Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 14

Tšepahala Linthong Tsohle

Tšepahala Linthong Tsohle

“Re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.”—BAHEBERU 13:18.

1, 2. Ke hobane’ng ha Jehova a thaba ha a bona boiteko boo re bo etsang hore re tšepahale? Bontša.

’MÈ O tloha lebenkeleng le mora oa hae e monyenyane. Hang-hang, ngoana o ema khekhenene! o shebahala a tšohile. O tšoere ntho e nyenyane ea ho bapala ka letsohong eo a e nkileng ka lebenkeleng. O ile a lebala ho e beha kapa ho kōpa ’mè oa hae hore a mo rekele eona. O tšoenyehile ’me o kōpa ’mè oa hae hore a mo thuse. ’Mè oa hae oa mo khothatsa ’me o mo khutlisetsa ka lebenkeleng e le hore a ka khutlisa ntho eo le ho kōpa tšoarelo. Nakong eo a etsang sena, pelo ea ’mè oa hae e tlala thabo ’me o ikutloa a le motlotlo. Hobane’ng?

2 Kamehla batsoali baa thaba ha ba bona hore bana ba bona ba ithuta bohlokoa ba ho tšepahala. Ho joalo le ho Ntate oa rōna oa leholimo, e leng “Molimo oa ’nete.” (Pesaleme ea 31:5) Ha a ntse a re shebile ha re hōla moeeng, oa thaba ha a bona re ikitlaelletsa hore re tšepahale. Kaha re batla ho mo thabisa le hore re lule leratong la hae, re pheta mantsoe ana a builoeng ke moapostola Pauluse: “Re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.” (Baheberu 13:18) A re ke re tsepamiseng maikutlo likarolong tse ’nè tsa bophelo tseo ka linako tse ling re ka ’nang ra fumana ho le thata ho tšepahala ho tsona. Ka mor’a moo re tla tšohla tse ling tsa litlhohonolofatso tse bang teng ka lebaka la seo.

HO ITLHAHLOBA KA BOTŠEPEHI

3-5. (a) Lentsoe la Molimo le re lemosa joang ka likotsi tsa ho ithetsa? (b) Ke eng e tla re thusa hore re itlhahlobe ka botšepehi?

3 Bothata ba pele boo re tobaneng le bona ke ho ithuta ho itlhahloba ka botšepehi. Ho bonolo haholo ho rōna joaloka batho ba sa phethahalang hore re ithetse. Ka mohlala, Jesu o ile a bolella Bakreste ba Laodisia hore ba ne ba ithetsitse ka ho nahana hore ba ruile, empa ha e le hantle e ne e le ‘mafutsana, ba foufetse ebile ba hlobotse’ moeeng—e leng boemo bo haulang e le kannete. (Tšenolo 3:17) Ho ithetsa ha bona ho ile ha etsa hore boemo ba bona bo be kotsi le ho feta.

4 Hape u ka ’na ua hopola hore morutuoa Jakobo o ile a lemosa a re: “Haeba motho leha e le ofe a ipona eka ke morapeli ea khomaretseng molao leha ho le joalo a sa laole leleme la hae joalokaha eka ke ka tōmo, empa a tsoela pele ho thetsa pelo ea hae, mofuta oa borapeli oa motho enoa ke lefeela.” (Jakobo 1:26) Re tla be re mpa re ithetsa haeba re ne re ka nahana hore re ka sebelisa maleme a rōna hampe eaba ka nako e tšoanang re rapela Jehova ka tsela e amohelehang. Borapeli ba rōna ho Jehova e tla be e le lefeela, e le tšenyo ea nako ka ho feletseng. Ebe ke eng e ka re thusang hore re qobe boemo bo bohloko joalo?

