Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 11

“Lenyalo le ke le Hlomphehe”

“Lenyalo le ke le Hlomphehe”

“U thabe le mosali oa bocha ba hao.”—LIPROVERBIA 5:18.

1, 2. Re tla tšohla potso efe, hona hobane’ng?

NA U kene lenyalong? Haeba ho joalo, na lenyalo la hao le u fa thabo, kapa le na le mathata a maholo? Na uena le molekane oa hao ha le sa hula hammoho? Na u se u peselelitse feela lenyalong? Haeba ho joalo, ha ho pelaelo hore u utloa bohloko hore ebe monate oa tlamahano ea lenyalo oo u kileng ua o thabela o fokotsehile. Kaha u Mokreste, ka sebele u ne u ka rata hore lenyalo la hao le tlotlise Jehova, Molimo eo u mo ratang. Kahoo, e ka ’na eaba maemo a hao a hona joale aa u tšoenya ebile a u utloisa bohloko. Leha ho le joalo, re kōpa hore u se ke ua etsa qeto ea hore bothata ba hao bo ke ke ba rarolleha.

2 Kajeno, ho na le banyalani ba bangata ba molemo ba Bakreste ba kileng ba mamella ho lula hammoho empa ho ne ho se na kamano e matla pakeng tsa bona. Leha ho le joalo, ba ile ba fumana tsela ea ho matlafatsa kamano ea bona. Le uena u ka khotsofala ka ho eketsehileng lenyalong la hao. Joang?

HO ATAMELA HAHOLOANYANE HO MOLIMO LE HO MOLEKANE OA HAO

3, 4. Ke hobane’ng ha balekane ba lenyalo ba tla atamelana haholoanyane haeba ba loanela ho atamela haholoanyane ho Molimo? Bontša.

3 Uena le molekane oa hao le tla atamelana haholoanyane haeba le loanela ho atamela haholoanyane ho Molimo. Hobane’ng? Nahana ka papiso ena: Ak’u nahane ka thaba e motlorutlo—e sephara tlaase empa e le tšesaane ha e e-ea holimo. Monna o eme mosikong oa thaba ka leboea ’me mosali eena o eme ka lehlakoreng le leng, mosikong oa thaba ka boroa. Ba qala ho hloa thaba bobeli ba bona. Ha bobeli ba bona ba sa ntse ba le tlaase ho thaba, ho na le sebaka se seholo se ba arohantseng. Empa, ha e mong le e mong oa bona a ntse a nyolohela holimo ho ea qhooeng, sebaka se lipakeng tsa bona se ntse se nyenyefala. Na u bona thuto e khothatsang papisong ee?

4 Boiteko boo u bo etsang ba ho sebeletsa Jehova ka botlalo bo ka tšoantšoa le boiteko bo etsoang ho hloa thaba. Kaha u rata Jehova, ho ka ’na ha thoe u se u ntse u leka ka matla ho hloa thaba ena. Empa haeba pakeng tsa hao le molekane oa hao ho e-na le lekhalo, ho ka etsahala hore ebe le hloa thaba ena ka mahlakoreng a mabeli a sa tšoaneng. Leha ho le joalo, ho etsahala’ng ha le ntse le e-hloa? Ha ho pelaelo hore qalong ho ka ’na ha e-ba le sebaka se seholo se le arohantseng. Ho sa tsotellehe seo, ha le leka ka matla ho atamela haholoanyane ho Molimo—ke hore le e-hloa ho ea holimo—uena le molekane oa hao le ntse le atamelana haholoanyane. Ka sebele, ho atamela haholoanyane ho Molimo ke ntho ea bohlokoa e ka u thusang ho atamela haholoanyane ho molekane oa hao. Empa seo u ka se etsa joang?

Haeba e sebelisoa, tsebo ea Bibele e na le matla a ho matlafatsa lenyalo la lōna

5. (a) Tsela e ’ngoe ea ho atamela haholoanyane ho Jehova le ho molekane oa motho oa lenyalo ke efe? (b) Jehova o nka lenyalo joang?

