Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOMATHISO

Kamoo Boprofeta ba Daniele bo Bolelang ho Fihla ha Mesia Esale Pele Kateng.

Kamoo Boprofeta ba Daniele bo Bolelang ho Fihla ha Mesia Esale Pele Kateng.

MOPROFETA DANIELE o phetse lilemo tse fetang 500 pele Jesu a tsoaloa. Leha ho le joalo, Jehova o ile a senolela Daniele boitsebiso bo neng bo tla etsa hore ho be bonolo ho supa nako eo Jesu a neng a tla tlotsoa ka eona, kapa eo a neng a tla khethoa ka eona, hore e be Mesia, kapa Kreste. Daniele o ile a bolelloa sena: “U lokela ho tseba ’me u be le temohisiso hore ho tloha ha ho tsoa lentsoe la hore Jerusalema e tsosolosoe ’me e hahuoe hape ho fihlela ho Mesia Moeta-pele, ho tla ba le libeke tse supileng, le libeke tse mashome a tšeletseng a metso e ’meli.”—Daniele 9:25.

E le hore re fumane nako eo Mesia a neng a tla fihla ka eona, re lokela ho qala ka ho fumana hore na nako e etellang pele ho tla ha Mesia e qala ho baloa neng. Ho ea ka boprofeta, ke “ho tloha ha ho tsoa lentsoe la hore Jerusalema e tsosolosoe ’me e hahuoe hape.” ‘Lentsoe leo le ile la tsoa’ neng? Ho ea ka mongoli oa Bibele Nehemia, lentsoe le reng ho tsosolosoe marako a pota-potileng Jerusalema le tsoile “selemong sa mashome a mabeli sa Morena Artaxerxerse.” (Nehemia 2:1, 5-8) Bo-rahistori ba tiisa hore Artaxerxerse o qalile ho busa ka selemo sa 475 B.C.E. Ka hona, selemo sa bo20 sa puso ea hae e bile 455 B.C.E. Joale re fumane nako eo boprofeta ba Daniele bo mabapi le Mesia e qalang ho baloa ka eona, e leng 455 B.C.E.

Daniele o bontša hore na nako e etellang pele ho fihla ha “Mesia Moeta-pele” e ne e tla ba telele hakae. Boprofeta boo bo bua ka “libeke tse supileng, le libeke tse mashome a tšeletseng a metso e ’meli”—e leng libeke tse 69 ka kakaretso. Ee ke nako e telele hakae? Liphetolelo tse ’maloa tsa Bibele li re libeke tsena hase libeke tsa matsatsi a supileng, empa ke libeke tsa lilemo. Ka mantsoe a mang, beke ka ’ngoe e emela lilemo tse supileng. Bajuda ba boholo-holo ba ne ba tloaetse khopolo ena ea libeke tsa lilemo, kapa lilemo tse arotsoeng ka lihlopha tsa tse supileng. Ka mohlala, ba ne ba boloka selemo sa Sabatha ka selemo se seng le se seng sa bosupa. (Exoda 23:10, 11) Ka hona, libeke tse 69 tsa boprofeta li lekana le lihlopha tse 69 tsa lilemo tse 7 sehlopha ka seng, kapa lilemo tse 483 ka kakaretso.

Joale re se re saletsoe ke ho bala feela. Ha re bala lilemo tse 483 ho tloha ho 455 B.C.E., re fihla selemong sa 29 C.E. Seo ke sona selemo seo Jesu a kolobelitsoeng ka sona le seo e bileng Mesia ka sona! * (Luka 3:1, 2, 21, 22) Na hona hase ho phethahala ho hlollang ha boprofeta ba Bibele?

^ ser. 2 Ho tloha ho 455 B.C.E. ho ea ho 1 B.C.E. ke lilemo tse 454. Ho tloha ho 1 B.C.E. ho ea ho 1 C.E. ke selemo (ha ho na selemo sa 0). ’Me ho tloha ho 1 C.E. ho ea ho 29 C.E. ke lilemo tse 28. Ha re kopanya lipalo tsena tse tharo re fumana lilemo tse 483 ka kakaretso. Jesu o ile a “tlosoa” ha a shoa ka 33 C.E., e le nakong ea beke ea bo70 ea lilemo. (Daniele 9:24, 26) Bona buka e reng Ela Hloko Boprofeta ba Daniele! khaolong ea 11 le Insight on the Scriptures, Volume 2, leqepheng la 899-901. Ka bobeli li hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.