Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 13

Mekete e sa Khahliseng Molimo

Mekete e sa Khahliseng Molimo

“Le ’ne le nepisise hore na ke sefe se amohelehang ho Morena.”—BAEFESE 5:10.

1. Ke batho ba mofuta ofe bao Jehova a ba hulelang ho eena, hona ke hobane’ng ha ba lokela ho lula ba falimehile moeeng?

JESU o itse: “Barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete, etsoe, ka sebele, Ntate o batla ba joalo hore ba mo rapele.” (Johanne 4:23) Ha Jehova a fumana batho ba mofuta oo—joalokaha a ile a u fumana—o ba hulela ho eena le ho Mora oa hae. (Johanne 6:44) Ee ke tlotla e kaakang! Leha ho le joalo, batho ba ratang ’nete ea Bibele ba lokela ho ‘tsoela pele ba nepisisa hore na ke sefe se amohelehang ho Morena,’ hobane Satane ke setsebi sa ho thetsa.—Baefese 5:10; Tšenolo 12:9.

2. Hlalosa hore na Jehova o talima ba lekang ho kopanya borapeli ba ’nete le ba bohata joang.

2 Nahana ka se ileng sa etsahala haufi le Thaba ea Sinai ha Baiseraele ba ne ba kōpa Arone hore a ba etsetse molimo. Arone o ile a lumela eaba o etsa namane ea khauta empa a etsa tlhahiso ea hore e emela Jehova. O ile a re: “Ho tla ba le mokete oa Jehova hosasane.” Na Jehova o ile a iphapanyetsa ho kopanngoa hoo ha bolumeli ba ’nete le ba bohata? Che. O ile a bolaea barapeli ba litšoantšo ba ka bang likete tse tharo. (Exoda 32:1-6, 10, 28) Re ithuta’ng ho see? Haeba re batla ho ipoloka leratong la Molimo, ha rea lokela ho “ama letho le sa hloekang” ebile re lokela ho itebela khahlanong le ho bola ha mofuta leha e le ofe.—Esaia 52:11; Ezekiele 44:23; Bagalata 5:9.

3, 4. Ke hobane’ng ha re lokela ho ela hloko haholo melao-motheo ea Bibele ha re hlahloba meetlo le mekete e tloaelehileng?

3 Ka masoabi, ka mor’a lefu la baapostola, ba neng ba sebetsa e le thibelo khahlanong le bokoenehi, batho bao ho thoeng ke Bakreste ba neng ba sa rate ’nete ba ile ba kopitsa ho bahetene meetlo, mekete le matsatsi ao ba neng ba a nka a halalela eaba ba bolela hore lintho tsena ke tsa Bokreste. (2 Bathesalonika 2:7, 10) Ha u ntse u nahana ka e meng ea mekete ena, hlokomela kamoo e bonahatsang moea oa lefatše kateng eseng moea oa Molimo. Ka kakaretso, mekete ea lefatše ea tšoana: E ipiletsa litakatsong tsa nama, ebile e tšehetsa litumelo tsa bolumeli ba bohata le tšebelisano le meea—e leng matšoao a khethollang “Babylona e Moholo.” * (Tšenolo 18:2-4, 23) Hape, hopola hore Jehova o ile a bona ka boeena mekhoa e nyonyehang ea bohetene eo meetlo e mengata e tloaelehileng e simolohileng ho eona. Ha ho pelaelo hore o ntse a nyonya mekete e joalo le kajeno. Na maikutlo a hae hase ’ona ao e lokelang ho ba a bohlokoa ka ho fetisisa ho rōna?—2 Johanne 6, 7.

4 Kaha re Bakreste ba ’nete, rea tseba hore mekete e itseng ha e khahlise Jehova. Empa re lokela ho ikemisetsa ka tieo lipelong tsa rōna hore ho hang re ke ke ra kopanela ho eona. Ho hlahloba hore na ke hobane’ng ha mekete e joalo e sa khahlise Jehova ho tla matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho qoba ntho leha e le efe e ka ’nang ea re thatafalletsa ho lula leratong la Molimo.

BORAPELI BA LETSATSI BO BITSOA KERESEMESE

5. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jesu ha aa tsoaloa ka la 25 December?

