Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Banana le Bashanyana

Banana le Bashanyana

Karolo ea 1

Banana le Bashanyana

U bona ngoanana le moshanyana ba tsamaea ba iketlile phasejeng ea sekolo ba tšoarane ka matsoho. U ikutloa joang?

□ Ha ke tsotelle

□ Ke khala ho se hokae

□ Ke ba shoela mōna

U ile baesekopong le metsoalle ’me u hlokomela hore bohle ba ikabile, haese uena feela! U ikutloa joang?

□ Ha ke be le bothata

□ Ha ke phutholohe

□ Ke ba shoela mōna

Motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo o qalile ho bontša thahasello ho motho ea itseng oa bong bo fapaneng ’me o se a intša le eena. U ikutloa joang?

□ Ke thabile

□ Ke khala ho se hokae

□ Kea hlonama

Moshanyana le ngoanana, ngoanana le moshanyana. Ke bona hohle mona ha u re ua sheba—sekolong, literateng le mabenkeleng. Nako le nako ha u ba bona, u utloa u lakatsa eka u ka be u e-na le kharebe kapa mohlankana. Empa na u se u loketse ho intša le motho e mong? Haeba u se u loketse, u ka fumana motho ea u loketseng joang? Haeba u mo fumana, u ka etsa’ng hore le lule le hloekile boitšoarong? Khaolong ea 1-5 u tla thusoa ho araba lipotso tsena.

[Setšoantšo se tletseng leqephe la 12, 13]