Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA LESHOME LE METSO E TŠELETSENG

Emela Borapeli ba ’Nete ka Tieo

Emela Borapeli ba ’Nete ka Tieo
  • Bibele e ruta eng ka ho sebelisa litšoantšo le ho rapela balimo?

  • Bakreste ba talima matsatsi a phomolo a bolumeli joang?

  • U ka hlalosetsa ba bang seo u se lumelang joang empa u sa ba khopise?

1, 2. U lokela ho ipotsa potso efe ha u se u tsoile bolumeling ba bohata, hona u nahana hore ke hobane’ng ha seo e le sa bohlokoa?

A RE re u fumana hore motse oohle oo u lulang ho oona o silafalitsoe. Motho e mong o ’nile a lahlela litšila tse chefo ka sekhukhu sebakeng seo, ’me joale bophelo bo kotsing. U ne u tla etsa’ng? Ha ho pelaelo hore u ne u tla tloha sebakeng seo haeba ho khoneha. Empa le ka mor’a moo, u ne u ntse u tla lokela ho nahana ka potso ena e tebileng, ‘Na ebe ke hahlametsoe ke chefo eo?’

2 Boemo boa tšoana le tabeng ea bolumeli ba bohata. Bibele e ruta hore borapeli boo bo silafalitsoe ke lithuto tse sa hloekang le mekhoa e sa hloekang. (2 Bakorinthe 6:17) Ke kahoo e leng habohlokoa hore u tsoe “Babylona e Moholo,” e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. (Tšenolo 18:2, 4) Na u se u tsoile ho eona? Haeba ho joalo, rea u babatsa. Empa ha ho amehe feela taba ea ho ikarola kapa ho itokolla bolumeling ba bohata. Ka mor’a moo, u lokela ho ipotsa, ‘Na ho na le mesaletsa e itseng ea borapeli ba bohata e saletseng ho ’na?’ Nahana ka mehlala e seng mekae.

HO SEBELISA LITŠOANTŠO LE HO RAPELA BALIMO

3. (a) Bibele e re’ng ka ho sebelisa litšoantšo, hona ke hobane’ng ha ba bang ba ka ’na ba thatafalloa ho amohela tsela eo Molimo a li talimang ka eona? (b) U lokela ho etsa’ng ka lintho leha e le life tseo u nang le tsona tse amanang le borapeli ba bohata?

3 Batho ba bang ba qetile lilemo ba e-na le litšoantšo kapa litempelana mahaeng a bona. Na ho joalo le ka uena? Haeba ho joalo, u ka ’na ua utloa taba ea ho rapela Molimo u sa sebelise lithuso tseo tse bonahalang e le e makatsang kapa ua nahana hore ho etsa joalo ho fosahetse. U ka ba ua ikutloa u sa batle ho arohana le tse ling tsa tsona. Empa ke Molimo ea bolelang tsela eo a lokelang ho rapeloa ka eona, ’me Bibele e ruta hore ha a batle ha re sebelisa litšoantšo. (Exoda 20:4, 5; Pesaleme ea 115:4-8; Esaia 42:8; 1 Johanne 5:21) Kahoo u ka emela borapeli ba ’nete ka tieo ka hore u senye lintho leha e le life tseo u nang le tsona tse amanang le borapeli ba bohata. Etsa sohle se matleng a hao hore u li talime ka tsela eo Jehova a li talimang ka eona—e le ntho “e manyala.”—Deuteronoma 27:15.

4. (a) Re tseba joang hore ho rapela balimo ha ho thuse letho? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a thibela batho ba hae ho kopanela mofuteng leha e le ofe oa tšebelisano le meea?

4 Ho rapela balimo le hona ho tloaelehile malumeling a mangata a bohata. Pele ba bang ba ithuta ’nete ea Bibele, ba ne ba lumela hore bafu baa phela maholimong a sa bonahaleng le hore ba ka thusa ba phelang kapa hona ho ba ntša kotsi. Mohlomong u ne u tloaetse ho etsa lintho tse ngata e le ha u leka ho khahlisa balimo ba hao. Empa joalokaha u ithutile Khaolong ea 6 ea buka ena, bafu ha ba phele kae-kae sebakeng se itseng. Kahoo, ha ho thuse letho ho leka ho buisana le bona. Melaetsa leha e le efe e utloahalang eka e tsoa ho moratuoa ea shoeleng ha e le hantle e tsoa ho bademona. Ke kahoo Jehova a ileng a thibela Baiseraele ho leka ho buisana le bafu kapa ho kopanela mofuteng leha e le ofe oa tšebelisano le meea.—Deuteronoma 18:10-12.

