Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha ke Kula Hakaale?

Ke Hobane’ng ha ke Kula Hakaale?

Khaolong ea 8

Ke Hobane’ng ha ke Kula Hakaale?

“Ha u le mocha, u ikutloa eka u ke ke ua hlōloa ke letho. Joale ka tšohanyetso bokuli bo u hlotha boikutlo boo. U ikutloa eka u tsoha u tsofetse.”—Jason.

HA Jason a le lilemo li 18, o ile a bolelloa hore o tšoeroe ke Crohn’s disease, e leng lefu le fokolisang motho le etsang hore a longoe ke mala. Mohlomong le uena u tšoeroe ke lefu le itseng le sa foleng kapa u holofetse. Ho etsa lintho tseo ba bangata ba nkang hore li tloaelehile—tse akarelletsang ho apara, ho ja, kapa ho ea sekolong—ho ka hloka boiteko bo matla.

Ho tšoaroa ke lefu le sa foleng ho ka etsa hore u ikutloe eka u koaletsoe chankaneng ’me ha u sa na tokoloho. U ka ’na ua jeoa ke bolutu. U ka ba ua qala ho ipotsa hore na ebe u entse’ng e halefisitseng Molimo kapa ua ipotsa hore na ebe Molimo o u behile tekong e ikhethang ka morero oa ho bona hore na u tla tšepahala. Leha ho le joalo, Bibele e re: “Molimo a ke ke a lekoa ka lintho tse mpe kapa hona hore o leka leha e le mang ka tsona.” (Jakobo 1:13) Ho kula e mpa e le karolo ea bophelo ba batho kajeno, ’me kaofela ha rōna re hlaheloa ke “nako le ketsahalo e sa lebelloang.”—Moeklesia 9:11.

Ho thabisang ke hore Jehova Molimo o tšepisitse ho tlisa lefatše le lecha leo ho lona ho seng “moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esaia 33:24) Esita le ba shoeleng ba tla tsosoa, e le hore le bona ba ka ba le monyetla oa ho phela lefatšeng leo le lecha. (Johanne 5:28, 29) Empa hona joale u ka sebetsana ka katleho joang le boemo boo ba hao?

Leka ho ba le boikutlo bo nepahetseng. Bibele e re: “Pelo e thabileng ke moriana o motle.” (Liproverbia 17:22) Ba bang ba ka ’na ba nahana hore motho ha aa lokela ho thaba le ho tšeha ha a kula haholo. Empa mesoaso e monate le botsoalle bo thabisang li ka u khatholla maikutlong ’me tsa etsa hore u ikemisetse ho phela. Ka hona, nahana hore na u ka etsa’ng e le hore u thabe haholoanyane bophelong. Hopola hore thabo ke e ’ngoe ea litšobotsi tsa Molimo, karolo ea tholoana ea moea oa Molimo. (Bagalata 5:22) Moea oo o ka u thusa hore u mamelle ho kula u e-na le thabo e itseng.—Pesaleme ea 41:3.

Ipehele lipakane tseo u ka li finyellang. Bibele e re: “Bohlale bo ho ba inyenyefatsang.” (Liproverbia 11:2) Ho inyenyefatsa ho tla u thusa hore u se ke ua itlohella feela kapa ua ikutloela bohloko ho feta tekano. Ka mohlala, haeba ho khoneha, ho ikoetlisa ho loketseng ho ka ntlafatsa boemo ba hao. Ke lona lebaka le etsang hore ebe litsi tsa phekolo hangata li ba le mananeo a phekolo a akarelletsang boikoetliso le mekhoa ea ho silila ’mele bakeng sa bakuli ba bacha lilemong. Maemong a mangata, boikoetliso bo loketseng ha bo thuse ’mele feela hore o fole empa bo boetse bo etsa hore motho a lule a e-na le tšepo bophelong. Ntho ea bohlokoa ke hore u lokela ho hlahlobisisa boemo ba hao ka botšepehi le ho ipehela lipakane tseo u ka li finyellang.

Ithute ho sebelisana le ba bang. Ho thoe’ng haeba ba bang ba bua lintho tse sa nahaneleng ka boemo ba hao? Bibele e re: “U se ke ua tebisetsa pelong mantsoe ’ohle ao batho ba ka a buang.” (Moeklesia 7:21) Ka linako tse ling, tsela e molemohali ea ho sebetsana le boemo bo joalo ke hore feela u hlokomolohe lipolelo tseo. Kapa mohlomong u ka etsa hore batho ba se ke ba bua lintho tse joalo. Ka mohlala, haeba ho bonahala ba bang ba sa lokolohe ha ba na le uena hobane u le setulong sa batho ba holofetseng, leka ho etsa hore ba phutholohe. U ka ’na ua re: “Kea kholoa le ntse le ipotsa hore na ho tlile joang hore ebe ke sebelisa setulo sena sa batho ba holofetseng. Na le ka rata ho tseba?”

