Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA LESHOME LE METSO E ROBELI

Kolobetso le Kamano ea Hao le Molimo

Kolobetso le Kamano ea Hao le Molimo
  • Kolobetso ea Bokreste e etsoa joang?

  • U lokela ho nka mehato efe e le hore u tšoanelehele ho kolobetsoa?

  • Motho o inehela ho Molimo joang?

  • Lebaka le khethehileng le etsang hore motho a kolobetsoe ke lefe?

1. Ke hobane’ng ha molaoli oa lekhotla oa Ethiopia a ile a kōpa hore a kolobetsoe?

“BONA! Metsi; ke eng se nthibelang ho kolobetsoa?” Potso eo e ile ea botsoa ke molaoli oa lekhotla oa Ethiopia lekholong la pele la lilemo. Mokreste ea bitsoang Filipi o ne a ile a mo pakela hore Jesu ke Mesia ea tšepisitsoeng. Monna eo oa Moethiopia o ile a nka khato hobane a anngoe ka ho teba ke seo a ithutileng sona ka Mangolong. O ile a bontša hore o batla ho kolobetsoa!—Liketso 8:26-36.

2. Ke hobane’ng ha u lokela ho nahana ka ho teba ka kolobetso?

2 Haeba u se u ithutile ka hloko likhaolo tse qalang tsa buka ena le e mong oa Lipaki Tsa Jehova, u ka ’na ua ikutloa u loketse ho botsa, ‘Ke eng se nthibelang ho kolobetsoa?’ U se u ithutile ka tšepiso ea Bibele ea bophelo bo sa feleng Paradeiseng. (Luka 23:43; Tšenolo 21:3, 4) Hape u ithutile hore na ha e le hantle bafu ba boemong bofe le hore ho na le tšepo ea tsoho. (Moeklesia 9:5; Johanne 5:28, 29) Mohlomong u ’nile ua kopanela le Lipaki Tsa Jehova libokeng tsa tsona tsa phutheho ’me u iponetse kamoo li phelang ka bolumeli ba ’nete kateng. (Johanne 13:35) Habohlokoa le ho feta, mohlomong u se u qalile ho hlaolela ho ba le kamano ea botho le Jehova Molimo.

3. (a) Jesu o ile a laela balateli ba hae hore ba etse’ng? (b) Kolobetso ea metsing e etsoa joang?

3 U ka bontša joang hore u batla ho sebeletsa Molimo? Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “E-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse.” (Matheu 28:19) Jesu ka boeena o ile a beha mohlala ka hore a kolobetsoe metsing. Ha aa ka a fafatsoa ka metsi, ebile ha aa ka a tšeloa ka metsi feela hloohong. (Matheu 3:16) Lentsoe “kolobetsa” le tsoa lentsoeng la Segerike le bolelang “ho qoelisa.” Ka hona kolobetso ea Bokreste e bolela ho qoelisoa, kapa ho ineloa ka ho feletseng ka metsing.

4. Kolobetso ea metsing e bontša eng?

4 Bohle ba batlang ho ba le kamano e ntle le Jehova Molimo ba lokela ho kolobetsoa metsing. Ho kolobetsoa pontšeng ho bontša hore u lakatsa ho sebeletsa Molimo. Ho bontša hore u thabela ho etsa thato ea Jehova. (Pesaleme ea 40:7, 8) Empa u lokela ho nka mehato e itseng e tobileng, e le hore u tšoanelehele ho kolobetsoa.

HO HLOKAHALA TSEBO LE TUMELO

5. (a) E le hore motho a tšoanelehele ho kolobetsoa o lokela ho qala ka mohato ofe? (b) Ke hobane’ng ha liboka tsa Bokreste e le tsa bohlokoa?

5 U se u nkile mohato oa pele. Joang? Ka ho ithuta ka Jehova Molimo le ka Jesu Kreste, mohlomong ka ho ba le thuto e hlophisitsoeng ea Bibele. (Johanne 17:3) Empa u sa ntse u lokela ho tsoela pele ho ithuta. Bakreste ba batla ho “tlala tsebo e nepahetseng ea thato ea [Molimo].” (Bakolose 1:9) Ho ba teng libokeng tsa phutheho tsa Lipaki Tsa Jehova ke thuso e khōlō ntlheng ena. Ke habohlokoa hore u be teng libokeng tseo. (Baheberu 10:24, 25) Ho ba teng kamehla libokeng ho tla u thusa ho eketsa tsebo ea hao ka Molimo.