5 Ka puo ea tšoantšetso, tsela e ’ngoe ea bohlokoa eo ka eona uena le molekane oa hao le ka hloang ho ea holimo, ke ka hore le mamele keletso e ka Lentsoeng la Molimo e mabapi le lenyalo. (Pesaleme ea 25:4; Esaia 48:17, 18) Kahoo, nahana ka keletso e ’ngoe e tobileng e ileng ea boleloa ke moapostola Pauluse. O ile a re: “Lenyalo le ke le hlomphehe har’a bohle.” (Baheberu 13:4) Seo se bolela’ng? Lentsoe ‘hlompheha’ le bolela hore ntho ea tlotleha ebile ke ea bohlokoa. Ke eona tsela eo Jehova a nkang lenyalo ka eona—o le nka e le la bohlokoa.

SE KA U SUSUMETSANG KE HO RATA JEHOVA KA PELO EOHLE

6. Moelelo oa keletso ea Pauluse mabapi le lenyalo o bontša’ng, ’me ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho o hopola?

6 Ha e le hantle, kaha le bahlanka ba Molimo, uena le molekane oa hao le se le ntse le tseba hore lenyalo ke la bohlokoa, ebile lea halalela. Tokisetso ea lenyalo e thehiloe ke Jehova ka boeena. (Matheu 19:4-6) Leha ho le joalo, haeba le e-na le mathata a lenyalo hona joale, ho tseba feela hore lenyalo lea hlompheha ho ka ’na ha se ke ha lekana ho susumetsa uena le molekane oa hao hore le tšoarane ka lerato le ka tlhompho. Ebe joale ke eng e tla le susumetsa hore le etse joalo? Ela hloko kamoo Pauluse a ileng a bua kateng ka taba ea ho bontša tlhompho. Ha aa ka a re, “lenyalo lea hlompheha”; ho e-na le hoo, o itse, “lenyalo le ke le hlomphehe.” Pauluse o ne a sa ntše maikutlo a hae feela, o ne a fana ka khothatso. * Ho hopola hore Pauluse o ne a sa ntše maikutlo a hae feela empa o ne a fana ka khothatso e ka ba tšusumetso e eketsehileng ea ho tsosolosa tlhompho eo u hlomphang molekane oa hao ka eona. Ke hobane’ng ha ho le joalo?

7. (a) Ke litaelo life tsa Mangolo tseo re li phethang, hona hobane’ng? (b) Ho mamela ho tlisa liphello life tse ntle?

7 Ka motsotsoana, nahana ka hore na u nka litaelo tse ling tsa Mangolo joang, tse kang taelo ea ho etsa barutuoa kapa khothatso ea ho bokana hammoho bakeng sa borapeli. (Matheu 28:19; Baheberu 10:24, 25) Ke ’nete hore ho phetha litaelo tseo ho ka ’na ha e-ba thata ka linako tse ling. Batho bao u ba bolellang litaba tse molemo ba ka ’na ba se ke ba e-ba le thahasello, kapa ka lebaka la mosebetsi oa boipheliso u ka ’na ua khathala hoo u ka thatafalloang ho ea libokeng tsa Bokreste. Leha ho le joalo, u tsoela pele u bolela molaetsa oa ’Muso, ebile u tsoela pele ho ba teng libokeng tsa Bokreste. Ha ho ea ka u thibelang—esita le Satane a ke ke a u thibela! Hobane’ng? Hobane ha u rata Jehova ho tsoa botebong ba pelo seo se tla u susumelletsa ho mamela litaelo tsa hae. (1 Johanne 5:3) Ka liphello life tse ntle? Ho kopanela mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo le ho ba teng libokeng hoa u khotsofatsa ebile ho etsa hore u thabe ho tsoa botebong ba pelo hobane ua tseba hore u etsa thato ea Molimo. ’Me ka lebaka leo, boikutlo boo, bo nchafatsa matla a hao. (Nehemia 8:10) Re ithuta’ng ho see?

8, 9. (a) Ke eng e ka ’nang ea re susumelletsa ho mamela khothatso ea ho hlompha lenyalo, hona hobane’ng? (b) Joale re tla tšohla lintlha life tse peli?

