Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA LESHOME LE METSO E SUPILENG

Atamela ho Molimo ka Thapelo

Atamela ho Molimo ka Thapelo
  • Ke hobane’ng ha re lokela ho rapela Molimo?

  • Re lokela ho etsa’ng e le hore Molimo a re utloe?

  • Molimo o araba lithapelo tsa rōna joang?

“Moetsi oa leholimo le lefatše” o ikemiselitse ho utloa lithapelo tsa rōna

1, 2. Ke hobane’ng ha re lokela ho nka thapelo e le tokelo e khōlō, hona ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re tsebe seo Bibele e se rutang ka eona?

LEFATŠE le lenyenyane haholo ha le bapisoa le bokahohle bo boholohali. Ha e le hantle, ho Jehova, “Moetsi oa leholimo le lefatše,” lichaba li joaloka lerotholi la metsi le rothang nkhong. (Pesaleme ea 115:15; Esaia 40:15) Leha ho le joalo, Bibele e re: “Jehova o haufi le bohle ba ipiletsang ho eena, bohle ba ipiletsang ho eena ka ’nete. O tla khotsofatsa takatso ea ba mo tšabang, o tla utloa mohoo oa bona o kōpang thuso.” (Pesaleme ea 145:18, 19) Ak’u nahane feela hore na seo se bolela’ng! ’Mōpi ea matla ’ohle o haufi le rōna ’me o tla re utloa haeba re ‘ipiletsa ho eena ka ’nete.’ Ruri ke tokelo e khōlō ho atamela Molimo ka thapelo!

2 Empa haeba re batla hore Jehova a mamele lithapelo tsa rōna, re lokela ho mo rapela ka tsela eo a e amohelang. Re ka atleha ho etsa see joang haeba re sa utloisise seo Bibele e se rutang ka thapelo? Ho hlokahala hore re tsebe seo Mangolo a se buang ka taba ena, kaha thapelo e re thusa ho atamela haufi le Jehova.

KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO RAPELA JEHOVA?

3. Lebaka le leng la bohlokoa leo ka lona re lokelang ho rapela Jehova ke lefe?

3 Lebaka le leng la bohlokoa leo ka lona re lokelang ho rapela Jehova ke hobane o re khothalletsa hore re mo rapele. Lentsoe la Hae lea re khothatsa: “Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.” (Bafilipi 4:6, 7) Ka sebele ha re batle ho hlokomoloha tokisetso ena e mosa eo ’Musi ea Phahameng ka ho Fetisisa bokahohleng a re etselitseng eona!

4. Ho rapela Jehova kamehla ho matlafatsa kamano ea rōna le eena joang?

4 Lebaka le leng leo ka lona re lokelang ho rapela ke hobane ha re rapela Jehova kamehla re matlafatsa kamano ea rōna le eena. Metsoalle ea sebele ha e buisane feela ha e hloka ho itseng. Ho e-na le hoo, metsoalle ea sebele ea thahasellana, ’me setsoalle sa batho ba joalo se tiea le ho feta ha ba ntse ba buisana ka bolokolohi ka seo ba se nahanang, seo ba amehileng ka sona le ka maikutlo a bona. Lintlheng tse ling, boemo boa tšoana ha re tla tabeng ea kamano ea rōna le Jehova Molimo. Buka ena e u thusitse hore u ithute ho hongata ka seo Bibele e se rutang ka Jehova, botho ba hae le merero ea hae. U se u tseba hore ke motho oa sebele. Thapelo e u fa monyetla oa hore u hlalosetse Ntate oa hao oa leholimo seo u se nahanang le maikutlo a hao a tebileng. Seo se tla u atametsa haholoanyane ho Jehova.—Jakobo 4:8.

HO HLOKAHALA RE ETSE’NG?

5. Ke’ng se bontšang hore Jehova ha a mamele lithapelo tsohle?

5 Na Jehova o mamela lithapelo tsohle? Nahana ka seo a ileng a se bolella Baiseraele ba marabele ba mehleng ea moprofeta Esaia, ha a ne a re: “Esita le hoja le etsa lithapelo tse ngata, ha kea mamela; matsoho a lōna a tletse tšollo ea mali.” (Esaia 1:15) Kahoo liketso tse itseng li ka etsa hore Molimo a se ke a mamela lithapelo tsa rōna. E le hore Molimo a amohele lithapelo tsa rōna, re lokela ho etsa lintho tse itseng tsa motheo tseo a li hlokang.

