Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Nka Sebetsana le ho Jeoa ke Bolutu Joang?

Nka Sebetsana le ho Jeoa ke Bolutu Joang?

Khaolong ea 9

Nka Sebetsana le ho Jeoa ke Bolutu Joang?

Letsatsi le chabile hamonate, ’me ha ho na seo u rerileng ho se etsa. Leha ho le joalo, metsoalle ea hao kaofela e na le seo e se etsang. E intšitse ’me e ea ithabisa. Empa le lekhetlong lena, e sa ntse e u hlokomolohile! Ho se mengoe ka bohona ho utloisa bohloko haholo, empa ho utloisang bohloko le ho feta ke maikutlo ao motho a lulang a e-na le ’ona ka hona. U ka ’na ua ipotsa, ‘Ebe mohlomong ho na le phoso e itseng ka ’na? Ke hobane’ng ha bohle ba sa batle ho thabela botsoalle le ’na?’

MOHLOMONG ka makhetlo u kile ua hlaheloa ke se tšoanang le se boletsoeng leqepheng le shebaneng le lena. U ka ’na ua utloa eka bothata bona ke lekhalo le leholo pakeng tsa hao le lithaka tsa hao. Nako le nako ha u re u leka ho qoqa le tsona, u itoma leleme. Nakong eo u fumaneng monyetla oa ho thabela botsoalle, u apareloa ke lihlong. Ke hobane’ng ha ntho e bonolo joaloka ho thabela botsoalle e le thata hakaale?

Ho e-na le hore bothata bona bo kang lekhalo bo lule bo u arotse le ba bang, u ka fumana tharollo e kang borokho bo u tšelisang lona. A re bone hore na u ka etsa seo joang.

Bothata ba 1: Ho ikhella fatše. Bacha ba bang ba lula ba ikhella fatše. Ba kholisehile hore ha ho na motho ea ba ratang le hore ha ba na letho le molemo leo ba ka tlatsetsang moqoqong ka lona. Na u ikutloa joalo? Haeba ho joalo, ho ikhella fatše ho tla hōlisa lekhalo le pakeng tsa hao le lithaka tsa hao.

Tharollo: Nahana ka litšobotsi tse ntle tseo u nang le tsona. (2 Bakorinthe 11:6) Ipotse: ‘Ke litšobotsi life tse ntle tseo ke nang le tsona?’ Nahana ka litalenta kapa litšobotsi tse ntle tseo u nang le tsona ’me u li ngole ka tlaase mona.

․․․․․

Ha ho pelaelo hore u na le mefokolo, ’me ke habohlokoa hore u e lemohe. (1 Bakorinthe 10:12) Empa u boetse u na le ho hongata hoo u ka fanang ka hona. Ho lemoha litšobotsi tse ntle tseo u nang le tsona ho tla etsa hore u itšepe ka ho lekaneng e le hore u itšoasolle litlamong tsa ho ikhella fatše.

Bothata ba 2: Lihlong. U ka rata ho qala moqoqo, empa ha monyetla o hlaha, u sitoa le ke ho phahamisa molomo feela. Elizabeth ea lilemo li 19, o re: “Ke lula ke le lihlong nako ena kaofela. Ha ke le libokeng tsa Bokreste, ke bothata ba kob’a khomo hore ke qale ho buisana le ba bang, ruri ke tsota batho ba khonang ho etsa joalo!” Haeba u tšoana le Elizabeth, u ka ’na ua nahana hore bothata bona bo ke ke ba hlōloa.

Tharollo: Thahasella ba bang e le kannete. Khoba matšoafo—ha ho hlokahale hore u be motho ea li qamotang. Qala ka ho bontša thahasello ho motho a le mong. Mocha ea bitsoang Jorge, o re: “Ho botsa ba bang feela hore na ba ntse ba ea joang kapa ho ba botsa ka mesebetsi ea bona, ho u thusa hore u ba tsebe haholoanyane.”

Keletso ke ena: U se ke ua etsa botsoalle le lithaka tsa hao feela. E meng ea mehlala e metle ka ho fetisisa ea botsoalle e tlalehiloeng ka Bibeleng e ne e le pakeng tsa batho ba sieanang haholo ka lilemo, joaloka Ruthe le Naomi, Davida le Jonathane, hammoho le Timothea le Pauluse. (Ruthe 1:16, 17; 1 Samuele 18:1; 1 Bakorinthe 4:17) Hape hopola hore moqoqo o pakeng tsa batho ba buisanang, ha ho bue motho a le mong. Batho ba rata batho ba tsebang ho mamela ba bang. Ka hona, haeba u motho ea lihlong, hopola hore hase uena feela ea lokelang ho bua nako ena kaofela!

Ngola mabitso a batho ba babeli ba baholo bao u ka ratang ho tloaelana le bona.

․․․․․

Ak’u atamele e mong oa batho bana bao u ba ngotseng ka holimo ’me u qale ho qoqa le bona. Ha u ntse u batla menyetla ea ho tloaelana le “mokhatlo oohle oa barab’abo rōna,” u ke ke ua jeoa ke bolutu hakaalo.—1 Petrose 2:17.

