Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Nka Etsa Joang Hore ke Khaotse ho Nahana ka ho Kopanela Liphate?

Nka Etsa Joang Hore ke Khaotse ho Nahana ka ho Kopanela Liphate?

Khaolong ea 29

Nka Etsa Joang Hore ke Khaotse ho Nahana ka ho Kopanela Liphate?

MOHLANKANA e mong ea bitsoang Michael o re: “Ke lula ke nahana ka banana nako ena kaofela—esita le ha ba le sieo. Ho nkemisa hlooho. Ka linako tse ling ke sitoa le ho tsepamisa mohopolo!”

Na le uena, joaloka Michael, u qeta lihora tse ngata ka letsatsi u nahana ka banana kapa bashanyana? Haeba ho joalo, u ka ’na ua iphumana u loantšana le maikutlo. Ho nahana ka ho kopanela liphate ho ka hlasela mehopolo ea hao joalokaha eka u hlaseloa ke masole a lireng. Michael o re: “Mehopolo ena e ka ba matla. E ka etsa hore ha u ea koloing, u nke tsela e potolohang e le hore feela u tle u kopane le ngoanana ea motle, kapa ha etsa hore u ee karolong e itseng ea lebenkele ho sa hlokahale, e le hore feela u tle u bonele motho ea itseng haufi.”

Leha ho le joalo, hopola hore maikutlo a ho kopanela liphate ha a mabe ka booona. Ha e le hantle, Molimo o entse hore ho be le khoheli e matla pakeng tsa monna le mosali ’me ha batho ba nyalane, ho loketse hore ba khotsofatse takatso ea ho kopanela liphate. Ha u ntse u le lesoha, u ka ba le takatso e matla ea ho kopanela liphate. Ha seo se etsahala, u se ke ua nahana hore u motho ea mobe kapa hore u ke ke ua khona ho ba ea hloekileng boitšoarong. U ka ba ea hloekileng haeba u khetha ho etsa seo! Empa haeba u batla hore u atlehe, u tla tlameha ho laola tsela eo u nahanang ka eona ka banana kapa bashanyana. U ka etsa seo joang?

Hlahloba metsoalle ea hao. Haeba bana ba bang ka tlelaseng ba qala ho bua ka boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate, u ka ’na ua ba tekong ea ho kenella moqoqong oo—e le hore feela u se ke ua ba mokhelo. Empa ha e le ho bua ’nete, sena se tla u thatafalletsa ho laola mehopolo ea hao le ho feta. Joale u lokela ho etsa’ng—na u lokela ho tsamaea? Ka sebele u lokela ho tsamaea, le hona ha ua lokela ho soabisoa ke seo! Hangata u ka fumana tsela e ntle ea ho tsamaea empa u sa iketse eka u mohalaleli, e leng se ka etsang hore ba u some.

Qoba boithabiso bo litšila. Ke ’nete hore hase filimi e ’ngoe le e ’ngoe kapa CD e ’ngoe le e ’ngoe e fosahetseng. Leha ho le joalo, bongata ba lintho tsa kajeno tsa boithabiso bo etselitsoe hore bo tsosetse batho takatso e fosahetseng ea ho kopanela liphate. Keletso ea Bibele ke efe? “A re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea, re phethahatse khalalelo ka ho tšaba Molimo.” (2 Bakorinthe 7:1) Qoba boithabiso leha e le bofe bo ka ’nang ba u tsosetsa takatso ea boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate. *

Bothata ba ho Ikhotsofatsa ka ho Ipholla Litho Tsa Botona Kapa Botšehali

Bacha ba bang ba leka ho fokotsa takatso ea ho kopanela liphate ka ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali. Empa sena se ka baka mathata a tebileng. Bibele e phehella Bakreste: “Le bolaee litho tsa ’mele ea lōna tse lefatšeng mabapi le bohlola, ho se hloeke, takatso ea botona kapa ea botšehali, takatso e kotsi, le ho chacheha ka mohono.” (Bakolose 3:5) Ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali ha ho ‘bolaee takatso ea botona kapa ea botšehali.’ Ho e-na le hoo, ho tsosa takatso eo le ho e hōlisa!

Ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali ho ka u etsa lekhoba la litakatso tsa hao. (Tite 3:3) Tsela e ’ngoe eo u ka qalang ho hlōla mokhoa ona ka eona ke ka ho phetlela motho e mong sefuba. Mokreste e mong ea loanneng le bothata bona ka lilemo tse ’maloa o itse: “Ke lakatsa eka nka be ke ile ka ba le sebete sa ho bua le motho e mong nakong eo ke neng ke sa le mocha! Maikutlo a ho ba molato a ’nile a nkimela ka lilemo tse ngata, ’me a amme ka ho teba kamano ea ka le batho ba bang, haholo-holo kamano ea ka le Jehova.”

U lokela ho bua le mang? Hangata motsoali ke eena ea loketseng ka ho fetisisa. Kapa mohlomong motho e mong ea hōlileng tsebong phuthehong ea Bokreste a ka u thusa. U ka qala ka ho re: “Ke rata ho buisana le uena ka bothata bo nkhathatsang haholo.”