U se ke ua felloa ke tšepo. Ha Jesu a ne a le mahlomoleng a maholo, o ile a rapela Molimo, a Mo tšepa le ho nahanisisa ka thabo eo a neng a tla ba le eona ka moso ho e-na le ho nahana ka bohloko boo a neng a bo utloa. (Baheberu 12:2) O ile a ithuta linthong tse bohloko tse mo hlahetseng. (Baheberu 4:15, 16; 5:7-9) O ile a amohela thuso le khothatso. (Luka 22:43) O ile a tsepamisa maikutlo boiketlong ba ba bang ho e-na le ho a tsepamisa maemong a hae a sa thabiseng.—Luka 23:39-43; Johanne 19:26, 27.

Jehova ‘oa U Tsotella’

Ho sa tsotellehe hore na u bothateng bofe, ha ua lokela ho nahana hore Molimo o u nka u se oa bohlokoa. Ho e-na le hoo, Jehova o nka ba lekang ho mo thabisa e le ba bohlokoa haholo. (Luka 12:7) ‘Oa u tsotella’ u le motho ka mong, ’me o thabela ho u sebelisa tšebeletsong ea hae—ho sa tsotellehe hore na ua kula kapa u holofetse.—1 Petrose 5:7.

Ka hona, u se ke ua lumella tšabo kapa ho se tsebe se tla etsahala hore li u sitise ho etsa lintho tseo u batlang ho li etsa le tseo u lokelang ho li etsa. Itšetlehe ka Jehova Molimo kamehla. O utloisisa seo u se hlokang le tsela eo u ikutloang ka eona. Ho feta moo, a ka u fa “matla a fetang se tloaelehileng” ho u thusa hore u mamelle. (2 Bakorinthe 4:7) Mohlomong ha nako e ntse e feta u tla ba le maikutlo a nepahetseng joaloka Timothy, eo ha a le lilemo li 17 ho ileng ha fumanoa hore o tšoeroe ke lefu la mokhathala o sa feleng. O re: “Ho latela 1 Bakorinthe 10:13, Jehova a ke ke a re tlohella hore re mamelle seo re ke keng ra se khona. Ke ipehela lebaka la hore haeba ’Mōpi o kholisehile hore nka mamella teko ena, joale ’na ke mang hore ke mo hanyetse?”

Haeba ho Kula Motho eo U mo Tsebang

Ho thoe’ng haeba uena u phela hantle, empa u tseba motho ea itseng ea kulang kapa ea holofetseng? U ka thusa motho eo joang? Ntho ea bohlokoa ke hore u bontše ‘kutloelo-bohloko’ le “qenehelo e bonolo.” (1 Petrose 3:8) Leka ho utloisisa boemo boo motho eo a leng ho bona. Ipehe boemong ba hae. Nina ea hlahileng a holofetse lesapo la mokokotlo, o re: “Kaha ’mele oa ka o monyenyane ’me ke lula setulong sa batho ba holofetseng, batho ba bang ba bua le ’na joalokaha eka ke ngoana, e leng ntho e ’nyahamisang haholo. Leha ho le joalo, ba bang ba leka ho lula fatše ’me ba buisane le ’na, e le hore re be boemong bo lekanang. Ke ananela seo haholo!”

Ha u sa amehe feela ka ho kula ha bona, u tla hlokomela hore e ntse e le batho ba tšoanang le uena. Hape nahana—u na le matla a ho ba ‘fa mpho ea moea’ ka mantsoe a hao! Ha u etsa joalo, le uena u tla hlohonolofala kaha le tla “khothatsana.”—Baroma 1:11, 12.

BALA HO EKETSEHILENG KA TABA ENA BUKENG EA 1, KHAOLONG EA 13

LENGOLO LA SEHLOOHO

Ka nako eo . . . ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’Esaia 33:23, 24.

KELETSO

Ho ba le tsebo ho fokotsa tšabo e bakoang ke ho se tsebe se etsahalang. Ka hona, ithute sohle seo u ka se khonang ka boemo ba hao. Botsa ngaka lipotso tse tobileng haeba ho e-na le hoo u sa ho utloisiseng.

NA U NE U TSEBA . . . ?

