Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 12

Bua se “Molemo Bakeng sa ho Haha”

Bua se “Molemo Bakeng sa ho Haha”

“Polelo e bolileng e se ke ea tsoa melomong ea lōna, empa ho tsoe polelo efe kapa efe e molemo bakeng sa ho haha.”—BAEFESE 4:29.

1-3. (a) Ke mpho efe eo Jehova a re fileng eona, hona e ka sebelisoa hampe joang? (b) E le hore re lule leratong la Molimo, re lokela ho sebelisa mpho ea ho bua joang?

HAEBA u ne u ka fa motho eo u mo ratang mpho, u ne u tla ikutloa joang haeba a ne a ka e sebelisa hampe ka boomo? A re re u mo file koloi, ’me hamorao u utloa hore o ile a e khanna habohlasoa eaba o lematsa batho ba bang. Na u ne u sa tl’o soaba?

2 Tsebo ea ho bua puo e utloahalang ke mpho e tsoang ho Jehova, Mofani oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng.” (Jakobo 1:17) Mpho ena, e khethollang batho ho liphoofolo, e re thusa hore re se ke ra bolella ba bang mehopolo ea rōna feela empa re be re ba bolelle le hore na re ikutloa joang. Leha ho le joalo, joaloka koloi, mpho ea ho bua e ka sebelisoa hampe. E tlameha ebe Jehova o soaba hakaakang ha puo e sebelisoa habohlasoa, ’me e bakela ba bang masisa-pelo ebile e ba utloisa bohloko!

3 E le hore re lule leratong la Molimo, re lokela ho sebelisa mpho ea ho bua kamoo Mofani oa eona a neng a rerile kateng. Jehova oa hlakisa hore na o khahlisoa ke lipuo tsa mofuta ofe. Lentsoe la Hae le re: “Polelo e bolileng e se ke ea tsoa melomong ea lōna, empa ho tsoe polelo efe kapa efe e molemo bakeng sa ho haha kamoo tlhokahalo e ka bang kateng, e le hore e ka fana ka se molemo ho ba e utloang.” (Baefese 4:29) A re ke re tšohleng hore na ke hobane’ng ha re lokela ho laola lipuo tsa rōna, hore na ke lipuo tsa mofuta ofe tseo re lokelang ho li qoba, le hore na re ka bua lipuo tse “molemo bakeng sa ho haha” joang.

KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO LAOLA LIPUO TSA RŌNA?

4, 5. Maele a mang a Bibele a hlalosa matla ao mantsoe a nang le ’ona joang?

4 Lebaka le leng la bohlokoa la hore re laole lipuo tsa rōna ke hore mantsoe a matla. Liproverbia 15:4 e re: “Ho khutsa ha leleme ke sefate sa bophelo, empa ho khopama ha lona ho bolela ho sithabela moeeng.” * Feela joalokaha metsi a tsosa sefate se nyoriloeng, ka tsela e tšoanang lipuo tse bonolo tse tsoang lelemeng le khathollang li ka hlabolla moea oa ba li utloang. Empa mantsoe a khopameng a leleme le sothehileng a fapane, a ka nyotobetsa ba bang. Ka sebele, mantsoe ao re a buang a na le matla a ho ntša kotsi kapa a ho folisa.—Liproverbia 18:21.

5 Ha a hlalosa ka ho hlakileng matla ao mantsoe a nang le ’ona, maele a mang a re: “Ho na le ea buang a sa nahane joalokaha eka ke ka ho hlaba ha sabole.” (Liproverbia 12:18) Mantsoe a buuoang ka potlako a sa nahanoa a ka siea leqeba le tebileng maikutlong a ba a senya likamano. Na pelo ea hao e se e kile ea hlajoa ke mantsoe joalokaha eka e hlajoa ka sabole? Maele ’ona ao, ha a beha litaba ka botleng a re: “Maleme a ba bohlale ke pholiso.” Mantsoe a bontšang ho nahanela a motho ea bontšang bohlale ba bomolimo a ka folisa pelo e lutlang mali a ba a tsosolosa likamano. Na u ka hopola ha u ne u utloa matla a folisang a mantsoe a mosa? (Liproverbia 16:24) Kaha rea hlokomela hore mantsoe a matla, ka sebele re batla ho sebelisa lipuo tsa rōna hore re folise ba bang, eseng re ba utloise bohloko.