8 Feela joalokaha lerato le matla leo u ratang Molimo ka lona le u susumelletsa ho mamela taelo ea ho bolela litaba tse molemo le ea ho bokana le ba bang ho sa tsotellehe litšitiso, tsela eo u ratang Jehova ka eona e ka u susumetsa hore u mamele khothatso ea Mangolo e reng “lenyalo [la hao] le ke le hlomphehe,” esita le ha ho ka bonahala eka seo se thata. (Baheberu 13:4; Pesaleme ea 18:29; Moeklesia 5:4) Ho phaella moo, joalokaha boiteko ba hao ba ho kopanela mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo le ba ho bokana le ba bang bo tlisa litlhohonolofatso tse ngata tse tsoang ho Molimo, ka ho tšoanang Jehova o tla hlokomela boiteko ba hao ba ho hlompha lenyalo la hao ’me o tla bo hlohonolofatsa.—1 Bathesalonika 1:3; Baheberu 6:10.

9 Ebe joale u ka etsa joang hore lenyalo la hao le hlomphehe? U lokela ho qoba boitšoaro bo tla senya lenyalo la hao. Ho phaella moo, u lokela ho nka mehato e tla matlafatsa tlamahano ea lenyalo.

QOBA BOITŠOARO LE LIPUO TSE HLOMPHOLLANG LENYALO

10, 11. (a) Ke boitšoaro bofe bo hlomphollang lenyalo? (b) Ke potso efe eo re ka e tšohlang le balekane ba rōna?

10 Mosali e mong oa Mokreste o kile a re: “Ke rapela Jehova hore a mphe matla a ho mamella.” Ho mamella eng? O ile a hlalosa: “Monna oa ka o ntlhaba ka mantsoe. E ka ’na eaba ha ke na matetetso a bonahalang, empa lipolelo tsa hae tse sa feleng tse hlabang, tse kang ‘U moroalo!’ le ‘Ha u na thuso!’ li ntemalitse maikutlo.” Mosali enoa o hlahisa taba e tšoenyang haholo—e leng lipuo tse hlabang lenyalong.

11 Ke ntho e soabisang hakaakang ha lelapeng la Bakreste banyalani ba hlabana ka mantsoe, ba lematsana maikutlo ka tsela e sa phekoleheng habonolo! Ho hlakile hore lenyalo la batho ba hlabanang ka mantsoe ha le hlomphehe. Lenyalo la hao le joang tabeng ee? Tsela e ’ngoe eo u ka tsebang sena ka eona ke ka hore ka boikokobetso u botse molekane oa hao, “Mantsoe a ka a u tšoara joang?” Haeba molekane oa hao a utloa hore nako le nako mantsoe a hao a ’nile a mo hlabehisa, u ikemisetse ho fetola boitšoaro ba hao e le hore u ntlafatse boemo.—Bagalata 5:15; Baefese 4:31.

12. Borapeli ba motho e ka ba lefeela joang mahlong a Molimo?

12 U lokela ho hlakeloa hantle ke taba ea hore tsela eo u sebelisang leleme la hao ka eona lenyalong la hao, e ama kamano ea hao le Jehova. Bibele e re: “Haeba motho leha e le ofe a ipona eka ke morapeli ea khomaretseng molao leha ho le joalo a sa laole leleme la hae joalokaha eka ke ka tōmo, empa a tsoela pele ho thetsa pelo ea hae, mofuta oa borapeli oa motho enoa ke lefeela.” (Jakobo 1:26) Borapeli ba hao le tsela eo u buang ka eona lia tsamaisana. Bibele ha e tšehetse maikutlo a hore eng kapa eng e etsahalang lapeng hase letho hafeela motho a bolela hore o sebeletsa Molimo. Re kōpa hore u se ke ua ithetsa. Taba ena e tebile. (1 Petrose 3:7) Ho ka etsahala hore ebe u na le bokhoni le cheseho, empa haeba ka boomo u utloisa molekane oa hao bohloko ka mantsoe a hlabang, u hlompholla lenyalo ’me Molimo a ka ’na a nka borapeli ba hao e le lefeela.

