Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 16

Hanyetsa Diabolose le Maqiti a Hae

Hanyetsa Diabolose le Maqiti a Hae

‘Hanyetsa Diabolose, ’me o tla baleha.’—JAKOBO 4:7.

1, 2. Ke bo-mang ba thabang ha batho ba kolobetsoa?

HAEBA ke khale u sebeletsa Jehova, mohlomong u se u utloile lipuo tse ngata tsa kolobetso likopanong tsa rōna tse khōlō le tse nyenyane. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na u bile teng liketsahalong tse joalo hangata hakae, ho ka etsahala hore ebe u ntse u ameha maikutlo lekhetlo le leng le le leng ha u bona ba lutseng litulong tse ka pele ba ema ho itlhahisa bakeng sa kolobetso. Ka nako eo, ho utloahala molumo oa thabo feela har’a letšoele, o lateloa ke liatla tse opuoang ka mofuthu. U ka ’na ua seka meokho ha u bona sehlopha se seng hape sa batho ba bohlokoa ba entseng qeto ea ho ema ka lehlakoreng la Jehova. Re thaba hakaakang linakong tse joalo!

2 Le hoja ka makhetlo a ’maloa ka selemo re ka ’na ra bona ha ho kolobetsoa batho sebakeng sa habo rōna, mangeloi ’ona a fuoe menyetla e mengata e ikhethang ea ho bona ha batho ba kolobetsoa. Ak’u nahane hore na e tlameha ebe ho ba le ‘thabo e kaakang leholimong’ ha karolo e bonahalang ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova e eketsoa ka batho ba likete beke e ’ngoe le e ’ngoe! (Luka 15:7, 10) Ha ho pelaelo hore mangeloi a thabela ho bona keketseho ena haholo!—Hagai 2:7.

DIABOLOSE “O TSAMAEA JOALOKA TAU E PURUMANG”

3. Ke hobane’ng ha Satane a “tsamaea joaloka tau e purumang,” hona o batla ho etsa’ng?

3 Leha ho le joalo, ho na le libōpuoa tsa moea tse etsang se fapaneng le seo hōle, tse halefang haholo ha li bona batho ba kolobetsoa. Satane le bademona ba tuka ke bohale ha ba bona batho ba likete-kete ba furalla lefatše lena le bolileng. Etsoe Satane o ile a bua ka boikhantšo a re ha ho batho ba sebeletsang Jehova hobane ba hlile ba mo rata le hore haeba ba lekoa ka matla ha ho le ea mong ea neng a tla lula a tšepahala. (Jobo 2:4, 5) Nako le nako ha ho e-ba le motho ea etsang qeto ea ho inehela ho Jehova, sena se bontša hore Satane o fositse. Ho joalokaha eka Satane o ntse a jabeloa ka makhetlo a likete-kete beke e ’ngoe le e ’ngoe ka selemo. Hase feela a ‘tsamaeang joaloka tau e purumang e batlang ho harola e mong’! (1 Petrose 5:8) “Tau” ena e batla ho re harola moeeng, le ho senya kamano ea rōna le Molimo kapa ho re arohanya le eena.—Pesaleme ea 7:1, 2; 2 Timothea 3:12.

Nako le nako ha motho e mong a inehela ho Jehova ’me a kolobetsoa, sena se bontša hore Satane o fositse

4, 5. (a) Jehova o notlile tšusumetso eo Satane a nang le eona ka litsela life tse peli tsa bohlokoa? (b) Mokreste oa ’nete a ka kholiseha ka eng?

4 Le hoja re tobane le sera se bohale, ha re na lebaka la ho tšoha. Hobane’ng? Hobane Jehova o notlile matla a ‘tau ena e purumang’ ka litsela tse peli tsa bohlokoa. Litsela tseo ke life? Ea pele, Jehova o boletse esale pele hore “bongata bo boholo” ba Bakreste ba ’nete bo tla pholoha ‘matšoenyeho a maholo’ a tlang. (Tšenolo 7:9, 14) Boprofeta ba Molimo bo ke ke ba hlōleha ho phethahala. Ka lebaka leo, e tlameha ebe le Satane oa tseba hore ha ho mohla a tla tšoasa batho ba Molimo kaofela.