6. Ke ntho efe e ka sehloohong eo re lokelang ho e etsa e le hore Molimo a mamele lithapelo tsa rōna, hona re ka e etsa joang?

6 Ntho e ka sehloohong eo re lokelang ho e etsa ke ho bontša tumelo. (Mareka 11:24) Moapostola Pauluse o ile a ngola tjena: “Kantle ho tumelo ho ke ke ha khoneha ho mo khahlisa [Molimo], kaha ea atamelang Molimo o lokela ho lumela hore o teng le hore e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo.” (Baheberu 11:6) Ho ba le tumelo ea sebele ha ho bolele feela ho tseba hore Molimo o teng le hore o utloa lithapelo ebile oa li araba. Tumelo e bonahatsoa ke seo re se etsang. Tsela eo re phelang ka eona letsatsi le letsatsi e lokela ho bontša ka ho hlaka hore re na le tumelo.—Jakobo 2:26.

7. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho bontša tlhompho ha re bua le Jehova ka thapelo? (b) Re ka bontša ho ikokobetsa le ho tiea joang ha re rapela Molimo?

7 Jehova o boetse o hloka hore ba tlang ho eena ka thapelo ba mo atamele ka boikokobetso le ka tieo. Na hase ho utloahalang hore re ikokobetse ha re bua le Jehova? Ha batho ba e-na le monyetla oa ho bua le morena kapa mopresidente, ba atisa ho bua le eena ka tsela e nang le tlhompho, ba bontša hore ba ela hloko boemo bo phahameng ba ’musi eo. Joale rōna re lokela ho bontša tlhompho e fetang eo hakaakang ha re tla ho Jehova! (Pesaleme ea 138:6) Ha e le hantle, ke “Molimo ea Matla ’Ohle.” (Genese 17:1) Ha re rapela Molimo, tsela eo re buisanang le eena ka eona e lokela ho bontša hore ka boikokobetso re elelloa boemo ba rōna ka pel’a hae. Ho ikokobetsa ho joalo ho tla boela ho re susumelletse hore re mo rapele ka tieo ho tsoa pelong, re qobe ho rapela hobane e le mokhoa feela, re ntse re pheta-pheta ntho e le ’ngoe thapelong.—Matheu 6:7, 8.

8. Re ka etsa lintho tse lumellanang le seo re se rapellang joang?

8 Ntho e ’ngoe eo re lokelang ho e etsa e le hore Molimo a re utloe ke hore re etse lintho tumellanong le lithapelo tsa rōna. Jehova o lebeletse hore re etse sohle se matleng a rōna hore re finyelle seo re se rapellang. Ka mohlala, haeba re rapela re re, “Re fe kajeno bohobe ba rōna ba letsatsi lena,” re lokela ho sebetsa ka thata mosebetsing leha e le ofe o teng oo re ka o etsang. (Matheu 6:11; 2 Bathesalonika 3:10) Haeba re rapella hore a re thuse re hlōle bofokoli bo itseng ba nama, re lokela ho ba hlokolosi ho qoba maemo le lintho tse ka re lebisang molekong. (Bakolose 3:5) Kantle ho lintho tsena tsa motheo tseo re lokelang ho li etsa, ho na le lipotso tseo re lokelang ho li araba mabapi le taba ena ea thapelo.