13. Molekane oa lenyalo a ka utloisa maikutlo a e mong bohloko joang?

13 Banyalani ba boetse ba lokela ho hlokomela hore ha ba utloisane bohloko ka litsela tse sa tobang. Nahana ka mehlala e ’meli: ’Mè ea se nang molekane o letsetsa monna oa Mokreste ea nyetseng ea ka phuthehong khafetsa a kōpa keletso, ’me ba bua halelele; mor’abo rōna oa lesoha oa Mokreste o qeta nako e ngata beke le beke a le tšebeletsong ea tšimo le morali’abo rōna oa Mokreste ea nyetsoeng. E ka ’na eaba boikemisetso ba balekane ba lenyalo mehlaleng eo bo botle; empa, boitšoaro ba bona bo ama balekane ba bona joang? Mosali e mong ea neng a thulane le boemo bo joalo o ile a re: “Ke utloa bohloko ha ke bona monna oa ka a qeta nako e ngata haholo le morali e mong oeso ka phuthehong a bile a mo fa tlhokomelo e ngata. Ho nketsa hore ke ikutloe ke le mosesaane.”

14. (a) Genese 2:24 e totobatsa boikarabelo bofe ba lenyalo? (b) Re lokela ho ipotsa eng?

14 Hoa utloahala ha molekane enoa le ba bang ba boemong bo tšoanang lenyalong, ba utloa bohloko. Balekane ba bona ba hlokomoloha taelo e ka sehloohong ea Molimo bakeng sa lenyalo: ‘Monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae a khomarele mosali oa hae.’ (Genese 2:24) Ke ’nete hore ba kenang lenyalong ba ntse ba hlompha batsoali ba bona; empa, ke tokisetso ea Molimo hore ba ikarabelle pele ka balekane ba bona. Ka ho tšoanang, Bakreste ba rata balumeli-’moho le bona haholo; empa boikarabelo ba bona bo ka sehloohong ke balekane ba bona. Kahoo, ha Bakreste ba lenyalong ba qeta nako e ngata haholo le balumeli-’moho le bona kapa ba tloaelana le bona ka tsela e feteletseng, haholo-holo ha e le ba bong bosele, ba thefula tlamahano ea bona ea lenyalo. Na seo e ka ba lebaka la khohlano lenyalong la lōna? Ipotse: ‘Na ka sebele ke fa molekane oa ka nako, tlhokomelo le lerato tseo ka tšoanelo e leng tsa hae?’

15. Ho ea ka Matheu 5:28, ke hobane’ng ha Bakreste ba lenyalong ba lokela ho qoba ho fa motho oa bong bosele tlhokomelo e sa lokelang?

15 Ho feta moo, Bakreste ba lenyalong ba fang batho ba bong bosele bao e seng balekane ba bona tlhokomelo e sa lokelang, ka booatla ba khasetsa mollong. Ka masoabi, Bakreste ba bang ba lenyalong ba ile ba e-ba le maikutlo a lerato bakeng sa bao ba tloaelaneng le bona ka tsela e feteletseng. (Matheu 5:28) Ka lebaka leo, ho tlamahana le ba bang maikutlong ka tsela eo ho bakile boitšoaro bo hlomphollang lenyalo le ho feta. Nahana ka seo moapostola Pauluse a se buileng ka taba ena.

“LIPHATE TSA LENYALO LI HLOKE LITŠILA”

16. Pauluse o fana ka taelo efe mabapi le lenyalo?

16 Kapele feela ka mor’a hore Pauluse a fane ka khothatso e reng “lenyalo le ke le hlomphehe,” o ile a eketsa ka temoso ena: “Liphate tsa lenyalo li [ke li] hloke litšila, kaha Molimo o tla ahlola lihlola le bafebi.” (Baheberu 13:4) Pauluse o ile a sebelisa poleloana e reng “liphate tsa lenyalo” ha a bua ka ho kopanela liphate. Ho kopanela liphate ho ‘hloka litšila,’ kapa ke boitšoaro bo hloekileng, haeba ho etsoa feela lenyalong. Kahoo, Bakreste ba mamela mantsoe ana a bululetsoeng: “U thabe le mosali oa bocha ba hao.”—Liproverbia 5:18.

17. (a) Ke hobane’ng ha Bakreste ba sa lokela ho susumetsoa ke tsela eo lefatše le nkang bofebe ka eona? (b) Re ka latela mohlala oa Jobo joang?