Ho ba le tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo ke mohato oa bohlokoa hore motho a kolobetsoe

6. E le hore u tšoanelehele ho kolobetsoa u lokela hore u be u tseba Bibele hakae?

6 Ke ’nete hore ha ho hlokahale hore u tsebe ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka Bibeleng e le hore u tšoanelehele ho kolobetsoa. Molaoli oa lekhotla oa Ethiopia o ne a e-na le tsebo e itseng, empa o ne a hloka thuso e le hore a utloisise likarolo tse itseng tsa Mangolo. (Liketso 8:30, 31) Ka ho tšoanang, ho sa na le ho hongata hoo u lokelang ho ithuta hona. Ha e le hantle, ha ho mohla u tla khaotsa ho ithuta ka Molimo. (Moeklesia 3:11) Empa pele u kolobetsoa, u lokela hore bonyane u be u tseba lithuto tsa motheo tsa Bibele u bile u li amohela. (Baheberu 5:12) Lithuto tseo li akarelletsa seo e leng ’nete mabapi le boemo ba bafu le bohlokoa ba lebitso la Molimo le ’Muso oa hae.

7. Ho ithuta Bibele ho lokela ho u ama joang?

7 Leha ho le joalo, tsebo feela ha ea lekana, kaha ‘kantle ho tumelo ho ke ke ha khoneha ho khahlisa [Molimo].’ (Baheberu 11:6) Bibele e re ha batho ba bang motseng oa boholo-holo oa Korinthe ba utloa molaetsa oa Bokreste, ba ile “ba qala ho lumela le ho kolobetsoa.” (Liketso 18:8) Ka ho tšoanang, ha u ithuta Bibele u lokela ho lumela ka ho feletseng hore ke Lentsoe la Molimo le bululetsoeng. Ho ithuta Bibele ho lokela ho u thusa hore u be le tumelo litšepisong tsa Molimo le matleng a pholosang a sehlabelo sa Jesu.—Joshua 23:14; Liketso 4:12; 2 Timothea 3:16, 17.

HO BOLELLA BA BANG ’NETE EA BIBELE

8. Ke’ng e tla u susumelletsa ho bolella ba bang seo u ithutileng sona?

8 Ha tumelo e ntse e hōla ka pelong ea hao, ho tla ba thata hore u lule u sa bolelle ba bang seo u ithutileng sona. (Jeremia 20:9) U tla susumelletseha ka matla ho buisana le ba bang ka Molimo le ka merero ea hae.—2 Bakorinthe 4:13.

Tumelo e lokela ho u susumelletsa ho bolella ba bang seo u se lumelang

9, 10. (a) U ka ’na ua qala ka ho bolella bo-mang ’nete ea Bibele? (b) U lokela ho etsa’ng haeba u batla ho kopanela mosebetsing o hlophisitsoeng oa boboleli o etsoang ke Lipaki Tsa Jehova?

9 U ka ’na ua qala ho bolella ba bang ’nete ea Bibele ka ho bua ka mosa le beng ka uena, metsoalle, baahisani le basebetsi-’moho. Ha nako e ntse e ea, u tla batla ho kopanela mosebetsing o hlophisitsoeng oa boboleli o etsoang ke Lipaki Tsa Jehova. Ha nako eo e fihla, ikutloe u lokolohile ho bolella Paki e u rutang Bibele taba ena. Haeba ho bonahala eka ua tšoaneleha bakeng sa tšebeletso ea phatlalatsa, ho tla lokisetsoa hore uena le motho ea u rutang le kopane le baholo ba babeli ba phutheho.

10 Sena se tla u nolofalletsa hore u tloaelane hamolemo le baholo ba bang ba Bakreste, ba alosang mohlape oa Molimo. (Liketso 20:28; 1 Petrose 5:2, 3) Haeba baholo bana ba bona hore u utloisisa lithuto tsa motheo tsa Bibele ebile ua li lumela, ’me u phela ka tsela e lumellanang le melao-motheo ea Molimo le hore u hlile u batla ho ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ba tla u tsebisa hore ua tšoaneleha bakeng sa ho kopanela tšebeletsong ea phatlalatsa u le mohoeletsi ea sa kolobetsoang oa litaba tse molemo.

11. Ba bang ba ka ’na ba lokela ho etsa liphetoho life pele ba tšoaneleha bakeng sa tšebeletso ea phatlalatsa?

11 Ka lehlakoreng le leng, ho ka ’na ha hlokahala hore u etse liphetoho tse itseng tseleng eo u phelang ka eona le linthong tseo u tloaetseng ho li etsa e le hore u tšoanelehe bakeng sa tšebeletso ea phatlalatsa. Sena se ka ’na sa akarelletsa ho khaotsa mekhoa e itseng eo u ’nileng ua e etsa ka sekhukhung. Ka hona, pele u ka kōpa ho ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang, u lokela hore u be u se u sa etse libe tse tebileng, tse kang ho ameha boitšoarong bo litšila ba ho kopanela liphate, botahoa le ho sebelisa lithethefatsi hampe.—1 Bakorinthe 6:9, 10; Bagalata 5:19-21.

