Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Motho eo o Ntoketse?

Na Motho eo o Ntoketse?

Khaolong ea 3

Na Motho eo o Ntoketse?

Iphe nako ea ho araba lipotso tse latelang:

Ke makhabane afe ao hona joale u nahanang hore ke a bohlokoa ho motho eo u ka ratang ho nyalana le eena? Lethathamong le ka tlaase, tšoaea litšobotsing tse ’nè tseo u nkang hore ke tsa bohlokoa haholo.

□ Motho ea bohehang □ Motho oa moea

□ Ea botsoalle □ Ea tšepahalang

□ Ea tummeng □ Ea itšoereng hantle

□ Ea tšehisang □ Ea nang le sepheo

Na u kile ua nkoa ke setsokotsane sa lerato ha u sa le monyenyane? Lethathamong le ka holimo, tšoaea × tšobotsing e neng e u khahla haholo ka nako eo ho motho eo.

HA HO letho le phoso ka tšobotsi leha e le efe ho tse boletsoeng ka holimo. E ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e na le seo e khahlehang ka sona. Empa na hase ’nete hore ha u le monyenyane, u nkehile ke setsokotsane sa lerato, hangata u ichebela litšobotsi tsa ka ntle feela tse kang tse thathamisitsoeng ka lehlakoreng le letšehali?

Empa ha u ntse u hōla, u qala ho sebelisa matla a ho nahana hore u sekaseke lintlha tse tebileng le ho feta, tse kang tse thathamisitsoeng ka lehlakoreng le letona. Ka mohlala, u qala ho hlokomela hore ngoanana e motle ho feta bohle sebakeng sa heno e ka ’na eaba ha a tšepahale kapa hore moshanyana ea ratoang ka ho fetisisa sehlopheng sa lōna e ka ’na eaba o itšoere hampe. Haeba u se u fetile palesa ea bocha, e ka ’na eaba ha u sa sheba litšobotsi tsa ka ntle feela ha u araba potso e reng, “Na motho eo o ntoketse?”

Itsebe Pele

Pele u nahana ka hore na ke mang ea ka u lokelang, u lokela ho itseba hantle. Ho u thusa ho itlhahloba, araba lipotso tse latelang:

Ke ipabola lintlheng life? ․․․․․

Ke fokola lintlheng life? ․․․․․

Ke’ng seo ke se hlokang maikutlong le moeeng? ․․․․․

Ha ho bonolo hore u itsebe, empa lipotso tse kang tsena tse botsitsoeng ka holimo li ka u thusa hore u qale ho ikutloisisa. Haeba u ikutloisisa haholoanyane hoo ho tla u thusa ho fumana motho ea tla u tšehetsa lintlheng tseo u ipabolang ho tsona ho e-na le ea tla u fokolisa le ho feta lintlheng tseo u fokolang ho tsona. * U lokela ho etsa’ng haeba u nahana hore u fumane motho eo?

Na Motho Leha e le Ofe Feela o Lokile?

“Na u ka ntumella hore ke ithute uena e le hore ke u tsebe?” Potso eo e tla u nyarosa kapa e etse hore u tlōle ke thabo—ho itšetlehile ka hore na ke mang ea e botsang. A re nke hore ua lumela. Ha nako e ntse e feta, u ka tseba joang haeba motho eo a u loketse?

A re re u batla ho reka lieta tse ncha. U ea lebenkeleng ’me u bona lieta tseo u li ratang. U itekanya lieta tseo, empa u fumana hore ka bomalimabe lia u tiisa. U tla etsa’ng? Na u tla ’ne u reke lieta tseo? Kapa u tla batla lieta tse ling? Ho hlakile hore ntho e molemo eo u ka e etsang ke hore u tlohele lieta tseo ’me u shebe tse ling. E ka ba booatla ho tsamaea u roetse lieta tse sa u lekaneng!

Ho joalo le tabeng ea ho khetha molekane oa lenyalo. Ha nako e ntse e feta, u ka ’na ua khahloa ke batho ba ’maloa ba bong bo fapaneng. Empa hase hore leha e le ofe feela o lokile. Ha e le hantle, u batla motho eo u tla ikutloa u phutholohile ha u e-na le eena—eo le tšoanelanang le eo le nang le lipakane tse tšoanang. (Genese 2:18; Matheu 19:4-6) Na u se u fumane motho ea joalo? Haeba u se u mo fumane, u ka tseba joang hore ke ea nepahetseng?

