Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Nka Etsa’ng Hore ke Sebetse Hantle Lithutong Tsa Sekolo?

Nka Etsa’ng Hore ke Sebetse Hantle Lithutong Tsa Sekolo?

Khaolong ea 13

Nka Etsa’ng Hore ke Sebetse Hantle Lithutong Tsa Sekolo?

NKA hore u qabeletsoe moferong oa moru o lefifi. Kaha moru ona o teteane haholo, khanya ea letsatsi ha e phunyeletse. U pota-potiloe ke mofero, o u sitisang ho tsamaea. E le hore u tsoe moo, u lokela ho khethula lihlahla ka thipa e khōlō.

Ba bang ba ka ’na ba re boemo boo ba fetang ho bona sekolong bo tšoana le bo hlalositsoeng ka holimo. Etsoe ba qeta letsatsi lohle ba qabeletsoe ka tlelaseng ’me le bosiu ba qeta lihora ba etsa mosebetsi oa sekolo o etsetsoang lapeng. Na ke kamoo u ikutloang kateng? Moleng ona o ka tlaase, ngola thuto e u thatafallang ka ho fetisisa sekolong.

․․․․․

Mohlomong batsoali ba hao le matichere ba u phehella hore u ikitlaetse thutong ena. Hase hore ba leka ho u thatafalletsa bophelo! Ba mpa ba batla hore u etse sohle seo u ka se khonang. Kahoo u ka etsa’ng haeba ba u bakela khatello hoo u batlang ho nyahlatsa? Ha u e-na le lithulusi tse loketseng u ka betla tsela morung oo. Lithulusi tseo ke life?

Thulusi ea 1: Boikutlo bo nepahetseng ka thuto. Ho thata hore u susumeletsehe ho sebetsa hantle sekolong haeba u e-na le boikutlo bo fosahetseng ka thuto. Kahoo leka ho bona sohle se amehang. Moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a ngola, a re: “Motho ea lemang o tšoanela ho lema ka tšepo le motho ea polang o tšoanela ho etsa joalo ka tšepo ea hore a be le kabelo.”—1 Bakorinthe 9:10.

Ho ka ’na ha e-ba thata ho bona molemo oa ho ‘lema’ lithutong tse itseng. Hobane’ng? Hobane lithuto tse ling li ka ’na tsa bonahala eka ha li hlokahale—bonyane hajoale. Empa ho ithuta lithuto tse sa tšoaneng ho tla u thusa ho utloisisa lintho tse ngata tse etsahalang bophelong. Ho tla u thusa hore u ‘fetohe lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle,’ ho u nolofalletse ho buisana le batho ba limelo tse sa tšoaneng. (1 Bakorinthe 9:22) Hape ho tla ntlafatsa matla a hao a ho nahana—e leng se tla u thusa le nakong e tlang.

Thulusi ea 2: Boikutlo bo nepahetseng ka bokhoni boo u nang le bona. Sekolo se ka u thusa ho utolla litalenta tsa hao tse patehileng. Pauluse o ile a ngolla Timothea, a re: “U fehle joaloka mollo mpho ea Molimo e ho uena.” (2 Timothea 1:6) Kamoo ho bonahalang kateng, Timothea o ne a abetsoe tšebeletso e itseng e khethehileng ka phuthehong ea Bokreste; empa leha ho le joalo o ne a lokela ho sebelisa bokhoni boo Molimo a neng a mo file bona—“mpho” ea hae—e le hore bo se ke ba itja feela kapa ba senyeha. Ke ’nete hore hase Molimo ea u fang ka ho toba bohlale boo u nang le bona lithutong. Leha ho le joalo, litalenta tseo u nang le tsona lia ikhetha. Sekolo se ka u thusa ho sibolla bokhoni boo u neng u sa tsebe hore u na le bona esita le ho bo ntlafatsa.