Ha u kula kapa u holofetse hase hore Molimo oa u otla. Ho e-na le hoo, ke phello ea ho se phethahale hoo kaofela ha rōna re ho futsitseng ho Adama.—Baroma 5:12.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

E le hore ke lule ke e-na le boikutlo bo nepahetseng ho sa tsotellehe hore na kea kula kapa ke holofetse, ke tla ․․․․․

Pakane eo nka e finyellang eo nka ipehelang eona ke ․․․․․

Haeba motho e mong a bua ntho eo ke sa e rateng ka boemo ba ka, ke tla leka ho ba le pono e leka-lekaneng ka ho ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

U ka sebelisa boitsebiso bo khaolong ee joang ho thusa motho ea holofetseng kapa ea tšoeroeng ke lefu le sa foleng?

Haeba u tšoeroe ke lefu le sa foleng, ke lintho life tse loketseng tseo u ka nahanisisang ka tsona tse ka etsang hore u amohele boemo ba hao?

U tseba joang hore mahlomola hase pontšo ea hore Molimo ha a u amohele?

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 75]

DUSTIN ea lilemo li 22, o re:

‘‘Ke hopola hantle ha ke llela matsohong a ’Mè ha ke qeta ho utloa hore ke tlil’o lula setulong sa ba holofetseng bophelo bohle ba ka. Ke ne ke le lilemo li robeli feela.

Ke tšoeroe ke lefu la ho nyebella mesifa. Ke lokela ho apesoa, ho hlatsuoa le ho jesoa. Ke sitoa ho phahamisa matsoho ho hang. Leha ho le joalo, ke phathahane bophelong ebile ke thabile, ho na le lintho tse ngata tseo ke li ananelang. Ke ea tšebeletsong kamehla ’me ke mohlanka ea sebeletsang phuthehong. Ha ke utloe le hore ke lokela ho ‘sebetsana le boemo’ bona. Kamehla ho na le ho hongata hoo motho a ka ho etsang tšebeletsong ea Jehova, le hoo a ka ho lebellang. Qetellong ke lebeletse lefatše le lecha la Molimo, moo ke tla ‘tlōla joalokaha khama e tona e tlōla.’’’—Esaia 35:6.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 75]

TOMOKO ea lilemo li 21, o re:

‘‘Ha ke le lilemo li ’nè feela, ngaka e ile ea mpolella hore ‘u tla lokela ho fumana ente ea “insulin” bophelo bohle ba hao.’

Ke phephetso ho laola tsoekere e maling ho motho ea tšoeroeng ke lefu la tsoekere. Hangata ke sitoa ho ja ka nako eo ke batlang ho ja ka eona, ’me ha ke sa batle, ke tlameha ho ja. Ho fihlela joale, ke se ke fumane liente tse 25 000, ka lebaka leo, liphaka le lirope tsa ka li se li le shoohlo. Empa batsoali ba ka ba nthusitse hore ke amohele boemo ba ka ka hohle kamoo nka khonang. Ba ne ba lula ba thabile ’me ba e-na le boikutlo bo botle, ’me ha ba ntse ba nkhōlisa ba entse hore ke ananele lintho tsa moea. Jehova o bile molemo ho ’na. Nakong eo bophelo ba ka bo lumelang, ke ile ka etsa qeto ea ho bontša kananelo ka ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng.’’

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 76]

JAMES ea lilemo li 18, o re:

‘‘Batho ha ba tsebe hore na ba itšoare joang ha ba bona motho ea sa tloaelehang joaloka ’na.

Ke mokhutšoanyane ka tsela e sa tloaelehang. Batho ba nka ponahalo e le ea bohlokoa haholo, ka hona kamehla ke leka ho ba bontša hore ha ke ngoana e monyenyane ea nang le lentsoe le tebileng. Ho e-na le hore ke utloisoe bohloko ke seo ke seng sona, ke leka ho tsepamisa mohopolo ho seo ke leng sona. Ke thabela bophelo. Ke ithuta Bibele ’me ke rapela Jehova hore a ntšehetse. Kamehla lelapa leso lea nkhothatsa. Ke letetse nakong eo ka eona Molimo a tla felisa maloetse ’ohle. Khabareng, ke phela le kholofalo ea ka, empa ha ke e lumelle hore e laole bophelo ba ka.’’

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 76]

DANITRIA ea lilemo li 16, o re:

‘‘Ke ile ka lemoha hore e tlameha ebe ho na le ho phoso ha ke ne ke opeloa haholo esita leha ke nka khalase ea metsi feela.

Ho boima ha motho a tšoeroe ke “fibromyalgia” (lefu le opisang mesifa). Joaloka mocha, ke rata ho tšoana le metsoalle ea ka empa ke thatafalloa ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho feta pele. Esita le ho khaleha feela ke bothata! Leha ho le joalo, ke ithutile hore ka thuso ea Jehova, nka khona ho phela le bothata bona ba ka. Ke ile ka ba ka khona ho qeta nako e eketsehileng tšebeletsong ke le pula-maliboho ea thusang. Ho ne ho se bonolo, empa ke ile ka atleha. Ke leka ho etsa sohle seo nka se khonang. Ke lokela ho ‘mamela’ ’mele oa ka ’me ke etse feela seo nka se khonang. Ha ke itebala, kamehla ’Mè oa nkhopotsa!’’