U se ke Ua Sheba Litšobotsi Tsa ka Ntle Feela

E le hore u arabe potso eo ea ho qetela, sheba motsoalle oa hao ka kelello e hlaphohileng. Leha ho le joalo, e-ba hlokolosi! U ka ’na ua sekamela ho bona feela seo u batlang ho se bona. Kahoo iphe nako. Leka ho lemoha seo motsoalle oa hao a hlileng a leng sona. Sena se tla hloka hore u etse boiteko. Empa seo ha sea lokela ho u makatsa. Ka mohlala: Nka hore u batla ho reka koloi. U ne u tla batlisisa ka eona joang? Na u ne u tla ameha feela ka hore na e shebahala joang ka ntle? Na e ne e sa tl’o ba bohlale ho batlisisa ka eona haholoanyane—mohlomong u batle ho tseba ho hongata ka hohle kamoo ho ka khonehang hore na enjene e boemong bofe?

Ho fumana molekane oa lenyalo ke taba e tebileng ho feta ho khetha koloi. Leha ho le joalo, ba bangata ba ratanang ba ichebela litšobotsi tsa ka ntle feela. Ba potlakela ho bolela lintho tseo ba tšoanang ho tsona tse kang: ‘Re rata ’mino o tšoanang.’ ‘Re rata ho etsa lintho tse tšoanang.’ ‘Re lumellana linthong tsohle!’ Empa joalokaha ho boletsoe pejana, haeba u se u fetile palesa ea bocha, ha u sa sheba litšobotsi tsa ka ntle feela. Ua elelloa hore ke habohlokoa ho lemoha “motho ea ka sephiring oa pelo.”—1 Petrose 3:4; Baefese 3:16.

Ka mohlala, ho e-na le ho sheba hore na le lumellana hakae, u ka ’na ua ithuta ho hongata ka ho ela hloko se etsahalang ha le sa lumellane. Ka mantsoe a mang, o etsa’ng ha le sa lumellane tabeng e itseng—na o tsitlella hore lintho li etsoe ka tsela ea hae, mohlomong ka ho “tlakoloha ka bohale” kapa ka ho bua “puo e nyefolang”? (Bagalata 5:19, 20; Bakolose 3:8) Kapa na o bontša hore o na le kahlolo e molemo—e leng ho ikemisetsa ho tenyetseha, e le hore a boloke khotso haeba e le taba feela ea hore na e mong o rata eng?—Jakobo 3:17.

Ntho e ’ngoe eo u lokelang ho e ela hloko ke ena: Na motho eo o rata ho laola ba bang ka mano, ho ba hula ka nko kapa oa boulela? Na o batla ho tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang? Nicole o re: “Ke ee ke utloe batho ba bang ba ratanang ba loanela hore e mong eena hase kamehla a ‘itlalehang’ hore na o hokae. Ke nahana hore seo se bontša hore bothata bo teng.”—1 Bakorinthe 13:4.

Lintlha tse kang tse boletsoeng ka holimo li bua haholo ka seo motho a leng sona le boitšoaro ba hae. Leha ho le joalo, e ntse e le habohlokoa hore u tsebe hore na motsoalle oa hao o na le botumo bo joang. Ba bang ba mo talima joang? Ho ka ’na ha e-ba molemo hore u buisane le bao e leng khale ba mo tseba, ba kang batho ba hōlileng tsebong ka phuthehong. Ka tsela eo u tla tseba haeba “a buuoa hantle.”—Liketso 16:1, 2.

U ka ’na ua ithuta ho hongata ka motsoalle oa hao ka hore u ngole fatše lintho tseo u li hlokometseng e le hore u bone hore na o eme hokae lintlheng tseo re li tšohlileng.

Botho ․․․․․

Boitšoaro ․․․․․

Botumo ․․․․․

U tla boela u rue molemo ka ho hlahloba  lebokose le reng “Na e Tla ba Monna ea Ntoketseng?” leqepheng la 39 kapa  “Na e Tla ba Mosali ea Ntoketseng?” leqepheng la 40. Lipotso tse botsitsoeng moo li tla u thusa ho bona hore na motsoalle oa hao e tla ba molekane ea tšoanelehang oa lenyalo kapa che.