U se ke ua nahana hore u ke ke ua khona ho ntlafatsa lithutong tsa hao kaha seo se ka etsa hore u feile. Haeba u ikhalala, ithute hore u itšepe. Ka mohlala, ha batho ba ne ba nyatsa Pauluse ka tsela eo a buang ka eona, mohlomong ba bile ba se na mabaka a utloahalang, o ile a re: “Esita le haeba ke se kheleke puong, ka sebele ha ke joalo tsebong.” (2 Bakorinthe 10:10; 11:6) Pauluse o ne a tseba mefokolo ea hae. Empa o ne a boetse a tseba moo a ipabolang teng.

Ho thoe’ng ka uena? U ipabola lintlheng life? Haeba ha ho tseo u li hopolang, ke hobane’ng ha u sa botse motho e moholo ea u tsotellang? Motsoalle ea joalo a ka u thusa hore u lemohe lintlha tseo u ipabolang ho tsona le ho li sebelisa hamolemo.

Thulusi ea 3: Mekhoa e metle ea ho ithuta. E le hore u atlehe sekolong, u lokela ho sebetsa ka thata. Ha nako e ntse e-ea, u tla lokela ho ithuta. Ke ’nete hore khopolo ea ho ithuta ka boeona e ka ’na ea se ke ea u thabisa. Empa ho ithuta ho ruisa molemo. Ha e le hantle, u ka ’na ua ho thabela haeba u ikitlaetsa ho se hokae.

Empa u tla lokela ho hlophisa nako ea hao hantle, e le hore u be le mekhoa e metle ea ho ithuta. Hopola hore ha u ntse u le sekolong, ho ithuta ho lokela ho tla pele. Ke ’nete hore Bibele e re ho na le “nako ea ho tšeha” le “nako ea ho tlōla-tlōla.” (Moeklesia 3:1, 4; 11:9) Kahoo, ho tšoana le bacha ba bang ba bangata, mohlomong le uena u batla ho ba le nako e itseng ea boikhathollo. * Empa Moeklesia 11:4 ea lemosa: “Ea shebellang moea a ke ke a jala peō; ’me ea talimang maru a ke ke a kotula.” Re ithuta eng moo? Qala ka ho ithuta, u ntan’o bapala. U se ke ua tšoenyeha—u ka fumana nako ea ho li etsa ka bobeli!

Se ka U Thusang ka Mosebetsi oa Sekolo o Etsetsoang Lapeng

Empa u ka etsa’ng haeba u e-na le mosebetsi o mongata oa sekolo o etsetsoang lapeng? Mohlomong u ikutloa joaloka Sandrine ea lilemo li 17, ea reng: “Ke qeta lihora tse peli kapa tse tharo bosiu bo bong le bo bong ke etsa mosebetsi oa sekolo o etsetsoang lapeng, esita le ka mafelo-beke.” U ka etsa’ng ka mosebetsi o mongata hakaale? Leka ho sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 119.

Tlosa Litšitiso

Ha Pauluse a ngolla Timothea a bua ka litaba tsa moea, o ile a re: “Nahanisisa ka lintho tsena; u ikakhele ka setotsoana ho tsona, e le hore tsoelo-pele ea hao e ka bonahala ho batho bohle.” (1 Timothea 4:15) Ka ho tšoanang, tsoelo-pele ea hao e tla bonahala lithutong, ha u etsa boikitlaetso bo matla.

Ak’u nahane ka papiso e boletsoeng qalong ea khaolo ena. Haeba u qabeletsoe moferong oa moru o teteaneng, u tla lokela ho betla tsela u sebelisa thulusi e nepahetseng, e leng thipa e khōlō. Ho joalo le ka sekolo. Ho e-na le ho sithabetsoa ke seo batsoali ba hao le matichere ba se lebeletseng ho uena, sebelisa lithulusi tse tharo tse boletsoeng khaolong ena ho u thusa hore u atlehe sekolong. Ha u ntse u ntlafatsa lithutong tsa hao tsa sekolo, u tla thabela hore ebe u sebelisitse lithulusi tsena!