5 Ha ho moo Bibele e bolelang ka mokete oa letsatsi la tsoalo ea Jesu. Ha e le hantle, letsatsi le tobileng leo a tsoetsoeng ka lona ha le tsejoe. Leha ho le joalo, re ka kholiseha hore ha aa ka a tsoaloa ka la 25 December e leng khoeli eo ho batang ka eona karolong eo ea lefatše. * Lebaka le leng la sena ke hore Luka o ile a tlaleha hore ha Jesu a ne a tsoaloa ‘balisa ba ne ba phela naheng’ ba alositse mehlape ea bona. (Luka 2:8-11) Haeba ba ne ba tloaetse ‘ho phela naheng’ selemo kaofela, eo e ne e ke ke ea e-ba taba ea bohlokoa. Leha ho le joalo, kaha Bethlehema e ratoa ke lipula tse batang le lehloa, mehlape e ne e koalloa mariha ’me ho ne ho ke ke ha etsahala hore ebe balisa ba ne ‘ba phela naheng.’ Ho phaella moo, Josefa le Maria ba ile ba ea Bethlehema hobane Cesare Augustase o ne a laetse hore ho baloe sechaba. (Luka 2:1-7) Ho hang ha ho bonahale eka Cesare o ne a ka laela hore nakong ea mariha a maholo, batho ba neng ba hloile puso ea Roma ba ee metseng eo baholo-holo ba bona ba tsoaletsoeng ho eona.

6, 7. (a) Meetlo e mengata ea Keresemese e simolohile hokae? (b) Ke phapang efe e teng pakeng tsa ho fana ho etsoang ka Keresemese le ho fana ho etsoang ke Bakreste?

6 Taba ea hore na Keresemese e simolohile hokae, ha e hlahe ka Mangolong empa e hlaha meketeng ea boholo-holo ea bohetene, e kang mokete oa Baroma oa Saturnalia, e leng mokete o neng o nehetsoe ho Saturn, molimo oa temo. Ka tsela e tšoanang, ho ea ka lipalo tsa bona, barapeli ba molimo Mithra ba ne ba keteka la 25 December e le “letsatsi la tsoalo ea letsatsi le sa hlōloeng,” kamoo ho bolelang New Catholic Encyclopedia. “Keresemese e simolohile nakong eo sehlotšoana sa borapeli ba letsatsi sa bokhelohi se neng se le matla haholo Roma,” hoo e ka bang makholo a mararo a lilemo ka mor’a lefu la Kreste.

Bakreste ba ’nete ba susumetsoa ke lerato hore ba fane

7 Nakong ea mekete ea bona, bahetene ba ne ba fanana limpho ba bile ba ja limenyemenye—e leng mekhoa eo e ntseng e le karolo ea Keresemese. Leha ho le joalo, joalokaha e ntse e le ’nete le kajeno, ho fana ho hongata ho etsoang ka Keresemese ho ne ho sa etsoe tumellanong le 2 Bakorinthe 9:7, e balehang tjena: “E mong le e mong a ke a etse feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae, eseng ka lekhonono kapa ka ho qobelloa, kaha Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.” Bakreste ba ’nete ba susumetsoa ke lerato hore ba fane, ha ba tlangoe ke letsatsi le itseng, ’me ha baa lebella hore ha ba fane ka limpho le bona ba li fuoe. (Luka 14:12-14; Liketso 20:35) Ho feta moo, ba ananela ka botebo hore ba lokolohile nakong e hatellang ea Keresemese le jokong e boima ea likoloto tseo batho ba bangata ba ikenyang ho tsona nakong eo ea selemo.—Matheu 11:28-30; Johanne 8:32.

8. Na linohe tsa linaleli li ile tsa fa Jesu limpho tsa letsatsi la tsoalo? Hlalosa.

8 Empa batho ba bang ba ka ’na ba pheha khang, na linohe tsa linaleli ha lia ka tsa fa Jesu limpho tsa letsatsi la tsoalo? Che. Ho fana ha tsona ka limpho e ne e le feela tsela ea tsona ea ho hlompha motho oa bohlokoa, ’me sena e ne e le moetlo o tloaelehileng mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele. (1 Marena 10:1, 2, 10, 13; Matheu 2:2, 11) Ha e le hantle, ha lia ka tsa tla ka bosiu boo Jesu a tsoetsoeng ka bona. Ha li fihla, Jesu e ne e se lesea le ka sejelong, empa o ne a e-na le likhoeli tse ngata a bile a lula ka tlung.

