Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOMATHISO

Kamoo re Lokelang ho Tšoara Motho ea Khaotsoeng Kateng

Kamoo re Lokelang ho Tšoara Motho ea Khaotsoeng Kateng

Hase lintho tse ngata tse ka re utloisang bohloko haholo joalokaha mong ka rōna kapa motsoalle oa rōna ea haufi a lelekoa phuthehong ka lebaka la ho se bakele sebe seo a se entseng. Seo re se etsang mabapi le tataiso ea Bibele tabeng ena se ka bontša botebo ba lerato la rōna ho Molimo le botšepehi ba rōna tokisetsong ea hae. * Ak’u nahane ka tse ling tsa lipotso tse hlahang mabapi le taba ena.

Re lokela ho tšoara motho ea khaotsoeng joang? Bibele e re: “Le khaotse ho itsoakanya hammoho le mang kapa mang ea bitsoang mor’abo rōna eo e leng sehlola kapa motho ea meharo kapa morapeli oa litšoantšo kapa ea litlhapa kapa letahoa kapa mohanyapetsi, esita le ho ja le se ke la ja le motho ea joalo.” (1 Bakorinthe 5:11) Mabapi le motho e mong le e mong ea ‘sa luleng thutong ea Kreste,’ rea bala: “Le ka mohla le se ke la mo amohela ka malapeng a lōna kapa la mo lumelisa. Etsoe ea mo lumelisang o kopanela mesebetsing ea hae e khopo.” (2 Johanne 9-11) Ha re bue ka litaba tsa moea le batho ba khaotsoeng kapa ho ba le setsoalle le bona. Molula-Qhooa oa March 1, 1982, leqepheng la 23, o ile oa re: “‘Lumela’ e pala ho motho e mong e ka ba bohato ba pele bo ka fetohang moqoqo ’me mohlomong le bona botsoalle. Na re ka lakatsa ho nka bohato boo ba pele ho motho ea khaotsoeng?”

Na ho hlile ho hlokahala hore re se ke ra kopana le bona ho hang? E, ho na le mabaka a ’maloa. La pele, ke taba ea ho tšepahala ho Molimo le Lentsoe la hae. Ha re mamele Jehova ha ho le bonolo feela empa le haeba ho etsa joalo ho hlile ho le thata. Ho rata Molimo ho etsa hore re mamele litaelo tsohle tsa hae, re hlokomela hore o na le toka ebile o na le lerato le hore melao ea hae e khothalletsa ho etsa se molemo haholo. (Esaia 48:17; 1 Johanne 5:3) La bobeli, ho ikhula ho mofosi ea sa bakeng hoa re sireletsa ebile ho sireletsa le phutheho kaofela hore e se ke ea silafala moeeng le boitšoarong ’me ho etsa hore phutheho e ’ne e lule e e-na le botumo bo botle. (1 Bakorinthe 5:6, 7) La boraro, ho emela melao-motheo ea Bibele ka tieo ho ka ba ha tsoela motho eo ea khaotsoeng molemo. Ha re tšehetsa qeto ea komiti ea boahloli, re ka ’na ra ama pelo ea mofosi eo ho tla fihlela joale a sa kang a amohela matsapa ao baholo ba a entseng a ho mo thusa. Ho khaotsa setsoalle seo e neng e le sa bohlokoa le motho eo re mo ratang ho ka ’na ha mo thusa hore ‘a hlaphoheloe kelellong,’ a bone hore na phoso ea hae e khōlō hakae, ebe o etsa matsapa a hore a khutlele ho Jehova.—Luka 15:17.

Ho thoe’ng haeba e le mong ka rōna ea khaotsoeng? Boemong bo joalo, tlamahano e teng lipakeng tsa litho tsa lelapa e ka beha botšepehi ba rōna tekong e le kannete. Re lokela ho tšoara mong ka rōna ea khaotsoeng joang? Mona re ke ke ra tseba ho bua ka boemo bo bong le bo bong bo ka ’nang ba hlaha, empa a re ke re tšohleng maemo a mabeli a ka sehloohong.

Maemong a mang, ho ka etsahala hore ebe setho sa lelapa se khaotsoeng se ntse se lula lapeng. Kaha ho khaoloa ha sona ha ho senye likamano tsa lelapa, mesebetsi e tloaelehileng ea lelapa e etsoang letsatsi le letsatsi le litšebelisano tse tloaelehileng tsa letsatsi le letsatsi li ka ’na tsa tsoela pele. Leha ho le joalo, ka seo a se entseng, motho eo o khethile ho khaola kamano ea moea eo a neng a e-na le eona le litho tsa lelapa labo tseo e leng balumeli. Ka lebaka leo, litho tsa lelapa tse tšepahalang li ke ke tsa hlola li e-ba le setsoalle sa moea le eena. Ho tea mohlala, haeba motho ea khaotsoeng a le teng ha lelapa le ithuta Bibele hammoho a ke ke a nka karolo thutong eo. Leha ho le joalo, haeba motho ea khaotsoeng e le ngoana e monyenyane, batsoali ba ntse ba e-na le boikarabelo ba ho mo ruta le ho mo khalemela. Kahoo, batsoali ba lerato ba ka ’na ba etsa tokisetso ea hore ba khannele ngoana eo thuto ea Bibele. *Liproverbia 6:20-22; 29:17.

Maemong a mang, e ka ’na eaba mong ka rōna ea khaotsoeng ha a lule lapeng. Le hoja ho ka ’na ha etsahala hore ka linako tse ling le kopane ngope’a setšoha ho sebetsa taba e itseng ea lelapa, makhetlo ao le kopanang ka ’ona a lokela ho ba a fokolang haholo. Litho tsa lelapa la Bakreste ba tšepahalang ha li batle mabaka ao ka ’ona li ka sebelisanang le beng ka tsona ba khaotsoeng ba sa luleng lapeng. Ho e-na le hoo, ho tšepahala ho Jehova le ho mokhatlo oa hae ho tla li susumelletsa hore li tšehetse tokisetso ea Mangolo ea ho khaola. Botšepehi ba tsona bo bontša hore li amehile ka mofosi ’me bo ka mo thusa hore khalemelo eo a e fumaneng e mo tsoele molemo. *Baheberu 12:11.

^ ser. 1 Melao-motheo ea Bibele tabeng ena e sebetsa ka tsela e tšoanang le ho ba ikarolang phuthehong.

^ ser. 2 Ho fumana boitsebiso bo batsi mabapi le bana ba banyenyane ba khaotsoeng ba ntseng ba lula lapeng, bona Molula-Qhooa oa October 1, 2001, leqepheng la 16-17, le oa November 15, 1988, leqepheng la 20.

^ ser. 3 Ho fumana boitsebiso bo batsi mabapi le hore na re ka tšoara beng ka rōna ba khaotsoeng joang, bona keletso ea Mangolo e tšohliloeng Molula-Qhoeeng oa April 15, 1988, leqepheng la 26-31, le oa March 1, 1982, leqepheng la 24-9.