BALA HO EKETSEHILENG KA TABA ENA BUKENG EA 1, KHAOLONG EA 18

KHAOLONG E LATELANG

Ho phaella mathateng ao u tobanang le ’ona sekolong, joale u tšoenngoa ke bana ba bang. U ka etsa’ng boemong boo?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 13 Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng ka boithabiso, bona Karolo ea 8 bukeng ena.

LENGOLO LA SEHLOOHO

Ea shebellang moea a ke ke a jala peō; ’me ea talimang maru a ke ke a kotula.Moeklesia 11:4.

KELETSO

Ha u ithuta, qala ka ho hlahloba boitsebiso, u fumane lintlha tse akaretsang. Ebe u iketsetsa lipotso tseo u nahanang hore li tla tšohloa moo. U ntan’o bala boitsebiso, u batle likarabo. Qetellong, bona hore na u ka hopola seo u se balileng.

NA U NE U TSEBA . . .  ?

Ho kopitsa ho ka etsa hore u se ke ua hlola u tšeptjoa ha ba ha u sitisa ho ntlafatsa lithutong tsa hao. Ka holim’a tsohle, ho ka senya kamano ea hao le Molimo.—Liproverbia 11:1.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Lekhetlong le tlang ha ke ngola thuto e latelang, nka rata ho fumana limaraka tse ․․․․․

Ke tla leka ho ntlafatsa thutong eo ka ho etsa se latelang: ․․․․․ Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

● Ke hobane’ng ha u lokela ho ikitlaetsa lithutong tsa hao tsa sekolo?

● Ke nako efe e u loketseng bakeng sa ho ithuta le ho etsa mosebetsi oa sekolo o etsetsoang lapeng?

● Ha u le lapeng, ke sebaka sefe se loketseng ka ho fetisisa seo u ka etsetsang mosebetsi oa sekolo le ho ithuta ho sona?

● U ka etsa’ng hore lintho tseo u li etsang ho itlosa bolutu le ho ikhatholla li se ke tsa kena-kenana le lithuto tsa hao tsa sekolo?

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 117]

Ke bona sena ho bacha ba bang bao e leng lithaka tsa ka. Tsela eo ba ithutang lintho tsa moea ka eona e tšoana le eo ba neng ba ithuta ka eona ha ba le sekolong. Ba sa kang ba hlaolela ho rata lithuto tsa bona tsa sekolo, le thuto ea botho ea Bibele ha ba e thahaselle.’’—Sylvie

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 119]

Fumana sebaka seo u ithutelang ho sona. Ha sea lokela ho ba le lintho tse ka u sitisang. Sebelisa deske haeba ho khoneha. U se ke ua bulela TV.

Qala ka lintho tsa bohlokoa. Kaha lithuto tsa hao tsa sekolo ke tsa bohlokoa, etsa qeto ea hore ha u na ho shebella TV pele u qeta mosebetsi oa sekolo o etsetsoang lapeng.

U se ke ua etsa lintho motsotsong oa ho qetela. Etsa kemiso e tobileng ea hore na u tla etsa mosebetsi oa hao oa sekolo neng, ’me u e khomarele.

Rera esale pele. Etsa qeto ea hore na u tla qala ka thuto efe, ho ntan’o latela efe, joalo-joalo. Etsa lethathamo la tsona pampiring, ’me u behele thuto ka ’ngoe nako. Tšoaea thuto ka ’ngoe eo u seng u e qetile.

Khefutsa. Haeba u hlokomela hore kelello e se e farasa, khefutsa ho se hokae. Empa tsoela pele ka mosebetsi oa hao oa sekolo kapele kamoo ho ka khonehang.

U se ke ua ikhalala. Hopola hore hangata ntho e etsang hore seithuti se sebetse hantle sekolong hase bohlale ba tlhaho empa ke boiteko boo se bo etsang. U ka atleha sekolong. Ha u ikitlaetsa u tla khola melemo.

[Setšoantšo se leqepheng la 116]

Ho atleha lithutong tsa sekolo ho ka tšoana le ho khethula mofero e le hore u tsoe ka morung—empa u ka atleha ho tsona ka bobeli ha u sebelisa lithulusi tse nepahetseng