HO ARABA LIPOTSO TSE LING TABENG EA THAPELO

9. Re lokela ho rapela mang, hona re rapele ka mang?

9 Re lokela ho rapela mang? Jesu o ile a ruta balateli ba hae hore ba rapele “Ntat’a rōna ea maholimong.” (Matheu 6:9) Ka hona, lithapelo tsa rōna li lokela ho lebisoa ho Jehova Molimo feela. Empa Jehova o batla hore re ele hloko boemo ba Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, Jesu Kreste. Joalokaha re ithutile Khaolong ea 5, Jesu o ile a romeloa lefatšeng e le hore e be thekollo ho re lopolla sebeng le lefung. (Johanne 3:16; Baroma 5:12) O khethetsoe ho ba Moprista ea Phahameng le Moahloli. (Johanne 5:22; Baheberu 6:20) Kahoo, Mangolo a re laela hore re fetise lithapelo tsa rōna ka Jesu. Jesu o ile a re: “Ke ’na tsela le ’nete le bophelo. Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka ’na.” (Johanne 14:6) E le hore lithapelo tsa rōna li utluoe, re lokela rapela Jehova a ’notši ka Mora.

10. Ke hobane’ng ha ho sa hlokahale hore re be boemong bo itseng ba ’mele ha re rapela?

10 Na re lokela ho ba boemong bo itseng ba ’mele ha re rapela? Che. Jehova ha a hloke hore matsoho kapa ’mele o be boemong bo itseng. Bibele e ruta hore ho loketse hore re rapele re le boemong leha e le bofe. Hoo ho akarelletsa ho rapela re lutse, re iname, re khumame kapa re eme. (1 Likronike 17:16; Nehemia 8:6; Daniele 6:10; Mareka 11:25) Seo e hlileng e leng sa bohlokoa hase boemo bo itseng ba ’mele boo batho ba bang ba ka bo bonang, empa ke boikutlo bo nepahetseng ba pelo. Ha e le hantle, ho sa tsotellehe hore na re hokae, re ka ’na ra rapella ka pelong neng le neng ha re ntse re iketsetsa mesebetsi ea rōna ea letsatsi le letsatsi kapa ha re tobana le boemo bo itseng ba tšohanyetso. Jehova o utloa lithapelo tse joalo esita le hoja ba haufi le rōna ba ka ’na ba se ke ba lemoha.—Nehemia 2:1-6.

11. Ke lintho life tse ling tsa botho tseo re amehileng ka tsona tseo re lokelang ho li rapella?

11 Re ka rapella eng? Bibele ea hlalosa: “Ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kōpang ho ea ka thato ea hae, [Jehova] oa re utloa.” (1 Johanne 5:14) Kahoo re ka rapella ntho leha e le efe e lumellanang le thato ea Molimo. Na ke thato ea hae hore re rapelle litaba tsa botho tseo re amehileng ka tsona? Ka sebele ke thato ea hae! Ho rapela Jehova ho ka tšoana le ho bua le motsoalle ea haufi. Re ka bua le Molimo ka bolokolohi, ra ‘tšollela lipelo tsa rōna’ ho eena. (Pesaleme ea 62:8) Ho loketse hore re kōpe moea o halalelang, kaha o tla re thusa ho etsa se nepahetseng. (Luka 11:13) Hape re ka kōpa tataiso e le hore re etse liqeto tse bohlale le ho kōpa matla e le hore re sebetsane ka katleho le maemo a thata. (Jakobo 1:5) Ha re etsa sebe, re lokela ho kōpa tšoarelo motheong oa sehlabelo sa Kreste. (Baefese 1:3, 7) Ho hlakile hore ha rea lokela ho rapella litaba tsa rōna tsa botho feela. Ha rea lokela ho ithapella re le bang, empa re lokela ho akarelletsa batho ba bang lithapelong tsa rōna—litho tsa lelapa hammoho le balumeli-’moho le rōna.—Liketso 12:5; Bakolose 4:12.

12. Ke ka tsela efe re ka etelletsang pele lintlha tsa bohlokoa mabapi le Ntate oa rōna oa leholimo lithapelong tsa rōna?

12 Ha re rapela re lokela ho etelletsa pele lintlha tsa bohlokoa tse amanang le Jehova Molimo. Ka sebele re na le lebaka le utloahalang la ho mo rorisa le ho mo leboha ka pelo eohle bakeng sa molemo oohle oa hae. (1 Likronike 29:10-13) Jesu o ile a etsa thapelo ea mohlala, e tlalehiloeng ho Matheu 6:9-13, eo ho eona a ileng a re ruta ho rapella hore lebitso la Molimo le halaletsoe, ke hore le nkoe le halalela. Ka mor’a moo o ile a bua ka hore ’Muso oa Molimo o tle ’me thato ea hae e etsahale lefatšeng joalokaha e etsahala leholimong. E bile feela ka mor’a hore Jesu a bue ka lintlha tsena tsa bohlokoa mabapi le Jehova moo a ileng a bua ka litaba tsa botho. Le rōna ha re fa Molimo sebaka sa bohlokoa ka ho fetisisa lithapelong tsa rōna, re bontša hore ha re thahaselle boiketlo ba rōna feela.

