Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Nka Etsa’ng Haeba Motsoali oa ka a Lemaletse Lithethefatsi Kapa Joala?

Nka Etsa’ng Haeba Motsoali oa ka a Lemaletse Lithethefatsi Kapa Joala?

Khaolong ea 23

Nka Etsa’ng Haeba Motsoali oa ka a Lemaletse Lithethefatsi Kapa Joala?

“Ntate o ile a re o sa il’o lokisa koloi, eaba ke ha a ile letsatsi lohle. ’Mè o ile a leka ho mo letsetsa, empa a se ke a arabela fono. Ka mor’a nakoana, ke ile ka hlokomela hore ’Mè o khathatsehile ’me o itokisetsa ho ea mo sheba. O ile a re: ‘Ke sa il’o sheba ntat’ao.’

“Hamorao, ’Mè o ile a khutla a le mong. Ke ile ka mo botsa: ‘Ntate o ne a ntse a sa lokise koloi, akere?’ O ile a re: ‘E, ho joalo.’

“Ka nako eo, ke ile ka hlokomela hore Ntate o khutletse mekhoeng ea hae ea bolotsana. Le nakong e fetileng o ’nile a etsa joalo. Taba ke hore Ntate o lemaletse lithethefatsi. Nakong eo a fihlang lapeng, ’na le ’Mè re ne re tšoenyehile haholo. Ke ile ka qeta letsatsi le hlahlamang ke mo hlokomolohile—e leng se nkutloisang bohloko haholo.”—Karen, ea lilemo li 14.

LETSATSI le letsatsi bacha ba limilione ba mamella bohloko ba ho phela le motsoali ea lemaletseng joala kapa lithethefatsi. Haeba e mong oa batsoali ba hao o lemaletse lintho tseo, a ka ’na a u hlabisa lihlong, a u ferekanya esita le ho u halefisa.

Ka mohlala, ha Mary a ntse a hōla, batho ba ne ba nka hore ntate oa hae ke motho ea molemo. Empa e ne e le lekhoba la joala le ipatileng, le neng le rohakana le ho hlekefetsa ba lelapa. Mary o hopola sena ka pelo e bohloko, o re: “’Na le banab’eso, batho ba ne ba re bolella kamoo re nang le ntate ea babatsehang kateng, re bileng re leng lehlohonolo kateng.” *

U ka etsa’ng haeba e mong oa batsoali ba hao a lemaletse joala kapa lithethefatsi?

Se Etsang Hore e be Lekhoba

Pele ho tsohle, ho molemo hore u utloisise hantle bothata ba motsoali oa hao. Liproverbia 1:5 e re: “Motho ea nang le kutloisiso ke ea fumanang tataiso e bohlale.” Kahoo ho ka ba molemo hore u ithute hore na ho lemalla joala kapa lithethefatsi ke eng, hore na ke motho ea joang ea li lemallang le hore na ke hobane’ng ha a li lemalla.

Ka mohlala, motho ea lemaletseng joala hase feela motho ea tahoang ka linako tse ling. Ho e-na le hoo, ke motho ea nang le bothata ba ho lula a batla ho noa nako ena kaofela. O lemaletse joala hoo a sitoang ho ithiba hang ha a ile a qala ho noa. Ho lemalla ha hae joala ho mo bakela mathata lapeng, mosebetsing, ho bile hoa mo kulisa.

Le hoja ho ka ’na ha e-ba le ho itseng ’meleng ho ka etsang hore batho ba bang ba lemalle joala, ho bonahala eka tsela eo motho a ikutloang ka eona le eona ea ameha. Ha e le hantle, batho ba bangata ba lemaletseng joala, hangata ke ba ikhalalang. (Liproverbia 14:13) Ha e le hantle, ba bang ba bona ba hōlisitsoe ke batsoali ba neng ba lemaletse joala. Ho batho bao ho noa ho kokobetsa bohloko ba maqeba ao ba bileng le ’ona maikutlong bongoaneng. Ho ka ’na ha e-ba joalo le ka motho ea lemaletseng lithethefatsi.

