Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Nka Emela Seo ke se Lumelang ho Molimo Joang?

Nka Emela Seo ke se Lumelang ho Molimo Joang?

Khaolong ea 36

Nka Emela Seo ke se Lumelang ho Molimo Joang?

Ke eng e ka ’nang ea u thibela hore u bue le ngoana eo u kenang tlelaseng le eena ka tumelo ea hao?

□ Ho se tsebe Bibele ka ho lekaneng

□ Ho tšaba ho songoa

□ Ho se tsebe kamoo nka qalisang moqoqo

U nahana hore ke tsela efe e bonolo ka ho fetisisa ea hore u bue le ba bang ka tumelo ea hao?

□ Ha ke buisana le ngoana a le mong eo ke kenang sekolo le eena

□ Ha ke bua ka pel’a tlelase kaofela

□ Ha ke ngola tlaleho ka lintho tse thehiloeng Bibeleng tseo ke li lumelang

Ngola lebitso la ngoana eo u kenang sekolo le eena eo u nahanang hore a ka mamela ha u bua le eena ka Bibele haeba u tseba hore na u ka qala moqoqo joang.

․․․․․

HO KA etsahala hore ebe ho bua ka Molimo hase ntho eo bana ba u kenang sekolo le bona ba buang ka eona haholo. Ha u ka bua ka ntho leha e le efe e ’ngoe—ebang ke lipapali, liaparo kapa banana le bashanyana—ba tla bua ba sa qete. Empa ha u ka bua ka Molimo teng, kapele-pele ba ka ’na ba thola tu!

Hase hore lithaka tsa hao ha li lumele ho Molimo; ha e le hantle bacha ba bangata ba lumela ho Molimo. Empa ba bang ba hlajoa ke lihlong hore ba bue ka eena. Ba ka ’na ba nahana hore batho ba buang ka Molimo ba siuoe ke nako.

Uena U Ikutloa Joang?

Haeba u ikutloa u le leqe ho bua le liithuti-’moho le uena ka Molimo, seo sea utloahala. Ha ho motho ea ratang hore a khesoe ke ba bang, ’me ho hobe le ho feta ke ho tšehuoa ke ba bang! Na u ka etsahalloa ke seo haeba u bua ka tumelo ea hao? E, se ka u etsahalla. Ka lehlakoreng le leng, lithaka tsa hao li ka ’na tsa u makatsa. Boholo ba tsona bo ntse bo batla likarabo lipotsong tse kang: Lefatše lee le lebile hokae? hona Ke hobane’ng ha le tletse likhathatso hakaale? Mohlomong lithaka tsa hao li ka rata ho bua ka litaba tseo le thaka ea tsona, eseng motho e moholo.

Leha ho le joalo, ho bua le lithaka tsa hao ka bolumeli ho ka ’na ha bonahala ho le boima. Empa le teng, ha ua lokela ho fana ka maikutlo a hore u chesehela bolumeli ho feta tekano, ebile ha ua lokela ho tšoenyeha ka hore u bue ntho e nepahetseng hantle. Ho bua le ba bang ka tumelo ea hao ho batla ho tšoana le ho letsa seletsa sa ’mino. Qalong ho boima, na ha ho joalo? Mohlomong ho joalo. Empa ha u ntse u ikoetlisa haholoanyane, ho tla ba bonolo, ’me u tla fumana moputso ka boiteko ba hao. Joale u ka qalisa moqoqo joang?

Ka tloaelo, u ka qalisa moqoqo ka taba eo ho leng bonolo ho bua ka eona. Ka mohlala, ha ho buuoa ka liketsahalo tsa morao-rao sekolong, u ka ntša maikutlo a hao ho latela seo u ithutileng sona Mangolong. Kapa mohlomong u ka leka ho buisana le a le mong eo u kenang le eena tlelaseng. Ho bonolo le ho feta, ke hore bacha ba bang ba Bakreste ba ’nile ba beha sengoliloeng se buang ka Bibele deskeng ea bona e le ho etsa hore ngoana e mong a se bone. Hangata oa se bona, ebe ho latela moqoqo!

Mekhoeng ee e ka holimo, ke ofe oo u ka o lekang? ․․․․․

Na u ka nahana tsela e ’ngoe eo ka eona u ka buisanang le ngoana e mong ka tlelaseng ka tumelo ea hao? Haeba e teng, e ngole ka tlaase mona.

