Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA LESHOME LE METSO E MERARO

Kamoo Molimo a Talimang Bophelo Kateng

Kamoo Molimo a Talimang Bophelo Kateng
  • Molimo o talima bophelo joang?

  • Molimo o talima ho ntša mpa joang?

  • Re bontša joang hore re hlompha bophelo?

1. Ke mang ea bōpileng lintho tsohle?

MOPROFETA JEREMIA o ile a re: “Kannete Jehova ke Molimo. Ke Molimo ea phelang.” (Jeremia 10:10) Ho feta moo, Jehova Molimo ke ’Mōpi oa lintho tsohle tse phelang. Libōpuoa tsa leholimo li ile tsa re ho eena: “U bōpile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa e-ba teng ’me tsa bōptjoa.” (Tšenolo 4:11) Pineng e ’ngoe ea thoriso Morena Davida o ile a re ho Molimo: “Mohloli oa bophelo o ho uena.” (Pesaleme ea 36:9) Ka hona, bophelo ke mpho e tsoang ho Molimo.

2. Molimo o tšehetsa bophelo ba rōna joang?

2 Jehova o boetse o tšehetsa bophelo ba rōna. (Liketso 17:28) O re fa lijo tseo re li jang, metsi ao re a noang, moea oo re o hemang le mobu oo re phelang ho oona. (Liketso 14:15-17) Jehova o entse sena ka tsela e etsang hore bophelo e be bo thabisang. Empa hore re thabele bophelo ka ho feletseng, re lokela ho ithuta melao ea Molimo le ho e mamela.—Esaia 48:17, 18.

HO BONTŠA HORE RE HLOMPHA BOPHELO

3. Molimo o ile a talima ho bolaoa ha Abele joang?

3 Molimo o batla hore re hlomphe bophelo—ba rōna le ba batho ba bang. Ka mohlala, morao koana mehleng ea Adama le Eva, mora oa bona Kaine o ile a halefela moen’ae Abele haholo. Jehova o ile a lemosa Kaine hore khalefo ea hae e ka ’na ea mo lebisa sebeng se tebileng. Kaine o ile a hlokomoloha temoso eo. O ile a “hlasela moen’ae Abele ’me a mo bolaea.” (Genese 4:3-8) Jehova o ile a fa Kaine kotlo kahobane a bolaile moen’ae.—Genese 4:9-11.

4. Molimo o ile a hatisa joang tsela e loketseng ea ho talima bophelo Molaong oa Moshe?

4 Lilemo tse likete hamorao, Jehova o ile a fa sechaba sa Iseraele melao ho se thusa hore se mo sebeletse ka tsela e amohelehang. Kaha ho ile ha sebelisoa moprofeta Moshe ho fetisa melao eo, ka linako tse ling e bitsoa Molao oa Moshe. Karolo e ’ngoe ea Molao oo oa Moshe e ne e re: “U se ke ua bolaea.” (Deuteronoma 5:17) Sena se ile sa bontša Baiseraele hore Molimo o nka bophelo ba batho e le ba bohlokoa le hore batho le bona ba lokela ho nka bophelo ba batho ba bang e le ba bohlokoa.

5. Re lokela ho talima ho ntša mpa joang?

5 Ho thoe’ng ka bophelo ba ngoana ea e-s’o tsoaloe? Ho latela Molao oa Moshe, e ne e le phoso ho etsa se ka bolaeang lesea le ka pōpelong ea ’m’a lona. Esita le bophelo ba ngoana ea e-s’o tsoaloe ke ba bohlokoa ho Jehova. (Exoda 21:22, 23; Pesaleme ea 127:3) Sena se bolela hore ho ntša mpa ho fosahetse.

6. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho hloea batho ba bang?

6 Ho hlompha bophelo ho akarelletsa ho talima batho ba bang ka tsela e loketseng. Bibele e re: “E mong le e mong ea hloileng mor’abo ke ’molai, ’me lea tseba hore ha ho ’molai eo bophelo bo sa feleng bo lutseng ho eena.” (1 Johanne 3:15) Haeba re batla ho phela ka ho sa feleng, re lokela ho ntša ka metso boikutlo leha e le bofe bo teng lipelong tsa rōna ba ho hloea batho ba bang, hobane lehloeo ke motso oa liketso tse ngata tse mabifi. (1 Johanne 3:11, 12) Ke habohlokoa hore re ithute ho ratana.

