Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOMATHISO

1914 ke Selemo sa Bohlokoa Boprofeteng ba Bibele

1914 ke Selemo sa Bohlokoa Boprofeteng ba Bibele

LILEMO tse mashome esale pele, liithuti tsa Bibele li ile tsa bolela hore ho ne ho tla etsahala liketsahalo tsa bohlokoa ka 1914. Ho ne ho tla etsahala’ng, hona ho na le bopaki bofe bo bontšang hore 1914 ke selemo sa bohlokoa joalo?

Joalokaha ho tlalehiloe ho Luka 21:24, Jesu o ile a re: “Jerusalema e tla hatakeloa ke lichaba, ho fihlela linako tse behiloeng tsa lichaba [“linako tsa Balichaba,” King James Version] li phethahala.” Jerusalema e ne e le motse-moholo oa sechaba sa Bajuda—e le setsi sa marena a lesika la ntlo ea Morena Davida. (Pesaleme ea 48:1, 2) Empa marena ao a ne a ikhetha har’a baeta-pele ba lichaba tse ling. A ne a lutse “teroneng ea Jehova” e le baemeli ba Molimo. (1 Likronike 29:23) Kahoo Jerusalema e ne e tšoantšetsa bobusi ba Jehova.

Joale bobusi ba Molimo bo ile ba qala ho “hatakeloa ke lichaba” neng hona joang? Sena se etsahetse ka 607 B.C.E. ha Bababylona ba hapa Jerusalema. Ha ho morena ea ileng a lula “teroneng ea Jehova,” ’me lesika la Davida la borena le ile la khaotsa. (2 Marena 25:1-26) Na ho “hatakeloa” hoo ho ne ho tla tsoela pele ka ho sa feleng? Che, kaha boprofeta ba Ezekiele bo ile ba re ka morena oa ho qetela oa Jerusalema, e leng Tsedekia: “Rōla tuku, u rōle moqhaka. . . . Ka sebele e ke ke ea e-ba oa motho e mong ho fihlela ho tla ea nang le tokelo ea molao, ’me ke tla mo fa eona.” (Ezekiele 21:26, 27) Kreste Jesu ke eena ea nang le “tokelo ea molao” ea ho roala moqhaka oa lesika la Davida. (Luka 1:32, 33) Kahoo ho “hatakeloa” hoo ho ne ho tla emisa ha Jesu e e-ba Morena.

Ketsahalo eo ea bohlokoa e ne e tla etsahala neng? Jesu o ile a bontša hore Balichaba ba ne ba tla busa ka nako e itseng e boletsoeng. Tlaleho e ho Daniele khaolo ea 4 e fana ka leseli le re thusang ho tseba hore na nako eo e ne e tla ba telele hakae. E bua ka toro ea boprofeta eo Morena Nebukadnezare oa Babylona a ileng a e lora. O ile a bona sefate se seholohali se renngoeng. Kutu ea sona e ne e sitoa ho hōla hobane e ne e tlanngoe ka tšepe le koporo. Lengeloi le ile la phatlalatsa la re: “Linako tse supileng li fete holim’a eona.”—Daniele 4:10-16.

Ka linako tse ling, lifate li sebelisetsoa ho emela bobusi ka Bibeleng. (Ezekiele 17:22-24; 31:2-5) Kahoo ho rengoa ha sefate seo sa tšoantšetso ho emela kamoo bobusi ba Molimo, bo neng bo emeloa ke marena a Jerusalema, bo neng bo tla khaotsa kateng. Leha ho le joalo, pono eo e ile ea bolela hore ho ‘hatakeloa hona ha Jerusalema’ e ne e tla ba ha nakoana—ho ne ho tla nka “linako tse supileng.” Linako tseo li telele hakae?

Tšenolo 12:6, 14 e bontša hore linako tse tharo le halofo li lekana le “matsatsi a sekete le makholo a mabeli le mashome a tšeletseng.” Ka hona “linako tse supileng” li ne li tla mena matsatsi ao habeli, kapa e be matsatsi a 2 520. Empa lichaba tsa Balichaba ha lia ka tsa emisa ho ‘hatakela’ bobusi ba Molimo ka mor’a matsatsi a 2 520 feela Jerusalema e oele. Kahoo ho hlakile hore boprofeta bona bo ne bo akaretsa nako e telele ho feta eo. Ho latela Numere 14:34 le Ezekiele 4:6, tse buang ka “letsatsi bakeng sa selemo,” “linako tse supileng” e ne e tla ba lilemo tse 2 520.

Lilemo tse 2 520 li ile tsa qala ka October 607 B.C.E., ha Bababylona ba hapa Jerusalema ’me morena oa lesika la Davida a tlosoa teroneng ea hae. Nako eo e ile ea fela ka October 1914. Ka nako eo, “linako tse behiloeng tsa lichaba” li ile tsa fela, ’me Jesu Kreste a behoa setulong e le Morena oa leholimo ea khethiloeng ke Molimo. *Pesaleme ea 2:1-6; Daniele 7:13, 14.

Feela joalokaha Jesu a ne a boletse esale pele, “ho ba teng” ha hae e le Morena oa leholimo ho ’nile ha tšoauoa ka liketsahalo tse tšosang tse etsahalang lefatšeng—lintoa, litlala, litšisinyeho tsa lefatše le mafu a seoa. (Matheu 24:3-8; Luka 21:11) Ho etsahala ha lintho tsena ho fana ka bopaki bo matla ba hore ha e le hantle 1914 e ne e tšoaea ho tsoaloa ha ’Muso oa Molimo oa leholimo le ho qaleha ha ‘matsatsi a ho qetela’ a tsamaiso ena e khopo ea lintho.—2 Timothea 3:1-5.

^ ser. 4 Ho tloha ho October 607 B.C.E. ho ea ho October 1 B.C.E. ke lilemo tse 606. Kaha ha ho na selemo sa 0, ho tloha ho October 1 B.C.E. ho ea ho October 1914 C.E. ke lilemo tse 1 914. Ha re kopanya lilemo tse 606 le tse 1 914, re fumana lilemo tse 2 520. Ho fumana boitsebiso bo buang ka taba ea ho oa ha Jerusalema ka 607 B.C.E., bona sehlooho se reng “Chronology” ho Insight on the Scriptures, le se reng “Matsatsi” bukeng ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo, leqepheng la 283-86, ka bobeli li hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.