5 Tsela ea bobeli eo a notliloeng ka eona e totobatsoa ke ’nete ea bohlokoa e ileng ea buuoa ke e mong oa banna ba boholo-holo ba tšepahalang ba Molimo. Moprofeta Azaria o ile a re ho Morena Asa: “Jehova o na le lōna hafeela le e-na le eena.” (2 Likronike 15:2; 1 Bakorinthe 10:13) Mehlala e mengata e tlalehiloeng e bontša hore nakong e fetileng, Satane o ’nile a hlōleha ho harola mohlanka leha e le ofe oa Molimo ea neng a le haufi le Molimo. (Baheberu 11:4-40) Kajeno, Mokreste ea lulang a le haufi le Molimo o tla hanyetsa Diabolose a be a mo hlōle. Ha e le hantle, Lentsoe la Molimo lea re tiisetsa: “Le hanyetse Diabolose, ’me o tla le balehela.”—Jakobo 4:7.

“RE LOANA . . . LE MAKHOTLA A MOEA A KHOPO”

6. Satane o loantša Mokreste ka mong joang?

Satane a ke ke a hlōla ntoeng ena ea tšoantšetso, empa a ka re etsa mahlatsipa re le batho ka bomong haeba re sa falimeha. Satane oa tseba hore a ka re harola haeba a ka fokolisa tlamahano ea rōna le Jehova. Satane o leka ho etsa see joang? Ka ho re hlasela ka matla, re le batho ka bomong le ka bolotsana. A re ke re hlahlobeng mano ana a ka sehloohong a sebelisoang ke Satane.

7. Ke hobane’ng ha Satane a hlasela batho ba Jehova ka matla?

7 Litlhaselo tse matla. Moapostola Johanne o ile a re: “Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Johanne 5:19) Mantsoe ao ke temoso ho Bakreste bohle ba ’nete. Kaha Satane o se a harotse lefatše lohle la batho ba sa tšabeng Molimo, hona joale a ka shebana le batho ba Jehova bao ho tla fihlela joale ba mo phonyohileng ebile a ka matlafatsa litlhaselo tsa hae khahlanong le bona. (Mikea 4:1; Johanne 15:19; Tšenolo 12:12, 17) O halefile haholo hobane oa tseba hore o na le nako e khutšoanyane. Kahoo o ekelitse khatello ea hae. Kajeno, re tobane le boiteko ba hae ba ho qetela bo sehlōhō ba ho senya kamano ea rōna le Molimo. Kahoo, ho feta leha e le neng pele, re lokela ho ‘lemoha linako e le hore re tsebe seo re tšoanelang ho se etsa.’—1 Likronike 12:32.

8. Moapostola Pauluse o bolela’ng ha a re re “loana” le meea e khopo?

8 Ntoa eo u e loanang. Moapostola Pauluse o ile a lemosa Bakreste-’moho le eena a re: “Re loana . . . le makhotla a moea a khopo a leng libakeng tsa leholimo.” (Baefese 6:12) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “loana” le hlile le bolela ho “betana,” ’me le hlalosa ntoa eo ho eona batho ba loanang ba tšoarane, ba atamelane. Kahoo, ha Pauluse a ne a sebelisa lentsoe leo, o ne a hatisa hore e mong le e mong oa rōna o loana le meea e khopo. Ho sa tsotellehe hore na re lula naheng eo ho eona ho lumela ho meea e khopo ho atileng kapa che, le ka mohla ha rea lokela ho lebala hore ha re ne re inehela ho Jehova, ho ne ho tšoana le ha re kenela tlhōlisano ea ho betana. Mokreste e mong le e mong o kena ntoeng ho tloha nakong eo a inehelang ka eona. Hase feela Pauluse a ileng a bona ho hlokahala hore a khothalletse Bakreste ba Efese ka makhetlo a mararo hore ba ‘eme ba tiile’!—Baefese 6:11, 13, 14.”

9. (a) Ke hobane’ng ha Satane le bademona ba sebelisa “maqiti” a mangata? (b) Ke hobane’ng ha Satane a leka ho silafatsa menahano ea rōna, ’me re ka hanyetsa boiteko ba hae joang? (Bona  lebokose le leqepheng la 192-3.) (c) Joale ke maqiti afe ao re tla a tšohla?

