Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 17

‘Le Ntse le Ikaha Tumelong ea Lona e Halalelang ka ho Fetisisa’

‘Le Ntse le Ikaha Tumelong ea Lona e Halalelang ka ho Fetisisa’

“Ka ho ikaha tumelong ea lōna e halalelang ka ho fetisisa . . . le ipoloke leratong la Molimo.”—JUDA 20, 21.

1, 2. Ke mosebetsi ofe oa kaho oo u o etsang, hona ke hobane’ng ha boleng ba mosebetsi oa hao e le ba bohlokoa hakaale?

U IKAKHETSE ka setotsoana mosebetsing oa ho haha. Ho se ho fetile nako mosebetsi ona o ntse o tsoela pele ’me o tla ’ne o tsoele pele ka nako e telele. Ho fihlela joale, mosebetsi ona o bile boima empa oa khotsofatsa. Ho sa tsotellehe hore na ho etsahala eng, u ikemiselitse hore u ke ke ua o tlohela kapa ua khoehlisa, hobane boleng ba mosebetsi oa hao bo tla ama bophelo ba hao, esita le bokamoso ba hao. Hobane’ng? Hobane ke uena mohaho oo o ntseng o hahuoa!

2 Morutuoa Jakobo o ile a bua haholo ka mosebetsi oo re o etsang oa ho ikaha. Ha a ne a khothatsa Bakreste hore ba “ipoloke leratong la Molimo,” litemaneng tsona tseo, o ile a boela a senola se ka re thusang ho etsa joalo ha a re: ‘Ka hore le ikahe tumelong ea lōna e halalelang ka ho fetisisa.’ (Juda 20, 21) U ka ikaha ka litsela life, ’me ua matlafatsa tumelo ea hao haholoanyane, e le hore u lule leratong la Molimo? A re ke re nahaneng ka likarolo tse tharo tsa mosebetsi oa kaho ea moea oo u lokelang ho o etsa.

LE ’NE LE HAHE TUMELO LINTHONG TSE LOKILENG TSEO JEHOVA A LI HLOKANG

3-5. (a) Satane a ka rata ho u khelosa hore u be le maikutlo afe ka lintho tseo Jehova a li hlokang? (b) Re lokela ho ba le maikutlo afe ka lintho tseo Molimo a li hlokang, ’me see se lokela ho ama tsela eo re ikutloang ka eona joang? Bontša.

3 Taba ea pele, re lokela ho matlafatsa tumelo ea rōna molaong oa Molimo. Ha u ntse u ithuta buka ena, u ’nile ua nahana ka lintho tse ’maloa tse lokileng tseo Jehova a li hlokang tabeng ea boitšoaro. Maikutlo a hao ke afe ka tsona? Satane a ka rata ho u thetsa hore u nke hore melao ea Jehova le melao-motheo ea hae e thata ebile ea hatella. O ’nile a sebelisa leqheka lena ho tloha mohla le neng le atleha khale koana Edene. (Genese 3:1-6) Na leqheka la hae le tla sebetsa ho uena? Ho tla itšetleha ka hore na u talima litaba joang.

4 Ho tea mohlala: Ha u ntse u tsamaea serapeng se setle, u hlokomela terata e tiileng, e phahameng, e koetseng karolo e ’ngoe ea sebaka seo. Ponahalo e ntle ea naha ka lehlakoreng le leng la terata, e hohela mahlo. Qalong, u ka ’na ua nka hore terata eo ke tšitiso e sa hlokahaleng. Empa ha u akhela mahlo ka hare, u bona tau e bohale e nanarela phofu! Joale u bona molemo oa terata eo—hore ke tšireletso. Na ho na le sebatana se kotsi se ntseng se u nanarela hona joale? Lentsoe la Molimo lea lemosa: “Lulang le hlaphohetsoe likelellong, le lebele. Mohanyetsi oa lōna, Diabolose, o tsamaea joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.”—1 Petrose 5:8.