Lipuo tse bonolo lia khatholla

6. Ke hobane’ng ha ho laola maleme a rōna e le ntoa ea sebele?

6 Ho sa tsotellehe hore na re leka ka matla hakae, re ke ke ra laola maleme a rōna ka ho feletseng. Lebaka la bobeli la hore na ke hobane’ng ha re lokela ho laola lipuo tsa rōna ke lena: Sebe le ho se phethahale li etsa hore re sekamele mokhoeng oa ho sebelisa maleme a rōna hampe. Mantsoe a tsoa lipelong tsa rōna, ’me “tšekamelo ea pelo ea motho e mpe.” (Genese 8:21; Luka 6:45) Ka lebaka leo, ke ntoa ea sebele hore re laole maleme a rōna. (Jakobo 3:2-4) Le hoja re ke ke ra laola maleme a rōna ka ho phethahetseng, re ka ’na ra leka ho ntlafatsa tsela eo re a sebelisang ka eona. Feela joalokaha motho ea lekang ho sesa a nyolosa nōka a tlameha ho tsoela pele a loana le maqhubu, le rōna re lokela ho tsoela pele re loana le tšekamelo ea rōna ea boetsalibe ea ho sebelisa maleme a rōna hampe.

7, 8. Jehova o re nka re ikarabella ka mantsoe a rōna hakae?

7 Lebaka la boraro la hore re laole lipuo tsa rōna ke hore Jehova o re nka re ikarabella ka mantsoe a rōna. Tsela eo re sebelisang maleme a rōna ka eona ha e ame feela kamano ea rōna le batho ba bang empa e boetse e ama le hore na Jehova o re talima joang. Jakobo 1:26 e re: “Haeba motho leha e le ofe a ipona eka ke morapeli ea khomaretseng molao leha ho le joalo a sa laole leleme la hae joalokaha eka ke ka tōmo, empa a tsoela pele ho thetsa pelo ea hae, mofuta oa borapeli oa motho enoa ke lefeela.” * Joalokaha re bone khaolong e fetileng, lipuo tsa rōna le borapeli ba rōna lia tsamaisana. Haeba re sa laole maleme a rōna—re bua lipuo tse utloisang bohloko, le tse chefo—mesebetsi eohle ea rōna ea Bokreste e ka ba e se nang thuso mahlong a Molimo. Na ee hase taba eo re lokelang ho e nahana ka botebo?—Jakobo 3:8-10.

8 Ho hlakile hore re na le mabaka a utloahalang a hore re itebele hore re se ke ra sebelisa mpho ea ho bua hampe. Pele re tšohla mefuta ea lipuo tse phelisang tse hahang, a re ke re tšohleng lipuo tseo ho hang Mokreste oa ’nete a sa lokelang ho li bua.

LIPUO TSE HELETSANG

9, 10. (a) Ke puo ea mofuta ofe e fetohileng mokhoa oa ho bua oa letsatsi le letsatsi lefatšeng la kajeno? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba puo e nyonyehang? (Bona le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

9 Puo e nyonyehang. Ho nyefola, puo e litšila, le mefuta e meng ea puo e nyonyehang ke mekhoa e tloaelehileng ea ho bua lefatšeng la kajeno. Batho ba bangata ba sebelisa litlhapa ha ba hatisa taba kapa ha ba sa tsebe hantle hore na ba lokela ho sebelisa lentsoe lefe. E le ho qabola batho, hangata bo-rametlae ba sebelisa lipuo tse tala le lipuo tse buang ka ho kopanela liphate. Leha ho le joalo, puo e nyonyehang, hase ntho e qabolang. Lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, moapostola Pauluse ea bululetsoeng o ile a eletsa phutheho ea Kolose hore e tlose “puo e nyonyehang.” (Bakolose 3:8) Pauluse o ile a bolella phutheho ea Efese hore “mesoaso e nyonyehang” ke e ’ngoe ea lintho tseo ‘le ho boleloa li sa lokelang ho boleloa har’a’ Bakreste ba ’nete.—Baefese 5:3, 4.