SEO BIBELE E SE BUANG KA MATSATSI A TSOALO

9. Ho ile ha etsahala’ng meketeng ea matsatsi a tsoalo eo e leng eona feela e boletsoeng ka Bibeleng?

9 Le hoja ho tsoaloa ha lesea e ’nile ea e-ba ketsahalo e thabisang haholo, ha ho moo Bibele e buang ka hore mohlanka oa Molimo o ile a etsa mokete oa letsatsi la hae la tsoalo. (Pesaleme ea 127:3) Na ebe see se etsahetse ka phoso? Che, hobane e bua ka mekete e ’meli ea matsatsi a tsoalo—oa Faro oa Egepeta le oa Heroda Antipase. (Genese 40:20-22; Mareka 6:21-29) Leha ho le joalo, liketsahalo tsena ka bobeli, li hlahisoa ka tsela e seng ntle—haholo-holo ea bobeli, eo Johanne Mokolobetsi a ileng a khaoloa hlooho ho eona.

10, 11. Bakreste ba pele ba ne ba talima mekete ea matsatsi a tsoalo joang, hona ka lebaka lefe?

10 The World Book Encyclopedia, e re: “Bakreste ba pele ba ne ba nka hore ho keteka tsoalo ea mang kapa mang ke moetlo oa bohetene.” Ka mohlala, Bagerike ba boholo-holo, ba ne ba lumela hore motho e mong le e mong o ne a e-na le moea o mo sireletsang le o neng o e-ba teng ha a tsoaloa le o neng o mo lebela ka mor’a moo. Kamoo buka ea The Lore of Birthdays e bolelang kateng, moea oo “o ne o e-na le kamano ea mohlolo le molimo oo letsatsi la oona la tsoalo le neng le tšoana le la motho eo.” Hape, ke khale matsatsi a tsoalo a tsamaisana le bonohe ba linaleli le ho noha liketsahalo tsa bophelo ba motho ka linaleli.

11 Ntle le hore bahlanka ba Molimo ba boholo-holo ba ne ba hana matsatsi a tsoalo ka lebaka la hore a simolohile boheteneng le tšebelisanong le meea, e ka ’na eaba ba ne ba a hana hape ka lebaka la boitšoaro ba bona. Hobane’ng? Bana e ne e le banna le basali ba ikokobelitseng le ba inyenyefatsang ba neng ba sa nahane hore ho tsoaloa ha bona ke habohlokoa hoo ho ka etsetsoang mokete. * (Mikea 6:8; Luka 9:48) Ho e-na le hoo, ba ne ba tlotlisa Jehova ba bile ba mo leboha ka mpho ea bohlokoa ea bophelo. *Pesaleme ea 8:3, 4; 36:9; Tšenolo 4:11.

12. Letsatsi la ho shoa ha rōna le ka ba molemo ho feta letsatsi la ho tsoaloa ha rōna joang?

12 Bohle ba shoang ba tšepahala, ba sireletsehile mohopolong oa Molimo, ’me joang kapa joang ba tla fumana bophelo nakong e tlang. (Jobo 14:14, 15) Moeklesia 7:1 e re: “Lebitso le molemo ho feta oli e ntle, ’me letsatsi la ho shoa le molemo ho feta letsatsi la ho tsoaloa ha motho.” “Lebitso” la rōna ke botumo bo botle boo re iketselitseng bona ho Molimo ka ho mo sebeletsa ka botšepehi. Ketsahalo e le ’ngoe feela eo Bakreste ba laeloang hore ba e keteke hase ea tsoalo empa ke ea lefu—e leng lefu la Jesu, eo re bolokoang ka lebaka la “lebitso” la hae le khabane.—Luka 22:17-20; Baheberu 1:3, 4.

EASTER—MOKETE OA TSOALO O ENTSOENG EKA KE OA BOKRESTE

13, 14. Meetlo e tloaelehileng ea Easter e simolohile hokae?

13 Le hoja ho boleloa hore Easter ke mokete oa ho tsoha ha Kreste, ’nete ke hore e simolohile bolumeling ba bohata. Lebitso Easter ka bolona le ’nile la amahanngoa le Eostre, kapa Ostara, e leng molimotsana oa Maanglo-Saxon oa ha mafube a hlaha le oa nako ea selemo. Joale ho ile ha tla joang hore mahe le mebutlanyana li amahanngoe le Easter? Encyclopædia Britannica e re mahe “a ’nile a sebelisoa haholo e le matšoao a bophelo bo bocha le tsoho,” ha ’mutla oona o ’nile oa sebelisoa ka nako e telele e le letšoao la tsoalo. Kahoo, ha e le hantle Easter ke mokete oa tsoalo o entsoeng eka ke mokete oa tsoho ea Kreste. *

14 Na Jehova o ne a ka lumella hore ho etsoe mokete o nyonyehang oa tsoalo ho keteka tsoho ea Mora oa hae? Ho hang o ne a ke ke a ho etsa! (2 Bakorinthe 6:17, 18) Ha e le hantle, ho hang Mangolo ha a fane ka taelo ea hore ho ketekoe tsoho ea Jesu. Kahoo, taba ea ho keteka tsoho ea Jesu ebe ho thoe ke Easter, ke ho se tšepahale ho feteletseng.

