Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mohlala o Motle oa Josefa

Mohlala o Motle oa Josefa

Mohlala o Motle oa Josefa

Josefa o bothateng bo tebileng. Mosali oa mong’a hae o mo kōpile ka makhetlo hore a robale le eena. Joale o leka hape! Empa Josefa ha a oele molekong. Ha e le hantle, karabo ea hae e tiile. O re ho mosali enoa: “Nka etsa bobe bona bo boholo joang ’me ka siteloa Molimo?” Ha mosali enoa a sa mo mamele ’me a leka ho mo tšoara, Josefa ha a hlajoe ke lihlong ho tšola tlhako morong. Ha e le hantle, o mathela ka ntle ho ntlo! Josefa o ipaka e le monna ea boitšoaro bo botle.Genese 39:7-12.

Le uena u ka ’na ua thulana le boemo boo ho bona motho e mong a batlang hore u inehele takatsong ea ho kopanela liphate. Ho hanela teko eo hase feela taba ea ho ikemisetsa ho itšoara. Taba ea pele, u lokela hore u rate ho thabisa ’Mōpi oa hao, Jehova Molimo. Josefa o ne a e-na le takatso ea ho kopanela liphate joaloka uena. Empa o ne a ho nka e le ntho e sa utloahaleng hore a khotsofatse takatso eo ka tsela e neng e tla halefisa ’Mōpi oa hae. Ka tsela e tšoanang, u lokela ho kholiseha hore ho se hloeke boitšoarong ho halefisa Molimo ’me qetellong ho lebisa mahlomoleng. Ka hona, leka ho hlaolela le ho boloka boitšoaro bo botle bo tšoanang le ba Josefa.