7. Ke mekhoa efe e meng e bontšang ho se hlomphe bophelo?

7 Ho thoe’ng ka ho bontša hore re hlompha bophelo ba rōna? Hangata batho ha ba batle ho shoa, empa ba bang ba ipeha kotsing ea ho shoa ka lebaka la monyaka. Ka mohlala, batho ba bangata ba tsuba koae, ba tsuba matekoane, kapa hona ho sebelisa lithethefatsi ho hlaphola hlooho. Lintho tsena li lematsa ’mele ’me li atisa ho bolaea ba li sebelisang. Motho ea tloaetseng ho li sebelisa ha a nke bophelo bo halalela. Mekhoa eo ha ea hloeka mahlong a Molimo. (Baroma 6:19; 12:1; 2 Bakorinthe 7:1) E le hore re sebeletse Molimo ka tsela e amohelehang, re lokela ho khaotsa mekhoa eo. Le hoja ho ka ’na ha e-ba thata ho e tlohela, Jehova a ka re fa thuso e hlokahalang. O ananela boiteko boo re bo etsang ba ho nka bophelo ba rōna e le mpho ea bohlokoa e tsoang ho eena.

8. Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re falimehetse lintho tse ka bang kotsi?

8 Haeba re hlompha bophelo, re tla lula re falimehetse lintho tse ka bang kotsi. Re tla ba hlokolosi ’me re ke ke ra ipeha kotsing lebitsong la monyaka kapa boithabiso. Re tla qoba ho khanna ka tsela e bohlasoa le ho bapala lipapali tse mabifi kapa tse kotsi. (Pesaleme ea 11:5) Molao oa Molimo o neng o fuoe Baiseraele ba boholo-holo o ne o re: “Haeba u haha ntlo e ncha [e nang le marulelo a bataletseng], u etse lehora [kapa lebota le lekhutšoanyane] bakeng sa marulelo a hao, e le hore u se ke ua beha molato oa mali ntlong ea hao hobane e mong a ka ’na a oa a le holim’a eona.” (Deuteronoma 22:8) Tumellanong le molao-motheo o totobalitsoeng molaong oo, boloka lintho tse kang litepisi tsa ntlo ea hao li le boemong bo loketseng e le hore motho e mong a se ke a khoptjoa, ’me a oa eaba oa lemala. Haeba u na le koloi, tiisa hore e boemong bo loketseng ba ho khannoa. U se ke ua etsa hore lehae la hao kapa koloi ea hao e u behe kotsing kapa e behe ba bang kotsing.

9. Haeba re hlompha bophelo, re tla tšoara liphoofolo joang?

9 Ho thoe’ng ka bophelo ba phoofolo? Le bona boa halalela ho ’Mōpi. Molimo o lumella hore liphoofolo li bolaoe e le hore batho ba fumane lijo le liaparo kapa hore ba itšireletse kotsing. (Genese 3:21; 9:3; Exoda 21:28) Empa ho tšoara liphoofolo ka sehlōhō kapa ho li bolaea ka lebaka la papali feela ho fosahetse ’me ho bontša ho se hlomphe khalalelo ea bophelo ka ho feletseng.—Liproverbia 12:10.

HO BONTŠA HORE RE HLOMPHA MALI

10. Molimo o bontšitse joang hore bophelo bo amana le mali?

10 Ka mor’a hore Kaine a bolaee moen’ae Abele, Jehova o ile a re ho eena: “Mali a moen’ao a hoeletsa ho ’na a le mobung.” (Genese 4:10) Ha Molimo a ne a bua ka mali a Abele, o ne a bolela bophelo ba Abele. Kaine o ne a bolaile Abele, ’me joale Kaine o ne a lokela ho fuoa kotlo. Ho joalokaha eka mali a Abele, kapa bophelo ba hae, a ne a hoeletsa ho Jehova hore a phethise toka. Hore bophelo bo amana le mali ho ile ha boela ha bonahatsoa ka mor’a Moroallo oa mehleng ea Noe. Pele ho Moroallo, batho ba ne ba ja litholoana, meroho, lijo-thollo le makotomane feela. Ka mor’a Moroallo, Jehova o ile a re ho Noe le bara ba hae: “Phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e hahabang e phelang e tla ba lijo tsa lōna. Joalokaha ke le nehile limela tse tala, ke le neha tsona kaofela.” Leha ho le joalo, Molimo o ile a beha thibelo ena: “Ke feela nama e nang le moea oa eona [kapa, bophelo]—mali a eona—eo le ke keng la e ja.” (Genese 1:29; 9:3, 4) Ho hlakile hore Jehova o amahanya bophelo le mali a sebōpuoa.

