Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 6

Tsela ea ho Khetha Boithabiso bo Molemo

Tsela ea ho Khetha Boithabiso bo Molemo

“Le etse lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo.”—1 BAKORINTHE 10:31.

1, 2. Re lokela ho khetha boithabiso ba mofuta ofe?

IPONE feela u le makhatheng a ho ja tholoana e monate o tsoang ka litsebe empa joale u hlokomela hore ho na le karolo e bolileng. U tla etsa’ng? U ka ’na ua ja tholoana eo kaofela, esita le eona karolo eo e bolileng, u ka lahla tholoana eo kaofela, ho akarelletsa le karolo eo e bolileng kapa u ka seha karolo e bolileng ea tholoana eaba u ja karolo e sa bolang. U tla khetha ho etsa’ng?

2 Ka tsela e itseng, boithabiso bo batla bo tšoana le tholoana eo. Ka linako tse ling, u batla ho ikhatholla ka tsela e itseng, empa u hlokomela hore boithabiso bo bongata bo teng kajeno ke ba boitšoaro bo bobe, ebile bo bolile. Ebe joale u tla etsa’ng? Ba bang ba ka ’na ba mamella ntho e mpe le ho amohela boithabiso bo bong le bo bong bo teng lefatšeng. Ba bang ba ka ’na ba qoba boithabiso bohle e le ho tiisa hore ha ba ipepesetse ntho efe kapa efe e kotsi. Ba bang hape ba ka ’na ba e-ba hlokolosi hore ba qobe boithabiso bo kotsi empa ka linako tse ling ba kopanela ho bo batlang bo le molemo. U lokela ho khetha bofe e le hore u ipoloke leratong la Molimo?

3. Joale ke eng eo re tla e tšohla?

3 Boholo ba rōna bo ne bo ka khetha mofuta oa boraro. Rea lumela hore re hloka boikhathollo bo itseng empa re batla ho ithabisa feela ka lintho tsa boitšoaro bo hloekileng. Kahoo, re lokela ho nahana hore na re ka khetha joang pakeng tsa se molemo le se seng molemo. Leha ho le joalo, a re qaleng ka ho tšohla hore na boithabiso boo re bo khethang bo ka ama borapeli ba rōna ho Jehova joang.

“LE ETSE LINTHO TSOHLE BAKENG SA THORISO EA MOLIMO”

4. Boinehelo ba rōna bo lokela ho ama boithabiso boo re bo khethang joang?

4 Nakong e fetileng, Paki e ’ngoe e seng e hōlile e ileng ea kolobetsoa ka 1946 e ile ea re: “Kamehla ke tiisa hore ke ba teng puong e ’ngoe le e ’ngoe ea kolobetso le ho mamela ka hloko, joalokaha eka ke ’na ea kolobetsoang.” Hobane’ng? E ile ea hlalosa, “Ho hopola boinehelo ba ka kamehla e bile bohato ba bohlokoa bo nthusang hore ke lule ke tšepahala.” Ha ho pelaelo hore u tla lumellana le maikutlo ao. Ho ikhopotsa hore u ile ua tšepisa Jehova hore u ne u tla mo sebeletsa bophelong bohle ba hao ho u khothalletsa ho mamella. (Moeklesia 5:4; Baheberu 10:7) Ha e le hantle, ho nahanisisa ka boinehelo ba hao ho ke ke ha ama pono ea hao ea tšebeletso ea Bokreste feela empa ho tla ama le likarolo tse ling tsohle tsa bophelo ba hao, ho akarelletsa le boithabiso. Moapostola Pauluse o ile a hatisa ’nete ena ha a ne a ngolla Bakreste ba mehleng ea hae, a re: “Ebang lea ja kapa lea noa kapa le etsa ntho leha e le efe e ’ngoe, le etse lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo.”—1 Bakorinthe 10:31.