10 Puo e nyonyehang e khopisa Jehova. E boetse e khopisa le ba mo ratang. Ka sebele, lerato la rōna bakeng sa Jehova le re susumelletsa hore re qobe puo e nyonyehang. Ha Pauluse a ne a thathamisa “mesebetsi ea nama,” o ile a bolela “ho se hloeke,” ho ka ’nang ha akarelletsa puo e litšila. (Bagalata 5:19-21) Taba ena e tebile. Motho a ka khaoloa phuthehong haeba le ka mor’a hore a eletsoe khafetsa a sa bake ’me a tsoela pele ho bua kapa ho khothalletsa puo e buang ka boitšoaro bo bobe haholo, e silafatsang le e bolisang. *

11, 12. (a) Ke neng ho ka bang kotsi ho bua ka batho ba bang? (b) Ke hobane’ng ha barapeli ba Jehova ba lokela ho qoba lipuo tse etselletsang?

11 Ho bua ka batho ka mokhoa o kotsi le ho etselletsa. Batho ba rata ho bua ka batho ba bang le ka se etsahalang bophelong ba bona. Na ho bua ka batho ho kotsi kamehla? Ha ho kotsi haeba e le moqoqo feela oo ho oona re ka ’nang ra bolellana litaba tse monate kapa tse nang le thuso, tse kang tsa hore na ke mang ea sa tsoa kolobetsoa kapa hore na ke mang ea hlokang khothatso. Bakreste ba lekholo la pele la lilemo ba ne ba tsotellana haholo ’me ba ne ba phetelana litaba tse monate ka balumeli-’moho le bona. (Baefese 6:21, 22; Bakolose 4:8, 9) Leha ho le joalo, ho bua ka batho ba bang ho ka ba kotsi haeba ho khopamisa litaba kapa ho senola makunutu a bona. Ho hobe le ho feta, ho ka baka ho etselletsa, ’me hona ho kotsi kamehla. Ho etselletsa “ke ho etsa liqoso tsa bohata . . . tse silafatsang le ho senya botumo ba motho e mong.” Ka mohlala, Bafarisi ba ile ba sebelisa ketselletso e lonya ha ba ne ba leka ho senya Jesu lebitso. (Matheu 9:32-34; 12:22-24) Hangata ho etselletsa ho baka ho hloka kutloano.—Liproverbia 26:20.

12 Jehova ha a ho nke e le taba e bobebe ha batho ba sebelisa mpho ea ho bua hore ba senye ba bang mabitso kapa hore ba bake likarohano. O hloile batho ba “bakang ho hloka kutloano har’a bara ba motho.” (Liproverbia 6:16-19) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “moetselletsi” ke di·aʹbo·los, le boetse le sebelisoa e le lebitso le leng la Satane. Ke “Diabolose,” moetselletsi e mobe oa Molimo. (Tšenolo 12:9, 10) Ka sebele re batla ho qoba puo eo ha e le hantle e tla re etsa hore re tšoane le Diabolose. Lipuo tse etselletsang tse hlahisang mesebetsi ea nama e kang “likhang” le “likarohano” ha li amohelehe ka phuthehong. (Bagalata 5:19-21) Kahoo, pele u pheta litaba tse buang ka motho e mong, ipotse, ‘Na ke ’nete? Na e ne e tla ba ho bontša mosa ho bua ka taba ee? Na hoa hlokahala kapa ke bohlale ho bua ka taba ee?’—1 Bathesalonika 4:11.

13, 14. (a) Puo e nyefolang e ka ama ba e utloang joang? (b) Ho hlapaola ke eng, hona ke hobane’ng ha motho ea litlhapa a ipeha kotsing?