5. U ka etsa’ng haeba u ne u tloaetse ho sebelisa litšoantšo kapa ho rapela balimo bolumeling boo u neng u le ho bona?

5 U ka etsa’ng haeba u ne u tloaetse ho sebelisa litšoantšo kapa hona ho rapela balimo borapeling boo u neng u le ho bona pele? Bala litemana tsa Bibele tse u bontšang kamoo Molimo a talimang lintho tseo kateng u be u thuise ka tsona. Rapela Jehova letsatsi le leng le le leng u mo bolelle hore u lakatsa ho emela borapeli ba ’nete ka tieo, ’me u kōpe hore a u thuse hore u nahane ka tsela eo a nahanang ka eona.—Esaia 55:9.

BAKRESTE BA PELE BA NE BA SA KETEKE KERESEMESE

6, 7. (a) Batho ba lumela hore Keresemese ke mokete oa ho ikhopotsa eng, hona na balateli ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba e keteka? (b) Mekete ea matsatsi a tsoalo e ne e amahanngoa le eng nakong ea barutuoa ba Jesu ba pele?

6 Bolumeli ba bohata bo ka silafatsa borapeli ba motho tabeng ea matsatsi a tloaelehileng a phomolo. Ka mohlala, nahana ka Keresemese. Batho ba lumela hore Keresemese ke mokete oa ho ikhopotsa tsoalo ea Jesu Kreste, ’me hoo e batlang e le malumeli ’ohle a ipolelang hore ke a Bokreste aa e keteka. Empa ha ho letho le bontšang hore barutuoa ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba keteka letsatsi leo la phomolo. Buka e bitsoang Sacred Origins of Profound Things e re: “Ka lilemo tse makholo a mabeli Kreste a hlahile, ho ne ho se motho ea tsebang hore na ha e le hantle o hlahile neng, ebile e ne e le batho ba seng bakae feela ba thahasellang ho tseba seo.”

7 Esita le haeba barutuoa ba Jesu ba ne ba tseba hantle letsatsi leo a hlahileng ka lona, ba ne ba ntse ba sa tl’o le keteka. Hobane’ng? Hobane joalokaha The World Book Encyclopedia e bolela, Bakreste ba pele “ba ne ba nka ho keteka letsatsi la motho la tsoalo e le moetlo oa bohetene.” Mekete feela ea matsatsi a tsoalo e boletsoeng ka Bibeleng ke ea babusi ba babeli ba neng ba sa rapele Jehova. (Genese 40:20; Mareka 6:21) Mekete ea matsatsi a tsoalo e ne e boetse e tšoareloa ho tlotlisa melimo ea bohata. Ka mohlala, Baroma ba ne ba keteka letsatsi la tsoalo ea molimotsana Diana ka la 24 May. Ka letsatsi le hlahlamang leo, ba ne ba keteka letsatsi la tsoalo ea molimo oa bona oa letsatsi, e leng Apollo. Kahoo, mekete ea matsatsi a tsoalo e ne e amahanngoa le bohetene, eseng Bokreste.

8. Hlalosa hore na mekete ea matsatsi a tsoalo e amana joang le tumela-khoela.

8 Ho na le lebaka le leng leo ka lona Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba ke ke ba keteka letsatsi la tsoalo ea Jesu. Ho ka etsahala hore ebe barutuoa ba hae ba ne ba tseba hore mekete ea matsatsi a tsoalo e tsamaisana le tumela-khoela. Ka mohlala, Bagerike le Baroma ba bangata ba mehleng ea boholo-holo ba ne ba lumela hore ho na le moea o bang teng ha motho e mong le e mong a tsoaloa ’me moea oo o sireletsa motho eo bophelong bohle ba hae. Buka ea The Lore of Birthdays e re: “Moea oo o na le kamano ea mohlolo le molimo oo letsatsi la oona la tsoalo le tšoanang le la motho eo.” Ka sebele Jehova o ne a ke ke a khahlisoa ke mokete leha e le ofe o amahanyang Jesu le tumela-khoela. (Esaia 65:11, 12) Joale ho tlile joang hore batho ba bangata hakaale ba keteke Keresemese?