HO BAKA LE HO SOKOLOHA

12. Ke hobane’ng ha ho hlokahala pako?

12 Ho hlokahala hore u nke mehato e meng hape pele u tšoanelehela ho kolobetsoa. Moapostola Petrose o ile a re: “Bakang, ’me le sokolohe e le hore libe tsa lōna li hlakoloe.” (Liketso 3:19) Ho baka ke ho soabela ka tieo phoso e itseng eo u e entseng. Ho hlakile hore motho o lokela ho baka haeba a ne a phela ka boitšoaro bo litšila, empa ho ntse ho hlokahala hore a bake esita le haeba a ne a batla a itšoere hantle. Hobane’ng? Hobane batho bohle ke baetsalibe ’me ba hloka hore Molimo a ba tšoarele. (Baroma 3:23; 5:12) Pele u ithuta Bibele, u ne u sa tsebe hore na thato ea Molimo ke efe. Joale ke joang u neng u ka phela ka tsela e lumellanang le thato ea hae ka ho feletseng? Ka hona, ho hlokahala pako.

13. Ho sokoloha ho bolela’ng?

13 Pako e lokela ho lateloa ke ‘ho sokoloha,’ kapa ho fetoha. Ha ua lokela ho ikutloa u soabile feela. U lokela ho furalla tsela eo u neng u phela ka eona pele ’me u ikemisetse ka tieo hore u tla etsa se nepahetseng ho tloha joale ho ea pele. Ho baka le ho sokoloha ke mehato eo u lokelang ho e nka pele u kolobetsoa.

HO INEHELA

14. Ke mohato ofe oa bohlokoa oo u lokelang ho o nka pele u kolobetsoa?

14 Ho na le mohato o mong oa bohlokoa oo u lokelang ho o nka pele u kolobetsoa. U lokela ho inehela ho Jehova Molimo.

Na u se u inehetse ho Molimo ka thapelo?

15, 16. Ho inehela ho Molimo ho bolela’ng, hona ke’ng se susumelletsang motho hore a etse see?

15 Ha u inehela ho Jehova Molimo ka thapelo e tiileng, u mo tšepisa hore u tla lebisa borapeli bo khethehileng ho eena a ’notši ka ho sa feleng. (Deuteronoma 6:15) Empa ke hobane’ng ha motho a ka batla ho etsa seo? A re nke hore mohlankana o utloana le moroetsana. Ha a ntse a ithuta eena ka ho eketsehileng a bile a bona litšobotsi tsa hae tse ntle, mohlankana eo o utloa a rata moroetsana eo le ho feta. Ha nako e ntse e feta, ka tloaelo o tla mo kōpa hore ba nyalane. Ke ’nete hore ho mo nyala ho tla bolela hore o jara boikarabelo bo eketsehileng. Empa lerato le tla mo susumelletsa hore a nke mohato oo oa bohlokoa.

16 Ha u se u tseba Jehova u bile u mo rata, u susumelletseha ho mo sebeletsa u sa itšiele letho kapa u sa ipehele meeli ha u mo rapela. Motho leha e le ofe ea batlang ho latela Mora oa Molimo, Jesu Kreste, o lokela hore “a itatole.” (Mareka 8:34) Re itatola ka hore re netefatse hore litakatso tsa rōna le lipakane tsa rōna ha li re sitise ho mamela Molimo ka ho feletseng. Ka hona, pele u ka kolobetsoa, sepheo sa hao se seholo bophelong e lokela ho ba ho etsa thato ea Jehova Molimo.—1 Petrose 4:2.

HLŌLA TŠABO EA HORE U TLA HLŌLEHA

17. Ke hobane’ng ha ba bang ba ka ’na ba tsilatsila ho inehela ho Molimo?

17 Ba bang ba tsilatsila ho inehela ho Jehova hobane ba tšaba ho nka mohato o tebileng joalo. Ba ka ’na ba tšaba ho ikarabella ho Molimo e le Bakreste ba inehetseng. Ba ka ’na ba nahana hore ho molemo hore ba se ke ba inehela ho Jehova hobane ba tšaba hore ba ka ’na ba hlōleha ’me ba mo soabisa.

18. Ke’ng e ka u susumelletsang hore u inehele ho Jehova?

18 Ha u ntse u ithuta ho rata Jehova, u tla susumelletseha ho inehela ho eena le ho etsa sohle se matleng a hao ho phelela boinehelo ba hao. (Moeklesia 5:4) Ha u se u inehetse, ka sebele u tla batla ho ‘tsamaea ka mokhoa o tšoanelang Jehova e le hore u mo khahlise ka botlalo.’ (Bakolose 1:10) Ka lebaka la lerato la hao ho Molimo, u ke ke ua nka ho etsa thato ea hae e le ntho e thata. Ntle ho pelaelo u tla lumellana le moapostola Johanne, ea ileng a ngola a re: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae; leha ho le joalo litaelo tsa hae ha li boima.”—1 Johanne 5:3.