MOKETE OA HALLOWEEN HA O HALALELE HO HANG

15. Halloween e simolohile hokae, hona e ka ’na eaba letsatsi le khethiloeng bakeng sa ho keteka letsatsi lee la phomolo le bolela’ng?

15 Halloween e tsebahalang ka baloi ba eona le lithokolosi tsa eona le mekhabiso e meng e sa tloaelehang e qaliloe ke Macelte a khale a Brithani le Ireland. Ba ne ba keteka mokete oa Samhain, o bolelang “Ho Fela ha Lehlabula,” ha khoeli e tolokile hoo e ka bang ka la 1 November. Ba ne ba lumela hore nakong ea mokete oa Samhain, lesira le pakeng tsa batho le lefatše la matla a phahametseng tlhaho le ne le tlosoa le hore meea e metle le e mebe, e ne e solla lefatšeng. Ba ne ba lumela hore meea ea bafu e ne e khutlela malapeng a eona, ’me litho tsa malapa li ne li behela baeti ba tsona ba lithotsela lijo le lino ka sepheo sa ho ba khutsisa. Kahoo, kajeno ha bana, ba apereng joaloka lithotsela kapa baloi, ba tsamaea ka ntlo le ntlo ba tšosa batho ka hore ba tla ba tlisetsa bomalimabe haeba ba sa ba fe lintho tse monate, ba ntšetsa pele meetlo ea Samhain ba sa tsebe.

U SE KE UA SILAFATSA LECHATO LA HAO

16, 17. (a) Ke hobane’ng ha Bakreste ba babeli ba lokisetsang ho nyalana ba lokela ho hlahloba meetlo ea machato ea libakeng tsa habo bona ba ipapisitse le melao-motheo ea Bibele? (b) Mabapi le meetlo e kang ho hasanya raese le lintho tse ling tse hasanngoang joaloka eona, Bakreste ba lokela ho nahana ka eng?

16 Haufinyane, “ha ho lentsoe la monyali le la monyaluoa leo le ka mohla le tla boela le utloahale [Babylona e Moholo].” (Tšenolo 18:23) Hobane’ng? Lebaka le leng la sena ke liketso tsa eona tsa ho sebelisana le meea, tse ka silafatsang lenyalo ho tloha letsatsing la lechato.—Mareka 10:6-9.

17 Meetlo e fapana ho ea ka linaha. Mohlomong meetlo e meng e ka ’nang ea bonahala e se na phoso e simolohile mekhoeng ea Babylona eo ho nahanoang hore e tlisetsa banyalani kapa bamemuoa ba bona ‘mahlohonolo.’ (Esaia 65:11) Tloaelo e ’ngoe e joalo e akarelletsa ho hasanya raese kapa lintho tse ling tse hasanngoang joaloka eona. Mohlomong tloaelo ena e simolohile tumelong ea hore lijo li ne li khutsisa meea e mebe ’me li ne li etsa hore e se ke ea ntša monyali le monyaluoa kotsi. Ho phaella moo, ke khale raese e amahanngoa ka mohlolo le tsoalo, thabo le bophelo bo bolelele. Ho hlakile hore bohle ba batlang ho lula leratong la Molimo ba lokela ho qoba meetlo e joalo e silafetseng.—2 Bakorinthe 6:14-18.

18. Ke melao-motheo efe ea Bibele e lokelang ho tataisa batho ba babeli ba lokisetsang ho nyalana le ho tataisa bamemuoa?

18 Ka tsela e tšoanang, bahlanka ba Jehova ba qoba mekhoa ea lefatše e ka ’nang ea hlokisa machato le mekete ea machato ea Bakreste seriti kapa e ka ’nang ea khopisa matsoalo a batho ba bang. Ka mohlala, ha ba bua machatong ba qoba ho bua mantsoe a phoqang a utloisang bohloko kapa a buang ka mokhoa o poteletseng ka ho kopanela liphate ebile ha ba soasoe ka lintho tse ka ’nang tsa soabisa batho bana ba sa tsoa nyalana kapa batho ba bang. (Liproverbia 26:18, 19; Luka 6:31; 10:27) Ba boetse ba qoba mekete ea machato e majabajaba e sa bontšeng boinyenyefatso e nang le “pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso.” (1 Johanne 2:16) Haeba u lokisetsa lechato, le ka mohla u se ke ua lebala hore Jehova o batla hore u thabe, eseng hore u soabe ha u hopola letsatsi la hao la lechato. *

TLOAELO EA HO OTLANYA LIKHALASE—NA KE MOKHOA OA BOLUMELI?