․․․․․

Ka linako tse ling, mosebetsi o itseng oa sekolo o ka u bulela monyetla oa hore u pakele ba bang ka tumelo ea hao. Ka mohlala, u ka etsa’ng haeba ka tlelaseng ho buuoa ka khopolo ea ho iphetola ha lintho? U ka emela seo u se lumelang ka pōpo joang?

Ho Emela Pōpo

Mocha e mong ea bitsoang Ryan o re: “Ha ho ne ho buuoa ka khopolo ea ho iphetola ha lintho ka tlelaseng, eo e ile ea e-ba taba e fapaneng hōle le seo ke neng ke se rutiloe. Ho ne ho buuoa ka eona joalokaha eka ke ’nete, ’me seo se ile sa nkenya letsoalo.” Ngoanana ea bitsoang Raquel le eena o bua se tšoanang. O re: “Ke ile ka shashabana ha mosuoe ea re rutang thuto ea kahisano a re lekhetlong le latelang re tl’o ithuta ka khopolo ea ho iphetola ha lintho. Ke ne ke tseba hore ke tla tlameha ho hlalosetsa tlelase boemo ba ka tabeng ena eo batho ba phehisanang khang ka eona.”

Uena u ikutloa joang ha ho buuoa ka khopolo ea ho iphetola ha lintho ka tlelaseng? U lumela hore Molimo o “bōpile lintho tsohle.” (Tšenolo 4:11) Hohle ho u potoloha u bona bopaki ba hore lintho li entsoe ka bohlale. Empa libuka tsa sekolo tsona le mosuoe li re bophelo bo bile teng ka ho iphetola ha lintho. Joale u mang uena hore u phehise “litsebi” khang?

Kholiseha hore hase uena feela ea sa lumeleng khopolo ea ho iphetola ha lintho. ’Nete ke hore, esita le bo-rasaense ba bangata ha ba e lumele. Mesuoe e mengata le liithuti, le tsona ha li e lumele.

Leha ho le joalo, hore u emele seo u se lumelang ka pōpo, u lokela ho tseba seo ha e le hantle Bibele e se rutang ka taba ena. Ha ho hlokahale hore u phehe khang ka lintho tseo Bibele e sa bueng ka tsona ka ho toba. Nahana ka mehlala e seng mekae.

Buka ea ka ea saense e re lefatše le lipolanete tse ling li bile teng ka lilemo tse libilione. Bibele e bolela hore lefatše le lintho tse ling tsohle bokahohleng li bile teng pele ho letsatsi la pele la pōpo. Kahoo, e ka ’na eaba lefatše le lipolanete tse ling li bile teng ka lilemo tse libilione.—Genese 1:1.

Mosuoe oa ka o re e ke ke eaba lefatše le bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng feela. Bibele ha e re letsatsi ka leng la matsatsi a tšeletseng a pōpo e ne e le la lihora tse 24.

Ka tlelaseng ho fanoe ka mehlala e ’maloa ea kamoo batho le liphoofolo ba fetohileng kateng ha nako e ntse e feta. Bibele e re Molimo o bōpile lintho tse phelang “ho ea ka mefuta ea tsona.” (Genese 1:20, 21) Ha e tšehetse maikutlo a hore bophelo bo tsoa nthong e sa pheleng kapa hona hore Molimo o ile a etsa hore lintho li iphetole ho tloha seleng e le ’ngoe. Leha ho le joalo, ‘mofuta’ ka mong o na le monyetla oa hore o fetohe ka litsela tse sa tšoaneng. Ka hona, Bibele e fana ka monyetla oa hore ho ka ba le phetoho e itseng ‘mofuteng’ ka mong.

U nahanne ka lintlha tse tšohliloeng khaolong ena, u ne u tla re’ng haeba mosuoe kapa ngoana eo u kenang tlelaseng le eena a re:

“Saense e fane ka bopaki ba hore re bile teng ka ho iphetola ha lintho.” ․․․․․

“Ha ke lumele ho Molimo hobane ha ke mo bone.” ․․․․․

Kholiseha ka Seo U se Lumelang!

