Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOMATHISO

Ho Khetholla “Babylona e Moholo”

Ho Khetholla “Babylona e Moholo”

BUKA ea Tšenolo e na le lipolelo tseo re lokelang ho li nka e le tsa tšoantšetso. (Tšenolo 1:1) Ka mohlala, e bua ka mosali eo ho ngotsoeng lebitso “Babylona e Moholo” phatleng ea hae. Mosali enoa ho thoe o lutse holim’a “matšoele le lichaba.” (Tšenolo 17:1, 5, 15) Kaha ha ho mosali oa sebele ea ka etsang sena, e tlameha ebe Babylona e Moholo e tšoantšetsa ho itseng. Kahoo, seotsoa see sa tšoantšetso se emela’ng?

Ho Tšenolo 17:18, mosali enoa oa tšoantšetso o hlalosoa e le “motse o moholo o nang le ’muso holim’a marena a lefatše.” Lentsoe “motse” le bontša hore ke sehlopha se hlophisitsoeng sa batho. Kaha ‘motse ona o moholo’ o laola “marena a lefatše,” e tlameha ebe mosali enoa ea bitsoang Babylona e Moholo ke mokhatlo o nang le tšusumetso lichabeng ka kakaretso. Ka nepo o ka bitsoa ’muso oa lefatše. Ke ’muso oa mofuta ofe? Oa bolumeli. Hlokomela kamoo litemana tse ling tsa buka ea Tšenolo li re lebisang qetong ena kateng.

’Muso e ka ba oa lipolotiki, oa khoebo, kapa oa bolumeli. Mosali eo ea bitsoang Babylona e Moholo hase ’muso oa lipolotiki hobane Lentsoe la Molimo le re “marena a lefatše,” kapa mekhatlo ea lefatše lena ea lipolotiki, “a etsa bohlola” le eena. Bohlola boo a bo etsang ke lilekane tseo a li entseng le babusi ba lefatše lena ’me seo se hlalosa lebaka leo ka lona a bitsoang “seotsoa se seholo.”—Tšenolo 17:1, 2; Jakobo 4:4.

Babylona e Moholo e ke ke ea e-ba ’muso oa khoebo kaha ‘bahoebi ba lefatše,’ ba emelang mekhatlo ea khoebo, ba tla sareloa ha e timetsoa. Ha e le hantle, marena le bahoebi ba hlalosoa ba shebeletse Babylona e Moholo ba le “hōjana.” (Tšenolo 18:3, 9, 10, 15-17) Ka hona, hoa utloahala ho etsa qeto ea hore Babylona e Moholo hase ’muso oa lipolotiki kapa oa khoebo, empa ke oa bolumeli.

Taba e ’ngoe e tiisang ho khetholloa ha Babylona e Moholo e le bolumeli ke mantsoe a reng e khelosa lichaba tsohle ka ‘ho tloaela ha eona ho sebelisana le meea.’ (Tšenolo 18:23) Kaha mefuta eohle ea tšebelisano le meea e tsamaisana le bolumeli ebile e susumetsoa ke bademona, ha ho makatse ha Bibele e re Babylona e Moholo ke “sebaka sa bolulo sa bademona.” (Tšenolo 18:2; Deuteronoma 18:10-12) Hape ho hlalosoa hore ’muso ona o hanyetsa bolumeli ba ’nete ka matla, o hlorisa “baprofeta” le “bahalaleli.” (Tšenolo 18:24) Ha e le hantle, Babylona e Moholo e hloile bolumeli ba ’nete ka matla hoo e hlorisang “lipaki tsa Jesu” ka mabifi le ho li bolaea. (Tšenolo 17:6) Kahoo, ho hlakile hore mosali enoa ea bitsoang Babylona e Moholo o emela ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, o akarelletsang malumeli ’ohle a khahlanong le Jehova Molimo.