11. Molimo o ile a thibela hore mali a se ke a sebelisoa ka tsela efe ho tloha mehleng ea Noe?

11 Re bontša ho hlompha mali ka ho se a je. Molaong oo Jehova a ileng a o fa Baiseraele, o ile a fana ka taelo e reng: “Motho leha e le ofe . . . eo ha a tsoma a tšoasang sebata kapa nonyana e ka jeoang, tabeng eo a tšolle mali a eona ’me a a koahele ka mobu. . . . Ke itse ho bara ba Iseraele: ‘Le se ke la ja mali a nama ea mofuta leha e le ofe.’” (Levitike 17:13, 14) Taelo eo Molimo a neng a e file Noe lilemong tse ka bang 800 pejana, ea hore a se ke a ja mali a phoofolo, e ne e ntse e sebetsa. Tsela eo Jehova a talimang taba ena ka eona e ne e hlakile: Bahlanka ba hae ba ne ba ka ja nama ea phoofolo empa eseng mali a eona. Ba ne ba lokela ho a tšollela fatše—ha e le hantle, ba khutlisetse bophelo ba sebōpuoa seo ho Molimo.

12. Lekholong la pele la lilemo, moea o halalelang o ile oa fana ka taelo efe mabapi le mali e ntseng e sebetsa le kajeno?

12 Bakreste ba filoe taelo e tšoanang. Baapostola le banna ba bang ba neng ba etella pele har’a balateli ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba kopana ho etsa qeto ea hore na ke litaelo life tseo bohle ba ka phuthehong ea Bokreste ba neng ba lokela li mamela. Ba ile ba etsa qeto e reng: “Moea o halalelang le rōna re bone ho le molemo hore re se ke ra le ekeletsa moroalo o eketsehileng, haese lintho tsena tse hlokahalang, hore le ’ne le ile lintho tse hlabetsoeng litšoantšo tse rapeloang le mali le lintho tse fenethiloeng [nama e sa fophisoang mali] le bohlola.” (Liketso 15:28, 29; 21:25) Kahoo re lokela hore ‘re ’ne re ile mali.’ Mahlong a Molimo ke habohlokoa hore re ile mali joalokaha re qoba borapeli ba litšoantšo le boitšoaro bo litšila ba ho kopanela liphate.

Haeba ngaka e ne e itse u ile joala, na u ne u tla ikenta ka bona?

13. Fana ka mohlala ho bontša hore na ke hobane’ng ha taelo ea ho ila mali e akarelletsa ho tšeloa mali.

13 Na taelo ea ho ila mali e akarelletsa ho tšeloa mali? E. Ka mohlala: Nka hore ngaka e u bolella hore u ile lino tse tahang. Na seo se tla be se mpa se bolela hore u se ke ua noa joala empa hore u ka bo kenya methapong? Le hanyenyane! Ka ho tšoanang, ho ila mali ho bolela ho se a kenye ’meleng ka ho feletseng. Kahoo taelo ea ho ila mali e bolela hore ha rea lokela ho lumella motho leha e le ofe hore a re tšele mali ka methapo.

14, 15. Mokreste o lokela ho etsa’ng ha lingaka li re o lokela ho tšeloa mali, hona hobane’ng?

14 Ho thoe’ng haeba Mokreste a tsoile likotsi tse mpe kapa ho hlokahala hore a etsoe opereishene e khōlō? A re nke hore lingaka li re u tlameha ho tšeloa mali ho seng joalo u tla shoa. Ke ’nete hore Mokreste ha a batle ho shoa. E le ha a leka ho baballa mpho ena ea bohlokoa ea bophelo e tsoang ho Molimo, o tla amohela litsela tse ling tsa phekolo tse sa akarelletseng tšebeliso e mpe ea mali. Kahoo, o tla batla tsela e joalo ea phekolo haeba e fumaneha ’me o tla amohela mekhoa e meng e sa sebeliseng mali.

15 Na Mokreste a ka tlōla molao oa Molimo e le hore feela a lelefatse bophelo ba hae ho se hokae tsamaisong ee ea lintho? Jesu o ile a re: “Mang kapa mang ea batlang ho pholosa moea oa hae [kapa bophelo] o tla lahleheloa ke oona; empa mang kapa mang ea lahleheloang ke moea oa hae ka lebaka la ka o tla o fumana.” (Matheu 16:25) Ha re batle ho shoa. Empa haeba re leka ho baballa bophelo ba rōna hona joale ka ho tlōla molao oa Molimo, re ipeha kotsing ea ho lahleheloa ke bophelo bo sa feleng. Ka hona, ke bohlale hore re tšepe hore molao oa Molimo o lokile, re kholisehile ka ho feletseng hore haeba re ka shoa ka lebaka leha e le lefe, Monehi-Bophelo o tla re hopola tsohong ’me a re khutlisetse mpho eo ea bohlokoa ea bophelo.—Johanne 5:28, 29; Baheberu 11:6.