Haeba ka mor’a ho sekaseka boemo u etsa qeto ea hore e ka ’na eaba motho eo ha aa u lokela, u tla nka bohato bofe? Boemong boo, u lokela ho araba potso ena e tebileng:

Na re Lokela ho Khaohana?

Ka linako tse ling ho molemo hore le khaohane. Nahana ka se etsahaletseng Jill. O re: “Qalong ke ne ke utloa monate ha mohlankana oa ka a lula a tšoenyehile ka hore na ke hokae, ke etsa’ng le hore na ke na le mang moo. Empa taba ena e ile ea fihla moo ke neng ke se ke sa khone ho qeta nako le batho ba bang haese eena feela. O ne a sa rate le ha ke qeta nako ke e-na le ba lelapa leso—haholo-holo Ntate. Ha ke khaohana le eena, ke ile ka utloa eka ke imolotsoe mojaro o boima mahetleng!”

Sarah le eena o ile a etsahalloa ke se tšoanang. O ile a qala ho hlokomela hore mohlankana e mong ea neng a intša le eena ea bitsoang John o ne a rata ho phoqa, a batla lintho li hana ho fela, ebile a se na mekhoa e metle. Sarah o re: “Ka letsatsi le leng o ile a fihla lapeng lihora tse tharo ka mor’a nako eo re neng re lumellane ka eona! O ile a feta ’Mè mohoalotso monyako, a ntan’o re: ‘Ha re ee. Re siiloe ke nako.’ Ho e-na le hore a re ‘Ke liehile,’ o re ‘Re siiloe ke nako.’ O ne a lokela ho kōpa tšoarelo kapa ho hlalosa hore na o liehile hokae. Habohlokoa le ho feta, o ne a lokela ho bontša ’Mè tlhompho!” Ke ’nete hore ketso kapa tšobotsi e le ’ngoe e soabisang ha e bolele hore ho felile ka taba ea lōna ea lerato. (Pesaleme ea 130:3) Empa Sarah o ile a etsa qeto ea ho khaohana le John ha a bona hore o tloaetse ho tšoara batho ba bang ka tsela e se nang tlhompho joalo.

Ho thoe’ng haeba le uena joaloka Jill le Sarah, u bona hore motho eo u intšang le eena hase eo e ka bang molekane ea tšoanelehang? Boemong boo, u se ke ua hlokomoloha maikutlo a hao! Le hoja ho ka ’na ha e-ba thata ho amohela seo, ho ka ba molemo hore le khaohane. Liproverbia 22:3 e re: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata.” Ka mohlala, haeba motsoalle oa hao a bonahatsa letšoao kapa matšoao a itseng a lemosang hore ho na le mathata a tebileng ho a bontšitsoeng leqepheng la 39 le la 40, ho ka ba molemo hore le khaohane—bonyane ho fihlela bothata bo rarollotsoe. Ke ’nete hore ho ka ’na ha e-ba thata hore le khaohane. Empa lenyalo ke tlamo ea ka ho sa feleng. Ho molemo ho utloa bohloko ka nakoana hona joale ho e-na le ho ikoahlaea bophelo bohle!

Phunya Taba

U lokela ho phunya taba joang? Ntlha ea pele, khetha boemo bo loketseng boo le tla buela ho bona. Seo se bolela’ng? Nahana kamoo u ka ratang ho tšoaroa kateng boemong bo joalo. (Matheu 7:12) Na u ka rata ha taba eo e phatlalatsoa ka pel’a ba bang? Che. Ntle le haeba maemo a hloka joalo, ho ka ba molemo hore u se ke ua siela motho molaetsa fonong, ua o romela ka cell phone, kapa ka e-mail, o reng le khaohane. Ho e-na le hoo, khetha nako le sebaka se loketseng se tla le lumella ho buisana ka taba ena e tebileng.

