Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO YA 2

Modimo wa Nnete ke Mang?

Modimo wa Nnete ke Mang?

Ho na le Modimo a le mong feela wa nnete, mme lebitso la hae ke Jehova. (Pesaleme ya 83:18) Ke Moya; kahoo re ke ke ra mo bona. O a re rata ebile o batla hore le rona re mo rate. O boetse o batla hore re rate batho ba bang. (Matheu 22:35-40) Ke yena Ya Phahameng ka ho Fetisisa, ke mmopi wa dintho tsohle.

Letsibolo la popo ya Modimo e ne e le Sebopuwa sa moya se matla seo hamorao se ileng sa tsejwa e le Jesu Kreste. Jehova o ile a boela a bopa le mangeloi.

Jehova o bopile ntho e nngwe le e nngwe e lehodimong . . .le e lefatsheng. Tšenolo 4:11

Jehova Modimo o bopile dinaledi hammoho le lefatshe le dintho tsohle tse ho lona.​—Genese 1:1.

O ile a bopa motho wa pele e leng Adama, ka lerole la lefatshe.​—Genese 2:7.