19. Ke hobane’ng ha u sa lokela ho tšaba ho inehela ho Molimo?

19 Ha ho hlokahale hore u be motho ea phethahetseng e le hore u inehele ho Molimo. Jehova o tseba mefokolo ea hao ’me le ka mohla a ke ke a lebella hore u etse se fetang seo u ka se khonang. (Pesaleme ea 103:14) O batla hore u atlehe ’me o tla u thusa le ho u tšehetsa. (Esaia 41:10) U ka kholiseha hore haeba u tšepile Jehova ka pelo ea hao eohle, o “tla otlolla litsela tsa hao.”—Liproverbia 3:5, 6.

HO TŠOANTŠETSA BOINEHELO BA HAO KA HO KOLOBETSOA

20. Ke hobane’ng ha ho inehela ho Jehova e ke ke ea lula e le taba ea lekunutu?

20 Ho nahana ka lintho tseo re sa tsoa buisana ka tsona ho ka ’na ha u thusa hore u inehele ho Jehova ka thapelo. Motho e mong le e mong ea hlileng a ratang Jehova o boetse o lokela ho “bolela phatlalatsa hore a bolokehe.” (Baroma 10:10) Seo u se etsa joang?

Kolobetso e bolela ho shoa tseleng eo re neng re phela ka eona pele le ho phelela ho etsa thato ea Molimo

21, 22. U ka ‘bolela tumelo ea hao phatlalatsa’ joang?

21 Tsebisa mohokahanyi oa sehlopha sa baholo oa phutheho ea heno hore u batla ho kolobetsoa. O tla lokisetsa hore baholo ba itseng ba hlahlobe lipotso tse ’maloa tse tšohlang lithuto tsa motheo tsa Bibele le uena. Haeba baholo bao ba lumellana hore ua tšoaneleha, ba tla u bolella hore u ka kolobetsoa ha monyetla o latelang o hlaha. * Liketsahalong tseo ho atisa ho fanoa ka puo e hlalosang seo kolobetso e se bolelang. Ka mor’a moo sebui se kōpa bohle ba eang kolobetsong hore ba arabe lipotso tse peli tse bonolo e le tsela ea ho ‘bolela tumelo ea bona phatlalatsa’ ka molomo.

22 Ke kolobetso e u khethollang phatlalatsa hore u inehetse ho Molimo le hore joale u e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ba kolobetsoang ba qoelisoa ka ho feletseng ka metsing e le ho bontša phatlalatsa hore ba inehetse ho Jehova.

SE BOLELOANG KE HO KOLOBETSOA HA HAO

23. Ho bolela’ng ho kolobetsoa “ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang”?

23 Jesu o ile a re barutuoa ba hae ba tla kolobetsoa “ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang.” (Matheu 28:19) Sena se bolela hore motho ea kolobetsoang o ela hloko bolaoli ba Jehova Molimo le ba Jesu Kreste. (Pesaleme ea 83:18; Matheu 28:18) Hape o ela hloko seo moea o halalelang oa Molimo, kapa matla a hae a sebetsang, o se etsang le seo o se finyellang.—Bagalata 5:22, 23; 2 Petrose 1:21.

24, 25. (a) Kolobetso e tšoantšetsa eng? (b) Motho o lokela ho araba potso efe?

24 Empa kolobetso hase feela taba ea ho qoelisoa ka metsing. E tšoantšetsa taba e ’ngoe ea bohlokoahali. Ho kena ka tlas’a metsi ho tšoantšetsa ho shoa tseleng eo u neng u phela ka eona pele. Ho nyolloa ka metsing ho bontša hore joale u se u phelela ho etsa thato ea Molimo. Hape u hopole hore u inehetse ho Jehova Molimo, eseng mosebetsing o itseng, morerong o itseng, bathong ba itseng, kapa mokhatlong o itseng. Ho inehela le ho kolobetsoa ha hao ke qalo ea botsoalle bo atamelaneng le Molimo—e leng kamano e haufi-ufi le eena.—Pesaleme ea 25:14.

25 Kolobetso hase tiiso ea hore motho o tla bolokeha. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Le ’ne le sebeletse poloko ea lōna ka tšabo le thothomelo.” (Bafilipi 2:12) Kolobetso e mpa e le qalo feela. Potso ke hore, U ka lula leratong la Molimo joang? Khaolo ea rōna ea ho qetela e tla araba potso ena.

^ ser. 21 Ho lokisetsoa hore batho ba kolobetsoe likopanong tse khōlō le tse nyenyane tseo Lipaki Tsa Jehova li li tšoarang selemo le selemo.