9 Merero ea bolotsana. Pauluse o khothatsa Bakreste hore ba eme ba tiile khahlanong le “maqiti” a Satane. (Baefese 6:11) Hlokomela hore Pauluse o sebelisa lentsoe le ka bongateng. Meea e khopo ha e sebelise leqheka le le leng la bolotsana empa e sebelisa a mangata—le hona e le ka lebaka le utloahalang. Ha nako e ntse e feta, balumeli ba bang ba ileng ba ema ba tiile khahlanong le teko ea mofuta o itseng ba ile ba inehela ha ba tobane le teko ea mofuta o mong. Kahoo, Diabolose le bademona ba lula ba behile e mong le e mong oa rōna leihlo e le hore ba bone moo re fokolang haholo. Ebe joale ba sebelisa bofokoli leha e le bofe ba moea boo e ka ’nang eaba re na le bona. Leha ho le joalo, ka lehlohonolo, re ka lemoha mekhoa e mengata ea Diabolose, hobane e senotsoe ka Bibeleng. (2 Bakorinthe 2:11) Pejana bukeng ena, re ile ra tšohla maqheka a kang leraba la lintho tse bonahalang, metsoalle e kotsi le boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate. Joale a re ke re tšohleng maqiti a mang a Satane—e leng tšebelisano le meea.

HO SEBELISANA LE MEEA—KE BOFETOHELI

10. (a) Ho sebelisana le meea ke eng? (b) Jehova o nka ho sebelisana le meea joang, ’me uena u ho nka joang?

10 Ha motho a sebelisana le meea, kapa bademona, o ikopanya ka ho toba le meea e khopo. Ho laola, bonohe, ho betsa le ho botsa bafu ke mefuta e meng ea ho sebelisana le meea. Joalokaha re tseba hantle, Jehova o nka ho sebelisana le meea e le “ntho e manyala.” (Deuteronoma 18:10-12; Tšenolo 21:8) Kaha le rōna re tlameha ho ‘nyonya se khopo,’ le ka mohla re ne re ke ke ra batla ho ba le setsoalle le meea e khopo. (Baroma 12:9) Ho fetohela Ntate oa rōna oa leholimo Jehova, e ne e tla ba ketso e nyonyehang hakaakang!

11. Ke hobane’ng ha Satane a ne a tla be a fumane tlhōlo e khōlō haeba a ne a ka re hohela hore re sebelisane le meea? Bontša.

11 Leha ho le joalo, ka lebaka la hore ho itšunya-tšunya tšebelisanong le meea ke ho fetohela Jehova ka tsela e feteletseng, Satane o ikemiselitse ho etsa hore ba bang ba rōna ba amehe tabeng ena. Nako le nako ha Satane a hohela Mokreste hore a sebelisane le bademona, o fumane tlhōlo e khōlō. Hobane’ng? Nahana ka papiso ena: Haeba lesole le ne le ka susumeletsoa hore le nyahlatse lebotho la habo lona le ho le fetohela ebe le ikamahanya le mabotho a lireng, molaoli oa lebotho la lireng o ne a ka thaba haholo. A ka ba a le bontša batho ba bang joaloka mohope oa tlhōlo, e le hore a hobose molaoli oa lebotho leo lesole leo le tsoang ho lona. Ka ho tšoanang, haeba Mokreste a ka sebelisana le meea, ka boikemisetso a bile a tseba seo a se etsang, o tla be a nyahlatsa Jehova ’me a ipeha ka ho toba taolong ea Diabolose. Nahana feela hore na e ne e tla ba thabo e kaakang ho Satane ho bontša batho lehlaba-phio leo joaloka mohope oa tlhōlo oa ntoa! Na ho na le e mong oa rōna ea ka ratang hore a fe Diabolose tlhōlo e joalo? Ho hang ha a eo! Ha re mahlaba-phio.

HO SEBELISA LIPOTSO TSE TSOSANG LIPELAELO

12. Satane o sebelisa mokhoa ofe e le hore a fetole tsela eo re talimang tšebelisano le meea ka eona?

12 Hafeela re nyonya tšebelisano le meea, Satane a ke ke a e sebelisa hore a re tšoase. Kahoo, oa hlokomela hore o lokela ho fetola tsela eo re nahanang ka eona. Joang? O batla litsela tsa ho ferekanya Bakreste hoo ba bang ba tla nahana hore “botle ke bobe le bobe ke botle.” (Esaia 5:20) Ho finyella sena, hangata Satane o sebelisa mokhoa oo e leng khale o atleha oa ho botsa lipotso tse tsosang lipelaelo.