5 Satane ke eena sebatana seo se bohale. Kaha Jehova ha a batle hore re be liphofu tsa Satane, O entse melao hore a re sireletse ‘maqiting’ a mangata a eo ea khopo. (Baefese 6:11) Kahoo nako le nako ha re nahanisisa ka melao ea Molimo, ho eona re lokela ho bona lerato la Ntate oa rōna ea leholimong. Ha re talima melao ea Molimo ka tsela eo, ea re sireletsa ebile ea re thabisa. Morutuoa Jakobo o ile a ngola a re: “Ea nyarelang ka molaong o phethahetseng oa tokoloho le ea phehellang ho oona . . . o tla thaba ho o etseng ha hae.”—Jakobo 1:25.

6. Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho matlafatsa tumelo ea hao melaong le melao-motheong e lokileng ea Molimo ke efe? Fana ka mohlala.

6 Ho phela ka litaelo tsa Molimo ke tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho etsa hore tumelo ea rōna e matlafale ho Monehi-molao le melao ea hae e bohlale. Ka mohlala, “molao oa Kreste” o akarelletsa taelo ea Jesu ea ho ruta ba bang “lintho tsohle tseo [a li] laetseng.” (Bagalata 6:2; Matheu 28:19, 20) Bakreste ba boetse ba nka ka botebo taelo ea hore ba bokane hammoho bakeng sa borapeli le botsoalle bo khothatsang. (Baheberu 10:24, 25) Litaelo tsa Molimo li boetse li akarelletsa khothatso ea hore re rapele Jehova re sa phetse, kamehla le ka tieo. (Matheu 6:5-8; 1 Bathesalonika 5:17) Ha re ntse re phela ka litaelo tseo, re bona ka ho hlaka haholo hore li fana ka tataiso e lerato. Ha re li mamela, re ba le thabo le khotsofalo eo le ka mohla ho seng moo re neng re ka e fumana teng lefatšeng lena le tletseng likhathatso. Ha u ntse u nahanisisa kamoo uena ka bouena u ruileng molemo kateng ka ho mamela melao ea Molimo, na tumelo ea hao ho eona ha e matlafale le ho feta?

7, 8. Lentsoe la Molimo le khothatsa joang ba tšoenyehileng ka hore ha lilemo li ntse li feta, ba ka ’na ba se ke ba lula tseleng ea ho loka?

7 Ka linako tse ling, ba bang ba tšoenyeha ka hore ho tla ba thata haholo ho mamela melao ea Jehova ha lilemo li ntse li feta. Ba tšoha hore ba ka ’na ba hlōleha ka tsela e itseng. Haeba ho na le mohla u eeng u ikutloe ka tsela eo, hopola mantsoe ana: “’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo, Ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Hoja u ka ela litaelo tsa ka hloko! Joale khotso ea hao e ne e tla tšoana le nōka, ’me ho loka ha hao ho tšoane le maqhubu a leoatle.” (Esaia 48:17, 18) Na u kile ua ema ’me ua nahana ka hore na mantsoe ao a khothatsa hakae?

8 Litemaneng tsena Jehova o re hopotsa hore re itsoela molemo ha re mo mamela. O re tšepisa melemo e ’meli haeba re ka mo mamela. Molemo oa pele, khotso ea rōna e tla tšoana le nōka—e be e ngata, e be e nang le khutso le e sa khaotseng. Molemo oa bobeli, ho loka ha rōna ho tla tšoana le maqhubu a leoatle. Ha u eme lebōpong la leoatle ’me u shebeletse maqhubu ha a ntse a khahlela lebōpong, ha ho pelaelo hore u ba le maikutlo a hore a tla ’ne a etse joalo kamehla. Ua tseba hore maqhubu ao a tla ’ne a khahlele lebōpong leo ka ho sa feleng. Jehova o re ho loka ha hao le hona ho ka ba joalo. Hafeela u ntse u leka hore u tšepahale ho eena, a ke ke a u tlohela hore u hlōlehe! (Pesaleme ea 55:22) Na litšepiso tse joalo tse thabisang ha li matlafatse tumelo ea hao ho Jehova le linthong tse lokileng tseo a li hlokang?