19, 20. Buka e ’ngoe eo e seng ea bolumeli e re’ng ka tšimoloho ea tloaelo ea ho otlanya likhalase, hona ke hobane’ng ha moetlo oo o sa amohelehe ho Bakreste?

19 Mokhoa o mong o tloaelehileng machatong le meketeng e meng ea boithabiso ke oa ho otlanya likhalase. International Handbook on Alcohol and Culture ea 1995 e re: “Ho ka etsahala hore ebe tloaelo ea ho otlanya likhalase ke mosaletsa oo e seng oa bolumeli oa mekete ea boholo-holo eo ho eona ho neng ho tšolleloa fatše seno se halalelang bakeng sa melimo . . . e le kōpo, thapelo e neng e akaretsoa ka mantsoe a reng ‘phela halelele!’ kapa ‘e-ba le bophelo bo botle!’”

20 Ke ’nete hore batho ba bangata, ka ho se hlokomele, ba ka ’na ba nka hore ho otlanya likhalase hase ketso ea bolumeli kapa ea tumela-khoela. Leha ho le joalo, moetlo oa ho phahamisetsa likhalase tsa veine nģ’a leholimong o ka ’na oa nkoa e le ho kōpa tlhohonolofatso “leholimong”—matleng a phahametseng motho—ka tsela e sa lumellaneng le se ngotsoeng ka Mangolong.—Johanne 14:6; 16:23. *

“LŌNA BA RATANG JEHOVA, HLOEANG SE SEBE”

21. Ke mekete efe e tloaelehileng eo Bakreste ba lokelang ho e qoba le hoja e ka ’na ea se ke ea e-ba ea bolumeli, hona hobane’ng?

21 Ho bontša hore boitšoaro ba lefatše la kajeno bo ntse bo tetebela—e leng mokhoa o ntšetsoang pele ka tsela e tobileng kapa e sa tobang ke Babylona e Moholo—linaha tse ling li tšehetsa mekete ea boithabiso ea selemo le selemo kapa Mardi Gras, e leng mekete ea litantši tse litšila le eo ho eona ho ka tlotlisoang mekhoa ea bophelo ea banna ba robalang le banna le basali ba robalang le basali. Na e ka ba ho loketseng hore motho ‘ea ratang Jehova’ a be teng moketeng o joalo kapa hore a o shebelle? Na ha a etsa joalo o ne tla be a bontša hore o hloile se sebe e le kannete? (Pesaleme ea 1:1, 2; 97:10) Ho molemo hakaakang ho etsisa maikutlo a mopesaleme ea ileng a rapela: “Phemisa mahlo a ka hore a se ke a bona se se nang thuso”!—Pesaleme ea 119:37.

22. Ke neng moo Mokreste a ka ’nang a etsa qeto a itšetlehile ka letsoalo la hae hore na o tla kopanela moketeng o itseng kapa che?

22 Matsatsing a mekete ea lefatše, Mokreste o tla ba hlokolosi hore boitšoaro ba hae bo se ke ba fa ba bang maikutlo a hore le eena o kopanela meketeng eo. Pauluse o ile a ngola a re: “Ebang lea ja kapa lea noa kapa le etsa ntho leha e le efe e ’ngoe, le etse lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo.” (1 Bakorinthe 10:31; bona lebokose le nang le sehlooho se reng  “Ho Etsa Liqeto Tse Bohlale,” leqepheng la 158-9.) Ka lehlakoreng le leng, haeba ho hlakile hore moetlo kapa mokete ha ho moo o amanang teng le bolumeli ba bohata, e se karolo ea bopolotiki kapa ea ho rata naha, ebile o sa hanane le melao-motheo ea Bibele, joale Mokreste e mong le e mong a ka ’na a iketsetsa qeto ea hore na o tla kopanela ho oona kapa che. Ka nako e tšoanang, o tla nahanela maikutlo a ba bang e le hore a se ke a ba khopisa.