13. Mangolo a re lithapelo tse amohelehang li lokela ho ba telele hakae?

13 Lithapelo tsa rōna li lokela ho ba telele hakae? Bibele ha e behe moeli oa hore na lithapelo tseo batho ba iketsetsang tsona kapa tseo ba li etsetsang batho ba bang phatlalatsa li lokela ho ba telele hakae. Li ka ’na tsa fapana, ea e-ba thapelo e khutšoanyane ea pele ho lijo kapa ea e-ba thapelo e telele ea boinotšing moo re tšollelang Jehova lipelo tsa rōna. (1 Samuele 1:12, 15) Leha ho le joalo, Jesu o ile a nyatsa batho ba iketsang ba lokileng ka ho etsa lithapelo tse telele, tsa mponeng. (Luka 20:46, 47) Lithapelo tse joalo ha li khahlise Jehova. Habohlokoa ke hore re rapele ho tsoa pelong. Kahoo, bolelele ba lithapelo tse amohelehang bo ka ’na ba fapana ho latela seo motho a se hlokang le maemo a hae.

Thapelo ea hao e ka utluoa leha e le neng feela

14. Bibele e bolela’ng ha e re khothalletsa hore re ‘rapele re sa khaotse,’ hona ke’ng se tšelisang ka see?

14 Re lokela ho rapela khafetsa hakae? Bibele e re khothalletsa hore re ‘rapele re sa khaotse,’ re ‘phehelle thapelong’ le hore re ‘rapele re sa phetse.’ (Matheu 26:41; Baroma 12:12; 1 Bathesalonika 5:17) Ke ’nete hore lipolelo tsena ha li bolele hore re lokela ho qeta letsatsi lohle re rapela Jehova. Ho e-na le hoo, Bibele e re khothalletsa hore re rapele kamehla, re se ke ra khaotsa ho leboha Jehova ka molemo oa hae ho rōna le ho kōpa tataiso ea hae, matšeliso le matla. Na hase ho tšelisang ho tseba hore Jehova ha a behe moeli tabeng ea hore na re ka bua le eena ka thapelo halelele hakae kapa khafetsa hakae? Haeba re hlile ra ananela tokelo ena ea thapelo, re tla fumana menyetla e mengata ea ho rapela Ntate oa rōna oa leholimo.

15. Ke hobane’ng ha re lokela ho re “Amen” ha re qeta ho ithapella kapa qetellong ea thapelo ea phatlalatsa?

15 Ke hobane’ng ha re lokela ho re “Amen” qetellong ea thapelo? Lentsoe “amen” le bolela “ka sebele,” kapa “a ho be joalo.” Mehlala ea Mangolo e bontša hore ho loketse ho re “Amen” ha re qeta ho ithapella kapa ho rapela le ba bang. (1 Likronike 16:36; Pesaleme ea 41:13) Ka ho re “Amen” ha re qeta ho ithapella, re tiisa hore seo re se buileng re se buile ka tieo. Ha re re “Amen”—ebang re buela ka pelong kapa re buela holimo—ha motho e mong a qeta ho re rapella, re bontša hore re lumellana le lintlha tseo a li buileng.—1 Bakorinthe 14:16.

KAMOO MOLIMO A ARABANG LITHAPELO TSA RŌNA KATENG

16. Re ka kholiseha ka eng tabeng ea thapelo?

16 Na Jehova o hlile o araba lithapelo? E, oa li araba! Re na le motheo o tiileng oa ho kholiseha hore “Ea Utloang thapelo” o araba lithapelo tseo batho ba limilione ba li etsang ka tieo. (Pesaleme ea 65:2) Jehova a ka ’na a araba lithapelo tsa rōna ka litsela tse sa tšoaneng.