‘HATELANG PELE KHŌLONG’

9, 10. (a) Ke hobane’ng ha ho hōla ka ho feletseng e le pakane e babatsehang bakeng sa Bakreste? (b) Ho talima lintho ka tsela ea moea ho thusa joang hore motho a thabe?

9 Karolo ea bobeli ea mosebetsi oa hao oa ho haha e senoloa ka mantsoe ana a bululetsoeng: “A re hateleng pele ka matla khōlong e feletseng.” (Baheberu 6:1) Ho hōla ka ho feletseng ke pakane ea bohlokoa ho Mokreste. Ho fapana le phetheho, eo batho ba ke keng ba e finyella, ho hōla ka ho feletseng hona ke pakane e ka finyelloang. Ho feta moo, Bakreste ba thabela ho sebeletsa Jehova haholoanyane, ha ba ntse ba hōla ka ho feletseng. Ke hobane’ng ha ho le joalo?

10 Mokreste ea hōlileng ka ho feletseng ke motho oa moea. O talima lintho ka tsela eo Jehova a li talimang ka eona. (Johanne 4:23) Pauluse o ile a ngola a re: “Ba tumellanong le nama ba beha likelello tsa bona linthong tsa nama, empa ba tumellanong le moea ba li beha linthong tsa moea.” (Baroma 8:5) Ho talima lintho ka tsela ea nama ho tlisa thabo e nyenyane, hobane ho tsamaea le boikhabi, ho shebela lintho haufi le ho tsepamisa kelello linthong tse bonahalang. Ho talima lintho ka tsela ea moea hoa thabisa, hobane ho tsepamisa kelello ho Jehova, “Molimo ea thabileng.” (1 Timothea 1:11) Motho oa moea o labalabela ho khahlisa Jehova ’me oa thaba le ha a lekoa. Hobane’ng? Liteko li re fa menyetla ea ho bontša hore Satane o leshano ’me li boetse li re fa monyetla oa hore re tšepahale, re thabise Ntate oa rōna oa leholimo.—Liproverbia 27:11; Jakobo 1:2, 3.

11, 12. (a) Pauluse o ile a re’ng ka ‘matla a ho lemoha’ a Mokreste, hona lentsoe le fetoletsoeng e le “koetliselitsoeng” le bolela eng? (b) ’Mele o lokela ho koetlisoa joang e le hore o hōle ka ho feletseng le hore o tsebe ho tenyetseha?

11 Hore motho e tle e be motho oa moea le ea hōtseng ka ho feletseng o lokela ho ikoetlisa. Nahana ka temana ena: “Lijo tse tiileng ke tsa batho ba hōlileng ka ho feletseng, tsa bao ka tšebeliso, matla a bona a ho lemoha a koetliselitsoeng ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.” (Baheberu 5:14) Ha Pauluse a ne a bua ka hore matla a rōna a ho lemoha a ‘koetlisitsoe,’ o ile a sebelisa lentsoe la Segerike leo ho ka etsahalang hore ebe le ne le sebelisoa haholo libakeng tsa boikoetliso ba ’mele Greece, lekholong la pele la lilemo, hobane le ka fetoleloa e le ‘ea koetlisitsoeng joaloka sebapali sa boikoetliso ba ’mele.’ Joale ak’u nahane hore na boikoetliso bo joalo bo ne bo akarelletsa eng.

’Mele oa sebapali sa boikoetliso ba ’mele o koetlisoa ka hore o ’ne o sebetse

12 Ha re tsoaloa, ’mele ea rōna e ne e sa koetlisoa. Ka mohlala, lesea le hlōloa ho utloisisa hore na matsoho le maoto a lona a manyenyane a lokela ho tsamaisoa joang. Kahoo, le akha matsoho ntle ho morero, ebile le ka ikotla sefahleho, ’me sena sea le tšosa le ho le makatsa. Butle-butle, ’mele o koetlisoa ke hore o ’ne o sebetse. Lesea lea khasa, ngoana e monyenyane oa tsamaea, ngoana e moholo eena oa matha. * Ebe joale ho etsahala’ng ka sebapali sa boikoetliso ba ’mele? Ha u bona moatlelete eo a phethoha moeeng ka bokhabane a bile a etsa seo ka mokhoa o nepahetseng haholo, u ke ke ua belaela hore ’mele oa hae o koetlisitsoe ka nako e telele. Bokhoni ba sebapali sa boikoetliso ba ’mele ha boa itlela feela ka tsietsi—ho ile ha hlokahala hore se ikoetlise ka lihora tse telele haholo. Bibele e re boikoetliso boo ba ’mele, bo na le “molemo o monyenyane.” Ho koetlisoa ha matla a rōna a ho lemoha a moea hona ke habohlokoa le ho feta!—1 Timothea 4:8.