TLOTLISA MOLIMO KA LIPOLELO LE KA LIKETSO

23, 24. Re ka fana ka bopaki bo botle joang mabapi le melao ea Jehova e lokileng?

23 Batho ba bangata ba nka matsatsi a itseng a mekete e tloaelehileng e le menyetla ea bohlokoa ea ho kopana ha lelapa le metsoalle. Kahoo, haeba motho e mong ka phoso a nahana hore tsela eo re etsang lintho ka eona e thehiloeng Mangolong ha e bontše lerato kapa e feteletsa lintho, ka mosa re ka mo hlalosetsa hore Lipaki Tsa Jehova li nka ’moka e hahang ea lelapa le metsoalle e le ea bohlokoa. (Liproverbia 11:25; Moeklesia 3:12, 13; 2 Bakorinthe 9:7) Selemo kaofela re thabela ho kopanela botsoalle le batho bao re ba ratang, empa kaha re rata Molimo le melao ea hae e lokileng, ha re batle ho silafatsa liketsahalo tse thabisang joalo ka meetlo e mo khopisang.—Bona lebokose le nang le sehlooho se reng  “Borapeli ba ’Nete bo Thabisa Haholo,” leqepheng la 156.

24 Lipaki tse ling li ’nile tsa atleha haholo ha li ne li buisana ka lintlha tse khaolong ea 16 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? * le batho ba neng ba batla ho tseba e le kannete. Leha ho le joalo, u hopole hore sepheo sa rōna ke ho hapa lipelo, eseng ho hlōla likhang. Kahoo bua ka tlhompho, u khobe matšoafo, ’me seo u “se buang kamehla e ke e be se nang le mosa, se nōkiloeng ka letsoai.”—Bakolose 4:6.

25, 26. Batsoali ba ka thusa bana ba bona joang hore tumelo ea bona le lerato la bona ho Jehova li hōle?

25 Kaha re bahlanka ba Jehova, re na le tsebo e batsi. Rea tseba hore na ke hobane’ng ha re lumela re bile re etsa lintho tse itseng ’me re sa etse tse ling. (Baheberu 5:14) Kahoo batsoali, rutang bana ba lōna hore ba nahane ka melao-motheo ea Bibele. Ha le etsa joalo, le matlafatsa tumelo ea bona, le ba thusa hore ba fane ka likarabo tsa Mangolo ho ba ba botsang ka lintho tseo ba li lumelang, ’me le ba tiisetsa hore Jehova oa ba rata.—Esaia 48:17, 18; 1 Petrose 3:15.

26 Bohle ba rapelang Molimo “ka moea le ka ’nete” ha ba qobe mekete e khahlanong le Mangolo feela empa ba boetse ba ikitlaetsa hore ba tšepahale karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba bona. Kajeno, batho ba bangata ba nka hore botšepehi ha bo na thuso. Empa joalokaha re tla bona khaolong e latelang, litsela tsa Molimo li molemohali kamehla.

^ ser. 3 Bona lebokose le nang le sehlooho se reng  “Na ke Lokela ho Kopanela Moketeng oo?” leqepheng la 148-9. Matsatsi a mangata a tobileng ao ho nkoang hore aa halalela le mekete li thathamisitsoe ho Watch Tower Publications Index, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

^ ser. 11 Selekaneng sa Molao, ho ne ho hlokahala hore ha mosali a qeta ho beleha, a hlahise nyehelo ea sebe ho Molimo. (Levitike 12:1-8) Le hoja ena e ne e le khopotso e bohloko ea hore batho ba fetisetsa sebe baneng ba bona, sena se neng se hlokoa ke molao, se ile sa thusa Baiseraele hore ba be le maikutlo a loketseng ka ho tsoaloa ha ngoana ’me e ka ’na eaba se ile sa etsa hore ba se ke ba kopitsa meetlo ea bahetene ea matsatsi a tsoalo.—Pesaleme ea 51:5.

^ ser. 13 Eostre (kapa Eastre) e ne e boetse e le molimotsana oa tsoalo. Ho latela The Dictionary of Mythology, “o ne a e-na le ’mutla o neng o lula khoeling o neng o rata mahe, ’me ka linako tse ling o ne a hlahisoa hlooho ea hae e le ea ’mutla.”

^ ser. 18 Bona lihlooho tse tharo tse buang ka machato le mekete ea boithabiso Molula-Qhooeng oa October 15, 2006, leqepheng la 18-31.

^ ser. 20 Bona Molula-Qhooa oa February 15, 2007, leqepheng la 30-1.

^ ser. 24 E hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.