17. Ke hobane’ng ha ho ka thoe Molimo o sebelisa mangeloi a hae le bahlanka ba hae ba lefatšeng ho araba lithapelo tsa rōna?

17 Jehova o sebelisa mangeloi a hae le bahlanka ba hae ba lefatšeng ho araba lithapelo. (Baheberu 1:13, 14) Ho bile le liphihlelo tse ngata tsa batho ba ileng ba rapela Molimo hore a ba thuse ho utloisisa Bibele ’me nakoana ka mor’a moo ba eteloa ke e mong oa bahlanka ba Jehova. Liphihlelo tseo li paka hore mangeloi a tataisa mosebetsi oa boboleli ba ’Muso. (Tšenolo 14:6) Jehova a ka ’na a susumelletsa Mokreste ea itseng hore a re thuse, e le ha a araba lithapelo tseo re li etsang ka tieo ha re hloka thuso.—Liproverbia 12:25; Jakobo 2:16.

Jehova a ka araba lithapelo tsa rōna ka ho susumelletsa Mokreste e mong hore a re thuse

18. Jehova o sebelisa moea oa hae o halalelang le Lentsoe la hae joang ho araba lithapelo tsa bahlanka ba hae?

18 Jehova Molimo o boetse o sebelisa moea oa hae o halalelang le Lentsoe la hae, Bibele, ho araba lithapelo tsa bahlanka ba hae. A ka ’na a araba lithapelo tsa rōna ha re kōpa thuso ea ho sebetsana le liteko ka hore a re tataise le ho re matlafatsa ka moea oa hae o halalelang. (2 Bakorinthe 4:7) Re atisa ho fumana karabo ea lithapelo tsa rōna ka Bibeleng ha re kōpa tataiso, e leng hona moo Jehova a re thusang teng ho etsa liqeto tse bohlale. Re ka ’na ra fumana litemana tse ka re thusang ha re ntse re ithuta Bibele ka bomong le ha re ntse re bala lingoliloeng tsa Bokreste, tse kang buka ena. Lintho tse buuoang sebokeng sa Bokreste kapa mantsoe a moholo ea amehileng ka phuthehong a ka ’na a re hlokomelisa lintlha tse itseng tsa Mangolo tseo ho hlokahalang hore re li ele hloko.—Bagalata 6:1.

19. Re lokela ho hopola eng haeba ka linako tse ling ho bonahala eka lithapelo tsa rōna ha li arajoe?

19 Haeba ho bonahala eka Jehova o lieha ho araba lithapelo tsa rōna, hase hobane a sitoa ho li araba. Ho e-na le hoo, re lokela ho hopola hore Jehova o araba lithapelo ho ea ka thato ea hae le hona ka nako ea hae e loketseng. O tseba seo re se hlokang hamolemo ho re feta ebile o tseba kamoo a ka fanang ka sona kateng. Hangata o re lumella hore ‘re ’ne re kōpe, re ’ne re batle hape re ’ne re kokote.’ (Luka 11:5-10) Ho phehella ho joalo ho bontša Molimo hore re na le takatso e matla le hore tumelo ea rōna ke ea sebele. Ho feta moo, Jehova a ka ’na a araba lithapelo tsa rōna ka tsela eo re sa e hlokomeleng. Ka mohlala, a ka ’na a araba thapelo ea rōna mabapi le teko e itseng ka hore a re fe matla a ho e mamella ho e-na le hore a tlose bothata boo.—Bafilipi 4:13.

20. Ke hobane’ng ha re lokela ho sebelisa tokelo ee e babatsehang ea thapelo ka botlalo?

20 Re lokela ho leboha hakaakang hore ebe ’Mōpi oa bokahohle boo bo boholohali o haufi le bohle ba ipiletsang ho eena ka ho loketseng ka thapelo! (Pesaleme ea 145:18) E se eka re ka sebelisa ka botlalo tokelo ena e babatsehang ea thapelo. Haeba re etsa joalo, re tla ba le tebello e thabisang ea ho atamela haufi le Jehova, Ea Utloang thapelo.