17 Ba kopanelang liphate le batho bao e seng balekane ba bona ba hlompholla melao ea Molimo ea boitšoaro ka tsela e feteletseng. Ke ’nete hore batho ba bangata kajeno ba nka bofebe e le boitšoaro bo tloaelehileng. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na batho ba bang ba nka bofebe joang, seo ha sea lokela ho susumetsa tsela eo Bakreste ba bo nkang ka eona. Ba hlokomela hore qetellong, hase motho empa ke “Molimo [ea] tla ahlola lihlola le bafebi.” (Baheberu 10:31; 12:29) Kahoo, Bakreste ba ’nete ba khomarela pono ea Jehova tabeng ena. (Baroma 12:9) Hopola hore mopatriareka Jobo o ile a re: “Ke hlabile selekane le mahlo a ka.” (Jobo 31:1) Ka sebele, ho qoba bohato leha bo le bong bo ka isang bofebeng, Bakreste ba ’nete ba laola mahlo a bona ’me ha ho mohla ba khallang motho oa bong bosele eo e seng molekane oa bona.—Bona Sehlomathiso leqepheng la 219-21.

18. (a) Mahlong a Jehova, bofebe ke ntho e mpe hakae? (b) Bofebe le borapeli ba litšoantšo li tšoana ka eng?

18 Mahlong a Jehova, bofebe ke ntho e mpe hakae? Molao oa Moshe o re thusa ho bona hore na Jehova o ikutloa joang ka bona. Bofebe le borapeli ba litšoantšo e ne e le tse ling tsa liphoso tseo motho a neng a ka ahloleloa lefu ka lebaka la tsona Iseraele. (Levitike 20:2, 10) Na ua bona hore na liketso tsee tse peli li tšoana ka eng? Ha e le hantle, Moiseraele ea neng a rapela setšoantšo o ne a roba selekane sa hae le Jehova. Ka ho tšoanang, Moiseraele ea neng a etsa bofebe o ne a roba selekane sa hae le molekane oa hae. Bobeli ba bona ba ne ba sebelitse lintho ka bolotsana. (Exoda 19:5, 6; Deuteronoma 5:9; Malakia 2:14) Kahoo, ka bobeli ba ne ba nyatseha ka pel’a Jehova, Molimo ea tšepahalang le ea ka tšeptjoang.—Pesaleme ea 33:4.

19. Ke eng e ka matlafatsang boikemisetso ba motho ba ho hana bofebe, hona hobane’ng?

19 Ke ’nete hore Bakreste ha ba tlas’a Molao oa Moshe. Leha ho le joalo, ho hopola hore Iseraele ea boholo-holo bofebe bo ne bo nkoa e le sebe se seholo ho ka matlafatsa Bakreste boikemisetsong ba bona ba hore ba se ke ba etsa boitšoaro bo joalo. Hobane’ng? Nahana ka papiso ena: Na ho na le mohla u ka kenang ka kerekeng, eaba u khumama ka mangole u rapela ka pel’a setšoantšo? U ka ’na ua re, ‘Le ka mohla nkeke!’ Empa na u ne u tla leka ho etsa joalo haeba u ne u ka tšepisoa chelete e ngata? U ka ’na ua arabela ka ho re, ‘Hase ntho e ka etsahalang!’ Ka sebele, Mokreste oa ’nete o nyonya le ho nahana feela ka hore a koenehele Jehova ka ho rapela setšoantšo. Ka tsela e tšoanang, Bakreste ba lokela ho nyonya khopolo ea ho koenehela Molimo oa bona, Jehova, hammoho le balekane ba bona ka hore ba febe—ho sa tsotellehe hore na ba hoheloa ka eng hore ba etse sebe. (Pesaleme ea 51:1, 4; Bakolose 3:5) Ho hang ha re batle ho etsa ketso e tla thabisa Satane empa e hlompholle Jehova haholo le tokisetso e halalelang ea lenyalo.