Ke ’nete hore ho noa kapa ho sebelisa lithethefatsi ho mpefatsa mathata ao motho a nang le ’ona, hobane ho ferekanya le ho feta tsela eo a nahanang ka eona le eo a ikutloang ka eona. Ke ka lebaka leo motsoali oa hao a ka ’nang a hloka thuso ea litsebi e le hore a tlohele mokhoa oo.

Fetola Seo U se Lebeletseng

Ke ’nete hore ho utloisisa lebaka leo ka lona motsoali oa hao a itšoarang ka tsela e hlabisang lihlong joalo ha ho etse hore bothata bo nyamele. Leha ho le joalo, ho utloisisa bothata boo a nang le bona ho ka ’na ha etsa hore u be le qenehelo e itseng ka motsoali oa hao.

Ka mohlala, na u ne u ka lebella hore motsoali oa hao ea robehileng leoto a bapale bolo le uena? U ne u tla ikutloa joang haeba u tseba hore motsoali oa hao o lemalitsoe ke ntho e itseng e booatla eo a e entseng? Ha ho pelaelo hore seo se ne se tla u soabisa. Leha ho le joalo, u ne u tla hlokomela hore pele motsoali oa hao a fola a ke ke a bapala bolo le uena. Ho utloisisa seo ho tla u thusa hore u fetole seo u se lebeletseng.

Ka ho tšoanang, motsoali ea lemaletseng joala kapa lithethefatsi o lemetse maikutlong le kelellong. Ke ’nete hore ke eena ea “itemalitseng.” Ka ho loketseng u ka ’na ua halefisoa ke bothata boo motsoali oa hao a ipaketseng bona ka booatla. Leha ho le joalo, ntle le hore motsoali oa hao a batle thuso e le hore a hlaphoheloe bothateng boo ba hae, o tla sitoa ho u hlokomela hantle. Ho talima ho lemalla ha hae joala kapa lithethefatsi e le ho lemala ho ka ’na ha u thusa hore u fetole seo u se lebeletseng.

Seo U ka se Etsang

’Nete ke hore pele motsoali oa hao a tlohela mokhoa oo, u tla ’ne u tobane le liphello tsa liketso tsa hae. Hajoale u ka etsa’ng ka seo?

U se ke ua itjarisa mathata a motsoali oa hao a ho lemalla joala kapa lithethefatsi. Ke motsoali oa hao feela ea ikarabellang ka ho lemalla ha hae joala kapa lithethefatsi. Bagalata 6:5 e re: “E mong le e mong o tla jara mojaro oa hae.” Ka hona, hase boikarabelo ba hao ho rarolla bothata ba motsoali oa hao, ebile ha ho letho le u tlamang hore u mo sireletse liphellong tsa temallo ea hae. Ka mohlala, ha ua lokela ho mo sireletsa ho mookameli oa hae ka hore u bue leshano kapa ho mo tlosa foranteng haeba a oetse moo ke botahoa.

Khothalletsa motsoali oa hao hore a kōpe thuso. E ka ’na eaba bothata bo ka sehloohong boo motsoali oa hao a nang le bona ke ho lumela hore o na le bothata. Mohlomong ha a hlaphohetsoe, motsoali ea sa lemallang joala kapa lithethefatsi le banab’eno ba seng ba hōlile ba ka mo bolella hore na boitšoaro ba hae bo ama lelapa joang le hore na o lokela ho etsa’ng ka seo.

Ho phaella moo, motsoali ea lemaletseng joala kapa lithethefatsi a ka ’na a thusoa ke ho ngola likarabo tsa lipotso tse latelang: Ho tla etsahala’ng ka ’na le ka lelapa la ka haeba ke tsoela pele ho noa kapa ho sebelisa lithethefatsi? Ho tla etsahala’ng haeba ke tlohela mokhoa oo? Ke lokela ho etsa’ng hore ke fumane thuso?