U lokela ho re’ng ha nako e fihla ea hore u bue? Moapostola Pauluse o ile a phehella Bakreste hore ba “bue ’nete” e mong ho e mong. (Baefese 4:25) Ka hona, tsela e bohlale ke hore u be masene empa u tiee. Hlakisa hore na ke hobane’ng ha u nahana hore taba ea lōna ha e na ho atleha. Ha ho hlokahale hore u etse lethathamo la liphoso tsa hae kapa u mo nyatse ka sena le sane. Ha e le hantle, ho e-na le ho re, “Ha u” etse sena kapa “Ha ho mohla u” etsang sane, ho ka ba molemo hore u hlalose kamoo u ikutloang kateng—“Ke hloka motho ea . . . ” kapa “Ke nahana hore re lokela ho khaohana hobane . . . ”

Ena hase nako ea ho tsilatsila kapa ho fetola qeto ea hao ka lebaka la motho e mong. Hopola hore u entse qeto ea ho khaohana le motho eo hobane ho e-na le lebaka le tebileng. Kahoo e-ba hlokolosi haeba motsoalle oa hao a leka ho fetola monahano oa hao ka hore a u qhekelle ka litsela tse poteletseng. Moroetsana e mong ea bitsoang Lori o re: “Ka mor’a hore ke khaohane le mohlankana e mong, o ile a qala ho iketsa eka ke motho ea nyahameng ka linako tsohle. Ke nahana hore o ne a etsa seo hobane a batla hore ke mo utloele bohloko. Ke ile ka mo utloela bohloko. Empa ha ke ea ka ka lumella seo a se etsang hore se fetole qeto eo ke e entseng.” Joaloka Lori, tseba seo u se batlang. Khomarela qeto eo u e entseng. Che ea hao ha e be che.Jakobo 5:12.

Liphello Tse Tlisoang ke ho Khaohana

U ka lebella ho utloa bohloko ka ho tebileng nakoana ka mor’a hore le khaohane. U ka ’na ua ikutloa joaloka mopesaleme ea ileng a re: “Ke ferekane, ke iname ho isa tekanyong e fetisisang; letsatsi lohle ke tsamaile ke hlomohile.” (Pesaleme ea 38:6) Metsoalle e meng e nang le sepheo se setle e ka ’na ea leka ho u thusa, ea u khothalletsa hore le boelane. E-ba hlokolosi! Ke uena ea tlil’o kotula litholoana tsa qeto eo u e etsang—eseng metsoalle e nahanang hore e ea u thusa. Kahoo u se ke ua tšaba ho ema u tiile—le hoja u ka ’na ua utloisoa bohloko ke se etsahetseng.

Kholiseha hore ha nako e ntse e ea, bohloko boo u bo utloang bo tla feta. Khabareng u ka ’na ua etsa lintho tse kang tse latelang, ho u thusa hore u tobane le boemo.

Phetlela motho eo u mo tšepang sefuba. * (Liproverbia 15:22) Rapela Jehova ka taba eo. (Pesaleme ea 55:22) Lula u tšoarehile. (1 Bakorinthe 15:58) U se ke ua itšehla thajana! (Liproverbia 18:1) Li sa tloha feela, qeta nako u e-na le batho ba tla u khothatsa. Leka ho lula u nahana ka lintho tse hahang.—Bafilipi 4:8.

Ha nako e ntse e ea, u ka ’na ua fumana motsoalle e mong. Ha ho pelaelo hore u tla ba hlokolosi le ho feta ka eena. Mohlomong lekhetlong lena u tla araba potso e reng “Na motho eo o ntoketse?” ka e!

BALA HO EKETSEHILENG KA TABA ENA BUKENG EA 1, KHAOLONG EA 31

KHAOLONG E LATELANG

Ha le se le ratana, le lokela ho beha moeli hokae tabeng ea ho bontšana lerato?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 17 U ka ithuta ho hongata ka uena ka ho hlahloba lipotso tse Khaolong ea 1 sehloohoaneng se reng, “Na U se U Loketse ho Kena Lenyalong?”

^ ser. 45 Batsoali ba hao kapa batho ba bang ba hōlileng, ba kang baholo ba Bakreste, ba ka u thusa. U ka ba ua fumana hore le bona ba ile ba feta boemong bo bohloko joalo ha ba sa le bacha.