5. Levitike 22:18-20 e re thusa joang ho bona temoso e poteletseng e ho Baroma 12:1?

5 Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang bophelong e amana le borapeli ba hao ho Jehova. Lengolong la hae le neng le e-ea ho Baroma, Pauluse o ile a sebelisa lentsoe le matla hore a hatise ’nete ena ho balumeli-’moho le eena. O ile a ba khothatsa a re: “Le hlahise ’mele ea lōna e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Molimo, e le tšebeletso e halalelang ka matla a lōna a ho nahana.” (Baroma 12:1) ’Mele oa hao o akarelletsa kelello ea hao, pelo ea hao le matla a hao a ’mele. U sebelisa lintho tsena kaofela tšebeletsong ea Molimo. (Mareka 12:30) Pauluse o re tšebeletso ena e etsoang ka moea oohle ke sehlabelo. Lentsoe leo le fana ka temoso e poteletseng. Molaong oa Moshe, Molimo o ne a hana sehlabelo se neng se e-na le sekoli. (Levitike 22:18-20) Ka tsela e tšoanang, haeba sehlabelo sa tšebeletso ea Mokreste se silafetse ka tsela e itseng, Molimo a ke ke a se amohela. Leha ho le joalo, ebe see se ka etsahala joang?

6, 7. Mokreste a ka silafatsa ’mele oa hae joang, ’me liphello e ka ba life?

6 Pauluse o ile a khothatsa Bakreste ba Roma ka ho re: ‘Le se ke la tsoela pele le hlahisa litho tsa lōna [“litho tsa ’mele ea lōna,” New International Version] sebeng.’ Pauluse o ile a boela a ba bolella hore ba ‘bolaee litloaelo tsa ’mele.’ (Baroma 6:12-14; 8:13) Pejana lengolong la hae, o ne a fane ka mehlala ea “litloaelo [tseo] tsa ’mele.” Re bala se latelang mabapi le batho ba baetsalibe: “Melomo ea bona e tletse thohako.” “Maoto a bona a lebelo ho tšolla mali.” “Ha ho tšabo ea Molimo ka pel’a mahlo a bona.” (Baroma 3:13-18) Mokreste o ne a tla silafatsa ’mele oa hae, haeba a ne a ka sebelisa “litho” tsa hae kapa litho tsa ’mele oa hae mekhoeng eo e mebe ea boetsalibe. Ka mohlala, haeba kajeno Mokreste a shebella ka boomo lintho tse silafetseng tse kang litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro kapa a shebella pefo e sehlōhō, o ‘hlahisa mahlo a hae sebeng’ ’me ka ho etsa joalo o silafatsa ’mele oohle oa hae. Borapeli bohle boo a bo etsang bo fetoha sehlabelo se seng se sa halalele le se sa amoheleheng ho Molimo. (Deuteronoma 15:21; 1 Petrose 1:14-16; 2 Petrose 3:11) O kotsing e kaakang ka lebaka la ho phehella boithabiso bo seng molemo!

7 Ho hlakile hore boithabiso boo Mokreste a bo khethang bo na le liphello tse boima. Ka lebaka leo, ntle ho pelaelo re batla ho khetha boithabiso bo tla khabisa sehlabelo seo re se etsetsang Molimo, eseng bo tla se silafatsa. Joale, a re tšohleng taba ea hore na re ka tseba joang hore na boithabiso bo molemo le bo seng molemo ke bofe.

“NYONYANG SE KHOPO”

8, 9. (a) Ka kakaretso, boithabiso bo ka aroloa ka likarolo life tse peli? (b) Re hana boithabiso ba mofuta ofe, hona hobane’ng?

8 Ka kakaretso, boithabiso bo ka aroloa likarolo tse peli. Karolo e ’ngoe e akarelletsa boithabiso boo Bakreste ba bo qobang ka ho feletseng; e ’ngoe ke ea boithabiso boo Bakreste ba ka ’nang ba bo amohela kapa ba se ke ba bo amohela. A re qaleng ka ho tšohla karolo ea pele, e leng ea boithabiso boo Bakreste ba bo qobang.