16. Bahlanka ba Molimo ba entse qeto efe e tiileng tabeng ea mali?

16 Kajeno, bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba entse qeto e tiileng ea ho latela tataiso ea hae tabeng ena ea mali. Ba ke ke ba a ja ka tsela leha e le efe. Ebile ba ke ke ba a amohela bakeng sa phekolo. * Ba kholisehile hore ’Mōpi oa mali o tseba se molemo ka ho fetisisa bakeng sa bona. Na u lumela hore oa tseba?

TSELA FEELA E LOKETSENG EA HO SEBELISA MALI

17. Iseraeleng ea boholo-holo, Jehova Molimo o ne a amohela hore mali a sebelisoe ka tsela efe feela?

17 Molao oa Moshe o ile oa totobatsa tsela e le ’ngoe feela e loketseng eo mali a lokelang ho sebelisoa ka eona. Ha Jehova a laela Baiseraele ba boholo-holo hore na o batla hore ba mo rapele ka tsela efe, o ile a re: “Moea [kapa bophelo] oa nama o maling, ’me ke a behile aletareng hore le koahele libe tsa meea ea lōna, hobane mali a koahela libe.” (Levitike 17:11) Ha Baiseraele ba ne ba entse sebe, ba ne ba ka fumana tšoarelo ka hore ba nyehele phoofolo ’me ba tšollele mali a mang a eona aletareng e tabernakeleng kapa tempeleng ea Molimo hamorao. Tsela feela e neng e loketse ea ho sebelisa mali e ne e le ha ho etsoa mahlabelo a joalo.

18. Re ka fumana melemo le litlhohonolofatso life maling a Jesu a tšolotsoeng?

18 Bakreste ba ’nete ha ba tlas’a Molao oa Moshe, ka hona ha ba nyehele mahlabelo a liphoofolo le ho tšollela mali a tsona aletareng. (Baheberu 10:1) Leha ho le joalo, ho sebelisa mali aletareng Iseraeleng ea boholo-holo ho ne ho tšoantšetsa sehlabelo sa bohlokoa sa Mora oa Molimo, Jesu Kreste. Joalokaha re ithutile Khaolong ea 5 ea buka ena, Jesu o ile a tela bophelo ba hae ba botho ha a lumela hore mali a hae a tšolloe e le sehlabelo. Ka mor’a moo o ile a nyolohela leholimong ’me a nehelana ka bohlokoa ba mali a hae a tšolotsoeng ho Molimo hang le ka ho ke keng ha phetoa. (Baheberu 9:11, 12) Hoo ho ile ha rala motheo oa hore re tšoareloe libe ’me ha ba ha re bulela tsela ea hore re fumane bophelo bo sa feleng. (Matheu 20:28; Johanne 3:16) Ho sebelisa mali ka tsela eo ho ipakile e le habohlokoa hakaakang! (1 Petrose 1:18, 19) Re ka bolokeha feela ka ho ba le tumelo molemong oa mali a Jesu a tšolotsoeng.

U ka bontša joang hore u hlompha bophelo le mali?

19. Re lokela ho etsa’ng e le hore re ‘hloeke maling a batho bohle’?

19 Re lokela ho leboha Jehova Molimo ha a fane ka mpho ena e lerato hakana ea bophelo! Na see ha sea lokela ho re susumelletsa ho bolella ba bang ka monyetla o teng oa ho fumana bophelo bo sa feleng motheong oa tumelo sehlabelong sa Jesu? Ho ameha ka bophelo ba batho ba bang joalokaha Molimo a amehile ka bona ho tla re susumelletsa ho etsa seo ka mafolofolo le ka cheseho. (Ezekiele 3:17-21) Haeba re ikitlaetsa ho phethahatsa boikarabelo bona, re tla khona ho bua joaloka moapostola Pauluse, ea ileng a re: “Ke hloekile maling a batho bohle, kaha ha kea tlohela ho le bolella morero oohle oa Molimo.” (Liketso 20:26, 27) Ho bolella batho ba bang ka Molimo le ka merero ea hae ke tsela e molemohali ea ho bontša hore re hlile re hlompha bophelo le mali ka ho fetisisa.

^ ser. 16 Ho fumana boitsebiso bo buang ka litsela tse ling tsa phekolo tse ka sebelisoang ho e-na le ho tšeloa mali, bona leqephe la 13-17 bukaneng ea Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.