13 Puo e nyefolang. Joalokaha ho boletsoe pele, mantsoe a na le matla a ho utloisa bohloko. Ka linako tse ling, ka lebaka la ho se phethahale, kaofela re bua lintho tseo re ikoahlaelang tsona. Leha ho le joalo, Bibele e lemosa ka mofuta oa puo oo ho hang o sa amoheleheng ka lelapeng la Bokreste kapa ka phuthehong. Pauluse o ile a eletsa Bakreste: “Lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang li ke li tlosoe tsohle ho lōna hammoho le bobe bohle.” (Baefese 4:31) Liphetolelo tse ling li fetolela poleloana e reng “puo e nyefolang” e le “mantsoe a mabe,” “puo e ntšang kotsi,” le “litlhapa.” Puo e nyefolang—e akarelletsang ho bitsa batho ka mabitso a nyelisang le ho nyatsa-nyatsa ho sa khaotseng le ho khahlapetsang—e ka tlosa batho ba bang seriti eaba e ba siea ba e-na le maikutlo a hore ha ba na thuso. Batho bao ka ho khetheha lipelo tsa bona tse bonolo le tse sa belaelleng letho li hlaseloang ke liphello tse nyahamisang tsa puo e nyefolang, ke bana.—Bakolose 3:21.

14 Bibele e sebelisa mantsoe a matla ka ho fetisisa ha e nyatsa ho hlapaola—e leng mokhoa oa ho hobosa batho ba bang ka litlhapa, ka mantsoe a nyenyefatsang, kapa a nyefolang. Motho ea itloaelitseng ho sebelisa puo e joalo o ipeha kotsing, hobane motho ea litlhapa a ka tlosoa ka phuthehong haeba a sa mamele ha a ntse a thusoa ka makhetlo hore a fetohe. Ntle le haeba a fetola litsela tsa hae, a ka ba a lahleheloa ke litlhohonolofatso tsa ho phela lefatšeng le lecha. (1 Bakorinthe 5:11-13; 6:9, 10) Kahoo, ho hlakile hore ha ho kamoo re ka lulang leratong la Molimo haeba re itloaelitse ho bua lipuo tse sa pheliseng, tseo e seng ’nete, kapa tse sa bontšeng ho ba mosa. Lipuo tse joalo lia heletsa.

MANTSOE A “MOLEMO BAKENG SA HO HAHA”

15. Ke puo ea mofuta ofe e “molemo bakeng sa ho haha”?

15 Re ka sebelisa joang mpho ea ho bua kamoo Mofani oa eona a neng a rerile kateng? Hopola hore Lentsoe la Molimo le re khothalletsa ho bua “polelo efe kapa efe e molemo bakeng sa ho haha.” (Baefese 4:29) Jehova oa thaba ha re bua mantsoe a hahang, a khothatsang le a matlafatsang ba bang. Ho hlokahala hore motho a be hlokolosi hore a tle a bue mantsoe a joalo. Bibele ha e fane ka melao e tobileng e lokelang ho lateloa tabeng ena, ebile ha e na letoto la mefuta e amohelehang ea “puo e phelisang.” (Tite 2:8) E le hore re bue mantsoe a “molemo bakeng sa ho haha,” re lokela ho hopola lintlha tse tharo tse bonolo empa e le tsa bohlokoa tse khethollang puo e hahang: Ea phelisa, ke ea ’nete ebile e bontša ho ba mosa. Re nahanne ke lintlha tsena, a re tšohleng mehlala e tobileng e ’maloa ea puo e hahang.—Bona lebokose le nang le sehlooho se reng  “Na ke Bua Lipuo Tse Hahang?” leqepheng la 140.

16, 17. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho babatsa ba bang? (b) Ho na le menyetla efe ea ho babatsa ba bang ka phuthehong? ka lapeng?