TŠIMOLOHO EA KERESEMESE

9. Ho tlile joang hore la 25 December le nkoe e le letsatsi la ho keteka tsoalo ea Jesu?

9 E bile feela ha ho se ho fetile lilemo tse makholo ka mor’a hore Jesu a phele lefatšeng moo batho ba ileng ba qala ho keteka tsoalo ea Jesu ka la 25 December. Empa leo e ne e se letsatsi leo Jesu a tsoetsoeng ka lona, kaha kamoo ho bonahalang kateng o hlahile ka October. * Joale ke hobane’ng ha ho ile ha khethoa la 25 December? Mohlomong batho ba bang bao hamorao ba ileng ba ipolela hore ke Bakreste “ba ne ba lakatsa hore letsatsi leo le tsamaisane le mokete oa bohetene oa Baroma o neng o keteka ‘letsatsi la tsoalo ea letsatsi le sa hlōloeng.’” (The New Encyclopædia Britannica) Nakong ea mariha, ha letsatsi le ne le bonahala le se matla hakaalo, bahetene ba ne ba tšoara mekete e le hore mohloli ona oa mofuthu le leseli o khutle maetong a oona a hōle. Ho ne ho lumeloa hore la 25 December ke lona letsatsi leo ka lona letsatsi le qalang ho khutla. Baeta-pele ba bolumeli ba ile ba amohela mokete ona ’me ba leka ho etsa hore o bonahale eka ke oa “Bokreste,” e le ha ba leka ho sokolla bahetene. *

10. Ke hobane’ng ha nakong e fetileng batho ba bang ba ne ba sa keteke Keresemese?

10 Ke khale ho tsejoa taba ea hore Keresemese e simolohile boheteneng. Lilemong tsa bo-1600, Keresemese e ile ea thibeloa Engelane le likoloneng tse ling tsa Amerika hobane e sa simolohe ka Mangolong. Motho leha e le ofe ea neng a lula hae a sa ee mosebetsing ka letsatsi la Keresemese o ne a lokela ho lefa kotlo. Leha ho le joalo, ka mor’a nakoana meetlo ea khale e ile ea khutla e se e bile e e-na le e meng e mecha. Keresemese e ile ea boela ea e-ba letsatsi le leholo la phomolo, ’me le kajeno e sa le lona linaheng tse ngata. Empa kaha Keresemese e amana le bolumeli ba bohata, ba batlang ho khahlisa Molimo ha ba e keteke kapa hona ho keteka matsatsi a mang a phomolo a simolohileng borapeling ba bohetene. *

NA HO HLILE HOA TSOTELLEHA HORE NA A SIMOLOHILE HOKAE?

11. Ke hobane’ng ha batho ba bang ba keteka matsatsi a phomolo, empa rōna re lokela ho ameha ka eng ka ho teba?

11 Batho ba bang baa lumela hore matsatsi a phomolo a kang la Keresemese a simolohile boheteneng empa ba ntse ba nka hore ha ho phoso ho a keteka. Ha e le hantle, batho ba bangata ha ba nahane ka borapeli ba bohata ha ba keteka matsatsi a phomolo. Mekete eo e boetse e fa malapa monyetla oa hore a be hammoho. Na ke kamoo u ikutloang kateng? Haeba ho joalo, e ka ’na eaba ntho e etsang hore u bone ho le thata ho emela borapeli ba ’nete ka tieo ke lerato leo u ratang ba lelapa ka lona, hase hobane u rata bolumeli ba bohata. Kholiseha hore Jehova, ea simolotseng lelapa, o batla hore u be le kamano e ntle le beng ka uena. (Baefese 3:14, 15) Empa u ka matlafatsa kamano eo ka litsela tseo Molimo a li amohelang. Moapostola Pauluse o ile a ngola tjena mabapi le seo re lokelang ho ameha ka sona ka ho teba, a re: “Le ’ne le nepisise hore na ke sefe se amohelehang ho Morena.”—Baefese 5:10.

Na u ka ja pompong e thonakiloeng ka forong?

12. Fana ka mohlala ho bontša hore na ke hobane’ng ha re lokela ho qoba meetlo le mekete e simolohileng mehloling e fosahetseng.