5 Litemaneng tsona tseo, Jakobo o tšoantša ’nete ea lentsoe la Molimo le seipone. O re eletsa hore re nyarele ka molaong oa Molimo o phethahetseng le hore re etse liphetoho tse hlokahalang. (Jakobo 1:23-25) Bibele e ka re thusa hore re itlhahlobe ka botšepehi ho bona hore na ke sefe seo re lokelang ho se etsa e le hore re ntlafatse boemo ba rōna. (Lillo Tsa Jeremia 3:40; Hagai 1:5) Re ka boela ra rapela Jehova ’me ra mo kōpa hore a re hlahlobe, a re thuse ho bona le ho lokisa moo e bang re na le mathata a tebileng teng. (Pesaleme ea 139:23, 24) Ho se tšepahale ke bofokoli bo ipatileng, ’me re lokela ho bo talima kamoo Ntate oa rōna oa leholimo a bo talimang kateng. Liproverbia 3:32 e re: “Motho ea mano ke ntho e manyala ho Jehova, empa O na le kamano e haufi-ufi le ba lokileng.” Jehova a ka re thusa ho ikutloa kamoo a ikutloang kateng le hore re ipone kamoo a re bonang kateng. Hopola hore Pauluse o ile a re: “Re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.” Re ke ke ra ba batho ba phethahetseng hona joale, empa ka sebele le ka tieo re lakatsa ho ba batho ba tšepahalang.

BOTŠEPEHI KA LAPENG

Ho tšepahala ho re thusa hore re qobe boitšoaro bo ka ’nang ba re kenya molekong oa hore re bo pate

6. Ke hobane’ng ha balekane ba lenyalo ba lokela ho tšepahallana, ’me kahoo ba qoba likotsi life?

6 Botšepehi e lokela ho ba letšoao le khethollang lelapa la Bokreste. Kahoo, monna le mosali ba lokela ho phetlelana lifuba. Lenyalong la Bakreste ha hoa lokela hore ho be le mekhoa e utloisang bohloko le e sa hloekang e kang ho bapala ka maikutlo a lerato a motho eo e seng molekane oa motho, ho ba le metsoalle e etsoang ka lenyele ka Inthanete, kapa ho sheba litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro tsa mofuta ofe kapa ofe. Bakreste ba bang ba lenyalong ba ’nile ba kopanela boitšoarong bo joalo bo fosahetseng ’me sena ba se patela balekane ba bona ba neng ba sa hlokomele. Ho etsa sena ke ho se tšepahale. Ela hloko mantsoe ana a Morena Davida ea tšepahalang: “Ha kea lula le batho ba leshano; ha ke kene setsoalleng le ba patang seo ba leng sona.” (Pesaleme ea 26:4) Haeba u lenyalong, le ka mohla u se ke ua kopanela boitšoarong bo ka ’nang ba u leka hore u patele molekane oa hao seo u leng sona!

7, 8. Ke mehlala efe ea Bibele e ka thusang bana ho ithuta bohlokoa ba ho tšepahala?

7 Batsoali ba lokela ho sebelisa mehlala e ka Bibeleng ha ba ruta bana ba bona bohlokoa ba ho tšepahala. Mehlala e meng ea ho se tšepahale ke e hlahang litlalehong tse kang ea Akane, ea ileng a utsoa a ba a leka ho pata bosholu ba hae; ea Gehazi, ea ileng a qala leshano hore a iphumanele matlotlo; le ea Judase, ea ileng a utsoa a ba a qala leshano ka lonya hore a ntše Jesu kotsi.—Joshua 6:17-19; 7:11-25; 2 Marena 5:14-16, 20-27; Matheu 26:14, 15; Johanne 12:6.