13. Re ka koetlisa matla a rōna a ho lemoha joang?

13 Bukeng ena, re tšohlile litaba tse ngata tse tla u thusa ho koetlisa matla a hao a ho lemoha e le hore joaloka motho oa moea, u ka lula u tšepahala ho Jehova. Ha u etsa liqeto bophelong ba hao ba letsatsi le letsatsi, rapella hore u tataisoe ke melao-motheo ea Molimo le melao ea hae. Qetong e ’ngoe le e ’ngoe eo u lokelang ho e etsa, ipotse: ‘Tabeng ee ho sebetsa melao kapa melao-motheo efe ea Bibele? Ebe nka e sebelisa joang? Ntate oa ka oa leholimo o tla thaba ha ke etsa’ng?’ (Liproverbia 3:5, 6; Jakobo 1:5) Qeto e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang ka tsela eo e tla etsa hore matla a hao a ho lemoha a koetlisoe le ho feta. Koetliso eo e tla u thusa hore u be motho oa moea e le kannete le hore u lule u le joalo.

14. Re lokela ho labalabela eng e le hore re hōle moeeng, leha ho le joalo ke temoso efe eo re lokelang ho e hopola?

14 Le hoja motho a ka hōla ka ho feletseng, khōlō ea moea eona ke ntho e tsoelang pele. Khōlo e itšetlehile ka hore motho a je. Kahoo Pauluse o ile a re: “Lijo tse tiileng ke tsa batho ba hōlileng ka ho feletseng.” Ntho ea bohlokoa e ka u thusang hore u hahe tumelo ea hao ke ho tsoela pele u ja lijo tse tiileng. Ha u ntse u sebelisa seo u ithutang sona ka tsela e nepahetseng, u bontša bohlale, ’me Bibele e re: “Bohlale ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa.” Kahoo, re lokela ho lapela e le kannete linnete tsa bohlokoa tseo re li fuoang ke Ntate oa rōna. (Liproverbia 4:5-7; 1 Petrose 2:2) Ha e le hantle, ho ba le tsebo le bohlale ba bomolimo ha hoa lokela ho re etsa hore re ikutloe re phahametse batho ba bang kapa hore re ikhohomose. Re lokela ho itlhahloba kamehla, ho seng joalo, boikhantšo kapa bofokoli bo bong bo tla mela ka metso bo be bo hōle ka lipelong tsa rōna. Pauluse o ile a ngola a re: “Le ’ne le inonye hore na le tumelong, le ’ne le leke seo le leng sona.”—2 Bakorinthe 13:5.

15. Ke hobane’ng ha lerato e le ntho ea bohlokoa khōlong ea moea?

15 Ho haha ntlo ho ka ’na ha fela, empa ho na le mosebetsi o tla ’ne o tsoele pele. Mosebetsi oa ho boloka ntlo e le boemong bo botle, oa ho e lokisa le oa ho e eketsa o ka ’na oa hlokahala ha maemo a ntse a fetoha. Ho hlokahala hore re etse’ng e le hore re hōle ka ho feletseng le ho lula re ntse re le batho ba moea? Lerato ke lona le ka sehloohong. Re lokela ho tsoela pele re rata Jehova le balumeli-’moho le rōna. Haeba re se na lerato, tsebo eohle eo re nang le eona le mesebetsi ea rōna e ne e tla ba lefeela—e ne e tla tšoana le lerata le lengata le tenang. (1 Bakorinthe 13:1-3) Lerato le ka etsa hore re be Bakreste ba hōlileng ka ho feletseng le ba tsoelang pele ho hōla moeeng.