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 77]

ELYSIA ea lilemo li 20, o re:

‘‘Ke ne ke pasetsa holimo haholo. Empa hona joale, ho bala polelo feela e bonolo ke bothata ’me ka linako tse ling sena se ntetebetsa maikutlo.

Lefu la mokhathala o sa feleng le etsa hore ho be thata ho etsa lintho tse bonolo. Esita le ho tsoha liphateng feela hangata e ba bothata. Leha ho le joalo, ha ke e-s’o ka ke itumella hore boloetse bona ba ka bo ntaole. Ke bala Bibele letsatsi le leng le le leng, esita le haeba ho bolela hore ke bale litemana tse ’maloa feela kapa hore setho se seng sa lelapa se mpalle. Ke leboha lelapa leso haholo. Ntate o ile a ba a tela boikarabelo boo a neng a e-na le bona kopanong e le hore a tsebe ho ntlhokomela. Ha ho mohla a tletlebang. O re tokelo e khōlō ka ho fetisisa eo a nang le eona ke ea ho hlokomela lelapa la hae.’’

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 77]

KATSUTOSHI ea lilemo li 20, o re:

‘‘Ka tšohanyetso, ke tlala tšabo ’me ke qale ho lla le ho thothomela habohloko, ebe ke betsaka lintho le ho li pshatla.

Ke bile le sethoathoa ho tloha ha ke le lilemo li hlano. Ka khoeli ke oa hoo e ka bang ka makhetlo a supileng. Ke lokela ho noa meriana letsatsi le leng le le leng, ka lebaka leo, ke khathala kapele. Empa ke leka ho nahana ka ba bang, eseng ka ’na feela. Phuthehong ea heso, ho na le basebeletsi ba nako e tletseng ba lekanang le ’na ba ntšehelitseng haholo. Ha ke qeta sekolong, ke ile ka eketsa nako eo ke e qetang tšebeletsong. Sethoathoa ke bothata ba letsatsi le letsatsi. Empa ha ke ikutloa ke sithabetse, ke etsa bonnete ba hore kea phomola. Ka le hlahlamang, ke tsoha ke ikutloa ke hlaphohetsoe.’’

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 78]

MATTHEW ea lilemo li 19, o re:

‘‘Ho thata hore lithaka tsa hao li u hlomphe ha li nka hore ha ua ‘tloaeleha.’

Nka rata ho bapala lipapali tse itseng, empa kea sitoa. Ke na le lefu la “cerebral palsy” ’me ke tsamaea ka thata. Leha ho le joalo, ha ke lule ke nahana ka lintho tseo ke sitoang ho li etsa. Ke ikakhela ka setotsoana linthong tseo ke khonang ho li etsa tse kang ho bala. Holong ea ’Muso ke hona moo ke phutholohang ke sa tšohe hore ba bang ba tla ’nyatsa. Hape hoa nkhothatsa ho tseba hore Jehova o nthata ka lebaka la seo ke leng sona ka hare. Ha e le hantle, ha ke inke ke holofetse. Ke inka ke e-na le bothata bo boholoanyane le bo ikhethang boo ke lokelang ho sebetsana le bona ka katleho.’’

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 78]

MIKI ea lilemo li 25, o re:

‘‘Ke ne ke tloaetse ho bapala lipapali tse itseng. Joale ha ke ntse ke le lilemong tsa bocha, e ile eaka ka tšohanyetso ke tsoha ke tsofetse.

Ke hlahile ke e-na le lesoba pelong. Matšoao a lefu leo a ile a bonahala ha ke le lilemong tsa bocha. Ke ile ka buuoa, empa hona joale—lilemo tse tšeletseng hamorao—ke ntse ke khathala kapele le ho khathatsoa ke hlooho e sa eeng moriting. Ka hona, ke ile ka ipehela lipakane tseo nka li finyellang, tse sa nkeng nako e telele. Ka mohlala, ke khonne ho ba mosebeletsi oa nako e tletseng, ’me boholo ba nako ke ngola mangolo le ho paka ka thelefono. Hape ho kula ho nthusitse hore ke be le litšobotsi tseo ke neng ke se na tsona, tse kang mamello le boikokobetso.’’

[Setšoantšo se leqepheng la 74]

Ho tšoaroa ke lefu le sa foleng ho ka etsa hore u ikutloe eka u koaletsoe chankaneng—empa Bibele e fana ka tšepo ea hore u tla lokoloha