Joalokaha re bone Khaolong ea 1, mefuta e meng ea boithabiso e bontša liketso tseo ho hlakileng hore Bibele ea li nyatsa. Ka mohlala, nahana ka mecha ea phatlalatso ea Inthanete, libaesekopo, mananeo a thelevishene hammoho le ’mino o nang le mantsoe a khothalletsang bokhopo, bodemona, kapa o hlahisang litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro kapa o khothalletsang mekhoa e nyonyehang ea boitšoaro bo bobe. Kaha mekhoa ena e bolileng ea boithabiso e thoholetsa liketso tse hanyetsang melao-motheo ea Bibele kapa tse sa lumellaneng le melao ea Bibele, Bakreste ba ’nete ba lokela ho e ila. (Liketso 15:28, 29; 1 Bakorinthe 6:9, 10; Tšenolo 21:8) Ha u hana boithabiso bo joalo bo seng molemo, u bontša Jehova hore kannete u ‘nyonya se khopo’ le hore kamehla u ‘furalla se sebe.’ Ka tsela eo, u na le ‘tumelo e se nang boikaketsi.’—Baroma 12:9; Pesaleme ea 34:14; 1 Timothea 1:5.

10. Ke monahano ofe o kotsi mabapi le boithabiso, hona o kotsi ka lebaka lefe?

10 Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba nahana hore ha ho kotsi ho shebella boithabiso bo pepesang boitšoaro bo bobe. Ba beha lebaka la hore, “Nka bo shebella libaesekopong kapa thelevisheneng, empa ’na nke ke ka etsa lintho tsa mofuta oo.’ Ho nahana joalo hoa thetsa ebile ho kotsi. (Jeremia 17:9) Haeba re thabela ho shebella seo Jehova a se nyatsang, na re hlile re ‘nyonya se khopo’? Ho shebella boitšoaro bo khopo nako le nako ho tla re thotofatsa maikutlo. (Pesaleme ea 119:70; 1 Timothea 4:1, 2) Mokhoa o joalo o ka ama seo re se etsang kapa oa ama maikutlo a rōna ka boitšoaro ba boetsalibe ba batho ba bang.

11. Ho bonahetse joang hore Bagalata 6:7 ke ’nete tabeng ea boithabiso?

11 Sena se hlile se etsahetse. Bakreste ba bang ba entse boitšoaro bo bobe hobane ba ile ba susumetsoa ke boithabiso boo ba neng ba tloaetse ho bo shebella. Ba ile ba ithuta habohloko hore “leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule.” (Bagalata 6:7) Empa litholoana tse bosula joalo li ka qojoa. Haeba u le hlokolosi hore u jale se hloekileng kelellong ea hao, ka thabo u tla kotula se molemo bophelong ba hao.—Bona lebokose le nang le sehlooho se reng  “Ke Lokela ho Khetha Boithabiso ba Mofuta Ofe?” leqepheng la 67.

LIQETO TSEO MOTHO A LI THEHANG MELAO-MOTHEONG EA BIBELE

12. Bagalata 6:5 e sebetsa joang tabeng ea boithabiso, ’me re tataisoa ke’ng ha re etsa liqeto?

12 Joale, a re tšohleng karolo ea bobeli—e leng boithabiso bo bontšang liketso tseo Lentsoe la Molimo le sa li nyatseng ka ho toba kapa le sa li emeleng ka kotloloho. Ha Mokreste a khetha boithabiso bo joalo, o lokela ho iketsetsa qeto ea hore na ke eng eo a e fumanang e le molemo. (Bagalata 6:5) Leha ho le joalo, ha re lokela ho etsa qeto ntlheng ena, re na le se re tataisang. Bibele e na le melao-motheo, kapa linnete tsa bohlokoa tse re thusang ho lemoha kamoo Jehova a nahanang kateng. Ha re ela hloko melao-motheo ena, re tla lemoha “seo thato ea Jehova e leng sona” linthong tsohle, ho akarelletsa le boithabisong boo re bo khethang.—Baefese 5:17.

13. Ke eng e tla re susumelletsa ho qoba boithabiso bo sa khahliseng Jehova?

13 Hoa utloahala hore litabeng tsa boitšoaro, hase Bakreste bohle ba ntlafalitseng pono ea bona kapa temoho ea bona ka tsela e tšoanang. (Bafilipi 1:9) Ho feta moo, Bakreste baa hlokomela hore tabeng ea boithabiso, batho ha ba rate lintho tse tšoanang. Kahoo, re ke ke ra lebella hore Bakreste bohle ba tla khetha lintho tse tšoanang hantle. Leha ho le joalo, ha re lumella melao-motheo ea Molimo hore e susumetse likelello le lipelo tsa rōna haholo, re tla chesehela haholo ho qoba mofuta leha e le ofe oa boithabiso o sa khahliseng Jehova.—Pesaleme ea 119:11, 129; 1 Petrose 2:16.

