Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO YA 6

Re Ithutang Morwallong o Moholo?

Re Ithutang Morwallong o Moholo?

Modimo o ile a timetsa batho ba kgopo empa o ile a pholosa Noe le ba lelapa la hae. Genese 7:11, 12, 23

Ho ile ha na pula ka matsatsi a 40 le masiu a 40, mme metsi a ile a kwahela lefatshe lohle. Batho bohle ba kgopo ba ile ba shwa.

Mangeloi a marabele a ile a hlobola mmele ya ona ya nama yaba a fetoha bademona.

Batho ba neng ba le ka arekeng ba ile ba pholoha. Le hoja Noe le ba lelapa la hae ba ile ba qetella ba shwele, Modimo o tla ba tsosa bafung e le hore ba tlo phela ka ho sa feleng.

Modimo o tla boela a timetse batho ba kgopo mme a pholose ba lokileng. Matheu 24:37-39

Satane le bademona ba ntse ba tswela pele ho kgelosa batho.

Jwaloka mehleng ya Noe, kajeno batho ba bangata ha ba mamele tataiso ya Jehova e lerato. Haufinyane Jehova o tla timetsa batho bohle ba kgopo.​—2 Petrose 2:5, 6.

Batho ba bang ba tshwana le Noe. Ba mamela Modimo mme ba etsa seo a reng ba se etse; batho bao ke Dipaki Tsa Jehova.