KAMOO U KA MATLAFATSANG TLAMAHANO EA HAO EA LENYALO

20. Ho etsahetse’ng manyalong a mang? Bontša.

20 Ntle ho ho qoba boitšoaro bo hlomphollang lenyalo, u ka nka mehato efe ho tsosolosa tlhompho ea hao ho molekane oa hao oa lenyalo? Ho araba potso eo, nka hore lenyalo ke ntlo. Ka mor’a moo, nka hore mantsoe a mosa, liketso tse bontšang ho nahanela le lipolelo tse ling tseo balekane ba lenyalo ba li bolellanang ke mekhabiso e eketsang botle ba ntlo. Ha le utloa hore le atamelane, lenyalo la lōna le tšoana le ntlo e khabisitsoeng ka mekhabiso e etsang hore e be ntle le hore e be mofuthu. Ha lerato la lōna le qepha, mekhabiso eo e nyamela butle-butle, ’me lenyalo la lōna le sala le le bolutu joaloka ntlo e se nang mekhabiso. Kaha u rata ho mamela taelo ea Molimo ea hore “lenyalo le ke le hlomphehe,” u tla susumelletseha hore u ntlafatse boemo. Ka sebele, hoa tšoaneleha hore ntho ea bohlokoa le e hlomphehang e lokisoe, kapa e nchafatsoe. See u ka se etsa joang? Lentsoe la Molimo le re: “Ntlo e tla hahuoa ka bohlale, ’me e tla tiisoa ka thata ka masene. Ka tsebo likamore tse ka hare li tla tlala lintho tsohle tsa bohlokoa le tse khahlisang tsa bohlokoa.” (Liproverbia 24:3, 4) Nahana hore na mantsoe ana a ka sebelisoa joang lenyalong.

21. Re ka matlafatsa manyalo a rōna butle-butle joang? (Bona le  lebokose le leqepheng la 131.)

21 Har’a ‘lintho tsa bohlokoa’ tse tlatsang lelapa le thabileng ke litšobotsi tse kang lerato la ’nete, ho tšaba Molimo le tumelo e tiileng. (Liproverbia 15:16, 17; 1 Petrose 1:7) Lintho tsena li tiisa lenyalo. Empa na u hlokometse hore na likamore tseo ho buuoang ka tsona maeleng a qotsitsoeng ka holimo li tlatsoa joang ka lintho tsa bohlokoa? “Ka tsebo.” Ha ho pelaelo hore haeba e sebelisoa, tsebo ea Bibele e na le matla a ho fetola tsela eo batho ba nahanang ka eona ebile e ba susumelletsa ho tsosolosa lerato leo ba ratanang ka lona. (Baroma 12:2; Bafilipi 1:9) Kahoo, neng le neng ha uena le molekane oa hao le lula fatše ’me ka khutso le tšohla karolo e itseng ea Bibele e amanang le lenyalo, e kang temana ea letsatsi, kapa sehlooho se thehiloeng Bibeleng se ho Molula-Qhooa kapa ho Tsoha! ho joalokaha eka le ne le hlahloba mokhabiso o motle o ka khabisang ntlo ea lōna. Ha lerato leo le ratang Jehova ka lona le le susumelletsa hore lenyalong la lōna le sebelise keletso eo le sa tsoa e hlahloba, ho ka ’na ha thoe ho tšoana le ha le kenya mokhabiso oo ka ‘likamoreng tsa lōna tse ka hare.’ Ka lebaka leo, botle le mofuthu tseo le kileng la li thabela lenyalong la lōna li ka ’na tsa khutla.

22. Ke eng e tla re khotsofatsa ha re ikitlaelletsa ho phetha karolo ea rōna ho matlafatsa manyalo a rōna?

22 Ke ’nete hore ho ka ’na ha hlokahala nako e telele le boiteko hore mekhabiso eo e khutlisetsoe malulong ka bonngoe. Leha ho le joalo, haeba u ikitlaelletsa ho phetha karolo ea hao, u tla khotsofatsoa haholo ke ho tseba hore u mamela taelo ea Bibele e reng: “Etellang pele ho bontšaneng tlhompho.” (Baroma 12:10; Pesaleme ea 147:11) Ka holimo ho tsohle, boiteko ba hao bo matla ba ho tlotla lenyalo la hao bo tla etsa hore u lule leratong la Molimo.

^ ser. 6 Moelelo o bontša hore temoso ea Pauluse mabapi le lenyalo ke karolo ea letoto la likhothatso tseo a faneng ka tsona.—Baheberu 13:1-5.