8 Ho na le mehlala e metle e kang tlaleho e buang ka Jakobo, ea ileng a khothalletsa bara ba hae hore ba khutlise chelete eo ba neng ba e fumane mekotleng ea bona hobane a ne a nahana hore e ka ’na eaba e ne e kentsoe moo ka phoso; oa Jafeta le morali oa hae ea ileng a etsa boitelo bo boholo ba ho phethahatsa kano ea ntate oa hae; le oa Jesu, eo ka sebete a ileng a itsebahatsa pel’a letšoele le halefileng e le hore a phethahatse boprofeta le ho sireletsa metsoalle ea hae. (Genese 43:12; Baahloli 11:30-40; Johanne 18:3-11) Mehlala ena e seng mekae e ka ’na ea hlaha batsoali leseling ka boitsebiso ba bohlokoa bo ka Lentsoeng la Molimo bo ka ba thusang ho ruta bana ba bona hore ba rate botšepehi ba be ba bo nke e le ba bohlokoa.

9. Batsoali ba lokela ho qoba eng haeba ba batla ho behela bana ba bona mohlala oa botšepehi, hona ke hobane’ng ha mohlala o joalo e le oa bohlokoa?

9 Ho ruta ha mofuta ona ho jarisa batsoali boikarabelo ba bohlokoa. Moapostola Pauluse o ile a botsa: “Leha ho le joalo, na uena ea rutang e mong, ha u ithute? Uena ea bolelang hore ‘U se ke ua utsoa,’ na ua utsoa?” (Baroma 2:21) Batsoali ba bang ba ferekanya bana ba bona ka ho ba ruta ho tšepahala empa bona ka bobona ba sa tšepahale. Ba ka ’na ba koahela bosholu bo bonyenyane le mantsoe a thetsang ka mabaka a kang “Baa tseba le bona hore batho ba inkela lintho tsena” kapa “e ne e le leshanonyana feela le sa reng letho.” Bonneteng, bosholu ke bosholu, ho sa tsotellehe hore na ntho e utsoitsoeng e kae, le leshano ke leshano, ho sa tsotellehe hore na ho buuoa ka eng kapa hore na ke leshano le lekae. * (Luka 16:10) Bana ba bona boikaketsi ka potlako ’me bo ka ’na ba ba lematsa haholo. (Baefese 6:4) Leha ho le joalo, ha ba ithuta botšepehi mohlaleng oo batsoali ba bona ba ba behelang oona, ho ka etsahala hore ha ba hōla ba tlotlise Jehova lefatšeng lena le se nang botšepehi.—Liproverbia 22:6.

BOTŠEPEHI KA PHUTHEHONG

10. Mabapi le ho buisana le balumeli-’moho le rōna ka botšepehi, ke lintho life tseo re lokelang ho li ela hloko?

10 Ho ba hammoho le Bakreste-’moho le rōna ho re fa menyetla e mengata ea ho bontša botšepehi. Joalokaha re ithutile Khaolong ea 12, re lokela ho ba hlokolosi hore na re sebelisa mpho ea rōna ea ho bua joang, haholo-holo ha re le har’a bara le baralib’abo rōna ba moea. Ho ka ba bonolo hore ha batho ba iqoqela feela ka tsela e tloaelehileng ba qetelle ba buile ka ba bang ka tsela e kotsi, esita le ho ba etselletsa! Haeba re pheta taba eo re sa tsebeng hore na e tsoa hokae, e ka ’na eaba re kenya letsoho ho jaleng leshano, kahoo ho molemo ho thiba melomo ea rōna. (Liproverbia 10:19) Ka lehlakoreng le leng, e ka ’na eaba rea tseba hore ntho e itseng ke ’nete, empa seo ha se bolele hore re lokela ho bua ka eona. Ka mohlala, e ka ’na eaba taba eo ha e re ame ho hang, kapa e ka ’na eaba hase ho bontša mosa ho bua ka eona. (1 Bathesalonika 4:11) Batho ba bang ba emela ho hloka tlhompho ka hore ke ho bua ’nete, empa kamehla mantsoe a rōna a lokela ho ba monate le ho ba mosa.—Bakolose 4:6.

11, 12. (a) Ba bang ba etsang liphoso tse tebileng ba mpefatsa bothata ka litsela life? (b) A mang a mashano ao Satane a a ntšetsang pele mabapi le libe tse tebileng ke afe, hona re ka a loantša joang? (c) Re ka bontša joang hore rea tšepahala mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova?