13. Satane o ’nile a sebelisa mokhoa oa ho botsa lipotso joang e le hore a tsose lipelaelo?

13 Hlokomela kamoo Satane a ileng a sebelisa mokhoa ona nakong e fetileng. Tšimong ea Edene o ile a botsa Eva: “Na ehlile Molimo o itse le se ke la ja tsa sefate se seng le se seng se serapeng?” Mehleng ea Jobo, nakong eo mangeloi a neng a e-na le seboka leholimong, Satane o ile a botsa potso ena: “Na ke ha lefeela ha Jobo a tšaba Molimo?” Hape, qalong ea tšebeletso ea Jesu ea lefatšeng, Satane o ile a qholotsa Kreste ka ho re: “Haeba u mora oa Molimo, bolella majoe ana hore a fetohe mahobe.” Nahana feela—tabeng ea Jesu, Satane o ile a nyelisa Jehova ka ho sebelisa mantsoe ao Jehova a neng a ile a a bua hoo e ka bang libeke tse tšeletseng pele ho moo: “Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng”!—Genese 3:1; Jobo 1:9; Matheu 3:17; 4:3.

14. (a) Satane o sebelisa leqheka la hae la ho tsosa lipelaelo joang mabapi le tšebelisano le meea? (b) Joale re tla hlahloba eng?

14 Kajeno, Diabolose o sebelisa leqheka le tšoanang e le ha a leka ho tsosa lipelaelo ka hore na tšebelisano le meea ke ntho e khopo hakae. Ka masoabi, o atlehile ho tsosa lipelaelo likelellong tsa balumeli ba bang. Ba se ba qalile ho ba le lipelaelo ka hore na mefuta e itseng ea tšebelisano le meea e hlile e mebe hakaalo. Ha e le hantle, baa ipotsa, ‘Na ehlile ho joalo?’ (2 Bakorinthe 11:3) Re ka thusa ba joalo hore ba fetole tsela eo ba nahanang ka eona joang? Re ka tiisa joang hore leqheka la Satane ha le re susumetse? E le hore re arabe potso eo, a re ke re hlahlobeng likarolo tse peli bophelong tseo Satane a li silafalitseng ka bolotsana ka mekhoa ea tšebelisano le meea. Ke boithabiso le kalafo.

HO SEBELISA LITAKATSO TSA RŌNA LE LITLHOKO TSA RŌNA HAMPE

15. (a) Batho ba bangata linaheng tsa Bophirimela ba nka tšebelisano le meea joang? (b) Bakreste ba bang ba susumelitsoe joang ke maikutlo a lefatše ka tšebelisano le meea?

15 Boselamose, boloi le mefuta e meng ea tšebelisano le meea li ntse li tsoela pele ho nkoa habobebe, haholo-holo linaheng tsa Bophirimela. Libaesekopo, libuka, mananeo a thelevishene le lipapali tsa k’homphieutha li tsoela pele ho bontša mekhoa ea bodemona e le ntho e thabisang, e bontšang bohlale le e seng kotsi. Libaesekopo le libuka tse nang le lipono tse buang ka boselamose li tloaelehile haholo hoo batho ba li ratang ba bileng ba thehileng mekhatlo ea batho ba li tšehetsang. Ho hlakile hore bademona ba atlehile ho nyenyefatsa likotsi tsa boselamose. Na mokhoa oo oa ho nka tšebelisano le meea habobebe o susumelitse Bakreste? Monahano oa ba bang o anngoe ke sena. Ka tsela efe? Ho tea mohlala, ka mor’a hore Mokreste e mong a shebelle baesekopo e bontšang boselamose haholo, o ile a re: “Ke ile ka shebella baesekopo eo, empa ha kea ka ka sebelisana le meea.” Ke hobane’ng ha ho nahana joalo ho le kotsi?