Haeba u lemoha hore ho tla ba le khathatso, tloha sebakeng seo. Liproverbia 17:14 e re: “Pele qabang e qhoma, u itsamaele.” U se ke ua ipeha kotsing ka ho phehisana khang le eena. Ha ho khoneha, e ea ka kamoreng, kapa u chakele motsoalle oa hao. Haeba ho bonahala eka a ka ’na a ba mabifi, kōpa batho ba bang hore ba u thuse.

Amohela tsela eo u ikutloang ka eona. Bacha ba bang ba ikutloa ba le molato hobane ba tenehela motsoali ea lemaletseng joala kapa lithethefatsi. Ke ha tlhaho ho ikutloa ka tsela ena, haholo-holo haeba ho lemalla ha hae joala kapa lithethefatsi ho mo thibela hore a u hlokomele le ho u tšehetsa ka tsela e loketseng. Ke ’nete hore Bibele e u tlama hore u hlomphe motsoali oa hao. (Baefese 6:2, 3) Empa ho “hlompha” ho bolela ho hlompha bolaoli ba motsoali ka tsela eo u hlomphang lepolesa kapa moahloli ka eona. Ha ho bolele hore u amohela ho lemalla ha hae joala kapa lithethefatsi. (Baroma 12:9) Ebile hase hore u motho e mobe hobane u nyonya ho noa ha hae kapa tsela e mpe eo a sebelisang lithethefatsi ka eona; etsoe ho tahoa kapa ho sebelisa lithethefatsi hampe hoa nyonyeha!—Liproverbia 23:29-35.

Fumana metsoalle e hahang. U ka qetella u sa tsebe mokhoa o tloaelehileng oa bophelo haeba u phela lelapeng le ferekaneng. Ka hona, ke habohlokoa hore u tloaelane le batho ba phelang hantle moeeng le maikutlong. Litho tsa phutheho ea Bokreste li ka u khothatsa le ho u tšehetsa haholo, ’me ka linako tse ling tsa ba tsa u thusa hore u lebale ho se hokae ka mathata a lelapa leno. (Liproverbia 17:17) Ho tloaela malapa a Bakreste ho ka u bontša tsela e ntle eo malapa a lokelang ho phela ka eona, e leng tsela e fapaneng le eo u e bonang lapeng leno.

Kōpa thuso. Ka sebele hoa thusa ho ba le motho ea hōlileng tsebong, eo u mo tšepang eo u ka mo phetlelang sefuba. Baholo ba phutheho ba ikemiselitse ho u thusa ha u hloka thuso. Bibele e re banna bana ba ka ba joaloka “sebaka sa ho ipatela moea le sebaka sa ho ipatela pula e nang ka sefefo, joaloka melapo ea metsi naheng e se nang metsi, joaloka moriti oa lefika le leholo naheng e phophothehileng.” (Esaia 32:2) Kahoo u se ke ua tšaba kapa ua hlajoa ke lihlong ho ea ho bona hore ba u tšelise ’me ba u eletse.

Lintlheng tse tšeletseng tse boletsoeng ka holimo, ngola eo u tla leka ho e sebelisa pele. ․․․․․

U ka ’na ua se ke ua khona ho fetola boemo bo teng lapeng, empa u ka fetola tsela eo bo u amang ka eona. Ho e-na le ho leka ho laola motsoali oa hao, tsepamisa maikutlo ho motho a le mong feela eo u ka mo laolang—e leng uena. Moapostola Pauluse o ile a ngola, a re: “Le ’ne le sebeletse poloko ea lōna.” (Bafilipi 2:12) Ho etsa joalo ho tla u thusa hore u be le pono e loketseng, ’me ho ka ba ha susumelletsa motsoali oa hao hore a batle thuso bothateng ba hae.

KHAOLONG E LATELANG

U ka etsa’ng haeba ho bonahala eka batsoali ba hao ba qabana nako ena kaofela? U ka sebetsana joang le pherekano e bang teng maikutlong?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 Haeba u hlekefetsoa ke motsoali ea lemaletseng joala, u lokela ho kōpa thuso. Bolella motho e moholo eo u mo tšepang. Haeba u Paki ea Jehova, u ka bua le moholo oa phutheho kapa Mokreste e mong ea hōlileng tsebong.