Haeba u hōlisoa ke batsoali ba Bakreste, e ka ’na eaba u lumela hore lintho li bōpiloe hobane feela e le sona seo u se rutiloeng. Empa kaha hona joale u ntse u hōla, u batla ho rapela Molimo ka ‘matla a hao a ho nahana,’ u e-na le motheo o tiileng oa seo u se lumelang. (Baroma 12:1) Ka lebaka leo, ak’u ipotse, ‘Ke eng e nkholisang hore ’Mōpi o teng?’ Sam ea lilemo li 14 o etsa mohlala ka ’mele oa motho. O re: “O rarahane ka tsela e hlollang, ’me litho tsohle tsa oona li sebelisana hantle. E ke ke eaba ’mele oa motho o bile teng ka ho iphetola ha lintho!” Holly ea lilemo li 16, o lumellana le eena. O re: “Esale ho fumanoa hore ke tšoeroe ke lefu la tsoekere, ke ithutile ho hongata ka tsela eo ’mele o sebetsang ka eona. Ka mohlala, ke ho makatsang hore ebe manyeme—setho se senyenyane se ka mor’a mala—a etsa mosebetsi o moholo oa hore mali le litho tse ling li lule li sebetsa.”

Ka tlaase mona, ngola lintho tse tharo tse u kholisang hore ’Mōpi o teng.

1. ․․․․․

2. ․․․․․

3. ․․․․․

Ha ho na lebaka la hore u ikutloe u sa phutholoha kapa u le lihlong hobane u lumela hore Molimo o teng le hore lintho li bōpiloe. Ha re hlahloba bopaki bo teng, ke ho utloahalang ho lumela hore batho ba entsoe ka bohlale.

Bonneteng, ke khopolo ea ho iphetola ha lintho—eseng pōpo—e hlokang hore motho a be le tumelo e matla le e hlokang hore motho a lumele hore ho ka etsahala mehlolo empa ho se na motho ea e etsang! Ha u se u hlahlobile taba ena hantle u sebelisa matla a hao a ho nahana, u tla ba le sebete sa ho emela tumelo ea hao ho Molimo.

KHAOLONG E LATELANG

U bona lithaka tse ling tsa hao li kolobetsoa. Na u se u loketse ho nka bohato boo?

LENGOLO LA SEHLOOHO

Ha ke lihlong ka litaba tse molemo; ha e le hantle, ke matla a Molimo a poloko ho e mong le e mong ea nang le tumelo.Baroma 1:16.

KELETSO

Ela hloka tsela eo u buang ka eona ha u bolella ba bang seo u se lumelang. Haeba u bonahala eka u hlajoa ke lihlong, u ka ’na ua etsa hore lithaka tsa hao li u some. Empa haeba u bua ka kholiseho—feela joaloka liithuti-’moho le uena ha li ntša maikutlo a tsona litabeng tse itseng—ho ka etsahala hore li u hlomphe.

NA U NE U TSEBA . . . ?

Ka linako tse ling, ha mesuoe e kōptjoa hore e ‘fane ka bopaki bo tšehetsang’ khopolo ea ho iphetola ha lintho, ea sitoa ’me ea hlokomela hore e amohetse khopolo eo hobane feela e le seo e se rutiloeng.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

E le hore ke qale ho bua le seithuti-’moho le ’na ka Bibele, ke tla ․․․․․

Haeba ke botsoa hore na ke hobane’ng ha ke lumela ho ’Mōpi, ke tla re ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

● Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u bue le ba bang ka seo u se lumelang?

● Ke litsela life tse ling tse bonolo tseo u ka li sebelisang sekolong ha u hlalosa seo u se lumelang ka pōpo?

● U ka bontša joang hore u ananela Ea bōpileng lintho tsohle?—Liketso 17:26, 27.

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 299]

“Sekolo ke tšimo eo e leng rōna feela ba ka bolelang litaba tse molemo ho eona.’’—Iraida

[Setšoantšo se leqepheng la 298]

Feela joaloka ho letsa seletsa sa ’mino, ho bua ka tumelo ea hao ho hloka hore u be le tsebo—ha u ntse u ikoetlisa, u tla ipabola

[Setšoantšo se leqepheng la 300, 301]

U ka hlōla tšabo ea ho emela lintho tseo u li lumelang