16. Ke hobane’ng ha ho le kotsi ho khetha boithabiso bo buang ka mekhoa ea boselamose haholo?

16 Le hoja ho e-na le phapang pakeng tsa ha motho a sebelisana le meea le ha a ho shebella, ka sebele seo ha se bolele hore ho shebella boselamose ha ho kotsi. Hobane’ng? Nahana ka sena: Lentsoe la Molimo le bontša hore Satane le bademona ba hae ha ba na matla a ho bona seo re se nahanang. * Kahoo, joalokaha ho boletsoe pejana, meea e khopo e tlameha ho shebisisa liketso tsa rōna—ho akarelletsa le boithabiso boo re bo khethang, e le hore e tsebe hore na re nahana eng le ho hlokomela bofokoli leha e le bofe ba moea boo re nang le bona. Haeba boitšoaro ba Mokreste bo bontša hore o thabela libaesekopo kapa libuka tse buang ka ho buisana le meea, ho betsa, liketso tsa ho laoloa ke bademona, kapa litaba tse ling tsa bodemona tse tšoanang le tseo, o ipitsetsa bademona. Ha e le hantle, o ba hlokomelisa bofokoli ba hae! Bademona bona ba ka loantša Mokreste eo ka matla e le hore ba sebelise bofokoli boo a bo bontšitseng ho fihlela ba mo hlōla. Ha e le hantle, ba bang ba ileng ba qala ho thahasella ho sebelisana le meea ka lebaka la boithabiso bo bontšang boselamose haholo ba ile ba qetella ba sebelisana le meea.—Bagalata 6:7.

Rua molemo thusong eo Jehova a fanang ka eona ha u kula

17. Ke maqiti afe ao Satane a ka ’nang a a sebelisa e le hore a etse batho ba kulang hampe?

17 Ho rata ha rōna boithabiso hase hona feela hoo Satane a lekang ho ho sebelisa hampe empa o boetse o sebelisa ho hloka kalafo ha rōna hampe. Joang? Mokreste ea ntseng a fokolloa ke bophelo ho sa tsotellehe matsapa ao a a etsang a ho fumana pheko, a ka ’na a nyahama. (Mareka 5:25, 26) Seo se ka fa Satane le bademona monyetla o motle oa hore ba mo etse hampe. Ba tseba hantle hore Lentsoe la Molimo le lemosa hore batho ba se ke ba batla “thuso e etsoang ke ba tloaetseng ho etsa se kotsi.” (Esaia 31:2) Ho etsa hore Mokreste a etse se khahlanong le temoso eo, bademona ba ka ’na ba leka motho ea kulang ka ho mo etsa hore a ikutloe a selebaletsoe hoo a ka bang a khetha mekhoa ea kalafo e akarelletsang “matla a boselamose,” kapa tšebelisano le meea—e leng ntho e kotsi haholo. Haeba maqiti ao a bademona a atleha, a ka fokolisa kamano ea motho eo ea kulang le Molimo. Ka tsela efe?

18. Mokreste o tla hana mekhoa ea mofuta ofe, hona hobane’ng?

18 Jehova o ile a lemosa Baiseraele ba neng ba sebelisa “matla a boselamose” a re: “Ha le otlolla matsoho, ke le patela mahlo. Esita le hoja le etsa lithapelo tse ngata, ha kea mamela.” (Esaia 1:13, 15) Ke ’nete hore kamehla re batla ho qoba ho etsa ntho leha e le efe e ka ’nang ea sitisa lithapelo tsa rōna le ho fokolisa thuso eo re e fumanang ho Jehova—haholo-holo ha re kula. (Pesaleme ea 41:3) Kahoo, haeba ho e-na le matšoao a hore mokhoa o itseng oa ho fumana hore na motho o tšoeroe ke eng kapa oa phekolo e ka ’na eaba o amana le mekhoa ea tšebelisano le meea, Mokreste oa ’nete o lokela ho o hana. * (Matheu 6:13) Ka ho etsa joalo, ha ho pelaelo hore Jehova o tla lula a mo thusa.—Bona lebokose le nang le sehlooho se reng  “Na e Hlile ke ho Sebelisana le Meea?” leqepheng la 194.

HA LIPALE TSE BUANG KA BADEMONA LI ATA

19. (a) Diabolose o thetsitse batho ba bangata hore ba lumele eng ka matla a hae? (b) Bakreste ba ’nete ba lokela ho qoba lipale life?

19 Leha batho ba bangata linaheng tsa Bophirimela ba nka habobebe kotsi ea matla a Satane, likarolong tse ling tsa lefatše teng ho etsahala se fapaneng. Linaheng tseo, Diabolose o thetsitse batho ba bangata ho lumela hore o na le matla a fetang ao a hlileng a nang le ’ona. Batho ba bang ba etsa mesebetsi ea bona ea letsatsi le letsatsi ba ntse ba tšohile meea e khopo. Lipale tse buang ka mesebetsi e matla ea bademona li atile. Hangata lipale tse joalo li phetoa ka thabo, ’me li khahla batho. Na le rōna re lokela ho hasa lipale tse joalo? Che, bahlanka ba Molimo oa ’nete ba qoba ho etsa seo ka mabaka a mabeli a bohlokoa.