Bothata ba 3: Mekhoa e sa rateheng. Motho ea tsebang haholo kamehla o rata ho nyenyefatsa ba bang, ho ba nyatsa kapa ho etsa hore ba ikutloe ba le basesaane. Athe e mong eena, ke ea ratang likhang le ho qobella batho hore ba bone lintho ka tsela eo a li bonang ka eona. Kaha motho ea joalo o ‘lokile ho feta tekano,’ o potlakela ho nyatsa motho leha e le ofe ea sa pheleng ho latela melao eo eena a iketselitseng eona. (Moeklesia 7:16) Ho hlakile hore u ke ke ua thabela ho ba har’a batho ba joalo! Na ebe mohlomong bothata bo bakiloe ke hore uena u na le mekhoa ee? Bibele e re: “Leoatla le bua mantsoe a mangata,” hape e re “mantsoeng a mangata tlōlo ha e tlohele ho ba teng.”—Moeklesia 10:14; Liproverbia 10:19.

Tharollo: Hlaolela moea oa “ho utloelana bohloko.” (1 Petrose 3:8) Le haeba u sa lumellane le maikutlo a e mong, mo lumelle hore a bue u sa fele pelo. Leka ho fumana seo le lumellanang ka sona ’me u bue ka sona. Haeba u sa lumellane le eena tabeng e itseng, etsa seo ka moea o motle le ka tsela e sa hlabeng.

Bua le ba bang ka tsela eo u tla rata hore ba buisane le uena ka eona. Bibele e fana ka keletso ea hore ‘u ’ne u etse lintho tsohle u sa korotle ’me u se na likhang.’ (Bafilipi 2:14) Ho pheha khang ho sa hlokahale kapa ho soma ba bang, hammoho le ho ba nyenyefatsa kapa ho iketsa ea lokileng ebe u nyatsa ba bang, ho ka etsa hore batho ba balehele thōko le uena. Ba tla u rata haholo haeba ‘seo u se buang kamehla e le se nang le mosa.’—Bakolose 4:6.

Na U Lokela ho Leka le ha Maemo a Hana?

Ka mor’a ho itlhahloba hakhutšoanyane, mohlomong u lemoha litsela tseo u ka rarollang bothata boo e ka ’nang eaba bo ikentse lekhalo pakeng tsa hao le ba bang. Ke ’nete hore u lokela ho talima lintho ka leihlo la sebele. U ke ke ua lebella hore u ratoe ke motho e mong le e mong. Jesu o ile a re ba bang ba tla be ba hloee batho ba etsang se lokileng. (Johanne 15:19) Ka hona, ha ho thuse ho leka ho etsa setsoalle le ha maemo a hana.

Leha ho le joalo, le hoja u sa tlōle melao ea Bibele, u ntse u ka etsa boiteko bo loketseng ba ho ba ea botsoalle le ea ratehang. Samuele eo ho buuoang ka eena ka Bibeleng o ile a etsa qeto e tiileng ea hore o ne a tla etsa se thabisang Molimo. Phello e bile efe? O ile a ’na a “a hōla ’me a rateha ka ho eketsehileng ponong ea Jehova le ea batho.” (1 Samuele 2:26) Le uena u ka atleha haeba u ka etsa boiteko bo itseng!

BALA HO EKETSEHILENG KA TABA ENA BUKENG EA 1, KHAOLONG EA 8

Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, sheba DVD ea “Young People Ask . . . How Can I Make Real Friends?” e fumanehang ka lipuo tse fetang 40

KHAOLONG E LATELANG

Ka tšohanyetso, motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo o u tšoara joalokaha eka u sera sa hae se seholo. U ka etsa’ng?

LENGOLO LA SEHLOOHO

Ea nosetsang ba bang ka bolokolohi o tla nosetsoa ka bolokolohi.Liproverbia 11:25.

KELETSO

Ntšetsa moqoqo pele. Ka mohlala, haeba motho a u botsa hore na u thabetse mafelo a beke, u se ke ua re feela e. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha u a thabetse. Joale u botse motho eo hore na eena o ne a etsa’ng ka mafelo a beke.

NA U NE U TSEBA . . .  ?

Bibele e bontša hore e ka ’na eaba Moshe, Jeremia le Timothea ba ne ba e-na le bothata ba ho ba lihlong.—Exoda 3:11, 13; 4:1, 10; Jeremia 1:6-8; 1 Timothea 4:12; 2 Timothea 1:6-8.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Bothata ba ka bo boholo bo kang lekhalo ke ․․․․․

Ke tla rarolla bothata bona ka ho ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

● Ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba jeoa ke bolutu?

● U ka thusoa ke eng hore u be le maikutlo a loketseng, ho e-na le ho apareloa ke maikutlo a fosahetseng?

● U ka khothatsa ngoan’eno e monyenyane joang ea loantšanang le bolutu?

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 88]

“Morali’eso e mong o ne a leka ho itloaetsa ’na, empa ka nako e itseng ha kea ka ka mo fa monyetla. Qetellong ha ke se ke mo file monyetla, ke ile ka lemoha booatla ba ka! Ke e mong oa metsoalle e meholo ka ho fetisisa eo nkileng ka ba le eona, le hoja a ntšiea ka lilemo tse 25!’’—Marie

[Setšoantšo se leqepheng la 87]

U ka rarolla bothata bo kang lekhalo bo pakeng tsa hao le lithaka tsa hao