14. (a) Ke ntlha efe eo re lokelang ho nahana ka eona ha re khetha boithabiso? (b) Re ka etelletsa pele litaba tsa borapeli joang bophelong?

14 Ha u khetha boithabiso, ho na le ntlha e ’ngoe ea bohlokoa eo u lokelang ho nahana ka eona, e leng nako ea hao. Le hoja lintho tseo u ithabisang ka tsona li bontša hore na u amohela boithabiso ba mofuta ofe, nako eo u e qetang ho bona e bontša hore na sa bohlokoa ke sefe ho uena. Ho hlakile hore ho Bakreste, lintho tsa borapeli ke tsona tsa bohlokoa ka ho fetisisa. (Matheu 6:33) Ebe joale u ka etsa’ng ho tiisa hore litaba tsa borapeli li lula e le tsona tse tlang pele bophelong ba hao? Moapostola Pauluse o ile a re: “Le lule le lebetse ka tieo hore kamoo le tsamaeang kateng hase joaloka batho ba seng bohlale empa ke joaloka ba bohlale, le ithekele nako e loketseng.” (Baefese 5:15, 16) Ka sebele, ho lekanyetsa nako eo u e sebelisetsang boithabiso ho tla u thusa hore u be le nako e hlokahalang bakeng sa “lintho tsa bohlokoa haholo”—e leng mesebetsi e tla u tsoela molemo moeeng.—Bafilipi 1:10.

15. Ke hobane’ng ha ho loketse hore u be hlokolosi ha u khetha boithabiso?

15 Ho boetse ho loketse hore u be hlokolosi ha u khetha boithabiso. Seo se bolela’ng? Nahana hape ka mohlala oane oa tholoana. Ho qoba ho ja karolo e bolileng u sa ikemisetsa, ha u sehe feela moo ho bolileng empa u seha le sebaka se pota-potileng. Ka ho tšoanang, ho loketse hore u be hlokolosi ha u khetha boithabiso. Mokreste ea bohlale ha a qobe feela boithabiso boo ho hlakileng hore bo tlōla melao-motheo ea Bibele empa o boetse o qoba mefuta ea boithabiso e belaetsang kapa eo ho bonahalang e e-na le lintho tse ka senyang kamano ea hae le Jehova. (Liproverbia 4:25-27) Ho khomarela Lentsoe la Molimo ho tla u thusa hore u fele u etse seo.

“LINTHO LIFE KAPA LIFE TSE HLOEKILENG”

Ho sebelisa melao-motheo ea Molimo ha re khetha boithabiso ho re sireletsa hore re se ke ra lemala moeeng

16. (a) Re ka bontša joang hore re na le pono ea Jehova litabeng tsa boitšoaro? (b) Ho sebelisa melao-motheo ea Bibele e ka ba tsela eo u phelang ka eona joang?

16 Bakreste ba ’nete ba nahana pele ka pono ea Jehova ha ba khetha boithabiso. Bibele e senola maikutlo a Jehova le melao ea hae. Ka mohlala, Morena Solomone o thathamisa lintho tse ’maloa tseo Jehova a li hloileng, tse kang “leleme la bohata, le matsoho a tšollang mali a hlokang molato, pelo e rerang merero e kotsi, maoto a potlakelang ho mathela bobeng.” (Liproverbia 6:16-19) Pono ea Jehova e lokela ho ama pono ea hao joang? Mopesaleme o khothatsa ka ho re: “Lōna ba ratang Jehova, hloeang se sebe.” (Pesaleme ea 97:10) Boithabiso boo u bo khethang bo lokela ho bontša hore ruri u hloile seo Jehova a se hloileng. (Bagalata 5:19-21) Hape, u hopole hore seo u se etsang boinotšing, eseng hakaalo seo u se etsang har’a batho, ke sona se senolang hore na ha e le hantle u motho oa mofuta ofe. (Pesaleme ea 11:4; 16:8) Kahoo, haeba likarolong tsohle tsa bophelo ba hao u lakatsa ka pelo eohle ho etsisa maikutlo a Jehova litabeng tsa boitšoaro, kamehla u tla etsa liqeto tse lumellanang le melao-motheo ea Bibele. Ena e tla ba tsela eo u phelang ka eona.—2 Bakorinthe 3:18.

