Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mohlala o Motle oa Mohlolohali ea Futsanehileng

Mohlala o Motle oa Mohlolohali ea Futsanehileng

Mohlala o Motle oa Mohlolohali ea Futsanehileng

Jesu o shebeletse ha barui ba ntse ba tšela monehelo ka letlōleng la matlotlo la tempele. Har’a letšoele o bona mohlolohali ea hlokang a nehelana ka “licheletana tse peli tsa tšepe tsa boleng bo bonyenyane haholo.” (Luka 21:2) Jesu o babatsa ho fana ha hae ka seatla se bulehileng. Hobane’ng? Hobane ba bang ba ne ba fane “ho tsoa botlallong ba bona, empa eena, ho tsoa bohloking ba hae, o [ne a] akhetse sohle seo a neng a e-na le sona, sohle seo a neng a phela ka sona.”Mareka 12:44.

Na le uena u na le lintho tseo u li nkang e le tsa bohlokoa joaloka mosali eo? Na u ikemiselitse ho sebelisa nako le chelete ea hao ho sebeletsa Molimo? Joaloka mohlolohali eo ea hlokang, le uena u ka fana ka monehelo e le hore libaka tsa borapeli li hlokomeloe. U ka ba ua sebelisa nako le chelete ea hao ho thusa ba bang hore ba ithute ka Jehova Molimo. Jehova o ile a hlokomela a ba a ananela chelete e nyenyane eo mohlolohali eo a ileng a fana ka eona tšebeletsong ea hae. Le uena Molimo o tla ananela seo u se etsang a be a u thuse haeba ntho ea bohlokoa bophelong ba hao e le ho etsa thato ea hae.—Matheu 6:33.