lahla Jehova Molimo. Uena u tla etsa’ng?

21 U na le monyetla oa ho sebelisa mpho e babatsehang ea bolokolohi ba ho iketsetsa liqeto ka tsela e molemo ka ho fetisisa. U ka ikopanya le ba bang ba limilione ba emeng ka lehlakoreng la Jehova. Ba thabisa Molimo hobane ba kopanela ka mafolofolo ho pakeng hore Satane ke raleshano le hore o hlōlehile ka ho feletseng ho busa. (Liproverbia 27:11) Le uena u ka mo thabisa ka hore u khethe tsela e nepahetseng bophelong. Sena se tla tšohloa khaolong e latelang.