16 Pabatso e se nang boikaketsi. Jehova le Jesu ba hlokomela bohlokoa ba ho bua mantsoe a babatsang le a bontšang kamohelo. (Matheu 3:17; 25:19-23; Johanne 1:47) Kaha re Bakreste, le rōna re etsa hantle ha re babatsa ba bang e le kannete. Hobane’ng? Hobane Liproverbia 15:23 e re: “Lentsoe le buuoang ka nako ea lona e nepahetseng le molemo hakaakang!” Ak’u ipotse: ‘Ke ikutloa joang ha ke babatsoa ka mofuthu? Na hoa nthabisa ’me ho hlasimolla moea oa ka?’ Ka sebele, pabatso e se nang boikaketsi e etsa hore u tsebe hore ho na le motho ea bonang seo u se etsang, ea u tsotellang le hore boiteko ba hao e ne e se ba lefeela. Khothatso e joalo e ka etsa hore u kholisehe haholo ea ba ea u susumelletsa hore u be mahlahahlaha le ho feta nakong e tlang. Kaha u ananela ho babatsoa, na le uena ha ua lokela ho etsa sohle se matleng a hao ho babatsa ba bang?—Matheu 7:12.

17 Ithute ho bona se setle ho batho ba bang ebe u ba babatsa ho tsoa botebong ba pelo. Ha u le phuthehong, u ka ’na ua utloa puo e fanoeng hantle haholo sebokeng, ua bona mocha ea hahamallang lipakane tsa moea, kapa ua bona motho ea hōlileng ea ba teng libokeng ka botšepehi ho sa tsotellehe bofokoli bo bakoang ke botsofali. Pabatso e se nang boikaketsi e ka ’na ea ama lipelo tsa batho ba joalo ’me ea ba matlafatsa moeeng. Ka lapeng, banna le basali ba lokela ho utloa mantsoe a ba babatsang ka mofuthu le a ba ananelang a balekane ba bona. (Liproverbia 31:10, 28) Batho bao ka ho khetheha ba atlehang haholo ha ba hlokomela hore ba eloa hloko ebile baa ananeloa, ke bana. Ho ngoana ho babatsoa le ho amoheloa ho tšoana le mahlaseli a letsatsi le metsi semeleng. Batsoali, batlang menyetla ea ho babatsa bana ba lōna ka makhabane a bona le boiteko ba bona bo babatsehang. Ho babatsoa hoo ho ka etsa hore bana ba hao ba be sebete ba be ba itšepe ’me ha ba susumelletsa hore ba leke ka matla le ho feta ho etsa se nepahetseng.

18, 19. Ke hobane’ng ha re lokela ho etsa sohle se matleng a rōna ho khothatsa le ho tšelisa balumeli-’moho le rōna, hona re ka etsa see joang?

18 Ho khothatsa le ho tšelisa. Jehova o tsotella haholo batho “ba ikokobelitseng” le “ba hateletsoeng.” (Esaia 57:15) Lentsoe la hae le re khothalletsa hore ‘re ’ne re tšelisane’ re be re “bue ka mokhoa o tšelisang le meea e tepeletseng maikutlo.” (1 Bathesalonika 5:11, 14) Re ka kholiseha hore Molimo oa hlokomela ebile o ananela boiteko boo re bo etsang ho khothatsa le ho tšelisa balumeli-’moho le rōna bao lipelo tsa bona li sithabetseng.

Jehova oa thaba ha re bua mantsoe a hahang ba bang

19 Leha ho le joalo, u ka re’ng ho haha Mokreste-’moho le uena ea nyahameng kapa ea tepeletseng maikutlo? U se ke ua nahana hore u lokela ho rarolla bothata ba hae. Maemong a mangata, mantsoe a bonolo ke ’ona a thusang ka ho fetisisa. Tiisetsa motho ea nyahameng hore ua mo tsotella ebile u amehile ka eena. Ithaopele ho rapela ka lentsoe le phahameng le motho eo ea nyahameng; u ka kōpa Jehova hore a mo thuse ho tseba hore na batho ba bang le Molimo ba mo rata hakae. (Jakobo 5:14, 15) Mo tiisetse hore oa hlokoa ebile ke setho sa bohlokoa sa phutheho. (1 Bakorinthe 12:12-26) Mo balle temana ea Bibele e khothatsang ho mo tiisetsa hore e le motho ka mong, Jehova o mo tsotella e le kannete. (Pesaleme ea 34:18; Matheu 10:29-31) Ha ho pelaelo hore ho ipha nako ea ho bua “lentsoe le molemo” ho motho ea nyahameng le ho bua se tsoang pelong ho tla mo thusa hore a ikutloe hore oa ratoa ebile oa ananeloa.—Liproverbia 12:25.