LENGOLO LA SEHLOOHO

Esita le ka liketso tsa hae moshanyana o iketsa hore a hlokomeloe mabapi le hore na mosebetsi oa hae o hloekile ’me o lokile.Liproverbia 20:11.

KELETSO

Etsang lintho tse senolang litšobotsi tseo motho a nang le tsona:

● Ithuteng Lentsoe la Molimo hammoho.

● Sheba hore na o ba le seabo hakae ha a le libokeng tsa phutheho le ha a le tšebeletsong ea tšimo.

● Kopanelang ho hloekiseng Holo ea ’Muso le mosebetsing oa kaho.

NA U NE U TSEBA . . .  ?

Liphuputso tse entsoeng li lula li bontša hore ho na le monyetla o moholo oa hore batho ba nyalaneng ba malumeling a sa tšoaneng ba qetelle ba hlalane.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Haeba ke khahloa ke motho ea sa lumelang, ke tla ․․․․․

E le hore ke tsebe hore na motho eo ke intšang le eena o na le botumo bo joang, nka ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

Ke litšobotsi life tse ntle tseo u ka tlatsetsang ka tsona lenyalong?

Ke lintlha life tsa bohlokoa tseo u ka li shebang ho molekane oa lenyalo?

Ke mathata afe a ka ’nang a hlahisoa ke ho nyalana le motho eo le seng tumelong e le ’ngoe le eena?

U ka ithuta botho, boitšoaro le botumo ba motho eo u intšang le eena ka litsela life?

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 37]

“Tsela eo motsoalle oa hao a tšoarang ba lelapa labo ka eona, o tla u tšoara ka eona.’’—Tony

[Lebokose se leqepheng la 34]

“Le se ke la Kena Jokong e sa Lekaneng”

“Le se ke la kena jokong e sa lekaneng hammoho le ba sa lumelang.” Mohlomong u bona bohlale ba molao-motheo ona o ka Bibeleng o fumanoang ho 2 Bakorinthe 6:14. Leha ho le joalo, u ka ’na ua khahloa ke motho ea sa lumelang. Hobane’ng? Ka linako tse ling u ka ’na ua hoheloa ke chebahalo feela. Moshanyana e mong ea bitsoang Mark, o re: “Ke ne ke atisa ho bona ngoanana enoa tlelaseng ea boikoetliso. O ne a itlela ho ’na ka ho khetheha ho tla buisana le ’na. Ho ile ha e-ba bonolo hore re thehe setsoalle.”

Haeba ua itseba ’me u lumela ka tieo litekanyetsong tsa Mangolo—’me u hōlile tsebong ka ho lekaneng hore u se ke ua nkeha maikutlo—u tla tseba seo u lokelang ho se etsa. Ha e le hantle, motho eo—ho sa tsotellehe hore na o motle hakae, o rateha hakae, kapa hore na o bonahala a itšoere hantle hakae—ha a na ho tiisa botsoalle ba hao le Molimo.—Jakobo 4:4.

Ke ’nete hore ho tla ba thata ho khaohana le motho eo haeba le se le ratana—e leng seo ngoanana e mong ea bitsoang Cindy a ileng a se hlokomela. O re: “Ke ne ke lla letsatsi le chabang le le likelang. Ke ne ke lula ke nahana ka moshanyana eo, esita le ka libokeng tsa Bokreste. Ke ne ke mo rata hoo ke neng ke utloa hore nka mpa ka shoa ho e-na le ho khaohana le eena.” Empa ka mor’a nakoana, Cindy o ile a hlokomela hore ’mè oa hae o mo fa keletso e bohlale ha a re a se ke a ratana le motho ea sa lumelang. O re: “Ke hantle hore ebe re ile ra khaohana. Ke kholisehile ka ho feletseng hore Jehova o tla mpha lintho tsohle tseo ke li hlokang.”

Na u boemong bo kang boo ba Cindy? Haeba ho joalo, ha ho hlokahale hore u kolokochane le bona u le mong! U ka buisana le batsoali ba hao. Ke seo Jim a ileng a se etsa ha a hlokomela hore o rata ngoanana e mong sekolong. O re: “Qetellong ke ile ka kōpa batsoali ba ka hore ba nthuse. Ke eona ntho e ileng ea nthusa hore ke hlōle maikutlo ao ke neng ke e-na le ’ona.” Baholo ba phutheho le bona ba ka u thusa. U ka buisana le e mong oa bona ka boemo ba hao.—Esaia 32:1, 2.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 39]

 Lintlha Tseo U li Ngotseng

Na e Tla ba Monna ea Ntoketseng?