LENGOLO LA SEHLOOHO

Ka sebele temohisiso ea motho e liehisa bohale ba hae.Liproverbia 19:11.

KELETSO

Ho e-na le ho hloea motsoali oa hao, ithute ho hloea ketso e fosahetseng eo a e etsang.—Liproverbia 8:13; Juda 23.

NA U NE U TSEBA . . .  ?

Ka Bibeleng, ho “hlompha” ho ka bolela feela ho ela hloko bolaoli bo loketseng. (Baefese 6:1, 2) Kahoo ho hlompha motsoali oa hao ha ho bolele hore kamehla u lokela ho lumellana le tsela eo a itšoarang ka eona.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Haeba motsoali oa ka a nkhahlapetsa ka mantsoe kapa a ntlhekefetsa ’meleng, ke tla ․․․․․

Nka khothalletsa motsoali oa ka hore a batle thuso ka ho ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

Ke hobane’ng ha batho ba bang ba lemalla joala kapa lithethefatsi?

Ke hobane’ng ha e se uena ea lokelang ho jara mathata a motsoali oa hao a ho lemalla joala kapa lithethefatsi?

Boemong boo u leng ho bona, ke lintho life tseo u ka li laolang, hona u ka etsa see joang?

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 192]

“Kea tseba hore le nakong e tlang nka ’na ka tobana le lintho tse hlabisang lihlong tseo batsoali ba ka ba li etsang, empa ke boetse kea tseba hore haeba ke itšetleha ka Jehova, o tla mpha matla a ho mamella.’’—Maxwell

[Lebokose se leqepheng la 198]

Haeba Motsoali a Khaotsa ho Sebeletsa Jehova

Haeba e mong oa batsoali ba hao a khaotsa ho phela ka melao ea Bibele—mohlomong a bile a bolela hore ha a sa batla ho ba setho sa phutheho ea Bokreste—u ka etsa’ng?

Ela hloko hore Jehova ha a u nke u ikarabella ka seo motsoali oa hao a se etsang. Bibele e re: “E mong le e mong oa rōna o tla ikarabella ho Molimo.”—Baroma 14:12.

Qoba ho ipapisa le bacha ba bang bao lintho li ba tsamaelang hantle. (Bagalata 5:26) Mohlankana e mong eo ntate oa hae a ileng a lahla lelapa, o re: “Ho e-na le ho lula u nahana ka seo, ho molemo hore u nahane ka seo u ka se etsang e le hore u sebetsane le boemo boo.”

Tsoela pele ho hlompha motsoali eo ea khelohileng ’me haeba litaelo tsa hae li se khahlanong le melao ea Molimo, mo mamele. Taelo ea Jehova ea hore bana ba hlomphe batsoali ha ea itšetleha ka hore na motsoali ke Mokreste kapa che. (Baefese 6:1-3) Ha u hlompha batsoali ba hao ’me u ba mamela ho sa tsotellehe liphoso tseo ba li etsang, seo se bontša hore u rata Jehova.—1 Johanne 5:3.

Tloaelana haufi le litho tsa phutheho ea Bokreste. Phuthehong u ka fumana litho tse ngata tsa lelapa la moea tse tla u khothatsa. (Mareka 10:30) Mohlankana e mong ea bitsoang David o ne a tšoenyehile ka hore litho tsa phutheho li ka ’na tsa mo koekoetla hammoho le ba lelapa labo hobane ntate oa hae a ne a khaolitse ho sebeletsa Jehova. Empa David o ile a fumana hore o ne a tšohile moru o se na nkoe. O re: “Re ile ra ’na ra tšoaroa hantle ka phuthehong. Hona ho ile ha nkholisa hore kannete phutheho ea tsotella.”

[Setšoantšo se leqepheng la 194]

Ho talima ho lemalla ha motsoali oa hao joala kapa lithethefatsi e le ho lemala ho ka ’na ha u thusa hore u fetole seo u se lebeletseng