11 Ke habohlokoa haholo hore re tšepahale ho ba etellang pele ka phuthehong. Batho ba bang ba etsang liphoso tse tebileng ba mpefatsa bothata ka ho leka ho pata sebe sa bona le ka ho thetsa baholo ba phutheho ha ba ba botsa ka sona. Batho ba joalo ba bile ba qala ho phela bophelo ba boikaketsi, ba iketsa eka ba sebeletsa Jehova empa ba ntse ba tsoela pele ho etsa sebe se tebileng. Ha e le hantle ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo motho eo a bonahalang a le eona ho bonahala e le leshano. (Pesaleme ea 12:2) Ba bang ha ba bolelle baholo ’nete kaofela empa ba pata lintlha tsa bohlokoa. (Liketso 5:1-11) Hangata ho hloka botšepehi ho joalo ho bakoa ke ho lumela mashano a ntšetsoang pele ke Satane.—Bona lebokose le nang le sehlooho se reng  “Mashano a Satane Mabapi le Libe Tse Tebileng,” leqepheng la 164-5.

12 E boetse ke habohlokoa ho tšepahala mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova ha re ngola ho araba lipotso. Ka mohlala, ha re tlaleha tšebeletso ea rōna ea tšimo, re hlokolosi hore re se ke ra ngola lintlha tseo e seng tsona. Ka ho tšoanang, ha re tlatsa liforomo tsa kōpo bakeng sa tokelo e itseng ea tšebeletso, le ka mohla ha rea lokela ho ngola lintho tseo e seng ’nete mabapi le boemo ba rōna ba bophelo kapa mabapi le karolo leha e le efe ea tlaleho ea rōna.—Liproverbia 6:16-19.

13. Re ka lula re tšepahala joang haeba re e-na le kamano ea khoebo le molumeli-’moho le rōna?

13 Ho tšepahala ho balumeli-’moho le rōna ho boetse ho sebetsa le litabeng tsa khoebo. Ka linako tse ling, bara le baralib’abo rōna ba Bakreste ba ka ’na ba kena litšebelisanong tsa khoebo. Ba lokela ho ba hlokolosi hore ba se ke ba kopanya litaba tsena tsa khoebo le borapeli ba bona boo ba bo etsang hammoho Holong ea ’Muso le tšebeletsong ea tšimo. Kamano ea khoebo e ka ’na ea e-ba ea mohiri le mohiruoa. Haeba re hirile bara le baralib’abo rōna, re tla ba hlokolosi hore re sebetsane le bona ka botšepehi, re ba lefe ka nako, re ba lefe chelete eo re lumellaneng ka eona re be re ba fe litokelo tse hlokoang ke molao. (1 Timothea 5:18; Jakobo 5:1-4) Ka lehlakoreng le leng, haeba re hiriloe ke mora kapa morali’abo rōna, re etsa mosebetsi oohle oo re o lefeloang. (2 Bathesalonika 3:10) Ha rea lebella hore re tšoaroe ka mokhoa o khethehileng hobane re sebeletsa molumeli-’moho le rōna, joalokaha eka mohiri oa rōna o tlameha ho re fa nako ea ho ba sieo mosebetsing, ho re etsetsa melemo e itseng, kapa ho re fa menyetla e meng e sa fuoeng basebetsi ba bang.—Baefese 6:5-8.