TSEPAMISA KELELLO TŠEPONG EO JEHOVA A FANANG KA EONA

16. Satane o khothalletsa monahano oa mofuta ofe, ’me Jehova o re file ntho efe e re sireletsang?

16 A re ke re tšohleng karolo e ’ngoe hape ea mosebetsi oa hao oa ho haha. E le hore u ikahe joaloka molateli oa ’nete oa Kreste, u lokela ho lebela tsela eo u nahanang ka eona. Satane, ’musi oa lefatše lena, o na le bokhoni ba ho etsa hore batho ba inehele ho nahaneng ka lintho tse nyahamisang, ba felloe ke tšepo, ba belaele ba be ba felloe ke matla. (Baefese 2:2) Ho Mokreste monahano o joalo o kotsi joalokaha ho bola ho le kotsi mohahong oa mapolanka. Ka lehlohonolo, Jehova o re fa tšepo—e leng eona ntho ea bohlokoa e ka re sireletsang.

17. Lentsoe la Molimo le bontša bohlokoa ba tšepo joang?

17 Bibele e thathamisa lihlomo tsa moea tse sa tšoaneng tseo re li hlokang ntoeng ea rōna le Satane le lefatše lena. Sehlomo sa bohlokoa ke helmete, e leng “tšepo ea poloko.” (1 Bathesalonika 5:8) Lesole la mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele le ne le tseba hore haeba le se na helmete, le ne le ke ke la sireletseha ka nako e telele ntoeng. Hangata helmete ena e ne e etsoa ka tšepe ebe ka hare ho manamisoa katiba e entsoeng ka boea kapa ka letlalo, ’me e ne e thusa hore ha motho a otloa hloohong, a se ke a lemala haholo. Joalokaha helmete e sireletsa hlooho, tšepo e ka sireletsa kelello ea hao, e leng monahano oa hao.

18, 19. Jesu o ile a beha mohlala ofe tabeng ea hore motho a lule a e-na le tšepo, ’me re ka mo etsisa joang?

18 Jesu o ile a beha mohlala o ka sehloohong tabeng ea hore motho a lule a e-na le tšepo. Hopola seo a ileng a se mamella bosiung ba ho qetela boo a ileng a phela lefatšeng ka bona. Motsoalle oa hae oa hlooho-ea-khomo o ile a mo eka e le hore a fumane chelete. E mong eena o ile a ba a latola le hore oa mo tseba. Ba bang bona ba ile ba mo siea shalabeng eaba baa baleha. Batho ba naha ea habo ba ile ba mo fetohela, ba hooa hore masole a Roma a mo bolaee ka ho mo hlokofatsa. Ha ho pelaelo hore Jesu o ile a tobana le liteko tse boima haholo tseo ho seng mohla rōna re tla ke re tobane le tsona. Ke eng e ileng ea mo thusa? Baheberu 12:2 e fana ka karabo: “Ka lebaka la thabo e neng e behiloe ka pel’a hae o ile a mamella thupa ea tlhokofatso, a sa natse lihlong, ’me o lutse ka letsohong le letona la terone ea Molimo.” Ha ho mohla Jesu a ileng a lebala “thabo e neng e behiloe ka pel’a hae.”

19 Ke thabo efe e neng e behiloe ka pel’a Jesu? Ha e le hantle, o ne a tseba hore ka ho mamella, o ne a tla kenya letsoho ho halaletsoeng ha lebitso le halalelang la Jehova. O ne a tla fana ka bopaki bo boholo ka ho fetisisa ba hore Satane ke raleshano. Ha ho tšepo e neng e ka thabisa Jesu ho feta ena! Hape, o ne a tseba hore Jehova o tla mo putsa haholo ka lebaka la botšepehi ba hae, o ne a boetse a tseba hore haufinyane ho ne ho tla tla nako ea ha a ne a tla kopana le Ntate oa hae hape. Linakong tse mpe ka ho fetisisa, Jesu o ile a lula a hopotse tšepo eo e thabisang. Le rōna re lokela ho etsa joalo. Le rōna ho na le thabo e behiloeng ka pel’a rōna. Jehova o fa e mong e mong oa rōna seriti ka ho mo fa tlotla ea ho kenya letsoho ho halaletseng lebitso la hae le leholo. Re ka bontša hore Satane ke raleshano ka hore re khethe Jehova e le ’Musi oa rōna le ka ho ipoloka re sireletsehile leratong la Ntate oa rōna, ho sa tsotellehe liteko tseo re ka ’nang ra tobana le tsona.

