Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO YA 8

Lefu la Jesu le o Tswela Molemo Jwang?

Lefu la Jesu le o Tswela Molemo Jwang?

Jesu o ile a shwa e le hore re ka fumana bophelo. Johanne 3:16

Matsatsi a mararo ka mora lefu la Jesu, basadi ba bang ba ile ba ya lebitleng la hae mme ba fumana le se na letho. Jehova o ne a tsositse Jesu bafung.

Hamorao Jesu o ile a hlaha ho baapostola ba hae.

Ka sebele, Jehova o ne a tsositse Jesu bafung mme e ne e se e le Sebopuwa sa moya se matla se sa shweng. Barutuwa ba Jesu ba ile ba mo bona a nyolohela lehodimong.

Modimo o ile a tsosa Jesu bafung mme a mo etsa Morena wa Mmuso wa Modimo. Daniele 7:13, 14

Jesu o ile a nyehela bophelo ba hae ho lefa thekollo molemong wa batho. (Matheu 20:28) Ka lebaka la thekollo eo, Modimo o etsa hore re kgone ho phela ka ho sa feleng.

Jehova o kgethile Jesu hore e be Morena ya tla busa lefatshe. O tla be a e na le batho ba 144 000 ba tshepahalang ba tla beng ba tsositswe bafung lefatsheng hore ba ilo phela lehodimong. Jesu le ba 144 000 ba bopa mmuso o lehodimong o lokileng, e leng Mmuso wa Modimo.​—Tšenolo 14:1-3.

Mmuso wa Modimo o tla etsa hore lefatshe e be paradeise. Ntwa, tlolo ya molao, bofutsana le tlala di ke ke tsa hlola di e ba teng. Batho ba tla thaba e le kannete.​—Pesaleme ya 145:16.