14. Ha Bakreste ba kopanetse khoebo, ke mehato efe eo ba lokelang ho e nka hore ba itšireletse, hona hobane’ng?

14 Ho thoe’ng haeba khoebo ea rōna e le mofuta oa khoebo e kopanetsoeng, mohlomong e le letsete kapa kalimo? Bibele e fana ka molao-motheo oa bohlokoa: Ngolang ntho e ’ngoe le e ’ngoe fatše! Ka mohlala, ha Jeremia a ne a reka tšimo, o ile a etsa likopi tse peli, ka pel’a lipaki, eaba o li boloka moo ho sireletsehileng e le hore li tle li sebelisoe nakong e tlang. (Jeremia 32:9-12; bona le Genese 23:16-20.) Ha re etsa khoebo le balumeli-’moho le rōna, ho ngola lintlha tsohle tokomaneng e ngotsoeng ka hloko, le eo re e saenneng, e bileng e saennoeng ke lipaki ha ho bolele hore ha re tšepe balumeli-’moho le rōna. Ho e-na le hoo, e thibela ho se utloisisane, ho soetseha haesita le ho se lumellane ho ka bakang liphapang. Bakreste leha e le bafe ba leng khoebong le Bakreste ba bang, ba lokela ho hopola hore ha ho khoebo e lokelang ho beha bonngoe le khotso ea phutheho kotsing. *1 Bakorinthe 6:1-8.

BOTŠEPEHI LEFATŠENG

15. Jehova o ikutloa joang ka mekhoa e sa tšepahaleng ea khoebo, ’me Bakreste ba etsa joang mabapi le mekhoa ee e tloaelehileng?

15 Mokreste ha a tšepahale ka phuthehong feela. Pauluse o ile a re: “Re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.” (Baheberu 13:18) Litabeng tsa khoebo, ’Mōpi oa rōna o khahloa haholo ke ha re tšepahala. Bukeng ea Liproverbia feela, ho buuoa ka sekala sa bohata ka makhetlo a mane. (Liproverbia 11:1; 16:11; 20:10, 23) Mehleng ea boholo-holo, ho ne ho tloaelehile hore ho sebelisoe likala le litekanyo lithekisetsanong e le hore ho bekhoe lintho tse rekoang le chelete e li rekang. Bahoebi ba sa tšepahaleng ba ne ba sebelisa litekanyo tsa mefuta e ’meli le sekala se sa nepahalang ho thetsa le ho qhekella bareki. * Jehova o hloile mekhoa e joalo! E le hore re lule leratong la hae, re qoba ka ho feletseng mekhoa eohle e sa tšepahaleng ea khoebo.

16, 17. Ke mefuta efe ea ho se tšepahale e tloaelehileng lefatšeng la kajeno, hona Bakreste ba ’nete ba ikemiselitse ho etsa’ng?

16 Kaha Satane ke ’musi oa lefatše lena, ha re makale ha re bona re pota-potiloe ke ho se tšepahale. Letsatsi le leng le le leng re ka ’na ra thulana le liteko tsa hore re se ke ra tšepahala. Ho tloaelehile hore ha batho ba ngola boiphihlelo ba bona ha ba kōpa mosebetsi, ba qale leshano ba be ba feteletse litaba, ba etse mangolo a bopaki a bohata kapa ba ngole boiphihlelo boo ba se nang bona. Ha batho ba tlatsa liforomo tsa bojaki, tsa makhetho, tsa liinshorense le lintho tse tšoanang le tseo, ho tloaelehile hore ba fane ka likarabo tsa bohata e le hore ba fumane seo ba se batlang. Liithuti tse ngata lia qhekella litlhahlobong, kapa ha li ngola meqoqo le litlaleho tsa sekolo, li ka ’na tsa ea Inthaneteng eaba li kopitsa seo li se fumanang moo tsa etsa eka mosebetsi oa motho e mong ke oa tsona. Ha batho ba sebelisana le liofisiri tse bobolu, hangata ba li fa tjotjo e le hore ba fumane seo ba se batlang. Ke sona seo re se lebeletseng lefatšeng leo ho lona batho ba bangata e leng “baithati, ba ratang chelete . . . ba hlokang lerato la se molemo.”—2 Timothea 3:1-5.