17. Pele re khetha boithabiso, re lokela ho botsa lipotso life?

17 Ke eng hape eo u ka e etsang ho tiisa hore u tla nka khato tumellanong le monahano oa Jehova ha u khetha boithabiso? Nahana ka potso ena, ‘See se tla nkama joang ’me se ame kamano ea ka le Molimo joang?’ Ka mohlala, pele u etsa qeto ea ho shebella baesekopo e itseng, ipotse, ‘Lintho tse bontšoang baesekopong ee li tla ama letsoalo la ka joang?’ A re hlahlobeng hore na ke melao-motheo efe e ka sebelisoang tabeng ena.

18, 19. (a) Molao-motheo o ho Bafilipi 4:8 o ka re thusa joang hore re lekanyetse hore na boithabiso ba rōna bo molemo kapa che? (b) Ke melao-motheo efe e meng e ka u thusang ho khetha boithabiso bo molemo? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

18 Molao-motheo oa bohlokoa o fumanoa ho Bafilipi 4:8, e reng: “Lintho life kapa life tsa ’nete, lintho life kapa life tseo ho amehoang ka tsona ka botebo, lintho life kapa life tse lokileng, lintho life kapa life tse hloekileng, lintho life kapa life tse ratehang, lintho life kapa life tse buuoang hantle, bokhabane bofe kapa bofe le ntho efe kapa efe e lokeloang ke thoriso, le tsoele pele ho nahana ka lintho tsena.” Ke ’nete hore Pauluse o ne a sa bue ka taba ea boithabiso, empa o ne a bua ka menahano ea pelo, e lokelang ho likoloha linthong tse khahlisang Molimo. (Pesaleme ea 19:14) Leha ho le joalo, mantsoe a Pauluse a ka boela a sebelisoa le tabeng ea boithabiso. Joang?

19 Ipotse, ‘Na libaesekopo, lipapali tsa video, ’mino, kapa mefuta e meng ea boithabiso eo ke e khethang, e tlatsa kelello ea ka ka “lintho life kapa life tse hloekileng”?’ Ka mohlala, ka mor’a ho shebella baesekopo, ke litšoantšo life tse sallang kelellong ea hao? Haeba ke tse thabisang, tse hloekileng le tse khathollang, ua tseba hore boithabiso ba hao bo ne bo le molemo. Leha ho le joalo, haeba baesekopo eo u neng u e shebeletse e etsa hore u nahane ka lintho tse sa hloekang, boithabiso ba hao bo ne bo sa loka, bo bile bo le kotsi. (Matheu 12:33; Mareka 7:20-23) Hobane’ng? Hobane ho nahana ka lintho tsa boitšoaro bo sa hloekang ho u hlokisa khotso moeeng, ho silafatsa letsoalo la hao le koetlisitsoeng ka Bibele ’me ho ka senya kamano ea hao le Molimo. (Baefese 5:5; 1 Timothea 1:5, 19) Kaha boithabiso bo joalo boa u lematsa, ikemisetse ho bo qoba. * (Baroma 12:2) Etsisa mopesaleme ea ileng a rapela Jehova a re: “Phemisa mahlo a ka hore a se ke a bona se se nang thuso.”—Pesaleme ea 119:37.

BATLA SE MOLEMO HO BATHO BA BANG

20, 21. Bakorinthe ba Pele 10:23, 24 e sebetsa joang tabeng ea ho khetha boithabiso bo molemo?