André o ile a buisana le moholo e mong oa Mokreste, ’me oa thaba hore ebe o ile a etsa joalo. André o re: “Moholo eo o ile a sekisa meokho ha a ntse a ’mametse. Ha ke qeta, o ile a ntiisetsa hore Jehova oa nthata. O ile a mpolella hore bothata bona bo tloaelehile. O ile a ntšepisa hore o tla ’ne a mpotse hore na ke ntse ke ea joang le ho ntlisetsa boitsebiso bo eketsehileng ba lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng. Ka mor’a ho bua le eena, ke ile ka ikemisetsa ho loana ke tiile—le hoja ke ile ka ’na ka oela bothateng bona hape.”

Mário o ile a etsa qeto ea ho bua le ntate oa hae, ea ileng a mo utloela bohloko haholo le ho utloisisa boemo. O ile a ba a bolella Mário hore le eena ha e sa le mocha o ile a thatafalloa ho hlōla mokhoa oo. Mário o re: “Ho bua ’nete ha Ntate le ho ameha ha hae ka botebo ho ile ha nkhothatsa haholo. Ke ile ka ipolella hore haeba o ile a hlōla bothata boo, le ’na ke tla bo hlōla. Ke ile ka angoa ke tsela eo Ntate a neng a ikutloa ka eona hoo ke ileng ka sitoa ho ithiba ’me ka lla.”

Joaloka André le Mário, le uena u ka fumana thuso boitekong ba hao ba ho hlōla mokhoa ona oa ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali. Esita le haeba u oela bothateng bona hape, u se ke ua tela! Kholiseha hore u ka hlōla ntoeng ena. *

Ho Laola Mehopolo ea Hao

Moapostola Pauluse o itse: “Ke teteka ’mele oa ka ’me ke o tšoara joaloka lekhoba.” (1 Bakorinthe 9:27) Ka ho tšoanang, le uena u ka ’na ua lokela ho itaea ka thata ha u tleloa ke menahano e fosahetseng ka banana kapa bashanyana. Haeba mehopolo eo e phehella, leka boikoetliso ba ’mele. Bibele e re: “Koetliso ea ’mele e na le molemo o monyenyane.” (1 Timothea 4:8) Ho tsamaea ka potlako kapa ho qeta metsotso e ’maloa u ikoetlisa ho ka ’na ha u thusa hore u loantše mehopolo e fosahetseng.

Ka holim’a tsohle, u se ke ua hlokomoloha thuso eo Ntate oa hao oa leholimo a fanang ka eona. Mokreste e mong o re: “Ha ke utloa ke e-ba le takatso ea ho kopanela liphate, ke rapela haholo.” Hase hore Molimo o tla tlosa thahasello eo u nang le eona ho banana kapa bashanyana. Empa ka thuso ea hae, u ka fumana hore ho na le lintho tse ling tse ngata tseo u ka nahanang ka tsona.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 Taba ea boikhathollo le boithabiso e tšohloa haholoanyane Karolong ea 8 ea buka ena.

^ ser. 14 Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng tabeng ea ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali, sheba Buka ea 1, khaolong ea 25.

LENGOLO LA SEHLOOHO

Bokhabane bofe kapa bofe le ntho efe kapa efe e lokeloang ke thoriso, le tsoele pele ho nahana ka lintho tsena.Bafilipi 4:8.

KELETSO

Haeba u oela hape mokhoeng oa ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali, u se ke ua tela. Hlahlobisisa hore na ke eng e entseng hore u qetelle u oetse hape mokhoeng oo, ’me u leke ho se phete seo.

NA U NE U TSEBA . . .  ?

Seo u lulang u nahana ka sona se ka ama botho ba hao le liketso tsa hao.—Jakobo 1:14, 15.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Ha ke batla ho khaotsa ho nahana ka banana kapa bashanyana, ke tla ․․․․․

Ha bana ba bang ka tlelaseng ba se ba qala ho bua ka boitšoaro bo bobe kapa ka lintho tse litšila, ke tla ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

● Ke hobane’ng ha e se kamehla takatso ea ho kopanela liphate e leng e fosahetseng?

● Ke hobane’ng ha u lokela ho laola tsela eo u ikutloang ka eona ka ho kopanela liphate?

● Ke boithabiso ba mofuta ofe bo ka ’nang ba etsa hore u lule u nahana ka banana kapa bashanyana?

● Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u tsamaee ha ba bang ba se ba qala ho bua ka boitšoaro bo bobe kapa ka lintho tse litšila?

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 240]

“Ntho e nthusang ke ho nahana ka taba e ’ngoe e fapaneng, ke tlose kelello mehopolong e ntsosetsang takatso ea ho kopanela liphate. Ke ikhopotsa hore maikutlo ao kapa litakatso tseo li tla nyamela ka mor’a nako.’’—Scott

[Setšoantšo se leqepheng la 239]

Na u ka tlohella livaerase hore li senye boitsebiso bo k’homphieutheng ea hao? Joale ke hobane’ng ha u ka lumella mehopolo e sa hloekang hore e kene kelellong ea hao?