20. Ke eng e ka u thusang hore u nahane ka lintho tse khothatsang le tse fanang ka tšepo?

20 Jehova ha aa ikemisetsa feela ho putsa bahlanka ba hae ba tšepahalang—o labalabela ho etsa joalo. (Esaia 30:18; Malakia 3:10) O thabela ho fa bahlanka ba hae lintho tse loketseng tseo lipelo tsa bona li li lakatsang. (Pesaleme ea 37:4) Kahoo tsepamisa kelello tšepong e ka pel’a hao. Le ka mohla u se ke ua inehela monahanong o nyahamisang, o bolileng le o khopameng oa lefatše la khale la Satane. Haeba u utloa hore moea oa lefatše lena o nanarela kelello kapa pelo ea hao, rapela Jehova ka tieo hore a u fe “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle.” Khotso eo e tsoang ho Molimo e tla lebela pelo ea hao le matla a hao a kelello.—Bafilipi 4:6, 7.

21, 22. (a) Ke tšepo efe e khanyang eo ba “bongata bo boholo” ba e nkang e le ea bohlokoa? (b) Ke karolo efe ea tšepo ea Bokreste eo e leng ea bohlokoa ka ho fetisisa ho uena, hona u ikemiselitse ho etsa’ng?

21 Eo ke tšepo e thabisang hakaakang eo u ka nahanang ka eona! Haeba u e mong oa “bongata bo boholo,” bo tla ‘tsoa matšoenyehong a maholo,’ nahana ka bophelo boo u tla tloha u bo phela. (Tšenolo 7:9, 14) Ha Satane le bademona ba hae ba se ba le sieo, u tla ikutloa u imolohile ka tsela eo ho ka ’nang ha e-ba thata hore u e utloisise hona joale. Ke mang har’a rōna ea seng a kile a phela bophelo ntle ho khatello ea tšusumetso e silafatsang ea Satane? Ha khatello eo e se e le sieo, ho tla thabisa hakaakang ho kopanela mosebetsing oa ho fetola lefatše paradeise tlas’a taolo ea Jesu le babusi-’moho le eena ba leholimong ba 144 000! Re thaba hakaakang ha re nahana ka tšepo ea ho bona ha ho felisoa maloetse ’ohle le mefokolo eohle, ha re amohela baratuoa ba rōna ha ba tsosoa mabitleng le ha re phela bophelo ka tsela eo Molimo a neng a rerile hore re phele ka eona! Ha batho e ntse e e-ba ba phethahetseng, moputso o moholo o senotsoeng ho Baroma 8:21—e leng “tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo,” o tla be o ntse o atamela le ho feta.

22 Jehova o batla hore u fumane tokoloho e khōloanyane ho feta kamoo u ka nahanang kateng. Tsela e isang tokolohong eo e itšetlehile ka hore motho a mamele. Na ha ua lokela ho etsa boiteko bohle hona joale hore u mamele Jehova letsatsi le letsatsi? Ka lebaka leo, e se eka u ka tsoela pele ho ikaha tumelong ea hao e halalelang ka ho fetisisa e le hore u ka lula leratong la Molimo ka ho sa feleng!

^ ser. 12 Bo-rasaense ba bolela hore ’mele o iqapela tsebo e khethehileng ea hore na o lokela ho sheba hokae le hore na maoto le matsoho a lokela ho lula hokae. Ka mohlala, tsebo ena e u thusa hore u ope liatla u ntse u tutubetse. Motho e mong e moholo ea neng a kula ea ileng a felloa ke tsebo ena o ile a sitoa ho ema, ho tsamaea, kapa ho lula.