20, 21. Ke lintlha life tse etsang hore keletso e tsoele batho molemo?

20 Keletso e molemo. Kaha re batho ba sa phethahalang, ho hlokahala hore re fuoe keletso nako le nako. Bibele ea re khothatsa: “Mamela keletso ’me u amohele taeo, e le hore u ka hlalefa bokamosong ba hao.” (Liproverbia 19:20) Hase baholo feela ba lokelang ho fa batho ba bang keletso. Batsoali ba eletsa bana. (Baefese 6:4) Ho ka ’na ha hlokahala hore baralib’abo rōna ba hōlileng ba eletse basali ba bacha. (Tite 2:3-5) Ho rata batho ba bang ho tla re susumelletsa hore re fane ka keletso eo motho ea eletsoang a tla e amohela a sa utloe a hateletsoe. Ke eng e ka re thusang ho fana ka keletso e joalo? Nahana ka lintlha tse tharo tse etsang hore keletso e be e tsoelang batho molemo haholo: maikutlo a moeletsi le sepheo sa hae, lebaka la ho fana ka keletso le mokhoa oo e fanoang ka oona.

21 Keletso e molemo e qala ka moeletsi. Ipotse, ‘Ke tlas’a maemo afe ho eeng ho be bonolo hore ke amohele keletso?’ Ho bonolo ho amohela keletso ha u tseba hore motho ea u eletsang oa u tsotella, ha a buisoe ke hobane eena ka boeena a ferekane, ebile ha a u eletse ka sepheo se sa nepahalang. Kahoo ha u eletsa ba bang, na le uena ha ua lokela ho ba le maikutlo a tšoanang le sepheo se tšoanang? Keletso e molemo e boetse e thehiloe Lentsoeng la Molimo. (2 Timothea 3:16) Ho sa tsotellehe hore na re qotsa Bibele ka ho toba kapa che, keletso leha e le efe eo re fanang ka eona e lokela ho thehoa Mangolong. Kahoo, baholo ba hlokolosi hore ba se ke ba belesa ba bang ka maikutlo a bona; ebile ha ba sothe Mangolo, ho etsa hore ho bonahale eka Bibele e tšehetsa maikutlo a bona. Keletso e boetse e ka tsoela batho molemo haholo ha e fanoa ka mokhoa o nepahetseng. Keletso e fanoang ka mosa e amoheloa habonolo ’me e siela ea e amohelang seriti.—Bakolose 4:6.

22. U ikemiselitse ho sebelisa mpho ea ho bua joang?

22 Ka sebele, puo ke mpho ea bohlokoa e tsoang ho Molimo. Lerato leo re ratang Jehova ka lona le lokela ho re susumelletsa hore re sebelise mpho ena hantle, eseng hampe. A re hopoleng hore mantsoe ao re a buang ho ba bang a matla—a na le matla a ho haha kapa a ho heletsa. Kahoo, a re loaneleng ho sebelisa mpho ena kamoo Mofani oa eona a neng a rerile kateng, e leng “bakeng sa ho haha.” Kahoo puo ea rōna e tla khothatsa batho ba bang ’me e tla re thusa ho lula leratong la Molimo.

^ ser. 4 Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “ho khopama” le ka boetse la bolela “ho sokama le ho sotheha.”

^ ser. 7 Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “lefeela” le boetse le fetoleloa e le ‘e se nang thuso’ le ‘e sa beheng litholoana.’—1 Bakorinthe 15:17; 1 Petrose 1:18.

^ ser. 10 Kamoo “ho se hloeke” ho sebelisitsoeng kateng ka Mangolong, ke poleloana e pharaletseng e ka akarelletsang libe tsa mefuta e mengata. Le hoja e se ho se hloeke hohle ho hlokang ho nkeloa khato ea boahloli, motho a ka lelekoa phuthehong haeba ka ho se bake a etsa lintho tse sa hloekang ka ho feletseng.—2 Bakorinthe 12:21; Baefese 4:19; bona “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” Molula-Qhooeng oa July 15, 2006.