20. Motho a ka hasa mashano a Satane joang, mohlomong a sa hlokomele?

20 Lebaka la pele, ka ho pheta lipale tse buang ka lintho tse khōlō tse entsoeng ke bademona, motho o ntšetsa pele se batloang ke Satane. Joang? Lentsoe la Molimo le tiisa taba ea hore Satane o tseba ho etsa mesebetsi e matla, ebile le boetse le re lemosa hore o sebelisa ‘lipontšo tsa leshano’ le “thetso.” (2 Bathesalonika 2:9, 10) Kaha Satane ke mothetsi e moholo, oa tseba hore na a ka susumetsa likelello tsa ba sekametseng tšebelisanong le meea joang le hore na a ka etsa hore ba lumele lintho tseo e seng ’nete joang. Batho ba joalo ba ka ’na ba lumela e le kannete hore ba bone ba bile ba utloile lintho tse itseng ’me ba ka ’na ba pheta lintho tseo joalokaha eka ke ’nete. Ka mor’a nako, lipale tsa bona lia feteletsoa ka ho ’na li phetoa khafetsa. Haeba Mokreste a ne a ka hasa lipale tse joalo, ha e le hantle, o ne a tla be a etsa thato ea Diabolose—e leng “ntate oa leshano.” O ne a tla be a hasa mashano a Satane.—Johanne 8:44; 2 Timothea 2:16.

21. Re batla ho bua haholo ka eng?

21 Lebaka la bobeli, esita le haeba Mokreste a ile a hla a sebelisana le meea e khopo nakong e fetileng, o tla qoba hore khafetsa a thabise balumeli-’moho le eena ka ho ba phetela lipale tse buang ka lintho tse joalo. Hobane’ng? Rea eletsoa: ‘Talimang ka hloko Moemeli ea ka Sehloohong le Mophethahatsi oa tumelo ea rōna, Jesu.’ (Baheberu 12:2) Ha ho pelaelo hore re lokela ho tsepamisa likelello tsa rōna ho Kreste eseng ho Satane. Ke habohlokoa hore ebe ha Jesu a ne a le lefatšeng ha aa ka a thabisa barutuoa ba hae ka ho ba phetela lipale tse buang ka meea e khopo, le hoja ho e-na le lintho tse ngata tseo a ka beng a li buile mabapi le seo Satane a neng a ka se etsa kapa a neng a ke ke a se etsa. Ho e-na le hoo, Jesu o ile a tsepamisa kelello ea hae molaetseng oa ’Muso. Kahoo, ha re etsisa Jesu le baapostola, re batla ho bua haholo ka “lintho tse hlollang tsa Molimo.”—Liketso 2:11; Luka 8:1; Baroma 1:11, 12.

22. Re ka tsoela pele re etsa hore ho be le ‘thabo leholimong’ joang?

22 Ke ’nete hore Satane o sebelisa maqiti a fapa-fapaneng, a akarelletsang tšebelisano le meea, ho leka ho senya kamano ea rōna le Jehova. Leha ho le joalo, ka ho nyonya se khopo le ho khomarela se molemo, ha re lumelle Diabolose sebaka sa hore a fokolise qeto ea rōna ea ho hana mefuta eohle ea tšebelisano le meea. (Baefese 4:27) Nahana feela hore na ho tla ba le ‘thabo e khōlō hakaakang leholimong’ haeba re tsoela pele ho ‘ema re tiile khahlanong le maqiti a Diabolose’ ho fihlela a timela!—Baefese 6:11.

^ ser. 16 Mabitso a hlalosang Satane (Mohanyetsi, Moetselletsi, Mothetsi, Moleki, Raleshano) ha a fane ka maikutlo a hore o na le matla a ho bona se ka lipelong le likelellong tsa rōna. Leha ho le joalo, ho hlalosoa hore Jehova ke “ea hlahlobang lipelo,” le hore Jesu ke ea “phenyang liphio le lipelo.”—Liproverbia 17:3; Tšenolo 2:23.

^ ser. 18 Boitsebiso bo eketsehileng bo ka fumanoa sehloohong sa Molula-Qhooa oa December 15, 1994, leqepheng la 19-22, se reng “Na Bophelo bo Botle ke Teko ho Uena?” le sa Tsoha! ea January 8, 2001 se reng “Pono ea Bibele—Na Khetho ea Hao ka Phekolo ea Meriana ea Tsotelleha?”