Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Thato ea Molimo ke Efe?

Thato ea Molimo ke Efe?

Molimo o batla hore re phele ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise re thabile re bile re e-na le khotso!

U ka ’na ua ipotsa: ‘See se ka etsahala joang?’ Bibele e re ’Muso oa Molimo o tla phethahatsa seo, ’me thato ea Molimo ke hore batho bohle ba ithute ka ’Muso oo le ka seo a re reretseng sona.—Pesaleme ea 37:11, 29; Esaia 9:7.

Molimo o batla hore re itsoele molemo.

Joalokaha ntate ea molemo a lakaletsa bana ba hae lintho tse ntle, Ntate oa rōna ea maholimong o lakatsa hore re thabe ka ho sa feleng. (Esaia 48:17, 18) O tšepisitse hore “ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.” —1 Johanne 2:17.

Molimo o batla hore re tsamaee litseleng tsa hae.

Bibele e re ’Mōpi oa rōna o batla ho “re rupela ka litsela tsa hae” e le hore ‘re tsamaee litseleng tsa hae.’ (Esaia 2:2, 3) O hlophisitse “batho bakeng sa lebitso la hae” e le hore thato ea hae e tsebahatsoe lefatšeng lohle.—Liketso 15:14.

Molimo o batla hore re mo rapele re le bonngoeng.

Borapeli ba Jehova bo hloekileng ha bo arole batho, ho e-na le hoo, bo ba kopanya leratong la ’nete. (Johanne 13:35) Kajeno ke bo-mang ba rutang batho libakeng tsohle hore na ba sebeletse Molimo joang ba le bonngoeng? Re u khothalletsa hore u batle karabo ea potso eo bukaneng ena.