Lintlha Tsa Bohlokoa

◻ O sebelisa matla a bolaoli ao a a filoeng joang?—Matheu 20:25, 26.

◻ O na le lipakane life?—1 Timothea 4:15.

◻ Na hona joale o leka ho finyella lipakane tseo?—1 Bakorinthe 9:26, 27.

◻ O tšoara ba lelapa labo joang?—Exoda 20:12.

◻ Metsoalle ea hae ke bo-mang?—Liproverbia 13:20.

◻ O rata ho bua ka eng?—Luka 6:45.

◻ Maikutlo a hae ke afe ka chelete?—Baheberu 13:5, 6.

◻ O rata boithabiso ba mofuta ofe?—Pesaleme ea 97:10.

◻ O bontša joang hore o rata Jehova?—1 Johanne 5:3.

Tse Ratehang

◻ Na ke motho ea mahlahahlaha?—Liproverbia 6:9-11.

◻ Na o sebelisa chelete ka bohlale?—Luka 14:28.

◻ Na o na le botumo bo botle?—Liketso 16:1, 2.

◻ Na ke motho ea nahanelang ba bang?—Bafilipi 2:4.

Matšoao a Bontšang Mathata a Tebileng

◻ Na ke motho ea bohale?—Liproverbia 22:24.

◻ Na o leka ho u lihela boitšoarong bo litšila ba ho kopanela liphate?—Bagalata 5:19.

◻ Na ke motho ea otlang kapa ea hlabang ba bang ka mantsoe?—Baefese 4:31.

◻ Na o ithabisa ka ho noa joala?—Liproverbia 20:1.

◻ Na ke motho ea boulelang oa moithati?—1 Bakorinthe 13:4, 5.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 40]

 Lintlha Tseo U li Ngotseng

Na e Tla ba Mosali ea Ntoketseng?

Lintlha Tsa Bohlokoa

◻ O bontša joang hore o ikokobelitse ka lapeng le ka phuthehong?—Baefese 5:21, 22.

◻ O tšoara ba lelapa labo joang?—Exoda 20:12.

◻ Metsoalle ea hae ke bo-mang?—Liproverbia 13:20.

◻ O rata ho bua ka eng?—Luka 6:45.

◻ Maikutlo a hae ke afe ka chelete?—1 Johanne 2:15-17.

◻ O na le lipakane life?—1 Timothea 4:15.

◻ Na hona joale o leka ho finyella lipakane tseo?—1 Bakorinthe 9:26, 27.

◻ O rata boithabiso ba mofuta ofe?—Pesaleme ea 97:10.

◻ O bontša joang hore o rata Jehova?—1 Johanne 5:3.

Tse Ratehang

◻ Na ke motho ea mahlahahlaha?—Liproverbia 31:17, 19, 21, 22, 27.

◻ Na o sebelisa chelete ka bohlale?—Liproverbia 31:16, 18.

◻ Na o na le botumo bo botle?—Ruthe 3:11.

◻ Na ke motho ea nahanelang ba bang?—Liproverbia 31:20.

Matšoao a Bontšang Mathata a Tebileng

◻ Na ke motho ea ratang likhang?—Liproverbia 21:19.

◻ Na o leka ho u lihela boitšoarong bo litšila ba ho kopanela liphate?—Bagalata 5:19.

◻ Na ke motho ea otlang kapa ea hlabang ba bang ka mantsoe?—Baefese 4:31.

◻ Na o ithabisa ka ho noa joala?—Liproverbia 20:1.

◻ Na ke motho ea boulelang oa moithati?—1 Bakorinthe 13:4, 5.

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Hase seeta se seng le se seng se tla u lekana; ka ho tšoanang, hase motho e mong le e mong eo e tla ba molekane ea tšoanetseng

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Na u nahana hore ke habohlokoa ho se shebe ponahalo feela ha u khetha koloi? Ke habohlokoa hakaakang ha u khetha molekane oa lenyalo!