12 Mohlomong u nka hore tšimoloho ea matsatsi a phomolo ha e amane hakaalo le tsela eo a ketekoang ka eona kajeno. Na ho hlile hoa tsotelleha hore na a simolohile hokae? E, hoa tsotelleha! Ka mohlala: A re re u bona pompong e ntse e pitika ka har’a foro. Na u ne u tla thonaka pompong eo ebe ua e ja? Che! Pompong eo e litšila. Joaloka pompong eo, matsatsi a phomolo a ka ’na a bonahala a le monate, empa a tsoa libakeng tse sa hloekang. E le hore re emele borapeli ba ’nete ka tieo, re lokela ho ikutloa joaloka moprofeta Esaia, ea ileng a re ho barapeli ba ’nete: “Le se ke la ama letho le sa hloekang.”—Esaia 52:11.

E-BA MASENE HA U SEBELISANA LE BA BANG

13. Ho ka ’na ha hlaha mathata afe ha u sa kopanele matsatsing a phomolo?

13 Ho ka ’na ha hlaha mathata ha u khetha ho se kopanele matsatsing a phomolo. Ka mohlala, basebetsi-’moho le uena ba ka ’na ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha u sa kopanele linthong tse itseng tse etsoang mosebetsing ka letsatsi le itseng la phomolo. U tla etsa’ng haeba u fuoa mpho ea Keresemese? Na e tla ba phoso ho e amohela? Ho thoe’ng haeba molekane oa hao oa lenyalo a sa lumele seo u se lumelang? U ka etsa’ng ho tiisa hore bana ba hao ha ba ikutloe eka ba fetoa ke lintho hobane ba sa keteke matsatsi a phomolo?

14, 15. U ka etsa’ng haeba motho e mong a u lakaletsa letsatsi le monate la phomolo kapa a batla ho u fa mpho?

14 Ho hlokahala hore motho a sebelise kahlolo e molemo e le hore a tsebe ho sebetsana ka katleho le boemo ka bonngoe. Haeba motho a mpa a u lakaletsa letsatsi le monate la phomolo, u ka ’na ua mo leboha feela. Empa a re nke hore ke motho eo u bonanang le eena letsatsi le leng le le leng kapa eo u sebetsang le eena. Boemong boo, u ka ’na ua khetha ho mo hlalosetsa ho eketsehileng. Maemong ’ohle, u lokela ho ba masene. Bibele ea eletsa: “Seo le se buang kamehla e ke e be se nang le mosa, se nōkiloeng ka letsoai, e le hore le tsebe kamoo le tšoanelang ho fana ka karabo ho e mong le e mong.” (Bakolose 4:6) E-ba seli hore u se ke ua bontša ho hlokela ba bang tlhompho. Ho e-na le hoo, ba hlalosetse boemo ba hao hantle. Hlakisa hore ha u khahlanong le taba ea ho fana ka limpho le ea ho etsa ’moka empa hore u khetha ho etsa lintho tseo ka nako e ’ngoe.

15 Ho thoe’ng haeba motho e mong a batla ho u fa mpho? Moo ho tla itšetleha ka maemo. Motho ea u fang mpho a ka ’na a re: “Kea tseba hore ha u keteke letsatsi lena la phomolo. Empa ke batla ho u fa mpho ena.” U ka ’na ua etsa qeto ea hore ho amohela mpho eo maemong ao ha ho tšoane le ho kopanela letsatsing la phomolo. Ho hlakile hore haeba motho ea u fang mpho a sa tsebe seo u se lumelang, u ka ’na ua mo hlalosetsa hore ha u keteke letsatsi leo la phomolo. Sena se ka ’na sa u thusa hore u hlalose hore na ke hobane’ng ha u amohela mpho eo empa uena u sa fane ka mpho ketsahalong eo. Ka lehlakoreng le leng, e ka ba bohlale hore u se ke ua amohela mpho eo haeba e fanoa ka sepheo se hlakileng sa ho bontša hore ha u khomarele seo u se lumelang kapa hore ua sekisetsa ha u fumana lintho tse bonahalang.

HO THOE’NG KA LITHO TSA LELAPA?