20 Pauluse o ile a bolela molao-motheo oa bohlokoa oa Bibele oo ho lokelang ho nahanoa ka oona ha ho etsoa liqeto litabeng tse amang motho ka mong. O ile a re: “Lintho tsohle li lumelloa ke molao; empa hase lintho tsohle tse hahang. E mong le e mong a ’ne a batle, eseng se molemo ho eena, empa se molemo ho motho e mong.” (1 Bakorinthe 10:23, 24) Molao-motheo oo o sebetsa joang ha ho khethoa boithabiso bo molemo? Ho hlokahala hore u ipotse, ‘Boithabiso boo ke bo khethang bo tla ama batho ba bang joang?’

21 Letsoalo la hao le ka ’na la u lumella hore u kopanele boithabisong bo itseng boo u nkang hore bo “lumelloa ke molao,” kapa boa amoheleha. Leha ho le joalo, haeba u hlokomela hore matsoalo a balumeli ba bang a ba thibela ho kopanela mofuteng o itseng oa boithabiso, le uena u ka ’na ua etsa qeto ea ho bo tlohela. Hobane’ng? Hobane joalokaha Pauluse a ile a bolela, ha u batle ho ‘siteloa barab’eno’—kapa hona ho “siteloa Kreste”—ka ho thatafalletsa balumeli-’moho le uena ka ho eketsehileng hore ba lule ba tšepahala ho Molimo. U nka ka botebo keletso ena e reng: “Phemang ho ba lisosa tsa khopiso.” (1 Bakorinthe 8:12; 10:32) Kajeno Bakreste ba ’nete ba mamela keletso ea Pauluse e bontšang ho nahanela le kutloisiso ka hore ba qobe boithabiso bo ka ’nang ba “lumelloa ke molao” empa e le bo ‘sa haheng.’—Baroma 14:1; 15:1.

22. Ke hobane’ng ha Bakreste ba lumella ho se tšoane ka maikutlo litabeng tse amang motho ka mong?

22 Leha ho le joalo, ho na le lehlakore le leng la taba ea ho batla se molemo ho batho ba bang. Mokreste ea nang le letsoalo le mo thibelang ho etsa lintho tse itseng ha aa lokela ho tsitlella hore bohle ka phuthehong ea Bokreste ba ee ka pono ea hae e thata-thata mabapi le hore na boithabiso bo loketseng ke bo joang. Ha a ne a ka etsa joalo, o ne a tla tšoana le mokhanni ea tseleng e khōlō ea tsitlellang hore bakhanni ba bang kaofela ba sebelisang tsela le eena ba khanne ka lebelo le ratoang ke eena. Ho batla ntho ea mofuta oo e ne e tla ba ho se nahanele. Ka lebaka la lerato la Bokreste, motho eo letsoalo la hae le mo thibelang ho kopanela boithabisong bo itseng o lokela ho hlompha balumeli-’moho le eena ba nkang boithabiso ka tsela e batlang e fapane le ea hae empa ba ntse ba lumellana le melao-motheo ea Bokreste. Ka tsela eo, o etsa hore ‘ho ba le kahlolo e molemo ha hae ho ke ho tsejoe ke batho bohle.’—Bafilipi 4:5; Moeklesia 7:16.

23. U ka tiisa joang hore u khetha boithabiso bo molemo?

23 Ka bokhutšoanyane, u ka tiisa joang hore u khetha boithabiso bo molemo? Hana mofuta ofe kapa ofe oa boithabiso bo pepesang liketso tsa boitšoaro bo hlephileng tseo Lentsoe la Molimo le li nyatsang ka ho hlakileng. Latela melao-motheo ea Bibele e ka sebelisoang mefuteng ea boithabiso eo Bibele e sa bueng ka ho toba ka eona. Qoba boithabiso bo lematsang letsoalo la hao, ’me u ikemisetse ho tela mefuta ea boithabiso e ka ’nang ea khopisa ba bang, haholo-holo balumeli-’moho le uena. E se eka qeto ea hao e tiileng ea ho khetha boithabiso bo molemo e ka tlotlisa Molimo ’me ea boloka uena le lelapa la hao le le leratong la hae.

^ ser. 19 Melao-motheo e meng e sebetsang tabeng ea boithabiso e fumanoa ho Liproverbia 3:31; 13:20; Baefese 5:3, 4; le Bakolose 3:5, 8, 20.