17 Bakreste ba ’nete ba ikemiselitse hore ba ke ke ba etsa leha e le ofe oa mekhoa ena. Ka linako tse ling ntho e etsang hore ho tšepahala ho be thata ke hore ba etsang lintho tsa mofuta ona tse sa tšepahaleng ho bonahala ba atleha ba bile ba tsoella lefatšeng la kajeno. (Pesaleme ea 73:1-8) Leha ho le joalo, Bakreste ba ka ’na ba hloka chelete hobane ba lakatsa ho lula ba tšepahala “linthong tsohle.” Na boitelo boo ba bo etsang bo na le molemo? Hantle haholo! Empa ke hobane’ng ha ho le joalo? Ho tšepahala ho tlisa litlhohonolofatso life?

LITLHOHONOLOFATSO TSE TLISOANG KE HO TŠEPAHALA

18. Ke hobane’ng ha ho ba le botumo ba hore u motho ea tšepahalang e le habohlokoa haholo?

18 Ke lintho tse seng kae bophelong tseo u tla fumana hore ke tsa bohlokoa ho feta botumo ba hore u motho ea tšepahalang le ea ka tšeptjoang. (Bona lebokose le nang le sehlooho se reng  “Ke Tšepahala Hakae?” leqepheng la 167.) Nahana ka sena—mang kapa mang a ka ba le botumo bo joalo! Ha boa itšetleha ka bokhoni ba hao, leruo, chebahalo, boemo sechabeng, kapa ntho leha e le efe eo u ke keng ua e khona. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba hlōleha ho ba le letlotlo la botumo bo botle. Bo fumanoa seoelo. (Mikea 7:2) Batho ba bang ba tla u soma hobane u tšepahala, empa ba bang ba tla ananela botšepehi ba hao, ’me ba tla u tšepa ba be ba u hlomphe. Lipaki Tsa Jehova tse ngata li bile li fumane hore botšepehi ba tsona bo li thusitse licheleteng. Ha lia ka tsa felloa ke mosebetsi ha basebetsi ba sa tšepahaleng ba ne ba lelekoa, kapa li ile tsa fumana mosebetsi ha basebetsi ba tšepahalang ba ne ba hlokoa ka matla.

19. Ho phela ka botšepehi ho ka ama matsoalo a rōna le kamano ea rōna le Jehova joang?

19 Ebang u etsahalloa ke ntho e joalo kapa che, u tla fumana hore botšepehi bo u tlisetsa litlhohonolofatso tse khōlō haholo. U tla putsoa ka letsoalo le hloekileng. Pauluse o ile a ngola a re: “Re tšepa hore re na le matsoalo a tšepahalang.” (Baheberu 13:18) Ho feta moo, Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo a ke ke a hlokomoloha botumo ba hao, ebile o rata batho ba tšepahalang. (Pesaleme ea 15:1, 2; Liproverbia 22:1) Ha ho pelaelo hore ho tšepahala ho u thusa ho lula leratong la Molimo, ’me seo ke moputso o moholo ka ho fetisisa oo re ka o fumanang. Joale a re tšohleng taba e amanang le ena, e leng tsela eo Jehova a talimang mosebetsi ka eona.

^ ser. 9 Ka phuthehong, ho tloaela leshano ka tsela e totobetseng le e kotsi, hoo ka ho hlakileng ho reretsoeng ho utloisa batho ba bang bohloko, ho ka hloka hore baholo ba nke khato ea boahloli.

^ ser. 14 Mabapi le se lokelang ho etsoa haeba khoebo e ka ba le mathata, bona Sehlomathiso, leqepheng la 222-3.

^ ser. 15 Ba ne ba sebelisa litekanyo tsa mofuta o mong bakeng sa ho reka le tsa mofuta o mong bakeng sa ho rekisa, ’me ka tsela eo ba ne ba fumana molemo ha ba reka le ha ba rekisa. Ba ne ba ka ’na ba boetse ba sebelisa sekala seo karolo e ’ngoe ea sona e neng e le telele kapa e neng e le boima ho feta e ’ngoe e le hore ba ka qhekella moreki nako le nako ha ba mo rekisetsa.