16. U ka ba masene joang ha u sebetsana le litaba tse amanang le matsatsi a phomolo?

16 Ho thoe’ng haeba litho tsa lelapa li sa lumele seo u se lumelang? Le mona e-ba masene. Ha ho hlokahale hore u phehe khang ka moetlo kapa mokete o mong le o mong oo beng ka uena ba khethang ho o keteka. Ho e-na le hoo, hlompha tokelo eo ba nang le eona ea ho ba le maikutlo a bona, feela joalokaha le uena u batla hore ba hlomphe maikutlo a hao. (Matheu 7:12) Qoba ntho leha e le efe e tla etsa hore u kopanele letsatsing la phomolo. Leha ho le joalo, nahanela maemo ha ho tluoa linthong tse sa amaneng ka ho toba le mokete. Ho hlakile hore ka linako tsohle u lokela ho etsa lintho ka tsela e tla u siea ka letsoalo le letle.—1 Timothea 1:18, 19.

17. U ka thusa bana ba hao joang hore ba se ke ba ikutloa eka ba fetoa ke lintho ha ba bona ba bang ba keteka matsatsi a phomolo?

17 U ka etsa’ng e le hore bana ba hao ba se ke ba ikutloa eka ba fetoa ke lintho hobane ba sa keteke matsatsi a phomolo a sa lumellaneng le Mangolo? Taba-khōlō e itšetlehile ka seo u se etsang ka linako tse ling har’a selemo. Batsoali ba bang ba lokisetsa hore ba fe bana ba bona limpho ka linako tse itseng. Mpho e ’ngoe e ntle ka ho fetisisa eo u ka e fang bana ba hao ke nako ea hao le tlhokomelo ea hao e lerato.

PHELA KA BORAPELI BA ’NETE

Ho phela ka borapeli ba ’nete hoa thabisa

18. Ho ba teng libokeng tsa Bokreste ho ka u thusa joang hore u emele borapeli ba ’nete ka tieo?

18 E le hore u khahlise Molimo, u lokela ho furalla borapeli ba bohata ’me u emele borapeli ba ’nete ka tieo. See se akarelletsa eng? Bibele e re: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rōna, joalokaha ba bang ba e-na le tloaelo eo, empa re khothatsana, ’me re etsa joalo haholo kaha le bona letsatsi le ntse le atamela.” (Baheberu 10:24, 25) Liboka tsa Bokreste ke liketsahalo tse thabisang tseo ho tsona u ka rapelang Molimo ka tsela eo a e amohelang. (Pesaleme ea 22:22; 122:1) Libokeng tseo, Bakreste ba tšepahalang baa “khothatsana.”—Baroma 1:12.

19. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u bolelle ba bang lintho tseo u ithutileng tsona Bibeleng?

19 Tsela e ’ngoe eo u ka emelang borapeli ba ’nete ka tieo ka eona ke ka ho bolella ba bang lintho tseo u ithutileng tsona ha u ntse u ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Batho ba bangata ba hlile baa ‘feheloa le ho bobola’ ka lebaka la bokhopo bo etsahalang lefatšeng kajeno. (Ezekiele 9:4) Mohlomong u tseba batho ba bang ba boemong boo. Ke hobane’ng ha u sa bue le bona ka tšepo eo u nang le eona ka bokamoso e thehiloeng Bibeleng? Ha u ntse u kopanela le Bakreste ba ’nete ’me u bolella ba bang linnete tse hlollang tsa Bibele tseo u ithutileng tsona, u tla fumana hore takatso leha e le efe ea ho kopanela meetlong ea borapeli ba bohata eo e ka ’nang eaba e sa saletse pelong ea hao e tla nyamela butle-butle. Kholiseha hore u tla thaba haholo u be u hlohonolofatsoe ka ho enneng haeba u emela borapeli ba ’nete ka tieo.—Malakia 3:10.

^ ser. 9 Saturnalia le eona e ile ea tlatsetsa ho khethoeng ha la 25 December. Mokete ona o neng o tlotlisa molimo oa Baroma oa temo o ne o tšoaroa ka la 17 ho isa ho la 24 December. Nakong ea Saturnalia ho ne ho ketekoa, ho ithabisoa ho bile ho fanoa ka limpho.

^ ser. 10 Ho fumana boitsebiso mabapi le hore na Bakreste ba ’nete ba talima matsatsi a mang a tloaelehileng a phomolo joang, bona Sehlomathiso, leqepheng la 222-3.